Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 November maq. 16-21
  • Jesu ke Moprista oa Rona ea Phahameng ea re Utloelang Bohloko

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu ke Moprista oa Rona ea Phahameng ea re Utloelang Bohloko
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MORA OA MOLIMO EO A MO RATANG O TLA LEFATŠENG
  • JESU O UTLOELA BATHO BOHLOKO
  • ETSISA MOPRISTA OA RONA EA PHAHAMENG
  • MOPRISTA OA RONA EA PHAHAMENG A KA U THUSA
  • Tefo ea Topollo e re Ruta’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Ithute Linthong Tseo Jesu a Ileng a li Etsa Matsatsing a 40 a ho Qetela a le Lefatšeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Jehova “o Folisa Bao Lipelo Tsa Bona Li Utloileng Bohloko”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 November maq. 16-21

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 46

PINA EA 17 “Kea Batla”

Jesu ke Moprista oa Rona ea Phahameng ea re Utloelang Bohloko

“Moprista oa rona ea phahameng o re utloela bohloko ka lebaka la mefokolo ea rona.”—BAHEB. 4:​15, nal.

NTLHA-KHOLO

Jesu ke Moprista ea Phahameng ea molemo bakeng sa rona hobane o re utloela bohloko ebile a ka re thusa ka litsela tse ngata.

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a romela Mora oa hae lefatšeng? (b) Re tl’o hlahloba eng sehloohong see? (Baheberu 5:​7-9)

LILEMO tse ka bang 2 000 tse fetileng, Jehova Molimo o ile a romela Mora oa hae eo a mo ratang lefatšeng. Hobane’ng? Lebaka le leng e ne e le ho tl’o lokolla batho sebeng le lefung le ho etsolla tšenyo e bakiloeng ke Satane. (Joh. 3:16; 1 Joh. 3:8) Jehova o ne a boetse a tseba hore lintho tse etsahalletseng Jesu ha e ntse e le motho, li tla tsoela pele ho mo thusa hore e be Moprista ea Phahameng ea re qenehelang, ea re utloelang bohloko le ea mosa. Jesu e bile Moprista ea Phahameng ka mor’a hore a kolobetsoe ka selemo sa 29 C.E.a

2 Sehloohong sena, re tl’o hlahloba hore na ke joang lintho tse etsahalletseng Jesu ha a ntse a le lefatšeng, li mo thusitseng hore a tšoanelehe le ho feta ho ba Moprista ea Phahameng ea re utloelang bohloko. Ha re ntse re utloisisa ka ho tebileng hore na ke joang Jesu a ileng “a etsoa motho ea phethahetseng” bakeng sa mosebetsi ona, ho tla ba bonolo hore re rapele Jehova le haeba re nyahamisitsoe ke liphoso kapa mefokolo ea rona.—Bala Baheberu 5:​7-9, nal.

MORA OA MOLIMO EO A MO RATANG O TLA LEFATŠENG

3, 4. Ke liphetoho life tse kholo tse ileng tsa etsahala bophelong ba Jesu ha a tla lefatšeng?

3 Boholo ba rona re kile ra tobana le liphetoho bophelong, tse kang ho tloha sebakeng seo re se ratang ’me ra siea ba lelapa le metsoalle. Liphetoho tse joalo li ka ba boima. Empa ha ho motho ea ileng a tobana le liphetoho tse boima joaloka Jesu. Ha a le leholimong, e ne e le lengeloi le ka sehloohong la Jehova. Jehova o ne a mo rata ’me kamehla Jesu o ne a thabela ho sebeletsa a le ka “letsohong la [Molimo] le letona.” (Pes. 16:11; Liprov. 8:30) Leha ho le joalo, Bafilipi 2:7 e re o ile a ikemisetsa ho “tlohela lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona” leholimong e le hore a e’o phela lefatšeng le batho ba sa phethahalang.

4 Hape nahana ka maemo a Jesu ha a ne a hlaha le ka mor’a moo. O hlahetse lelapeng le futsanehileng. Re tseba sena hobane re bona ka sehlabelo seo batsoali ba hae ba ileng ba fana ka sona ka mor’a hore a hlahe. (Lev. 12:8; Luka 2:24) Ha Morena Heroda ea khopo a utloa hore Jesu o hlahile, o ile a leka ho mo bolaea. Lelapa la bo Jesu le ile la ea Egepeta ’me la e-ba baphaphathehi ka nakoana, e le hore le pholose bophelo ba Jesu. (Mat. 2:​13, 15) Kannete bophelo ba Jesu ha a le lefatšeng bo ne bo fapane haholo le ba ha a ne a le leholimong.

5. Jesu o ile a bona eng ha a le lefatšeng, hona lintho tse ileng tsa mo etsahalla li ile tsa mo thusa joang hore e be Moprista ea Phahameng ea re utloelang bohloko? (Sheba setšoantšo.)

5 Ha Jesu a ntse a le lefatšeng, o ile a bona batho ba bangata ba etsahalloa ke lintho tse bohloko. Ha ho pelaelo hore le eena o ile a utloa bohloko ka lebaka la ho hlokahalloa ke batho bao a ba ratang, ho akarelletsa le ntate oa hae Josefa. Ha a ntse a etsa tšebeletso ea hae lefatšeng, o ile a kopana le balepera, batho ba sa boneng, ba holofetseng le batsoali ba hlokahalletsoeng ke bana, ’me o ile a ba utloela bohloko. (Mat. 9:​2, 6; 15:30; 20:34; Mar. 1:​40, 41; Luka 7:13) Ke ’nete hore o ile a bona ha batho ba utloa bohloko ha a ntse a le leholimong. Empa ha a se a le lefatšeng e le motho, o ile a utloisisa haholoanyane hore na batho ba ikutloa joang ha ba hlaheloa ke lintho tse bohloko. (Esa. 53:4) Lintho tse etsahalletseng Jesu ha a ntse a le lefatšeng, li ile tsa mo thusa hore a utloisise maikutlo a batho le bohloko boo ba bo utloang ka lebaka la maemo a thata ao ba tobanang le ’ona. Joaloka batho, Jesu le eena o ne a khathala, a tšoenyeha a bile a utloa bohloko.

Jesu o pota-potiloe ke batho ba batlang hore a ba folise. O otlolla letsoho la hae ’me ka qenehelo o tšoara monna ea holileng ea kulang.

Jesu o ne a tsotella maikutlo a batho haholo a bile a amehile ka mathata a bona (Sheba serapa sa 5)


JESU O UTLOELA BATHO BOHLOKO

6. Lipapiso tseo moprofeta Esaia a ileng a li sebelisa li re ruta eng ka qenehelo le kutloelo-bohloko ea Jesu? (Esaia 42:3)

6 Ha Jesu a ntse a etsa tšebeletso ea hae, o ile a utloela batho ba fokolang le ba tšoaroang hampe bohloko. Ha a etsa joalo, o ne a phethahatsa boprofeta boo Jehova a bo buileng a sebelisa moprofeta Esaia. Ka Mangolong a Seheberu, hangata batho ba atlehileng le ba matla ba tšoantšoa le serapa se nonneng kapa sefate se selelele se tiileng. (Pes. 92:12; Esa. 61:3; Jer. 31:12) Empa batho ba futsanehileng le ba tšoaroang ka leeme ba tšoantšoa le lehlaka le tletleraneng le khoele ea lebone le haufi le ho tima, e leng lintho tseo ka bobeli li se nang thuso. (Bala Esaia 42:3.) Moprofeta Esaia o ile a susumelletsoa ho sebelisa lipapiso tsena e le ho bolela esale pele hore Jesu o tla rata batho ba tloaelehileng, ba nkoang ba se na thuso a be a ba utloele bohloko.

7, 8. Jesu o ile a phethahatsa boprofeta ba Esaia joang?

7 Mongoli oa Kosepele ea Matheu o ile a bontša hore Jesu o ile a phethahatsa boprofeta ba Esaia, ha a re: “A ke ke a roba lehlaka le tletleraneng, a ke ke a tima khoele ea lebone le haufi le ho tima.” (Mat. 12:20) E meng ea mehlolo ea Jesu e ile ea thusa batho ba hatelletsoeng, bao ho ka etsahalang hore ba ne ba ikutloa eka ke mahlaka a tletleraneng kapa batho ba se nang tšepo e leng ba neng ba ikutloa eka ke khoele ea lebone le haufi le ho tima. Har’a bona ho ne ho e-na le monna ea tletseng lepera. E tlameha ebe monna eo o ne a se na tšepo ea hore o tla fola, ’me a thabele ho ba le ba lelapa la hae le metsoalle. (Luka 5:​12, 13) O ile a boela a kopana le monna ea neng a sa utloe a bile a sa khone ho bua hantle. Nahana hore na monna enoa o ne a ikutloa joang ha a bona batho ba qoqa empa a sa utloe hore na ba ntse ba re’ng. (Mar. 7:​32, 33) Ho ne ho sa felle moo.

8 Mehleng ea Jesu, Bajuda ba bangata ba ne ba lumela hore batho ba kulang le ba holofetseng ba ne ba otloa ka lebaka la libe tsa bona kapa tsa batsoali ba bona. (Joh. 9:2) Tumelo ena e fosahetseng e ile ea etsa hore batho bao ba ikutloe ba se na thuso. E le ho phethahatsa boprofeta ba Esaia, Jesu o ile a ba folisa a ba a ba thusa hore ba tsebe hore Molimo oa ba tsotella. Taba ee e etsa hore re kholisehe ka eng?

9. Baheberu 4:​15, nal., 16 e bontša joang hore Moprista oa rona ea Phahameng ea leholimong o utloela batho ba sa phethahalang bohloko e le kannete?

9 Bala Baheberu 4:​15, 16. Re ka kholiseha hore Jesu o tla lula a re utloela bohloko. See se bolela eng? Motho ea nang le kutloelo-bohloko o susumelletseha ho etsa ho hong ha a bona batho ba bang ba na le mathata ba bile ba se hantle maikutlong. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho utloela bohloko” le bolela ho utloa seo motho e mong a se utloang. Hoa thahasellisa ho hlokomela hore Pauluse o sebelisitse lentsoe la Segerike le tšoanang ho Baheberu 10:​34, ho bontša hore re utloela ba literonkong bohloko. Litlaleho tsa Bibele tse buang ka mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa, li bontša hore o ne a ameha haholo ha a bona batho ba bang ba utloa bohloko. O ne a sa folise batho hobane feela a tlamehile. O ne a ba tsotella e le kannete ’me a batla ho ba thusa. Ka mohlala, ha a folisa molepera, a ka be a ile a mo folisa a le hole le eena empa ho e-na le hoo, o ile a susumelletseha hore a mo tšoare. Mohlomong monna eo o ne a qala ho tšoaroa ka mor’a lilemo tse ngata. Ha Jesu a ne a folisa monna ea neng a sa utloe, o ile a bontša hore oa mo nahanela ka hore a mo tlose letšoeleng le neng le le lerata ’me a mo folise moo ba leng bang. Hape ha Mofarisi a khella fatše mosali ea neng a bakile, ea ileng a hlatsoa maoto a Jesu ka meokho ea hae a ba a mo phumola ka moriri oa hae, Jesu o ile a mo sireletsa a ba a khalemela Mofarisi eo ka matla. (Mat. 8:3; Mar. 7:33; Luka 7:44) Jesu o ne a sa qobe batho ba kulang kapa ba entseng libe tse tebileng. Ho fapana le hoo, o ne a ba amohela a bile a ba bontša hore oa ba rata. Le rona re ka kholiseha hore o re utloela bohloko ka tsela e tšoanang.

ETSISA MOPRISTA OA RONA EA PHAHAMENG

10. Fana ka mehlala ea lintho tseo re li sebelisang mehleng ena ho thusa batho ba sa utloeng le ba sa boneng. (Sheba litšoantšo.)

10 Joaloka balateli ba Jesu ba tšepahalang, re leka ka matla ho mo etsisa ka hore re rate batho ba bang le ho ba utloela bohloko. (1 Pet. 2:21; 3:8) Le hoja re ke ke ra khona ho folisa batho ba sa utloeng le ba sa boneng, re ka khona ho ba thusa moeeng. Ka mohlala, hona joale lingoloa tse thehiloeng Bibeleng li se li fumaneha ka lipuo tsa matsoho tse ka holimo ho 100. E le hore batho ba sa boneng hantle ba rue molemo, lingoloa tsa braille li fumaneha ka lipuo tse ka holimo ho 60 le litlhaloso tsa livideo li fumaneha ka lipuo tse ka holimo ho 100. Litokisetso tsena li thusa batho ba sa utloeng le ba sa boneng hore ba atamele haufi le Jehova le Mora oa hae.

Litšoantšo: 1. Bara le barali ba bo rona ba bina ka puo ea matsoho ba le libokeng. 2. Morali oa bo rona ea sa boneng o bala Bibele ea braille.

Lingoloa tsa rona tse thehiloeng Bibeleng li fumaneha ka lipuo tse ka holimo ho 1 000

Ka ho le letšehali: Lipuo tsa matsoho tse ka holimo ho 100

Ka ho le letona: Lipuo tsa braille tse ka holimo ho 60

(Sheba serapa sa 10)


11. Mokhatlo oa Jehova o bontša joang hore o amehile ka batho ba mefuta eohle joaloka Jesu? (Liketso 2:​5-7, 33) (Sheba litšoantšo.)

11 Mokhatlo oa Jehova o leka ka matla ho thusa batho ba mefuta eohle. Hopola hore ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a fa barutuoa ba hae moea o halalelang e le hore ba ka bolella batho ba tlileng moketeng oa Pentekonta litaba tse monate ka “lipuo tsa bona.” (Bala Liketso 2:​5-7, 33.) Mokhatlo oa Jehova mehleng ena o tataisoa ke Jesu hore o etse lingoloa tse thehiloeng Bibeleng ka lipuo tse ka holimo ho 1 000, ’me tse ling tsa tsona li buuoa ke batho ba seng bakae. Ka mohlala, lipuo tse ling li buuoa ke batho ba seng bakae ba lulang Amerika Leboea le Amerika Boroa. Leha ho le joalo, mokhatlo o entse hore lingoloa li fumanehe ka lipuo tseo tse ka holimo ho 160, ho etsa bonnete ba hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba utloa litaba tse monate. Lingoloa tsa rona li boetse lia fumaneha ka lipuo tse ka holimo ho 20 tsa Roma. Batho ba likete ba buang lipuo tsena ba se ba qalelletse ho sebeletsa Jehova.

Litšoantšo: 1. Morali oa bo rona ea lulang Amerika o bososela a tšoere Bibele ea hae ka puo ea hae. 2. Morali oa bo rona oa Roma o kopanong le morali oa hae.

Ka ho le letšehali: Lipuo tsa Amerika Boroa le Amerika Leboea tse ka holimo ho 160

Ka ho le letona: Lipuo tsa Roma tse ka holimo ho 20

(Sheba serapa sa 11)


12. Mokhatlo oa Jehova o thusa batho ka litsela life tse ling?

12 Ntle le ho hlokomela mosebetsi oa ho phatlalatsa litaba tse monate, mokhatlo oa Jehova o thusa batho ba hlahetsoeng ke likoluoa tsa tlhaho. E le hore o finyelle seo, bara le barali ba bo rona ba likete ba ithaopela ho thusa bana ba bo bona ba hlahetsoeng ke likoluoa. Mokhatlo o boetse o thusa ka hore ho be le libaka tsa borapeli, e le hore batho ba ka ithuta haholoanyane ka kamoo Molimo a ba ratang kateng.

MOPRISTA OA RONA EA PHAHAMENG A KA U THUSA

13. Jesu o re thusa ka litsela life tse ling?

13 Joaloka molisa oa rona ea molemo, Jesu o etsa bonnete ba hore re na le lintho tsohle tseo re li hlokang e le hore re be le kamano e ntle le Jehova. (Joh. 10:14; Baef. 4:7) Ka linako tse ling, maemo a rona a bophelo a ka etsa hore re ikutloe eka re khoele ea lebone e haufi le ho tima kapa lehlaka le tletleraneng. Re ka ’na ra nyahama hobane re kula haholo, re entse liphoso kapa setsoalle sa rona le Mokreste-’moho le rona se senyehile. Ho ka ’na ha e-ba thata hore re tlohele ho nahana ka lintho tse re utloisang bohloko ’me re nahane ka tšepo ea rona ea bokamoso. Leha ho le joalo, hopola hore Jesu o bona lintho tse u etsahallang ’me oa utloisisa hore na u ikutloa joang. Kutloelo-bohloko ea Jesu e mo susumelletsa hore a u thuse. Ka mohlala, a ka sebelisa moea o halalelang ho u matlafatsa ha u fokola. (Joh. 16:7; Tite 3:6) Ho ekelletsa moo, Jesu a ka sebelisa “limpho e leng banna” le Bakreste-’moho le uena ho u khothatsa, ho u tšehetsa le ho u thusa.—Baef. 4:8.

14. Re ka etsa’ng ha re ikutloa re nyahame?

14 Haeba u nyahame, hopola hore Jesu ke Moprista ea Phahameng ’me u nahanisise ka ho teba ka hore na seo se bolela’ng ho uena. Hopola hore Jehova o mo rometse lefatšeng hore a tl’o fana ka bophelo ba hae e le tefo ea topollo le ho mo thusa hore a utloisise haholoanyane mathata ao batho ba sa phethahalang ba tobanang le ’ona. Ha re nyahamisitsoe ke liphoso kapa mefokolo ea rona, Jesu o malala-a-laotsoe ebile o ikemiselitse ho re thusa “ka nako e nepahetseng.”—Baheb. 4:​15, 16.

15. Ke eng e thusitseng mor’abo rona e mong hore a khutlele ka phuthehong?

15 Jesu o boetse o tataisa batho ba hae e le hore ba batle linku tsa Jehova tse lahlehileng le ho li thusa. (Mat. 18:​12, 13) Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Stefano.b Ka mor’a lilemo tse 12 a tlositsoe ka phuthehong, o ile a etsa qeto ea ho ea libokeng. O re: “Ho ne ho se bonolo, empa ke ne ke batla ho ba karolo ea lelapa la Jehova le lerato hape. Baholo ba ileng ba kopana le ’na ba ile ba etsa hore ke ikutloe ke amohelehile. Ka linako tse ling, ke ne ke e-na le ho ikutloa ke se na thuso ’me ke batla ho tela, empa baholo ba ile ba nkhopotsa hore Jehova le Jesu ba batla hore ke se ke ka tela. Ha ke khutlisetsoa ka phuthehong, phutheho eohle e ile ea nkamohela le ba lelapa la ka ka mofuthu. Qetellong mohats’a ka o ile a ithuta Bibele, ’me hona joale re sebeletsa Jehova re le lelapa.” E tlameha ebe Moprista oa rona ea Phahameng o thaba haholo ha a bona batho ba bakileng ba amohela thuso eo ba e hlokang e le hore ba khutlele ka phuthehong.

16. Ke hobane’ng ha u ananela hore ebe u na le Moprista ea Phahameng ea u utloelang bohloko?

16 Ha Jesu a ntse a le lefatšeng, o ile a thusa batho ba bangata ka nako e nepahetseng. Mehleng ena, re ka kholiseha ka ho felletseng hore o tla re thusa neng le neng ha re hloka thuso. Lefatšeng le lecha le haufi, o tla thusa batho ba mamelang hore ba phele ba phethahetse ba se na sebe. Re leboha Molimo oa rona Jehova haholo, ea susumelitsoeng ke lerato le mosa hore a khethe Mora oa hae hore e be Moprista oa rona ea Phahameng ea re utloelang bohloko.

U KA RE’NG?

  • Lintho tse etsahalletseng Jesu ha a ne a le lefatšeng, li ile tsa mo thusa joang hore a tle a sebeletse e le Moprista oa rona ea Phahameng?

  • Jesu o ile a phethahatsa boprofeta bo hlahang ho Esaia 42:3 joang?

  • Moprista oa rona ea Phahameng o re thusa joang mehleng ee?

PINA EA 13 Kreste o re Behetse Mohlala

a Ho fumana lintlha tse eketsehileng tsa hore na mosebetsi oa Jesu e le Moprista ea Phahameng o nketse sebaka mosebetsi oa moprista ea phahameng oa Mojuda joang, sheba sehlooho se reng “Ananela Monyetla oa ho Rapela Jehova Tempeleng ea Hae ea Tšoantšetso” ho Molula-Qhooa oa October 2023, leq. 26, ser. 7-9.

b Lebitso le fetotsoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela