“ Le Lule le Momahane” Hobane le Kopantsoe ke Moea o Halalelang
MOAPOSTOLA Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste ba Efese, a re: “Le bontše hore lea ratana ka hore le se ke la fellana pelo. Kaha le kopantsoe ke moea o halalelang, le sebetse ka thata hore le lule le momahane ka hore le be le khotso.”—Baef. 4:2, 3.
Re “momahane” ka lebaka la “moea o halalelang.” Taba ena e bolela hore matla a Molimo a sebetsang ke ’ona a re thusang hore re momahane. Leha ho le joalo, joalokaha Pauluse a ile a bontša, ho hlokahala boikitlaetso hore re lule re momahane. Ke mang ea lokelang ho ikitlaetsa? Ha e le hantle, Mokreste e mong le e mong o lokela ho phetha karolo ea hae hore ‘re lule re momahane’ kaha re kopantsoe ke moea o halalelang.
Ka mohlala, haeba motho a u fa koloi e ncha, ke mang ea nang le boikarabelo ba ho e hlokomela? Karabo e hlakile. Haeba koloi eo e robeha, u ke ke oa beha motho ea u fileng eona molato hobane feela u hlolehile ho e hlokomela.
Ka tsela e tšoanang, le hoja bonngoe ba rona ba Bokreste e le mpho e tsoang ho Molimo, kaofela ha rona re lokela ho sebetsa ka thata hore re lule re momahane. Haeba ho se na khotso pakeng tsa rona le mora kapa morali oa bo rona, re lokela ho ipotsa, ‘Na ke etsa sohle se matleng a ka hore re lule re momahane ka phuthehong?’
“LE SEBETSE KA THATA” HORE LE LULE LE MOMAHANE
Joalokaha Pauluse a bontšitse, ka linako tse ling re ka lokela ho sebetsa ka thata hore re lule re momahane. Ho etsa joalo ho ka ba thata haeba mora kapa morali oa bo rona a re utloisitse bohloko. Na ka linako tsohle ha ho e-na le motho ea re utloisitseng bohloko re lokela ho bua le eena e le hore re lokise litaba? Che! Ipotse, ‘Na ho buisana le motho eo ho tla rarolla bothata kapa ho tla mpefatsa lintho le ho feta?’ Ka linako tse ling, ho ka ba molemo hore re iphapanyetse phoso ea hae kapa re mo tšoarele.—Liprov. 19:11; Mar. 11:25.
Ipotse, ‘Na ho buisana le motho eo ho tla rarolla bothata kapa ho tla mpefatsa lintho le ho feta?’
Joalokaha moapostola Pauluse a ile a cho, a re tsoeleng pele ‘ho bontša hore rea ratana ka hore re se ke ra fellana pelo.’ (Baef. 4:2) Buka e ’ngoe e re poleloana ena e bolela hore “re amohele batho ka tsela eo ba leng ka eona.” Sena se bolela hore re amohele hore balumeli-’moho le rona ke baetsalibe feela joaloka rona. Ke ’nete hore re leka ho apara “botho bo bocha.” (Baef. 4:23, 24) Leha ho le joalo, ha ho na ea ka khonang ho etsa joalo ka tsela e phethahetseng. (Bar. 3:23) Ha re amohela ’nete eo, ho tla ba bonolo hore re se ke ra fellana pelo ’me re tšoarelane e leng se tla etsa hore ‘re lule re momahane’ kaha re kopantsoe ke moea o halalelang.
Ha re rarolla bothata le motho, esita le haeba re bo rarolla re sa bue le eena, re tla be re etsa hore ‘re lule re momahane ka hore re be le khotso.’ Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “le momahane” ho Baefese 4:3 le fetoletsoe e le “mesifa” ho Bakolose 2:19. Mesifa ke linama tse thata tse kopanyang masapo. Ka tsela e tšoanang, ha re e-na le khotso re bile re rata bana ba bo rona, re tla lula re momahane ho sa tsotellehe liqabang tseo re bang le tsona.
Ha molumeli-’moho le uena a u utloisitse bohloko, a u koatisitse kapa a u tena, leka ho mo qenehela ho e-na le ho sheba feela lintho tse mpe tseo a li etsang. (Bakol. 3:12) Kaha kaofela ha rona ha rea phethahala, ho ka etsahala hore le uena u kile oa utloisa motho e mong bohloko. Ho lula u hopola taba eo ho ka u thusa hore u ikemisetse ho phetha karolo ea hao ea ho etsa hore ‘re lule re momahane’ kaha re kopantsoe ke moea o halalelang.