French Guiana
Hohle ho na le moru, ho tletse botala ho tloha Lithabeng tsa Tumuc-Humac ka boroa ho ea Leoatleng la Atlantic ka leboea. Nōka ea Maroni le ea Oyapock li parola moru ona o teteaneng o nang le pula e ngata ho tloha ka boroa ho ea ka leboea pele li fella leoatleng. Naha e pakeng tsa linōka tsena ke French Guiana.
Lipula tse nang ka nako e fetang halofo ea selemo li etsa hore naha e be e nonneng. Empa hase batho ba bangata ba kenellang libakeng tse hare-hare ho naha ena. Litsela tse ntle lia fokola thōko le lebōpo la leoatle, ’me liphororo tse teng likarolong tse ling tsa nōka li etsa hore ho be thata ho tsamaea nōkeng. Mabitso a liphororo tsena a bontša kotsi ea tsona—Saut Fracas (Liphororo tse Soahlamanyang), Gros Saut (Liphororo tse Khōlō), Saut Tambour (Liphororo tse Rethethang), Saut Laissé Dédé (Liphororo tse Bolaeang), A Dieu Vat’ (Ke Phetho ka Uena).
Moru ona o na le mefuta e fetang sekete ea lifate, li-orchid tse khahlang le limela tse ling tse atlehang naheng e chesang e mongobo. Mona ho lula mefuta e fetang 170 ea liphoofolo tse anyesang, mefuta e 720 ea linonyana le mefuta e se nang palo ea likokoanyana. Ho na le linoha tse khōlō tse bitsoang li-anaconda, likoena, mangau le lithakali, empa li bonoa seoelo kaha li baleha ka lenyele ha li lemoha hore batho ba teng. Lirurubele tse boputsoa ba leholimo li fofa ka bolokolohi litseleng le linōkeng, ’me linonyana tse mebala e khanyang li tsamaea li ntse li lula lifateng tse fapa-fapaneng.
Joalokaha ho e-na le limela le liphoofolo tse mebala-bala, ho na le batho ba bangata ba sa tšoaneng le litso tse ngata tse sa tšoaneng. Metsana ea Maindia a Amerika e hasa-hasane haufi le lebōpo la leoatle le linōka. Baahi ba akarelletsa Magalibi, Maarawak, Mapalicur, Mawayana, Maemerillon le Maoyampi.
Bongata ba baahi ba naha ena e nyenyane ea Amerika Boroa bo khobokellane haufi le lebōpo la leoatle le motse-moholo, Cayenne. Ma-Bush Negro, litloholo tsa makhoba a balehileng a ileng a tlosoa Afrika ho tla sebetsa masimong, a lula metseng e nōkeng e moeling oa Suriname. A bua puo ea secreole e bitsoang Sesranantongo. Lilemong tse ka bang lekholo tse fetileng, ho ile ha fihla bajaki ba Asia ba tsoang Singapore, Vietnam le Chaena. Mahmong a ile a qala ho fihla ka 1977 a tsoa Laos e le baphaphathehi ba lipolotiki. Karolo e fetang halofo ea baahi ba ka holimo ho 150 000 e etsoa ke Maasia, hammoho le bajaki ba tsoang Martinique, Guadeloupe, Haiti, Brazil, Suriname, Dominican Republic, Saint Lucia, Lebanone, Peru le motse-moholo oa Fora.
Bophelo bo Thata
Makhooa a pele a fihlile mona hoo e ka bang ka selemo sa 1500, empa boiteko ba ’ona ba ho lula naheng ena ha boa ka ba atleha. Boemo bo ne bo le thata haholo. Leha ho le joalo, libaka tseo hona joale li etsang French Guiana li ile tsa fetoha kolone ea Fora lekholong la bo17 la lilemo. Hamorao, batšoaruoa ba nako e telele ba ile ba tlosoa Fora ba tlisoa likampong tsa kahlolo bakeng sa ho etsa mosebetsi o qobelloang libakeng tse kang Cayenne, Kourou le Saint-Laurent. Batšoaruoa ba lipolotiki ba ile ba isoa Devil’s Island, moo ho ileng ha pholoha palo e nyenyane feela. Likampo tseo tsa chankana li ne li koaloe khale. Hona joale, Kourou ke setsi sa Europe seo ho sona ho tsoibiloang lisathelaete. Le hoja French Guiana e le bohōle ba lik’hilomithara tse 7 100 ho tloha Europe, ka molao e ntse e le setereke sa tsamaiso sa Fora, profinse ea Fora e mose ho maoatle, kahoo ke karolo ea Linaha tse Ipōpileng tsa Europe.
Khauta e ile ea qetella e fumanoe qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo, lilemo tse ka bang 300 ka mor’a hore Sir Walter Raleigh a phete tšōmo e buang ka motse oa khauta naheng ena. Ho sa tsotellehe likotsi, lilemong tsa bo-1920, ba susumetsoa ke lenyora la khauta, banna ba ka bang 10 000 ba ne ba se ba keneletse hare morung o nang le pula e ngata ba tšepile ho rua ka potlako.
Joale ho ile ha tla ba bang bao le bona ba neng ba le sebete sa ho tobana le mathata a bophelo French Guiana. Leha ho le joalo, bo-pula-maliboho bana ba ne ba tlil’o fana, ba sa tl’o nka.
Ho Jaloa Peō ea ’Nete ea Bibele
Bo-pula-maliboho bana ba sebete ba ile ba tla le litaba tse molemo tse tsoang Lentsoeng la Molimo. Ba ile ba bolella batho ka morero oa Molimo oa ho felisa ho kula le lefu, ho thusa batho ba lichaba tsohle hore ba phele hammoho e le bara ba motho, le ho etsa lefatše paradeise. (Esa. 2:3, 4; 25:8; 33:24; Tšen. 7:9, 10) Ba ne ba kopanela mosebetsing o boletsoeng esale pele ke Jesu Kreste ha a ne a re litaba tsena tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li tla boleloa “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle” pele bofelo bo tla. (Mat. 24:14) Mosebetsi ona oa bohlokoa oa boevangeli o ile oa fihla French Guiana ka 1946. Boholo ba Lipaki tsa Jehova tsa pele tse ileng tsa fihla French Guiana bo ne bo tsoa liprofinseng tsa Fora tse mose ho maoatle tse kang Guadeloupe le Martinique esita le Dutch Guiana (eo hona joale e tsejoang e le Suriname), e ka bophirimela.
Peō ea pele ea ’nete e ile ea jaloa ke Mor’abo rōna Olga Laaland, mosebeletsi ea chesehang ea tsoang Guadeloupe. Ka December 1945 o ile a etela ’mè oa hae le baena ba hae bao a tsoaloang le bona, ba lulang haufi le Nōka ea Mana sebakeng se hare-hare ho French Guiana. Hore a fihle motseng oa habo ’mè oa hae ho ne ho hlokahala hore a tsamaee matsatsi a mangata ka seketsoana sa nōka. Ha a le tseleng, o ile a sebelisa hamolemo libaka tseo ho robaletsoang ho tsona—maphephe a bulehileng a koahetsoeng ka makala a lifate tsa palema—bakeng sa ho bolela le ho aba lingoliloeng tsa Bibele. Ha a fihla motseng oa habo ’mè oa hae, Haut Souvenir, ka thabo o ile a abela lelapa labo litaba tse molemo tsa ’Muso. O ile a makala a ba a soaba ha ba mo bitsa ledemona. Boemong bona bo tletseng bora, ka 1946 o ile a keteka Sehopotso sa lefu la Jesu le baena ba hae feela. Ka potlako, ’mè oa hae a susumelitsoe ke moprista oa moo, o ile a mo leleka, a ntse a hoeletsa: “Bademona ba ke ke ba lula ha ka mona!” Boitšoaro ba ’mè oa hae bo seng botle ha boa ka ba fokotsa cheseho ea hae.
Leetong la hae la bobeli, o ile a bolela nakong ea ha ho etsoa khefu merafong ea khauta le ho li-degrad, kapa libaka tsa khoebo. Ka bosiu bo bong eena le baeti ba bang ba ne ba robetse motlotloaneng o lebōpong la nōka. Pula ea naheng e chesang e mongobo e ile ea liha sefate se seholo ka lerata le tšosang. Ka letsoalo, Olga o ile a itahlela ka nōkeng, a sa tsebe hore metsi ao a tletse litlhapi tse bitsoang li-piranha. Ha a sa tsoa kotsi, banna bao ba ile ba kholiseha hore e tlameha ebe o na le matla a kang a melimo, kahoo ba ile ba mo hlompha ka ho tebileng. Sena se ile sa etsa hore ba arabele hantle molaetseng oo a neng a o bolela.
Qetellong Mor’abo rōna Laaland o ile a fihla Mana, oo e leng motse oa baahi ba 800 o Lebōpong la Leoatle la Atlantic. Likhoeling tsa pele tse tšeletseng tseo a li qetileng moo, o ile a lokisetsa hore ho be le liboka ’me kamehla o ne a ruta batho ba leshome linnete tsa Bibele tse tlisang tokoloho ea ’nete. (Joh. 8:32) Batho ba ile ba mo reha Père Paletot (Rabaki) hobane o ne a tloaetse ho apara baki ho fapana le moprista oa sebaka seo, eo ba neng ba re ke Ramose. Le hoja Mor’abo rōna Laaland a ile a felloa ke lingoliloeng, o ile a fana ka lipuo tsa phatlalatsa ’me ka cheseho a pakela bohle ba neng ba ka mamela. O ile a tsebahala e le sebui se mafolofolo, se sa tsoafeng ho ba le lipuisano tse tletseng bophelo le baruti ba sebaka seo.
Ka mor’a lilemo tse ka bang peli Mor’abo rōna Laaland a etetse ’mè oa hae, o ile a khutlela Guadeloupe. Ha ho motho ea neng a kolobelitsoe ka lebaka la boboleli ba hae, empa o ne a jetse peō e ngata. Litholoana li ne li tla ba teng hamorao.
Basebetsi ba Tsoang Linaheng Tse sa Tšoaneng
Ka 1956 Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa kōpa Wim van Seijl ea tsoang lekaleng la Suriname hore a ee French Guiana. O re: “Re ile ra tloha Saint-Laurent ka sefofane se senyenyane ra ea Cayenne ’me ra lula hoteleng e nyenyane ka libeke tse ka bang tharo. Re ile ra sebetsa karolo e khōlō ea Cayenne re sebelisa buka La Vie Eternelle [Bophelo bo sa Feleng], ra tsamaisa likopi tse makholo a ’maloa. Ka sebele ho ne ho e-na le thahasello, empa ho ne ho le thata ho qala lithuto hobane re ne re sa tsebe Sefora. Kenyelletso ea rōna ea ntlo le ntlo e ne e re: ‘Re fihlile Cayenne maobane ka sefofane ho tla bolela litaba tse molemo.’ Ka mor’a libeke tse peli, re ne re ntse re qala ka ho re ‘Re fihlile Cayenne maobane,’ kaha e ne e le eona feela kenyelletso eo re neng re e tseba ka Sefora! Re ile ra bapala filimi ea The New World Society in Action theatereng ea khale e neng e se e sa sebelisoe. Monna e mong o ne a fetolela ka sepatois ebe se fetoleloa ke mosali e mong ka Sefora.” Ho ne ho e-na le thahasello e khōlō, empa e ne e tla hlaoleloa joang?
Lipaki tse ngata tse tsoang Suriname li ile tsa tla thusa. Har’a tsona ho ne ho e-na le Paul Naarendorp, Cecyl le Nel Pinas. Ba bangata ho ba tlileng ba ne ba khona ho bua Sefora.
Hape thuso e ile ea hlaha mohloling o sa lebelloang. Dunkerque, Fora, lelapa le leng le ne le ile la ithuta Bibele. Ke mora oa bona feela ea lilemo li 16, Christian Bonecaze, ea ileng a tsoela pele ho bontša thahasello. Ha lelapa le fallela Cayenne, Christian o ile a bua le liithuti-’moho ka lintho tseo a ithutileng tsona Bibeleng. Se seng se ile sa bontša thahasello, hammoho le likhaitseli tsa sona tse tharo. Christian o ile a ngolla Mokhatlo a kōpa thuso.
Hoo e ka bang ka nako eo, Xavier le Sara Noll ba ne ba khutletse Martinique ka mor’a ho fumana mangolo Sekolong sa Gileade ka 1958. Mokhatlo o ile oa kōpa Mor’abo rōna Noll hore a ee French Guiana ho ea thusa sehlopha se senyenyane se leng moo. E ne e le leeto la matsatsi a leshome ka seketsoana, ’me Xavier o ne a lokela ho robala mokatong oa seketsoana.
Ha a fihla Cayenne, Mor’abo rōna Noll o ile a amoheloa ka mofuthu ke batho ba thahasellang. Ba ile ba mo memela ho ja le bona ha a ntse a le moo, ’me ba lokisetsa hore a fumane kamore e ntle hoteleng ea motho eo e kileng ea e-ba motšoaruoa. Letsatsi le leng le le leng Mor’abo rōna Noll o ne a khanna lithuto tsa Bibele ’me a e-ba le lipuisano ka lintho tsa moea le Christian le lelapa lena le neng le amohela baeti ka mofuthu tjena. Tsebo ea bona ea ’nete ea Bibele e ile ea teba haholoanyane. Ka mor’a libeke tse seng kae, Christian o ile a re o batla ho kolobetsoa; motsoalle oa hae le likhaitseli tsa hae tse peli le bona ba ne ba batla ho kolobetsoa. Le hoja pula ea litloebelele e ile ea sitisa Mor’abo rōna Noll hore a fane ka puo ea kolobetso lebōpong joalokaha ho reriloe, o ile a fana ka eona ho sehlopha a ntse a lutse koloing ea bona e nyenyane. Kapele ka mor’a moo ba ile ba tsoela pele ka qoeliso, eo e bileng ea pele e entsoeng ke Lipaki tsa Jehova French Guiana.
Ha a ntse a le naheng ena, Mor’abo rōna Noll o ile a sebelisa nako ea hae hamolemo tšebeletsong ea tšimo. Ka beke o ne a se a tsamaisitse hoo e batlang e le lingoliloeng tsohle tsa hae. O ile a siea makasine e le ’ngoe feela hore a e bontše batho bakeng sa ho etsa lipeeletso. Ka libeke tse tharo o ne a se a fumane lipeeletso tse 70, ho kopanyelletsa le tse ka bang 12 tsa Sechaena. O ne a itlhalosa joang ka Sechaena? O ne a ntša setšoantšo sa sehlopha sa habo sa Sekolo sa Gileade, ebe o supa liithuti tsa Machaena sehlopheng seo, joale a bue ka matsoho. O re: “Sena se ile sa atleha haholo.” Har’a bao a ileng a ba pakela ke Michel Valard, eo moena oa hae e neng e le moprista empa eena o ne a ntse a batla khauta sebakeng se ka hare-hare ho naha. Ka mor’a hore Mor’abo rōna Noll a tsamaee, Christian Bonecaze o ile a etella pele mosebetsi oa sehlopha se senyenyane se Cayenne.
Nakoana ka mor’a sena, ka 1960, lekala la Guadeloupe le ile la abeloa ho hlokomela boboleli ba litaba tse molemo French Guiana. Ho ile ha ba tsoela molemo o mokaakang hore ebe ba ile ba fumana thuso kamehla! Motheo o ne o se o raliloe, joale ho ne ho ka hahoa ho ea pele. Ho finyella seo, ka 1960, Octave Thélise o ile a romeloa ho tloha Martinique ho tla sebeletsa e le pula-maliboho ea khethehileng. O ile a qala ho etela ba neng ba entse lipeeletso tsa limakasine tsa rōna le ba neng ba e-na le lingoliloeng tsa Watch Tower. Hona selemong seo, Théophanie Victor, eo le eena a tsoang Martinique, o ile a fallela French Guiana ho tla sebeletsa teng, ’me hang-hang o ile a abeloa ho ba pula-maliboho ea khethehileng.
Pejana, ka 1954, Monghali van Pardo, oa Modache, le mosali oa hae oa Martinique ba ile ba fallela Paramaribo, Suriname, moo mosali a ileng a kopana le Lipaki. Selemong se hlahlamang, ba ile ba fallela Saint-Laurent, e ka mose feela ho Nōka ea Maroni, e arolang Suriname ho French Guiana. Ka lilemo tse ka bang hlano, likhoeli tse ling le tse ling tse tharo Lipaki tse peli tse tsoang Suriname, Mor’abo rōna Pinas le Mor’abo rōna Libreto, li ne li tšela Nōka ea Maroni ka seketsoana ho ea thusa banyalani bana ho hōla tsebong ka Jehova le ka seo a se hlokang. Ka December 1960, kopanong e Paramaribo, Suriname, nakong ea ketelo ea Milton Henschel ea tsoang ntlo-khōlō ea lefatše ea Mokhatlo oa Watch Tower, banyalani ba ha Van Pardo hammoho le batho ba bang ba babeli ba tsoang French Guiana ba ile ba kolobetsoa.
Ka May 1961, Nicolas Brisart, molebeli oa lekala ea tsoang Guadeloupe, o ile a etela sehlopha sa bahoeletsi ba 16 ba Cayenne ba neng ba tlil’o ba le karolo kopanong ea pele ea potoloho sebakeng seo. Ho phaella moo, o ile a bapalla batho ba 250 filimi ea The Happiness of the New World Society. Karabelo e ntle e ile ea mo susumelletsa hore a bapale filimi e ’ngoe—The New World Society in Action. Ho ile ha e-ba le karabelo e tšoanang e ntle ha lifilimi tsena li bapaloa Saint-Laurent. Motlatsi oa ramotse oa Saint-Laurent o ile a khahloa haholo hoo a ileng a re: “Ke qala ho bona ntho e joalo bophelong ba ka.” Ha a ntse a tšoara barab’abo rōna ka matsoho, o ile a botsa: “Na le kōpile ramotse hore a le lumelle ho sebelisa holo ea motse bakeng sa ho bapalla filimi ea lōna teng? Ke tla mo bolella ka eona hosasane.” Ha hoa ka ha fanoa ka tumello ea ho bapala lifilimi tsena feela empa ho ile ha boela ha fanoa ka tumello ea ho fana ka puo ea phatlalatsa ea Bibele bosiu bo bong le bo bong. Ka kakaretso, batho ba fetang 500 ba ile ba bona lifilimi tsa Mokhatlo ’me ba utloa lipuo tse thehiloeng Bibeleng nakong ea ketelo eo ea bohlokoa. Motlatsi oa ramotse o ile a re: “Re hloka batho ba tšoanang le lōna Lipaki tsa Jehova.” Hoo e ka bang lilemo tse peli hamorao, ka March 1963, ho ile ha thehoa phutheho ea pele ea Lipaki tsa Jehova Cayenne. Liboka li ne li tšoareloa ntlong e nyenyane mathōkong a motse sebakeng se bitsoang Petit Monaco.
Kamoo ’Nete e Ileng ea Fihla ho Bona Kateng
Har’a ba neng ba le phuthehong eo ea pele ke Mora le Morali oabo rōna Sylvestre, bao ka bobeli ba tsoang Martinique. Ba ile ba fetoha Lipaki tsa Jehova joang? Ka letsatsi le leng ka 1952 ha Mofumahali Sylvestre a e-ea lebenkeleng, o ile a bonoa ke motho e mong ea neng a koaletsoe chankaneng Devil’s Island ’me o ile a mo neheletsa libuka tse itseng a kōpa hore a li fe monna oa hae. Mofumahali Sylvestre o ne a sa tsebe hore na o li fumane hokae, empa e ne e le likhatiso tsa Watch Tower. O ne a tseba hore monna oa hae o thabela ho li bala, kahoo o ile a tsamaea le tsona. O sa ntsane a hopola: “Ha ke beha libuka tafoleng, mahlo a ka a ile a haptjoa ke sehlooho se reng ‘’Nete e be ea Molimo.’ Hang-hang ke ile ka thahasella buka ena e buang ka Molimo. Ha monna oa ka a fihla lapeng, ke ile ka mo phetela seo ke se balileng mabapi le lebitso la Molimo, borapeli ba litšoantšo le hore na hantle-ntle tholoana e hanetsoeng e ne e le eng. Ke ne ke qala ho utloa lintho tse joalo. Hang-hang ke ile ka kholiseha hore sena ke ’nete. Li tloha feela ke ile ka khaotsa ho ea kerekeng. Le hoja ho ne ho se mohla nkileng ka kopana le Lipaki, ke ile ka qala ho buisana le metsoalle ea ka ka seo ke neng ke ithuta sona bukeng ena, ’me ka khothalletsa bohle ba haufi le ’na hore ba e bale. Lilemo tse robong hamorao, mofumahali e mong, Théophanie Victor, o ile a fihla monyako oa ka ’me a mpha limakasine tse peli tsa Tsoha! Ha a tsamaea, ke ile ka mo botsa hore na ke oa bolumeli bofe. O ile a araba: ‘Mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova.’ Ke ile ka hooa: ‘Khele! ke lilemo tse robong joale ke ntse ke u emetse! Na re ka behelana nako?’” Hamorao, eena le monna oa hae ba ile ba nka khato e tiileng bakeng sa borapeli ba Jehova.
Michel Valard, eo pejana Xavier Noll a neng a ile a buisana le eena mosebetsing, le eena o ne a le har’a ba ileng ba amohela ’nete ha Lipaki tse teng naheng ena li sa ntsane li fokola ka palo. Ha a qala ho ba teng libokeng tsa Lipaki, butle-butle o ile a hlokomela hore o fumana likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tsa hae. Morali’abo rōna Victor o ile a ithaopela ho ithuta Bibele le eena, ’me o ile a lumela ka potlako empa mosali oa hae, Jeanne, o ile a khopisoa ke seo haholo. Ka lebaka leo, o ile a lokela hore a se ke a ithutela ka tlung. Leha ho le joalo, o ne a kholisehile hore o ne a ithuta ’nete, ’me o ne a batla ho e arolelana le Jeanne. Kahoo o ne a khetha lihlooho tseo a tsebang hore o tla li thahasella limakasineng ’me a li beha moo a neng a ka li bona habonolo. Qetellong, le eena o ile a lumela ho ba le thuto ea Bibele, ’me ka bobeli ba ile ba kolobetsoa ka 1963. Le bana ba bona ba ile ba amohela ’nete, ’me e mong oa bona, Jean-Daniel Michotte (mora oa Jeanne pele a nyaloa ke Michel Valard), o sebeletsa e le setho sa Komiti ea Lekala.
Paul Chong Wing, tichere e nyenyane e tsoang French Guiana, o ile a kopana le Lipaki ha a ntse a le sekolong Fora. O ne a nyahamisitsoe ke boemo ba lefatše le boikutlo ba batho. O ile a fetoha setho sa Mokhatlo oa Ma-Freemason, empa hoo ha hoa ka ha araba lipotso tse neng li mo ferekanya. O ne a tloaetse ho ipolella hore e tlameha ebe ho na le moo a ka fumanang ’nete teng, ’me o ile a ikemisetsa ho e batla. Lipuisano tseo a bileng le tsona le Lipaki tsa Jehova li ile tsa mo kholisa hore o e fumane. Ha a khutlela French Guiana, o ile a buisana le Michel Valard, ’me a thaba haholo ha a tseba hore ho na le Holo ea ’Muso haufi le ha hae. O ile a kolobetsoa ka 1964, ’me mosali oa hae a kolobetsoa selemong se hlahlamang. O ile a hatela pele ka potlako. Ka phuthehong tlhokahalo ea banna ba nang le tsebo ba ikemiselitseng ho sebelisoa e ne e le khōlō hoo a ileng a khethoa hore e be mohlanka oa phutheho selemo se le seng feela hamorao. O ile a thusa hore ho thehoe liphutheho tse ngata. Hona joale o sebeletsa e le setho sa Komiti ea Lekala.
Ho Tšehetsa Bahoeletsi ba ka Thōko
Phutheho ea Cayenne e ne e hōla, empa bahoeletsi ba moo ba ne ba sa lekanyetsa boiteko ba bona tšimong e sebakeng sa habo bona feela. Nako le nako ka mafelo-beke barab’abo rōna ba tsoang Cayenne ba ne ba etela lihlopha tse nyenyane tsa bahoeletsi ba Saint-Laurent, Mana le Iracoubo ho ea li tšehetsa. Maetong ana ho ne ho e-na le lintho tse ngata tse lokelang ho etsoa. Pele ba ile ba tsamaea haufi le lebōpo la leoatle ho tloha Cayenne ho ea Saint-Laurent, moo e sehelaneng moeli teng le Suriname. Ka Moqebelo ka 6:00 mantsiboea, ho ile ha tšoaroa seboka se kopanyelletsang puo ea phatlalatsa le Thuto ea Molula-Qhooa. Ka mor’a ho hlola bosiu, ba ile ba leba nģ’a leboea Mana bakeng sa ho qala seboka teng ka 8:00 hoseng. Ka mor’a ho ja lijo tsa motšehare ha ba le tseleng e khutlelang Cayenne, ba ile ba emisa Iracoubo bakeng sa ho tšoara lenaneo le tšoanang, ba qala ka 3:00 motšehare oa mantsiboea. Joale ba ile ba leba hae Cayenne.
Ana e ne e le mafelo-beke a maphathaphathe, empa ba bileng le karolo ba ke ke ba a lebala. Leeto le ne le kopanyelletsa ho tsamaea lik’hilomithara tse 250 ho ea feela. Litsela e ne e le tsa mobu o mofubelu ’me li tletse likoti. Ka mor’a lipula tsa naheng e chesang e mongobo, litsela li ne li koaheloa ke metsi ’me ka linako tse ling metsi a ne a batla a le bophahamo ba mithara. Ho ne ho hlokahala hore barab’abo rōna ba lete lihora tse seng kae hore metsi a kokobele pele ba ka tsoela pele. Ho ne ho hlokahala hore mokoloko oa likoloi tse hlano kapa tse tšeletseng o tsamaee hammoho hobane likoti tse ka har’a tsela li ne li tebile hoo hangata likoloi li neng li qaoa. Ha sena se etsahala, barab’abo rōna ba ne ba lokela ho rema lifate tse nyenyane morung ’me ba behe likutu ho tšekalla le likoti. Joale e mong le e mong o ne a sututsa likoloi hore li fete. Koloi ea pele e fetang sekoting se seholo e ne e thusa ho hula tse ling hore li fete. Hape ba ne ba lieha ha ba emetse liketsoana Kourou le Mana. Ha barab’abo rōna ba ntse ba letile ba ne ba longoa ke menoang, empa ba ne ba sebelisa nako eo ho fa ba fetang ka tsela limakasine.
Lihlopha tse ka thōko tsa bahoeletsi li ne li hahuoa haholo ke liketelo tsena, ’me mantsoe a tsona a teboho a ne a feta mathata leha e le afe ao ho kopanoeng le ’ona leetong. Melemo e ne e sa sekamela lehlakoreng le le leng. Barab’abo rōna ba tsoang Cayenne ba ne ba boetse ba khothalitsoe haholo ke kamohelo e mofuthu ea baeti le cheseho e bontšitsoeng ke Mora le Morali oabo rōna van Pardo, Morali’abo rōna Fantan, Morali’abo rōna Barthebin le Morali’abo rōna Defreitas. Hamorao ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore Mora le Morali oabo rōna Fléreau ba tsoang Guadeloupe ba sebeletse e le bo-pula-maliboho ba khethehileng sebakeng sena, ’me ba ile ba etsa mosebetsi o babatsehang oa ho hlaolela thahasello. Ha Lipaki tsa Jehova li phethahatsa thōmo eo li e fuoeng ke Jesu ea ‘ho etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa,’ ha lia ka tsa hlokomoloha ba leng French Guiana.—Mat. 28:19.
Tsoelo-pele ea Lieha Empa ea Hlokomeleha
Ka 1970 ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 129 Phuthehong ea Cayenne, ’me lihlopha tse ka thōko li ne li le mafolofolo Saint-Laurent le Kourou. Palo e ne e fokola, empa Lipaki tsa Jehova li ne li tsebahala haholo naheng ena. Leha ho le joalo, tsoelo-pele e ne e lieha. Ho ile ha feta lilemo tse ling tse leshome pele palo ea bahoeletsi ba ’Muso naheng ena e imena habeli.
Tsoelo-pele ea moea e ne e sitisoa ke bothata boo ba bang ba neng ba e-na le bona ba ho amohela keletso ea Bibele ea ho khaola le ho baka. Ho ile ha e-ba le likarohano har’a bahoeletsi. Ba bang ba ne ba tšehetsa liqeto tsa sehlopha sa baholo; ba bang ba ne ba sa li tšehetse. Balebeli ba tsamaeang ba tsoang Guadeloupe ba ile ba tla hlahloba litaelo tse tsoang ho Sehlopha se Busang tabeng ena le barab’abo rōna. Ba ileng ba amohela tataiso e tlileng ka mocha oa Jehova ba ile ba atleha.
Ntho e ’ngoe e ileng ea susumetsa moea oa bahoeletsi ke boikutlo ba batho ka boboleli ba rōna Cayenne. Kereke e K’hatholike e ne e e-na le tšusumetso e khōlō. Baruti ba ne ba khesa Lipaki ’me ba susumetsa mohlape oa bona khahlanong le tsona. Sena ha sea ka sa nyahamisa barab’abo rōna. Ha e le hantle, cheseho ea bona e ile ea baka moferefere sechabeng. Ha batho ba sa bule menyako, Lipaki li ne li pota ka mor’a matlo ho ea batla batho bao e ka ’nang eaba ba ipatile ka mor’a ntlo. Bara ba bang babo rōna ba ne ba pheha khang ka Sabatha le Maadventist ’me ba pheha khang le Maevangeli ka mollo oa lihele le ho se shoe ha moea. Lipuisano tsena li ne li ka tšoaroa ho tloha hoseng ho fihlela ka phirimana!
David Moreau, ea ileng a tloha Martinique ho ea sebeletsa e le molebeli oa potoloho, o sa hopola e ’ngoe ea likhang tseo. “Re ne re ntse re bua le mohlankana e mong ha moruti oa Kereke ea Seventh-Day Adventist a fihla ’me a kopanela moqoqong. O ile a tsitlella ho bua ka Sabatha. Mor’abo rōna Virgo o ile a bolela hore o ne a tlil’o bua ka ’Muso oa Molimo, leha ho le joalo puisano e ile ea qetella e fetohetse tabeng ea Sabatha. Moruti o ile a re: ‘Sabatha e tsoa ho Molimo. Esita le Paradeiseng e tlang re tla ’ne re boloke Sabatha!’ O ile a qotsa Esaia 66:23: ‘Ka sebele ho tloha ha khoeli e ’ngoe e thoasa ho ea ho e ’ngoe le ho tloha sabatheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, nama eohle e tla tla hore e tl’o inama ka pel’a ka, ho boletse Morena.’ Joale Mor’abo rōna Virgo o ile a botsa moruti: ‘Kahoo ho latela temana ena, Laboraro le fetileng e ne e le eng?’ Moruti a fufuletsoe haholo, o ile a leka ho fana ka likarabo tse ’maloa empa ha aa ka a khona ho bona kamoo Laboraro le fetileng le amanang kateng le temana ena. ‘E ne e le ho thoasa ha khoeli, oeso! Bona! U boloka Sabatha, empa u lebala ho thoasa ha khoeli! U tlosa se fetang tlhakunyana feela Bibeleng.’” Hamorao Virgo o ile a re ho David: “Ha ho mohla ke eang tšebeletsong ke sa sheba k’halendara ho bona hore na khoeli e thoasa neng, bakeng sa ha ho ka etsahala hore ke teane le Maadventist.”
Le hoja barab’abo rōna ba ne ba e-na le bokhoni ba ho emela seo ba se lumelang, ba bang ba ne ba lebisa tlhokomelo haholo ho hlōleng likhang ho feta ho batleng ba kang linku. Ho ne ho hlokahala koetliso bakeng sa ho pakela baahi ka katleho, ’me Jehova o ile a fana ka thuso e hlokahalang.
Baromuoa ba Betla Khoro Libakeng Tse Hare-hare
Bofelong ba lilemo tsa bo-1970, baromuoa ba koetlisitsoeng Sekolong sa Gileade hammoho le bo-pula-maliboho ba tsoang Fora ba neng ba abetsoe ka ho toba tšebeletsong ea boromuoa ba ile ba qala ho fihla French Guiana. Mosebetsi oa bohlokoa oa ho koetlisa le ho matlafatsa liphutheho o ile oa qala. Barab’abo rōna ba ile ba rutoa mokhoa oa ho fana ka bopaki bo atlehang, bo fanoang ka masene haholoanyane. Hape baromuoa ba ile ba etella pele ho boleleng har’a batho ba lipuo tse sa tšoaneng naheng ena. Ka potlako barab’abo rōna ba sebakeng sena ba ile ba etsa se tšoanang ’me ba qala ho ithuta Senyesemane, Sepotoketsi, Sesranantongo le Segalibi, e leng puo ea Maindia a Amerika. Hona joale, ofisi ea lekala French Guiana e fana ka lingoliloeng tse ka abuoang ka lipuo tse 18.
Ka April 1991, Jonadab Laaland le mosali oa hae, bao ka bobeli ba fumaneng mangolo Sekolong sa Gileade ’me ba sebeletsa New Caledonia, ba ile ba abeloa sebakeng sa Kourou ho matlafatsa phutheho ea moo. Ntate oa Jonadab, Olga Laaland, o ne a bile le karolo ho jaloeng ha pele ha peō ea ’nete ea Bibele French Guiana. Hona joale bahoeletsi ba fetang 280 ba rorisa Jehova Kourou.
Baromuoa ba ile ba boela ba etella pele boiteko ba ho bula masimo a macha, haholo-holo libakeng tse hare-hare tseo ho leng thata ho li finyella. Ha baa ka ba nyahamisoa ke hore sena se ne se akarelletsa ho pepesehela mafu a linaha tse chesang tse mongobo a kang malaria, ho kopana le linoha, ho mamella likokoanyana tse ngata, ho tsamaea linōkeng tse jang litlhokoa le liphororong tse kotsi bakeng sa ho ea metseng e ka thōko, le ho kena har’a lipula tsa likhohola le seretse.
Elie le Lucette Régalade ba ile ba etsa mosebetsi o mongata o motle Cayenne le Saint-Laurent. Hape ba ile ba sebetsa tšimo e neng e e-s’o sebetsoe karolong e ka holimo ea Nōka ea Maroni moeling o ka bophirimela oa naha. Ba ile ba nka leeto la boboleli la libeke tse tharo hammoho le sehlopha se senyenyane sa barab’abo rōna metseng eohle e pel’a nōka ho tloha Saint-Laurent ho ea Maripasoula. Ho ile ha hlokahala hore leeto lena le emisoe bakeng sa hore e mong sehlopheng sena a phekoloe malaria e matla Saint-Laurent. Empa matšolo a boboleli libakeng tse ka hare-hare ho naha a ile a tsoela pele e le hore batho ba leng libakeng tseo ba ka utloa litaba tse molemo.
Ho fihla Saint-Élie, motse o thehiloeng ke bafuputsi ba lekholong la bo19 la lilemo ba neng ba batla khauta, ho ba hloka leeto la lihora tse supileng ka seketsoana ho tloha lebōpong la Nōka ea Sinnamary ho pholletsa bohareng ba naha. Le lateloa ke ho tsamaea ka maoto ka matsatsi a mabeli lik’hilomithara tse 30 morung motho a jere mokotla o boima. Leha e le ofe ea pakang sebakeng seo o lokela ho tla ka lijo tse lekaneng matsatsi a mararo le lingoliloeng tse ngata. Bosiu ba hloka mollo bakeng sa ho leleka liphoofolo, mohlomong le moalo o fanyehoang bakeng sa hore ba robale ka har’a oona. Empa e bile thabo e kaakang ho baromuoa ba babeli ba rometsoeng ho tsoa Fora, Eric Couzinet le Michel Bouquet, ho nka leeto le joalo le ho fana ka bopaki bo feletseng ho baahi ba 150. Batho ba 20 ba ile ba e-ba teng puong ea li-slide e ileng ea fanoa ha ba le moo.
Har’a batho bana, barab’abo rōna ba ile ba fumana Fanélie, ea neng a leka ho khotsofatsa tlhoko ea hae ea moea. Qalong e ne e le setho sa Roma e K’hatholike. Morao tjena o ne a se a kena kereke ea Maadventist. Ha ho le ea mong bolumeling ba hae ea kileng a mo etela Saint-Élie. O ne a tloaetse ho ithuta Bibele ka ngollano, empa ho ne ho se mohla a kileng a amohela karabo. Ha a kopana le Lipaki, o ile a lemoha hore ke tsona feela tse neng li etsa boiteko ba ho etela batho libakeng tse thōko joaloka Saint-Élie. Fanélie o ile a ithuta le barab’abo rōna letsatsi le leng le le leng ka nako e etsang beke. Kapele ka mor’a moo, ka likhoeli tse tšeletseng o ile a ea motseng o moholo ho oo. Ka nako eo, o ile a ithuta hararo ka beke. Ha a khutlela motseng, e ne e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Fanélie o ne a hlokomela monna oa hae eo e seng Paki le bana ba hae ba bahlano, empa cheseho ea hae bakeng sa ’nete e ile ea mo susumelletsa hore a qete lihora tse fetang 40 khoeli ka ’ngoe a pakela ba bang. Hape o ile a thusa ho hlophisa liboka bakeng sa ba thahasellang. Ha a lokisetsa Sehopotso, ho ile ha e-ba teng ba 40. Ka mor’a moo, Fanélie o ile a fallela lebōpong la leoatle, empa o ntse a le mafolofolo tšebeletsong. O thabela hore ebe e mong oa barali ba hae o kolobelitsoe ’me hona joale monna oa hae oa ithuta.
Kaw, Ouanary le Favar, karolong e ka bochabela ea naha, ke metse e meng eo baromuoa ba ileng ba fihla ho eona pele. Mor’abo rōna Couzinet o sa hopola hantle leeto la hae la pele la boboleli libakeng tseo ka 1987 hammoho le Lipaki tse ling tsa mona. Ba ile ba palama seketsoana eaba ba tsamaea ka koloi tseleng ea mobu o mofubelu e bolelele ba lik’hilomithara tse 40 e le hore ba fihle mokhoabong. Ha ba emisa koloi, ba ile ba utloa ho puruma ho tšosang. O ile a nahana hore e tlameha ebe ke mangau a itokisetsang ho hlasela. Empa barab’abo rōna ba tsamaeang le Mor’abo rōna Couzinet ba ile ba mo kholisa hore e mpa e le sehlopha sa litšoene tse hlabang moolo tse tšositsoeng ke ho fihla ha bona. Ba ile ba kopana le banyalani ba ’nileng ba batla ’nete. Banyalani bana ba ile ba fallela Cayenne, ba hatela pele ho fihlela ba kolobetsoa, ’me hona joale ba sebeletsa tšimong ea Sepotoketsi e French Guiana.
Butle-butle, masimo a mang a mangata a thōko a ile a eteloa. Tse ling tsa libaka tsena tse ileng tsa rua molemo ketelong ea pele ea baromuoa ke Grand Santi, Papaïchton le Saül. Hona joale boholo ba masimo a neng a e-s’o sebetsoe bo se bo eteloa kamehla ke bahoeletsi ba ’Muso.
Ho Bolela Maripasoula
Maripasoula, motse oa bohlokoa haholo karolong e ka holimo ea Nōka ea Maroni, o ile oa finyelloa ka molaetsa oa ’Muso ka bo-1963. Ka mabaka a khoebo, ho ne ho hlokahala hore Adrien Jean-Marie, eo ka nako eo e neng e le seithuti sa Bibele, a ee teng hararo ka selemo. O ne a chesehela ’nete, kahoo o ile a sebelisa monyetla oo ho fana ka bopaki bo feletseng ’me kamehla o ne a siea lingoliloeng tse ngata tsa Bibele.
Le hoja le ba bang ba ile ba paka Maripasoula, ho ne ho le thata ho buisana le baahi ba sebakeng sena ba buang Sesranantongo. Sesranantongo se tsejoang ke baahi ba mona e le Setaki-Taki, se thehiloe Senyesemaneng ’me se na le likaroloana tsa Sedache, Sefora, Sepotoketsi le lipuo tse sa tšoaneng tsa Afrika le India. Lekala la Suriname le ile la romela bo-pula-maliboho ba khethehileng ba buang Sesranantongo Maripasoula ka likhoeli tse tharo ho isa ho tse tšeletseng, empa baahi ha baa ka ba arabela hantle. Qetellong, barab’abo rōna ba ile ba lelekoa motseng ka lebaka la boikaketsi la hore ke basele ba tsoang Suriname. Ha e le hantle, e ne e le hobane e le Lipaki tsa Jehova.
Cornélis le Hélène Linguet le bona ba ile ba romeloa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ka 1992. Tsebo ea bona ea Sesranantongo e ile ea nolofatsa boboleli ba bona haholo, ’me kahobane e le Mafora, batho ba ile ba ba amohela habonolo. Ka matsatsi a mararo beke ka ’ngoe, ba ne ba bolela Maripasoula, ’me ka matsatsi a latelang a mararo, ba ne ba paka Papaïchton, motse oo ho nkang hora ho fihla ho oona ho tloha Maripasoula ka seketsoana. Qalong, ba ne ba tšoarela liboka lapeng la bona Maripasoula. Ka mor’a mosebetsi oa lilemo tse peli, batho ba robeli ba ile ba e-ba teng Sehopotsong. Banyalani bana ba ile ba mamella tšimong ena e thōko. Lerato la bona ho batho le ile la ba thusa ho mamella ho sa tsotellehe mathata a mangata. Qetellong, mamello ea bona e ile ea putsoa, ’me ho ile ha hlaha liphutheho tse peli.
E mong ea ileng a arabela molaetseng oa Bibele ke Antoine Tafanier, ea nkoang e le setho sa bohlokoa sechabeng sa habo hobane a amana haufi-ufi le Gran Man, molaoli ea ka sehloohong sechabeng se lumelang hore moea o arohane le ’mele. Tafanier o ne a e-na le basali ba babeli ba lirethe, e leng se tloaelehileng motseng o haufi le nōka. Kahoo ha Tafanier a emela ’nete, o ile a lokela ho etsa liphetoho bophelong ba hae, ka ho etsa khetho ea ho nyala e mong oa basali bana ba babeli kapa ho ba lesoha. Basali bana ba babeli, ba lulang malapeng a fapaneng ’me ba tseba hore o tla khetha pakeng tsa bona, ba ile ba loana ntoa e mahlo-mafubelu. Kajeno, Antoine Tafanier ke Paki e thabileng e kolobelitsoeng e sebeletsang Jehova hammoho le mosali a le mong. Ho etsahetse’ng ka mosali e mong? Ka mor’a nako, le eena o ile a qala ho ithuta Bibele ’me hona joale ke mohlanka ea kolobelitsoeng oa Jehova.
Ho ananela Lipaki tsa Jehova ho ile ha eketseha sebakeng sena. Mokhatlo oa sebakeng sena o ile oa ba fa sebaka sa seboka ntle ho tefello ka lilemo tse tharo. Ha ho fihla nako ea ho haha Holo ea ’Muso, halofo ea masenke e ile ea fanoa ke batho bana ba nang le kutloelo-bohloko. Mokhatlo o mong o ne o laola seteishene sa thelevishene ’me o ile oa bapala livideo tse hlano tsa Mokhatlo oa Watch Tower tse neng li fumaneha ka nako eo. Video ea Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name e ile ea ananeloa ka ho khetheha ke baahi ba motse.
Joale Lipaki li ne li tsitsitse sebakeng sena seo pele se neng se tletse bora. Ka 1993, Maripasoula le Papaïchton li ne li e-na le Liholo tsa ’Muso, ’me batho ba lulang sebakeng sena haufi le Nōka ea Maroni kamehla ba ne ba e-ba le menyetla ea ho utloa molaetsa oa ’Muso.
Haufi le Nōka ea Oyapock
Ho ile ha finyelloa eng haufi le moeli o ka bochabela oa naha, moo Nōka ea Oyapock e phallang pakeng tsa French Guiana le Brazil? Ka 1973, Adrien Jean-Marie o ile a fana ka bopaki bo botle toropong ea Saint Georges. Ketelo ea hae ea pele e ile ea nka matsatsi a mararo. Hona selemong seo, o ile a khutla habeli ’me a khona ho hlophisa seboka sa phatlalatsa seo ho sona ho ileng ha e-ba teng ba 20. Ho ile ha qaloa lithuto tse seng kae tsa Bibele ka ngollano, empa sena ha sea ka sa atleha hobane liithuti li ne li sa tloaela ho ngola mangolo. Mor’abo rōna Jean-Marie o ile a boela a fumana ba thahasellang molaetsa oa Bibele Tampac, motse oa Ma-Bush Negro o hona nōkeng ena.
Lilemo tse leshome hamorao, ka 1983, Etiennise Mandé le Jacqueline Lafiteau le bona ba ile ba romeloa ho ea fana ka bopaki bo eketsehileng le ho thusa ba thahasellang sebakeng sena se thōko. Ha ho khoneha, barab’abo rōna ba tsoang Cayenne ba ne ba e-ea Saint Georges ka sefofane bakeng sa mafelo-beke ho ea thusa ka ho kopanela tšebeletsong ea tšimo le baralib’abo rōna le ka ho fana ka lipuo tsa phatlalatsa. Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala mamello e ngata pele litholoana li ka bonahala. Morali’abo rōna Mandé o sa hopola: “Ke ile ka qala lithuto tse ’maloa tsa Bibele. Empa ka potlako, moprista oa mona o ile a qala ho hanyetsa mosebetsi oa rōna. Ba bang ba ne ba re: ‘Moprista o itse re se ke ra mamela Lipaki kapa ra le amohela malapeng a rōna hobane le manģosa a Diabolose.’ Liithuti tsa ka tse ’maloa li ile tsa khaotsa ho ithuta.” Leha ho le joalo, ka lebaka la ho mamella, litholoana li ile tsa e-ba teng.
Michel Bouquet le Richard Rose, pula-maliboho ea khethehileng, le bona ba ile ba kopanela ho hlaoleleng thahasello bakeng sa ’nete sebakeng sena. Ho ne ho fanoe ka bopaki bo bongata Saint Georges, empa ho qala ka 1989, ba ile ba abeloa hore ba amehe haholo ka tšimo e thōko le motse oo. Haufinyane, Mor’abo rōna Rose le mosali oa hae ba ile ba e-ba le tokelo ea ho ba bo-pula-maliboho ba pele ba tsoang French Guiana ba ileng ba ea Sekolong sa Gileade. Hona joale ba sebeletsa Haiti.
Hang ha motheo o raliloe French Guiana lebōpong la Nōka ea Oyapock, ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho sebetsa tšimo e nyenyane e ka mose ho nōka Brazil. Toropo ea Oiapoque e na le baahi ba 10 000, ’me e ka ba metsotso e 20 ho tloha Saint Georges ka seketsoana. Ka potlako barab’abo rōna ba ile ba lemoha hore ho ne ho e-na le thahasello e eketsehileng moo ho feta Saint Georges, kahoo ba ile ba ameha haholo ka tšimo eo. Mor’abo rōna Moreau o sa hopola: “Bosiu re ne re tloaetse ho robala ka mor’a lebenkele. Ho ne ho se bonolo tlas’a maemo ao, le hoja mosali ea molemo ea neng a ipitsa ‘morali’abo rōna’ a ne a ithaopela ho re fa marobalo le faki ea metsi bakeng sa hore re itlhatsoe. Bo-pula-maliboho ba banyenyane ba sebakeng sena ba ile ba tšeha ha mosali oa ka Marylène a tletleba ka monko oa metsi. E mong le e mong o ile a itlhatsoetsa lefifing ka mor’a ntlo eaba oa robala. Leha ho le joalo, re ile ra tšoha hoseng ho hlahlamang ha re fumana hore khoto e khōlō e ne e khanngoe ke metsi ka har’a faki ’me e ne e phaphametse.” Empa sena ha sea ka sa hlakola liphihlelo tse monate tseo ba neng ba e-ba le tsona tšebeletsong.
Toropong ena ea Oiapoque, Mor’abo rōna Bouquet o ile a nka bohato ba pele ba ho reka setša. Eena le Mor’abo rōna Rose, hammoho le bo-pula-maliboho ba bang le barab’abo rōna ba tsoang Cayenne, ba ile ba sebetsa ho haha Holo ea ’Muso e nang le litulo tse 80 e nang le folete.
Lilemong tsa bo-1990, banyalani ba bo-pula-maliboho ba khethehileng, ba ha Da Costa, ba ile ba fihla Oiapoque ho tla thusa. Ba ile ba ikemisetsa ho etela likolo tsohle le ho fa mesuoe-hlooho buka e sebetsang ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Hape ba ile ba kōpa tumello ea ho fa barutoana bohle buka ena. Ba ile ba lumelloa ho etsa joalo. Ka mor’a ho utloa hore na buka e tšoere eng, liithuti tsohle le matichere ’ohle ba ile ba batla likopi. Ba ile ba tsamaisa libuka tse 250.
Mor’abo rōna da Costa oa tlaleha: “Re ile ra ba le puisano e ntle le molaoli oa sesole sebakeng sena, ’me ra mo fa buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. O ile a e amohela ’me a batla thuso ea ho sebetsana ka katleho le botahoa le boitšoaro bo bobe boo banna ba kampong ea hae ba nang le bona. Re ile ra ithaopela ho fana ka puo ho banna bao. O ile a thabela maikutlo ana ’me a tšepisa hore bekeng e hlahlamang ho ne ho tla ba le sehlopha se senyenyane. Ha re tlil’o fana ka puo, re ile ra fumana masole a 140 a re emetse. Kaofela ha ’ona a ile a mamela ka hloko se boleloang. Re ile ra tsamaisa limakasine tse 70; li ile tsa re fella hobane re ne re sa lebella hore batho ba bangata hakaalo ba ka ba teng sebokeng sa rōna. Tokisetso ena e ile ea tsoela pele ka libeke tse ngata. Kaha masole ana ha a lule sebakeng se le seng nako e telele, ha rea ka ra hlola re buisana le a mangata a ’ona.” Leha ho le joalo, a mangata a ile a arabela hamolemo thusong eo a e filoeng.
Mosali e mocha ea bitsoang Rosa o ne a ile a ithuta Bibele le Lipaki Brazil, empa o ne a e-s’o arabele ka botlalo litabeng tse molemo. Ha a utloa ka monyetla oa ho etsa chelete e ngata ka ho sebetsa morafong oa khauta French Guiana, o ile a siea folete ea hae hammoho le thuto ea hae ea Bibele ’me a ea Oiapoque ka sepheo sa ho kena French Guiana ka sekhukhu. Ka ho hlakileng, ho phela har’a banna morafong oa khauta har’a moru ho ne ho tla ba kotsi bakeng sa mosali. Pele a ea morafong, morali’abo rōna ea amehileng oa Oiapoque o ile a mo thusa hore a nahane hape ka boemo ba hae. O ile a angoa ka botebo ke keletso ea Bibele ho Matheu 6:25-34, ’me a fetola khetho eo a neng a e entse. Rosa o ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova ’me a khutlela hae. Ka mor’a ho arohana le monna oa hae ka lilemo tse ’maloa, o ile a boelana le eena.
Hona joale ho na le phutheho ea bahoeletsi ba 25 Oiapoque. Boiteko ba bahoeletsi ba bahlano ba Saint Georges le bona bo hlahisa litholoana. Moahi oa pele oa Saint Georges oa ho emela ’nete ke Jean René Mathurin. Hona joale o sebeletsa e le mohlanka ea sebeletsang, ’me mosali oa hae o sebeletsa e le pula-maliboho oa kamehla.
Likopano Tse Thabisang
Linakong tsa Bibele, barapeli ba Jehova ba ile ba laeloa ho bokana kamehla bakeng sa borapeli. (Deut. 16:1-17) Ka ho tšoanang, likopano tse khōlō le tse nyenyane e ’nile ea e-ba liketsahalo tsa bohlokoa ho barapeli ba kajeno ba Jehova French Guiana. Esita leha palo ea bahoeletsi e ne e fokola, barab’abo rōna ha baa ka ba tsilatsila ho amohela boikarabelo ba ho hlophisa likopano. Mora e mong oabo rōna o re: “Lilemong tsa bo-1960, likopano tsa rōna tsa setereke li ne li nka matsatsi a robeli. Ho ne ho e-ba le litšoantšiso tse ’nè tsa Bibele. Batšoantšisi ba ne ba tšoanela ho tseba mantsoe a bona ka hlooho, ’me bahoeletsi ba seng bakae ba ne ba lokela ho sebetsa ka thata. Ka lehlohonolo, barab’abo rōna ba bangata ba tsoang Martinique le Guadeloupe ba ne ba tloaetse ho tla thusa likopanong.” Boteng ba bona bo ne bo ananeloa ka botebo ke barab’abo rōna. Ka mofuthu ba bangata ba sa ntse ba hopola matsatsi ao ka ’ona boholo ba barab’abo bona sebakeng sena bo neng bo e-ea boema-fofane ho ea khahlanyetsa ba tlileng kopanong ba tsoang Martinique le Guadeloupe.
Ka sebele lipokano tsena e ne e le linako tsa thabo. Kopano ka ’ngoe e ne e le mokete oa moea, ’me barab’abo rōna ba ile ba ikutloa joaloka Baiseraele bao Jehova a ileng a re ho bona: “Le thabe ka pel’a Jehova Molimo oa lōna.”—Lev. 23:40.
Barab’abo rōna ba nang le phihlelo ba ne ba tšoarehile haholo. Ba ne ba hlokomela tlhophiso ea kopano, ba fana ka lipuo, ’me hangata ba bapala litšoantšisong tse ’maloa. Ho ne ho tloaelehile hore mor’abo rōna a be litšoantšisong tse tharo ’me a fane ka lipuo tse hlano kapa tse tšeletseng.
Mosebetsi o ile oa eketsoa ke hore ebe ho ne ho phehoa lijo tse ngata ’me li jeoa nakong ea lijo tsa motšehare. Ka linako tse ling lijo li ne li kopanyelletsa fariki, mokholutsoane, agouti, sekolopata le armadillo. Ka linako tse ling ha barab’abo rōna ba le kopanong, ba ne ba lokela ho tsoma kapa ho tšoasa se tla jeoa.
Kamehla ho fumana libaka tseo kopano e ka tšoareloang ho tsona e ’nile ea e-ba phephetso. Qalong, ho ne ho sebelisoa lehae la ba ha Valard. Barab’abo rōna ba ile ba haha lephephe jareteng, ’me selemo se seng le se seng lephephe le ne le atolosoa hore le koahele bamameli ba ntseng ba eketseha. Leha ho le joalo, ha palo ea ba bang teng e feta 200, ho ile ha hlokahala hore ho batloe sebaka se seholoanyane. Qalong, libaka tseo ba neng ba ka li hira e ne e le mabala a handball le basketball feela. Barab’abo rōna ba ne ba haha sethala ebe ba kōpa ba tlileng kopanong hore ba itlele le litulo. Ho ne ho se bonolo, empa barab’abo rōna ba ne ba talima boemo bona ka tsela e nepahetseng. Ha ho mohla bana ba banyenyane ba neng ba tsilatsila ho suthela batho ba baholo litulong, esita le haeba seo se bolela ho ema letsatsi lohle.
Ka lilemo tse ngata, ho ne ho hiroa liholo tsa tantši bakeng sa ho tšoarela likopano. Ha lenaneo la Moqebelo le fela, barab’abo rōna ba ne ba tšoanela ho ntša lintho ka potlako ka holong hobane libini li ne li se li le teng ho tla itokisetsa tantši e neng e tla nka bosiu bohle. Hoseng haholo, barab’abo rōna ba ne ba khutlela ho ea hloekisa holo le ho etsa hore e lokele lenaneo la Sontaha hoseng. Ho hlakile hore sena e ne e se sebaka seo ka tloaelo batho ba se nkang se loketse bakeng sa seboka sa bolumeli. Ha barab’abo rōna ba kopana Guyana Palace, Au Soleil Levant, le Au Canari, sena se ile sa etsa hore ba songoe ke batho ba leng tšimong ena. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta, libaka tsena li ne li se li sa lekana ho amohela palo e ntseng e eketseha ea batho ba bang teng likopanong.
Qetellong, barab’abo rōna ba ile ba etsa qeto ea ho haha Holo ea bona ea Kopano, e tšoanang le Liholo tsa Kopano tse Martinique le Guadeloupe. E ne e le mohaho oa tšepe o ruletsoeng ka masenke. E ne e ka lekana batho ba sekete, leha ho le joalo e ne e tla qhaqhoa habonolo. Mohato o latelang e ne e le ho fumana setša moo Holo ena ea Kopano e tla hahoa teng. Jean-Daniel Michotte o ile a fana ka karolo ea setša sa hae. Tokisetso ena e ile ea sebetsa ka lilemo tse ’maloa.
Morero o sa Tloaelehang oa Kaho
Ha thahasello e ntse e eketseha bakeng sa ’nete, ho ile ha hlokahala Holo e khōloanyane ea Kopano. Barab’abo rōna ba ile ba qala ho batla setša se lekaneng hore ho hahoe Holo ea Kopano eo ho eona ho ka lulang batho ba 2 000 ho sona. Ka mor’a ho batla ka lilemo tse ’maloa, ba ile ba fumana setša se botleng sa lihekthere tse tharo ka theko e itekanetseng. Kaha barab’abo rōna sebakeng sena ba ne ba se na tsebo ea boenjiniere le kaho, ho ile ha kōpuoa lekala la Fora hore le thuse. Mohaho o ileng oa qaptjoa o ne o sa tloaeleha ka sebele. O ile oa phethoa ka 1993. Kaho e ne e kopanyelletsa Holo ea Kopano e boholo ba lisekoere-mithara tse 2 000, Liholo tse hlano tsa ’Muso, lifolete tse tharo tsa bo-pula-maliboho ba khethehileng le mahae a mararo a baromuoa, ’me kaofela li ne li hahuoe ka libeke tse robeli feela!
Boholo ba thepa bo ne bo tloha Fora bo rometsoe ka lik’hontheinara tse khōlō tse 32. Har’a thepa ho ne ho e-na le literekere, literaka, libese, litene, masenke, le thepa e ’ngoe ea kaho, esita le lijo tse ngata. Likomiti tsa Kaho tsa Libaka tsa Fora tse neng li kopanetse morerong ona oa kaho li ile tsa sebetsa ka thata haholo.
Nakong ea kaho, ho ne ho e-na le bara le barali babo rōna ba ka bang 800 ba tsoang Fora ba tlileng ka litšenyehelo tsa bona ho tla sebetsa le bara le barali babo bona ba 500 sebakeng sena litšeng tse fapaneng tse ’nè. Setša se ka bophirimela se ne se le lik’hilomithara tse 250 ho tloha setšeng se ka bochabela, kahoo ho ne ho hlokahala puisano e ntle. Barab’abo rōna ba Mafora ba ne ba tla ka mekhahlelo ka nako ea likhoeli tse peli, empa ka nako e ’ngoe ho ne ho e-ba le ba 500 ba tsoang Fora ba sebetsang le Lipaki tsa mona tse 422. E ne e le phephetso ho fana ka bolulo ho basebetsi bohle. Malapa a mangata sebakeng sena a ile a amohela basebetsi ba babeli kapa ba bararo ba Mafora; ho ne ho se le ea mong ea lulang hoteleng. Ho ne ho boetse ho hlokahala lipalangoang bakeng sa basebetsi. Mora e mong oabo rōna o re: “Ha ke e-ea mosebetsing ke ne ke fapohela setšeng ebe ke theola basebetsi ba bang ke ntan’o ba palamisa ha ke khutla mosebetsing. Re ile ra etsa sohle se matleng a rōna ho etsa hore basebetsi ba phutholohe.”
Le hoja sehlopha se seholo se ne se le setšeng sa Matoury bakeng sa Holo ea Kopano (eo hape e neng e entsoe hore e be Holo ea ’Muso), ba bang ba ne ba le Sinnamary ho haha Holo ea ’Muso le lehae le lenyenyane la baromuoa. Ho ne ho hahoa Holo e ’ngoe ea ’Muso le lehae la baromuoa Mana. Karolong ea Sesranantongo ea Mana, ho ile ha hahoa Holo ea ’Muso e nang le folete ea bo-pula-maliboho ba khethehileng. Saint-Laurent, ho ile ha hahoa Holo ea ’Muso e nang le litulo tse 330 le lehae la baromuoa ba tšeletseng. Liphutheho tse peli li kopanela teng. Holo ena e khōlō ea ’Muso e sebelisetsoa likopano tsa Sesranantongo, tseo hangata ho tsona ho bang teng batho ba fihlang ho 600.
Ka mor’a mosebetsi ona oa motonanahali oa kaho, bara ba bang babo rōna ba Fora ba ile ba etsa qeto ea ho lula French Guiana. Ho phaella ho tlatsetseng ka tsebo ea bona ea kaho, ba entšitse liphutheho ka ho sebeletsa e le baholo, bahlanka ba sebeletsang le litho tsa likomiti tsa kaho. Hamorao, ba bang ba ile ba kopanela kahong ea mehaho e mecha ea lekala.
Tlhokahalo ea Ofisi ea Lekala
Ofisi ea lekala ea French Guiana e ile ea qala ho sebetsa ka 1990 lehaeng le hiriloeng Montjoly, e leng toropo e haufi le motse-moholo. David Moreau o ile a khetheloa ho sebeletsa e le mohokahanyi oa Komiti ea Lekala. Ha a ntse a sebeletsa Martinique ho tloha ha a fumana lengolo Sekolong sa Gileade ka 1981, khafetsa o ne a hlokomela likabelo French Guiana. Komiting ea Lekala o ne a e-na le Jean-Daniel Michotte, Paul Chong Wing le Eric Couzinet. Hamorao, Christian Belotti o ile a abeloa hore a sebeletse hammoho le bona. Liphutheho li ile tsa ananela haholo ho fumana tataiso e tsoang sebakeng sa habo tsona ka barab’abo rōna ba hōlileng tsebong ba neng ba tseba litlhoko tsa bona.
Ha ho thehoa lekala, ho ne ho e-na le karo-karolelano ea mohoeletsi a le mong oa ’Muso ho batho ba 173 naheng ena. Bahoeletsi ba 660 ba kopanyelletsa baromuoa ba 14 ba abetsoeng likarolong tse sa tšoaneng tsa naha. Keketseho e hōlang ea bahoeletsi—eo lilemong tse ling e etsang karolo ea 18 lekholong—e ile ea etsa hore ho hlokahale hore ho batloe mehaho e loketseng haholoanyane ea ofisi. Ka 1992 ofisi ea lekala e ile ea fallisetsoa Matoury, eseng hōle hakaalo le Cayenne. Joale ka 1995 Sehlopha se Busang se ile sa lumela hore ho hahoe mohaho o loketseng litlhoko tsa rōna hamolemo. Ho ne ho hlokahala mosebetsi oa lilemo tse peli hore mohaho o mocha o phethoe. E bile mohloli o mokaakang oa thabo ho barab’abo rōna, ’me ho ile ha fanoa ka bopaki bo babatsehang hakaakang!
Phephetso ea Tšebeletso
Ho bolela litaba tse molemo naheng ena ho hloka ho sebetsa ka thata, boitelo le lerato. Liithuti tse tšepahalang tsa Bibele li hlokomela sena. Se seng sa tsona se ile sa re ho Paki e neng e ithuta le sona: “Ruri ke bona lerato le boinehelo boo u mpontšang bona. Ka likhoeli tse ngata, esita leha pula e na, kamehla u ne u tla ’ne u nthute ka tsebo ea litaba tse molemo. Kahoo le ’na, Sontaha se seng le se seng ke tla ba teng libokeng tsa lōna.” O ile a etsa seo, ’me a tla le metsoalle e meng ea hae.
Ka linako tse ling, hore bahoeletsi ba fihle sebakeng seo thuto e tšoareloang ho sona, ba lokela ho tsamaea holim’a kutu ea sefate e tšekalalitsoeng ka har’a foro. Sena e ba phephetso e eketsehileng haeba kutu e phaphametse. David Moreau, a phakalalitse matsoho hore a khone ho tsitsa, o ne a tsamaea ka pele ho morali’abo rōna oa pula-maliboho ha a utloa molumo oa ntho e oelang ka metsing ka mor’a hae. Ka sebete morali’abo rōna o ile a hloella holim’a kutu, ha a fihla moo a eang a itlhatsoa, ’me a khanna thuto ea Bibele joalokaha eka ha ho letho le etsahetseng.
Sebakeng se seng, Mor’abo rōna Bouquet o ile a fihla ka seketsoana motseng ha metsi a leoatle a tlohile lebōpong ’me lebōpo la nōka e le seretse se bokellaneng. Ha a lebile motseng, o ile a tetebela seretseng ho ea fihla mangoleng. Ka mor’a ho tsamaea limithara tse ka bang 25, o ile a qetella a fihlile sebakeng se omileng. Baahi ba motse ba mosa ba ile ba mo fa metsi hore a itlhatsoe maoto; a ntan’o qala tšebeletso ea hae.
Hase feela bohōle ba metse ea ’ona le ho se tšoane ha puo ho etsang hore ho be thata ho fihla ho Maindia a Amerika. Ka boiteko ba ho sireletsa libaka tsena tsoelo-peleng, ’muso o thibela ho buisana le ’ona. Boboleli bo etsoang ka mokhoa o hlophisitsoeng ha boa lumelloa metseng ea ’ona. Leha ho le joalo, ha Maindia a Amerika a etela metse e haufinyane ho ea reka lintho tse hlokahalang, Lipaki tsa Jehova li leka ho a abela tšepo e hlollang ea lefatše le se nang maloetse, ho kopanyelletsa le malaria, e leng lefu le tšoenyang batho ba bangata mona.
Ho ba bang, ho boloka nako e behelanoeng le ho ba teng libokeng ka nako e itseng ho hloka phetoho e khōlō monahanong oa bona. Lilemong tse 30 tse fetileng batho bana ba ne ba sa roale lioache, ’me ho ne ho se motho ea potlakileng. Ho ba teng libokeng ka nako e ne e le khopolo e ncha. Morali e mong oabo rōna o ne a le motlotlo ha a fihla ho rapeloa, a mpa a fumana hore ke thapelo e koalang! Ketsahalong e ’ngoe, moromuoa ea neng a bolela Saint Georges o ile a botsa monna e mong hore na ebe motse oa Régina o hōle haholo. Monna eo o ile a araba: “Ha o hōle.” O ile a botsa: “O hōle hakae?” “Ke leeto la matsatsi a robong feela ha u tsamaea ka maoto.” Pono ena ea nako e bontša lebaka leo ka lona ba bang, le hoja ba rata ’nete, ba liehang ho etsa qeto ea ho sebeletsa Molimo.
Ba bang ba ile ba lokela ho khetha pakeng tsa melao ea setso le melao-motheo ea Bibele mabapi le bophelo ba lelapa. Ka linako tse ling, qeto ea bona ea ho tsamaea litseleng tsa Jehova e ne e halefisa ramotse. Motseng o mong, pula-maliboho ea khethehileng le mosali oa hae ba sebeletsang sebakeng sena ba ile ba ahloleloa lefu ke morena oa motse. Ho phema polao, ba ile ba baleha motseng eaba ba isoa kabelong e ’ngoe e bohōle ba lik’hilomithara tse 300 ho tloha moo.
Ho sa tsotellehe liphephetso tsena, batho ba limelo tsohle le ba mefuta eohle ea bophelo ba arabela memong e reng: “Mang kapa mang ea lakatsang a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tšen. 22:17) Selemong sena se fetileng, ba etsang tlhōrō ea ba 1 500 ba ile ba kopanela boboleling ba litaba tse molemo French Guiana. Ka karolelano, ho ne ho khanneloa batho ba thahasellang lithuto tsa Bibele tse 2 288. Ka la 19 April, ba 5 293 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste. Thapelo ea rōna e tiileng ke hore ba eketsehileng ba etse hore ’nete e be karolo ea bophelo ba bona, kahoo e be barutuoa ba ’nete ba Jesu Kreste.
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 224]
[Setšoantšo se leqepheng la 228]
Olga Laaland
[Setšoantšo se leqepheng la 230]
Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Christian Bonecaze le Xavier Noll
[Litšoantšo tse leqepheng la 234]
Michel le Jeanne Valard
[Setšoantšo se leqepheng la 237]
Constance le Edmogène Fléreau
[Litšoantšo tse leqepheng la 238]
(1) Tselana e entsoeng ka lehong ho pholletsa le moru o nang le pula e ngata, (2) Eric Couzinet le Michel Bouquet ba nkile thepa, (3) Motse oa Maindia a Amerika
[Setšoantšo se leqepheng la 241]
Elie le Lucette Régalade
[Litšoantšo tse leqepheng la 251]
Morero oa kaho oa machaba oa libeke tse robeli: (1) Holo ea Kopano Matoury; Liholo tsa ’Muso le matlo a mang (2,3) Mana, (4) Saint-Laurent le (5) Sinnamary; (6) Lipaki tse tsoang French Guiana, hammoho le tse makholo tse tsoang Fora, li ile tsa kopanela mosebetsing
[Litšoantšo tse leqepheng la 252, 253]
Ofisi ea lekala le Lehae la Bethele French Guiana, hammoho le Komiti ea Lekala (ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona): Paul Chong Wing, David Moreau, Jean-Daniel Michotte, Eric Couzinet