Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb06 maq. 66-161
  • Romania

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Romania
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2006
  • Lihloohoana
  • Maromania a Khutlela Naheng ea Habo ’Ona
  • Ho Hlahisa Lijo Tsa Moea
  • Litsi Tsa Thuto ea Bibele Lia Eketseha
  • Lira li Nka Monyetla ka Pherekano e Tlisoang ke Ntoa
  • Khanyetso ea Baruti ea Tota
  • ‘Ke Kōpa U se ke ua Chesa Buka ea Ka!’
  • Mosebetsi o Hlophisoa Bocha
  • Liteko Tse Eketsehileng ka Har’a Mokhatlo o Hlophisitsoeng
  • “U Batla ho Nthunya?”
  • ‘Ha ho Kae Kapa Kae Moo Barab’abo Rōna ba Hulang ka Thata ho Feta Mona’
  • Ntoa ea II ea Lefatše e Tlisa Liteko Tse Eketsehileng
  • Ba “Petelitsoe ka Tsela e ’Ngoe le e ’Ngoe”
  • Mahlohonolo a Ileng a E-ba Teng ka Mor’a Ntoa
  • Kopano ea Pele ea Naha
  • Boiteko bo Bong Hape ba ho Tsosolosa Bonngoe
  • Transylvania le ka Nģ’ane ho Eona
  • Romania e ba Tlas’a Puso ea Lere la Tšepe
  • Ho Hlasela Mokhatlo oa Molimo o Hlophisitsoeng
  • “Lipaki Tsa Jehova ke Batho ba Molemo”
  • Satane o Jala Lipelaelo
  • Maqiti a Sera
  • Ho Rorisa Jehova Likampong le Literonkong
  • Ho Ithuta Boitsebiso Boo re bo Tšoereng ka Hlooho
  • Basali le Bana ba Lula ba Tšepahala
  • Bahlankana Baa Lekoa
  • Ho Keteka Sehopotso
  • Ntlo-khōlō ea Lefatše e Ipiletsa ho ba Boholong Romania
  • Ho Hatisa ka Sekhukhu
  • Mosebetsi o Boima oa ho Fetolela
  • Likopano Tse Tšoareloang ka Ntle
  • Holo ea Barui ba Linotši
  • Balebeli ba Etelang Makala ba Khothalletsa Bonngoe
  • Tokoloho Qetellong!
  • Ba Ile ba Matlafatsoa le Hoja ba Fetile Mathateng a Moruo
  • Ho Fapana le Puisano ea Lihlopha ho se ho Tšoaroa Liboka Tse Tloaelehileng
  • Ho Thusa Balebeli ba Tsamaeang
  • “Ke Fumane ’Nete!”
  • Qetellong ba Bokana ka Bolokolohi!
  • Holo ea Linotši e Fetoha Holo ea Kopano
  • Ha ho Sebetsa se Tla Atleha Khahlanong le Bahlanka ba Molimo
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2006
yb06 maq. 66-161

Romania

Bibele e ile ea bolela esale pele hore ho hlorisoa ha Bakreste ba ’nete ho ne ho tla fihla sehlohlolong matsatsing a ho qetela. (Gen. 3:15; Tšen. 12:13, 17) Boprofeta bona bo phethahetse ka tsela e ikhethang naheng ea Romania. Empa joalokaha tlaleho ena e tla bontša, Lipaki Tsa Jehova tsa Romania ha lia ka tsa lumella letho hore le time lelakabe la ’nete e tukang lipelong tsa batho ba Molimo. (Jer. 20:9) Ho e-na le hoo, li ipueletse e le “basebeletsi ba Molimo, ka ho mamella lintho tse ngata, ka matšoenyeho, ka maemo a ho hloka, ka mathata, ka likotlo, ka lichankana.” (2 Bakor. 6:4, 5) E se eka tlaleho ena ea botšepehi ba tsona e ka ba khothatso ho bohle ba lakatsang ho tsamaea le Molimo linakong tsena tse thata.

Selemo sa 1914 se ile sa tšoaea ho qaleha ha nako e tletseng merusu ka ho fetisisa paleng ea batho. Linaheng tse ngata tsa Europe, eo e bile nako ea puso ea bahatelli ba sehlōhō, batho ba nang le likhopolo tse feteletseng tsa lipolotiki le ea polao e sisimosang. Romania e ile ea feta har’a tseo tsohle, ’me batho ba hula ka thata haholo. Ba ikemiselitseng ho fa “Molimo lintho tsa Molimo” le ho se rapele ’muso oa lipolotiki, e le ha ba mamela taelo ea Jesu Kreste, le bona ba ile ba hula ka thata.—Mat. 22:21.

Pele ho 1945, baruti ba Orthodox le ba K’hatholike ba ne ba li hula pele ha ho hlaseloa batho ba Jehova. Ba ne ba ba hlasela ha ba ruta lifalaneng ba bile ba etsa ’momori le bo-ralipolotiki le mapolesa ’me ba ba susumelletsa ho loantša batho ba Jehova. Hamorao batho ba Jehova ba ile ba hlorisoa ke Makomonisi, a ileng a qeta lilemo tse ka bang mashome a mane a tšoareletse letšolong la ’ona la ho ba hlorisa ka sehlōhō ka tsela e hlophisitsoeng.

Ke hobane’ng ha litaba tse molemo li khonne ho tsoela pele har’a mathata aa? Hobane Jesu o ile a phethahatsa mantsoe a hae a reng: “Bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Mat. 28:20) A re khutleleng morao lilemong tse ka bang lekholo tse fetileng ha peō ea ’Muso e ne e qala ho jaloa mobung oa sebaka seo kajeno se bitsoang Europe Bochabela.

Maromania a Khutlela Naheng ea Habo ’Ona

Ka 1891, Charles Taze Russell eo e neng e le Seithuti sa Bibele, o ile a etela libakeng tse ling tsa Europe Bochabela leetong la hae la boboleli. Empa o ile a khutla a khathetse matla leetong leo. Tlalehong ea hae o ile a re: “Ha re bone eka ho na le monyetla oa hore batho ba amohele ’nete moo kapa hona hore ba ikemiselitse ho e amohela.” Empa ka mor’a nakoana boemo bo ile ba fetoha Romania. Ha e le hantle, Mor’abo rōna Russell o ile a phetha karolo ea bohlokoa ho qaliseng mosebetsi moo le hoja e ne e se ka tsela e tobileng. O entse seo joang?

Ho elella lilemong tsa bo-1900, maemo a bophelo le a moruo Romania a ile a etsa hore ba bangata ba tlamehe ho batla mesebetsi libakeng tse ling, ho akarelletsa United States. Ho falla hoo ho ile ha etsa hore ba bang ba fumane lintho tse bonahalang—ba be ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete ea Bibele. Ba bang ba batho bao ke Károly Szabó le József Kiss, ba neng ba thahasella litaba tsa moea, ba bile ba ea lipuong tse ’maloa tsa Bibele tse neng li fanoa ke Russell.

Ha Mor’abo rōna Russell a elelloa hore banna bao ba babeli ba thahasella Bibele e le kannete, o ile a leka ka matla hore a kopane le bona. Ha ba ntse ba buisana, o ile a etsa tlhahiso ea hore Károly le József ba nahane ka taba ea ho khutlela Romania ho ea bolella beng ka bona le metsoalle molaetsa oa ’Muso. Banna bao ba babeli ba ile ba amohela tlhahiso eo ’me ba kena sekepeng ba khutlela Romania ka 1911, ba lula motseng oa Tirgu-Mures o Transylvania.

Ha Mor’abo rōna Szabó a le tseleng e eang hae, o ile a rapella hore e mong oa beng ka eena a amohele ’nete. Ha a fihla hae, o ile a sebetsa tumellanong le seo a se rapeletseng ka hore a pakele beng ka eena, ho akarelletsa mochan’ae ea bitsoang Zsuzsanna Enyedi, eo e neng e le Mok’hatholike, ea neng a bile a mo file bolulo. Monna oa Zsuzsanna e ne e le mohlokomeli oa serapa, ’me Zsuzsanna eena a rekisa lipalesa ’marakeng.

Zsuzsanna o ne a ea ’Miseng hoseng ho hong le ho hong pele a ea mosebetsing, ’me bosiu bo bong le bo bong ha ba lelapa ba robala, eena a tsoela ka ntle serapeng ho ea rapela. Kaha Károly o ne a se a hlokometse seo, bosiung bo bong o ile a ea ho eena serapeng, a fihla a mo phaphatha lehetleng, a re: “Zsuzsanna, u batla ’nete ka pelo ea hao kaofela. U tla e fumana.” Feela joalokaha malom’ae a buile, mosali eo ea khabane o ile a amohela molaetsa oa ’Muso ’me ea e-ba eena motho oa pele Tirgu-Mures ea ileng a nehela bophelo ba hae ho Jehova. O ile a lula a tšepahala ho fihlela a hlokahala a le lilemo li 87.

Mor’abo rōna Szabó o ile a boela a pakela mohlankana e mong ea bitsoang Sándor Józsa, ea neng a sebetsa lapeng la ha Enyedi. Sándor o ne a e-ba teng libokeng tsohle tseo bara bao babo rōna ba babeli ba neng ba li tšoara, a bile a tšoara seo a se rutoang kapele. Ha e le hantle, nakoana ka mor’a moo mohlankana eo ea lilemo li 18 o ile a qala ho paka le ho fana ka lipuo tse monate tsa Mangolo motseng oa habo oa Sărăţeni o Seterekeng sa Mureş. Ha nako e ntse e ea, ‘mangolo a [hae] a puello’ a ile a akarelletsa banyalani ba 12 le bana ba 24—banana ba 13 le bashemane ba 11.—2 Bakor. 3:1, 2.

Mor’abo rōna Kiss le Mor’abo rōna Szabó ba ile ba qala ho paka Tirgu-Mures ba ntan’o pholletsa le likarolo tse ling tsa Transylvania. Ha ba le motseng oa Dumbrava, o lik’hilomithara tse 30 ho tloha Cluj-Napoca, ba ile ba kopana le Vasile Costea, eo e neng e le Mobaptiste. Vasile e ne e le motho e mokhutšoaane le ea nang le sepheo ’me e le seithuti se hloahloa sa Bibele. Kaha o ne a qakuoe ke taba ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, o ile a mamela ka hloko ha József le Károly ba mo hlalosetsa Mangolo. Vasile o ne a boetse a bua Sehungary, ’me ka mor’a hore a kolobetsoe, o ile a pakela Maromania le Mahungary a lulang seterekeng sa habo. Hamorao e ile ea e-ba morekisi oa libuka tsa bolumeli (mosebeletsi oa nako e tletseng) ’me a tsoela pele ka mosebetsi oo ho isa lefung.

Mor’abo rōna Szabó o ile a bolela litaba tse molemo le motseng oa Satu-Mare, o karolong e ka leboea-bophirimela ea Romania. Ha a le moo o ile a kopana le mosali e mong ea tšabang Molimo ea bitsoang Paraschiva Kalmár, ea ileng a amohela ’nete hang-hang. Paraschiva o ile a ruta bana ba hae ba robong hore ba rate Jehova. Kajeno lelapa la hae la Lipaki le akarelletsa meloko e mehlano!

Moromania e mong ea ileng a ithuta ’nete ea Bibele ha a le United States eaba o khutlela Romania pele ho Ntoa ea I ea Lefatše ke Alexa Romocea. Alexa o ile a ea motseng oa habo oa Benesat, o karolong e ka leboea-bophirimela ea Transylvania. Ka mor’a nakoana, ho ile ha thehoa sehlopha se senyenyane sa Liithuti Tsa Bibele moo, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng, ’me sa qala ho kopana hammoho. Sehlopheng seo ho ne ho e-na le bana ba ngoan’abo Alexa, e leng Elek le Gavrilă Romocea. Kajeno lelapa la Alexa le leholo la Lipaki le akarelletsa meloko e mehlano.

Elek ea ileng a hlorisoa ka matla ka lebaka la boemo ba hae ba Bokreste ba ho se nke lehlakore, o ile a fallela United States, moo a ileng a ea kopanong e khethehileng ea Liithuti Tsa Bibele, Cedar Point, Ohio, ka 1922. Ha e le hantle, o ile a ba le tokelo ea ho tolokela bamameli ba buang Seromania. Gavrilă eena o ile a sala Romania ’me a tsamaea le Mor’abo rōna Szabó le Mor’abo rōna Kiss ha ba ntse ba etsa mosebetsi oa boboleli Transylvania ba bile ba etela liphutheho le lihlopha tse sa tsoa thehoa. Hamorao o ile a sebeletsa ofising ea pele ea lekala moo.

Moromania e mong ea bitsoang Emanoil Chinţa o ile a tšoaroa nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše ’me a isoa teronkong ea sesole e hōle koana Italy. Ha a le moo o ile a kopana le Liithuti Tsa Bibele tse neng li tšoaretsoe ho hana ho nka libetsa. Emanoil o ile a amohela molaetsa oa tsona oa Mangolo. Ha a lokolloa ka 1919, o ile a khutlela hae Baia-Mare, Seterekeng sa Maramureş, moo a ileng a bolela litaba tse molemo ka cheseho a ba a thusa hore ho thehoe sehlopha se seng moo sa Liithuti Tsa Bibele.

Ka lebaka la cheseho le boitelo ba bo-pula-maliboho bao ba qalileng ho bolela litaba tse molemo hammoho le cheseho le boitelo ba ba ileng ba mamela molaetsa oa bona, lenane la barutuoa le ile la ata ’me lihlopha tse nyenyane tsa Liithuti Tsa Bibele tsa eketseha ka sekhahla naheng eo. Ha e le hantle ka 1919—lilemo tse robeli feela ka mor’a hore Károly Szabó le József Kiss ba khutlele Romania—bahoeletsi ba ’Muso le batho ba thabelang ba fetang 1 700 ba ne ba hlophisitsoe hore e be litsi tse 150 tsa thuto ea Bibele, tseo hona joale li bitsoang lihlopha kapa liphutheho. Mor’abo rōna Kiss e ile ea e-ba pula-maliboho naheng eo ea habo ho fihlela ha a hlokahala a le lilemo li 86. Mor’abo rōna Szabó o ile a khutlela United States ka 1924 ho ea hlophisa mosebetsi tšimong ea batho ba buang Sehungary moo.

Ho Hlahisa Lijo Tsa Moea

Likhatiso li ile tsa phetha karolo ea bohlokoa ho haseng molaetsa oa ’Muso le ho fepeng batho ba lapileng moeeng. E le hore barab’abo rōna ba fane ka lijo tsa moea tse hlokahalang, ba ile ba lokisetsa hore lingoliloeng li hatisoe ke bo-rakhoebo ba moo ba hatisang. Ka 1914, sebaka sa khatiso se Tirgu-Mures se bitsoang Oglinda, e bolelang “Seipone,” se ile sa qala ho hlahisa tokollo ea khoeli le khoeli ea The Watch Tower and Herald of Christ’s Presence e nang le maqephe a 16, hammoho le libuka le lipampitšana ka Sehungary.

Lingoliloeng tsa Seromania li ile tsa qala ho hatisoa libakeng tsa moo tsa khatiso ka 1916. Likhatiso tseo li ne li akarelletsa bukana e bitsoang Tabernacle Shadows of the “Better Sacrifices,” makasine e nang le maqephe a robeli e bitsoang Selections From “The Watchtower,” buka ea Daily Heavenly Manna for the Household of Faith (eo hona joale e seng e le Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla) le buka ea lipina e bitsoang Hymns of the Millennial Dawn. Ka 1918, sebaka sa khatiso se Detroit, Michigan, U.S.A., se ile sa qala ho hatisa tokollo ea The Watch Tower and Herald of Christ’s Presence ka Seromania hammoho le pampitšana e bitsoang People’s Pulpit e neng e tsoa khoeli le khoeli ’me e pepesa bolumeli ba bohata, ebe se li romela Romania.

Kaha litaba tse molemo li ne li hatela pele hantle, Jacob B. Sima, eo e neng e le Seithuti sa Bibele sa Moromania, o ile a abeloa hore a thuse ho tsamaisa mosebetsi le ho o ngolisa ka molao. Nakoana ka mor’a hore Sima a fihle Cluj-Napoca ka 1920, o ile a kopana le Károly Szabó ’me hamorao a kopana le József Kiss. Taba e neng e le ka sehloohong e ne e le hore a fumane ntlo e loketseng Cluj-Napoca e ka sebelisoang e le ofisi ea lekala. Empa ho ne ho e-na le leqeme la matlo moo, ka hona barab’abo rōna ba ile ba hloma ofisi ka nakoana lapeng la mor’abo rōna e mong. Kahoo, ka April 1920 ho ile ha thehoa ofisi ea pele ea lekala, e le mokhatlo o ngolisitsoeng ka molao oa Watch Tower Bible and Tract Society. Lekala la Romania le ile la qeta nako e itseng le tsamaisa mosebetsi Albania, Bulgaria, Hungary le moo pele e neng e le Yugoslavia.

Ka nako eo, moea oa bofetoheli o neng o atile Linaheng tsa Balkan o ile oa qala ho foka le Romania. Ntle ho merusu ea lipolotiki, ho khetholloa ha Bajuda ho ile ha qala ho nama joaloka mollo o tsoileng taolong, haholo-holo liunivesithing, ’me metseng e mengata liithuti li ne li etsa merusu. Ka lebaka la merusu eo ’muso o ile oa thibela batho ho bokana phatlalatsa. Le hoja barekisi ba libuka tsa bolumeli ba ne ba sa kenya letsoho merusung eo, ba fetang 20 ba ile ba tšoaroa ’me ba khahlapetsoa le lingoliloeng tsa bona tsa nkoa ka mahahapa.

Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ile ba ’na ba sebetsa ka thata tšimong, ’me lenane la lingoliloeng tse hlokahalang la ’na la eketseha. Empa litšenyehelo tsa ho hatisetsoa ke libaka tsa khoebo li ne li ntse li phahama, kahoo lekala la batla litsela tse ling. Hona nakong eo, ho ile ha phatlalatsoa hore sebaka sa khatiso se 36 Regina Maria Street, Cluj-Napoca, seo barab’abo rōna ba neng ba se ba ntse ba se sebelisa sea rekisoa. Ka mor’a hore ntlo-khōlō ea lefatše e fane ka tumello, lekala le ile la reka setša seo se loketseng, se neng se e-na le mehaho e ’meli—o mong e le mohaho oa mekato e mene, ha o mong e le o nang le mekato e ’meli.

Baithaopi ba tsoang libakeng tse hōle joaloka Baia-Mare, Bistriţa le Rodna, ba ile ba qala ho lokisa mehaho eo ka March 1924. Barab’abo rōna ba ’maloa ba ile ba rekisa thepa ea bona, ha ba bang ba ile ba nehelana ka lijo le thepa ea mohaho, e le hore ba kenye letsoho mosebetsing oo oa kaho. Ba ne ba tsamaisa boholo ba lintho tseo ba li tšetse ka mekotleng e khethehileng e bitsoang desagi, e ka jaroang lehetleng kapa ea bofshoa pereng.

E le hore lekala le ntlafatse sebaka seo sa khatiso, har’a tse ling le ile la reka mechine e meraro ea Linotype, mechine e ’meli ea khatiso ea flatbed, o le mong oa rotary, mochine o itsamaisang o menang maqephe le o hatisang ka mongolo o khabisitsoeng oa khauta. Kahoo ka mor’a hore sebaka seo sa khatiso se be le thepa e loketseng, se ile sa hlahisa likhatiso tsa boleng bo ipabolang naheng eo.

Ho litho tse robeli tsa lelapa la Bethele, se seng se ne se hlokomela basebetsi ba 40 bao e neng e se Lipaki ba neng ba sebetsa lichifi tse tharo sebakeng seo sa khatiso. Ba ile ba sebetsa ka thata, joalokaha tlaleho ea lenane la lingoliloeng tse hatisitsoeng ka 1924 e bontša, e leng selemo seo sebaka seo se qalileng ho sebelisoa ka sona. Barab’abo rōna ba ile ba hatisa libuka tse 226 075, libukana tse 100 000 le limakasine tse 175 000, ka Seromania le ka Sehungary! E ’ngoe ea libuka tseo e ne e le e bitsoang The Harp of God e thusang batho ho ithuta Bibele ’me e ’ngoe e le volume ea pele ho tse supileng tsa Studies in the Scriptures, e bitsoang The Divine Plan of the Ages.

Ka mor’a hore lekala le etse litokisetso ka lilemo tse peli, le ile la hatisa buka ea Scenario of the Photo-Drama of Creation ka Seromania. Joalokaha lebitso la eona le bontša, buka ea Scenario (e bolelang buka e nang le liketsahalo tsa tšoantšiso) e ne e thehiloe puong ea “Photo-Drama” e neng e sebelisa li-slide tsa khalase tsa ’mala le lifilimi tse nang le molumo. Bamameli ba ne ba bontšoa litšoantšo tsa ho tloha pōpong ea lefatše ho isa qetellong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Le hoja Scenario e ne e sa ipabole joaloka “Photo-Drama,” e ne e e-na le litšoantšo tse hatisitsoeng tse 400 tse nang le tlhaloso e khutšoanyane ea lithuto tsa bolumeli, litaba tsa histori le tsa saense—e leng se ileng sa susumelletsa babali ba bangata hore ba hlahlobe Bibele ka ho eketsehileng.

Litsi Tsa Thuto ea Bibele Lia Eketseha

Kopanong ea 1922, e neng e tšoaretsoe Cedar Point, Ohio, Joseph Rutherford o ile a phehella bamameli ka mantsoe a reng: “Phatlalatsang, phatlalatsang, phatlalatsang Morena le ’Muso oa hae!” Khothatso eo e ipiletsang e ile ea matlafatsa batho ba Molimo lefatšeng ka bophara ’me ea ba susumelletsa hore ba kene khabong. Romania teng barab’abo rōna ba ile ba bolela litaba tse molemo masimong a macha ’me ba etsa barutuoa ba bang ba eketsehileng.

Batho ba bacha ba ne ba ithuta Bibele joang mehleng eo? Ba ne ba kena lihlopheng tseo ho neng ho thoe ke tsa Liithuti Tsa Bibele Tsa Berea. Ho ne ho fanoa ka lipotso, ’me boitsebiso bo ithutoang bo nkoa likhatisong tse sa tšoaneng, tse neng li odaroa ka poso. Ho ne ho ngoloa kemiso ea thuto Molula-Qhooeng. Liithuti tse seng li hatetse pele li ne li boetse li rua molemo thupelong ea Lithuto Tsa Machaba Tsa Sekolo sa Sontaha, e neng e li thusa hore e be mesuoe ea Lentsoe la Molimo.

Baemeli ba lekala ba ne ba etela lihlopha tsa thuto, ba fana ka lipuo ba bile ba li thusa moeeng ka litsela tse ling. Empa mosebetsi o tloaelehileng oa bolisa le oa ho ruta o ne o etsoa ke barab’abo rōna ba etelang liphutheho, kapa balebeli ba tsamaeang kamoo ba bitsoang kateng kajeno. Ka 1921 ho ne ho e-na le balebeli ba tsamaeang ba tšeletseng ’me lilemo tse peli hamorao ba ne ba se ba le robeli. Basebetsi bana ba chesehang ba ile ba tšoara liboka metseng le metsaneng e makholo ’me ba bua le batho ba likete tse mashome ba lapetseng lijo tsa moea.

Barab’abo rōna ba bang ba neng ba etela liphutheho ke Emanoil Chinţa, eo ho buuoeng ka eena pejana le Onisim Filipoiu. Sebokeng se seng se neng se tšoaretsoe Bukovina, e ho elella ka leboea, har’a ba neng ba mametse Mor’abo rōna Chinţa ho ne ho e-na le Masabatha le Mabaptiste a mangata, ’me a mang a ’ona a ile a amohela ’nete. Hamorao bara bao babo rōna ba babeli ba ile ba isoa Bucharest, moo ba ileng ba thusa batho ba bangata ho rua tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo. Monna e mong ea tletseng kananelo o ile a re ha a ngola: “Ke leboha Molimo ha a rometse Mor’abo rōna Emanoil le Mor’abo rōna Onisim, ba sebelitseng ka thata ho nkholisa le ho mpeha leseling. Morena o tla etsa mosebetsi o moholo motseng ona, empa ho hlokahala mamello.”

Ka 1920, barab’abo rōna ba ile ba tšoara likopano ka lekhetlo la pele moo—e ’ngoe ba e tšoarela Brebi, Seterekeng sa Sălaj, ’me e ’ngoe ba e tšoarela Ocna Dejului, Seterekeng sa Cluj. Ho ne ho tsamauoa ka terene ho ea libakeng tseo, ’me bahoeletsi le batho ba thabelang ba libakeng tseo ba fana ka marobalo. Ho ile ha e-ba teng batho ba ka bang 500 ba tsoang likarolong tsohle tsa Romania. Boitšoaro ba bona bo botle bo ile ba fana ka bopaki bo babatsehang.

Leha ho le joalo, keketseho e sekhahla ea lenane la baboleli ba ’Muso e ile ea tsosa khanyetso. Ha e le hantle, ho tloha qalong ea Ntoa ea I ea Lefatše malumeli le mekha ea lipolotiki e ile ea qala ho hlorisa barab’abo rōna.

Lira li Nka Monyetla ka Pherekano e Tlisoang ke Ntoa

Ka lebaka la hore ba boholong lipolotiking ba ne ba susumelitsoe ke moea oa bochaba ba bile ba hlohlelelitsoe ke baruti, ba ne ba hloka mohau ho ba sa tšehetseng folakha le ba sa ikemisetsang ho bolaea lebitsong la naha. Kahoo ha ntoa ea pele ea lefatše e qhoma, barab’abo rōna ba bangata ba ile ba tšoaroa ’me ba ahloloa. Ba bang ba ile ba bolaoa, ho tšoana le Ioan Rus, ea neng a sa tsoa nyala oa motseng oa Petreştii de Mijloc, o ka boroa ho Cluj-Napoca.

Daniel, e leng setloholo sa ausi oa Ioan, o re: “Ioan Rus o ile a bitsetsoa sesoleng ka 1914. Kaha o ile a hana ho ea ntoeng, o ile a isoa Bucharest ’me ha a le moo a ahloleloa lefu. Pele a bolaoa, o ile a qobelloa hore a ichekele lebitla le hore a eme pel’a lona a shebile masole a tlil’o mo thunya. Ka mor’a moo, ofisiri e ikarabellang ea re Ioan a bue mantsoe a seng makae a ho qetela. O ile a khetha ho rapella holimo. Thapelo eo ea Ioan e ile ea ama masole ao maikutlo hoo a ileng a tsilatsila ho mo bolaea. Ofisiri ea ’ona ea ntan’o nkela lesole le leng ka thōko ea le tšepisa ho le fa moputso oa likhoeli tse tharo le le phomolong haeba le ka mo thunya. Lesole leo le ile la amohela mpho eo eaba le iphumanela phomolo ka hore le thunye Ioan.”

Mor’abo rōna Kiss le Mor’abo rōna Szabó le bona ba ile ba tšoaroa ka 1916, ’me ba ahloleloa lilemo tse hlano teronkong. Kaha ho ne ho nkoa hore ba “kotsi,” ba ile ba qeta likhoeli tse 18 ba koaletsoe ba le bang teronkong ea Aiud e sirelelitsoeng ka thata. József le Károly ba ne ba le “kotsi” ka tsela efe? Ho latela seo moahloli a ileng a se bua, ba ne ba “phatlalatsa lithuto tse seng molaong.” Ka mantsoe a mang, ba ne ba sa tšoareloa feela hore ba hana ho bolaea empa le hore ba ruta linnete tsa Bibele tse khahlanong le lithuto tse rutoang ke bolumeli bo tloaelehileng.

Banna bao ba babeli ba ile ba ngolla liphutheho le lihlopha mangolo ha ba le teronkong ho khothatsa barab’abo rōna. Karolo ea lengolo le leng e ne e re: “Re lakatsa ho le tsebisa kamoo re thabileng kateng hore ebe Ntate oa rōna ea mosa oa leholimo, eo re mo lebohang, re mo rorisang re bileng re mo tlotlisang, o lumeletse khanya e tsoang Molula-Qhooeng hore e khanye. Re tšepa hore barab’abo rōna ba ananela Molula-Qhooa le hore ba o hlokometse joaloka kerese e ntseng e paitsa har’a sefefo.” Banna bao ba babeli ba ile ba lokolloa ka 1919—ka nako e loketseng hore ba thuse ho theha ofisi ea lekala selemong se latelang seo.

Khanyetso ea Baruti ea Tota

Baruti ba ile ba tsoela pele ho hanyetsa batho ba Molimo ha Ntoa ea I ea Lefatše e lala ka 1918. Moruti e mong o ile a nyatsa pono ea Liithuti Tsa Bibele phatlalatsa tabeng ea ho se shoe ha moea le karolo eo Maria a e phethang. O ile a re ha a ngola: “Ho labalabela [ha Liithuti Tsa Bibele] bophelo bo molemo lefatšeng hoa li hlantša. Li re kaofela ha rōna re bana ba motho ’me batho ba lichaba tsohle baa lekana.” A ntan’o tletleba ka hore ho thata ho nkela Liithuti Tsa Bibele khato ea molao kaha “li ikhakanya ka hore ke batho ba ratang ’nete, ba ratang bolumeli, ba phelang ka khotso le ba ikokobelitseng.”

Ka 1921 baruti ba Bukovina ba ile ba ngolla Lekala la Litaba Tsa Lehae le Lekala la Toka, ba kōpa hore mosebetsi oa Liithuti Tsa Bibele o thibeloe. Ha e le hantle, hoo e ka bang libakeng tsohle moo ’nete e neng e nametse teng baruti ba neng ba halefetse batho ba Molimo ba ne ba loloma ke bohale. Kereke ea Orthodox le ea K’hatholike le likereke tse ling li ile tsa tsoa letšolo ho jala lehloeo, li khothalletsa batho le mahoohoo hore ba hlasele barab’abo rōna. Lengolo leo lekala le ileng la le ngolla ntlo-khōlō ea lefatše le ne le re: “Naheng ena baruti ba tšoere maemo a mangata a mosebetsi ’musong, ’me ho isa bohōleng bo itseng mosebetsi oa rōna o mohaung oa bona. Ho ne ho sa tl’o ba le mathata haeba ba ne ba latela molao, empa ba sebelisa matla a bona hampe.”

Lekala la Litaba Tsa Bolumeli le ile la sebetsana le litletlebo tse sa feleng tsa baruti ka hore le lumelle mapolesa hore a sebelise “likhoka” ho thibela batho ba Jehova ho bolela le ho tšoara liboka. Kahoo, likereke li ile tsa sebelisa mapolesa ho tšoara barab’abo rōna, a ba qosa ka hore ba luka khotso. Empa kaha molao o ne o sa qaqa, ba ne ba ahloloa ka litsela tse sa tšoaneng. Boitšoaro bo botle ba barab’abo rōna le bona bo ne bo thatafatsa lintho. Moahloli e mong o ile a re: “Ho thata ho fumana Liithuti Tsa Bibele li le molato kaha hangata ke batho ba phelang ka khotso ka ho fetisisa.”

Leha ho le joalo, mahloriso a ile a ’na a mpefala, ’me qetellong ea 1926 Molula-Qhooa o ile oa thibeloa. Empa seo ha sea ka sa thibela lijo tsa moea ho phalla—barab’abo rōna ba ile ba fetola lebitso la makasine eo feela! Ho qala ka tokollo ea January 1, 1927, makasine ea Seromania e ile ea bitsoa Kotulo, hamorao Leseli la Bibele, ’me qetellong ea bitsoa Meso. Molula-Qhooa oa Sehungary o ile oa bitsoa Motsamai oa Mokreste, oa ntan’o bitsoa Kosepele, ’me qetellong oa bitsoa Makasine oa ba Lumelang Maling a Kreste.

Ka masoabi, hoo e ka bang nakong eona eo, Jacob B. Sima o ile a khaotsa ho tšepahala. Ha e le hantle, liketso tsa hae li ile tsa etsa hore lekala le lahleheloe ke setša le thepa eohle ea lona ka 1928! Buka ea Selemo ea 1930 (ea Senyesemane) e ile ea re barab’abo rōna “ba qhalakane ’me tšepo ea bona e tsukutlehile.” Ka lebaka la maemo ao a nyahamisang, ka 1929 ho ile ha lokisetsoa hore lekala la Jeremane e be lona le hlokomelang mosebetsi ’me hamorao oa hlokomeloa ke Ofisi e Europe Bohareng e Bern, Switzerland. Makala ao ka bobeli a ne a sebelisana le ofisi eo hamorao barab’abo rōna ba ileng ba e theha Bucharest.

‘Ke Kōpa U se ke ua Chesa Buka ea Ka!’

Le hoja liteko li ne li ntse li eketseha, batho ba tšepahalang ba ile ba hlophisa lintho bocha ’me ba tsoela pele ho paka le libakeng tseo ho neng ho e-s’o pakoe ho tsona pele. Ka la 24 August, 1933, ofisi ea Romania e ile ea re ha e ngola: “Batho ba lapetse ’nete. Baena ba tlaleha hore ha ba paka ba le tšebeletsong ea tšimo, batho ba motse ba tla ka sekhakhatha ba kena ka ntlo le ntlo le bona e le hore ba boele ba utloe molaetsa oa ’nete.”

Ketsahalong e ’ngoe, mosali e mong oa mohloki o ile a kōpa buka e neng e tsamaisoa ’me a fana ka monehelo o seng mokae bakeng sa mosebetsi oa ’Muso. Ha moruti oa motseng oo a utloa ka taba eo, a ea ha mosali eo. Ha a fihla o ile a re: “Tlisa buka eo koano, ke e’o e chesa!”

Mosali eo a ipiletsa, a re “Ke kōpa u se ke ua e chesa, hle Ntate, kaha e re tšelisitse ebile e tla re thusa ho mamella masisa-pelo a rōna!” Mosali eo o ile a hana ho arohana le buka eo.

Mosali e mong ea neng a ananela lingoliloeng ka ho teba ke khosatsana e neng e hirile Lipaki Tsa Jehova. Ka le leng e ile ea re ho batho bao e ba hirileng: “Ha le sa le bahlanka ba ka empa le se le le barab’eso!” Motseng o mong, mor’abo rōna e mong o ile a bolella bana ba bang ba bohelehele hore o phatlalatsa ’Muso oa Molimo. Ha bana bao ba utloa taba eo, ba ile ba khothalletsa batho ba fetang ka tsela hore ba iphumanele lingoliloeng. Ba ne ba re: “Libuka tsena li bua ka Molimo.” Ka nako e khutšoanyane, mora eo oabo rōna ea ileng a tlameha ho khutsa ka lebaka la cheseho ea bana bao le thuso ea bona eo a sa e kōpang, o ile a tsamaisa lingoliloeng tsohle tsa hae!

Pula-maliboho e mong ea buang ka lentsoe le bonolo ea bitsoang Nicu Palius, ea neng a tsoa Greece, o ile a tla Romania ho tla thusa ka mosebetsi. Ka mor’a hore a sebeletse Bucharest, o ile a fallela Galaţi, koung e khōlō e Danube. Qetellong ea 1933, Nicu o ile a ngola a re: “Ke qetile likhoeli tse ka bang peli le halofo ke bolela har’a Maromania, ’me Jehova Molimo o ntlhohonolofalitse ka litsela tse ngata—le hoja ke sa khone ho bua puo ea ’ona. Ka mor’a moo, ke ile ka pakela Bagerike le Maarmenia, ’me ka thuso ea Morena, ka etela metseng e 20. Bagerike ba thabetse molaetsa ka tsela e ikhethang.”

Ha e le hantle, le hoja baruti ba ne ba tsoile letšolo ho jala lehloeo, batho ba bangata ba lipelo li tšepahalang ba ne ba batla ho utloa litaba tse molemo. E mong oa batho bao ke ramotse ea ileng a bala libukana tse ’maloa ka cheseho ’me hamorao a bolela hore o emetse lefatše le lecha ka tabatabelo e khōlō. Motseng o mong, monna e mong o ile a kōpa lingoliloeng tse ’maloa, a tšepisa hore o tla li abela batho bohle ba ratang ho li bala.

Mosebetsi o Hlophisoa Bocha

Ka 1930, lilemo tse peli ka mor’a hore Sima a khaotse ho tšepahala, ho ile ha khethoa Martin Magyarosi, eo e neng e le moahi oa Romania empa ka tsoalo e le Mohungary oa Bistriţa, Transylvania, hore a hlokomele mosebetsi. Mor’abo rōna Magyarosi o ile a theha ofisi Bucharest, ka mor’a hore a qete libeke tse tšeletseng a koetlisoa lekaleng la Jeremane. Nakoana ka mor’a moo, Molula-Qhooa oa Seromania, oo ka nakoana o neng o ’nile oa hatisoa Austria le Jeremane, o ile oa boela oa hatisoa Romania, lekhetlong lena o hatisoa ke setsi sa khatiso se Bucharest se bitsoang The Golden Book.

Ka mor’a hore barab’abo rōna ba ikitlaetse ka matla, ba ile ba khona ho theha mokhatlo o mocha o ngolisitsoeng ka molao ka 1933—oa The Bible and Tract Society of Jehovah’s Witnesses. Aterese ea oona e ne e le 33 Crişana Street, Bucharest. Empa barab’abo rōna ba ne ba ka khona ho ngolisoa feela e le mokhatlo oa khoebo, ka lebaka la khanyetso ea bolumeli le ea lipolotiki.

Leha ho le joalo, boiteko boo bo entsoeng bo ile ba thusa barab’abo rōna hore ba boele ba be le tšepo le hore ba ntšetse pele mosebetsi oa boboleli. Bahoeletsi ba bangata ba ile ba ba ba qala ho bula maliboho, ha ba bang bona ba ile ba eketsa tšebeletso ea bona, haholo-holo nakong ea mariha, ha batho ba lulang libakeng tsa mahae ba e-na le nako. Barab’abo rōna ba ne ba boetse ba mamela lipuo tse thehiloeng Bibeleng tse neng li hasoa seea-le-moeeng sa sechaba sa mose ho maoatle. Lipuo tsena li ile tsa thusa haholo-holo batho ba neng ba sa ee libokeng hobane ba tšaba baahelani le baruti. Molula-Qhooa o ne o phatlalatsa linako tseo lenaneo le tla hasoa ka tsona, sehlooho sa puo le maqhubu a seea-le-moea ao lenaneo le tla hasoa ho ’ona.

Tokisetso e ’ngoe e ileng ea tlatsetsa ho ntšetseng pele litaba tse molemo ke mochine o nkehang oa keramafono o neng o entsoe ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Lilemong tsa bo-1930, liphutheho le batho ka bomong ba ne ba ka e odara hammoho le lipuo tsa Bibele tse rekotiloeng. Bulletin (eo hona joale e seng e le Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso) e ile ea bolela hore lipuo tseo tse rekotiloeng tsa Bibele “ha li thuse barab’abo rōna feela empa li boetse li thusa malapa a nang le likeramafono a ratang ’nete.”

Liteko Tse Eketsehileng ka Har’a Mokhatlo o Hlophisitsoeng

Lilemong tsa bo-1920 le bo-1930 barab’abo rōna ba ile ba utloisisa Lentsoe la Molimo haholoanyane ba ba ba utloisisa hore Mokreste e mong le e mong o lokela ho pakela ’nete. Ho ile ha hlaha leseli le ikhethang ka 1931 ha Liithuti Tsa Bibele li ne li amohela lebitso la Lipaki Tsa Jehova. Ho fapana le hore e be lebitso feela tjee, lebitso leo le thehiloeng Bibeleng le bontša hore motho ea ipitsang ka lona o tšehetsa ’nete ea hore Jehova ke Molimo oa ’nete ebile oa e phatlalatsa. (Esa. 43:10-12) Liithuti Tsa Bibele tse neng li le khahlanong le mosebetsi oa boboleli li ile tsa khopisoa ke phetoho eo ’me tsa furalla mokhatlo o hlophisitsoeng. Liithuti tse ling li ile tsa ba tsa fetoha bakoenehi ’me tsa ipitsa Babuelli ba Puso ea Lilemo Tse Sekete. Na tumelo ea ba tšepahalang e ne e tla lula e tiile ha ba thulana le teko ee? Na ba ne ba tla tsoela pele ho phetha thōmo ea bona ea ho bolela ha ba hanyetsoa ke baruti le bakoenehi?

Le hoja ba bang ba ile ba sekisetsa ha lintho li thatafala, ba bangata ba ile ba lula ba tšepahala ba bile ba cheseha tšebeletsong ea Jehova. Karolo e ’ngoe ea tlaleho ea 1931 e re: “Ho na le baena ba ka bang 2 000 Rumania, ’me ba khonne ho tsamaisa libuka tse 5 549 le libukana tse 39 811 tlas’a maemo a thata haholo.” Selemong se latelang seo, barab’abo rōna ba ile ba etsa hantle le ho feta kaha ka kakaretso ba ile ba tsamaisa libuka le libukana tse 55 632.

Ho feta moo, ka linako tse ling mahloriso a ne a etsa se khahlanong le morero oa ’ona. Ka mohlala, Lipaki tsohle tsa sebakeng se seng li ile tsa etsa qeto ea hore e le sehlopha li bontše phatlalatsa hore li ikarola ho “Babylona e Moholo.” (Tšen. 18:2, 4) Bara le barali bao babo rōna ba sebete ba ile ba ea holong ea motse ka matsatsi a mahlano a latellanang ho ea tlatsa lipampiri tse bontšang hore ba itokolla kerekeng eo ba neng ba e kena pele.

Baeta-pele ba sechaba ba ile ba haroha letsoalo, ’me moruti oa moo a tsieleha. Qalong moruti eo o ile a mathela mapoleseng ho ea kōpa thuso, empa hoo ha se ke ha thusa ka letho. Eaba o khutlela holong ea motse ’me o qosa mohlapantši ka hore ke Lekomonisi ha a thusa batho bao ho tlatsa lipampiri tsa bona. Seo se ile sa halefisa mohlapantši ea ileng a kharuma a re ebile ha batho bohle ba motse ba ka tla ho eena, o tla ba thusa ho tlatsa mangolo a bontšang hore ba itokolla kerekeng. Moruti o ile a ema le monn’a mateneng, ’me barab’abo rōna ba khona ho tlatsa lipampiri tsa bona.

“U Batla ho Nthunya?”

Baruti ba ne ba soma Lipaki Tsa Jehova ha ba ruta lifalaneng. Ba ne ba boetse ba susutlella ’muso hore o thibele mosebetsi. Ha e le hantle, Lefapha la Litaba Tsa Bolumeli, leo baruti ba neng ba le sebelisetsa merero ea bona ea lipolotiki, le ile la tsoela pele ho sebelisa mapolesa ho hlorisa barab’abo rōna. Ka lekhetlo le leng, mookameli oa mapolesa le lepolesa le leng ba ile ba kena lelapeng leo liboka tsa Bokreste li neng li tšoaretsoe ho lona ba se na tumello.

Mookameli eo o ile a re ho mong’a ntlo, e leng mor’abo rōna eo re tla mo bitsa George: “Ke batla ho bona lengolo le u fang tumello ea ho tšoara litšebeletso tsa bolumeli.”

Kaha George o ne a tseba hore e ka ’na eaba mookameli eo ha a na lengolo le mo fang tumello ea ho etsa seo, o ile a re: “Ke mang ea u lumeletseng hore u kene ha ka moo?”

Monna eo ha aa ka a tseba hore na a ka re’ng, kahoo George a mo kōpa hore a mo tsoele ka ntlo. A leba monyako ka lesisitheho. Empa pele a tsamaea o ile a laela lepolesa leo a tsamaeang le lona hore le sale le lebetse hekeng ’me le tšoare George ha a ka leka ho tsoa ka jareteng moo. Ka mor’a nakoana, George o ile a tsoela ka ntle ho jarete, ’me lepolesa leo la mo tšoara “lebitsong la molao.”

George a botsa: “Lebitsong la molao ofe?”

Lepolesa leo la re: “Ke na le lengolo le ntumellang hore ke u tšoare.”

George e ne e kile ea e-ba lepolesa, ’me o ne a tseba molao; kahoo o ile a kōpa lepolesa leo hore le mo bontše lengolo la tumello. Joalokaha George a ne a nahanne, monna eo o ne a se na lona. Kaha monna eo o ne a sitoa ho tšoara George ka tsela e molaong, o ile a leka ho mo tšosa ka ho hlahlela sethunya.

George a re: “U batla ho nthunya?”

Lepolesa leo la re ka bohale: “Che, ha ke sethoto.”

George a re: “Joale u hlahlella’ng sethunya?”

Potso eo e ile ea bontša monna eo bothoto ba seo a se entseng eaba o kena tseleng. Kaha George o ne a sa batle hore ketsahalo eo e etsahale hape, o ile a qosa mookameli oa mapolesa ka hore o kene lapeng la hae a se na tumello. Ho tsotehang ke hore mookameli eo o ile a lefisoa kotlo a ba a ahloleloa matsatsi a 15 teronkong.

Ketsahalong e ’ngoe, mor’abo rōna e mong ea seng a hōlile lilemong o ile a fana ka bopaki bo babatsehang ka khotla. Moahloli o ne a tšoere libuka tse peli tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Moahloli o ile a tsoka libuka tseo ka pel’a mor’abo rōna a mo qosa ka hore o jala leshano la bolumeli.

Mor’abo rōna o ile a araba ka ho re: “Haeba u nkahlola hobane ke bolela ’nete ea Lentsoe la Molimo, ke tla nka seo e le khau eseng kotlo. Morena Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore ba thabe ha ba hlorisetsoa ho loka hobane ke kamoo baprofeta ba boholo-holo ba ileng ba tšoaroa kateng. Ha e le hantle, Jesu ka boeena o ile a hlorisoa a ba a khokhotheloa thupeng, eseng hobane a ne a entse phoso, empa hobane a ne a bua ’nete eo a e tsebisitsoeng ke Molimo.”

Mor’abo rōna o ile a tsoela pele a re: “Kahoo haeba lekhotla lena le nkahlolela hore ke sebelisa libuka tseo tse peli ho phatlalatsa molaetsa oa Jesu o buang ka ’Muso, le tla be le ahlola motho ea sa etsang tlōlo ea molao.” Moahloli o ile a qhala nyeoe eo.

‘Ha ho Kae Kapa Kae Moo Barab’abo Rōna ba Hulang ka Thata ho Feta Mona’

Ka mor’a hore theko ea lihlahisoa tsa temo e putlame ka 1929, leqeme la mesebetsi le merusu ea lipolotiki li ile tsa etsa hore mekha ea lipolotiki e nang le maano a feteletseng e hōle ka potlako, ho akarelletsa mokha oa Bofasista. Ho feta moo, lilemong tsa bo-1930 Romania e ile ea qala ho susumetsoa butle-butle ke Jeremane ea Bonazi . Liphetoho tsena li ile tsa bontša mathata a tlelang Lipaki Tsa Jehova. Ha e le hantle, Buka ea Selemo ea 1936 (ea Senyesemane) e ile ea re: “Ha ho kae kapa kae moo baena ba hulang ka thata ho feta mona Rumania.” Pakeng tsa 1933 le 1939, ho ile ha hlahleloa linyeoe tse 530 khahlanong le Lipaki Tsa Jehova. Ha e le hantle, bachochisi ba ne ba buella hore mosebetsi o thibeloe le hore ofisi e Bucharest e koaloe.

Qetellong mapolesa a ile a fihla ka la 19 June, 1935, ka hora ea borobeli mantsiboea, a nkile lengolo le a fang tumello leo hamorao ho ileng ha fumaneha hore ha le molaong. A ile a nka lifaele le libukana tse fetang 12 000 ka mahahapa ’me a beha molebeli moo. Leha ho le joalo, mor’abo rōna e mong o ile a nyenyelepa le monyakong o ka morao ’me a ea ho ’muelli e mong oa molao ea mosa, eo e neng e bile e le setho sa ntlo ea senate. Monna eo o ile a founela liofisiri tse amehang ’me ofisi eo e neng e koetsoe ka tsela e seng molaong ea buloa le lifaele tsohle tsa khutlisoa. Empa ho ile ha feta nakoana feela mathata a sa ile ka thekō.

Ka la 21 April, 1937, Lefapha la Litaba Tsa Bolumeli le ile la phatlalatsa taelo e ileng ea hatisoa koranteng ea ’muso le likoranteng tse ling. Taelo eo e ne e re mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o thibetsoe Romania ’me ba abang lingoliloeng tsa Lipaki kapa esita le bona ba li balang ba tla tšoaroa ba be ba fuoe kotlo ’me lingoliloeng tsa bona li tla nkoa ka mahahapa.

Barab’abo rōna ba ile ba ipiletsa khahlanong le qeto eo. Empa kaha letona le amehang la ’muso le ne le tseba hore ha le na mabaka a le tšehetsang nyeoeng eo, le ile la chechisa nyeoe ka makhetlo a mararo. Ka mor’a moo, pele letsatsi la ho qetela le behiloeng la nyeoe le fihla, Morena Carol II o ile a phatlalatsa hore Romania e tlas’a puso ea bompoli. Ka June 1938 ho ile ha fetisoa molao o mocha o khahlanong le Lipaki Tsa Jehova. Barab’abo rōna ba ile ba boela ba hlahlela nyeoe. Ba ile ba ngola lengolo le eang ho morena, le bolelang hore lingoliloeng tsa Lipaki lia ruta, ha li khothalletse ho ketola ’muso le hore ha li fehle merusu sechabeng. Lengolo leo le ne le bile le bua ka qeto eo lekhotla le phahameng le ileng la e etsa tabeng eo nakong e fetileng. Morena o ile a fetisetsa lengolo leo Lefapheng la Litaba Tsa Bolumeli. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Lefapha le ile la koala ofisi e Bucharest ka la 2 August, 1938 la ba la thibela mang kapa mang ho kena ho eona.

Nakong eo e thata, barab’abo rōna ba ’maloa—esita le malapa—ba ile ba tšoaroa ’me ba ahloleloa ho ea teronkong, ka linako tse ling ba ne ba tšoaroa hobane feela ba ne ba bina lipina tsa ’Muso malapeng a bona. Ba ne ba ahloleloa likhoeli tse tharo ho isa ho lilemo tse peli. Bara baa babo rōna ba ile ba fumanoa joang? Ba bangata ba bona ba ne ba behiloe leihlo ba sa tsebe ke batho ba neng ba hlohlelelitsoe ke baruti. Limpimpi tsena li ne li iketsa eka ke basebetsi kapa barekisi kapa li ikhakanya ka litsela tse ling.

Motho ea neng a fumanoa a e-na le lingoliloeng tsa rōna le eena o ne a tšoaroa. Mor’abo rōna e mong ea neng a rekisa lifate tse renngoeng ka morung o ne a ea ka morung a nkile Bibele le Buka ea Selemo. Ka letsatsi le leng mapolesa a ile a phenyekolla liphahlo tsa batho bohle ’me a fumana libuka tseo tsa mor’abo rōna. A ile a mo tšoara ’me a re a tsamaee le ’ona ka maoto sebaka sa lik’hilomithara tse 200 ho ea khotla, moo a ileng a ahloleloa likhoeli tse tšeletseng teronkong. Literonko le tsona li ne li tletse, li le litšila ebile li le linta. Lijo tsa teng e le sopho e metsi feela.

Ntoa ea II ea Lefatše e Tlisa Liteko Tse Eketsehileng

Mesong ea la 1 September, 1939, mabotho a Jeremane a ile a itšohlometsa Poland, e leng se ileng sa qholotsa ntoa e ’ngoe ea lefatše—e ileng ea e-ba le liphello tse bohloko Romania tse bileng li nkileng nako e telele. Soviet Union le Jeremane, tse neng li saenetse tumellano ea ho se hlaselane, li ile tsa arolelana Europe Bochabela tsa ikhapela libaka tseo li li laolang eaba li arola Romania likoto. Hungary e ile ea inkela karolo e ka leboea ea Transylvania; Soviet Union ea nka Bessarabia le Bukovina Leboea; ’me Bulgaria ea nka karolo e ka boroa ea Dobruja. Ka hona, Romania e ile ea lahleheloa ke hoo e ka bang moahi a le mong ho ba bang le ba bang ba bararo hammoho le sebaka sa eona. Ka 1940, ho ile ha qaleha puso ea bompoli ea Bofasista.

’Muso oo o mocha o ile oa fanyeha molao oa motheo ’me oa ntša molao o reng ke malumeli a robong feela a amoheloang ka molao, ’me a ka sehloohong e le kereke ea Orthodox, ea K’hatholike le ea Lutere. Lipaki Tsa Jehova tsona li ne li ntse li thibetsoe. Ho ne ho atile liketso tse mabifi, ’me masole a Jeremane a ile a kena naheng eo ka October 1940. Ha maemo a se a mpefetse joalo, barab’abo rōna ba Romania ba ile ba thatafalloa ho ngollana le Ofisi e Europe Bohareng, Switzerland.

Kaha Lipaki Tsa Jehova tse ngata li ne li lula tikolohong ea Transylvania, Martin Magyarosi o ile a tloha Bucharest, a ea Tirgu-Mures. Mosali oa hae, Maria, o ne a se a ntse a falletse moo ka lebaka la ho kula. Pamfil le Elena Albu, bao le bona ba neng ba le ofising e Bucharest, ba ile ba fallela Baia-Mare e ho elella ka leboea. Mor’abo rōna Magyarosi le Mor’abo rōna Albu ba ile ba hlophisa mosebetsi oa boboleli bocha le oa ho hatisa Molula-Qhooa ka sekhukhu ba le metseng eo e ’meli. Teodor Morăraş, ea neng a sebetsa le bona, o ile a sala Bucharest, moo a ileng a hokahanya mosebetsi o etsoang karolong e setseng ea Romania ho fihlela a tšoaroa ka 1941.

Nakong eo eohle, barab’abo rōna ba ile ba lula ba tšoarehile tšebeletsong, ba tsamaisa lingoliloeng tsa Bibele ha monyetla o mong le o mong o hlaha empa ba le hlokolosi haholo. Ka mohlala, ba ne ba siea libukana libakeng tsa sechaba, joaloka lireschorenteng le makarecheng a terene, ba tšepa hore lingoliloeng tseo li tla ipiletsa ho motho ea itseng. Hape ba ile ba tsoela pele ho mamela taelo ea Mangolo ea hore ba bokane hammoho e le hore ba khothatsane moeeng, le hoja ba ne ba e-ba hlokolosi hore ba se ke ba tsosa libata masene. (Baheb. 10:24, 25) Ka mohlala, ba lulang libakeng tsa mahae ba ne ba nka monyetla ka matsema a etsoang nakong ea kotulo, ha lihoai li thusana ho kotula ’me ka mor’a moo li ithabisa ka ho etsa metlae le ho phetelana lipale. Ho e-na le hore barab’abo rōna ba etse metlae meketeng eo ba ne ba tšoara liboka tsa Bokreste.

Ba “Petelitsoe ka Tsela e ’Ngoe le e ’Ngoe”

Mor’abo rōna Magyarosi o ile a tšoaroa ka September 1942 empa a ’na a hokahanya mosebetsi oa boboleli a le teronkong. Ba ha Albu le bona ba ile ba tšoaroa, hammoho le bara le barali ba bang babo rōna ba 1 000, bao ba bangata ba bona ba ileng ba lokolloa ka mor’a hore ba shapuoe ba be ba koalloe teronkong ka libeke tse ka bang tse tšeletseng. Lipaki tse lekholo, tse akarelletsang baralib’abo rōna ba ’maloa, li ile tsa ahloleloa ho hoehla lilemo tse peli ho isa ho tse 15 teronkong ka lebaka la ho se nke lehlakore ha tsona ha Bokreste. Barab’abo rōna ba bahlano ba ile ba ahloleloa lefu, empa hamorao kotlo eo ea fetoloa ka hore ba ahloleloe ho qeta bophelo bohle ba le teronkong. Mapolesa a hlometseng a ne a bile a hulanya bo-’mè le bana har’a bosiu, ba siea liphoofolo tsa bona kherehloa feela le matlo a bona a sala a pepeselitsoe masholu.

Ha barab’abo rōna ba fihla teronkong ba ne ba “khahlametsoa” ke balebeli ba neng ba ba tlama maoto ebe ba ba paqamisa fatše ha e mong a ba shapa ka phafa ea masekana ka tlas’a maoto. Ba ne ba robeha masapo le manala a menoana ea maoto, ’me letlalo le ntšofala, ka linako tse ling le eboha joalokaha eka ke lekhapetla la kutu ea sefate. Baruti ba neng ba paterola likampong tseo ’me ba bona tsela ena eo ba hlokofatsoang ka eona ba ne ba soma ba re, “O kae Jehova oa lōna a tl’o le lokolla matsohong a rōna?”

Barab’abo rōna ba ne ba “petelitsoe ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe” empa ‘ba sa tloheloa kherehloa.’ (2 Bakor. 4:8, 9) Ha e le hantle, ba ne ba tšelisa batšoaruoa ba bang ka tšepo ea ’Muso, eo ba bang ba ileng ba e amohela. Nka ka mohlala Teodor Miron ea tsoang motseng oa Topliţa o karolong e ka leboea-bochabela ea Transylvania. Pele ho Ntoa ea II ea Lefatše, Teodor o ile a etsa qeto ea hore Molimo o hanela ho bolaea, ka hona o ile a hana ho kena sesoleng. Ka lebaka leo, ka May 1943 o ile a ahloleloa ho qeta lilemo tse hlano teronkong. Nakoana ka mor’a moo, o ile a kopana le Martin Magyarosi, Pamfil Albu le batšoaruoa ba bang ba Lipaki ’me a amohela thuto ea Bibele. Teodor o ile a hatela pele ka potlako moeeng, ’me a nehela bophelo ba hae ho Jehova ka mor’a libeke tse seng kae feela. Empa o ile a kolobetsoa joang?

Teodor o ile a fumana monyetla ha eena le Lipaki tse ling tse ka bang 50 tsa Maromania ba ne ba isoa teronkong ea Manazi e Bor, Serbia, ba tsamaisoa ka tsela e potolohang. Ha ba le tseleng, ba ile ba emisa Jászberény, Hungary, moo barab’abo rōna ba fetang lekholo ba buang Sehungary ba ileng ba kenella ho bona. Ha ba ntse ba emisitse moo, balebeli ba ile ba rōma barab’abo rōna ba ’maloa hore ba e’o kha metsi nōkeng ba tlatse moqomo. Kaha balebeli ba ne ba se ba tšepa barab’abo rōna, ba ile ba re ba tsamaee ba le bang ho se motho ea ba lebetseng. Teodor o ile a tsamaea le bona ’me a kolobetsoa nōkeng eo. Ha batšoaruoa ba tloha moo Jászberény, ba ile ba nkoa ka terene ba ntan’o tsamaisoa ka seketsoana se tšelang nōka ba isoa Bor.

Ka nako eo, teronkong ea Bor ho ne ho e-na le Bajuda ba 6 000; Masabatha a 14; le Lipaki tse 152. Mor’abo rōna Miron o re: “Maemo a ne a nyarosa, empa Jehova o ile a re hlokomela. Molebeli e mong ea nang le kutloelo-bohloko ea neng a atisa ho rongoa Hungary o ile a tla le lingoliloeng tse itseng teronkong moo. Lipaki tse ling tseo a neng a li tseba a bile a li tšepa li ne li hlokomela ba lelapa la hae ha a le sieo, kahoo e ne eka ke banab’abo. Monna eo, eo e neng e le molefothenente, o ne a re lemosa ha ho e-na le se tl’o etsahala. Kampong moo ho ne ho e-na le baholo ba 15, kamoo re ba bitsang kateng hona joale, ’me ba ne ba hlophisa hore liboka li tšoaroe hararo ka beke. Ho ne ho atisa ho ba le batho ba ka bang 80 ha lichifi li ba lumella. Re ne re bile re keteka le Sehopotso.”

Likampong tse ling, Lipaki tse ka ntle li ne li lumeletsoe ho tlisetsa barab’abo rōna ba teronkong lijo le lintho tse ling. Pakeng tsa 1941 le 1945, Lipaki tse ka bang 40 tse tsoang Bessarabia, Moldova le Transylvania li ile tsa isoa kampong ea mahloriso e Şibot, Transylvania. Li ne li sebetsa fekthering ea moo ea mapolanka letsatsi le leng le le leng. Kaha lijo li ne li haella kampong, Lipaki tse lulang haufi li ne li tlisa lijo le liphahlo fekthering beke e ’ngoe le e ’ngoe. Barab’abo rōna ba ne ba li aba ho ea ka seo motho a se hlokang.

Liketso tseo tse ntle li ile tsa fana ka bopaki bo botle ho batšoaruoa ba bang le ho balebeli. Balebeli ba bile ba elelloa hore Lipaki Tsa Jehova ke batho ba nang le boikarabelo le ba ka tšeptjoang. Kahoo, ba ile ba li fa bolokolohi boo ka tloaelo ba neng ba sa bo fe batšoaruoa. Molebeli e mong kampong ea Şibot o ile a ba a amohela ’nete.

Mahlohonolo a Ileng a E-ba Teng ka Mor’a Ntoa

Ha ntoa e lala Europe ka May 1945, Lipaki tsohle Tsa Jehova li ile tsa lokolloa literonkong le likampong tsa mosebetsi o boima. Martin Magyarosi, eo ka nako eo a neng a le lilemo li 62, o ile a khutlela Bucharest ’me ha a fihla teng a fumana ho nkuoe thepa eohle ofising ea khale ea lekala. E ne e se na leha e se e le mochine oa ho thaepa! Tlaleho e ile ea re: “Mosebetsi oa Morena o qaliloe ho se na letho.” Ntle le hore barab’abo rōna ba ile ba hlophisa mosebetsi, ba ile ba leka ho o ngolisa ka molao, ’me ba atleha boitekong boo ba bona. Mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova o ile oa ngolisoa ka molao Romania, ka la 11 July, 1945.

Mohato ona o ile oa thusa hore ho hlophisoe liboka tsa phatlalatsa, likopano, le hore ho hlahisoe lingoliloeng, e leng seo kaofela se neng se tla tsosolosa mosebetsi le ho thusa haholo tabeng ea ho felisa pherekano le ho se utloane ho neng ho le teng. Ha e le hantle, selemong sa pele ka mor’a ntoa, barab’abo rōna ba ile ba hlahisa libukana tse ka bang 870 000 le Melula-Qhooa e fetang 85 500—le hoja pampiri e ne e fumaneha ka thata naheng eo! Ho ile ha kolobetsoa batho ba 1 630.

Barab’abo rōna ba ile ba qala ho bolela phatlalatsa le pele mosebetsi o amoheloa ka molao. Ba ile ba boela ba lokisetsa hore ho be le liboka le lipuo tse khethehileng tsa phatlalatsa. Motho e mong ea boneng ka mahlo o ile a re ka Lipaki tsa Seterekeng sa Maramureş: “Barab’abo rōna ba ne ba bokana ’moho nakong ea ha mabotho a ntse a lokisetsa ho beha lihlomo fatše. U ne u ba bona ba tla ba tsoa metseng eohle tikolohong eo, ba sa tšabe letho. Eo e ne e le nako e thabisang. Ba bang ba ne ba tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse 80 ho ea libokeng tseo, ba tsamaea ba bina ba bile ba paka tseleng. Sontaha se seng le se seng, molula-setulo o ne a bolela hore na seboka se tla tšoareloa hokae Sontaheng se latelang.”

Ho ne ho phatlalatsoa lipuo tsa phatlalatsa metseng le metsaneng eo ho nang le Lipaki tse seng kae ho eona kapa eo ho se nang Lipaki ho hang ho eona ho bile ho fanoa ka lipuo libakeng tseo. Barab’abo rōna ba ne ba qala leeto har’a mpa ea bosiu ho ea libakeng tseo, ba atisa ho tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 100 ba sa roala lieta kaha li ne li le theko e boima. Ba ne ba tsamaea ba nkile lieta, empa ba li jara mahetleng. Ba li roala feela ha ho le hobe haholo—mohlomong ha ho se ho bata haholo. Letsatsing le etellang pele la seboka, barab’abo rōna ba ne ba fa batho lingoliloeng, ba phatlalatsa sehlooho sa puo ba bile ba memela batho puong eo. Ka mor’a puo, barab’abo rōna ba ne ba khutlela hae.

Barab’abo rōna ba ile ba tšoara likopano tse ngata motseng oa Baia-Mare, oa Cluj-Napoca, oa Tirgu-Mures le oa Ocna Mureş, ’me Lipaki le batho ba thabelang ba makholo-kholo ba ile ba e-ba teng likopanong tseo. Ntlha e ileng ea totobala kopanong e neng e tšoaretsoe motseng oa Baia-Mare ka June 1945 ke taba ea kolobetso e ileng ea etsetsoa sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse leshome ka ntle ho motse. Ka mor’a hore ho fanoe ka puo ka jareteng ea mor’abo rōna e mong, batho ba 118 ba ile ba kolobetsoa Nōkeng ea Lăpuşul, e neng e phalla ka jareteng eo. Kolobetso eo e bile ketsahalo e sa lebaleheng sebakeng seo se setle.

Motseng oa Tirgu-Mures, barab’abo rōna ba ile ba hira holo ea litšoantšiso e ka lulang batho ba 3 000. Baeti ba ile ba qala ho fihla letsatsi pele kopano e qala, ba tla ka literene, likariki tse huloang ke lipere, libaesekele le ka maoto. Ba bang hang feela ha ba fihla ba ile ba qala ho bolela le ho memela batho puong ea phatlalatsa, e neng e bua ka areka ea Noe. Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba sekisa meokho ea thabo ha ba bona liplakate tse ngotsoeng ka makhethe li phatlalatsa puo eo hohle motseng oo. Ba ne ba sa nahane hore ba tla ke ba be le bolokolohi ba ho bolela litaba tse molemo!

Boikitlaetso bo matla ba barab’abo rōna bo ile ba putsoa ka ho enneng—kaha ho ile ha tla batho ba bangata hoo barab’abo rōna ba ileng ba tlameha ho ntšetsa libuela-hōle tse peli ka ntle molemong oa ba hlokileng sebaka ka holong. Ka tsela eo, baahelani ba bangata ba ile ba khona ho utloa lenaneo ba le malapeng a bona. Lipaki Tsa Jehova li ne li memme le ba boholong motseng moo hammoho le batho ba bang ba hlaheletseng e le hore ba tl’o inoesa ka nkho. Ka ho tsotehang ba ile ba tlatsa litulo tsohle tseo ba neng ba li behetsoe. Le bona ba ile ba bina ha ho binoa.

Kopano ea Pele ea Naha

Lipaki Tsa Jehova li ile tsa tšoara kopano ea tsona ea pele ea naha, Romania, mafelo-bekeng a la 28 le la 29 September, 1946. E ne e tšoaretsoe Lebaleng la Boithabiso la Roma (Arenele Romane) le Bucharest. Batsamaisi ba literene ba Romania ba ile ba lumela ho fana ka terene e khethehileng le ho hafola tefiso! Terene eo e ile ea tsamaisa baeti ba fetang sekete ba tlohang libakeng tse ling tse hōle ka ho fetisisa naheng eo ea ba isa motse-moholo. Ba bangata ba ne ba nkile liplakate, e leng se neng se etsa hore batho ba batle ho tseba se etsahalang. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ling tse ileng tsa etsahala leetong leo.

Baruti ba ile ba utloela ka kopano eo ’me ba leka ho thiba terene. Ka Labohlano pele kopano e qala, Lipaki tsa moo li ile tsa qala ho bokana seteisheneng ka hora ea borobong hoseng, li lebeletse hore barab’abo rōna ba fihle pakeng tsa hora ea borobong le ea leshome hoseng. Ba ile ba leta ka mamello ho fihlela ka hora ea botšelela mantsiboea, ha terene e fihla. Re sitoa ho hlalosa thabo eo barab’abo rōna ba neng ba e thabile ha ba lumelisa baeti. Ho ne ho e-na le mapolesa a hlometseng a tl’o boloka taolo, empa a ile a khutla le se a isitseng.

Karolo e khōlō ea Bucharest e ne e ruthuthiloe ke ntoa, ho akarelletsa matlo a ka bang 12 000, kahoo libaka tsa bolulo li ne li haella. Empa barab’abo rōna ba ile ba etsa maoala. E le hore ba eketse “libethe,” ba ile ba reka qubu ea litlhaka ’me ba li ala mohloeng ha mor’abo rōna e mong ea neng a lula motseng oa Berceni. Kaha ho ne ho chesa ka tsela e sa tloaelehang ho elella mafelong a September, ba tlileng kopanong ba ile ba khona ho ithoballa hamonate le bana ba bona materaseng a entsoeng ka litlhaka tlas’a linaleli tsa leholimo. Kajeno, ho hahuoe Holo ea ’Muso e ntle e ncha sebakeng sona seo ba neng ba le ho sona.

Batho ba 3 400 ba neng ba le teng kopanong ka Moqebelo hoseng ba ile ba thaba ha ba utloa hore Molula-Qhooa o boetse o tsoa habeli ka khoeli ka Seromania le ka Sehungary. Ha e le hantle, barab’abo rōna ba ile ba fuoa likopi tse sekete tsa khatiso ea pele hoseng hoo. Ho ile ha feta nako e itseng makasine eo e e-na le lihlooho tse ’nè tse ithutoang ho etsa hore bohle ba ithute boitsebiso boo ba sa kang ba bo fumana nakong ea ntoa.

Nako ea Sontaha hoseng e ne e khethetsoe hore e be ea ho paka. Motho o ne a ka bona lihlopha tsa bahoeletsi hohle, ba memela batho puong ea phatlalatsa. Liplakate tsa bona li ne li e-na le setšoantšo sa hamore, sabole le tšetlo. Li ne li ngotsoe mantsoe a reng: “‘Lisabole li Fetotsoe Mehoma’—Ke Molimo ea Bululetseng Mantsoe ao. A Ngotsoe ke Baprofeta ba Babeli. Empa ke Mang ea Tla a Phethahatsa?” Bahoeletsi ba ne ba aba limemo ba bile ba fana ka limakasine, tseo ba neng ba li kenya ka mekotleng ea bona e mesoeu e neng e jaroa ka lebanta le ngotsoeng “Lipaki Tsa Jehova” kapa “Baboleli ba ’Muso oa Molimo” kapa “Baboleli ba Puso ea Molimo.”

Thapameng eo, Martin Magyarosi o ile a qala puo ea phatlalatsa ka mantsoe a reng: “Kajeno, mebuso e matla ea lefatše e tšoere seboka se buang ka khotso, Paris. Rōna mona kopanong re batho ba 15 000. Leha u ka phopholetsa e mong le e mong oa Lipaki Tsa Jehova ea teng mona, u ke ke ua fumana sabole kapa sethunya. Hobane’ng? Hobane re se re fetotse lisabole tsa rōna mehoma!” Puo eo e ne e le matla ebile e le nakong kaha hohle ho ne ho ntse ho bonahala tšenyo e bakiloeng ke ntoa.

Ka Sontaha ho ile ha e-ba teng moeletsi oa ’muso litabeng tsa molao, mongoli oa Letona la Litaba Tsa Lehae, mapolesa a ’maloa le baruti ba kereke ea Orthodox. Barab’abo rōna le ba boholong ba ne ba lebeletse hore baruti ba tla tsosa morusu, e leng seo ba neng ba ba soketse ka hore ba tl’o se etsa. Empa ke a le mong feela ea ileng a leka ho sitisa lenaneo. Ha barab’abo rōna ba mo bona a ea sethaleng ha puo ea phatlalatsa e ntse e tsoela pele, ba ile ba mo thiba, ba mo qotsa ba ntan’o mo khutlisetsa litulong. Ba ile ba mo hoesheletsa ba re: “Ha ho hlokahale hore moruti oa Orthodox a bue kopanong ena, empa u lokolohile hore u lule ’me u mamele.” Ha aa ka a hlola a leka hape. Hamorao, moeletsi oa ’muso litabeng tsa molao o ile a re o thabetse lipuo tse fanoeng le hore o khahliloe ke kamoo Lipaki Tsa Jehova li laolehileng kateng.

Mor’abo rōna e mong ha a pheta se etsahetseng kopanong eo, o ile a ngola a re: “’Momori oa lira o ile oa nyopa ka ho feletseng, ’me barab’abo rōna ba khutlela mahae ba thabile.” Ba ne ba boetse ba bonahatsa moea oa khotso le bonngoe, e leng se neng se khothatsa kaha ba bangata ba ne ba tlile kopanong ba sa tsebe hantle moo ba emeng teng ka lebaka la likhaohano tse neng li bile teng har’a bona nakong ea ntoa.

Leha ho le joalo, lintho li ne li sa tsamaele baruti hantle, kaha libakeng tse ngata ba boholong ba ne ba se ba sa itšetleha ka bona hore ba ba bolelle hore na ba tšoare Lipaki Tsa Jehova joang. Ke ’nete hore sena ha sea ka sa ba thibela ho soma barab’abo rōna ha ba ruta lifalaneng. Leha ho le joalo, baruti ba bang ha baa ka ba fella ka ho ba soma feela, ba ile ba thaotha litlokotsebe hore li otle bahoeletsi ba ’Muso—bara le barali babo rōna—ha li ba bona ba bolela. Ketsahalong e ’ngoe, mosali oa moruti oa Orthodox o ile a otla morali’abo rōna e mong oa pula-maliboho ka molamu, a mo otla ho fihlela molamu o robeha! Tlaleho ea mehleng eo e ile ea re: “Re hlahletse linyeoe tse ngata khahlanong le baruti bao.”

Boiteko bo Bong Hape ba ho Tsosolosa Bonngoe

Alfred Rütimann, ea neng a tsoa lekaleng la Switzerland, o ile a qeta likhoeli tse peli a le Romania ka 1947. Ho ne ho lokiselitsoe hore ho tšoareloe kopano moo le hore Hayden C. Covington, ea tsoang ntlo-khōlō ea lefatše, a tsamaee le Mor’abo rōna Rütimann. Leha ho le joalo, ba boholong ba ile ba hanela barab’abo rōna ho tšoara kopano moo, ba hana le ho fa Mor’abo rōna Covington tumello ea ho kena naheng eo. Empa ba ile ba fa Alfred Rütimann tumello ea hore a qete likhoeli tse peli Romania, e leng khoeli ea August le ea September.

O ile a qala ka ho etela Bucharest, moo bara le barali babo rōna ba thabileng ba bileng ba bososelang ba ileng ba mo khahlametsa boema-fofa ba nkile lipalesa tse hlophisitsoeng hantle, e leng mokhoa oa habo bona oa ho amohela baeti. Ba ile ba mo isa ofising e Bucharest, atereseng ea 38 Alion Street, ha motho e mong ea thabelang. Ofisi e ne e falliselitsoe moo ka January 1947. Empa ka lebaka la tšokelo e hōlang ea Bokomonisi, barab’abo rōna ba ile ba siea aterese ea bona e ngolisitsoeng molaong e le 38 Basarabia Street. Ba ne ba fumane ofisi eo ka July 1945, ’me e setse ka tafole ea khale le sofa e tsofetseng, mochine o robehileng oa ho thaepa le k’habote e tšetseng libuka le limakasine tsa khale—tseo ba neng ba se na taba leha ’muso o ka li nka ka mahahapa. Ka linako tse ling, morali’abo rōna e mong o ne a sebetsa moo.

Mor’abo rōna Rütimann o ile a kopana le Pamfil Albu, eo e neng e le mopresidente oa mokhatlo o ngolisitsoeng ka molao, hammoho le Martin Magyarosi, ea neng a hlokomela mosebetsi naheng eo. Bara bao babo rōna ba babeli e ne e boetse e le balebeli ba setereke. Kaha barab’abo rōna ba Romania ba ne ba qetile lilemo tse ngata ba sa khone ho fetisa boitsebiso kapa hona ho bo fumana, ba ile ba thaba ha ba utloa ka lintlafatso tse sa tsoa etsoa ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova, tse joaloka ho thehoa ha Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo liphuthehong le Sekolo sa Gileade bakeng sa ho koetlisa baromuoa. Ka hona bohle ba ne ba labalabela ho bona Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se qalisa Romania. Ha e le hantle, barab’abo rōna ba ile ba lokisetsa hore ho be le buka ea ho ithuta e reng Theocratic Aid to Kingdom Publishers e nang le lithuto tse 90, tse ileng tsa hatisoa ka likhaohano ka Seromania le ka Sehungary.

Empa sepheo se seholo sa Mor’abo rōna Rütimann e ne e le ho etela liphutheho le lihlopha tse ngata kamoo ho ka khonehang e le hore a fane ka lipuo tsa sehlooho tse ka beng li fanoe kopanong. Kahoo, o ile a kena leetong le mekhahlelo e ’meli a e-na le Mor’abo rōna Magyarosi, ea neng a mo tolokela, ba ea libakeng tseo batho ba lulang ho tsona ba neng ba se ba ntse ba tseba ’nete, ba qala Transylvania.

Transylvania le ka Nģ’ane ho Eona

Joaloka libakeng tse ling tse ngata, bahoeletsi ba Transylvania ba ile ba ikitlaelletsa ho ba teng libokeng tseo tse khethehileng. Ba ne ba ikemiselitse ho robala bosiu ka lebaka la kemiso e patisaneng ea baeti bao ba babeli. Ka mohlala, lenaneo le ile la qala ka hora ea leshome bosiu la fela ka hora ea bobeli hoseng, motseng oa Vama Buzăului—ho se le ea mong ho batho ba 75 ba neng ba le teng moo ea tletlebang ka seo.

Hamorao Alfred Rütimann o ile a ngola a re: “Ha ba nke nako ka tsela e tšoanang le eo rōna re e nkang ka eona. Ha ba na bothata ba ho tsoha ka hora ea bobeli kapa ea boraro hoseng ka lebaka la baeti, ebile ha ba na taba le lihora, re se re sa re letho ka metsotso! Le hoja ba tsamaea ka maoto—’me ka linako tse ling ba tsamaea sebaka se selelele ba sa roala lieta—ho bonahala ba e-na le nako e ngata ho re feta ebile ha ba na bothata ba ho imeloa kelellong joaloka rōna. Qalong ke ne ke nahana hore ke ho sa utloahaleng hore re lokisetse ho tšoara seboka bosiu joalo, empa Mor’abo rōna Magyarosi o ile a ntiisetsa hore seo ha e na ho ba bothata.”

Ka mor’a moo ba ile ba etela motseng oa Tirgu-Mures, oo ka nako eo o neng o e-na le baahi ba 31 000. Le oona o ne o ruthuthiloe ke ntoa, ’me marokho a senyehile kaofela. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba 700 ba tsoang liphuthehong tse 25 ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 50 ho ea le ho khutla, ha ba ea sebakeng seo seboka se neng se tšoaretsoe ho sona—e leng setsiketsi se neng se le ka har’a moru o haufi le motse oo.

Barab’abo rōna ba ile ba boela ba ea Cluj-Napoca, moo ho neng ho phuthehile batho ba 300, ba tsoang liphuthehong tse 48. Ha ba le motseng oo, Mor’abo rōna Magyarosi o ile a bontša Mor’abo rōna Rütimann sebaka sa khatiso se ileng sa ba lahlehela ka 1928 ka lebaka la Jacob Sima. Ho ile ha etsahala’ng ka eena? Mor’abo rōna Rütimann o ile a re tlalehong ea hae: “O shoele selemong se fetileng. E ne e se e le letahoa.”

Libaka tse ling tseo ba ileng ba etela ho tsona ke Satu-Mare le Sighet Marmaţiei, tse haufi le Ukraine. Libakeng tseo ho ne ho e-na le liphutheho tse fetang 40 tsa Seromania, Sehungary le Seukraine. Lihoai tsa moo le baahi ba metse eo ba ne ba sa hloke thuso e kaalo ea melata. Ba ne ba itemela lijalo tsohle tsa bona ho akarelletsa folaxe le semela se etsang likhoele ba bile ba ruile liphoofolo, haholo-holo linku. Ba ne ba iketsetsa liaparo le likobo ba bile ba itšuela matlalo a liphoofolo. Ba ne ba etsetsoa lieta ke motho e mong ea rōkang lieta. Bara le barali babo rōna ba bangata ba ne ba tla libokeng tseo tse khethehileng ba apere liaparo tsa sehahabo bona tseo ba iketselitseng tsona ka lesela le khabisitsoeng.

Mokhahlelong oa bobeli oa leeto la bona, Mor’abo rōna Rütimann le Mor’abo rōna Magyarosi ba ile ba ea Moldavia, e ka leboea-bochabela ho Romania. Ba ile ba fihlela motseng oa Frătăuţii, oo le hoja barab’abo rōna ba lulang ho moo ba futsanehile, ba ileng ba ipabola ka ho ba amohela ka liatla tse peli. Bara bao babo rōna ba neng ba khantšitse ka khanya e lerootho ea mabone a nkuke, ba ile ba ngoathela baeti bao lebese la motsilili, bohobe, papa le mahe a phehiloeng ka metsi eaba aa eboloa a ntan’o qopetsoa ka botorong e qhibilihisitsoeng. Bohle ba ne ba jella ka likotlolong tse nyenyane. Mor’abo rōna Rütimann o ile a re ha a ngola: “Lijo tseo li ne li lutlisa mathe.” Bosiung boo barab’abo rōna ba etileng ba ile ba robala ka kichineng libetheng tse behiloeng haufi le setofo hore ba futhumale. Beng ba ntlo bona ba robala holim’a mekotla ea litlhaka haufi le bona.

Lipaki tsa tikolohong eo li ne li chesehela tšebeletso ’me Jehova o ile a li putsa ka ho enneng, joalokaha tlaleho e bontša. Ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 33 moo nakong ea selemo ka 1945. Empa ka 1947, ba ne ba le 350—e leng keketseho e imenneng ka makhetlo a leshome ka nako ea lilemo tse peli!

Hore ba ke ba utloe bophelo ba mahaeng, barab’abo rōna ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse 120 ho ea Bălcăuţi le Ivăncăuţi ka kariki e huloang ke lipere tse peli. Mor’abo rōna e mong o ile a ngola a re: “Lipere tsa Romania tse ipabolang tsa meheanyane li khona ho tsamaea tseleng ho sa tsotellehe hore na e mpe hakae, ka nako leha e le efe, ebang ke bosiu kapa motšehare.” Phutheho ea Bălcăuţi e thehiloeng ka 1945, e ne e e-na le bahoeletsi ba kileng ba kena kereke ea evangeli. Mohlanka oa phutheho e ne e kile ea e-ba ’moleli kerekeng eo. Seboka se ile sa tšoareloa ka tlung ea mor’abo rōna e mong, motseng oa Ivăncăuţi, kaha pula e ne e na. Empa seo ha ea ka ea e-ba bothata bo bokaalo ho batho ba 170 ba neng ba tlile, bao ba bang ba bona ba neng ba tsamaile sebaka sa lik’hilomithara tse 30 ba sa roala lieta ho tla ba teng moo.

Ka kakaretso, bara bao babo rōna ba babeli ba ile ba bua libakeng tse 19 le bahoeletsi ba 4 504 ha ba kopana le batho ba thabelang ba tsoang liphuthehong tse 259. Alfred Rütimann o ile a boela a fana ka lipuo motseng oa Orăştie le oa Arad ha a le tseleng a khutlela Switzerland, ’me barab’abo rōna metseng eo ba tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse 60 ho isa ho tse 80 ho ea libokeng tseo. Ha e le hantle, sehoai se seng se lilemo li 60 se ile sa tsamaea lik’hilomithara tse 100 se sa roala lieta, ho bontša kamoo se neng se ananela ho ba teng sebokeng seo kateng!

Ntho ea bohlokoa paleng ea mosebetsi Romania ke hore liboka tsena tse khethehileng li ile tsa tla ka nako e loketseng, eseng feela hobane barab’abo rōna ba ne ba hloka khothatso empa hape hobane lijalo tsa moea li ne li loketse kotulo. Batho ba Romania ba ne ba khathetse ke babusi ba hatellang le masisa-pelo a tlisitsoeng ke ntoa, ’me ba bangata ba feletsoe ke tšepo bolumeling. Ho feta moo, ka lebaka la ho theoha ho sekhahla ha matla a chelete ea leu ka August 1947, ka ho panya ha leihlo feela batho ba bangata ba ile ba sala ba se na le ha e le sente. Kahoo, ba bangata ba neng ba hanyetsa molaetsa oa ’Muso ba ne ba se ba ikemiselitse ho mamela.

Liboka tseo tse khethehileng li ne li tlile ka nako e loketseng ka lebaka le leng hape—ho ne ho tla sefefo se seng se matla le ho feta sa mahloriso. Sefefo seo se neng se hlohlelelitsoe ke khopolo ea ho se lumele hore Molimo o teng le ke baeta-pele ba sehlōhō le ba leeme, se ile sa puputla ka lilemo tse ka bang mashome a mane!

Romania e ba Tlas’a Puso ea Lere la Tšepe

Makomonisi a ile a hloella pusong Romania ka November 1946, selemo pele Alfred Rütimann a etela moo. Mokha oa ’ona o ile oa nka lilemo tse seng kae feela ho felisa mekha eohle ea bohanyetsi le ho etsa hore Romania e busoe ke Soviet Union, e leng se ileng sa etsa hore mekhatlo ea Romania ea setso le ea lipolotiki e hlophisoe ho tšoana le ea Soviet Union.

Barab’abo rōna ba ile ba sebelisa nako ea pele mahloriso a qala ka bohlale ka hore ba hatise limakasine hammoho le libukana le lingoliloeng tse ling tse likete tse makholo, ’me ba li ise litsing tse 20 tsa polokelo likarolong tse sa tšoaneng tsa naha. Nakong eo, ba bangata ba ile ba eketsa tšebeletso ea bona ’me ba bang ba qala ho bula maliboho, ho akarelletsa Mihai Nistor le Vasile Sabadâş.

Mihai o ile a abeloa ho sebetsa karolong e leboea-bophirimela le e bohareng ea Transylvania, moo a ileng a tsoela pele e le pula-maliboho teng le ha ’muso oa Makomonisi o se o behile thibelo, ’me sera se mo setse morao ka nako e telele. O ne a etsa’ng hore a se ke a tšoaroa? O re: “Ke ile ka etsa mokotla o tšoanang hantle le oo batho ba rekisang lifensetere ba neng ba o sebelisa. Ke ne ke tsamaea ke pota metse le metsana eo ke abetsoeng ho bolela ho eona, ke apere liaparo tsa ho sebetsa ke bile ke nkile likhalase tsa fensetere le lithulusi. Ha ke bona lepolesa kapa motho ea belaetsang, ke ne ke thaotha batho hore ba bone lifensetere tseo ke li etsang. Barab’abo rōna ba bang ba ne ba sebelisa litsela tse ling ho phelephanyetsa bahanyetsi. E ne e le mosebetsi o thabisang empa o kotsi—eseng feela ho rōna bo-pula-maliboho empa le ho ba malapa a neng a re amohela. Leha ho le joalo, re ne re thaba haholo ha re bona liithuti tsa Bibele li hatela pele le lenane la bahoeletsi le eketseha.”

Vasile Sabadâş le eena o ile a tsoela pele a bula maliboho le hoja a ne a tlameha ho falla hangata. O ile a thusa haholo tabeng ea ho fumana le ho thusa barab’abo rōna ba neng ba hasantsoe ke Sepolesa sa Mautloela, se neng se phetha karolo e khōlō tsamaisong ea tšireletso ’musong o mocha oa Makomonisi. Vasile o ile a re: “Hore ke se ke ka tšoaroa, ke ne ke tlameha ho ba hlokolosi le ho loha maqheka. Ka mohlala, ha ke ne ke ea karolong e ’ngoe ea naha, ke ne ke batla lebaka le utloahalang la ho ea moo, le kang la ho ea moo batho ba tolang le ho sililoa ’mele teng ka lebaka la bokuli.

“Kaha ke ile ka qoba ho tsosa libata masene, ke ile ka khona ho theha mecha ea puisano le barab’abo rōna e le hore ba lule ba fumana lijo tsa moea. Ke ne ke entse Esaia 6:8 lepetjo la ka ha e re: ‘Ke ’na enoa! Roma ’na’ le Matheu 6:33 ha e re: ‘Le ’ne le batle ’muso pele.’ Litemana tsena li ne li nthabisa li bile li ’matlafatsa hore ke tiisetse.” Vasile o ne a hloka litšobotsi tseo, hobane le hoja a ne a le hlokolosi, o ile a qetella a tšoeroe joaloka ba bang ba bangata.

Ho Hlasela Mokhatlo oa Molimo o Hlophisitsoeng

Ka 1948 ho ile ha e-ba thata haholo hore barab’abo rōna ba ngollane le ntlo-khōlō ea lefatše, kahoo hangata ba ne ba ngola melaetsa e patehileng liposkareteng. Ka May 1949, Martin Magyarosi o ile a fetisa molaetsa o tsoang ho Petre Ranca, ea neng a sebetsa le eena ofising e Bucharest. O ile a re: “Bohle ba ntse ba phela hantle ka lapeng. Re bile le moea o matla ’me serame se patetse, ha rea khona ho sebetsa masimong.” Hamorao, mor’abo rōna e mong le eena o ile a ngola hore “ba lelapa ha ba khone ho fumana lipompong” le hore “ba bangata baa kula.” O ne a bolela hore ha ho khonehe hore ho tlisoe lijo tsa moea Romania le hore barab’abo rōna ba bangata ba teronkong.

Ka mor’a hore Lekala la Toka le ntše taelo ka la 8 August, 1949, ofisi e Bucharest hammoho le matlo a bolulo li ile tsa koaloa, ’me thepa eohle, ho akarelletsa thepa ea botho, ea nkoa ka likhoka. Ka mor’a moo, barab’abo rōna ba makholo ba ile ba tšoaroa ’me ba ahloloa. Ha ho ne ho busa Mafasista, Lipaki Tsa Jehova li ne li qosoa ka hore ke Makomonisi; joale ha e se e le Makomonisi a busang, ho se ho thoe barab’abo rōna “ba tšehetsa bo-ralikolone” le hore “ba phatlalatsa likhopolo tsa Maamerika tsa leshano.”

Lihloela le limpimpi li ne li le hohle. Buka ea Selemo ea 1953 (ea Senyesemane) e ile ea re Makomonisi a nkile mehato “e matla hoo hona joale motho leha e le ofe oa Romania ea fumanang mangolo a tsoang linaheng tsa Bophirimela a kenngoang lethathamong la batho ba sa batluoeng a bileng a behoang leihlo ka thata.” Tlaleho eo e ile ea re ha e tsoela pele: “Ho batla ho le thata ho hlalosa tšabo e aparetseng batho moo. Esita le litho tsa lelapa ha li tšepane. Bolokolohi ha bo eo ka ho feletseng.”

Mathoasong a 1950, Pamfil le Elena Albu, Petre Ranca, Martin Magyarosi le ba bang ba bangata ba ile ba tšoaroa ’me ba qosoa ka hore ke lihloela tsa linaha tsa Bophirimela. Ba bang ba ile ba hlokofatsoa e le ho leka ho ba qobella hore ba senole liphiri le hore ba lumele hore ba etsa mosebetsi oa “bohloela.” Empa ntho feela eo ba neng ba e bolela ke hore ba rapela Jehova le hore ba etsa mesebetsi e amanang le ’Muso oa hae. Ka mor’a liketsahalo tseo tse bohloko, barab’abo rōna ba bang ba ile ba isoa teronkong, ba bang ba isoa likampong tsa mosebetsi o boima. Mahloriso aa a ile a ama mosebetsi joang? Hona selemong seo—ka 1950—Romania e ile ea e-ba le keketseho ea bahoeletsi ba robeli ho ba bang le ba bang ba lekholo. Boo e bile bopaki bo matla hakaakang ba hore moea oa Molimo oa sebetsa!

Mor’abo rōna Magyarosi, ea neng a habile lilemo tse 70 ka nako eo, o ile a isoa teronkong ea Gherla, Transylvania, moo a ileng a hlokahalla teng qetellong ea 1951. Tlaleho e ile ea re: “O fetile matšoenyehong a mangata ka lebaka la ’nete, haholo-holo ho tloha ha a tšoaroa ka January 1950. Joale matšoenyeho a hae a felile.” Ha e le hantle, ka lilemo tse ka bang 20, Martin o ile a mamella ho hlaseloa ke baruti, Mafasista le Makomonisi. Mohlala oa hae oa botšepehi o re hopotsa mantsoe a moapostola Pauluse, a reng: “Ke loanne ntoa e ntle, ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong, ke bolokile tumelo.” (2 Tim. 4:7) Le hoja Maria, mohats’a Martin, a sa ka a koalloa teronkong, le eena o ile a beha mohlala o motle oa ho mamella ha a le tlas’a mathata. Mor’abo rōna e mong o ile a mo hlalosa ka hore ke “morali’abo rōna ea bohlale, ea inehetseng ka ho feletseng mosebetsing oa Morena.” Ka mor’a hore Martin a tšoaroe, Maria o ile a hlokomeloa ke beng ka eena, ho akarelletsa morali eo a ikhōliselitseng eena ea bitsoang Mărioara, eo le eena a ileng a qeta nako e itseng a le teronkong ’me a lokolloa ka hoetla ka 1955.

“Lipaki Tsa Jehova ke Batho ba Molemo”

’Muso o ile oa tšoarela batšoaruoa ka 1955, eaba barab’abo rōna ba bangata baa lokolloa. Empa tokoloho eo e ile ea e-ba ea nakoana feela. Lipaki Tsa Jehova li ile tsa boela tsa behoa merebele ho qala ka 1957 ho fihlela ka 1964, tsa tšoaroa ’me tse ling tsa ahloleloa ho hlola bophelo bohle teronkong. Empa barab’abo rōna ba teronkong ha baa ka ba lahla tšepo, ho e-na le hoo ba ile ba khothatsana e le hore ba eme ba tiile. Ha e le hantle, ba ne ba tsebahala ka hore ke batho ba latelang melao-motheo le ba tšepahalang. Motšoaruoa e mong oa lipolotiki o ile a re: “Lipaki Tsa Jehova ke batho ba molemo, li ke ke tsa inehela kapa hona ho latola bolumeli ba tsona.” O ile a phaella ka hore teronkong eo a neng a koaletsoe ho eona, Lipaki e ne e le “batšoaruoa ba ratoang ka ho fetisisa.”

Ka 1964 ’muso o ile oa phatlalatsa hore o boetse o tšoarela batšoaruoa. Empa le eona tšoarelo eo e ile ea e-ba ea nakoana feela hobane barab’abo rōna ba bangata ba ile ba tšoaroa pakeng tsa 1968 le 1974. Mor’abo rōna e mong o ile a ngola a re: “Re ’nile ra hlokofatsoa le ho songoa kahobane re bolela Kosepele. Re le kōpa ka tieo hore le hopole barab’abo rōna ba teronkong ha le rapela. Rea tseba hore sena sohle ke teko eo re tlamehang ho e mamella. Re tla tsoela pele ka sebete ho bolela litaba tse molemo tse boletsoeng esale pele ho Matheu 24:14. Empa re boetse re ipiletsa ho lōna ka lipelo tsohle tsa rōna hore le se ke la re lebala!” Joalokaha re tla bona, Jehova o ile a utloa lithapelo tsa batho ba hae ba tšepahalang tse etsoang ka tieo le ka meokho ’me a ba khothatsa ka litsela tse sa tšoaneng.

Satane o Jala Lipelaelo

Diabolose ha a hlasele bahlanka ba Molimo ka ho sebelisa batho ba ka ntle feela empa o sebelisa le ba ka hare. Ka mohlala, barab’abo rōna ba bang ba neng ba fuoe boikarabelo ba ho hlokomela mosebetsi pele ba tšoaroa ha baa ka ba khutlisetsoa maemong ao ha ba lokolloa ka 1955. Seo se ile sa ba halefisa eaba ba jala ho se utloane. Ho utloisa bohloko hakaakang hore ebe ba ile ba tiisetsa ho ba teronkong empa ba lumella boikhohomoso ho ba laola ha ba tsoa! Bonyane mor’abo rōna a le mong ea neng a tsebahala o ile a ea bohōleng ba ho thusa Mapolesa a Mautloela e le hore a se ke a fuoa kotlo, ’me seo se ile sa thatafalletsa barab’abo rōna ba tšepahalang lintho sa ba sa thatafatsa mosebetsi oa boboleli.—Mat. 24:10.

Batho ba Molimo ba ile ba boela ba lokela ho sebetsana le taba ea maikutlo a sa tšoaneng ha ho tluoa linthong tse amang letsoalo la motho. Ka mohlala, barab’abo rōna ba tšoeroeng ba ne ba atisa ho fuoa monyetla oa hore ba ikhethele hore na ba ea teronkong kapa ba sebetsa merafong ea letsoai. Ba bang ba ne ba nka hore ba khethang ho sebetsa merafong ea letsoai ba sekisetsa melao-motheo ea Bibele. Ba bang ba ne ba re baralib’abo ha baa lokela ho sebelisa litlolo le hore ho fosahetse ho ea libaesekopong esita le ho ba le seea-le-moea.

Empa ho thabisang ke hore barab’abo rōna ka kakaretso ba ile ba lula ba hopola hore taba e ka sehloohong ke hore ba lule ba tšepahala ho Molimo. Sena se ile sa totobatsoa ke tlaleho ea selemo sa tšebeletso sa 1958 ha e bontša hore batho ba 5 288 ba kopanetse tšebeletsong ea tšimo—e leng batho ba fetang ba kopanetseng tšebeletsong selemong se ka pele ho seo ka ba 1 000! Ho ile ha boela ha e-ba le ba 8 549 Sehopotsong, ’me ha kolobetsoa ba 395.

Ho ile ha hlaha teko e ’ngoe ka 1962 ha Molula-Qhooa o hlalosa hore “balaoli ba phahameng” bao ho buuoang ka bona ho Baroma 13:1 ke batho ba nang le matla a ho laola pusong eseng Jehova Molimo le Jesu Kreste joalokaha ho ne ho nahanoa pele. Kaha barab’abo rōna ba Romania ba ne ba hutse ka thata ka lebaka la babusi ba sehlōhō, ba bangata ba ile ba thatafalloa ho amohela tlhaloso eo e ncha. Ha e le hantle, ba bang ba ne ba nahana hore leo ke leqheka la Makomonisi le reretsoeng ho etsa hore ba etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ’Muso o reng ba e etse, e leng se khahlanong le molao-motheo o boletsoeng ho Matheu 22:21.

Mor’abo rōna e mong o ile a bua le Paki e ’ngoe e neng e bile Berlin, Roma, le metseng e meng. O re: “Moeti eo o ile a re tiisetsa hore tlhaloso eo e ncha hase leqheka le entsoeng ke Makomonisi, empa ke lijo tse moea tse tsoang ho sehlopha sa lekhoba. Empa ke ile ka ’na ka belaela. Kahoo ka botsa molebeli oa rōna oa setereke hore na joale re lokela ho etsa joang.”

O ile a re: “Seo re lokelang ho se etsa ke ho tsoela pele ka mosebetsi!”

“Eo e ne e le keletso e ntle haholo, ’me kea thaba hore le kajeno ke ntse ke ‘tsoela pele’ ka oona.”

Le hoja ho ne ho hlile ho le thata ho ba le mocha oa puisano, ntlo-khōlō ea lefatše hammoho le ofisi ea lekala e hlokomelang mosebetsi Romania li ile tsa leka ka matla ho tsebisa barab’abo rōna ’nete e senotsoeng le ho ba thusa ho sebetsa hammoho e le lelapa le momahaneng moeeng. E le hore li finyelle seo, li ne li ngola mangolo le ho lokisetsa lihlooho tse loketseng Tšebeletsong ea ’Muso.

Lijo tsee tsa moea li ne li fihla joang ho batho ba Jehova? Setho se seng le se seng sa Komiti ea Naha se ne se e-na le tsela ea sekhukhu eo se kopanang le balebeli ba tsamaeang le baholo ba liphutheho ka eona. Litsela tseo li ne li sebelisoa ke batho ba fetisang melaetsa ba tšepahalang feela, ba neng ba boetse ba isa mangolo le litlaleho ofising e Switzerland ba bile ba tsamaisa a tsoang teng. Barab’abo rōna ba ile ba khona ho fumana lijo tsa moea le tataiso ea puso ea Molimo ka tsela eo.

Bara le barali babo rōna ba tšepahalang le bona ba ile ba sebetsa ka thata ho hlaolela moea oa kutloano ka liphuthehong le lihlopheng tsa habo bona. E mong oa bona ke Iosif Jucan, ea neng a atisa ho re: “Re ke ke ra tšepa ho pholoha Armagedone haeba re sa tsoele pele ho iphepa ka lijo tsa moea le ho lula haufi le ‘’Mè.’” O ne a bua ka ho lula haufi le mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o lefatšeng. Bara bao babo rōna e ne e le ba bohlokoa haholo ho batho ba Molimo hape e le lerako le thibelang ba lekang ho senya bonngoe ba bona.

Maqiti a Sera

Makomonisi a ile a sebelisa lihloela, mahlaba-phio, a hlokofatsa batho, a jala liphatlalatso tsa leshano le ho sokela batho ka lefu, e le ha a leka ho fokolisa tumelo ea bahlanka ba Jehova kapa ho ba qobella hore ba inehele. Lihloela le limpimpi li ne li akarelletsa baahelani, basebetsi-’moho, bakoenehi, litho tsa malapa le mahlahana a Sepolesa sa Mautloela. Mahlahana a mang a ne a bile a khukhunela ka liphuthehong a iketsa eka a rata ’nete a be a ithute lipolelo tse sebelisoang ka phuthehong. ‘Bara bana babo rōna ba bohata’ ba ile ba baka tšenyo e khōlō ’me ba etsa hore ba bangata ba tšoaroe. E mong oa bona ea bitsoang Savu Gabor, o ne a bile a fuoe boikarabelo bo itseng. O ile a pepesoa ka 1969.—Bagal. 2:4.

Mahlahana a ’muso a ne a boetse a fokisa batho ka bomong le malapa a sebelisa li-microphone tse patiloeng. Timotei Lazăr o re: “Ha ke le teronkong ka lebaka la boemo ba ka ba Bokreste ba ho se nke lehlakore, Mapolesa a Mautloela a ne a lula a bitsetsa batsoali ba ka le moen’a ka ntlo-khōlō ea ’ona moo a neng a qeta lihora tse tšeletseng a ba hloma lipotso a sa ba fe tšoeea. Ketsahalong e ’ngoe, a ile a kenya litšepe tse nyenyane tse rekotang ka sekhukhu heso. Mantsiboeeng ao, moen’a ka ea sebetsang ka motlakase o ile a bona hore mithara oa motlakase o matha ka tsela e sa tloaelehang. Eitse ha a hlahlobisisa a fumana ho patiloe litšepe tse peli tse sebelisetsoang ho rekota batho ha ba bua, tseo a ileng a li nka setšoantšo a ntan’o li ntša. Ka le hlahlamang Mapolesa a Mautloela a ile a tla ’me a re a kōpa lintho tseo a bapalang ka tsona, e leng kamoo a neng a li bitsa kateng.”

Litaba tsa leshano li ne li atisa ho phatlalatsoa lihloohong tse hatisitsoeng linaheng tse ling tsa Bokomonisi. Ka mohlala, sehlooho se reng “Lequloana la Majehova le Sebōpeho sa Lona sa ho Loantša Liphetoho” se ne se nkuoe koranteng ea Russia. Sehlooho seo se ne se qosa Lipaki Tsa Jehova ka hore li na le “sebōpeho se kang sa mokhatlo oa lipolotiki” oo sepheo sa oona “e leng ho nyopisa mesebetsi ea linaha tsa Bososhiale.” Se ne se boetse se khothalletsa babali hore ba tlalehe leha e le mang ea rutang lithuto tsa Lipaki. Empa batho ba nahanang ba ile ba hlokomela hore liphatlalatso tsena tsa bo-ralipolotiki ke tsela e ’ngoe ea ho lumela hore bahanyetsi ba hlōlehile, kaha li ne li tsebisa bohle hore Lipaki Tsa Jehova li ntse li le mafolofolo le hore li ntse li bolela ka matla.

Ha Mapolesa a Mautloela a ne a tšoara mora kapa morali oabo rōna, a ne a mo hlokofatsa ka sehlōhō se tšabehang, a bile a etsa seo ka botsebi. A ne a bile a sebelisa metsoako ea lik’hemik’hale e amang kelello ea motho le tsamaiso ea hae ea methapo, e le ha a leka ho qobella bahlaseluoa ho tsoa ka taba. E mong ea ileng a hlokofatsoa ka tsela eo ke Samoilă Bărăian, ea reng: “Nakoana a qalile ho ntlhoma lipotso, a ile a mpha lithethefatsi, tse neng li le kotsi ho feta ha a ne a ka nkotla. Ka mor’a nakoana ke ile ka hlokomela hore ho na le ho hong ho phoso ka ’na. Ke ne ke se ke sa khone ho tsamaea hantle ke bile ke sitoa ho hloa litepisi. Ka mor’a moo ka qala ho hlobaela bosiu. Ke ne ke sitoa ho tsepamisa mohopolo ke bile ke itoma leleme ha ke bua.

“Boemo ba ka bo ile ba ’na ba mpefala. Ka mor’a nako e isang khoeling, ke ne ke se ke sa khone ho utloa tatso ea lijo ha ke ja. Mala a ka a ile a khaotsa ho sebetsa ’me ka utloa eka manonyeletso ’ohle a ka aa khoehla. Ke ne ke opeloa habohloko. Maoto a ka a ne a fufuleloa hoo lieta li ileng tsa taboha ka mor’a likhoeli tse peli, ’me ka tlameha ho li lahla. Motho ea ntlhomang lipotso o ile a kharuma a re: ‘Ke hobane’ng ha u luletse ho bua leshano? Na ha u ipone hore na u joang?’ Ke ile ka batla ho phatloha ke bohale empa ka lokela ho ithiba ka matla.” Ha nako e ntse e ea, Mor’abo rōna Bărăian o ile a hlaphoheloa ka ho feletseng boemong boo bo bohloko.

Mapolesa a Mautloela a ne a boetse a hlokofatsa batho maikutlong, joalokaha Alexa Boiciuc a pheta: “Ntho e ileng ea nthatafalla ka ho fetisisa bosiung bo bong ke ha a ntsosa ke robetse a nkisa holong e ’ngoe moo ke ileng ka utloa ha a shapa mor’abo rōna e mong. Ka mor’a moo ke ile ka utloa seboko sa morali’abo rōna e mong, ka ntan’o utloa lentsoe la ’Mè. Ke ne ke lakatsa eka a ka shapa ’na ho e-na le hore ke mamelle seo sohle.”

Barab’abo rōna ba ile ba bolelloa hore ba tla tšoareloa ha ba ka fana ka mabitso a Lipaki tse ling hammoho le linako tseo liboka li tšoaroang ka tsona le moo li tšoareloang teng. Basali ba ile ba khothalletsoa hore ba siee banna ba bona ba teronkong e le hore bana ba bona ba tle ba be le bokamoso bo molemo.

Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba tlameha ho sebetsa lipolasing tse kopanetsoeng, kaha ’Muso o ne o nkile thepa ea bona. Mosebetsi o ne o se mobe hakaalo, empa banna ba ne ba tlameha ho ea lipitsong tsa lipolotiki, tse neng li tšoaroa khafetsa. Ba neng ba sa ee ho tsona ba ne ba songoa ebile moputso oa bona o fokotsoa hoo ho neng ho tšoana le ha ba sa fuoe letho. Ka ho utloahalang, boemo boo bo ile ba thatafalletsa Lipaki Tsa Jehova lintho, kaha li ne li sa ee lipitsong tseo tsa lipolotiki li bile li sa kopanele mesebetsing ea lipolotiki.

Ha mahlahana a ’muso a futuhela malapa a Lipaki, a ne a hapella le thepa ea botho, haholo-holo lintho tseo a ka li rekisang. Ha e le mariha a ne a atisa ho senya litofo tsona tseo Lipaki li neng li futhumatsa ka tsona malapeng. Ke hobane’ng ha a ne a etsa sehlōhō seo? A ne a re li pata lingoliloeng hona moo litofong. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ha baa ka ba khutsisoa. Joalokaha re tla bona, esita le ba ileng ba hlokofatsoa ’me ba phela bohloking ha ba le likampong tsa mosebetsi o boima le teronkong, ba ile ba tsoela pele ho paka ka Jehova le ho khothatsana.

Ho Rorisa Jehova Likampong le Literonkong

Ntle le literonko, Romania e ne e boetse e e-na le likampo tse tharo tse khōlō tsa mosebetsi o boima. E ’ngoe e ne e le Molomong oa Nōka ea Danube, e ’ngoe e le Sehlekehlekeng se Seholo sa Braila, ’me ea boraro e le mochophorong oa Nōka ea Danube o kenang Leoatleng le Letšo. Ho tloha ha Makomonisi a qala ho busa, Lipaki tse teronkong li ne li atisa ho iphumana li koaletsoe le ba neng ba li hlorisa nakong e fetileng, ba neng ba tšoaretsoe mesebetsi ea bona ea pusong e fetileng. Mor’abo rōna e mong eo e neng e le molebeli oa potoloho o ile a iphumana a koaletsoe le baruti ba 20! Ha ho pelaelo hore batšoaruoa bao ba ne ba etsa hore ho be le puisano e thahasellisang.

Ka mohlala, mor’abo rōna e mong o ile a buisana haleletsana le moprofesa oa thuto ea bolumeli eo pele a neng a hlahloba batho ba tl’o kenela boruti. Ka mor’a nakoana, mor’abo rōna o ile a hlokomela hore moprofesa eo ha a tsebe letho ka Bibele. E mong oa batšoaruoa ba neng ba mametse e ne e le molaoli oa sesole pusong e ketotsoeng.

Molaoli eo oa sesole o ile a botsa moprofesa, a re: “Ho tla joang hore ebe batho feela tjee ba etsang mesebetsi ea matsoho ba tseba Bibele ho u feta?”

Moprofesa a re: “Likolong tsa boruti re rutoa neano ea kereke le tse amanang le eona, eseng Bibele.”

Molaoli oa sesole ha aa ka a khahloa ke karabo eo. A re: “Re ne re le tšepile, empa joale kea bona hore re ne re tšepile lelea.”

Ha nako e ntse e ea, batšoaruoa ba ’maloa ba ile ba fumana tsebo e nepahetseng ea ’nete ’me ba nehela bophelo ba bona ho Jehova, ho akarelletsa monna e mong ea ahloletsoeng ho hoehla lilemo tse 75 ka lebaka la bosholu ba boqhobane. Ha e le hantle, monna eo o ile a fetola botho ba hae ka tsela e hlollang hoo baokameli ba teronko ba ileng ba hlokomela. Ba ile ba mo fa mosebetsi o mong—oo ka tloaelo o sa fuoeng motho ea tšoaretsoeng bosholu ba boqhobane. O ne a tsamaea a le mong ha a ea toropong ho ea reka lintho tse sebelisoang teronkong moo!

Leha ho le joalo, bophelo ba teronkong bo ne bo le thata, ’me lijo li haella. Batšoaruoa ba ne ba bile ba ikōpela hore litapole tseo ba li fuoang li se ke tsa eboloa e le hore ba atise lijo tsa bona. Ba ne ba ja le lihoete, joang, makhasi le limela tse ling, e le hore feela ba tlatse mpa. Ha nako e ntse e ea, ba ’maloa ba ile ba shoa ka lebaka la ho haelloa ke phepo e nepahetseng, ’me bohle ba tšoaroa ke letšollo.

Nakong ea lehlabula barab’abo rōna ba Molomong oa Nōka ea Danube ba ne ba cheka letamo le ntseng le hahuoa ba bile ba tlosa mobu moo. Mariha ba ne ba rema lehlaka la metsi ba eme lehloeng. Ba ne ba robala ka seketsoaneng sa khale se entsoeng ka tšepe, se neng se ba bolaisa serame, se le litšila se bile se le linta, ’me ba e-na le balebeli ba thatafetseng lipelo ba neng ba bonahala ba sa tsotelle le ha motšoaruoa a e-shoa. Empa ho sa tsotellehe maemo ao ba neng ba le ho ’ona, barab’abo rōna ba ne ba khothatsana ba bile ba thusana hore ba lule ba le matla moeeng. Nahana ka se ileng sa etsahalla Dionisie Vârciu.

Nakoana pele Dionisie a lokolloa, ofisiri e ’ngoe e ile ea mo botsa ea re: “Monna Vârciu, na ho koalloa teronkong ho atlehile ho fetola tumelo ea hao?”

Dionisie a re: “Monghali, na u ka chencha sutu ea hao ea boleng bo botle ua nka ea boleng bo tlaase?”

Ofisiri eo ea re: “Che.”

Dionisie a boela a re: “Le ’na ka ho tšoanang ha ho motho ea mphileng letho le molemo ho feta tumelo ea ka nakong eo ke e qetileng ke le teronkong mona. Joale ke tla be ke e chenchela’ng?”

Eaba ofisiri eo e tšoara Dionisie ka letsoho e re: “U ka ikela, monna Vârciu. U tiee tumelong ea hao.”

E ne e se hore bara le barali babo rōna ba kang Dionisie ba na le matla a fetang a batho ba bang. Se ileng sa etsa hore ba be sebete le hore ba be matla moeeng ke tumelo ea bona ho Jehova, e leng tumelo eo ba ileng ba e boloka e phela ka litsela tse hlollang.—Liprov. 3:5, 6; Bafil. 4:13.

Ho Ithuta Boitsebiso Boo re bo Tšoereng ka Hlooho

András Molnos o re: “Nako eo ke e qetileng ke le teronkong e bile nako ea ho koetlisetsoa puso ea Molimo.” Ke hobane’ng ha a bua joalo? Hobane o ile a bona bohlokoa ba ho bokana hammoho le barab’abo beke e ’ngoe le e ’ngoe ho ithuta Lentsoe la Molimo. András o re: “Hangata re ne re se na boitsebiso bo ngotsoeng empa re ne re ithuta bo ka hloohong. Barab’abo rōna ba ne ba ikhopotsa lihlooho tsa Molula-Qhooa tseo ba ithutileng tsona pele ba koalloa. Barab’abo rōna ba seng bakae ba ne ba bile ba hopola lintlha tsohle tse makasineng—ho akarelletsa lipotso tse botsitsoeng lihloohong tse ithutoang!” Maemong a mang, se neng se etsa hore ba hopole lintlha ka tsela eo e ikhethang ke hobane ba ne ba kopitsa lijo tsa moea ka letsoho, e leng seo batšoaruoa ba bang ba neng ba se etsa pele ba tšoaroa.—Bona lebokose le reng “Mekhoa ea ho Kopitsa Lingoliloeng,” leqepheng la 132-3.

Ha barab’abo rōna ba ikarabellang ba ne ba lokisetsa liboka tsa Bokreste, ba ne ba bolela taba e tl’o tšohloa, ebe motšoaruoa e mong le e mong o leka ho hopola lintlha tsohle tseo a ka li hopolang tabeng eo, ebang ke litemana tsa Mangolo kapa ke lintlha tseo a ithutileng tsona ha a bala lingoliloeng tsa Bokreste tse re thusang ho ithuta Bibele. Qetellong, bohle ba ne ba kopana ho tšohla boitsebiso boo. Ha ba le sebokeng ba ne ba khetha mokhanni ea neng a tsamaisa puisano ka hore a botse lipotso tse loketseng, ka mor’a hore ho buloe ka thapelo. Ha ba bang kaofela ba se ba buile, o ne a hlalosa lintlha tseo eena a li hopolang ebe o fetela ntlheng e latelang.

Literonkong tse ling, batšoaruoa ba ne ba haneloa ho buisana ka lihlopha. Empa barab’abo rōna ba ne ba sa felloe ke maqheka. Mor’abo rōna e mong o re: “Re ne re tloaetse ho ntša khalase ea fensetere ea ntloana ea ka tlung ebe re e tlotsa ka sesepa se mongobo se kopantsoeng le kalaka eo re neng re e fata leboteng. Ha motsoako oo o se o omme, motho o ne a ka ngolla holim’a khalase eo, ’me seo se ne se re nolofalletsa ho ngola seo re ithutang sona letsatsing leo. Mor’abo rōna e mong o ne a bitsetsa mantsoe tlaase ha e mong a ntse a a ngola khalaseng eo.

“Re ne re arotsoe ka lisele tse ’maloa, tseo e neng e le lihlopha tsa thuto. Boitsebiso bo ithutoang bo ne bo fetisetsoa ho barab’abo rōna ka bomong ka moo ka seleng. Kaha ke sele e le ’ngoe feela e neng e e-ba le boitsebiso bo ngotsoeng, boitsebiso boo bo ne bo fetisetsoa ho barab’abo rōna ba bang ka ho kokota leboteng ka tsela e ikhethang. Ka tsela efe? E mong oa rōna o ne a fetisa boitsebiso bo ngotsoeng ka ho kokotela tlaase ka hohle kamoo ho ka khonehang, a kokota leboteng kapa liphaepheng tse futhumatsang. Ka nako eo, barab’abo rōna ba ka liseleng tse ling ba ne ba beha tsebe mabekereng ao ba neng ba a beha leboteng kapa holim’a phaephe e le hore ba mamele ka ’ona. Ho hlakile hore ba sa tsebeng tsela eo ea ho fetisa boitsebiso ka ho kokota leboteng ka tsela e ikhethang ba ne ba lokela ho ithuta eona.”

Literonkong tse ling, baralib’abo rōna ba ka ntle ho teronko le bona ba ile ba thusa barab’abo rōna hore ba fumane lijo tsa moea tse sa tsoa lokolloa ka hore ba etse maqheka a tšoanang. Ka mohlala, baralib’abo rōna ba ne ba pata lingoliloeng ka har’a hlama ha ba baka bohobe. Barab’abo rōna ba ne ba re lijo tseo ke bohobe bo theohang leholimong. Baralib’abo rōna ba bile ba etsa hore likarolo tse ling tsa Bibele li fihle teronkong ka hore ba mene maqephe a Bibele hore a be manyenyane, ebe ba a kenya ka har’a libolonyana tsa polasetiki, tseo ba neng ba li pitikisa ka har’a chokolete e metsi e kopantsoeng le phofshoana ea cocoa.

Bothatanyana feela ka tokisetso ena ke hore barab’abo rōna ba ne ba tlameha ho balla ka ntloaneng, kaha ke hona feela moo ba neng ba ka qeta metsotso e seng mekae ba sa behoa leihlo ke balebeli. Ha mor’abo rōna a qeta ho bala, o ne a pata boitsebiso boo ka mor’a tanka ea metsi. Batšoaruoa ba bang bao e seng Lipaki le bona ba ne ba tseba ka sebaka sena seo ba neng ba pata boitsebiso ho sona, ’me ba bangata le bona ba thabela ho bala ha ba le sebakeng seo se khutsitseng.

Basali le Bana ba Lula ba Tšepahala

Viorica le Aurica Filip bao e leng bana ba motho ba ile ba hlorisoa ke litho tsa lelapa, joaloka Lipaki tse ling tse ngata. Banana bao ba ne ba e-na le likhaitseli tse supileng le ausi a le mong. Viorica o re: “Ka 1973, Aurica o ile a tlameha ho tlohela univesithi Cluj-Napoca, kaha o ne a batla ho sebeletsa Jehova, ’me o ile a kolobetsoa nakoana ka mor’a moo. Ke ile ka susumetsoa ke tsela eo a neng a tiile ka eona a bile a cheseha ka eona ’me ka qala ho hlahloba Lentsoe la Molimo. Ha ke ithuta ka tšepiso ea Molimo ea bophelo bo sa feleng paradeiseng lefatšeng, ke ile ka re, ‘Ke’ng e ka bang molemo ho feta seo?’ Ha ke ntse ke tsoela pele ho ithuta, ke ile ka nka ka ho teba melao-motheo ea Bibele tabeng ea ho se nke lehlakore ha Bokreste ’me ka hana ho ba setho sa Mokha oa Bokomonisi.”

Viorica o re ha a tsoela pele: “Ke ile ka nehela bophelo ba ka ho Jehova ka 1975. Le ’na ke ne ke se ke tlohile hae ke lula le beng ka ’na motseng oa Sighet Marmaţiei, moo ke neng ke le tichere teng. Kaha ke ne ke khethile ho se kopanele lipolotiking, baokameli ba sekolo ba ile ba mpolella hore ke tlil’o lelekoa sekolong seo qetellong ea selemo. Ba lelapa leso ba ile ba qala ho re hlorisa, ’na le ausi oa ka, e le ha ba leka ho thibela hore ke se ke ka lelekoa sekolong.”

Bana ba sekolo le bona ba ne ba sokeloa, ba bang ba sokeloa ke Mapolesa a Mautloela. Ntle le ho otloa le ho rohakoa, ba bangata ba ile ba lelekoa sekolong se seng ’me ba tlameha ho ea ngolisa ho se seng. Ba bang ba ile ba haneloa ho ntšetsa thuto ea bona pele. Mapolesa a ne a bile a leka ho thaotha bana ba bang hore e be limpimpi!

Daniela Măluţan, eo hona joale e leng pula-maliboho, o re: “Ke ne ke atisa ho tlotlolloa ka pel’a liithuti-’moho le ’na hobane ke ne ke hana ho ba setho sa Mokha oa Bacha oa Makomonisi, o neng o sebelisetsoa ho jala likhopolo tsa lipolotiki likelellong tsa bacha. Ha ke le sehlopheng sa borobong, Mapolesa a Mautloela hammoho le matichere le basebetsi ba bang bao e neng e le limpimpi ba ile ba mpakela mathata a mangata. Pakeng tsa 1980 le 1982, hoo e batlang e le ka mor’a libeke tse ling le tse ling tse peli ka Laboraro ke ne ke hlongoa lipotso ka ofising ea mosuoe-hlooho. Mosuoe-hlooho o ne a sa lumelloe ho ba teng nakong eo ke hlongoang lipotso. Barab’abo rōna ba Seterekeng sa Bistriţa-Năsăud ba ne ba tseba kamoo mokoronele oa Mapolesa a Mautloela ea neng a ntlhoma lipotso a re hloileng kateng le kamoo a chesehelang ho re sala morao kateng. O ile a ba a tla a nkile mangolo a buang barab’abo rōna ba ikarabellang hampe. Pakane ea hae e ne e le ho etsa hore ke se ke ka hlola ke tšepa barab’abo rōna le hore ke latole tumelo ea ka ’me a ntšusumelletse hore ke be mpimpi ea Mapolesa a Mautloela, le hoja ke ne ke sa le ngoananyana ea kenang sekolo. O ile a hlōleha ka ho feletseng.

“Leha ho le joalo, ke ne ke sa hlaheloe ke lintho tse bohloko feela. Ka mohlala, tichere ea ka ea histori, eo e neng e le setho sa mokha, e ile ea batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha ke lula ke hlongoa lipotso. Ka letsatsi le leng ho e-na le hore e rute histori e ile ea qeta lihora tse peli e mpotsa ka tumelo ea ka ka pel’a tlelase eohle. E ile ea khahloa ke tsela eo ke arabang ka eona ’me e ne e bile e nka hore ho fosahetse hore ebe ke khahlapetsoa joalo. Ka mor’a puisano eo, e ile ea qala ho hlompha pono ea rōna ea ba ea amohela lingoliloeng tse ling.

“Leha ho joalo, baokameli ba sekolo ba ile ba tsoela pele ho nkhanyetsa. Ha e le hantle, ba ile ba nteleka sekolong ha ke qeta sehlopha sa leshome. Leha ho le joalo, ke ile ka fumana mosebetsi hona hoo ’me ha ho mohla nkileng ka ikoahlaela hore ebe ke ile ka lula ke tšepahala ho Jehova. Ha e le hantle, ke leboha Jehova ka hore ebe ke hōlisitsoe ke batsoali ba Bakreste ba ileng ba lula ba tšepahala le ha ba ne ba hlorisoa pusong ea Makomonisi. Le kajeno ke ntse ke hopola mohlala oa bona o motle.”

Bahlankana Baa Lekoa

Mapolesa a Mautloela a ile a tsoa letšolo khahlanong le Lipaki Tsa Jehova, a shebane haholo-holo le barab’abo rōna ba bacha lilemong ba neng ba tšoareletse boemong ba bona ba Bokreste ba ho se nke lehlakore. Ba ne ba tšoaroa, ebe baa koalloa, ba ntan’o lokolloa, ’me ba boele ba tšoaroe, ba khutlisetsoe teronkong. Sepheo e ne e le ho ba fokolisa. E mong oa bara bao babo rōna ke József Szabó, ea ileng a ahloleloa lilemo tse ’nè a le teronkong hang feela ha a qeta ho kolobetsoa.

Ka mor’a hore József a hoehle lilemo tse peli teronkong, o ile a lokolloa ka 1976, ’me nakoana ka mor’a moo a kopana le moroetsana eo a ileng a tšepisana lenyalo le eena. József o re: “Re ile ra lebeletsana ra ba ra beha letsatsi la lechato. Ka mor’a moo ka fumana lisamane tse tsoang Lekhotleng la Sesole la Cluj. Ke ne ke lokela ho itlaleha ho lona ka lona letsatsi la lechato la rōna! Leha ho le joalo, ’na le kharebe ea ka re ile ra itsoella pele ka morero oa rōna ra chata, ka ntan’o itlaleha lekhotleng. Le hoja re ne re sa qeta le letsatsi feela re nyalane, lekhotla leo le ile la nkahlolela lilemo tse ling tse tharo, tseo ke li qetileng ke le teronkong. Ha ho na mantsoe a ka hlalosang bohloko boo ke ileng ka bo utloa ka lebaka la karohano eo.”

Mocha e mong oa Paki ea bitsoang Timotei Lazăr, o re: “Ke ile ka lokolloa teronkong ka 1977 hammoho le moen’a ka. Moholoane oa rōna ea neng a lokolotsoe selemong se ka pele ho seo, o ile a tla hae ho tla thaba le rōna ha re lokolotsoe. Empa ha a fihla a fumana a chehetsoe leraba—Mapolesa a Mautloela a ne a mo emetse moo. Re ne re qobeletsoe ho qeta lilemo tse peli, likhoeli tse supileng le matsatsi a 15, re arohane ’me joale re ne re boetse re arohana le moholoane oa rōna a khutlisetsoa teronkong ka lebaka la ho se nke lehlakore ha hae ha Bokreste. Ke ile ka ema moo le moen’a ka re sithabetse.”

Ho Keteka Sehopotso

Bahanyetsi ba ne ba hakala boitekong ba bona ba ho tsoma Lipaki Tsa Jehova mantsiboeeng ao Sehopotso se tšoaroang ka ’ona. Ba ne ba hlasela malapa a Lipaki, ba li lefisa ba bile ba li tšoara. E le ho qoba ho tsosa libata masene, barab’abo rōna ba ne ba kopana ka lihlopha tse nyenyane—ka linako tse ling e le malapa a seng makae feela—ho keteka sehopotso sa lefu la Jesu.

Teodor Pamfilie o re: “Mantsiboeeng a mang a Sehopotso, mookameli e mong oa mapolesa o ile a noa le metsoalle ho fihlela e se e le bosiu. Ha a tloha moo a il’o hlasela malapa a barab’abo rōna, a ikōpela motho feela eo a sa mo tsebeng hore a mo felehetse ka koloi. Empa koloi ea hana ho luma. Qetellong ea luma, ’me ba ea ha ka, moo ba seng bakae ba rōna ba neng ba ntse ba keteka Sehopotso teng. Empa kaha re ne re kupelitse lifensetere kaofela, ba ile ba bona ho le lefifi feela eaba ba nka hore ha ho na batho ka tlung ka moo. Kahoo ba fetela pele lapeng le leng. Empa ha ba fihla moo ba fumana Sehopotso se se se felile, ’me batho ba ile malapeng.

“Eitse ba sa ile joalo, ra phethela lenaneo la rōna, ’me barab’abo rōna ba hlekeha hang ha ho fela. Ke ne ke setse le moholoane feela ha mapolesa a mabeli a fihla a itšohlometsa ka tlung a bile a kharuma a re: ‘Ho etsahala’ng moo?’

“Ka re: ‘Ha ho etsahale letho. Ke ntse ke iqoqela feela le moholoane.’

“Lepolesa le leng la re: ‘Rea tseba ho na le seboka se neng se tšoaretsoe mona. Ba bang bakae?’ La ntan’o sheba moholoane, la re: ‘Uena ebile u batla’ng moo?’

“Moholoane a re: ‘Ke mo chaketse,’ a ntšupa. Mapolesa ao a tsoa a betseha ke ho ferekana. Ka le hlahlamang ra tsoha re utloa hore mapolesa ha aa khona ho tšoara le ea mong feela le hoja a ne a cheseha hakaalo!”

Ntlo-khōlō ea Lefatše e Ipiletsa ho ba Boholong Romania

Tsela e sehlōhō eo Lipaki Tsa Jehova li neng li tšoeroe ka eona e ile ea etsa hore ntlo-khōlō e ngolle moemeli oa Romania ea United States lengolo la maqephe a mane ka March 1970 e be e ngolle mopresidente oa Romania, Nicolae Ceauşescu lengolo la maqephe a tšeletseng ka June 1971. Lengolong la barab’abo rōna le eang ho moemeli oa Romania, ba ile ba re: “Se re susumelletsang ho u ngolla ke lerato la Bokreste leo re ratang barab’abo rōna ba Romania ka lona, ebile re amehile ka bona.” Ka mor’a ho thathamisa mabitso a batho ba supileng ba kentsoeng teronkong ka lebaka la tumelo ea bona, lengolo le ile la tsoela pele, la re: “Tlaleho e bontša hore ba bang ba batho ba boletsoeng ka holimo ba hlile ba tšoeroe ka sehlōhō moo teronkong. . . . Lipaki Tsa Jehova hase litlokotsebe. Ha li kopanele ketsong leha e le efe ea lipolotiki kapa ea ho ketola ’muso kae kapa kae lefatšeng, empa li etsa mesebetsi e amanang le borapeli ba tsona feela.” Lengolo leo la qetella ka ho ipiletsa ho ’muso hore “o imolle Lipaki Tsa Jehova tse mahlomoleng.”

Lengolo le eang ho Mopresidente Ceauşescu le ile la re “Lipaki Tsa Jehova tsa Romania ha li na bolokolohi ba bolumeli boo molao-motheo oa Romania o fanang ka bona” empa li ipeha kotsing ea ho tšoaroa le ea ho hlokofatsoa ka sehlōhō ha li buisana le ba bang ka seo li se lumelang le ha li bokana hammoho ho ithuta Bibele. Lengolo leo le ile la boela la bua ka tšoarelo eo ’muso o neng o sa tsoa fana ka eona e ileng ea etsa hore barab’abo rōna ba bangata ba lokolloe. “Re ne re tšepile hore seo se tla fa . . . Lipaki Tsa Jehova monyetla oa hore le tsona li qale khaolo e ncha. Empa ka bomalimabe seo ha sea ka sa etsahala. Litlaleho tsohle tse tsoang Romania li senola boemo bo tšoanang bo bohloko ba hore: ’Muso o ntse o hlorisa Lipaki Tsa Jehova. Ho phenngoa mahae a tsona, li nkeloa lingoliloeng ka mahahapa, banna le basali baa tšoaroa ’me ka mor’a ho qosoa, ba bang ba ahloleloa lilemo tse ngata teronkong, ha ba bang bona ba hlokofatsoa ka sehlōhō. Sena se etsahala hobane ba bala Lentsoe la Jehova Molimo ba bile ba paka ka lona. Lintho tseo li etsa hore Naha e se ke ea e-ba le botumo bo botle, ’me re amehile ka ho teba ka se etsahallang Lipaki Tsa Jehova Romania.”

Lengolo leo le ile la romeloa le libuka tse peli: ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng ka Seromania le Bophelo bo sa Feleng—Tokolohong ea Bara ba Molimo ka Sejeremane.

Boemo ba Lipaki Tsa Jehova bo ile ba qala ho ntlafala ho se hokae ka mor’a 1975, hoba Romania e saenele tumellano e entsoeng Sebokeng sa Helsinki se neng se tšohla taba ea Tšireletseho le Tšebelisano-’moho Europe. Seboka seo se ile sa tiisa litokelo tsa botho le ho fana ka bolokolohi ba litokelo tsa motheo, ho akarelletsa bolokolohi ba bolumeli. Ka mor’a moo, ho ile ha tšoaroa feela ba hanang ho ea bosoleng ’me ba koalloa.

Joale ka 1986, molao-motheo o mocha o ile oa re ha ho motho leha e le hofe, ho akarelletsa le liofisiri, ea lumeletsoeng ho kena lapeng la motho ha mong’a ntlo a sa mo lumella hore a kene, ntle le maemong a itseng feela a lumeletsoeng ke molao. Joale, bonyane barab’abo rōna ba ne ba ka ikutloa ba sireletsehile ha ba tšoara liboka tsa Bokreste malapeng a bona, ho akarelletsa ha ba tšoara Sehopotso.

Ho Hatisa ka Sekhukhu

Nakong ea thibelo, lijo tsa moea li ne li kena Romania ka lenyele e le lingoliloeng, listensele, kapa ka litsela tse ling ebe ho etsoa likopi tsa tsona moo. Ka linako tse ling li ne li tla li fetoletsoe ka Seromania le ka Sehungary, empa hangata li ne li lokela ho fetoleloa li nkoa Senyesemaneng, Seforeng, Sejeremaneng kapa Setalianeng. Li ne li tsamaisoa ka litsela tse ngata tse sa tšoaneng, li tla ka bahahlauli ba tsoang linaheng tse ling, liithuti tse tlil’o ithuta le Maromania a tsoang libakeng tse ling.

Mapolesa a Mautloela a ne a leka ka matla ho fumana batho ba tlisang lingoliloeng tseo le hore na li hlahisoa hokae moo Romania. Barab’abo rōna ba ne ba sebeletsa ka masene metseng e ’maloa, malapeng a sirelelitsoeng hore molumo o se ke oa tsoela ka ntle. Malapeng ao ba ne ba haha liphaposi kapa likamore tsa sekhukhu, tseo ba neng ba beha thepa eo ba etsang likopi ka ho tsona. Likamore tse ling li ne li patiloe ka mor’a maifo, a neng a atisa ho hahelloa leboteng. Empa barab’abo rōna ba ne ba haha maifo ao ka tsela eo a ka suthisoang, e le hore ba tsebe ho kena ka likamoreng tseo tsa sekhukhu.

Sándor Parajdi o ne a sebetsa setsing sa sekhukhu sa khatiso se Tirgu-Mures, moo a neng a hlahisa bukana ea temana ea letsatsi, Tšebeletso ea ’Muso, Molula-Qhooa le Tsoha! Sándor o re: “Re ne re sebetsa lihora tse ka bang 40 ka mafelo-beke, re chenchana ha re robala ’me re nka hora feela. Monko oa lik’hemik’hale o ne o salla liaparong tsa rōna le letlalong. Ka letsatsi le leng ha ke fihla hae, moshemane oa ka ea lilemo li tharo o ile a re: ‘Ntate, u nkha joaloka temana ea letsatsi!’”

Traian Chira, e leng monna oa lelapa ea bileng a nang le bana, o ne a etsa likopi tsa lingoliloeng a bile a li tsamaisa Seterekeng sa Cluj. Traian o ne a fuoe mochine oa khale o etsang likopi o bitsoang Mill, ’me o ne o se o tsofetse haholo. O ne o ntse o sebetsa empa o sa etse mosebetsi o motle hakaalo. Kahoo Traian a kōpa mor’abo rōna e mong oa mak’henike hore a o nchafatse. Mor’abo rōna o ile a o hlahloba, empa tsela eo a ileng a khathala matla ka eona e ile ea bontša hore Mill e se e tsofetse hoo e se nang mokhoa oa ho lokisoa. Eaba sefahleho sa hae sea ela, ’me a re: “Nka u etsetsa mochine o mocha!” Ha e le hantle, ha aa ka a etsa mochine o mocha feela. O ile a sebeletsa mokatong o ka tlaase ha morali’abo rōna e mong, ’me a iketsetsa mochine o sehang tšepe le lepolanka. Ho e-na le ho etsa mochine o le mong feela o etsang likopi, o ile a etsa e fetang leshome! Mechine eo e mecha ea Mill e ile ea isoa likarolong tse sa tšoaneng tsa naha ’me ea etsa mosebetsi o tsoileng matsoho.

Lilemong tsa bo-1980, barab’abo rōna ba ’maloa ba ile ba rutoa ho sebelisa mechine ea offset e etsang likopi, eo e neng e le ea boleng bo holimo. Qalong ho ile ha koetlisoa Nicolae Bentaru, ’me eena a ntan’o ruta ba bang. Joalokaha ho ne ho atisa ho etsahala, lapeng la ha Bentaru mosebetsi oa ho hlahisa lingoliloeng o ne o etsoa ke litho tsohle tsa lelapa, setho ka seng se etsa ho itseng. Ho hlakile hore ho ne ho le thata ho boloka mosebetsi oo e le pinyane, haholo-holo nakong eo ka eona Mapolesa a Mautloela a neng a fokisa batho le ho ba futuhela malapeng. Ka hona e ne e le habohlokoa hore barab’abo rōna ba potlake ha ba etsa lintho, kahoo ba ne ba sebetsa lihora tse ngata ka mafelo-beke e le hore ba hatise lingoliloeng ba be ba li tsamaise. Ke hobane’ng ha ba ne ba sebetsa ka mafelo-beke? Hobane har’a beke ba ne ba sebetsa mesebetsing ea bona e tloaelehileng.

Barab’abo rōna ba ne ba boetse ba lokela ho ba seli ha ba reka pampiri. Esita le haeba motho a reka pakete e le ’ngoe feela—ea maqephe a ka bang 500—o ne a lokela ho hlalosa lebaka. Ho ntse ho le joalo, libaka tsa khatiso li ne li hatisa maqephe a ka bang 40- 000 ka khoeli! Kahoo barab’abo rōna ba ne ba lokela ho ba masene ha ba sebetsana le batho ba sebetsang mabenkeleng. ’Me kaha batho ba ne ba atisa ho phenngoa tseleng, ba ne ba boetse ba lokela ho ba hlokolosi ha ba tsamaisa thepa eo.

Mosebetsi o Boima oa ho Fetolela

Bara le barali babo rōna ba seng bakae ba lulang likarolong tse sa tšoaneng tsa Romania ba ne ba fetolela lingoliloeng ka lipuo tse buuoang moo, ho akarelletsa Seukraine, se neng se buuoa ke batho ba seng bakae ba karolong e ka leboea. Bafetoleli ba bang e ne e le baprofesa ba puo ba neng ba amohetse ’nete; ba bang ba ne ba ithutile puo e ’ngoe, mohlomong ba ile thupelong e rutang puo eo.

Qalong bafetoleli ba ne ba ngola ka letsoho libukeng, tseo ba neng ba li isa motseng oa Bistriţa, o karolong e ka leboea hore boitsebiso boo bo baloe le ho hlahlojoa liphoso. Bafetoleli le ba balang boitsebiso ho hlahloba liphoso ba ne ba kopana hang kapa habeli ka selemo ho buisana ka lintlha tse mabapi le mosebetsi oa bona. Ha bara le barali bao babo rōna ba fumanoa, ba ne ba atisa ho phenngoa, ba hlongoa lipotso, ba shapuoa ba bile ba tšoaroa. Ba tšoeroeng ba ne ba koalloa lihora tse seng kae kapa matsatsi a seng makae, ebe baa lokolloa, ba ntan’o tšoaroa hape—e leng se neng se etsoa ka makhetlo-khetlo ho ba kenya tšabo. Ba bang ba ne ba haneloa ho tsoa ka jareteng kapa ba tlameha ho itlaleha sepoleseng letsatsi le leng le le leng. Ba bangata ba ile ba koalloa teronkong, ho akarelletsa Dumitru le Doina Cepănaru hammoho le Petre Ranca.

Dumitru Cepănaru e ne e le moprofesa oa puo ea Seromania le oa histori, mohats’ae Doina, e le ngaka. Mapolesa a Mautloela a ile a qetella a ba fumane, eaba aa ba tšoara a ba qetisa lilemo tse supileng le likhoeli tse tšeletseng ba le literonkong tse fapaneng. Doina o ile a qeta lilemo tse hlano a koaletsoe a le mong. Ha e le hantle, mabitso a bona ke a mang a a neng a thathamisitsoe lengolong leo re buileng ka lona pejana leo ntlo-khōlō e ileng ea le ngolla moemeli oa Romania, United States. Doina o ile a ngola mangolo a 500 ha a le teronkong, a ngolla monna oa hae le baralib’abo rōna ba bang ba teronkong a ba khothatsa.

Selemo ka mor’a hore Dumitru le Doina ba tšoeroe, ’mè oa Dumitru, e leng Sabina Cepănaru, le eena o ile a tšoaroa, a qeta lilemo tse hlano le likhoeli tse leshome teronkong. Monna oa Sabina le eena e ne e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me ke eena feela lapeng leo ea sa kang a tšoaroa, le hoja Mapolesa a Mautloela a ne a mo behile leihlo ka thata. O ne a ipeha kotsing e khōlō ka hore a lule a etela litho tse tharo tsa lelapa la hae.

Ka 1938, Petre Ranca o ile a khethoa hore e be mongoli ofising ea Lipaki Tsa Jehova e Romania. Mosebetsi ona—hammoho le mosebetsi oa ho ba mofetoleli—o ile oa etsa hore e be e mong oa batho bao Mapolesa a Mautloela a ba batlang ka mahlo a matšo. A ile a mo fumana ka 1948, a mo tšoara ka makhetlo a ’maloa, ’me ka 1950 a mo qosa hammoho le Martin Magyarosi le Pamfil Albu. Petre ea neng a qosoa ka hore ke setho sa lequloana la limpimpi tsa Maamerika le Manyesemane, o ile a qeta lilemo tse 17 ho tse ling tsa literonko tse tšoarang batho ka thata ka ho fetisisa naheng eo—e leng teronko ea Aiud, ea Gherla le ea Jilava—’me a qeta lilemo tse ling tse tharo a thibetsoe ho tsoela ka ntle ho jarete, Seterekeng sa Galaţi. Leha ho le joalo, mora eo oabo rōna ea tšepahalang o ile a sebeletsa Jehova ka pelo eohle ho fihlela a qeta bophelo ba hae ba lefatšeng ka la 11 August, 1991.

Mosebetsi o entsoeng ka lerato ke baboloki bao ba botšepehi o re hopotsa mantsoe a reng: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae, ka hore le sebelelitse bahalaleli ’me le tsoela pele ho sebeletsa.”—Baheb. 6:10.

Likopano Tse Tšoareloang ka Ntle

Lilemong tsa bo-1980, barab’abo rōna ba ile ba qala ho bokana ka bongata—le ka likete—ha ba fumana monyetla o kang oa lenyalo kapa lepato. Ha ho ne ho e-na le lenyalo, ba ne ba hloma tente e khōlō sebakeng se loketseng se ka thōko ebe ba khabisa tente eo ka hare ka lik’hapete tse ntle tse khabisitsoeng ka lesela le nang le litšoantšo le litemana tsa Bibele. “Baeti” ba bangata ba ne ba lokisetsoa litulo le litafole, ’me sethaleng ho manehoa boto e ngotsoeng Molula-Qhooa ka litlhaku tse khōlō le temana ea selemo. Bahoeletsi ba sebakeng seo ba ne ba atisa ho tla le lijo tseo ba ka khonang ho tla le tsona. Ka tsela eo bohle ba ne ba thabela mokete oa lijo tsa moea le tsa nama.

Lenaneo le ne le qala ka puo ea lenyalo kapa ea lepato ebe ho latela lipuo tse ling tse nang le lihlooho tse sa tšoaneng tsa Bibele. Kaha ka linako tse ling libui li ne li sitoa ho fihla ka nako, barab’abo rōna ba bang ba tšoanelehang ba ne ba lula e le malala-a-laotsoe ho koala likheo, hangata ba sebelisa Bibele feela, kaha ho ne ho se na likemiso tsa lipuo tse lokiselitsoeng.

Nakong ea lehlabula, batho ba lulang metseng ea litoropo ba ne ba ea libakeng tsa mahae ka bongata ho ea ikhatholla. Lipaki Tsa Jehova le tsona li ne li etsa ho tšoanang. Empa li ne li sebelisa monyetla oo ho tšoarela likopano tse nyenyane maralleng le ka merung. Li ne li bile li bapala litšoantšiso tsa Bibele li apere moaparo oa boholo-holo.

Sebaka se seng sa phomolo seo li neng li atisa ho ea ho sona ke Leoatle le Letšo, seo hape e neng e le sebaka se loketseng sa kolobetso. Barab’abo rōna ba ne ba qoelisa ba bacha joang ba ntse ba hlokometse hore batho ba bang ba se ke ba bona seo ba se etsang? Tsela e ’ngoe eo ba neng ba e sebelisa e ne e le ea ho etsa “papali” e itseng. Bahoeletsi ba tl’o kolobetsoa le ba bang ba seng ba kolobelitsoe ba ne ba etsa sakana-la-nkope ka metsing ebe ba kapisana bolo. Sebui se ne se ema bohareng ebe se fana ka puo, ’me ha se qeta ebe ho qoelisoa ba kolobetsoang—le teng ka bohlale.

Holo ea Barui ba Linotši

Ka 1980, barab’abo rōna ba motseng oa Negreşti-Oaş, o karolong e ka leboea-bophirimela ea Romania, ba ile ba nahana leqheka leo ba ka le sebelisang hore ba fumane tumello ea molao ea ho haha Holo ea ’Muso. Mehleng eo ’Muso o ne o khothalletsa leruo la linotši. Kahoo barab’abo rōna ba bang ba nang le matlo ao linotši li hahetseng ho ’ona ba ile ba ipuoa hore ba thehe mokhatlo oa barui ba linotši, e leng se neng se tla ba fa lebaka le utloahalang la hore ba hahe sebaka seo ba kopanelang ho sona.

Ka mor’a hore barab’abo rōna ba buisane le baholo ba potolohong ea bona, ba ile ba ingolisa le Mokhatlo oa Romania oa Barui ba Linotši ’me ba ea liofising tsa ’muso ho ea hlalosa morero oa bona oa ho haha sebaka seo ba kopanelang ho sona. Ntle le tšenyo ea nako ba boholong ba ile ba ba lumella hore ba hahe mohaho oa mapolanka o bolelele ba limithara tse 34 le bophara ba limithara tse 14. Barui bao ba thabileng ba linotši le bathusi ba bona ba bangata ba ile ba qeta mohaho oo ka likhoeli tse tharo. Ba boholong moo motseng ba bile ba romela molaetsa oa teboho!

Kaha ho ne ho tla ba le batho ba bangata sebokeng sa bona sa pele ebile se ne se tla nka lihora tse ’maloa, barab’abo rōna ba ile ba kōpa tumello ea hore ba sebelise holo eo ho etsa letsema la kotulo eaba ba fuoa tumello ea ho etsa seo. Ketsahalong eo ho ile ha tlile Lipaki tse fetang 3 000 tse tsoang likarolong tsohle tsa naha. Ba boholong motseng oo ba ile ba makatsoa ke batho bao ba bangata ba tl’o thusa ka kotulo le “ho keteka” ka morao.

Ha e le hantle, mokete oo e ile ea e-ba kopano e hahang moeeng. Ka lebaka la morero oo mohaho ona o neng o ngolisitsoe ka oona molaong, ho ile ha buuoa khafetsa ka linotši lenaneong leo empa e le ka tsela ea moea. Ka mohlala, libui li ile tsa bua ka hore linotši li mahlahahlaha, li tseba ho fumana tsela e lebang moo li eang teng le hore li tseba ho hlophisa lintho, li itela ka sebete ha li sireletsa ntlo ea tsona, tsa ba tsa tšohla litšobotsi tse ling tse ngata tsa linotši.

Ka mor’a seboka seo sa pele, barab’abo rōna ba ile ba tsoela pele ho sebelisa mohaho oo o neng o bitsoa Holo ea Linotši lilemong tse setseng tsa thibelo le ka lilemo tse ling tse tharo ka mor’a hore thibelo e tlosoe.

Balebeli ba Etelang Makala ba Khothalletsa Bonngoe

Makomonisi a ile a qeta lilemo tse mashome a etsa sohle se matleng a ’ona ho jala lipelaelo le ho se utloane har’a batho ba Molimo a bile a ba sitisa ho ba le mecha ea puisano. Joalokaha ho boletsoe, ka linako tse ling a ne a atleha. Ha e le hantle, ho ile ha ’na ha e-ba le likhaohano ho fihlela ka bo-1980. Maeto a balebeli ba etelang makala a ile a thusa ho rarolla bothata bona ’me boemo bo fetohang ba lipolotiki le bona bo ile ba thusa tabeng ena.

Ho tloha lilemong tsa bo-1975, Gerrit Lösch, eo e neng e le setho sa Komiti ea Lekala la Austria, eo hona joale e seng e le setho sa Sehlopha sa Busang, o ile a etela Romania ka makhetlo a ’maloa. Ka 1988, baemeli ba Sehlopha se Busang, e leng Theodore Jaracz le Milton Henschel, ba ile ba etela moo habeli ba tsamaea le Mor’abo rōna Lösch le Jon Brenca ea neng a ba tolokela, eo ka nako eo e neng e le setho sa lelapa la Bethele, United States. Ka mor’a maeto ao a khothatsang, barab’abo rōna ba likete ba neng ba ikarotse mohlapeng oa batho ba Jehova ba ile ba khutlela ho oona ka sebete.

Ka eona nako eo, liphetoho tse tsoelang pele tsa lipolotiki li ne li etsa hore batho ba ikutloe ba sa sireletseha linaheng tsa Europe tsa Bokomonisi, e leng ho ileng ha fokolisa metheo ea tsona ho fihlela ha qetellong mebuso e mengata ea Bokomonisi e putlama ho elella lilemong tsa bo-1990. Litaba li ile tsa e-ba mosenekeng Romania ka 1989, ha batho ba fetohela puso ea Bokomonisi. Moeta-pele oa mokha, e leng Nicolae Ceauşescu, le mosali oa hae ba ile ba bolaoa ka la 25 December. Selemong se latelang seo, ho ile ha thehoa ’muso o mocha.

Tokoloho Qetellong!

Joaloka kamehla, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa lula li sa nke lehlakore ka ho feletseng maemong a lipolotiki a ntseng a fetoha Romania. Empa liphetoho tseo li ile tsa tlisetsa Lipaki tse 17 000 tse neng li le Romania ka nako eo tokoloho eo tse ngata li neng li se na eona li mpa li e labalabela feela. Komiti ea Naha e ile ea re lengolong la eona: “Ka mor’a ho tosa lilemo tse 42 kaofela, re thabela ho romela tlaleho ena e thabisang ea mosebetsi o etsoang Romania. Re leboha Ntate oa rōna ea lerato, Jehova Molimo, ea mametseng barab’abo rōna ba limilione ha ba rapela ka tieo a ba a emisa mahloriso a sehlōhō.”

Barab’abo rōna ba ile ba ngolisoa ka molao e le Mokhatlo oa Bolumeli oa Lipaki Tsa Jehova ka la 9 April, 1990, ’me hang ka mor’a moo ba lokisetsa ho tšoara likopano tsa potoloho likarolong tsohle tsa naha. Likopanong tseo ho ile ha e-ba teng batho ba fetang 44 000—e leng lenane le fetang la bahoeletsi ka makhetlo a mabeli, le neng le se le nyolohetse ho ba ka bang 19 000. Ha e le hantle, tlaleho ea tšebeletso ea tšimo e bontša hore Lipaki Tsa Jehova li bile le keketseho ea bahoeletsi ba 15 ho ba bang le ba bang ba lekholo pakeng tsa September 1989 le September 1990!

Ka nako eo, Komiti ea Naha e ne e tsamaisa mosebetsi o neng o hlokometsoe ke lekala la Austria. Empa Romania e ile ea boela ea e-ba le ofisi ea eona ea lekala ka 1995, ka mor’a lilemo tse 66.

Ba Ile ba Matlafatsoa le Hoja ba Fetile Mathateng a Moruo

Moruo oa Romania o ile oa thefuleha lilemong tsa bo-1980, ’me ho ne ho se na lintho tse lekaneng tsa motheo tseo batho ba li sebelisang. Ho ketoloa ha puso ea Bokomonisi ho ile ha putlamisa moruo, e leng se ileng sa siea batho ba le maqakabetsing a maholo. Ka lebaka leo, Lipaki Tsa Jehova tsa Austria, Hungary le moo pele e neng e le Czechoslovakia le Yugoslavia li ile tsa phalla ka ho romela barab’abo rōna ba Romania lijo le liaparo tse etsang boima ba lithane tse 70, ’me bona ba ile ba khona ho arolelana le baahelani ba bona bao e seng Lipaki tse ling tsa liphallelo tseo. Tlaleho e re: “Nako le nako ha barab’abo rōna ba fana ka thuso e itseng, ba ne ba sebelisa monyetla oo ho fana ka bopaki ka ho feletseng.”

Ntle ho lijo le liaparo, barab’abo rōna ba ile ba fumana lijo tsa moea ka bongata ba li tlisetsoa ka teraka. Ba bangata ba ile ba sekisa meokho ha ba li bona e le matletsetletse joalo, kaha batho bana ba ne ba tloaetse ho arolelana mohlomong Molula-Qhooa o le mong feela e le sehlopha. Ho feta moo, ho qala ka tokollo ea January 1, 1991, Molula-Qhooa oa Seromania o ile oa tsoela hong le oa Senyesemane le hona o hatisoa ka mebala eohle! Liphetoho tsena li ile tsa eketsa ka sekhahla lenane la lingoliloeng tse tsamaisoang tšimong.

Ho Fapana le Puisano ea Lihlopha ho se ho Tšoaroa Liboka Tse Tloaelehileng

Nakong ea mahloriso, barab’abo rōna ba ne ba sa khone ho tšoara liboka tse ling ka tsela e tloaelehileng, joaloka Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ho e-na le hoo, ba ne ba kopana e le batho ba seng bakae, ba bala boitsebiso boo le ho bo tšohla. Ba ne ba atisa ho ba le likopi tse seng kae feela tsa boitsebiso bo tšohloang, kapa ba be le kopi e le ’ngoe feela.

Jon Brenca, eo hona joale e leng setho sa Komiti ea Lekala Romania, o re: “Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo e hatisitsoe ka Seromania ka 1992. Pele ho moo, barab’abo rōna ba seng bakae ba ne ba e-na le buka eo e hatisitsoeng hona mona. Ka 1991 re ile ra qala ho koetlisa baholo hore ba tsebe ho tšoara Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le ho fana ka keletso. Empa maemong a mangata baholo ba ne ba le leqe ho fana ka keletso, e neng e fanoa sethaleng mehleng eo. Ba bang ba ne ba re: ‘Barab’abo rōna ba tla koata ha ba eletsoa ka pel’a ba bang.’”

Ho ne ho boetse ho e-na le ho se utloisise ho itseng. Ka mohlala, ha mor’abo rōna e mong ea tsoang Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi a ne a etetse phuthehong e ’ngoe ka 1993, moholo e mong o ile a ea ho eena a nkile kemiso ea sekolo e bontšang hore liphutheho tse nang le bahoeletsi ba bangata li ka tšoara sekolo sa bobeli. Moholo eo o ne a nka hore tokisetso eo e etselitsoe liithuti tse seng li hatetse pejana, kahoo a botsa, a re: “Kea ipotsa hore na re tla qala neng ho fana ka lipuo sekolong seo. Re na le barab’abo rōna ba tšoanelehang ba ka fetelang sehlopheng se latelang.” Moeti eo o ile a mo hlakisetsa taba eo ka mosa.

Mor’abo rōna Brenca o re: “Likopano tsa potoloho li ile tsa thusa haholo tabeng ea ho rupela barab’abo rōna, kaha molebeli oa setereke o ne a tšoara Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ho bontša tsela eo se tsamaisoang ka eona. Empa ho ile ha ’na ha nka lilemo tse seng kae hore bohle ba tloaelane le tokisetso eo hantle.”

Ho ile ha qaloa Sekolo sa Tšebeletso sa Bo-pula-maliboho Romania ka 1993 se seng se thusitse bo-pula-maliboho ba bangata ho hatela pele moeeng le ho atleha haholoanyane tšebeletsong. Ke ’nete hore ho thata ho bula maliboho Romania kaha ha ho bonolo ho fumana mosebetsi oa nakoana moo. Leha ho le joalo, bara le barali babo rōna ba ka holimo ho 3 500 ba ile ba kopanela mofuteng o itseng oa tšebeletso ea bopula-maliboho ka 2004.

Ho Thusa Balebeli ba Tsamaeang

Mor’abo rōna Roberto Franceschetti le Mor’abo rōna Andrea Fabbi ba tsoang lekaleng la Italy ba ile ba abeloa ho ea Romania ka 1990. E ne e le ka sepheo sa ho thusa ho hlophisa mosebetsi bocha. Mor’abo rōna Franceschetti o re: “Ka nako eo ke ne ke le lilemo li 57. ’Na le mohats’a ka, Imelda, re ile ra thatafalloa ke kabelo eo e ncha ka lebaka la boemo ba moruo Romania ka nako eo.

“Ha re fihla Bucharest ka la 7 December, 1990, ka hora ea bosupa mantsiboea, serame se ne se le likhatong tse 12 ka tlas’a ntlha-khoamo, ’me motse o aparetsoe ke lehloa. Re ile ra kopana le bara ba bang babo rōna ka toropong ’me ra ba botsa hore na re il’o robala hokae bosiung boo. Ba araba ka ho re, ‘Ha re e-s’o tsebe.’ Empa mosetsana e mong eo ’mè oa hae le nkhono oa hae e neng e le Lipaki o ile a utloa ha re ntse re buisana ka taba eo eaba o re memela lapeng. Re ile ra qeta libeke tse seng kae moo ho fihlela re fumana sebaka sa bolulo se loketseng motseng oo. Barab’abo rōna ba moo le bona ba ile ba re tšehetsa le ho re khothatsa, e leng ho ileng ha re thusa ho tloaela kabelo ea rōna.”

Roberto, ea ileng a fumana lengolo sehlopheng sa bo43 sa Gileade ka 1967, hammoho le mohats’ae, ba qetile lilemo tse ka bang robong ba le Romania, ba thusa barab’abo rōna ka seatla se bulehileng hore ba rue molemo phihlelong ea bona ea ho sebeletsa Jehova ka lilemo tse mashome. Roberto o re: “Ka January 1991, Komiti ea Naha e ile ea lokisetsa ho tšoara seboka le balebeli bohle ba tsamaeang—ke hore barab’abo rōna ba 42. Ba bangata ba bona ba ne ba potoloha lipotolohong tse nyenyane tse nang le liphutheho tse tšeletseng kapa tse supileng. Ba ne ba tloaetse ho etela phutheho ka mafelo-beke a mabeli a latellanang, hangata ba tsamaea ba siile basali ba bona. Nakong ea mahloriso, balebeli ba potoloho ba ne ba tlameha ho ba le mosebetsi oa boipheliso e le hore ba phelise malapa a bona le hore ba qobe ho tsosa lipelaelo ho ba boholong. Empa joale bara bana babo rōna ba ne ba se ba ka latela kemiso eo balebeli ba bang ba potoloho ba e latelang linaheng tse ling ea ho etela liphutheho ho tloha ka Labobeli ho fihlela ka Sontaha.

“Ha ke qeta ho hlalosa tokisetso ena, ke ile ka re ho bara bao babo rōna ba 42, ‘Ke kōpa ba ka ratang ho tsoela pele e le balebeli ba tsamaeang, ba phahamise matsoho.’ Ha ho le ea mong ea ileng a phahamisa letsoho! Kahoo, ka ho panya ha leihlo feela, eaba balebeli bohle ba tsamaeang naheng eo ba ile! Empa ba bang ka mor’a ho nahanisisa taba le ho rapela ka eona ba ile ba fetola maikutlo. Batho ba bang ba ileng ba thusa ke ba tsoang Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi Austria, Fora, Italy, Jeremane le United States.”

Jon Brenca, eo e leng Moromania ka tsoalo, o ile a tloha Bethele ea Brooklyn, moo a neng a sebelelitse teng ka lilemo tse leshome, a ea Romania. Jon o ile a qala e le molebeli oa potoloho le oa setereke. O re: “Ka June 1991, ha ke le molebeli oa setereke ke ne ke sebetsa le balebeli ba potoloho ba neng ba ikemiselitse ho sebeletsa ka nako e tletseng ho latela tokisetso eo e ncha. Ka mor’a nakoana ke ile ka hlokomela hore hase bona feela ba lokelang ho etsa liphetoho tse khōlō tseleng eo ba nahanang ka eona—liphutheho le tsona li ne li thatafalloa ke tokisetso eo e ncha. Baholo ba bang ba ne ba re: ‘Bahoeletsi ha ba na ho khona ho tšehetsa tšebeletso ea tšimo letsatsi le leng le le leng.’ Leha ho le joalo, bohle ba ile ba tšoarisana ’me ba etsa liphetoho tse hlokahalang.”

Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso le Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi le tsona li ile tsa thusa ho rupela barab’abo rōna. Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso se neng se tšoaretsoe Baia-Mare, moholo e mong o ile a ea ho e mong oa bakoetlisi moo a fihla a itšela ka likhapha. A re: “Ke bile moholo ka lilemo-lemo, empa ke hona ke qalang ho utloisisa hantle hore na maeto a bolisa a lokela ho etsoa joang. Ke leboha Sehlopha se Busang ha se fane ka boitsebiso bona bo babatsehang.”

Barab’abo rōna ba ne ba ’nile ba utloela ka Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, empa ba sa nahane hore le ka mohla se tla ke se tšoareloe naheng ea habo bona. Kahoo u ka inahanela hore na ba ile ba thaba hakaakang ha toro ea bona e phethahala ka 1999 ha ho tšoaroa sehlopha sa pele moo! Ho tloha ka nako eo, ho se ho tšoeroe lihlopha tse ling tse robeli, tse kopanyelletsang barab’abo rōna ba buang Seromania ba tsoang linaheng tsa boahisani e leng Moldova le Ukraine.

“Ke Fumane ’Nete!”

Le hoja batho ba bangata hona joale ba pakeloa khafetsa, ba ka bang limilione tse supileng—e leng moahi a le mong ho ba bang le ba bang ba bararo—ba lula masimong a sa abuoang. Libakeng tse ’maloa batho ha ba e-s’o utloe litaba tse molemo, kahoo kotulo e sa le khōlō! (Mat. 9:37) Bo-pula-maliboho ba kamehla le ba khethehileng le baholo ba phutheho ba sebetsana le boemo bona ka hore ba fallele masimong a sa abuoang. Ka tsela eo, ho qalisitsoe lihlopha tse eketsehileng ha ba ha thehoa liphutheho. Ho feta moo, lekala le ile la khothalletsa liphutheho ho kopanela phutuhong e khethehileng ea masimo a sa abuoang. Joaloka linaheng tse ling, liphutuho tsena li ile tsa atleha haholo.

Motseng o mong o ka thōko, mosali-moholo e mong ea lilemo li 83 o ile a fuoa Molula-Qhooa ke morali oa hae e mong, ea neng a o fumane ka moqomong oa lithōle, Bucharest. Mosali-moholo eo o ile a bala makasine eo a ba a phetla litemana tsohle ka Bibeleng ea hae—e neng e e-na le lebitso la Molimo. Lekhetlong le latelang ha a bua le morali eo oa hae, o ile a re, “Ngoan’a ka, ke fumane ’nete!”

O ile a boela a bua le moruti oa hae moo motseng a mo botsa hore na ke hobane’ng ha a sa ka a bolella batho lebitso la Molimo. Moruti ha aa ka a mo araba, ho e-na le hoo, a alima Bibele le makasine eo hore a ke a e’o li sheba. Mosali-moholo eo a mo fa tsona ka tlhompho, athe ke ha a qetela ho bona Bibele ea hae le Molula-Qhooa oo. Hamorao, mosali-moholo eo o ile a amohela Lipaki Tsa Jehova tse neng li tlil’o paka motseng oo oa habo, a qala ho ithuta Lentsoe la Molimo a sebelisa buka ea Tsebo, ’me a tsoela pele hantle haholo. Kajeno, o linneteng hammoho le barali bohle ba hae.

Qetellong ba Bokana ka Bolokolohi!

Lipaki Tsa Jehova tsa Romania li ile tsa thabela ho bokana hammoho Likopanong Tsa Setereke tsa “Puo e Hloekileng” ka 1990. Ho ba bangata leo e ne e le lekhetlo la pele ba ea kopanong. Likopano li ne li tšoaretsoe motseng oa Brasov le oa Cluj-Napoca. Libeke tse peli pele ho moo, batho ba fetang 2 000 ba ile ba ea kopanong ea Seromania e neng e tšoaretsoe Budapest, Hungary. Le hoja likopano tseo tsa Romania e ne e le tsa letsatsi feela, barab’abo rōna ba ile ba thabela ho mamela baemeli ba babeli ba Sehlopha se Busang, e leng Milton Henschel le Theodore Jaracz. Batho ba fetang 36 000 ba ile ba e-ba teng, ’me ha kolobetsoa ba 1 445—hoo e ka bang bahoeletsi ba robeli ho ba bang le ba bang ba lekholo!

Ka 1996, ho ne ho lokiselitsoe hore e ’ngoe ea Likopano Tsa Machaba tsa “Manģosa a Khotso ea Bomolimo” e tšoareloe Bucharest. Empa baruti ba Orthodox ba ile ba etsa sohle se matleng a bona ho thibela kopano eo. Baruti bao le balateli ba bona ba ile ba maneha liboto tse bontšang lehloeo hohle motseng oo—litšeng tsa kereke, mehahong, liphasejeng le maboteng. Botong e ’ngoe ho ne ho itsoe: “Boorthodox kapa lefu,” ho e ’ngoe ho itsoe: “Re tl’o kōpa ba boholong ho thibela kopano ena. TLOONG RE LOANELENG TUMELO EA BAHOLO-HOLO BA RŌNA. E se eka Molimo a ka re thusa!”

Ha maemo a se a le joalo, ba boholong motseng oo ba ile ba boela ba nahana ka taba eo eaba ba hana hore kopano e tšoareloe moo Bucharest. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ile ba khona ho hira libaka tsa kopano motseng oa Brasov le oa Cluj-Napoca ho tloha ka la 19 ho ea ho la 21 July, ba ba ba khona ho lokisetsa ho tšoara likopano tsa batho ba seng bakae motseng oa Bucharest le oa Baia-Mare bakeng sa ba sa khoneng ho ea likopanong tse ling.

Batlalehi ba litaba ba ile ba khahloa ke hore barab’abo rōna ba ile ba lula ba khobile matšoafo le hore ba ile ba khona ho hlophisa lintho bocha ka nako e khutšoaane joalo. Kahoo, le hoja baruti ba ne ba ntse ba hanyetsa, mecha ea phatlalatso e ile ea fana ka tlaleho e ntle letsatsi pele kopano e qala. Empa le litlaleho tsa pejana tse neng li ba behile ka mosing li ile tsa thusa ho tsebahatsa lebitso la Jehova. Mor’abo rōna e mong oa Bucharest o ile a re: “Ka libeke tse tharo feela, liphatlalatso tseo li entse hore re tsebahale joalokaha eka re qetile lilemo re paka hohle naheng eo. Ha e le hantle, seo Kereke ea Orthodox ea Romania e neng e nahana hore se tla re sitisa se thusitse ho ntšetsa pele litaba tse molemo.” Batho bohle ba ileng ba e-ba teng likopanong tseo e bile ba 40- 206, ’me ha kolobetsoa ba 1 679.

Barab’abo rōna ba ile ba thabela ho amohela Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Seromania, Likopanong Tsa Setereke Tsa “Baphethi ba Lentsoe la Molimo,” tse neng li tšoeroe ka 2000. Mor’abo rōna e mong e mocha lilemong o ile a bua mantsoe ana a kananelo: “Ke ile ka atamela haufi le Jehova haholoanyane ha ke bala lebitso la hae Bibeleng ea ka ea phetolelo ena. Ke leboha Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ho tsoa botebong ba pelo.”

Holo ea Linotši e Fetoha Holo ea Kopano

Ntle ho Holo ea Linotši, eo ho buuoeng ka eona pejana, ha ho Liholo tse ling Tsa ’Muso tse ileng tsa hahoa nakong ea Bokomonisi. Kahoo ho ne ho hlokahala Liholo tse ngata Tsa ’Muso ha thibelo e tlosoa. Empa lilemong tsa morao tjena ka karolelano barab’abo rōna ba khona ho nka matsatsi a ka bang leshome ho qeta Holo ea ’Muso, ka lebaka la tlatsetso e khōlō ea Letlōle la Liholo Tsa ’Muso! Ho sebelisoa polane e tšoanang le thepa e fumanehang habonolo ho haha mehaho ena e sa hlokeng lintho tse ngata e bileng e finyellang morero oa eona. Joaloka linaheng tse ling, tsela e ntle eo lintho li hlophisoang ka eona le moea oa boithaopo o bonahalang nakong ea kaho, haholo-holo liholong tse hahoang ka potlako, e ba bopaki bo botle ho baahelani, bo-rakhoebo le ba boholong motseng.

Barab’abo rōna ba ile ba ea ho ba boholong Seterekeng sa Mureş ba il’o kōpa tumello ea ho hokella motlakase Holong ea ’Muso e ntseng e hahuoa. Ofisiri e ’ngoe e ile ea botsa, ea re: “Le potlaketse’ng hakaale? Ho fetisa kōpo eo ea lōna ho tla nka bonyane khoeli, ’me le tla be le e-s’o ee hōle ka nako eo.” Kahoo barab’abo rōna ba fetisetsa kōpo eo ho mookameli.

Mookameli le eena a botsa: “Le mathetse’ng hakaale? Akere ke hona le qetang ho rala motheo hona tjee?”

Barab’abo rōna ba re: “E, empa re o ralile bekeng e fetileng. Hona joale rea rulela!” Mookameli o ile a hlakeloa hore na ho etsahala’ng ’me ka le hlahlamang a fana ka tumello.

Holo ea pele ea Kopano, Romania, e hahuoeng motseng oa Negreşti-Oaş, e ka lula batho ba 2 000 ka holong e khōlō le ba 6 000 lebaleng le bulehileng. Mor’abo rōna Lösch o ile a thaba haholo ha a kōpuoa hore a e’o fana ka puo ea nehelo moo, eo a ileng a e fana ka Seromania. Liphutheho tse fetang 90 tse etsang lipotoloho tse hlano li ile tsa kenya letsoho mohahong oo. Le pele holo e neheloa, batho ba 8 572 ba ile ba tšoarela kopano ea setereke moo ka July 2003. Ke kahoo batho ba kereke ea Orthodox ba lulang moo ba neng ba sa ome mathe ha ba bua ka Holo eo ea Kopano. Ba bang ba ne ba e bua hantle. Ha e le hantle, baruti ba bang ba bile ba babatsa barab’abo rōna ka ho bontša moea oa boithaopo.

Ha ho Sebetsa se Tla Atleha Khahlanong le Bahlanka ba Molimo

Ha Károly Szabó le József Kiss ba khutlela naheng ea habo bona ka 1911, ba ne ba sa tsebe hore na Jehova o tla hlohonolofatsa mosebetsi oo ba o qalang ho isa bohōleng bofe. Ak’u nahane ka sena: Lilemong tse leshome tse fetileng, ho kolobelitsoe bahoeletsi ba bacha ba ka bang 18 500 Romania, bao ha ba kopana le ba bang ba etsang lenane la ba 38 423. ’Me batho ba 79- 370 ba bile teng Sehopotsong ka 2005! E le hore ho hlokomeloe lenane lena le ntseng le eketseha, ho ile ha neheloa lehae le lecha la Bethele ka 1998 le ileng la atolosoa ka 2000. Ho ile ha hahuoa le mohaho o mong o nang le Liholo Tsa ’Muso tse tharo setšeng seo.

Leha ho le joalo, moralo oa keketseho ena e hlollang o raliloe nakong ea mahloriso a sehlōhō hoo re ke keng ra a pheta. Kahoo, ke Jehova ea lokelang ho fuoa tlotla eohle ka keketseho ena, kaha ke eena eo Lipaki tsa hae tse tšepahalang li balehelang moriting oa tšireletso ea hae. (Pes. 91:1, 2) Jehova o ile a tšepisa bahlanka ba hae ba tšepahalang, a re: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha, le leleme leha e le lefe le tla u tsohela matla kahlolong u tla le ahlola. Lena ke lefa la bahlanka ba Jehova.”—Esa. 54:17.

Lipaki Tsa Jehova tsa Romania li ikemiselitse ho bontša hore li hlompha bohle ba ’nileng ba hlokofatsoa ka lebaka la ho loka ka hore li etsise tumelo ea bona e babatsehang, e le hore li lule li bolokile “lefa” leo la bohlokoahali.—Esa. 43:10; Baheb. 13:7.

[Lebokose le leqepheng la 72]

Tlhaloso e Khutšoanyane ea Romania

Naha: Romania e batlang e le motopo e boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 238 000 ’me e bophara ba lik’hilomithara tse ka bang 720 ho tloha bochabela ho isa bophirimela. Linaha tse e potolohileng ha re qala ka leboea re ea ka ho le letona ke Ukraine, Moldova, Bulgaria, Serbia le Montenegro hammoho le Hungary.

Batho: Baahi ba Romania ba limilione tse 22 ke batho ba tsoang linaheng tse ngata tse sa tšoaneng ’me ba bang ke matsoalloa a moo, joaloka Maromania, Mahungary, Majeremane, Bajuda, Maukraine, Maindia a bo-hloma-u-hlomole le ba merabe e meng. Ho batho ba bang le ba bang ba lekholo bonyane ba ka bang 70 ba kena kereke ea Orthodox ea Romania.

Puo: Puo e sebelisoang linthong tsa molao ke Seromania. Puo eo e tsoa Selatineng, e leng puo e neng e buuoa khale ke batho ba Roma.

Mokhoa oa boipheliso: Ho basebetsi ba bang le ba bang ba lekholo, ba ka bang 40 baa lema, ba hlokomela meru kapa ba tšoasa litlhapi; ba 25 ba hlahisa thepa, ba sebetsa ’maeneng kapa baa haha; ’me ba 30 ba etsa mesebetsi e etsetsoang sechaba.

Lijo: Lijalo li akarelletsa poone, litapole, lihoete tse etsang tsoekere, koro le morara. Leruo le leholo la liphoofolo ke linku. Liphoofolo tse ling tse ruuoang ke likhomo, likolobe le likhōhō.

Boemo ba mohatsela le mocheso: Thempereichara e fapana ho ea ka libaka le pula e na ka ho fapa-fapana ho ea ka libaka. Ka kakaretso, mohatsela le mocheso li itekanetse ’me ho na le linako tse ’nè tsa selemo.

[Lebokose le leqepheng la 74]

Libaka Tse sa Tšoaneng Tsa Romania

Romania eo karolo e khōlō ea eona e leng libaka tsa mahaeng, e arotsoe mabatooa a sa tšoaneng a tummeng historing, a kang Maramureş, Moldavia, Transylvania le Dobruja. Maramureş, e leng lebatooa le ka leboea, ke sona feela sebaka seo Baroma ba sa kang ba se hlasela. Batho ba teng ba lula metseng e ka har’a lithaba ’me ba bolokile setso sa baholo-holo ba bona ba Madacia. Lebatooeng le ka bochabela, ke Moldavia e tummeng ka libaka tsa eona tsa tlhahiso ea veine, liliba tse tšikhunyang metsi le matlo a baitlami a lilemong tsa bo-1400. Motse-moholo oa Romania, e leng Bucharest, oo e bileng e le oona o moholo ka ho fetisisa Romania o Walachia, e lebatooeng le ka boroa.

Transylvania, e bohareng ba Romania, e lutse holim’a sehlaba se lika-likelitsoeng ke Lithaba Tsa Carpathian. Transylvania e nang le mehaho e mengata ea liqhobosheane, metse le lithako tsa mehleng ea boholo-holo, ke ha habo Dracula oa tšōmong, ea hlalosoang e le senoa-mali litšōmong. Batho ba bang ba pele ba hlalosoang e bile linoa-mali joaloka Dracula ke likhosana tsa lilemong tsa bo-1400, e leng Khosana Vlad Dracul, kapa Vlad oa Diabolose le Vlad Ţepeş, ea tsebahalang ka hore ke Vlad oa Mokhokhotheli ka lebaka la tsela eo a neng a bolaea lira tsa hae ka eona. Batho ba etelang moo ba atisa ho isoa libakeng tse ngata tseo ho nkoang hore banna bana ba ne ba lula ho tsona ba bile ba sebeletsa ho tsona.

Dobruja, e iphaphathileng ka Leoatle le Letšo sebaka sa lik’hilomithara tse ka bang 250, e ikhantša ka sebaka se setle se Molomong oa Nōka ea Danube. Nōka ea Danube, e leng nōka ea bobeli e telele ka ho fetisisa Europe, ke moeli oa Romania karolong e ka boroa ’me e fepeloa ke linōka tse ngata tsa Romania. Sebaka seo se molomong oa nōka se boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 4 300, ke mokhoabo o moholo ka ho fetisisa Europe oo ho oona ho phelang lintho tsa mefuta-futa, mefuta e fetang 300 ea linonyana; mefuta e 150 ea litlhapi; le limela tse sa tšoaneng tse 1 200, ho akarelletsa meluoane le likhahla tsa metsi.

[Lebokose le leqepheng la 87]

Ho Tloha Sehlotšoaneng sa Borapeli ba Zamolxis ho ea ho Orthodox ea Romania

Batho ba neng ba lula sebakeng seo hona joale se bitsoang Romania, lilemong tse makholo pele ho Mehla ea rōna e Tloaelehileng, e ne e le ba merabe e amanang, oa Magetae le oa Madacia. Kamoo ho bonahalang kateng, molimo oa bona, e leng Zamolxis, e ne e le molimo oa sepakapaka le oa bafu. Kajeno, hoo e batlang e le Maromania ’ohle a ipolela hore ke Bakreste. Hoo ho tlile joang?

Nakong eo ’muso oa Roma o nkang puso Hloahloeng ea Balkan, ho ikopanya ha Magetae le Madacia ho ne ho sa jese litheohelang. Ha e le hantle, Morena Decebalus ea neng a busa merabe eo e ’meli o ile a hlōla mabotho a Baroma ka makhetlo a mabeli. Empa lilemong tse qalang tsa bo-100 C.E., Baroma ba ile ba hlōla ’me ba etsa sebaka seo profinse. Dacia, kamoo profinse eo e neng e bitsoa kateng, e ne e atlehile ’me e hohela bo-ralikolone ba bangata ba Baroma. Ba ile ba nyalana le Madacia, ba a ruta Selatine, ’me ba tsoala baholo-holo ba Maromania a kajeno.

Bajaki bao le bahoebi ba ile ba tlisa bolumeli ba Bokreste-’mōtoana sebakeng seo. Tšusumetso ea Bokreste-’mōtoana e ile ea ipha matla ka 332 C.E., ha Moemphera Constantine a etsa selekane sa khotso le Magothe, e leng merabe e ikopantseng ea Majeremane e neng e lula ka leboea ho Danube.

Ka mor’a qabang e khōlō e ileng ea e-ba teng ka 1054, ha Kereke ea Orthodox ea Bochabela e ikarola Kerekeng ea Roma, sebaka seo se ile sa oela tlas’a taolo ea Kereke ea Orthodox ea Bochabela, e leng eona e hlahisitseng Kereke ea Orthodox ea Romania. Ho elella mathoasong a 2000, Kereke ea Orthodox ea Romania e ne e e-na le litho tse fetang limilione tse 16, e leng ho etsang hore Kereke ea Orthodox e be eona e khōlō ka ho fetisisa e ikemetseng Linaheng tsa Balkan.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 98-100]

Re ne re Bina ha Libomo li Ntse li Qhoma

Teodor Miron

O Hlahile ka: 1909

O Kolobelitsoe ka: 1943

Pale ea Bophelo ba Hae: O ithutile ’nete ea Bibele a le teronkong. A qeta lilemo tse 14 a le likampong tsa mahloriso tsa Manazi le likampong tsa Makomonisi tsa mosebetsi o boima le literonkong.

Ka la 1 September, 1944, ha mabotho a Jeremane a khutlela morao, ke ne ke le har’a barab’abo rōna ba 152 ba neng ba tlosoa kampong ea mahloriso e Bor, Serbia, ba isoa Jeremane hammoho le batšoaruoa ba bang. Ka matsatsi a mang le ne le likela re sa isa letho ka maleng. Re ne re arolelana ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ho lekana. Ka mohlala, haeba re ne re fumana lihoete tse seng kae tse oetseng ka thōko ho tsela, re ne re li arolelana. Ha e mong a ne a fokola hoo a seng a sitoa ho tsamaea, ba matlanyana ba ne ba mo khanna ka kiribae.

Qetellong, re ile ra fihla seteisheneng sa terene, ra qeta lihora tse ka bang ’nè re phomotse, ra ntan’o laolla thepa e ka makarecheng a mabeli a bulehileng e le hore re fumane sebaka sa ho kena. Sebaka seo se ne se lekane hore re eme feela, ’me re ne re sa apara ka tsela e mofuthu—motho ka mong ho rōna a inketse kobo feela, eo a neng a ikhurumetsa ka eona ha pula e na. Re ile ra tsamaea bosiu bohle ka tsela eo. Ha re fihla motseng ka le hlahlamang hoseng ka hora ea leshome, lifofane tse peli li ile tsa otla hloohoana ea terene eo re tsamaeang ka eona ka libomo ’me ea tlameha ho ema. Ha ho le ea mong oa rōna ea ileng a shoa ketsahalong eo, le hoja makareche a rōna a ne a le hona ka mor’a hloohoana eo. Ho sa tsotellehe seo, lekareche la rōna le ile la hokelloa hloohoaneng e ’ngoe ea terene ’me ra tsoela pele ka leeto la rōna.

Ha re ntse re emisitse seteisheneng se seng lik’hilomithara tse ka bang 100 ho tloha moo, re ile ra bona banna le basali ba nkile libaskete tsa litapole. Re ne re nahana hore ba ‘rekisa litapole.’ Empa re ne re fositse. E ne e le bara le barali babo rōna ba moea ba utloetseng ka rōna, ’me ba tseba hore re tla be re lapile. Ba ile ba fa e mong le e mong oa rōna litapole tse tharo tse khōlō tse apehiloeng ka metsi le sekotoana sa bohobe hammoho le letsoai le seng lekae. ‘Manna ana a theohang holimo’ a ile a re matlafatsa hore re qete lihora tse ling tse 48 ho fihlela re fihla Szombathely, Hungary, mathoasong a December.

Re ile ra qeta mariha re le Szombathely, boholo ba nako re phela ka ho ja poone e koahetsoeng ke lehloa. Motse oo o motle o ile oa hlaseloa ka libomo ka March le April 1945, ’me hohle literateng ho rapaletse litopo tse ranthaneng. Batho ba bangata ba ne ba qabeletsoe ke maloanlahla ’me ka linako tse ling re utloa ba lla ba kōpa thuso. Re ile ra khona ho ntša ba bang re sebelisa likharafu le lisebelisoa tse ling.

Libomo li ile tsa otla mehaho e haufi le oo re neng re lula ho oona, empa tsa se ke tsa otla oa rōna. Nako le nako ha ho ne ho hlajoa mokhosi o lemosang ka litlhaselo tsa moeeng, bohle ba ne ba baleha ba tšohile ba leka ho ipata. Qalong le rōna re ne re baleha, empa ka mor’a nakoana ra lemoha hore ho baleha ho ne ho sa thuse letho, kaha ho ne ho se moo re ka hlang ra ipata teng. Kahoo ra lula libakeng tsa rōna ’me ra leka ho khoba matšoafo. Ka mor’a nakoana, balebeli le bona ba lula le rōna. Ba ne ba re mohlomong Molimo oa rōna o tla ba sireletsa le bona! Ka la 1 April, bosiung ba ho qetela re le Szombathely, libomo li ile tsa ruthutha ho feta leha e le neng pele. Leha ho le joalo, re ile ra sala re lutse ka mohahong oa rōna, re rorisa Jehova ka pina re bile re mo leboha ha a re file khutso ea kelello.—Bafil. 4:6, 7.

Ka le hlahlamang re ile ra laeloa hore re ee Jeremane. Re ne re e-na le likariki tse peli tsa lipere, kahoo ra palama tsona ’me ra tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse ka bang 100 ho ea fihla morung o lik’hilomithara tse 13 pele re fihla moeling oa Russia. Re ile ra robaletsa polasing ea morui e mong moo, ’me ka le hlahlamang balebeli ba rōna ba re lokolla. Ra lakaletsana tsela tšoeu ka mahlo a tletseng likeleli re ntse re leboha Jehova ha a re bolokile re phela nameng le moeeng, ra ntan’o leba mahae—ba bang ba tsamaea ka maoto, ha ba bang ba tsamaea ka terene.

[Lebokose le leqepheng la 107]

Li Bonahatsa Lerato la Bokreste

Ka 1946, karolo e ka bochabela ea Romania e ile ea hlaseloa ke tlala ea sekoboto. Le hoja Lipaki Tsa Jehova tse phelang likarolong tse ling tsa Romania tse neng li sa angoa hakaalo ke Ntoa ea II ea Lefatše le liphello tsa eona li ne li futsanehile, li ile tsa fa barab’abo rōna ba hlokang lijo, liaparo le chelete. Ka mohlala, Lipaki tse neng li sebetsa ’maeneng oa letsoai motseng oa Sighet Marmaţiei, o haufi le moeli oa Ukraine, li ne li reka letsoai ’maeneng moo, ebe li le rekisa metseng e haufi, li ntan’o reka poone ka chelete eo. Ka nako e tšoanang, Lipaki Tsa Jehova tsa Sweden, Switzerland, United States le linaheng tse ling le tsona li ile tsa ba phallela ka lijo tsa boima ba lithane tse hlano.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 124, 125]

Re Ile ra Hopola Litemana Tsa Bibele Tse 1 600

Dionisie Vârciu

O Hlahile ka: 1926

O Kolobelitsoe ka: 1948

Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a hoehla lilemo tse hlano le likhoeli tse seng kae literonkong le likampong tse ’maloa tsa mosebetsi o boima ho tloha ka 1959. O hlokahetse ka 2002.

Ha re ntse re le teronkong re ne re lumeletsoe ho buisana le ba malapa a rōna, ’me ba lumeletsoe hore khoeli ka ’ngoe ba re romele phasele e boima ba lik’hilograma tse hlano. Liphasele tseo li ne li fuoa feela ba qetileng mosebetsi oa bona. Kamehla re ne re arolelana lijo ka ho lekana, ’me hangata hoo ho bolela hore re li arolelana re le batho ba ka bang 30. Ka lekhetlo le leng, re ile ra arolelana liapole tse peli ka tsela ena. Ke ’nete hore likaroloana tseo li ne li le nyenyane, empa li ile tsa thusa ho tlosa e molomong.

Le hoja re ne re se na Libibele kapa lingoliloeng tse re thusang ho ithuta Bibele, re ile ra ipoloka re le matla moeeng ka ho ikhopotsa lintho tseo re ithutileng tsona pele re koalloa le ka ho li tšohla le ba bang. Re ne re entse tokisetso ea hore hoseng ho hong le ho hong mor’abo rōna ea itseng a phete temana ea Bibele eo a e hopolang. Re ne re pheta temana eo re buela tlaase ebe re thuisa ka eona nakong ea hoseng ha re ne re qobelloa ho otlolla maoto ka metsotso e 15 ho isa ho e 20. Ha re khutlela seleng ea rōna e bophara ba limithara tse peli le bolelele ba limithara tse ’nè—eo re neng re petetsana ka ho eona re le 20—re ne re qeta metsotso e ka bang 30 re buisana ka temana eo. Ha re kopanya kaofela litemana tseo re ileng ra khona ho li hopola e ne e le litemana tsa Bibele tse 1 600. Thapama re ne re buisana ka lintlha tse sa tšoaneng, re kenyelletsa litemana tse ka bang 20 ho isa ho 30 tse buang ka ntlha eo. Kaofela ha rōna re ne re tšoara boitsebiso boo ka hlooho.

Qalong mor’abo rōna e mong o ne a inka a se a tsofetse hoo a ke keng a tšoara litemana tse ngata tsa Bibele ka hlooho. O ne a mpa a ikhalala feela. Ka mor’a ho re mamela ka makhetlo a ka bang 20 ha re ntse re pheta litemana, le eena o ile a khona ho pheta tse ngata tseo a ileng a li hopola, e leng se ileng sa mo thabisa haholo!

Ke ’nete hore re ne re lapile re bile re fokola nameng, empa Jehova o ile a re fepa a ba a re matlafatsa moeeng. Le ha re se re lokolotsoe, re ne re ntse re lokela ho lula re le matla moeeng kaha Mapolesa a Mautloela a ne a ntse a re tsunyatsunya, a batla ho re liha tumelong.

[Lebokose le leqepheng la 132, 133]

Mekhoa ea ho Kopitsa Lingoliloeng

Lilemong tsa bo-1950, mokhoa o neng o le bonolo ka ho fetisisa oa ho hlahisa lingoliloeng tse thusang batho ho ithuta Bibele ebile e le o loketseng ka ho fetisisa, e ne e le oa ho li kopitsa ka letsoho, hangata ho sebelisoa pampiri ea k’habone. Le hoja mokhoa ona o ne o nka nako ebile o tsoafisa, o ne o le molemo ka tsela e ’ngoe e ikhethang—bakopitsi ba ne ba hopola boitsebiso bo bongata ka hlooho. Kahoo ba ile ba khona ho khothatsa ba bang ka lintlha tse ngata tsa moea ha ba le teronkong. Barab’abo rōna ba ne ba boetse ba sebelisa mechine ea ho thaepa, empa mechine eo e ne e lokela ho ngolisoa mapoleseng ebile e fumaneha ka thata.

Mechine e hatisang likopi tse ngata ka nako e le ’ngoe e qalile ho sebelisoa ho elella lilemong tsa bo-1960. Barab’abo rōna ba ne ba etsa listensele ka ho tsoaka bōka le gelatin le wax, ebe ba tšela motsoako oo hasesaane ka ho lekana botong e lekanang ka mahlakoreng ’ohle, ha ho khoneha ba sebelisa khalase. Ba ne ba ngola boitsebiso pampiring ba sebelisa enke e khethehileng eo ba iketselitseng eona. Ha enke eo e se e omme, ba ne ba tlapisa pampiri eo holim’a motsoako oo o poleiting, ka tsela eo ba etsa stensele. Empa listensele tsena li ne li sa nke nako e telele, kahoo barab’abo rōna ba ne ba tlameha ho lula ba etsa tse ncha. Ebile listensele le tsona, joaloka lihlooho tse ngotsoeng ka letsoho, li ne li beha motho ea li entseng kotsing—kaha mongolo o ne o ka tšoarisa mongoli.

Ho tloha ka bo-1970 ho fihlela lilemong tsa ha thibelo e se e tla tlosoa, barab’abo rōna ba ile ba sebelisa mechine ea letsoho e etsang likopi e fetang leshome e nkehang habobebe eo ba neng ba iketselitse eona. E ne e entsoe ho latela moetso oa Austria, ’me e hatisa ka lipoleiti tsa pampiri tse koahetsoeng ka polasetiki. Barab’abo rōna ba ne ba re mochine oo ke Mill. Ho elella lilemong tsa bo-1980, ho ile ha fumanoa mechine e seng mekae ea offset e kopiletsang boitsebiso maqepheng, empa barab’abo rōna ba ne ba sa tsebe ho etsa lipoleiti tsa eona, kahoo mechine eo ea lula e sa sebetse. Empa ka 1985, mor’abo rōna eo e neng e le setsebi sa lik’hemik’hale ea neng a tsoa moo pele e neng e le Czechoslovakia o ile a ruta barab’abo rōna seo ba lokelang ho se tseba ka eona. Ka mor’a moo, lenane la lingoliloeng tse hlahisoang le boleng ba tsona ba ntlafala haholo.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 136, 137]

Jehova o Ile a Nkoetlisa

Nicolae Bentaru

O Hlahile ka: 1957

O Kolobelitsoe ka: 1976

Pale ea Bophelo ba Hae: O ne a hatisa lingoliloeng nakong ea puso ea Bokomonisi ’me hona joale ke pula-maliboho ea khethehileng le mohats’ae, Veronica.

Ke qalile ho ithuta Bibele ka 1972 ha ke le motseng oa Săcele ’me ka kolobetsoa lilemo tse ’nè hamorao ha ke le lilemo li 18. Ka nako eo mosebetsi o ne o thibetsoe, ’me liboka li tšoaroa ka lihlopha tse kang tsa thuto ea buka. Leha ho le joalo, re ne re fumana lijo tsa moea kamehla, re bile re e-ba le litšoantšiso tsa Bibele tse neng li bapaloa ka k’hasete le ka li-slide tsa ’mala.

Ha ke qeta ho kolobetsoa, kabelo ea ka ea pele e ile ea e-ba ho tsamaisa mochine o bapalang li-slide. Lilemo tse peli hamorao, ke ile ka fuoa boikarabelo bo bong ba ho reka pampiri e sebelisoang ha ho hatisoa lingoliloeng ka sekhukhu moo. Ka 1980, ke ile ka ithuta ho hatisa ’me ka thusa hore ho hlahisoe Molula-Qhooa le Tsoha! le lingoliloeng tse ling. Re ne re sebelisa mochine o hatisang likopi tse ngata le mochine o mong o monyenyane oa letsoho.

Ke nakong eo moo ke ileng ka kopana le morali’abo rōna ea ratehang ea bitsoang Veronica, ea neng a iponahalitse hore o tšepahala ho Jehova, ’me ra nyalana. Veronica o ile a ntšehetsa haholo mosebetsing oa ka. Ka 1981, Otto Kuglitsch ea tsoang lekaleng la Austria o ile a nthuta ho sebelisa mochine oa rōna oa pele oa offset o kopiletsang boitsebiso maqepheng. Ka 1987, re ile ra kopanya mochine oa bobeli o hatisang Cluj-Napoca, ’me ka abeloa ho ea koetlisa ba o sebelisang.

Ka mor’a hore thibelo e tlosoe ka 1990, ’na le Veronica hammoho le mora oa rōna, Florin, re ile ra tsoela pele ka likhoeli tse robeli re hatisa re bile re aba lingoliloeng. Florin o ne a thusa ho hlophisa maqephe a hatisitsoeng pele a tlapisoa, a pongoa, a tšoaroa ka staple, a phutheloa le ho romeloa. Ka 2002, ka boraro ba rōna re ile ra abeloa ho ea bula maliboho motseng oa Mizil, o nang le baahi ba 15 000 o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 80 ka leboea ho Bucharest. ’Na le Veronica re bo-pula-maliboho ba khethehileng, athe Florin eena ke pula-maliboho oa kamehla.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 139, 140]

Jehova o Ile a Foufatsa Sera

Ana Viusencu

O Hlahile ka: 1951

O Kolobelitsoe ka: 1965

Pale ea Bophelo ba Hae: O qalile ho thusa batsoali ba hae ho etsa likopi tsa lingoliloeng ha a le lilemo li ka bang 13. Hamorao a thusa ho fetolela lingoliloeng tsa Seukraine.

Ka le leng ka 1968, ke ne ke ntse ke ngola Molula-Qhooa ka letsoho pampiring ea stensele e etsang likopi. Ka be ke siea listensele tseo feela habohlasoa ke sa li pata ha ke ea sebokeng sa Bokreste. Hang feela ha ke fihla hae har’a mpa ea bosiu, ka utloa koloi e ema ka ntle. Le pele ke bona hore na ke bo-mang, Mapolesa a Mautloela a mahlano a be a se a kene ka tlung a tšoere mangolo a a fang tumello ea ho phenya. Ke ne ke tšohile empa ka khona ho khoba matšoafo. Ka nako e tšoanang ka kōpa Jehova ka tieo hore a ntšoarele ka ho siea lintho habohlasoa joalo, ka mo tšepisa hore nke ke ka hlola ke siea mosebetsi pooaneng joalo.

Ofisiri e ikarabellang e ile ea fihla ea lula tafoleng hona pel’a lipampiri tseo ke ileng ka li koahela ka lesela ka lehlaphahlapha ha ke utloa koloi e ema ka ntle. E ile ea lula moo ho fihlela mapolesa ao a qeta ho phenya ka mor’a lihora tse seng kae. Ha ofisiri eo e ntse e ngola tlaleho ea eona—hona pel’a listensele tseo—e ne e bile e ntse e lokisa lesela nako le nako. Tlalehong ea eona e ile ea re mapolesa ha aa fumana lingoliloeng tse thibetsoeng ka tlung kapa ho motho leha e le ofe.

Leha ho le joalo, banna bao ba ile ba nka Ntate ba ea le eena Baia-Mare. ’Na le ’Mè re ile ra mo rapella ka matla, re bile re ntse re leboha Jehova ha a re sirelelitse bosiung boo. Re ile ra thaba haholo ha Ntate a khutla ka mor’a matsatsi a seng makae.

Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka boela ka utloa koloi e ema ka ntle ha ke ntse ke kopitsa lingoliloeng. Ke ile ka tima lebone, ka nyarela le khareteneng, ’me ka bona banna ba ’maloa ba apereng junifomo ba kentseng libeche tse benyang mahetleng ba theoha koloing ’me ba kena lapeng le lulang ka lehlakoreng le leng la tsela. Bosiung bo hlahlamang, ho ile ha tla ba bang ba fapaneng, e leng se ileng sa re kholisa hore batho bao ke limpimpi tsa Mapolesa a Mautloela. Leha ho le joalo, re ile ra tsoela pele ka mosebetsi oa rōna oa ho etsa likopi empa re ntša thepa le ka morao ka jareteng e le hore ba se ke ba re bona.

Ntate o ne a atisa ho re: “’Mila ona o pakeng tsa rōna le ba lireng, o tšoana le topallo ea leru e neng e eme pakeng tsa Baiseraele le Baegepeta.” (Ex. 14:19, 20) Phihlelo eo ke fetileng ho eona e ntlhokomelisitse hore ka sebele Ntate o ne a nepile!

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 143, 144]

Re Ile ra Thusoa ke Oksoso e Senyehileng ea Koloi

Traian Chira

O Hlahile ka: 1946

O Kolobelitsoe ka: 1965

Pale ea Bophelo ba Hae: Ke e mong oa barab’abo rōna ba neng ba ikarabella tabeng ea ho hlahisa lingoliloeng le ho li tsamaisa nakong ea ha mosebetsi o thibetsoe.

Ke ile ka kenya mekotla e robeli ea lingoliloeng ka buting ea koloi, ka Sontaha se seng hoseng e le hlabula. Mekotla eo e ne e sa felle ka buting, eaba ke tlosa setulo se ka morao, ke beha mekotla e meng moo se neng se lutse teng, ka e koahela ka likobo, ’me ka lahlela mosamo ka holimo. Motho ea neng a nyarela ka har’a koloi o ne a tla nahana hore lelapa la rōna le ikela lebōpong la leoatle. E le ho qoba ho tsosa libata masene, ke ile ka ala kobo e ’ngoe holim’a mekotla e ka buting.

Ka mor’a hore re kōpe Jehova hore a re hlohonolofatse, re ile ra kena tseleng ka bohlano ba rōna—’na le mohats’a ka le bara ba rōna ba babeli le morali—re isa lingoliloeng Tirgu-Mures le Brasov. Re ne re tsamaea re bina lipina tsa ’Muso tseleng. Ka mor’a ho tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse ka bang 100, re ile ra fihla tseleng e tletseng likoti. Kaha koloi e ne e ile tlaase ke ho berelloa, oksoso e ile ea otla fatše, ea taboha. Ke ile ka tsoela ka thōko ho tsela ka nka oksoso eo e senyehileng ka e kenya ka buting haufi le lebili le katileng maemo a tšohanyetso empa ka e beha holim’a kobo. Ra ntan’o kena tseleng ka koloi e lumelang holimo!

Ha re le motseng oa Luduş, lepolesa le ile la re emisa ho hlahloba hore na koloi ea rōna e boemong bo loketseng ho tsamaea tseleng kapa che. Ha le qeta ho hlahloba nomoro ea enjine le hutara, liwaepara, mabone le tse ling, le ile la kōpa ho bona lebili le katileng maemo a tšohanyetso. Ha ke il’o potela ka mor’a koloi, ka hlahela le fensetereng ka hoesheletsa mohats’a ka le bana ka re: “Qalang ho rapela. Ke Jehova feela ea ka re thusang hona joale.”

Hang feela ha ke bula buti, lepolesa la khahlametsoa ke oksoso e senyehileng. La re: “Ke’ng ntho ee? U tl’o e lefella!” La be le se le khaotsa ho phenya kaha joale le ne le khotsofetse hore le fumane phoso. Ka koala buti, ha ba ha re kokololo! ke qala ho ikutloa ke thabile hakaalo ha ke lefisoa! Ketsahalo eo ke eona feela e ileng ea batla e re beha ka mosing, ’me barab’abo rōna ba ile ba fumana lingoliloeng tsa bona.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 147-149]

O Thulana le Mapolesa a Mautloela

Viorica Filip

O Hlahile ka: 1953

O Kolobelitsoe ka: 1975

Pale ea Bophelo ba Hae: O qalile tšebeletso ea nako e tletseng ka 1986 ebile ke setho sa lelapa la Bethele.

Ha ’na le ausi oa ka ea bitsoang Aurica re e-ba Lipaki Tsa Jehova, ba lelapa leso ba ile ba re tšoara ka sehlōhō. Le hoja seo se ile sa re utloisa bohloko, se ile sa re matlafalletsa ho sebetsana ka katleho le Mapolesa a Mautloela hamorao. Ke ile ka thulana le ’ona mantsiboeeng a mang ka December 1988. Ka nako eo ke ne ke lula le Aurica le ba lelapa la hae motseng oa Oradea, o haufi le moeli oa Hungary.

Ke ne ke ea ha mor’abo rōna ea neng a tsamaisa mosebetsi oa ho fetolela, ’me ke tšetse makasine eo ke neng ke ntse ke e bala ke bile ke e hlahloba liphoso ka mokotleng. Ke ne ke sa hlokomele hore Mapolesa a Mautloela a ntse a phenya moo a bile a hloma batho ba lulang teng lipotso hammoho le motho e mong le e mong ea etileng. Ka lehlohonolo, eitse ha ke bona se etsahalang, ka khona ho chesa boitsebiso boo bo ka mokotleng a sa mpone. Ka mor’a moo, mapolesa a ile a tsamaea le ’na le Lipaki tse ling a re isa Sepoleseng sa Mautloela ho ea re hloma lipotso.

A ile a ntlhoma lipotso bosiu bohle, ’me ka le hlahlamang a e’a phenya moo ka molao ho nkoang hore ke lula teng, e leng ntlong e ’ngoe e nyenyane haufi le motse oa Uileacu de Munte. Ke ne ke sa lule moo, empa barab’abo rōna ba ne ba sebelisa ntlo eo ho beha thepa e sebelisetsoang mosebetsi o etsoang ka sekhukhu. Mapolesa a ile a fumana thepa eo, ’me a nkhutlisetsa Sepoleseng sa Mautloela a fihla a nchapa ka phafa a batla hore ke ntše mabitso a beng ba thepa eo a e fumaneng kapa a batho ba tsebang ho hong ka eona. Ke ile ka kōpa Jehova hore a nthuse ke mamelle chapo eo. Ke ile ka qala ho ikutloa ke e-na le khotso, ’me bohloko boo ke bo utloang bo nka metsotsoana e seng mekae feela nako le nako ha a ntse a nchapa. Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a moo matsoho a ka a ile a ruruha hoo ke neng ke ipotsa hore na ebe ke sa tla khona ho ngola. Ke ile ka lokolloa mantsiboeeng ao—ke se na le ha e le sente, ’me ke shoele ke tlala le mokhathala.

Lepolesa le leng la Mautloela le ile la ntšala morao ha ke ea seemelong se seholo sa libese. Ke ne ke sa bolella mapolesa hore na ke lula hokae ha a ntse a ntlhoma lipotso, kahoo ke ne nke ke ka ea ha Aurica kaha ke ne ke tšaba ho mo beha kotsing le ba lelapa la hae. Ke ne ke sa tsebe hantle hore na ke ee hokae kapa ke etse’ng, kahoo ka kōpa Jehova ka tieo, ka mo bolella hore ke kōpa lijo le hore ke lakatsa ho robala betheng ea ka. Ke ile ka re ka pelong: ‘Ebe ke se ke kōpa ho hongata haholo?’

Ha ke fihla seemelong sa libese ke ile ka fumana bese e ’ngoe e le mothating oa ho tsamaea. Ke ile ka e mathela ’me ka fihla ka palama, le hoja ke ne ke se na chelete eo ke tl’o lefa ka eona. Bese eo e ne e bile e ea motseng oo ntlo ea ka e leng ho oona. Lepolesa la Mautloela le lona le ile la kena, la mpotsa hore na bese eo e ea hokae la ntan’o theoha. Sena se ile sa ntlhokomelisa hore ho na le lepolesa le tla beng le nkemetse ha ke fihla Uileacu de Munte. Ke ile ka thuseha ha mokhanni a lumela hore ke tsamaee ka bese. Feela ka ipotsa: ‘Empa ke il’o etsa’ng Uileacu de Munte?’ Ke ne ke sa batle ho ea ha ka hobane ho ne ho se na lijo moo ebile ho se na bethe eo nka robalang ho eona.

Ke ne ke ntse ke tšollela mathata a ka ho Jehova ha mokhanni a ema mathōkong a motse oa Oradea, a theola motsoalle e mong oa hae. Ha bese e ema le ’na ka be ke se ke theoha. Ha bese e furalla, ka ikutloa ke thabile, eaba ke ea ha mor’abo rōna e mong eo ke mo tsebang ke tsamaea ke ntse ke qamaka. Ha ke fihla e ne e le ha mohats’ae a tšola sechu se nang le meroho—e leng sejo seo ke se ratang haholo. Ba lelapa leo ba ile ba nkōpa hore ke be le bona lijong.

Hamorao mantsiboeeng ao ha ke nahana hore joale ho sireletsehile, ka ea ha Aurica ’me ka robala betheng ea ka. Ha e le hantle, Jehova o ile a mpha lintho tse peli tseo ke neng ke li kōpile thapelong ea ka—e leng lijo tse hlabosang le bethe ea ka. Re na le Ntate ea babatsehang hakaakang!

[Lebokose le leqepheng la 155]

Bacha ba Tsepamisa Mohopolo Linthong Tsa Moea

Nakong ea mahloriso, bacha ba Bakreste ba ile ba lula ba tšepahala ka mokhoa o babatsehang, ’me ba bangata ba ile ba ipeha kotsing ea hore ba lahleheloe ke bolokolohi ba bona ka lebaka la litaba tse molemo. Hona joale bacha ba Bakreste ba tobana le liteko tse ling tse fapaneng, ’me ka masoabi ba bang ba khaolitse ho falimeha. Empa ba bang ba lutse ba tsepame. Ka mohlala, liithuti tse ling tsa sekolo se phahameng motseng oa Câmpia Turzii li buisana ka temana ea letsatsi nakong ea khefu ea hoseng. Li kopana ka jareteng ea sekolo kapa mabaleng a lipapali ho buisana ka eona, ’me ka linako tse ling liithuti tse ling le tsona li kopanela puisanong eo.

Morali’abo rōna e mong e mocha o ile a re: “Ho tšohla temana ea letsatsi le metsoalle ea ka hoa ntšireletsa, kaha ka nakoana ho ntlosa har’a liithuti tse sa sebeletseng Jehova. Ho boetse hoa nkhothatsa ho bona hore hase ’na feela Paki ea Jehova.” Mosuoe-hlooho le matichere a mang a babalitse bacha bana ba itšoereng hantle.

[Lebokose le leqepheng la 160]

Ho Theha Litaba Tse Molemo ka Molao

Ka Labone la la 22 May, 2003, Lekala la Romania la Litaba Tsa Setso le Malumeli le ile la fetisa taelo ea ’muso e tiisang hore Mokhatlo oa Bolumeli oa Lipaki Tsa Jehova, o thehiloeng ka la 9 April, 1990, ke mokhatlo o ngolisitsoeng ka molao o amoheloang ke ’Muso. Kahoo, Lipaki Tsa Jehova li na le litokelo tsohle tseo molao o li fang malumeli a amohetsoeng, tse kang tokelo ea ho bolela litaba tse molemo le ea ho haha Liholo Tsa ’Muso. Ho amoheloa hona ho ile ha felisa linyeoe tse ngata tse ’nileng tsa isoa ka makhotleng ho theosa le lilemo.

[Chate/Krafo e leqepheng la 80, 81]

ROMANIA—LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA

1910

1911: Károly Szabó le József Kiss ba khutla United States.

1920: Ho thehoa ofisi ea lekala Cluj-Napoca. E hlokomela mosebetsi Albania, Bulgaria, Hungary, Romania le moo pele e neng e le Yugoslavia.

1924: Ho rekoa setša sa lekala le mohaho o nang le sebaka sa khatiso, Cluj-Napoca.

1929: Ho hlophisoa hore mosebetsi o hlokomeloe ke lekala la Jeremane ’me hamorao o hlokomeloe ke Ofisi e Europe Bohareng, Switzerland.

1938: ’Muso o koala ofisi ea Romania eo hona joale e seng e le Bucharest, ebile o thibela batho ho kena ho eona.

1940

1945: Mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova o ngolisoa ka molao, Romania.

1946: Batho ba ka bang 15 000 ba ba teng kopanong ea pele e akaretsang naha eohle, Bucharest.

1947: Ka August le September, Alfred Rütimann le Martin Magyarosi ba etela Romania.

1949: Puso ea bokomonisi e thibela Lipaki Tsa Jehova ’me e hapa thepa eohle ea lekala.

1970

1973: Ho etsoa phetoho ea hore mosebetsi o se ke oa hlola o hlokomeloa ke lekala la Switzerland empa o hlokomeloe ke lekala la Austria.

1988: Baemeli ba Sehlopha se Busang ba etela Romania.

1989: Puso ea bokomonisi ea putlama.

1990: Lipaki Tsa Jehova li amoheloa ka molao. Ho tšoaroa likopano.

1991: Molula-Qhooa oa Seromania o tsoela hong le oa Senyesemane ’me o hatisoa ka ’mala.

1995: Ho boetse ho thehoa ofisi ea lekala ea Romania, Bucharest.

1999: Ho tšoaroa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ka lekhetlo la pele, Romania.

2000

2000: Ho lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Seromania.

2004: Ho neheloa Holo ea pele ea Kopano, Negreşti-Oaş.

2005: Bahoeletsi ba 38 423 ba sebetsa ka mafolofolo Romania.

[Krafo]

(Sheba sengoliloeng)

Bahoeletsi ka Kakaretso

Bo-pula-maliboho ka Kakaretso

20 000

40 000

1910 1940 1970 2000

[’Mapa o leqepheng la 73]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

POLAND

SLOVAKIA

HUNGARY

UKRAINE

MOLDOVA

ROMANIA

Satu-Mare

Oradea

Arad

Negreşti-Oaş

Baia-Mare

MARAMUREŞ

Brebi

Bistriţa

Topliţa

Cluj-Napoca

Tirgu-Mures

Ocna Mureş

TRANSYLVANIA

Lithaba Tsa Carpathian

Frătăuţii

Bălcăuţi

Ivăncăuţi

Prut

MOLDAVIA

Brasov

Săcele

Mizil

BUCHAREST

WALACHIA

Galaţi

Braila

Danube

DOBRUJA

SERBIA LE MONTENEGRO

MACEDONIA

BULGARIA

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 66]

[Litšoantšo tse leqepheng la 69]

Ka 1911, Károly Szabó le József Kiss ba ile ba khutlela ha habo bona ho ea bolella ba bang molaetsa oa ’Muso

[Setšoantšo se leqepheng la 70]

Paraschiva Kalmár, ea lutseng fatše le monna oa hae hammoho le bana ba bona ba robeli

[Setšoantšo se leqepheng la 71]

Gavrilă Romocea

[Setšoantšo se leqepheng la 71]

Elek le Elisabeth Romocea

[Setšoantšo se leqepheng la 77]

Ho hahoa ofisi e ncha Cluj-Napoca, ka 1924

[Setšoantšo se leqepheng la 84]

Ha mahloriso a ntse a mpefala, lingoliloeng li ile tsa hlahisoa ka mabitso a sa tšoaneng

[Setšoantšo se leqepheng la 86]

Nicu Palius ea neng a tsoa Greece o ile a tla thusa ka mosebetsi

[Setšoantšo se leqepheng la 89]

Ba mametse lipuo tsa Bibele tse rekotiloeng, ka 1937

[Setšoantšo se leqepheng la 95]

Martin le Maria Magyarosi (ba ka pele) hammoho le Elena le Pamfil Albu

[Setšoantšo se leqepheng la 102]

Kopano ea potoloho e neng e tšoaretsoe motseng oa Baia-Mare ka 1945

[Setšoantšo se leqepheng la 105]

Boto e phatlalatsang kopano ea naha e ileng ea tšoaroa ka 1946

[Setšoantšo se leqepheng la 111]

Mihai Nistor

[Setšoantšo se leqepheng la 112]

Vasile Sabadâş

[Setšoantšo se leqepheng la 117]

Litšepe tsa ho mamela batho ha ba bua tse neng li sebelisoa ke Mapolesa a Mautloela

[Setšoantšo se leqepheng la 120]

Kampo ea mosebetsi o boima ea Periprava e Molomong oa Nōka ea Danube

[Setšoantšo se leqepheng la 133]

Mill

[Litšoantšo tse leqepheng la 134]

Veronica le Nicolae Bentaru ka phaposing ea sekhukhu e ka tlas’a ntlo ea bona

[Setšoantšo se leqepheng la 138]

Doina le Dumitru Cepănaru

[Setšoantšo se leqepheng la 138]

Petre Ranca

[Litšoantšo tse leqepheng la 141]

Likopano tse neng li tšoaroa ka bo-1980

[Setšoantšo se leqepheng la 150]

Sehlopha sa pele sa Sekolo sa Tšebeletso sa Bo-pula-maliboho se neng se tšoaretsoe Romania, ka 1993

[Setšoantšo se leqepheng la 152]

Roberto le Imelda Franceschetti

[Litšoantšo tse leqepheng la 156, 157]

Ba likete ba ile ba e-ba teng Likopanong Tsa Machaba tsa 1996 tsa “Manģosa a Khotso ea Bomolimo,” le hoja baruti ba ne ba hanyetsa

[Litšoantšo tse leqepheng la 158]

(1) Mohaho o nang le Liholo Tsa ’Muso tse supileng, Tirgu-Mures

(2) Lekala la Romania, Bucharest

(3) Holo ea Kopano, Negreşti-Oaş

[Setšoantšo se leqepheng la 161]

Komiti ea Lekala, ho qala ka morao ho leba ka ho le letona: Daniele Di Nicola, Jon Brenca, Gabriel Negroiu, Dumitru Oul le Ion Roman

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela