Réunion
HO KA etsahala hore ebe batho ba pele ba ileng ba bona sehlekehleke sa Réunion ke bahoebi ba Maarabo ba ileng ba re ptjang-ptjang le sebaka sena se kang paradeise se chesang le se mongobo. Réunion e lutse joaloka lehakoe le letalana ka har’a Leoatle la Indian le boputsoa bo loileng, ’me ha e bapisoa le lik’honthinente, e na le lintho tsa tlhaho tse ntle le tse fapa-fapaneng. Tse ling tsa lintho tsa bohlokoa sehlekehlekeng sena ke mabōpo a leoatle a entsoeng ka lehlabathe le hlahang seretseng se chesang, liphororo tse se nang palo, meru e lulang e le metalana, lipalesa tse ngata tsa naha, likhohlo, lithaba tse matsaranka tse entsoeng ke ho foqoha ha seretse se chesang, lithaba tse seng li sa foqohe seretse se chesang tse koahetsoeng ke limela tse pharaletseng lik’hilomithara tse ngata, le sebaka se ntseng se foqoha seretse se chesang.
Le hoja batho ba Réunion ba le sehlekehlekeng sena se senyenyane se setle-setle, ba bangata ba ratile ntho e ’ngoe e ntle le ho feta botle bo bonoang ke mahlo feela. Ba ratile linnete tsa bohlokoa tsa Lentsoe la Molimo. Robert Nisbet eo e neng e le moromuoa Mauritius, e haufi le sehlekehleke sena, e bile eena mohoeletsi oa pele oa ’Muso ea ileng a ea Réunion. Nakong ea ha a ntse a le mona ka matsatsi a seng makae ka September 1955, Robert o ile a etsa hore batho ba bangata ba thahaselle Bibele, a tsamaisa lingoliloeng tse ngata ’me a fumana lipeeletso tse ngata tsa Tsoha! O ne a lula a ngollana le batho ba bontšitseng thahasello.
Pakeng tsa 1955 le 1960, Robert le Harry Arnott eo e neng e le molebeli ea etelang makala, ba ile ba etela sehlekehlekeng sena ka nako e khutšoanyane. Ka 1959, lekala la Fora le ile la kōpa hore Adam Lisiak, eo e neng e le pula-maliboho ea tsoang Fora ea kileng a sebetsa ’maeneng oa mashala ebile e le letsoalloa la Poland le sebeletsang Madagascar, a etele Réunion. Adam o ile a qeta khoeli eohle ea December sehlekehlekeng sena ka 1959. O ile a ngola tjena: “Ho baahi ba bang le ba bang ba lekholo, ba 90 ke Mak’hatholike a popota, empa ba bangata ba ka thabela ho tseba ho eketsehileng ka Lentsoe la Molimo le lefatše le lecha. Baruti ba leka ho thibela ’nete hore e se ke ea phatlalatsoa. Monna e mong o ile a bolella motho ea entseng peeletso ea Tsoha! hore moruti o batla hore a mo alime buka ea ‘’Nete e be ea Molimo.’ Motho enoa ea entseng peeletso o ile a re, ‘Ke tla mo alima eona hafeela a ka itlisa ka seqo.’ Moruti ha aa ka a hlaha.”
HO FIHLA BATHUSI BA TSOANG FORA
Lekala la Fora, leo ka nako eo le neng le hlokometse mosebetsi o etsoang mona, le ile la kōpa bahoeletsi ba tšoanelehang hore ba fallele Réunion. Ba ha Pégoud—e leng André, Jeannine le mora oa bona ea lilemo li tšeletseng ea bitsoang Christian—hammoho le mong ka bona, Noémie Duray, ba ile ba amohela kōpo eo. Ba ile ba fihla mona ka sekepe ka January 1961. Noémie, ea neng a bitsoa Mimi, e ile ea e-ba pula-maliboho ea khethehileng ka lilemo tse peli pele a khutlela Fora.
Hang ha ba fihla, ba ile ba fumana batho ba thahasella haholo hoo ba bileng ba tšoarela liboka kamoreng ea bona hoteleng e motse-moholo, Saint-Denis. Ka mor’a hore lelapa le fallele ntlong, liboka li ile tsa tšoareloa ntlong eo. Hoo e ka bang selemo hamorao, sehlopha se sa tsoa thehoa sa Saint-Denis se ile sa hira holo e nyenyane eo ho neng ho ka lula batho ba ka bang 30 ka har’a eona. E ne e le ntlo ea mapolanka e ruletsoeng ka masenke, e nang le lifensetere tse peli tse nang le mekoallo le lemati le le leng. Ka mor’a hore barab’abo rōna ba fumane tumello, ba ile ba heletsa marako a ka hare, eaba ba haha sethala se senyenyane ba ba ba kenya libenche tsa mapolanka.
Hoseng ka Sontaha ha leholimo le hlakile sebakeng sena se chesang se mongobo, marulelo a masenke a ne a kenya mocheso o mongata, ’me ka potlako bohle ba leng teng—haholo-holo ba emeng sethaleng bao ho neng ho setse hanyenyane feela hore lihlooho tsa bona li thetse marulelo—ba ne ba rotha mofufutso. Ho feta moo, kaha hangata holo e ne e tlala tsoete! ba bangata ba ne ba ema ka ntle, ba mamela le lifensetereng le monyako, ba fokotsa moea le ho feta.
‘RE HLOLETSOE!’
Ho sa tsotellehe boemo bona bo sa jeseng litheohelang, bohle ba ne ba amoheloa ka mofuthu libokeng, ’me ho elella bofelong ba selemo sa pele, ba ka bang 50 ba ne ba e-ba teng kamehla. Bahoeletsi ba ’Muso ba ile ba eketseha ’me ba e-ba supa, ’me ho ne ho e-na le lithuto tsa Bibele tse 47! Ba bang ba bacha ba ne ba khanneloa thuto habeli ka beke. Barab’abo rōna ba ile ba ngola ba re, “Re thabile, re thabile haholo, le hoja re hloletsoe.”
E mong oa liithuti tse ncha tsa Bibele e ne e le Myriam Andrien, ea neng a qalile ho ithuta ha a le Madagascar ka 1961. O sa hopola hore holo ena e ne e boetse e le Holo ea Likopano ea ho qheqhebisa feela. Ka nako ea likopano barab’abo rōna ba ne ba atolosa holo ena ka ho etsa lephephe le ruletsoeng ka makala a lipalema. Ba ka bang 110 ba ile ba e-ba teng likopanong tseo tsa pele.
Ba bang ba ileng ba kolobetsoa kopanong ea Mauritius ea October 1961 ke David Souris, Marianne Lan-Ngoo le Lucien Véchot, bao kaofela ba ileng ba khatha tema e khōlō mosebetsing oa boboleli. Selemong sa bobeli bahoeletsi ba ile ba eketseha ho fihlela ba e-ba 32, ’me pula-maliboho ka mong o ne a khanna lithuto tsa Bibele tse ka bang 30! Palo ea ba bang teng libokeng tsa Sontaha e ile ea eketseha ea e-ba batho ba 100, ba merabe e sa tšoaneng.
Ba bangata har’a baahi ba Maindia a Réunion ba kopantse malumeli a mabeli—Bok’hatholike le Bohindu. Ba bang ba ne ba thatafalloa ke ho lahla mekhoa ea bona ea khale. Empa hangata mamello ea barab’abo rōna, mosa oa bona le ho emela se nepahetseng ka tieo, li ne li e-ba le liphello tse ntle. Ka mohlala, mosali e mong ea ileng a ithuta le morali’abo rōna oa pula-maliboho ka lilemo tse peli o ne a ntse a sebelisa bolumeli ba bohata, e le senohe, ebile e le mosali oa serethe. Pula-maliboho eo o ile a fa morali e mong oabo rōna thuto ena e le hore a thuse mosali enoa. Morali enoa oabo rōna o ile a ngola a re, “Ka mor’a likhoeli tse seng kae, kutloisiso ea mosali enoa e ile ea eketseha, ’me ke ile ka thaba haholo ha a khaotsa ho sebelisana le meea. Empa o ne a e-s’o ngolise lenyalo la hae ka molao. O ne a re monna oa hae o hana ho itlama. Qetellong, o ile a etsa qeto ea hore a tsoele pele a lula le eena, kahoo, ke ile ka tlameha ho khaotsa ho ithuta le eena.
“Ka letsatsi le leng ha ke le seterateng ke ile ka kopana le mosali enoa, ’me o ile a kōpa hore ke qalise thuto hape le eena. Ke ile ka re ke tla etsa joalo hafeela a ka bontša hore o tiile ka hore a sebelise lintho tseo a seng a ithutile tsona. Ke ile ka mo eletsa hore a rapele Jehova ka taba ena, ’me o ile a etsa joalo. Joale o ile a iteta sebete ho buisana le molekane oa hae a sa hlathe koana le koana. O ile a thaba haholo ha monna eo a lumela hore ba nyalane. Ho feta moo, monna enoa o ile a qala ho ea libokeng le mosali enoa eo a sa tsoa mo nyala.”
Selemong sa tšebeletso sa 1963 ho ile ha e-ba le litlhōrō tse 11 palong ea bahoeletsi ba ’Muso, ’me ea ho qetela e bile ea bahoeletsi ba 93. Ka nako ena, Réunion e ne e e-na le liphutheho tse peli le sehlopha se le seng. Kolobetso ea pele sebakeng sena e bile lebōpong la leoatle la St.-Gilles-les Bains ka December 1962, ’me ho ile ha kolobetsoa ba 20. Kolobetso ea bobeli e bile ka June 1963, ’me ha kolobetsoa ba 38. Ka 1961, Réunion e ne e e-na le karo-karolelano ea mohoeletsi a le mong ho baahi ba 41 667. Lilemo tse tharo hamorao, ho ile ha e-ba le karo-karolelano ea mohoeletsi a le mong ho baahi ba 2 286. E, Jehova o ile “a ’na a hōlisa” lentsoe sehlekehlekeng sena seo linthong tsa moea se nang le mobu o nonneng.—1 Bakor. 3:6.
HO ISA MOLAETSA OA ’MUSO LIBAKENG TSE HŌLE
Ka 1965—lilemo tse ’nè feela ka mor’a hore lelapa la pele la Lipaki le fihle—phutheho ea Saint-Denis e ne e se e e-na le bahoeletsi ba fetang 110, ’me ba ne ba akaretsa tšimo ea bona ka libeke tse ling le tse ling tse tharo! Leha ho le joalo, libaka tse ling li ne li sa sebetsoe. Tharollo e bile efe? Barab’abo rōna ba ile ba hira libese ’me ba paka metseng e lebōpong la leoatle, ho kopanyelletsa le Saint-Leu, Saint-Philippe le Saint-Pierre.
Ho ne ho nka lihora tse ngata ho fihla masimong a mang, kahoo, barab’abo rōna ba ne ba tloha esale ka matjeke ’me ba tsamaee litseleng tseo hangata li neng li le tšesaane, li le moepa li bile li le matsoelintsoeke. Kajeno ho tloha Saint-Denis ka koloi ho ea motseng oa Le Port ho nka metsotso e 15, empa ka nako eo e ne e le leeto le boima la lihora tse peli. Mora e mong oabo rōna o re, “Ho ne ho hlokahala tumelo hore motho a tsamaee tseleng eo.” Esita le eona tsela e ncha e ntse e e-na le likotsi ka lebaka la majoe a thetehang. Libakeng tse ling, tsela e tsamaea pel’a lithaba tse telele, ’me ka linako tse ling lipula tsa litloebelele li tsetolla majoe holimo, a mang ebile e le lipitlahali. Batho ba bangata ba ’nile ba shoela mona.
Christian Pégoud o re: “Ha ke le lilemo li ka bang robeli, sehlopha sa rōna se ne se tsamaisa limakasine tsa Tsoha! tse ka bang 400 ho ea ho 600 masimong a ka thōko. Molula-Qhooa o ne o thibetsoe. Le hoja banna ba bang ba ne ba sa lumela, ba ne ba le botsoalle ’me ba thabela ho hahloa ke moea, kahoo ba ne ba felehetsa basali ba bona empa bona ba sa ee tšimong. Ha re qeta tšimong, re ne re e-ba le pikiniki eo rōna bana re neng re e thabela haholo. Ha ho pelaelo hore liketsahalo tsena tse khethehileng li ile tsa nkama haholo.”
LIPHETOHO TSA TLHOPHISO LI POTLAKISA MOSEBETSI
Ka May 1963, Milton G. Henschel e ile ea e-ba eena moemeli oa pele ea tsoang ntlo-khōlō ea ileng a etela Réunion. O ile a fana ka puo e khethehileng ho bamameli ba 155. Ka lebaka la ketelo ea hae, ho ile ha khethoa batho ba bane hore e be bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ka thusang ho hlokomela liphutheho le ho sebetsa libakeng tseo litaba tse molemo li e-s’o ka li boleloa ho tsona. David Souris o ile a abeloa ho ea Le Port, Lucien Véchot a abeloa ho ea motseng oa Saint-André ’me Marianne Lan-Ngoo le Noémie Duray (hona joale ke oa ha Tisserand) ba abeloa ho ea Saint-Pierre.
Ka la 1 May, 1964, ho ile ha etsoa phetoho ea hore mosebetsi o se ke oa hlola o hlokomeloa ke naha ea Fora empa o hlokomeloe ke Mauritius. Ho phaella moo, ho ile ha thehoa setsi sa polokelo ea libuka Réunion. Ho sa le joalo, bahoeletsi ba ile ba khothalletsoa hore ba sebetse masimo a eketsehileng a sa abuoang, ’me barab’abo rōna ba khothalletsoa hore ba hahamalle boikarabelo ba ho sebeletsa haholoanyane ka phuthehong e le hore ba ka hlokomela ba bacha ba ntseng ba amohela ’nete ka bongata. Ha e le hantle, selemong sa tšebeletso sa 1964, ho ile ha kolobetsoa ba 57—’me ba 21 ho bona ba ile ba kolobetsoa kopanong e le ’ngoe!
Selemong se ka pele, sehlopha se Saint-André se ile sa kōpa hore se etsoe phutheho. Kōpo ea sona e ne e baleha tjena: “Bofelong ba June 1963, ho tla be ho e-na le bahoeletsi ba kolobelitsoeng ba 12, ’me ho ka etsahala hore ho be le bahoeletsi ba bacha ba bahlano kapa ba tšeletseng likhoeling tse peli ka mor’a moo. Barab’abo rōna ba khanna lithuto tsa Bibele tse 30.” Kōpo ena e ile ea amoheloa ’me barab’abo rōna ba babeli ba ile ba hlokomela phutheho—Jean Nasseau e ile ea e-ba eena mohlanka oa phutheho kapa molebeli ea okamelang, ha Lucien Véchot e ile ea e-ba mothusi oa hae. Ka bobeli ba ne ba e-s’o qete lilemo tse peli ba amohetse ’nete.
Jean ea lilemo li 38 ea neng a e-na le pelo e ntle e bile e le senatla; e ne e le morupeli sekolong sa theknik’hone e bile e le sehahi se hloahloa. O ile a kolobetsoa ka 1962, ’me o ne a e-na le tsebo a bile a le mahlahahlaha ho ntšetsa pele mosebetsi oa ’Muso. Ha e le hantle, o ile a haha Holo ea ’Muso ea bobeli Réunion ka chelete ea hae, setšeng sa hae Saint-André. Holo ena e ne e le mohaho o tiileng, o khahlehang oa mapolanka, ’me batho ba fetang 50 ba ne ba ka lula ka har’a eona ba sa petetsana. Ho tloha ka nako eo ho se ho thehiloe liphutheho tse robeli tšimong ena eo pele e neng e hlokomeloa ke sehlopha se Saint-André. Jean o ile a shoa a tšepahala ho Jehova ka 1997.
Sehlopha sa boraro se ileng sa hōla mathoasong a lilemo tsa bo-1960 se ne se le motseng o koung ea likepe oa Le Port, ’me se ne se kopanyelletsa batho ba thahasellang ba tsoang Saint-Paul e ka bang lik’hilomithara tse robeli ka boroa. Le Port ho ne ho e-na le matlo a itekanetseng a mapolanka a pota-potiloeng ke sehlahla se kang torofeiee e se nang meutloa se bitsoang milkbush. David Souris o ile a hira ntlo e ’ngoe ’me liboka tsa tšoareloa teng. Ka December 1963, sehlopha sena se ile sa kōpa hore se etsoe phutheho. Se ne se e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba 16, ba robeli e le ba kolobelitsoeng ’me ka karolelano ba ne ba qeta lihora tse 22,5 ka khoeli tšebeletsong ea tšimo. David le mothusi oa hae ba ne ba khanna lithuto tsa Bibele tse 38! Ha molebeli oa potoloho a etetse sehlopha seo hona khoeling eo, o ile a fana ka puo ea phatlalatsa ho bamameli ba 53.
Christian le Josette Bonnecaze bao e neng e le bo-pula-maliboho ba khethehileng, le bona ba ile ba abeloa ho ea Le Port. Christian o ne a kolobetsoe French Guiana eaba o tla Réunion mathoasong a lilemo tsa bo-1960. Ka nako eo e ne e le lesoha, ’me e ne e le eena feela habo ea amohetseng ’nete. Ka mosa Mor’abo rōna Souris o ile a fallela ntlong e ’ngoe a fa Christian le Josette bolulo ntlong eo liboka li neng li tšoareloa ho eona. Leha ho le joalo, hamorao phutheho e ile ea hōla hoo banyalani bana le bona ba ileng ba lokela ho tsoa!
Nakong ena, baruti sebakeng sena seo boholo ba baahi ba sona e leng Mak’hatholike ba ile ba qala ho susumelletsa batho hore ba hloee Lipaki. Motšehare, bana le bacha ba ne ba atisa ho fethetsa bahoeletsi ka majoe ’me bosiu ba ne ba betsetsa majoe ka holim’a marulelo a matlo a barab’abo rōna.
Seithuti se secha sa Bibele, e leng Raphaëlla Hoarau, o ne a tseba ba bang ba bacha bao. Ka lekhetlo le leng ka mor’a hore bana bana ba betse bahoeletsi ka majoe, Raphaëlla o ile a ba sala morao ho ea malapeng abo bona. O ile a re, “Ha le ka ba la tsoela pele ho betsa mor’eso ka majoe, le tla ntseba hantle.”
Ba ile ba re, “Re kōpa tšoarelo, ’Mè Mahoarau. Re ne re sa tsebe hore ke ngoan’eno.”
Raphaëlla o ile a amohela ’nete hammoho le barali ba hae ba bararo bao e mong oa bona, ea bitsoang Yolaine, a ileng a nyaloa ke Lucien Véchot.
Ho sa tsotellehe lehloeo le neng le fehloa ke baruti, cheseho ea barab’abo rōna le tlhohonolofatso ea Molimo li ile tsa fella ka hore ho thehoe phutheho e mafolofolo Le Port, ’me ka mor’a nako e khutšoanyane holo e ne e se e tlala tsoete! Ha e le hantle, hangata ba mamelang ba le ka ntle ba ne ba e-ba bangata ho feta ba ka hare. Litulo li ne li behoa hohle moo ho khonehang, esita le sethaleng, ’me bana ba ne ba lula qetellong ea sethala ba entse mokoloko ba shebile bamameli. Qetellong, barab’abo rōna ba ile ba haha Holo ea ’Muso e ntle, ’me kajeno, ho na le liphutheho tse tšeletseng sebakeng sena.
BO-PULA-MALIBOHO BA ETELLA PELE
E mong oa bo-pula-maliboho ba pele ba Réunion e ne e le Annick Lapierre. Myriam Thomas o re: “Annick o ne a ithuta le ’na le ’Mè. O ile a nkhothalletsa hore ke ikitlaetse tšebeletsong, ’me ke ile ka mo bolella hore ke batla ho ba pula-maliboho. Ke ile ka kolobetsoa ka mor’a likhoeli tse tšeletseng. Mehleng eo, sehlekehleke sohle e ne e le tšimo ea rōna, ’me hangata re ne re tsamaea ka maoto hobane ho ne ho se na libese, esita le likoloi li ne li fokola. Leha ho le joalo, Mor’abo rōna Nasseau o ne a e-na le koloi, ’me ha ho khoneha o ne a re palamisa koloing ea hae ha re ea tšimong. Ho fana ka bopaki ho ne ho le monate, ’me kaofela re ne re ho rata.”
Henri-Lucien Grondin eo e neng e le hlooho ea lelapa o re: “Kamehla re ne re khothalletsa bana hore ba bule maliboho. Balebeli ba potoloho ba ne ba re hlokomelisa hore ke habohlokoa ho fa Jehova sohle seo re ka se khonang. Hona joale mora oa rōna oa letsibolo, Henri-Fred, o lilemo li 40, ’me o tšebeletsong ea nako e tletseng.”
Henri-Fred o re: “Phutheho ea rōna e ne e e-na le sehlopha se seholo sa bacha ba chesehang. Ba bang ba ne ba kolobelitsoe, ha ba bang ba tšoanang le ’na, ba ne ba e-s’o kolobetsoe. Nakong ea ha likolo li koetsoe, kaofela re ne re qeta lihora tse 60 tšebeletsong, ho sa tsotellehe hore na re kolobelitsoe kapa ha rea kolobetsoa. Ha ho mohla re kileng ra lebala lipakane tsa rōna tsa moea, ’me hona joale, ke sebetsa le mosali oa ka Evelyne mosebetsing oa potoloho.”
HO HANYETSOA KE BADEMONA
Ho sebelisana le meea ho atile Réunion. Jeannine Corino (eo pele e neng e le oa ha Pégoud), o re: “Ha re le motseng oa La Montagne ke ile ka kopana le monna ea ileng a re o tla ntoea ka ho hlaba popi ka linale. Ke ne ke sa utloisise hore na o bolela’ng, kahoo ke ile ka kōpa hore motho eo ke ithutang Bibele le eena a ntlhalosetse. O ile a re: ‘Monna enoa ke ngakana-ntšonyana, ’me o tl’o u nehella ka balimo.’ Ke ile ka mo tiisetsa hore Jehova o sireletsa batho ba mo tšepang ka ho feletseng. Ho hlakile hore ha kea ka ka hlaheloa ke bomalimabe ba letho.”
Mora e mong oabo rōna o hopola hore ha a sa le monyenyane, habo ho ne ho tšoaroa liboka tsa ho buisana le bafu. Ka 1969 o ile a kopana le Lipaki Tsa Jehova eaba o qala ho ithuta Bibele. Leha ho le joalo, bademona ba ile ba leka ho mo nyahamisa ka ho etsa hore a se ke a utloa litsebeng ha a tlile libokeng. Empa o ile a ’na a tla libokeng, o ne a bile a rekota lipuo e le hore a ka li mamela ha a le lapeng. Kapele-pele bademona ba ile ba mo tlohela, ’me nakoana ka mor’a moo a qala ho kopanela tšebeletsong ea tšimo.—Jak. 4:7.
Ka 1996, mosali e mong ea bitsoang Roséda Caro, ea neng a kena kereke ea Pentekonta, o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki. O ne a se a foufetse kahobane a ile a mamela metsoalle ea hae ea kerekeng ha e re a tlohele ho noa meriana ea lefu la tsoekere. Monna oa hae, e leng Cledo, eo e neng e le setho sa mokha oa Makomonisi oa moo, o ne a tšajoa lebekebeke motseng oo ka lebaka la bohale ba hae. O ne a boetse a loea, a tsamaea mekete ea Mahindu, ’me hamorao e ile ea e-ba Mopentekonta.
Ha Roséda a qala ho ithuta, Cledo o ile a mo hanyetsa ka matla, a ba a sokela baholo ba phutheho. Empa sena ha sea ka sa tšosa Roséda. Likhoeli hamorao, Cledo o ile a kena sepetlele moo a ileng a qeta nako a akhehile. Qetellong ha a hlaphoheloa, Lipaki tse peli li ile tsa mo tlisetsa sopho eo a neng a nahana hore li e tliselitse mosali oa hae.
Baralib’abo rōna ba ile ba re: “Che, Ntate Caro, sopho ena ke ea hao!”
Cledo o re: “Taba ena e ile ea nkama habohloko. Ha ho na Mopentekonta le ea mong ea neng a ile a nketela, empa Lipaki Tsa Jehova tse peli—e leng bona batho bao ke neng ke ba loantša—ke bona ba ileng ba ntlisetsa lijo. Ke ile ka re ka pelong: ‘Ka sebele Jehova, Molimo oa mosali oa ka, oa phela.’ Eaba ke rapella ka pelong ke kōpa hore ’na le Roséda re be tumelong e le ’ngoe.”
Cledo ha aa ka a etsa kōpo ena ea boikokobetso ka lebaka la ho nkeha maikutlo feela. Pele a kula, o ne a se a batla a thapile a bile a lumeletse mosali oa hae hore a ithutele ka ha moahelani oa bona. Joale ka letsatsi le leng o ile a re ho Roséda le ho morali enoa oabo rōna: “Hase hantle hore ebe le ithutela moo. Tloong mona lapeng.” Basali bana ba ile ba fela ba etsa sona seo. Ba sa tsebe, Cledo o ne a ba mamela a le ka kamoreng e haufi, ’me o ne a thabela seo a se utloang. Le hoja Cledo a ne a sa tsebe ho bala le ho ngola, ha a fola o ile a khanneloa thuto habeli ka beke a ba a kolobetsoa ka 1998. Ho sa tsotellehe mathata a bokuli ao hangata a bakoang ke botsofali, Cledo le Roséda ba ntse ba tsoela pele ho sebeletsa Molimo ka botšepehi.
MOSEBETSI OA BOBOLELI O KENELLA KA HAR’A SEHLEKEHLEKE
Baahi ba ’maloa ba Réunion ba lula hōle le lebōpo la leoatle ka har’a likhohlo tse potiloeng ke lithaba tse telele tse bophahamo ba limithara tse 1 200 kapa ho feta. Ba bang ba lula tsullung lithabeng tse khōlō tse talana, tse hohlometseng tse entsoeng ke ho foqoha ha seretse se chesang. Batho bana ba lulang mona ba bona leoatle seoelo haeba ho etsahala hore ba le bone. Ka mohlala, sebaka se seng se thabeng e hohlometseng e entsoeng ke ho foqoha ha seretse se chesang, se bitsoang Cirque de Mafate, motho a ka fihla ho sona ka maoto kapa ka helikopthara feela.
Louis Nelaupe ke setloholo sa makhoba a Maafrika, ’me o hōletse Cirque de Mafate. Ha e sa le mohlankana, o ne a thusa ho jara moruti oa K’hatholike ka setulo se khethehileng. Qetellong Louis o ile a fallela Saint-Denis, moo a ileng a fumana ’nete hona teng. Ntle ho pelaelo, o ne a batla ho bolella beng ka eena ka tumelo ea hae e ncha. Joale ka letsatsi le leng ka 1968, Louis le mosali oa hae, Anne, le barali ba bang babo rōna ba babeli, ea lilemo li 15 le ea lilemo li 67, ba ile ba etela ka hare-hare ho sehlekehleke ba tsamaea ka maoto. Ba ile ba nka mokotlana o jaroang mahetleng, sutuk’heise le mokotlana oa libuka o tletseng lingoliloeng.
Qalong, ba ile ba iphaphatha ka nōka, eaba ba nyoloha ka tsela e tšesaane, e matsoelintsoeke e tsamaeang thabeng. Libakeng tse ling, ba ile ba fumana lefika le leholo ka lehlakoreng le leng, ka nģane e le selomo. Ba ne ba pakela batho ntlong e ’ngoe le e ’ngoe eo ba fihlang ho eona. Louis o re: “Bosiung boo Jehova o ile a re hlokomela ka ho sebelisa motho e mong eo e neng e le eena feela ea nang le lebenkele seterekeng seo. O ile a re fa boroko ka tlung e nang le likamore tse peli tse nang le libethe le kichine. Hoseng re ile ra qalella leetong la rōna, re tsamaea selomong sa thaba e seng e sa foqohe seretse se chesang e entseng selikalikoe se seholo sa tlhaho se hohlometseng, se bophahamo ba limithara tse 1 400.
“Qetellong re ile ra fihla lapeng la motsoalle oa ka oa khale, ’me o ile a re amohela ka mofuthu. Letsatsing le hlahlamang re ile ra siea thoto e ’ngoe ha hae, eaba re tsoela pele re se re habile ho fihla moo re eang, re ntse re e-ja liguava tsa naha re bile re pakela batho ba ikokobelitseng ba e-s’o ka ba utloa molaetsa oa ’Muso. Re ile ra fihla lapeng la mong ka ’na e mong ka 6:00 mantsiboea. O ile a re thabela haholo ’me a re phehela nama e monate ea khōhō, ra ba ra hopola Abrahama le Sara ba ileng ba fepa mangeloi a Molimo. (Gen. 18:1-8) Ha a ntse a phehile, re ile ra mo pakela. Qetellong re ile ra ja ka 11:00 bosiu.
“Letsatsing le hlahlamang, ka Labone, re ile ra ’na ra tsoela pele ho potoloha thaba, re ntse re itjella liguava re bile re etela malapa ’ohle ao re a fumanang. Monna e mong ea mosa o ile a re fa kofi, eaba re khona ho phomotsa maoto feela, empa ra se ke ra khaotsa ho bua! Monna enoa o ile a thabela ho buisana le rōna ka Bibele hoo a ileng a tsamaea le rōna ha re ntse re kena malapeng ’ohle sebaka sa k’hilomithara ho tloha ha hae, a tsamaea a ntse a letsa foleiti.
“Qetellong re ile ra fihla moo re neng re siile thoto ea rōna teng, eaba re robala moo bosiung boo. Ha re khutlela hae phirimaneng ea Labohlano , ka bone ba rōna, ho akarelletsa le morali’abo rōna ea ratehang ea lilemo li 67—re ne re tsamaile lik’hilomithara tse ka bang 150, re etetse malapa a 60, re bile re tsamaisitse lingoliloeng tse fetang 100. Ke ’nete hore re ne re khathetse ’meleng, empa re ne re khatholohile moeeng. Ho ’na, leeto la ho ea Cirque de Mafate e ne e boetse e le ho khutlela haeso.”
BAHOELETSI BA BABELI BA FETOHA LIPHUTHEHO TSE HLANO
Ka 1974, Christian Pégoud le ’mè oa hae ba ile ba fallela motseng o ka boroa ho La Rivière, moo ka nako eo ho neng ho se na phutheho. Christian ea neng a le lilemo li 20 ka nako eo, o re: “Liboka li ne li tšoareloa ka karacheng ea rōna, ’me kapele-pele batho ba 30 ba ile ba qala ho ba teng. Ke ile ka qala thuto le ’mè e mong hammoho le morali oa hae ea bitsoang Céline, eo ka nako eo a neng a lebeletsane le Ulysse Grondin. Kaha Ulysse e ne e le Lekomonisi le mabifi, o ne a sa batle ha kharebe ea hae e ithuta le rōna. Leha ho le joalo, Céline o ile a kholisa Ulysse hore a re mamele, ’me ’Mè o ile a ea bua le eena le batsoali ba hae. Re ile ra thaba haholo ha ba mamela ’Mè ba bile ba thabela seo ba se utloang. Lelapa lohle le ile la qala ho ithuta, eaba ka 1975 Ulysse le Céline baa kolobetsoa ebile baa nyalana. Hamorao Ulysse e ile ea e-ba moholo.”
Christian o tsoela pele ho re: “Ntle le La Rivière, tšimo ea rōna e ne e akarelletsa metse e ka hare-hare sehlekehlekeng ea Cilaos, Les Avirons, Les Makes le L’Étang-Salé. Re ile ra fumana batho ba bangata ba thahasellang Les Makes. Ka holimo ho motse oo ke Le Cap, e leng karolo ea thaba e seng e sa foqohe seretse se chesang. Ha motho a le moo hoseng ha ho hlakile, a ka bona selikalikoe se seholo sa tlhaho se hohlometseng se koahetsoeng ke botalana se le limithara tse fetang 300 ho ea tlaase.”
Lelapa la ha Poudroux le ne le lula setšeng se senyenyane se haufi le mosiko oa thaba ea Le Cap. Mora e moholo, Jean-Claude, o re: “’Na le baena ba ka ba bane esita le likhaitseli tsa ka tse hlano, re ne re thusa Ntate ho lema meroho eo re e rekisang ’marakeng. Ntate o ne a boetse a lema lipalesa tsa li-geranium a bile a tlhotla lero la tsona le sebelisoang ho etsa litlolo tse nkhang hamonate. Re ne re tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse hlano ho ea sekolong se hona motseng oo, hangata re nkile meroho. Ka linako tse ling ha re khutlela hae, re ne re khutla re roetse korosari e boima ba lik’hilograma tse leshome.
“Ntate e ne e le motho ea sebetsang ka thata, ’me re ne re ananela seo haholo. Empa ho tšoana le bo-ntate ba bang, o ne a e-noa haholo, ’me ha a noele o ne a le mabifi. Hangata ’na le banab’eso re ne re bona masetla-pelo lapeng, ebile re ne re tšoenyeha ka hore na ho tla etsahala joang ka lelapa labo rōna.”
Jean-Claude o tsoela pele o re: “Ka 1974 ke ile ka kopana le pula-maliboho e mong. Ke ne ke le tichere La Rivière. Ka lebaka la boikaketsi le ho hloka toka tseo ke li boneng likerekeng, ke ne ke se ke batla ke lumela hore Molimo ha a eo. Leha ho le joalo, ke ile ka thaba ha ke bona mor’abo rōna a araba lipotso tsohle tsa ka ka Bibele. ’Na le mosali oa ka, Nicole, re ile ra qala ho ithuta Bibele. Re ile ra ba ra etela lapeng re il’o bolella banab’eso ’nete ea Bibele, ’me hangata re ne re bua ho fihlela ka khitla. Ka linako tse ling batsoali ba rōna ba ne ba mamela.
“Ka mor’a nakoana, baena ba ka, e leng Jean-Marie le Jean-Michel le khaitseli ea ka Roseline ba ile ba qala ho re etela khafetsa e le hore ba ka ba le rōna nakong eo re khanneloang thuto. Kaofela ha rōna re ile ra tsoela pele moeeng, ra ba bahoeletsi, ra ba ra kolobelletsoa hong ka 1976. Ka bomalimabe, Ntate o ile a nqosa ka hore ke khelositse banab’eso eaba o khaotsa ho mpuisa. O ile a qetella a le mabifi hoo ke neng ke tlameha ho mo qoba ha re le har’a batho!
“Le hoja ’Mè a ne a sa tsebe ho bala le ho ngola, o ile a qala ho ithuta Bibele. Ke thabela ho bolela hore qetellong Ntate le eena o ile a nolofala. Ha e le hantle, o ile a qala ho ithuta Bibele ka 2002. Hona joale, litho tse 26 tsa lelapa leso li se li kolobelitsoe. Li akarelletsa ’na le banab’eso ba robong, balekane ba rōna le ’Mè, ea ntseng a le mafolofolo le hoja a se a tsofetse. Jean-Michel le Jean-Yves ba sebelelitse ka nakoana e le balebeli ba potoloho empa ba ile ba tlameha ho khaotsa ka lebaka la ho fokolloa ke bophelo. Ka bobeli ke baholo ’me Jean-Yves le mosali oa hae, Roséda, ke bo-pula-maliboho. ’Na le mor’a ka e moholo, re sebeletsa joaloka baholo.”
Ha Christian Pégoud le ’mè oa hae ba fihla ka 1974, ho ne ho se na phutheho La Rivière le metseng e mathōkong a eona, empa hona joale ho se ho e-na le liphutheho tse hlano moo. E ’ngoe e motseng oa Cilaos, o holimo sebakeng sa Cirque de Cilaos ’me o tumme ka metsi a oona a runyang thabeng le liliba tsa metsi a chesang. Phutheho ea Cilaos e qalile joang? Ka Labone le leng le le leng ho tloha ka 1975 ho fihlela ka 1976, bahoeletsi ba tsoang La Rivière ba ne ba nka leeto la lik’hilomithara tse 37, ba tsamaea tseleng e tšesaane e matsoelintsoeke—e tsebahalang ka majoe a thetehang—ba ea Cilaos ba il’o paka ho fihlela mantsiboea hoo e ka bang ka hora ea bohlano. Boiteko ba bona bo ile ba atleha kahobane hona joale ho na le bahoeletsi ba ka bang 30 motseng oo, ebile ba na le Holo ea bona ea ’Muso.
TSOELO-PELE MOEENG KA BOROA
Ka mabaka a utloahalang, baahi ba mona ba rehile karolo e ka boroa ea Réunion “boroa bo hlaha.” Maqhubu a maholo a masoeu a befileng a khahlela lebōpong la leoatle le batlang le se na letho, le okametsoeng ke thaba ea Réunion e ntseng e foqoha seretse se chesang e bitsoang Piton de la Fournaise (Khabo ea Sebōpi). Saint-Pierre ke eona toropo e khōlōhali sebakeng sena. Bo-pula-maliboho ba khethehileng, e leng Denise Mellot le Lilliane Pieprzyk, ba ile ba abeloa ho tla sebeletsa mona ho elella lilemong tsa bo-1970. Hamorao, ha batho ba thahasellang ba ntse ba eketseha, Michel Rivière eo e neng e le pula-maliboho ea khethehileng le mosali oa hae, Renée, ba ile ba tla sebetsa hammoho le barali bana babo rōna ba babeli.
Motho e mong oa mona ea ileng a ithuta Bibele nakong eo ke Cléo Lapierre, eo e neng e le sehahi, ea ileng a fetoha Paki ea Jehova ka 1968. Cléo o re: “Seboka sa pele seo ke ileng ka tla ho sona se ne se tšoaretsoe tlas’a sefate se seholo. Leqhofa la ‘Holo ea ’Muso’—le neng le le bophara ba limithara tse tharo le bolelele ba tse tharo—le ne le helelitsoe e le hore ho hahoe holo e khōloanyane, eo le ’na ke ileng ka kenya letsoho ha e hahuoa.”
Selemong sona seo, Cléo, eo e neng e le e mong oa masole a bitsoang ha ho le hobe, o ile a bitsetsoa bosoleng. Cléo o re: “Le hoja ke ne ke e-na le tsebo e fokolang ea Bibele, ke ile ka ngolla ba boholong ka ba hlalosetsa hore joale ha ke sa nka lehlakore. Ha baa ka ba nkaraba, kahoo ke ile ka ea liahelong tsa masole Saint-Denis, e ka lehlakoreng le leng la sehlekehleke ke il’o botsa ka taba eo. Ofisiri e ’ngoe e ile ea re ke ee hae empa ke itokisetse ho ea teronkong. Ka lebaka lena, ke ile ka rapela khafetsa, ka ba ka ithuta ka matla. Kapele-pele ke ile ka boela ka bitsetsoa liahelong tsa masole. Ha ke fihla moo, ke ile ka kōpa mor’abo rōna ea neng a tsamaile le ’na hore a nkemele ka nako e etsang hora. Ke ile ka re ho eena: ‘Haeba ke sa khutla ka nako eo, ho ka etsahala hore ebe ke tsamaetse ruri. Haeba ho le joalo, ke kōpa hore u tl’o rekise koloi ea ka ’me u fe mosali oa ka chelete eo.’
“Ha ke fihla ka hare, ke ile ka fumana liofisiri li ntse li ngangisana ka hore na li nketse’ng. Ka mor’a metsotso e ka bang 45, sajene o ile a tla ho ’na.
“Eaba o re: ‘Tloha pel’a ka mona, ke se ke be ka hlola ke u bona!’
“Ke ne ke e-s’o tsamaee le sebaka sa limithara tse 45 ha a mpitsa. Ka lentsoe le seng le le bonolo o ile a re: ‘Kea le hlompha. Ke utloetse ka Lipaki Tsa Jehova koana Fora, empa ke uena oa pele eo ke kopaneng le eena.’
“Ka nako eo e ne e le ’na feela mor’abo rōna Saint-Pierre, kahoo ke ne ke tšoara liboka tsohle tsa phutheho. Leha ho le joalo, nako le nako ke ne ke ntse ke fumana thuso, ’me ka 1979 ho ile ha fihla banyalani ba baromuoa, e leng Antoine le Gilberte Branca.”
KAHO EA LIHOLO TSA ’MUSO
Qalong, liphutheho le lihlopha li ne li atisa ho kopanela matlong a fetotsoeng liholo le malapeng a batho. Leha ho le joalo, ka lebaka la maholiotsoana a atisang ho hlasela, ho ne ho hlokahala mehaho e tsitsitseng. Empa mehaho ea majoe e bitsa chelete e ngata ebile ho nka nako e telele ho e haha. Leha ho le joalo, letsoho la Jehova ha le lekhutšoanyane, ’me ha nako e ntse e ea Liholo Tsa ’Muso tse hahiloeng ka majoe li ile tsa qala ho ba teng Réunion.—Esa. 59:1.
Ka mohlala, motseng oa Saint-Louis, mor’abo rōna e mocha o ne a ithutela ho haha ka majoe ha phutheho e fumana lipolane tsa ho haha Holo ea eona e ncha ea ’Muso. Mor’abo rōna o ile a pakela morupeli oa hae, a mo bolella ka holo eo, a ba a mo hlalosetsa hore e tl’o hahoa ke baithaopi. Tichere ea hae e ile ea etsa’ng ha e utloa taba ee? E ile ea tlisa sehlopha sa eona setšeng e le hore se tl’o ikoetlisetsa teng! Sehlopha seo se ile sa thusa ho cheka moralo, ’me hamorao tichere eo e ile ea fana ka monehelo oa tšepe ea moralo.
Barab’abo rōna ba ile ba hlophisa hore ho tšeloe konkreite e boholo ba lisekoere-mithara tse 190 ka letsatsi la phomolo, ’me baithaopi ba mahlahahlaha ba fetang lekholo ba ile ba tsohella mosebetsing. Leha ho le joalo, ka mabaka a itseng, motse o ile oa koalloa metsi! Mora e mong oabo rōna ea neng a tseba molaoli oa lefapha la litima-mollo ha aa ka a itheka moroalo ’me o ile a hlalosetsa monna eo ea mosa bothata bo ba oetseng, eaba kapele-pele monna eo o romella teraka e timang mollo e tletseng metsi a lekaneng ho phetha mosebetsi.
Ha Holo ea ’Muso e fela, monna e mong ea neng a sa tsoa thahasella, ea neng a khahliloe ke barab’abo rōna hammoho le mosebetsi oa bona, o ile a ntša cheke eaba o nehelana ka chelete e lekaneng ho reka thepa e ncha ea molumo. Ha Carey Barber oa Sehlopha se Busang a etetse Mauritius ka December 1988, o ile a tla Réunion a tl’o fana ka puo ea nehelo. Holo ea ’Muso ea pele e hahiloeng kapele e ile ea phethoa ka 1996 St.-Gilles-les Bains. Kajeno, sehlekehlekeng sena ho na le liphutheho tse 34 tse kopanelang Liholong Tsa ’Muso tse 17.
LIKOPANO TSA POTOLOHO LI TLA TŠOARELOA HOKAE?
Mosebetsi oa boboleli Réunion o ile oa tsoela pele hantle hoo ho ileng ha e-ba thata ho fumana libaka tse khōlō ka ho lekaneng tseo ho ka tšoareloang likopano ho tsona. Ka 1964, barab’abo rōna ba ile ba hlophisa hore ho be le kopano ea pele ea potoloho moo. Leha ho le joalo, ka mor’a hore ba qete likhoeli tse ngata ba ntse ba batla, ba ile ba fumana sebaka se le seng feela—reschorente e mokatong o ka holimo mohahong o Saint-Denis. Mohaho oo o ne o tsofetse, ho le turu ho o hira ebile o hahiloe ka lehong. Beng ba oona ba ile ba re o ka khona ho nka batho ba ka holimo ho 200, e leng lona lenane le neng le lebeletsoe.
Barab’abo ba ne ba se na boikhethelo, kahoo, ba ile ba kōpa ho sebelisa reschorente ena, ’me monna e mong ea mosa o ile a etsa monehelo oa libuela-hōle. Ka letsatsi la kopano, ha barab’abo rōna ba ntse ba tlala ka har’a mohaho, ho ne ho utloahala molumo o tloatloatsang fulurung, empa mohaho ha oa ka oa putlama. Ka Sontaha ho ile ha e-ba le batho ba 230, ha ba ha kolobetsoa ba 21.
Hang ka mor’a mona, ka mosa Mor’abo rōna Louis Nelaupe ea neng a hōletse Cirque de Mafate, o ile a fana ka karolo ea setša sa hae se Saint-Denis e le hore ho ka hahoa Holo ea Kopano ea nakoana ho sona. E ne e se holo e majabajaba, e ne e bulehile ka mahlakoreng, e etselitsoe foreimi ea lehong, e e-na le marulelo a tšepe le mabota a makala a palema a lohiloeng.
Kopano ea pele e ileng ea tšoareloa moo e ne e le kopano ea setereke ea matsatsi a mararo. Myriam Andrien ea neng a tlile kopanong eo o re: “Hoseng ha letsatsi la pele re ile ra ea tšimong eaba rea khutla re tl’o ja lijo tsa motšehare tse chesang tsa Secreole—e leng raese, linaoa le khōhō e tšetsoeng chilisi e babang. Ho ba sa tloaelang ho ja chilisi e babang, baapehi ba ne ba phehile rougail marmaille kapa chutney ea bana.”
Holo ea Kopano e ile ea eketsoa ha lenane la ba bang teng kopanong le ntse le eketseha, hape e ne e sebelisoa e le Holo ea ’Muso. Hamorao, malapa a neng a hirile setšeng seo a ile a tloha, ’me Louis a fa phutheho setša seo sohle e le monehelo. Hona joale setša sena se na le Holo ea ’Muso e ntle e hahiloeng ka setene, ’me ho na le liphutheho tse peli tsa Saint-Denis tse kopanelang ho eona.
Ka 1997 ho ile ha phethoa Holo ea Kopano motseng oa La Possession setšeng se neng se rekiloe lilemo tse hlano pele ho moo. Mohaho ona o bulehile ka mahlakoreng, ebile o na le letamo la kolobetso le haheletsoeng sethaleng. Kaha holo ena e khona ho nka batho ba 1 600, e sebelisoa bonyane ka makhetlo a 12 ka selemo ho tšoara likopano tse khōlō le tse nyenyane. Haufi le eona ho na le lehae la baromuoa leo ho ka lulang batho ba robong ho lona. Lehae leo le na le setsi sa polokelo ea libuka le ofisi e hlokometseng tšimo ea Réunion.
LIKOPANO TSA SETEREKE LI TLA TŠOARELOA HOKAE?
Pele barab’abo rōna ba e-ba le Holo ea Kopano, ba ne ba hira Lebala la Lipapali la Olympic le Saint-Paul bakeng sa likopano tsa setereke. Leha ho le joalo, hangata ba ne ba lokela ho ea sebakeng se seng ka motsotso oa ho qetela ka lebaka la lipapali le liketsahalo tsa setso tseo ho neng ho nkoa e le tsona tsa bohlokoa tse lokelang ho tšoareloa lebaleng leo. Hamorao ’masepala o ile a kōpa hore barab’abo rōna ba sebelise lebala la lipontšo le haufi le lebala leo la lipapali. Kaha lebala lena le etselitsoe lipapatso le lipontšo, ha le na litulo le marulelo, ka hona ba tlang kopanong ba ne ba lokela ho itlela le litulo le likhele. Ka lebaka lena ba neng ba le sethaleng ba ne ba sa bone lifahleho tsa batho ba mametseng ka hloko empa ba ne ba bona boieane ba likhele tse mebala-bala.
Ofisi ea Réunion e ngola tjena: “Ka le leng ’masepala o ile a re tšepisa sebaka sena athe o se tšepisitse le batho ba bang. Batho bana e ne e le ba sehlopha sa ’mino se tsoang Martinique se binang ’mino oa zouk—e leng motsoako oa morethetho oa Maafrika, reggae le calypso. Ba boholong ba ile ba bona ho le molemo hore ba fe sehlopha sena sa ’mino oa zouk sebaka sena, eaba ba re rōna re ee sebakeng sa boikhathollo se bitsoang Lehaha la Batho ba Pele ba Mafora, e leng sebaka seo bajaki ba Mafora ba ileng ba fihlela ho sona ka lekhetlo la pele. Sebaka seo se ne se le botleng, ka mor’a sona ho ne ho e-na le mafika a malelele le lifate tse ngata tse entseng moriti, empa ho ne ho se na litulo, ho e-na le matloana a fokolang fela, ebile ho se na sethala.
“Leha ho le joalo, lekhetlong lena re ile ra thabela ho ba sebakeng sena kaha mantsiboeeng a Moqebelo oa kopano, sefefo se ile sa hlasela ’me lehalima la khaola motlakase lebaleng la lipapali, eaba ke ho fela ha konsarete ea zouk. Rōna ha rea ka ra ameha kaha re ne re le bohōle ba lik’hilomithara tse hlano. Baahi ba sebakeng sena ba ile ba re eo e ne e le ‘kahlolo e tsoang ho Molimo’ ka lebaka la se etsahetseng.”
HO NTLAFATSA MOKHATLO O HLOPHISITSOENG
Ka la 22 June, 1967, ho ile ha thehoa mokhatlo oa molao o bitsoang Association Les Témoins de Jéhovah (Mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova). Ka February 1969 molebeli oa pele oa potoloho oa sehlekehlekeng sena e ile ea e-ba Henri Zamit, ea neng a hlahetse Algeria a ba a hōlela Fora. Potolohong ea hae ho ne ho e-na le liphutheho tse tšeletseng tsa Réunion le tse ’nè tsa Mauritius ho kopanyelletsa le lihlopha tse ’maloa tse ka thōko. Kajeno, ho na le lipotoloho tse peli Réunion feela.
Ka 1975 ho ile ha tlosoa thibelo e nkileng lilemo tse 22 ea Molula-Qhooa Fora, eaba hang-hang barab’abo rōna ba qala ho o tsamaisa tšimong Réunion. Pele ba ne ba ntse ba sebelisa khatiso e bitsoang Bulletin intérieur. E ne e hatisoa Fora, ’me e ne e ntse e e-na le boitsebiso bo tšoanang le bo fumanoang Molula-Qhooeng, empa e ne e sa tsamaisetsoe batho tšimong. Ka January 1980 lekala la Fora le ile la qala ho hatisa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ka Sefora, ’me likarolong tse ling e ne e tšohla lintho tse hlokahalang Réunion le lihlekehlekeng tse ling tse sebakeng seo. Hape, molemong oa batho ba buang Secreole sa Réunion, ho fetoletsoe lingoliloeng tse itseng ka puo ena—tse akarelletsang lipampitšana, libukana le buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng le ea Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete. Lingoliloeng tsena tse babatsehang tsa moea li entse hore litaba tse molemo li boleloe ka ho pharaletseng karolong ena e hōle ea lefatše.
Ke ’nete hore Réunion ke lethebanyana feela har’a Leoatle la Indian le leholohali. Empa e isitse thoriso e matla hakaakang ho Molimo! Sena se re hopotsa mantsoe a moprofeta Esaia, ha a re: “Ba bolele thoriso ea [Jehova] lihlekehlekeng”! (Esa. 42:10, 12) Ha Lipaki Tsa Jehova tse Réunion li ntse li bolela thoriso eo, e se eka li ka tsoela pele li tiile ebile li tšepahala joaloka maqhubu a maholo a maputsoa a ntseng a biloha a sa khaotse mabōpong a sehlekehleke sena a entsoeng ke ho foqoha ha seretse se chesang.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 228, 229]
TLHALOSO E KHUTŠOANYANE EA Réunion
Naha
Réunion e ka ba bolelele ba lik’hilomithara tse 65 le bophara ba lik’hilomithara tse 50 ebile ke sona sehlekehleke se seholo ka ho fetisisa Lihlekehlekeng Tsa Mascarene—tse entsoeng ke Mauritius, Réunion le Rodrigues. Ho elella bohareng ba sehlekehleke sena ho na le lithaba tse tharo tse talana tse hohlometseng tseo batho ba hahileng ho tsona, tseo khale-khale li kileng tsa foqoha seretse se chesang.
Batho
Boholo ba baahi ba mona ba 785 200 ke motsoako oa Maafrika, Machaena, Mafora, Maindia le Maasia a Boroa-bochabela. Ho baahi ba 100, ba 90 ke Mak’hatholike.
Puo
Sefora ke puo ea mona ea molao, empa ho tloaelehile Secreole sa Réunion.
Mokhoa oa boipheliso
Moruo o itšetlehile haholo ka ’moba le lihlahisoa tsa oona tse kang molasses le rum, haesita le bohahlauli.
Lijo
Lijo tse ka sehloohong ke raese, nama, tlhapi, linaoa le lensisi. Ntle ho ’moba ho lengoa likokonate, li-lychee, lipapaya, liphaenapole, k’habeche, lethise, tamati le vanilla.
Boemo ba mohatsela le mocheso
Kaha Réunion e lutse ka holingoana ho Tropic of Capricorn, ke naha e chesang e mongobo ’me pula le boemo ba mocheso le mohatsela li fapana ho ea ka libaka. Naha ena e ratoa ke maholiotsoana.
[Limmapa]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Madagascar
Rodrigues
Mauritius
Réunion
RÉUNION
SAINT-DENIS
La Montagne
La Possession
Le Port
Saint-Paul
St.-Gilles-les Bains
CIRQUE DE MAFATE
CIRQUE DE SALAZIE
Cilaos
CIRQUE DE CILAOS
Saint-Leu
Le Cap
Les Makes
Les Avirons
L’Étang-Salé
La Rivière
Saint-Louis
Saint-Pierre
Saint-Philippe
Piton de la Fournaise
Saint-Benoît
Saint-André
[Litšoantšo]
Foto e nkiloeng motho a le sepakapakeng
Seretse se chesang
Saint-Denis
[Lebokose le leqepheng la 232, 233]
Pale e Khutšoanyane ea Réunion
Bo-rasekepe ba Maarabo ba ne ba bitsa sehlekehleke sena Dina Morgabin (Sehlekehleke se ka Bophirimela). Mathoasong a lilemo tsa bo-1500 ha Mapotoketsi a tsamaeang ka likepe a sibolla sehlekehleke sena se se nang baahi, a ile a se reha Santa Apollonia. Monna oa Lefora Jacques Pronis o ile a hapela Fora sehlekehleke sena sa Santa Apollonia ka 1642 ha a isa bafetoheli ba 12 ba tsoang Madagascar moo. Ka 1649, se ile sa rehelloa ka ntlo ea borena ea Fora, sa bitsoa Île Bourbon. Ha Borena ba Bourbon bo ketoloa ka 1793 nakong ea Phetohelo ea Fora, sehlekehleke sena se ile sa rehoa Réunion e le sehopotso sa ho kopanngoa ha Lebotho la Sesole la Paris le marabele a Marseille. Ka mor’a liphetoho tse ling tse ngata, lebitso la Réunion le ile la boela la amoheloa ka 1848. Ka 1946, sehlekehleke sena se ile sa sebelisoa e le lefapha le sebetsanang le litaba tsa puso tsa Fora mose ho maoatle.
Mathoasong a bo-1660, Fora e ile ea etsa sehlekehleke sena kolone eaba e qala ho lema kofi le ’moba e sebelisa makhoba a Afrika Bochabela a tlisitsoeng mona ka sekepe. Ka mor’a hore ho felisoe bokhoba ka 1848, Fora e ile ea tlisa basebetsi ba sebetsang ka konteraka sehlekehlekeng sena, boholo ba bona e le ba tsoang India le Asia Boroa-bochabela. Baahi ba mona ba tsoakaneng ba hlahile haholo-holo lihlopheng tsena. Mathoasong a lilemo tsa bo-1800, ho lengoa ha kofi ho ile ha fokotseha, ’me ’moba e ile ea e-ba oona o romeloang haholo linaheng tse ling.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 236, 237]
Motho ea Neng a Kakasa Litšepe e Ile ea E-ba Pula-maliboho ea Khethehileng
LUCIEN VÉCHOT
O HLAHILE KA 1937
O KOLOBELITSOE KA 1961
PALE EA BOPHELO BA HAE Le hoja a ne a tumme ka ho kakasa litšepe, e bile pula-maliboho ea khethehileng ho tloha ka 1963 ho fihlela ka 1968, ’me haesale e le moholo ho tloha ka 1975.
NKE ke ka lebala letsatsi le leng ka 1961, ha ke ea ha motsoalle oa ka Jean ke il’o mo “pholosa” ho Lipaki Tsa Jehova. Mosali oa Jean o ne a re Lipaki ke baprofeta ba bohata ’me o ne a mpitsitse kahobane a ne a tšaba hore baprofeta bao ba bohata ba ne ba ka ’na ba ngangisana le monna oa hae ba ba ba mo hlasela!
Ke ile ka re ka pelong, ‘Ha ba ka ba ba mo khoatha feela, ke tl’a ba kenya lipaputla.’ Empa e ne e le batho ba mofuthu le ba behang mabaka ka tsela e utloahalang ebile ba sa bontše leqhoko le hanyenyane. Kapele-pele ke ile ka haptjoa ke moqoqo o buang ka sefapano, ’me Lipaki li ile tsa sebelisa Bibele ho bontša ka ho hlaka hore Jesu o shoetse palong kapa thupeng.
Hamorao, ke ile ka li botsa hore na moprofeta Daniele o ne a bolela’ng ha a re Mikaele lengeloi le ka sehloohong o ‘eme’ molemong oa sechaba sa Molimo. (Dan. 12:1) Lipaki li ile tsa hlalosa ka Mangolo hore Mikaele, eo ha e le hantle e leng Jesu Kreste, esale a ‘eme’ kapa a busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo ho tloha ka 1914. (Mat. 24:3-7; Tšen. 12:7-10) Ke ile ka makatsoa ke likarabo tsena ka ba ka makatsoa ke kamoo Lipaki li tsebang Bibele kateng. Ho tloha ka nako eo, neng le neng ha Lipaki li ne li le teng moo, ke ne ke sebelisa monyetla oo hore ke buisane le tsona ka Lentsoe la Molimo. Ke ne ke bile ke li sala morao ha li ea ka ntlo le ntlo ’me ke kopanela moqoqong oa tsona. Ka nako e khutšoanyane ke ile ka qala ho kopanela le sehlopha se ka thōko se neng se kopana Saint-André.
Le hoja ke ne ke sa tsebe ho bala phollatsi, ha ke le libokeng ka lekhetlo la pele ke ile ka bala lirapa tse ling ho Bulletin intérieur, e leng eona eo re neng re e sebelisa bakeng sa Molula-Qhooa. Joale, hang ka mor’a hore ke kolobetsoe, ke ile ka kōptjoa hore ke khanne thuto ea buka hobane bara ba bang babo rōna ba ne ba le sieo. Ke ile ka ipotsa: ‘Ekaba ke tla khanna thuto ea buka joang?’ Jeannine Pégoud o ile a bona hore ke selebaletsoe, eaba o etsa tlhahiso ea hore e be eena ea balang lirapa, ’na ke botse lipotso feela. Ke sona seo re ileng ra se etsa, eaba thuto e tsoela pele hantle haholo.
Ha Milton Henschel a etela Réunion ka 1963, o ile a khothalletsa ba tšoanelehang hore ba nahane ka ho kenela bopula-maliboho bo khethehileng. Ke ne ke batla ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle ea ka, kahoo ke ile ka tlatsa foromo ea kōpo ’me kōpo eo ea amoheloa. Ke ile ka abeloa ho ea toropong ea Saint-André moo ka mor’a nako ke neng ke se ke khanna lithuto tse robong tsa Bibele.
Phutheho e ncha e ne e kopanela lapeng ha Jean Nasseau. Ha Jean a robeha noka kotsing ea koloi, ke ile ka hlokomela phutheho eo ka likhoeli tse tšeletseng. Ke ne ke lokela ho fana ka lipuo, ho tšoara Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Seboka sa Tšebeletso haesita le ho hlophisa litlaleho tse eang ofising ea lekala—’me tsena tsohle li ile tsa mpha malebela a eketsehileng.
Ha re le tšimong, re ne re lokela ho pepesa litumela-khoela tse jeleng setsi, tse neng li simolohile pherekanong e bakiloeng ke motsoako oa Bok’hatholike le Bohindu. Ho ntse ho le joalo, batho ba ne ba ntse ba amohela litaba tse molemo. Ha e le hantle, lelapeng le leng litho tse ka bang 20 li ile tsa amohela ’nete. Kajeno, ho na le liphutheho tse hlano sebakeng sa Saint-André.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 238]
Ho Songoa ho Ile ha Leka Tumelo ea Ka
MYRIAM THOMAS
O HLAHILE KA 1937
O KOLOBELITSOE KA 1965
PALE EA BOPHELO BA HAE Haesale a bula maliboho ho tloha ka 1966.
HA ’NA le motsoala oa ka Louis Nelaupe re qala ho paka ka 1962, re ne re amoheloa ntlong e ’ngoe le e ’ngoe. Batho ba ne ba re fa kofi, lemonade esita le rum! Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana baruti ba ile ba susumelletsa batho ba bangata hore ba fetohe. Ba bang ba beng ba matlo ba ne ba re soma, ka linako tse ling ba bile ba bitsa lebitso la Molimo hampe ka boomo. Motseng o mong batho ba ile ba re fethetsa ka majoe.
Ka lebaka leo, ba bang ba rōna ba ile ba khaotsa ho sebelisa lebitso la Molimo tšebeletsong ea tšimo. Molebeli oa potoloho o ile a hlokomela taba ena eaba o re botsa ka eona. Ha re mo bolella mabaka a seo, re ile ra ikutloa re hlajoa ke lihlong. Leha ho le joalo, ka mosa o ile a re eletsa a ba a re khothalletsa hore re be sebete haholoanyane. Re ile ra ananela keletso ena ka ho teba, ra nka mantsoe a hae e le taeo e tsoang ho Jehova. (Baheb. 12:6) Ka sebele, ha e ne e se ka mamello ea Molimo, mohau oa hae le moea o halalelang, e ka be e le khale ke khaolitse ho bula maliboho. Ho e-na le hoo, ke se ke nehetse lilemo tsa bohlokoa tse ka holimo ho 40 tšebeletsong ea bopula-maliboho.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 246, 247]
Jehova o Ntšehelitse Har’a Liteko
SULLY ESPARON
O HLAHILE KA 1947
O KOLOBELITSOE KA 1964
PALE EA BOPHELO BA HAE Ke e mong oa batho ba pele ba ileng ba kolobetsoa Réunion, ’me o ile a hlola chankaneng ka lilemo tse tharo ka lebaka la ho hana ho ea bosoleng.
HA KE amohela ’nete ke le lilemo li 15, batsoali ba ka ba ile ba nteleka lapeng. Leha ho le joalo, sena ha sea ka sa ’nyahamisa boikemisetsong ba ka ba ho sebeletsa Jehova. Ke ile ka qala bopula-maliboho ba kamehla ka 1964 ’me ka ba pula-maliboho ea khethehileng ka 1965. Ke ile ka boela ka fumana tlotla ea ho hlokomela phutheho ea Saint-André le ea Saint-Benoît. Nako le nako ’na le Jean-Claude Furcy re ne re tsamaea ka libaesekele re etela liphutheho tseo tse peli tseo e ’ngoe ea tsona e neng e e-na le bahoeletsi ba 12 ha e ’ngoe e ne e e-na le ba 6.
Ka 1967, ke ile ka bitsetsoa bosoleng. Ke ile ka hlalosa hore joaloka Mokreste, nke ke ka nka libetsa. Leha ho le joalo, ba boholong ba ne ba sa utloisise boemo ba ka ebile ba sa bo amohele kahobane ba ne ba qala ho utloa taba ea mofuta oo Réunion. Ofisiri e ile ea nchapa ka pel’a bathaothuoa ba 400 eaba ka mor’a moo e nkisa ofising ea eona ke ntse ke hlotsa. E ile ea beha junifomo ka pel’a ka eaba e re ke e apare ho seng joalo e tla ntlhaliela hape. E ne e le motho ea ka bang bolelele ba limithara tse 1,8 e bile e le senatla, ka hona ke ne ke le seeshana feela ka pel’a hae. Leha ho le joalo, ke ile ka iteta sebete eaba ke re, “Ha u ka nchapa hape, ke tl’o hlahlela nyeoe ea tletlebo hobane Fora e fana ka tokoloho ea bolumeli.” A futha ke bohale, o ile a nkhorohela empa a ithiba. Ka mor’a mona o ile a nkisa ho ofisiri e ka sehloohong, ’me eona ea re ke tla hoehla lilemo tse tharo ke etsa mosebetsi o boima Fora.
Ke ile ka fela ka sebetsa lilemo tseo tse tharo empa ka li sebetsa ke le Réunion. Ebile e ne e se mosebetsi o boima. Ka mor’a hore moahloli a lihe kahlolo, o ile a mpitsetsa ka ofising ea hae. A bososela, o ile a ntšoara ka letsoho a bile a nkutloetse bohloko, a ntlhalosetsa hore joaloka moahloli, o tlameha ho phetha molao. Motlatsi oa motsamaisi oa teronko le eena o ne a le mosa ho ’na hoo a bileng a lokisetsa hore ke sebetse lekhotleng. O bile a tla le ’na moo ho bonoang baeti teng ha ke il’o bona batsoali ba ka le setho se seng sa phutheho.
Qalong ke ne ke koaletsoe le batho ba ka bang 20 ho ea ho ba 30 ka seleng, eaba ke behoa ka seleng ea batho ba babeli, e leng se ileng sa mpha bolokolohi bo eketsehileng. Ke ile ka kōpa lebone la motlakase, ’me ho makatsang ke hore ke ile ka le fuoa. Ka tloaelo, batšoaruoa ha ba fuoe lintho tsa motlakase hobane ba ka ’na ba ichouka. Ka lebone leo ke ile ka khona ho ithuta Bibele ka ba ka ithutela accounting ka ngollano. Ha ke lokolloa ka 1970, ka mosa moahloli o ile a mphumanela mosebetsi.
[Lebokose le leqepheng la 249]
Kotsi e Bakoang ke Maholiotsoana
Ka February 1962, Leholiotsoana Jenny le ile la puputla Réunion le Mauritius, la fetola Leoatle la Indian moroallo o befileng o ileng oa koahela libaka tsohle tse lebōpong la leoatle, haholo-holo Réunion. Mehaho e ile ea senyeha Saint-Denis, lifate tsa hlohloreha makhasi ’me litsela tsa tlala makala a robehileng. Lipalo tsa motlakase li ne li sekame ka mokhoa o tšosang, ’me lithapo tsa motlakase li leketletse fatše. Empa ho makatsang ke hore Holo ea ’Muso e nyenyane ha ea ka ea senyeha. Leholiotsoana leo le ile la bolaea batho ba 37, la lematsa ba 250 la ba la siea ba likete ba se na bolulo. Ka nako eo, barab’abo rōna ba ne ba le kopanong sehlekehlekeng sa Mauritius se sa kang sa thefuloa hakaalo ke leholiotsoana leo. Le hoja ba ile ba qeta matsatsi a ’maloa pele ba khona ho khutlela hae, ba ile ba pholoha kotsi eo.
Ka 2002, Leholiotsoana Dina le ile la hoholela seretse ka har’a tsela e eang Cilaos eaba se thiba tsela eo ka libeke tse tharo. Kapele-pele ofisi ea lekala e Réunion e ile ea lokisetsa ho romela koloi e hulang ka mabili a mane e neng e nkile liphallelo tse eang ho barab’abo rōna ba 30 ba sebakeng seo. Koloi eo e ile ea kena mokolokong oa likoloi tse 15 tse neng li eteletsoe pele ke mapolesa. Likarolo tse ling tsa ’mila li ne li hohotsoe ke nōka, ka hona mokoloko oo oa likoloi o ne o lokela ho tsamaea ka har’a nōka o be o boele tseleng o sa kolumela lilomong tse kotsi. Barab’abo rōna ba Cilaos ba ile ba thaba hakaakang ha koloi eo e fihla!
[Chate/Krafo e leqepheng la 252, 253]
LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA Réunion
1955 Robert Nisbet o etela mona ka September.
1960
1961 Ho fihla lelapa la Lipaki le tsoang Fora ’me le fumana batho ba bangata ba thahasellang.
1963 M. G. Henschel ea tsoang ntlo-khōlō o bua le bamameli ba 155.
1964 Ho etsoa phetoho ea hore mosebetsi o se ke oa hlola o hlokomeloa ke Fora, o hlokomeloe ke Mauritius; ba 230 ba ba teng kopanong ea pele ea potoloho sebakeng sena.
1967 Mokhatlo oa Association Les Témoins de Jéhovah o ngolisoa ka molao.
1970
1975 Ho tlosoa thibelo ea Molula-Qhooa Fora.
1980
1985 Palo ea bahoeletsi e feta 1 000.
1990
1992 Palo ea bahoeletsi e feta 2 000. Lekala le reka setša La Possession bakeng sa ofisi ea Réunion, Holo ea Kopano le lehae la baromuoa.
1996 Holo ea ’Muso ea pele e hahiloeng ka potlako ea phethoa.
1998 Ho tšoaroa kopano ea pele Holong e ncha ea Kopano ea La Possession.
2000
2006 Ho na le bahoeletsi ba ka bang 2 590 ba sebetsang ka mafolofolo Réunion.
[Krafo]
(Sheba sengoliloeng)
Kakaretso ea Bahoeletsi
Kakaretso ea Bo-pula-maliboho
1 000
2 000
3 000
1960 1970 1980 1990 2000
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 223]
[Setšoantšo se leqepheng la 224]
Adam Lisiak o ile a qeta khoeli a paka Réunion, ka 1959
[Setšoantšo se leqepheng la 224]
Noémie Duray, Jeannine Pégoud le mora oa hae Christian, ha ba leba Réunion, ka 1961
[Setšoantšo se leqepheng la 227]
Holo ea ’Muso ea Le Port, ka 1965
[Setšoantšo se leqepheng la 230]
Ho ne ho hiroa libese tsena tse bulehileng ka mahlakoreng ha ho il’o boleloa litaba tse molemo, ka 1965
[Setšoantšo se leqepheng la 230]
Josette Bonnecaze
[Setšoantšo se leqepheng la 235]
Jeannine Corino
[Setšoantšo se leqepheng la 235]
Ho bolela litaba tse molemo Saint-Paul, ka 1965
[Setšoantšo se leqepheng la 243]
Cléo Lapierre
[Litšoantšo tse leqepheng la 244, 245]
Louis le Anne Nelaupe ba ne ba bolela litaba tse molemo metseng e ka thōko ’me ba ja liguava tseleng
Cirque de Mafate
[Setšoantšo se leqepheng la 248]
Holo ea ’Muso e felileng Saint-Louis, ka 1988
[Litšoantšo tse leqepheng la 251]
Likopano Tse Khōlō le Tse Nyenyane
Kopano ea pele ea potoloho e ile ea tšoareloa reschorenteng e mokatong o ka holimo, ka 1964
Lehaha la Mafora a Pele ke moo kopano ea setereke e neng e tšoareloa teng
Sebaka sa nakoana seo liboka li neng li tšoareloa ho sona, Saint-Denis, ka 1965