Leqephe Leo Sehlooho se Hlahang ho Lona/Leqephe la Bahatisi
Buka ea Selemoea Lipaki Tsa Jehova ea 2010
E Nang le Tlaleho ea Selemo sa Tšebeletso sa 2009
Buka ena ke ea ․․․․․
‘Lerato le mamella lintho tsohle. Lerato ha le fele le ka mohla.’—1 BAKORINTHE 13:7, 8.
“Matsatsing [ana] a ho qetela” batho ba bangata e ntse e e-ba “baithati, ba ratang chelete, [le] ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” (2 Tim. 3:1-4) Empa ho khatholla hakaakang ho hlokomela hore batho ba sebeletsang Jehova ha ba joalo! Lerato le re susumelletsa ho bolella batho ba bang Lentsoe la Molimo. Lerato le etsa hore re ‘sebetse se molemo ho bohle.’ (Bagal. 6:10) Lerato ke letšoao la hore re barutuoa ba ’nete ba Kreste.—Joh. 13:35.
Ruri ke habohlokoa hore re lule re matlafatsa lerato leo re ratang Jehova ka lona le Mora oa hae ea ratehang Jesu Kreste, ka hore re lule re nahanisisa ka sohle seo ba re etselitseng sona! Hape ke habohlokoa hore re lule re matlafatsa lerato leo re ratang barab’abo rōna ka lona haesita le batho ba e-s’o ka ba tseba Jehova. Le hoja re tla lekoa, lerato le tla re thusa ho mamella. E se eka temana ea selemo ea 2010 e ka re hopotsa hore re lule re matlafatsa tšobotsi ena ea bohlokoa, e leng lerato.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 2]
Photo Credits: Page 66: Trader on bicycle: FAO Photo/K. Dunn; page 200: Jaguar: © Lynn Stone/Index Stock/age fotostock; Mayan ruins: © Jane Sweeney/Robert Harding Picture Library/age fotostock