Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb12 maq. 56-86
  • Ho Bolela le ho Ruta Lefatšeng Lohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bolela le ho Ruta Lefatšeng Lohle
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2012
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2012
yb12 maq. 56-86

Ho Bolela le ho Ruta Lefatšeng Lohle

KHALE koana, moapostola Johanne o ile a ba le pono ea boprofeta eo ho eona a ileng a bona bongata bo boholo, bo se nang palo “bo tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.” Ho ile ha boleloa hore bo pholohile “matšoenyehong a maholo” hore bo kene lefatšeng le lecha la Molimo. (Tšen. 7:9, 14) Lipalo-palo le liphihlelo tse hlahang maqepheng a latelang ha li bontše feela hore bongata bo boholo bo ntse bo bokelloa empa li boetse li bontša hore bo ntse bo eketseha le ho feta. Na see ha se matlafatse tumelo ea hao tabeng ea hore ruri litšepiso tsa Jehova li tla phethahala?

AFRIKA

PALO EA LINAHA 57

PALO EA BAAHI 949 533 064

PALO EA BAHOELETSI 1 267 314

PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 2 819 310

LENGOLO LA MORALI’ABO RŌNA LE ILE LA MO TŠELISA. Iris ea lulang Afrika Boroa, o ngolla batho ba shoetsoeng ke barutuoa mangolo a matšeliso. Ka mangolong ao, o kenya pampitšana ea Mahlomola ’Ohle a Tla Fela Haufinyane! le ea Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng? Haufinyane tjena o ile a fumana lengolo le tsoang ho monna e mong ea bitsoang Sidney, ea ileng a shoeloa ke mosali ka mor’a hore ba qete lilemo tse 38 ba thabile lenyalong. O ile a re: “Le hoja lingaka li ile tsa nthusa hore ke lebelle hore qetellong mosali oa ka ea ratehang o tla shoa, lefu la hae le entse hore ke ikutloe ke halefile, ke ferekane, ke tsielehile ke bile ke sithabetse. Ruri ke leboha Morena ka batho ba tšoanang le uena. Ka sebele ke ho babatsehang hore ebe u qeta nako u ikitlaelletsa ho bolella batho bao u sa ba tsebeng ka litšepiso tsa Molimo, ’me mantsoe a hao a bontšang tumelo a tla lula e le letlotlo pelong ea ka nakong e tlang ha ho le boima. Ke ile ka qala ho ikutloa ke imolohile ka ba ka amohela boemo ka mor’a hore ke bale lengolo la hao le lipampitšana tseo u nthometseng tsona.”

HA AA KA A NTŠA MPA. Morali e mong oabo rōna e mocha oa Benin ea bitsoang Gloria, o ne a ntse a pakela Arnaud, e leng seithuti sa univesithi, ha selefouno ea Arnaud e lla. Arnaud o ile a kōpa tšoarelo, a re motsoalle oa hae o hloka thuso. Hang-hang Gloria o ile a ntša makasine ea pele feela eo a e fumaneng ka mokotlaneng oa hae, eaba o e fa Arnaud. O ile a e nka a sa e shebe le ho e sheba, eaba oa tsamaea.

Motsoalle oa Arnaud o ne a mo founetse a mo bolella hore kharebe ea hae e imme ’me o nahana ho e qobella hore e ntše mpa. Ha Arnaud a le tseleng ho ea bona motsoalle oa hae, o ile a qekotsa makasine eo. Hamorao a re: “Ke ile ka makala ha ke bona mantsoe a reng, ‘ho ntša mpa’ sehloohong sa makasine eo.” Gloria o ne a mo file Tsoha! ea June 2009 e nang le sehlooho se reng, “Ho Ntša Mpa—Ke Hobane’ng ha e le Qaka e Kaale?” Ka mor’a hore motsoalle oa Arnaud a e bale, o ile a etsa qeto ea hore ha ho molemo ho ntša mpa. Hamorao kharebe ea hae e ile ea beleha ngoananyana e motle.

HA BA TŠABE NGAKANA-NTŠONYANA. King ke pula-maliboho oa kamehla ea ileng a fallela sebakeng se seng Zimbabwe moo ho hlokahalang baboleli ba eketsehileng. Ha a ntse a sebetsa tšimo le barali ba bang babo rōna, o ile a ea ntlong ea ngakana-ntšonyana e ’ngoe e tummeng. Le hoja baralib’abo rōna ba ne ba le leqe ho buisana le mosali eo, King o ile a etsa qeto ea ho mo khothalletsa ho ithuta Bibele. Ha mosali eo oa ngakana-ntšonyana a bona bahoeletsi ba lebile ha hae, o ile a nahana hore ke batho ba tlileng ngakeng eaba oa ba botsa hore na ba batla’ng. King o ile a mo bontša buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? ’me a mo khothalletsa ho ithuta Bibele. Mosali eo o ile a lumela. King o re: “Re ile ra makala ha re utloa a botsa lipotso tse ngata. Kahoo, ra lokisetsa ho khutlela ho eena e le hore re mo khannele thuto.” Libeke tse tharo ka mor’a moo, ba ile ba mo memela libokeng, eaba oa tla. O ile a senya lintho tsohle tsa hae tse amanang le ho sebelisana le meea ’me a hatela pele ka potlako moeeng. Eaba o kolobetsoa likhoeling tse ’maloa hamorao.

“KE KŌPA LE RAPELLE HORE LI NKETELE!” Lilemong tse leshome tse fetileng, Patrick o ile a etsa qeto ea hore a tlohe Angola ’me a fallele United States. Eena le ’mè oa hae, Felicidade, ba ne ba lula ba buisana ka fono. Leha ho le joalo, haufinyane tjena ba ile ba khona ho buisana ka video ea Inthanete. Ha a ntse a buisana le ’mè oa hae, o ile a bona motho e mong ka tlung ’me a botsa ’mè oa hae hore na ke mang. Felicidade ke Paki ea Jehova, ’me o ile a re: “Ke morali’abo rōna eo ke kopanelang le eena phuthehong ’me o nchaketse.”

Patrick o ile a re: “Ke hobane’ng ha ’na Lipaki li sa nketele? Ke se ke qetile lilemo tse leshome ke le mona, empa ho hang ha li e-s’o nketele. Ke kōpa le rapelle hore li nketele!”

Felicidade le morali eo oabo rōna ba ile ba makalla seo eaba ba re: “Ho lokile, re tla u rapella.”

Matsatsi a mararo feela ka mor’a moo, mor’abo rōna e mong o ile a fihla ha Patrick. Seo se ile sa mo makatsa hoo a ileng a botsa ’mè oa hae hore na o kōpile motho e mong oa United States hore a mo etele. O ne a sa kōpa motho. Patrick o ile a etsa qeto ea hore eo ke tsela eo Molimo a arabelang thapelo ka eona, eaba o amohela thuto ea Bibele. Ntle ho tšenyo ea nako o ile a qala ho ea libokeng tsohle. Lekhetlong le latelang ha a buisana le ’mè oa hae ka video, o ne a le motlotlo ha a mo bontša khaolo eo a neng a ithuta eona bukeng ea Seo Bibele e se Rutang. O ile a ba a mo bolella hore o rekile sutu ea liboka.

KŌPO E MAKATSANG EA MOTHO EA BATLANG HO KOLOBETSOA. Ha kopano ea setereke ea 2010 e neng e tšoaretsoe motseng oa Brazzaville, Rephabliking ea Congo e qala, mohlankana e mong ea bitsoang Edvard o ile a bolela hore o batla ho kolobetsoa. Ha a botsoa hore na o tsoa phuthehong efe, o ile a re: “Ea Mossaka.” Kaha ho ne ho se na Lipaki motseng oo o hōle, barab’abo rōna ba ne ba ipotsa hore na ho tla joang hore a batle ho kolobetsoa.

Edvard o ile a hlalosetsa baholo hore ha a le Brazzaville ka 2007, ntate-moholo oa hae o ile a mo khannela thuto ka bukana ea Seo a se Hlokang, ’me ba ithuta likhaolo tse 14 bukeng ea Seo Bibele e se Rutang. Ka mor’a moo Edvard o ile a ea Mossaka ho ea lula le batsoali ba hae. Kaha ho ne ho se na Lipaki sebakeng seo, Edvard o ile a kōpa ntate oa hae hore a mo thuse ho ithuta lihlooho tse setseng tsa buka ea Seo Bibele e se Rutang. Ntate oa hae o ne a mo botsa lipotso ebe Edvard oa li araba. O ile a ithuta joalo ho fihlela a qeta buka eo. Joale o ile a lemoha hore o lokela ho ruta ba bang linnete tseo a li tsebang. Kahoo, ka October 2009, o ile a qala ho bolela litaba tse molemo a le mong motseng oa Mossaka, a sebelisa bukana ea Seo a se Hlokang. O ne a tlaleha nako eo a e qetang tšebeletsong ea tšimo ’me kamehla a romela litlaleho Brazzaville, ho ntate-moholo oa hae. Leha ho le joalo, ntate-moholo oa hae o ne a sa li fetisetse phuthehong.

Le hoja ofisi ea lekala e ne e sa tsebe letho ka Edvard, hamorao e ile ea romela bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana Mossaka ho ea qeta likhoeli tse tharo. Matsatsi a mabeli feela pele ba tloha Mossaka, Daniel, e leng e mong oa bo-pula-maliboho bao ba nakoana o ile a bona Edvard a ntse a khanna thuto ea Bibele ka bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Kahoo, Daniel o ile a ea ho Edvard ’me a buisana le eena. Edvard a re: “Ke bolela litaba tse molemo. Ke mohoeletsi. U ka botsa Ntate.” Daniel o ile a kopana le ntate oa Edvard, ea ileng a tiisa seo Edvard a se buileng. Bo-pula-maliboho bao ba ile ba sebelisa nako e ba saletseng hore ba koetlise Edvard tšebeletsong. Ha ba se ba tsamaile, Edvard o ile a tsoela pele ho bolela litaba tse molemo ka cheseho ’me a khanna lithuto tsa Bibele tse fetang leshome. Ho feta moo o ile a inehela ho Jehova.

Ha baholo ba se ba utloile litaba tsena, ba babeli ba ile ba kopana le Edvard ka Labohlano la kopano e boletsoeng pejana, ’me ba tšohla lipotso tsa ba lakatsang ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Ba ile ba hlolloa ha ba utloa a araba lipotso tseo hamonate. Bo-pula-maliboho bane ba khethehileng ba ile ba bolella baholo ka boitšoaro bo botle ba Edvard le hore o ne a se a ile a bolela litaba tse molemo ka likhoeli tse robong le hoja a ne a e-s’o hlahlobeloe ho ba mohoeletsi. Ka mor’a moo, o ile a lumelloa ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Kaha mafelo-bekeng a latelang ho ne ho tla tšoaroa kopano ea setereke ea Selingala, baholo ba ile ba lokisetsa hore ba tšohle lipotso tsa kolobetso le Edvard har’a beke pele kopano e qala. Ho ile ha hlaka hore o utloisisa ’nete hantle, eaba oa kolobetsoa kopanong ea Selingala, ka July 2010. Beke feela ka mor’a hore Edvard a lumelloe ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang, baholo ba ile ba phatlalatsa hore Edvard ke mor’abo rōna ea kolobelitsoeng.

Ka mor’a hore a kolobetsoe, e ile ea e-ba pula-maliboho ea thusang ka likhoeli tse peli Brazzaville. Baholo ba ile ba lokisetsa hore a ithute buka ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo” ’me ka mor’a moo a khutlela Mossaka. Pula-maliboho e mong ea khethehileng o sa tsoa romeloa tšimong eo. Ka April, Edvard, eo e neng e le pula-maliboho ea thusang ka nako eo, hammoho le pula-maliboho eo ea khethehileng ba ile ba thabela ho ba le batho ba thahasellang ba 182 Sehopotsong. Edvard o na le lithuto tse 16 ’me tse 7 li ba teng libokeng tse tšoaroang ke bara bao babo rōna ba babeli. Ka 2011, Edvard o ne a le lilemo li 15.

LINAHA TSA AMERIKA

PALO EA LINAHA 55

PALO EA BAAHI 941 265 091

PALO EA BAHOELETSI 3 780 288

PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 4 139 793

‘HASE HORE KE U LETSELITSE KA PHOSO.’ Morali’abo rōna e mong oa United States ea bitsoang Sundie o ne a le lapeng ha fono e lla ’me mosali e mong a re o kōpa ho bua le motho eo Sundie a sa mo tsebeng. Sundie o ile a mo bolella hore e tlameha ebe o lahlehile. Mosali eo o ile a re ha a bone hantle mahlong ’me ka linako tse ling o etsa liphoso. Ha ba ntse ba buisana mosali eo o ile a re o ne a leka ho letsetsa mora oa hae a batla ho mo bolella litaba tse bohloko. Lingaka li ne li qeta ho fumana hore o na le kankere. Mosali eo o ne a ferekane ’me a re o halefetse Molimo kaha o lumeletse mathata ao hore a mo hlahele. Sundie o ile a hlokomela hore o lokela ho bolella mosali eo molaetsa oa Bibele. Ka mor’a ho rapella sebete hakhutšoanyane, Sundie o ile a mo balla litemana tse ’maloa tse khothatsang tse ileng tsa mo tšelisa le ho mo tiisetsa hore lintho li tla loka. O ile a mo bolella hore Molimo o na le lebitso ’me a mo khothalletsa hore a sebelise lebitso la Molimo ha a rapela, a be a tobe taba lithapelong tsa hae. Mosali eo o ile a leboha Sundie kaha o ile a mo mamela a ba a mo khothatsa. A re: “Ha ke nahane hore ke u letselitse ka phoso.”

Ka mor’a hore ba bolellane liaterese, Sundie o ile a mo romella khatiso e rekotiloeng ea buka ea Seo Bibele e se Rutang ’me a kōpa morali e mong oabo rōna oa pula-maliboho ea lulang motseng oa habo mosali eo hore a mo etele. Sundie o ile a re, “Ke leboha haholo hore ebe ka lerato, Jehova o re koetliselitse ho tšelisa batho ho sa tsotellehe se ba hlahetseng.”

PAMPITŠANA E ILE EA ARABA POTSO EA BONA. Barali ba bang babo rōna ba tloaetse ho etsa mosebetsi oa seterateng setsing se seholo sa bongaka naheng ea Puerto Rico. E mong oa bona o ile a ea ho banna ba babeli ba neng ba potlaketse ho se seng sa lipetlele tsa moo. Ha a hlokomela kamoo ba potlakileng kateng, o ile a ba fa pampitšana ea Na U na le Moea o sa Shoeng? Ha a atise ho fa batho pampitšana eo ha a le mosebetsing oa seterata, empa lekhetlong leo ke eona feela eo a neng a e-na le eona. Hamorao, banna bao ba babeli ba ile ba kopana le morali e mong oabo rōna ’me ba mo bolella hore ba fuoe pampitšana ha ba ne ba il’o bona setho sa lelapa se kulang haholo. Ba ne ba ntse ba buisana ka hore na ebe moea oa phela ka mor’a hore motho a shoe ’me pampitšana eo e ile ea araba potso ea bona. Ba ile ba re e ba thusitse haholo.

LENGOLO LE EANG HO JEHOVA. Joshua ea lilemo li supileng o kena sekolo United States. Ka December, tichere e ile ea re eena le bana bohle ba tlelase ea hae ba ngolle Santa Claus lengolo. Ka boikokobetso, Joshua o ile a kōpa hore a se ke a ngola lengolo leo, eaba tichere e re, “Ngolla motho leha e le ofe.” O ile a khetha ho ngolla Jehova. Joshua o ile a ngola a re: “Kea leboha hore ebe u re tšepisitse paradeise. Kea leboha hore ebe u na le Mora, eo lebitso la hae e leng Jesu, ea faneng ka bophelo ba hae. Kea u leboha hore ebe u entse lintho tseo re li thabelang. Kea u rata, Jehova Molimo.” Lengolo leo, hammoho le a bana ba bang a ile a phatlalatsoa koranteng ea moo.

LELAPA LABO LE ILE LA AMOHELA MOLAETSA. Mor’abo rōna e mong oa Colombia, ea bitsoang Alejandro o ne a batla ho pakela beng ka eena. Kaha ba ne ba lula hōle haholo, o ile a ba ngolla ’me a ba romela limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ka mor’a hore mong ka eena ea bitsoang Pablo a bale limakasine tseo a be a hlahlobe litemana tsa Bibele, o ile a hlokomela hore Kereke e K’hatholike e ruta lithuto tsa bohata. O ile a bolella beng ka eena litaba tseo a thabile haholo, ’me le bona ba hlokomela hore seo ke ’nete eaba ba tlohela Kereke e K’hatholike.

Nakoana ka mor’a moo, litho tse 15 tsa lelapa li ile tsa qala ho kopana mantsiboea a mang le a mang hore li ithute Bibele li sebelisa limakasine tseo. Kaha ba ne ba batla ho ithuta ho eketsehileng, ba ile ba batla Lipaki metseng e haufi, empa ba se ke ba li fumana. Ka nako eo, ba ile ba qala ho bolella baahelani ba bona lintho tseo ba neng ba ithutile tsona. Qetellong, ba ile ba utloela hore ho na le Holo ea ’Muso motseng o mong, oo ho ea ho oona ho nkang hora ha motho a tsamaea ka koloi. Ntle ho tšenyo ea nako, ba ile ba ea moo ’me ba kōpa hore barab’abo rōna ba ba thuse.

Hona joale ho na le pula-maliboho oa kamehla ea eang moo hang ka beke ’me o khannela batho ba 26 thuto ea Bibele—e leng beng ka Alejandro le batho ba bang ba 11 ba thahasellang. Ba hira koloi e le hore ba bangata ba be teng puong ea phatlalatsa le Thutong ea Molula-Qhooa.

NA BA NE BA HLILE BA KENE NTLONG ESELE? Ka letsatsi le leng morali’abo rōna oa Ecuador o ne a kula eaba o kōpa Lipaki tse ling ho ea khanna thuto ea hae ea Bibele motseng oa mahaeng oa batho ba buang Sequichua. Barab’abo rōna ba ne ba sa tsebe hantle hore na lelapa leo le lula hokae empa ba fapohela lelapeng le leng ho ea botsa hore na ke lona le ithutang Bibele. Lelapa leo le ile la ba amohela ka mofuthu, joalokaha eka le ne le ba lebeletse. Ka mor’a thuto, barab’abo rōna ba ile ba hlokomela hore lelapa leo le qala ho ithuta Bibele! Le ne le thabetse feela taba ea hore le tla ithuta Bibele eaba le etsa eka le se le ntse le ithuta. Joale barab’abo rōna ba se ba khanna thuto e ncha ea Bibele ’me le lelapa lane le ithutang le morali’abo rōna leo ba sa kang ba le fumana, le tsoela pele ho ithuta.

KUKU E ETSA HORE HO FANOE KA BOPAKI. Caleb o lilemo li tšeletseng. Ha likolo li buloa Canada, e ne e le letsatsi la tsoalo la moshanyana e mong eo a kenang le eena ka tlelaseng, kahoo ’mè oa hae, e leng Natalie, a tletse tlelase eohle likuku. Ka tlhompho, Caleb o ile a li hana. Natalie o ile a botsa Caleb hore na ho na le lijo tse mo kulisang. Caleb a re: “Che, ’na ke sebeletsa Jehova.”

Ha sekolo se tsoa, Natalie o ile a ea ho ’mè oa Caleb ’me a re ho eena, “Na u Paki ea Jehova?” Natalie o ile a thaba haholo ha a utloa hore ’mè oa Caleb ke Paki ea Jehova. Natalie o ne a ile a ithuta le Lipaki a sa le mocha, empa ka lebaka la khanyetso e matla ea lelapa labo o ile a khaotsa ho ithuta. Ha a botsoa hore na a ka rata ho ithuta Bibele hape, o ile a lumela.

E NE E SE THATO EA MOLIMO. Laly oa Peru, o hlahile e le setholo. Ha a botsa ’mè oa hae hore na ke hobane’ng ha a hlahile e le setholo, o ile a mo bolella hore ke thato ea Molimo. Seo se ile sa utloisa Laly bohloko ’me a halefela Molimo. O ile a ipotsa, ‘Ebe ke hobane’ng ha a ntšotla tjee?’

Ho ile ha feta lilemo, eaba Laly o ile a nyaloa ke mohlankana e mong oa setholo. Ngoana oa bona oa letsibolo o ile a hlaha a e-na le boloetse ba Down syndrome. Sena se ile sa tšoenya Laly sa ba sa mo utloisa bohloko, kahoo a boela ho ’mè oa hae ho ea kōpa thuso, ’me a re, “Ke hobane’ng ha mora oa ka a hlahile a le tjee?” ’Mè oa hae o ile a re a ee ho moruti. Moruti eo o ile a mo araba ka tsela e tšoanang le eo ’mè oa hae a neng a mo arabile ka eona, a re, “Ke thato ea Molimo.”

Seo se ile sa ferekanya Laly eaba o re: “Ke hobane’ng ha Molimo a le khopo hakaale? Ke se ke amohetse hore o nkotlile ka ho ba setholo, empa ngoana eena o mo otlela’ng? O qeta ho hlaha. Ke sebe sefe seo a se entseng?” Ho tloha mohlang oo, o ne a se a sa batle ho utloa letho ka Molimo eaba o tlohela kereke.

Ka mor’a lilemo tse seng kae, morali’abo rōna e mong ea tsebang puo ea matsoho o ile a etela Laly ’me a ithaopela ho mo khannela thuto ea Bibele. Laly o ile a hana, a re eena ha a lumele ho Molimo. Morali’abo rōna ha aa ka a mo fella pelo empa a mo hlalosetsa hore Molimo enoa eo a sa rateng ho mo tseba o bitsoa Jehova le hore o batla ho mo fa monyetla oa hore a boele a utloe litsebeng a be a tsebe ho bua. Kaha Laly o ne a sa kholoe seo, o ile a re morali’abo rōna a mo fe bopaki. Morali’abo rōna o ile a bala Esaia 35:5, e reng: “Mahlo a lifofu a tla tutuboloha, ’me litsebe tsa ba sa utloeng litsebeng li tla buleha.” Laly o ile a hlolloa ke seo eaba o amohela thuto ea Bibele, ka mor’a moo a hatela pele ho fihlela a kolobetsoa. Kamehla o tsamaea le mora oa hae ha a ea libokeng ’me mora o se a tseba puo ea matsoho. Kutloisiso ea Laly ea litšepiso tsa Bibele e ntse e eketseha ’me hona joale ke pula-maliboho oa kamehla.

ASIA LE BOCHABELA BO HARE

PALO EA LINAHA 47

PALO EA BAAHI 4 194 127 075

PALO EA BAHOELETSI 664 650

PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 629 729

LIPOTSO TSE PELI TSEO BA ILENG BA SITOA HO LI ARABA. Naheng e ’ngoe ea Asia moo mosebetsi oa rōna o thibetsoeng, mohlankana e mong ea lilemo li 24 o ile a amohela thuto ea Bibele e le hore a bontše Lipaki hore lithuto tsa tsona li fosahetse le hore tsa K’hatholike tsona li nepahetse. Leha ho le joalo, kapele feela o ile a hlokomela hore Lipaki Tsa Jehova li ruta ’nete.

Ba lelapa labo ba ile ba utloa hore o ithuta Bibele, eaba ba mo bitsetsa sebokeng sa lelapa ’me ba mo hatella hore a khutlele Kerekeng e K’hatholike. Ha mohlankana eo a hana, ba ile ba bitsa beng ka bona bohle ba motseng oo hore ba mo qobelle ho tlohela bolumeli ba hae bo bocha. Le hoja ba ile ba mo otla, mohlankana eo ha aa ka a inehela. Ba lelapa ba ile ba bolella moprista ka boemo ba hae, eaba moprista eo o mo bitsetsa lekhotla la kereke. Mohlankana eo o ile a bolella lekhotla hore o tla khutlela kerekeng haeba moprista a ka araba lipotso tse peli, tse reng: Lebitso la Molimo ke mang? Ke hobane’ng ha kereke e lumella litho tsa eona ho ja mali empa seo se le khahlanong le Bibele? Kaha moprista o ne a sitoa ho araba lipotso tseo, o ile a jabela mohlankana eo ka tlelapa a re “o ntša modemona ea mo keneng.” Eaba seboka sea qhalana.

Ka mor’a moo, ba lelapa ba ile ba bokella metsoalle eohle hore e tl’o mo qobella ho khumamela setšoantšo sa Maria. Le hoja ba ile ba boela ba mo otla, ha aa ka a inehela. Ho feta moo, lelapa labo le ile la lokisetsa hore ngoanana e mong e motle a mo bolelle hore o tla lumela ho nyaloa ke eena haeba a ka khutlela kerekeng. Mohlankana eo o ile a re o tla khutlela kerekeng haeba a ka araba lipotso tse peli tseo a li botsitseng moprista. Ngoanana eo o ile a tsamaea eaba ha a sa khutla. Ba ile ba qobella mohlankana eo hore a lule motseng oo, empa ka mor’a likhoeli tse supileng o ile a qetella a balehile, eaba o khutlela toropong, moo a ileng a kopana le barab’abo rōna. Khoeli ka mor’a moo, e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Eaba o kolobetsoa kopanong ea potoloho e neng e tšoeroe ka March 2011.

MOSEBETSI OA CHANKANENG O BUELLA MORALI’ABO RŌNA. Morali’abo rōna e mong oa pula-maliboho oa kamehla oa Korea Boroa, o ne a il’o bona mora oa hae oa Mokreste ea neng a koaletsoe chankaneng hobane a sa nke lehlakore litabeng tsa lefatše. Ha a ntse a le phaposing ea baeti o ile a fa monna e mong ea neng a lutse pel’a hae pampitšana. Monna eo o ile a mo tlatsetsa lerata, a re, “Lōna batho ting! ba bolumeli ba bohata, ke’ng ha le latella batho le sebakeng see?” Monna eo o ile a mo kenyetsa mahlo a batho ba ka bang 30 kapa 40 ba neng ba le ka phaposing eo. Ha mosebeletsi oa chankana a utloa seo, o ile a khalemela monna eo, a re: “Bona ke bolumeli ba ’nete. Malumeli ana a mang kaofela ke a bohata. E se e le lilemo ke behile batho bana leihlo ha ke ntse ke sebetsa chankaneng ena, ’me ke hlokometse hore ke bona feela bao kannete ba phelang tumellanong le seo ba se rutang.” Seo se ile sa koala monna eo molomo.

MONGOLO LEBOTENG. Ha Harindra a qala ho ithuta Bibele, o ne a se a qetile lilemo tse leshome a lula a le mong motseng o mong o moholo oa Nepal, moo a neng a sebetsa teng e le hore a hlokomele ba lelapa la hae ba setseng hae. Monna eo o ne a sa tsebe ho bala le ho ngola, kahoo mor’abo rōna e mong a mo khannela thuto ka bukana ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Kaha nakong eo bukana ena e ne e le sieo ka Senepali, ba ne ba sebelisa ea Senyesemane. Ka letsatsi le leng, mosali oa monna eo o ile a mo chakela. O ne a maketse ha a bona monna oa hae a ithuta bukana ea Senyesemane. Ho phaella moo, o ne a se a khaolitse ho noa le ho mo otla. Ha mosali a hlokomela hore Harindra o entse liphetoho tsena tsohle ka lebaka la ho ithuta Bibele, le eena o ile a qala ho ithuta Bibele le ho ea libokeng ha a fihla motseng oa habo. Kaha Harindra o ne a lakatsa ho ithuta haholoanyane ka Jehova, o ile a etsa qeto ea ho ithuta ho bala le ho ngola. Eaba o kōpa motho ea mo khannelang thuto ea Bibele hore a mo ngolle litlhaku tsa Senepali lipampiring, ’me a li khomaretsa leboteng la phaposi ea hae ho fihlela li tletse lebota. Ka mor’a moo, o ile a ithuta ho bala mantsoe ’ohle a macha le litlhaku ho fihlela butle-butle a se a tseba ho bala. Ha nako e ntse e ea, o ile a lokisetsa hore ba lelapa la hae ba tl’o lula le eena toropong, e le hore ba ka rapela Jehova hammoho. O ile a kolobetsoa pele ho feta lilemo tse peli. Hona joale Harindra le ba lelapa la hae ba ea libokeng hammoho, ’me o fana ka lipuo tsa ’malo oa Bibele Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. O re, “Bophelo ba rōna bo ntlafetse haholo ka lebaka la thuto eo Jehova a re fang eona.”

O HANA R1 560 000. Zarkhanum ea lulang Azerbaijan, o ne a kene tloara! mokhoeng oa ho sebelisana le meea. Ka lilemo tse 15, batho ba ne ba lumela hore o na le matla a ho noha, a ho leleka meleko le a ho folisa. Zarkhanum o ne a tumme, ’me batho ba bangata ba tlang ngakeng ho eena e le liofisiri tse phahameng le basali ba tsona, ba neng ba mo lefa chelete e pakeng tsa R15 000 le R31 000 e le hore a ba kopanye le meea. Ka lebaka leo, e ne e le morui. Le hoja a ne a e-na le matla a ho buisana le meea, o ne a utloa hore ha a na kamano e ntle le Molimo ’me a tšoenngoa ke lipotso tse ngata. Lenyalo la hae le ile la senyeha ’me a se na morero bophelong. Ka le leng, ha a ntse a rapela Molimo a tebisitse maikutlo a mo bolella matšoenyeho a hae, o ile a utloa motho a kokota monyako. E ne e le baralib’abo rōna ba babeli ba ileng ba mo pakela. Zarkhanum o ile a ameha maikutlo ha a utloa ba bua ka hore re lokela ho khahlisa Molimo, eseng feela ka lipuo empa le ka liketso. O ne a tseba batho ba bangata ba bolumeli ba itšoereng ka tsela e sa hlompheng Molimo a bile a tseba hore o etsa sebe ha a sebelisana le meea. O ile a lumela hore a khanneloe thuto ea Bibele. Hamorao, a qala ho sebelisa lebitso la Jehova ha a rapela ’me a bona kamoo a arabelang lithapelo tsa hae kateng. Leha ho le joalo, ho ne ho le thata hore a tlohele ho sebelisana le meea—bademona ba ne ba lula ba mo tšoenya ba bile ba mo otla. Qetellong, Jehova o ile a mo thusa hore a lokolohe tšusumetsong ea bademona eaba o senya lintho tse neng li mo kopanya le meea le tsa bolumeli ba bohata.

Kapele ka mor’a moo, Zarkhanum e ile ea e-ba mohoeletsi ea chesehang oa litaba tse molemo ’me a kolobetsoa ka May 2011. Hang ka mor’a hore a kolobetsoe, o ile a tlatsa foromo ea bopula-maliboho bo thusang. Ha aa ka a thatafalloa ho finyella lihora tse hlokahalang hobane le pele a kolobetsoa o ne a qeta lihora tse fetang 70 ka khoeli a bolela litaba tse molemo, le hoja a ne a kula. Likhoeli tse peli pele Zarkhanum a kolobetsoa, mosali oa ofisiri e ’ngoe ea ’muso ea neng a kula, o ile a mo tšepisa hore o tla mo fa R1 560 000 ha a ka ntša moleko o neng o mo tšoenya. Mosali eo o ne a lumela hore o louoe ke kahoo a ileng a tlameha ho khaoloa leoto. Zarkhanum o ile a hana, empa a romela Lipaki tse peli sepetlele hore li e’o bolella mosali eo litaba tse molemo. Morali enoa oabo rōna ea chesehang o lula a pakela batho ba neng ba tla ngakeng ho eena, o ba bolella hore seo a neng a se etsa se fosahetse mahlong a Molimo. Ka lebaka leo, e mong oa bona, e leng eena ea neng a mo kopantse le mosali eane oa ofisiri ea ’muso, o ile a lumela hore a rutoe Bibele ’me a qala ho ea libokeng.

HO PAKA CHANKANENG. Barali ba bang babo rōna ba babeli ba India ba ile ba tšoaroa ba le tšebeletsong ea tšimo ’me ba ahloleloa ho hlola chankaneng matsatsi a mahlano. E mong oa bona o re: “Hang feela ha re fihla chankaneng, mapolesa a ile a re botsa hore na re tšoaretsoe’ng ’me sena se ile sa re fa monyetla o motle oa hore re a pakele. Kaha re ne re le tšimong ha re tlisoa sepoleseng, re ne re e-na le limakasine le lipampitšana tse ngata. Re ile ra pakela bohle ’me ra tsamaisa lingoliloeng tse ngata. Ra khothatsana, ra rapela ra ba ra bala lingoliloeng tseo re neng re e-na le tsona.

“Hamorao, re ile ra isoa chankaneng e ’ngoe e toropong. Ha re kena feela, batšoaruoa ba bang ba re botsa hore na re tšoaretsoe’ng. Sena sa re fa monyetla oa ho ba hlalosetsa seo re neng re ntse re se bolella batho tšimong le oa ho itsebahatsa hore re Lipaki Tsa Jehova. Mosali e mong oa lekosetabole o ile a re utloa eaba o re, ‘Ke hore le tšoaretsoe ho ruta batho Bibele ka ntle ho chankana, joale le ba ruta eona le hona moo!’” Hona joale barali bana babo rōna ba rera ho etela batšoaruoa ba ileng ba bontša hore ba thahasella ’nete.

LEPOLESA LEA HLOKOMELA HORE BAA RATANA. Baralib’abo rōna ba babeli ba ne ba lokisetsa ho ea sebetsa tšimo ea mabenkele a manyenyane, Bethlehema. Ka tšohanyetso, basali ba babeli ba ile ba mathela ho bona ’me ba ne ba sitoa ho ithiba ke thabo ha ba ba botsa ka Sepanishe hore na ke Lipaki Tsa Jehova. Basali bao e ne e le Lipaki tsa Mexico tse neng li tsamaea le sehlopha sa bahahlauli se etetseng Iseraele ’me ba bona lingoliloeng tseo baralib’abo rōna ba neng ba li tšoere. Lipaki tseo tse ’nè li ile tsa hakana, tsa akana, tsa nkana lifoto ’me tsa ngollana liaterese. Ka mor’a moo, baralib’abo rōna ba Mexico ba ile ba khutlela sehlopheng sa bona sa bahahlauli ’me baralib’abo rōna ba babeli ba moo ba tsoela pele ho sebetsa tšimo ea mabenkele.

Lihora tse seng kae hamorao, lepolesa le leng le ile la ea ho barali bao babo rōna ’me la ba botsa hore na ke Masepanishe. Ba ile ba re hase ’ona. Eaba le re le ne le ba shebeletse ha ba kopana ’me la nahana hore ke khale e le metsoalle kapa ke bana ba motho. Barali bao babo rōna ba ile ba re kaofela ha bona ke Lipaki Tsa Jehova ’me ba re le haeba Lipaki Tsa Jehova li tsoa linaheng tse sa tšoaneng kapa li qala ho bonana, li ikutloa joaloka bana ba motho kaha lia ratana. Lepolesa leo le ne le hloletsoe hoo le ileng la amohela lingoliloeng ’me la botsa hore na le ka fumana boitsebiso bo eketsehileng hokae ka bolumeli bona. Ba ile ba lokisetsa hore ho khutleloe ho lona.

“MOHLOMONG MOTHO E MONG O TLA MAMELA.” Yusuke ke mohlankana oa pula-maliboho oa kamehla ea kopanelang sehlopheng sa Senyesemane Japane. Ka letsatsi le leng o ile a utloa hore sekepe sa bahahlauli se tla fihla boema-kepeng ba Nagasaki, se palamisitse batho ba tsoang linaheng tse ngata. Le hoja pula e ne e na haholo, o ile a tsoha esale hoseng, a tsamaea ka koloi lihora tse peli ho leba boema-kepeng boo. Ha a ntse a eme a le mong puleng, baeti ba bangata ba theohang sekepeng ba ne ba nahana hore ke motho ea bontšang bahahlauli sebaka ’me ba ea ho eena. Sena se ile sa thusa Yusuke hore a tsamaise limakasine tse 70 le libukana tse 50 ka lipuo tse sa tšoaneng, le pele ho feta metsotso e 30.

O ile a ea koloing ea hae ho ea nka lingoliloeng tse ling, ’me eitse ha a khutla, a bona mohlankana e mong oa moeti a eme a le mong. Ha Yusuke a atamela ho eena, mohlankana eo o ile a mo botsa ka Senyesemane a re: “Na u e mong oa Lipaki Tsa Jehova?” Ha Yusuke a lumela, mohlankana eo o ile a qala ho lla. Yusuke o ile a mo isa reschorenteng e le hore ba e’o buela teng.

Mohlankana eo ke Jason ’me o ne a le lilemo li 21. O ile a re batsoali ba hae ba ntse ba kopanela hantle le hore eena e bile mohoeletsi ea sa kolobetsoang ho fihlela ha a le lilemo tse ka tlaasenyana ho 20. Hoo e ka bang likhoeli tšeletseng pele ho moo, o ne a khaolitse ho kopanela le Lipaki Tsa Jehova ’me a qalile ho hahlaula ka sekepe ho pholletsa le linaha tse ngata tsa Asia, a nahana hore a ke ke a kopana le tsona moo. Leha ho le joalo, kaha o ne a se monate ka maleng, ha aa ka a khona ho theoha ha sekepe se fihla Thailand, Vietnam, kapa Taiwan. Sebaka sa pele seo a ileng a theoha ho sona ke Japane, ’me motho oa pele eo a ileng a buisana le eena ke Paki ea Jehova! Ntho ea pele eo Jason a ileng a e nahana ke hore, ‘Ho hang nke ke ka khona ho baleha Jehova,’ ’me ke sona se entseng hore a lle.

Ha ba le reschorenteng, Yusuke o ile a tšohla le Jason lirapa tse ling bukeng ea “Lerato la Molimo” ’me a mo tiisetsa hore Jehova o ntse a mo rata. Yusuke o ile a phehella Jason hore a se ke a furalla mokhatlo. Ka masoabi, ba ne ba e-na le nako e khutšoanyane haholo. Hona mantsiboeeng ao, sekepe seo Jason a neng a tsamaea ka sona se ile sa leba Inchon, Korea Boroa, moo Jason a neng a rerile ho qeta matsatsi a ’maloa a bona libaka.

Yusuke o ile a ipotsa hore na a ka thusa Jason joang, eaba o hopola mor’abo rōna e mong eo a ileng a kopana le eena kopanong ea machaba e neng e tšoaretsoe Korea Boroa. Mora eo oabo rōna o ne a bua Senyesemane ’me a lula Inchon. Yusuke o ile a mo founela hona bosiung boo. Jason o ne a sa tsebe hore Yusuke o ntse a buisana le mora e mong oabo rōna oa Korea Boroa. Hoseng ha le hlahlamang ha Jason a theoha sekepeng, o ile a bona Lipaki tse hlano tse bososelang li nkile letšoao le leholo le ngotsoeng, “Jason, rea u amohela Korea!” Jason o ile a tlohela ho ea libakeng tseo a neng a rerile ho li bona ’me a qeta nako eo a e-na le barab’abo rōna. O ile a ameha ka ho teba ha a utloa lithaka tsa hae li pheta kamoo li ileng tsa kenngoa chankaneng kateng ka lebaka la tumelo ea tsona, a ba a ea Sehopotsong.

Jason o ile a khutlela United States, ea boela ea e-ba mohoeletsi ea mafolofolo ’me a kōpa baholo hore ba mo khannele thuto ka makhetlo a mane ka beke. O ile a qeta buka ea Seo Bibele e se Rutang le ea “Lerato la Molimo” ’me a tšoaneleha hore a kolobetsoe. Eaba o kolobetsoa matsatsi a 107 ka mor’a hore Yusuke a buisane le eena ka lekhetlo la pele. Khoeling e latelang o ile a nka bopula-maliboho bo thusang.

Yusuke o re hoseng hoo ho ne ho bata ebile pula e na, empa o ne a e-na le takatso e matla ea hore a ee Nagasaki, le hoja ho ne ho se na motho ea ka tsamaeang le eena. O ile a re ka pelong, “Mohlomong motho e mong o tla mamela.”

EUROPE

PALO EA LINAHA 47

PALO EA BAAHI 736 505 919

PALO EA BAHOELETSI 1 589 052

PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 843 405

BA ILE BA FUMANA NTHO E KHETHEHILENG. Ani o ile a tloha Bulgaria a il’o sebetsa Holland ka likhoeli tse seng kae. Kaha o ne a nyahame, ka letsatsi le leng o ile a emella ka thōko ho tsela eaba o rapela Molimo hore a mo romele baeta-pele ba kereke ea hae. Ha a ntse a rapela, baralib’abo rōna ba babeli ba ile ba fihla eaba baa mo pakela. Ani o ile a nka seo e le karabo ea thapelo ea hae, kahoo a ba mamela eaba o qala ho ea libokeng. Le hoja Ani a ne a sa utloisise se buuoang libokeng, o ile a bona ka ho hlakileng hore Lipaki lia ratana. A elelloa hore ha li tšoane le batho ba kereke ea habo koana Bulgaria, ba neng ba sa utloane, ’me seo se ile sa mo kholisa hore o fumane ntho e khethehileng. Morali’abo rōna ea neng a ithuta le eena ha a le Holland, o ile a etsa qeto ea ho mo felehetsa ha a khutlela Bulgaria, e le hore a mo thuse ho kopana le Lipaki motseng oa Sofia. Sena se ile sa khahla Ani le ho feta, ’me a hlokomela hore o fumane bolumeli ba ’nete.

Nakoana ka mor’a moo, Ani le monna oa hae, Ivo, ba ile ba qala ho ithuta le ho ea ho libokeng. Ha thuto e ntse e tsoela pele, ho ne ho e-ba le batho ba tlil’o mamela. Har’a bona ho ne ho e-na le monna e mong ea bitsoang Assen, eo e neng e le moruti oa kereke. O ne a tlil’o bontša Ani le Ivo hore Lipaki Tsa Jehova li fositse, empa kapele-pele a hlokomela hore ha ho joalo. O ile a botsa lipotso tse thata tsa Bibele. Ka mor’a moo, barab’abo rōna ba ile ba ithaopela ho mo khannela thuto le ba lelapa la hae ’me a lumela. Assen o ile a qeta nako e itseng a tšoara litšebeletso tsa kereke, le hoja a ne a se a ruta linnete tseo a ithutileng tsona bukeng ea Seo Bibele e se Rutang. Nakoana ka mor’a moo, Dencho, eo e neng e le modiakone oa kereke eo, o ile a kōpa hore a khanneloe thuto ea Bibele. Ho e-s’o ee kae, malapa a mararo kerekeng eo le ’ona a ne a ithuta Bibele. Kaha joale batho ba bangata kerekeng eo ba ne ba ithuta le Lipaki Tsa Jehova, ba ile ba etsa qeto ea ho khaotsa ho tšoara litšebeletso tsa kereke ’me ba ea libokeng tsa phutheho. Dencho e ile ea e-ba mohoeletsi ’me a khannela metsoalle ea hae e ’maloa thuto ea Bibele. Ho fihlela joale, batho ba ka bang 30 ba se ba ithuta Bibele ’me ba ea libokeng hobane Ani a ile a pakeloa ha a le Holland.

O ILE A BALA MANGOLO A BUANG KA LENYALO. Mora e mong oabo rōna oa Czech Republic le mosali oa hae ba ne ba khannela banyalani ba bacha ba tsoang Mongolia thuto ea Bibele Holong ea ’Muso. Le hoja banyalani bao ba Lipaki ba ne ba leka ka matla ho ithuta Semongolia, ba ne ba sa khone ho buisana hantle le banyalani bao. Leha ho le joalo, ho ne ho bonahala banyalani bao ba bacha ba Mongolia ba amohela ’nete ea Bibele ka boikokobetso le mamello. Mantsiboeeng a mang, mosali o ile a tla sebokeng a le mong a siile monna. A re o batla ho lahla monna hobane ha ba utloane. Metsotso e seng mekae ka mor’a moo, monna o ile a fihla, empa a sa batle le ho sheba mosali. Ho ne ho hlakile hore litaba li mosenekeng. Mor’abo rōna o ile a kōpa monna hore ba ke ba e’o buela ka laebraring ea Holo ea ’Muso. Empa kaha mor’abo rōna o ne a sa tsebe Semongolia, o ne a sa utloisise hore na ho etsahetse’ng pakeng tsa banyalani bao, ’me a sa khone ho fana ka keletso e tobileng. Kahoo a etsa qeto ea hore a balle monna eo Bibele feela. Eaba o bala mangolo ’ohle ao a a hopolang a buang ka lenyalo le puisano. Ho ne ho bonahala lengolo ka leng le ama monna eo maikutlo. Eaba o tsoa ka laebraring a potlakile, a mathela ho mosali oa hae ’me a mo aka. Ha ba tloha holong, monna eo o ile a tsitlella ho nkisa mosali mokotlana, kaha o ithutile hore o lokela ho mo thusa.

Ka le hlahlamang, e ne eka ba qeta ho nyalana ’me ba thabile ba bolela hore ba leboha Jehova ka tieo ebile ba ananela keletso ea mangolo e bohlale mabapi le lenyalo. Hamorao, ba ile ba khutlela Mongolia ho ea hlokomela bana ba bona ba babeli. Motseng oo ba lulang ho oona ha ho na phutheho. Mosali o ile a kolobetsoa ka October, ’me monna o ntse a sebeletsa ho kolobetsoa.

‘KE HOBANE’NG HA A NKETSA TJEE?’ Morali e mong oabo rōna oa pula-maliboho ea bitsoang Olha, o ile a pakela mokhanni oa teraka e tsamaisang lijo Ukraine. O ile a re ho eena, “Na ho na le motho eo re ka mo tšepang?”

Mokhanni eo o ile a re: “Ha a eo. Mosali oa ka o ntšiile ’me o nkile mora oa rōna ea lilemo li peli. Kea ipotsa hore na o batla’ng. Ke ne ke sebetsa ka thata letsatsi le leng le le leng—ke mo etsetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ha a batla reng, ke mo fa eona! Ha a batla lieta, a li fumana. Ha a batla sefaha sa molaleng, ke mo rekela sona! Ke ne ke mo fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, joale ha ke tsebe hore na ke hobane’ng ha a nketsa tjena.”

Morali’abo rōna o ile a botsa monna eo ka mosa hore na o ne a qeta nako e kae le mosali oa hae le mora. A re: “Ke ne ke tla qeta nako le bona joang ke tlameha ho sebetsa ho fihlela ka khitla? Ke qala ho sebetsa ka hora ea bone hoseng. Kea sebetsa le ka mafelo-beke.”

Olha o ile a mo bontša Tsoha! ea October 2009, e nang le lihlooho tse khethehileng tse buang ka “Mehato e Lebisang Katlehong ea Lelapa.” O ile a bua ka mohato oa pele, e leng ‘Ho Etelletsa Lintho Tsa Bohlokoa Pele.’ Ka mor’a hore ba hlahlobe lintlha tse sehloohong seo, monna eo o ile a bonahala a amehile eaba o re: “Ke ne ke nahana hore chelete ke eona e tlisang thabo ka lapeng le hore lintho tse ling kaofela hase tsa bohlokoa. Joale kea bona hore chelete hase eona ntho ea bohlokoa. Ebile kea elelloa hore na re haelloa ke’ng le hore na mosali oa ka o hloka’ng.”

Ka mor’a beke, Olha o ile a kopana le mokhanni eo, ea ileng a re o balile makasine eo, ’me o nahanne haholo ka eona ebile o fetotse maikutlo a hae ka lintho tse ngata. O ile a ba a re o letselitse mosali oa hae, ba bile ba boelane. Eaba Olha o mo fa buka ea Thabo ea Lelapa. Bekeng e latelang, Olha o ile a bona teraka eo e tsamaisang lijo e khannoa ke motho e mong. Mokhanni eo o ile a mo bolella hore mokhanni oa pele o tlohetse mosebetsi le hore eena le ba lelapa la hae ba falletse sebakeng se seng. Leha ho le joalo, o ne a sietse Olha molaetsa o latelang: “Olha, ke rata ho u leboha le Molimo oa hao Jehova hobane u nthusitse hore ke pholose lelapa la ka. Ha ke kopana le Lipaki Tsa Jehova hape, joang kapa joang ke tla buisana le tsona.”

O NE A BATLA PONTŠO E TSOANG HO MOLIMO. Mohlankana e mong oa Latvia o ile a thahasella molaetsa oa Bibele oo Lipaki li neng li mo bolella oona lilemong tse fetileng tse ka bang 15. O ne a ithuta Bibele seoelo, empa a sa lumele hore Bibele—buka “e pala feela”—e ka mo thusa hore a tsebe Molimo. O ne a lebeletse hore Molimo a itlhahise ho eena, mohlomong ka tsela e itseng e sa tloaelehang kapa ea mohlolo. Kahoo o ile a khaotsa ho ithuta Bibele eaba hamorao ha a sa kopana le Lipaki ho hang. Lilemo hamorao, o ile a thulana le mathata a mangata, kahoo a rapela Molimo hore a mo thuse. Ha aa ka a bona mohlolo oo a neng a o lebeletse, empa eitse ha a hloelisa ka fensetere, a bona baralib’abo rōna ba babeli ba le tšimong. Ka mor’a libeke tse ’maloa ha a qeta ho rapela, o ile a boela a bona barali bao babo rōna ba feta pel’a fensetere. Beke hamorao ha a rapela, ka lekhetlo la boraro, o ile a bona barali bao babo rōna ba feta ba le mosebetsing oa boboleli. A etsa qeto ea hore e tlameha ebe ena ke pontšo e tsoang ho Molimo! Eaba o tsoa a matha, a ea ho barali bao babo rōna ba ileng ba makala ’me a ba bolella hore o batla ho tsosolosa thuto ea hae ea Bibele, eo a e khaolitseng lilemo pele ho moo. Qetellong, o ile a ba le matla a ho hlōla mathata a hae ’me a atamela ho Molimo. Ka tsela efe? O ile a thusoa ke Bibele! O kolobelitsoe kopanong ea setereke ea 2010.

ESITA LE LIPITSA TSE NYENYANE LI NA LE LITSEBE. Naheng ea Denmark, polelo ena e bolela hore bana ba ithuta lintho tse ngata moqoqong oa batho ba baholo ho feta kamoo motho a ka nahanang kateng. Lilemong tse ka bang 16 tse fetileng, morali e mong oabo rōna ea nyetsoeng oa Denmark o ne a ithuta Bibele le ’mè e mong ea nang le bara ba bararo. ’Mè eo o ne a atisa ho tsamaea le bona kaofela ha a ea thutong ha morali eo oabo rōna. ’Mè eo o ile a etsa qeto ea ho khaotsa ho ithuta ha mora oa hae e monyenyane, e leng Ronnie a le lilemo li robeli. Ha Ronnie a ntse a hōla, o ile a thulana le mathata a mangata. Leha ho le joalo, ka 2008 ha Ronnie a le lilemo li 22, ka le leng o ile a bona limakasine tsa rōna moo ’mè oa hae a lulang teng ’me hang-hang a tleloa ke maikutlo a hore a etele Lipaki tse neng li ithuta le eena ha a sa le monyenyane. Ka mor’a metsotso e 15, o ile a kokota ha banyalani bao ba Lipaki, eare ha mor’abo rōna a bula monyako, a kena ka tlung. Mor’abo rōna o ile a lieha ho mo tseba, empa ba thabela ho boela ba kopana. Ronnie o ile a fuoa buka ea Seo Bibele e se Rutang ’me a lumela hore a rutoe Bibele. Thuto e ile ea tsoela pele hantle. Ronnie o ne a lemaletse lipapali tsa k’homphieutha ’me a nka hore lintho tse etsahalang moo ke tsa sebele, kahoo a atisa ho bua ka tsona. Tse ling e ne e le tsa boselamose ’me tse ling e le tsa pefo. Empa Lipaki li ile tsa mo ruta hore ha rea lokela ho theha kutloisiso ea rōna ea litaba tsa moea lipapaling tsa k’homphieutha. Ronnie o ile a utloisisa ’me a re: “Ke kōpa le nthibe ha ke qala ho bua ka lintho tse joalo tse sa utloahaleng!” Ho tloha ka nako eo, o hatetse pele hantle haholo. Mohlankana enoa ea ileng a qala ho utloa ’nete nakong eo ’mè oa hae a neng a ithuta Bibele ha eena e sa le ‘pitsa e nyenyane e nang le litsebe,’ hona joale ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang.

O TŠELISOA KE MANGOLO. Mor’abo rōna e mong oa Brithani o ile a bona monna ea khumameng pel’a lebitla a ntse a lla. Mora eo oabo rōna o ile a kōpa ho lula le eena ’me a lumela. Lebitso la monna eo ke Alf. O ile a re: “Ke qeta ho hlokahalloa ke morali. O ne a le lilemo li 42 feela. Mohats’a ka le morali ba patiloe mona.” O ne a kōpile ba ’muso hore ba mo eletse hore na a ka tobana le boemo bona joang empa ba re o tlameha ho ema likhoeli tse tharo. Alf o ile a re: “Ke mohoebi ’me ke na le likhoebo tse ngata, empa kaofela ha li na thuso ha ba lelapa la ka ba le sieo. Nka fana ka tsona kaofela hore ke mpe ke ba khutlise.” Alf o ile a re o na le tumelo ho Molimo, o hlompha Bibele ebile o ea kerekeng, empa ha a e-s’o fumane likarabo tse mo khotsofatsang. Ha a kōpa matšeliso kerekeng, o ile a bolelloa hore a khantše kerese kapa a ngole molaetsa ebe o o fanyeha sefateng. O ile a bua a halefile a re: “Litaba tsa ka li ngata hoo li ke keng tsa fella pampiring.” Mor’abo rōna o ile a tšelisa Alf ka Mangolo. Hona joale Alf o ithuta Bibele.

OCEANIA

PALO EA LINAHA 29

PALO EA BAAHI 38 162 658

PALO EA BAHOELETSI 94 309

PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 58 465

BA ILE BA MEMA MONNA. Mora e mong oabo rōna oa New Zealand o re ha ba fihla ha mosali eo mohats’ae a mo khannelang thuto, ba ile ba fumana monna a le teng lapeng, kahoo ba mo kōpa hore a be teng thutong. O ile a lumela, ’me ba lokisetsa hore nakong e tlang ba tšoare thuto ha monna a le teng lapeng. Eena le mosali oa hae ba ile ba lumela ho tla libokeng tsa Sontaha, eaba ba amoheloa ka mofuthu ’me ba thabela lijo tsa moea. Sebokeng se latelang, monna o ile a araba Thutong ea Molula-Qhooa. Sehlooho se ithutoang se ne se khothalletsa borapeli ba lelapa, kahoo monna a botsa hore na a ka khannela mosali oa hae le mora oa bona ea lilemo li ’nè thuto joang. O ile a ba a bolela hore o lakatsa ho sebelisa lintho tse ling tseo a neng a ithutile tsona sebokeng seo. Lelapa leo le thahasellang le tsoela pele ho ithuta, ho ea libokeng ’me le hatela pele moeeng. Mor’abo rōna o re: “Ka sebele re thabela hore ebe re ile ra etsa qeto ea ho mema monna hore a kopanele thutong!”

SEHOPOTSO SE TŠOARELOA SEHLEKEHLEKENG SE HŌLE. Sehlekehleke sa Reao, se nang le baahi ba 362 feela, ke tšimo ea Phutheho ea Vaiete, e leng e ’ngoe ea liphutheho tse 18 tsa Tahiti. Reao e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 1 350 ka bochabela ho Tahiti. Sehopotso se ne se e-s’o ka se tšoareloa sehlekehlekeng sena se hōle, ’me ho fetile lilemo tse 30 Lipaki li sa ee sehlekehlekeng seo. Molebeli oa tšebeletso oa Phutheho ea Vaiete ea bitsoang Manoah, o ne a batla ho lokisetsa hore ho be le sehlotšoana se ka eang sehlekehlekeng seo ho ea bolela litaba tse molemo bekeng ea Sehopotso ebe se se tšoarela teng. E le hore eena le mosali oa hae ba ee Reao ka sefofane, ba ne ba lokela ho lefa li-franc tse 65 000 (R5 700), ’me ba se na chelete e kaalo. Leha ho le joalo, hamorao o ile a fumana bonase ea li-franc tse 65 000! Hang-hang ba ile ba etsa qeto ea hore Jehova o hlohonolofatsa morero oa bona. Qetellong, bahoeletsi ba supileng ba ile ba ea Reao, ’me batho ba 47 ba e-ba teng Sehopotsong. Hona joale bahoeletsi ba Tahiti ba khannela batho ba thahasellang ba Reao lithuto tsa Bibele ka thelefono.

HO NE HO SE NA NAKO EA LIJO TSA HOSENG. Barab’abo rōna ba Vanuatu le bona ba rometse phihlelo e tšoanang le eo. Phutheho ea moo e thusa sehlopha sa bahoeletsi ba 11 ba sehlekehlekeng se hōle sa Ambrym. Baholo ba ile ba khothalletsa bahoeletsi bao e leng khale ba li bona hore ba nahane ka ho ea qeta matsatsi a ’maloa ba le Ambrym e le hore ba sebetse le sehlopha seo pele ho Sehopotso. Morali’abo rōna Marinette, e leng pula-maliboho oa kamehla ea nang le phihlelo ebile e le tichere e seng e le pensheneng, o ile a nka monyetla ona. Eena hammoho le ba bang, ba ile ba etsa qeto ea ho ea moo ka sepheo sa ho qala lithuto tse ncha tsa Bibele. Ka mor’a ho qeta nakoana tšimong, o ile a hlolloa ha a bona hore ha ho bonolo hore a tsoe moo a fihletseng teng. Marinette o re: “Ho ne ho le thata ho fumana nako ea ho hlapa esita le ea ho ja lijo tsa hoseng, kaha batho ba ne ba se ba ntse ba kolokile ka ntle e le hore ba khanneloe thuto ea Bibele. Ke ne ke bolela litaba tse molemo letsatsi lohle ho sa hlokahale hore ke tlohe moo ke fihletseng teng! Bekeng eo ke ile ka khanna lithuto tsa Bibele tse 31.” Sehlopha seo se ile sa qeta beke Ambrym, se le maphathaphathe mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo, ’me ba 158 ba e-ba teng Sehopotsong. Se ile sa tloha sehlekehlekeng seo ka lipelo tse bohloko. Marinette o re: “Motho a ka tloha sebakeng se tjee joang moo batho ba bangata hakaale ba nyoretsoeng ’nete ea Bibele?” Ofisi ea lekala e entse litokisetso tsa hore ho romeloe bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana sebakeng seo ho ea thusa batho ba thahasellang.

MOSUOE-HLOOHO O THABELA MOLAETSA. Sekolong se seng se phahameng sa sechaba Solomon Islands, liithuti li ile tsa qobelloa hore li eme ’me li bine lifela tsa Kereke ea South Seas Evangelical. Barali ba bang babo rōna ba babeli ba bacha lilemong ba ile ba kōpa mosuoe-hlooho hore ba se ke ba bina lifela tseo, kaha ho li bina ho ne ho tla silafatsa matsoalo a bona. O ile a ba leboha hobane ba tlile ho eena ka tlhompho eaba o re ha baa tlameha ho bina empa ba ka lula fatše le bana ba bang ba Lipaki.

Eaba o ba botsa hore na ba ka mo tlisetsa setho sa phutheho se ka buang le eena ka Lipaki Tsa Jehova le thuto. Moromuoa e mong o ile a mo etela, ’me ba qeta nako e ka etsang hora le halofo ba buisana ka litumelo tsa rōna hammoho le mathata ao bacha ba tobanang le ’ona. Mosuoe-hlooho o ile a re o thabela ho bala limakasine tsa Tsoha! ’me o li siea ka phaposing ea matichere. Ha moromuoa eo a mo bontša buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, Buka ea 2, mosuoe-hlooho o ile a kōpela matichere libuka tse 16 le bana ba sekolo tse 367. O ile a isetsoa libuka tse 400 ’me a li aba.

Ho ile ha fanoa ka bopaki bo babatsehang ka lebaka la sebete sa barali bana babo rōna ba babeli ba ileng ba ea ho mosuoe-hlooho, ’me batho ba bangata ba boletse kamoo buka eo e ba tsoetseng molemo kateng. Ngoananyana e mong eo batsoali ba hae ba sa tsoa arohana, o ile a re buka eo ke sona seo a se hlokang e le hore a sebetsane le mathata a hae. Barali bao babo rōna ba babeli ba nkile bopula-maliboho bo thusang bo sa khaotseng ’me ba lula ba fa mosuoe-hlooho limakasine.

O ILE A TŠEPAHALA LE HOJA A HANYETSOA. Sebakeng se seng sa Solomon Islands, morali’abo rōna oa moromuoa o ne a ithuta Bibele le mosali eo re tla re ke Lisa. O ile a hatela pele hantle le hoja a ne a tsamaea lihora tse fetang tse peli ha a ea Holong ea ’Muso a nkile mafahla a hae a bashanyana, ’me barali ba hae ba babeli ba mo sala morao. Monna o ne a mo hlorisa a bile a mo otla. Ho feta moo, o ile a chesa liaparo tsa hae tsa liboka, Bibele le libuka tsa phutheho. O ne a bile a e-na le nyatsi. Esita le har’a mathata ana ’ohle, Lisa o ile a kolobetsoa ’me o tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi.

Tsela eo Lisa a neng a tšoere monna oa hae ka eona ho sa tsotellehe lintho tsohle tseo a neng a mo etsa tsona, e ile ea mo ama hoo selemong se fetileng, a ileng a lahla nyatsi ea hae eaba o ikōpela thuto ea Bibele. U ka inahanela hore na phetoho eo e thabisitse Morali’abo rōna Lisa hakaakang! Se ileng sa mo nolofalletsa bophelo le ho feta, ke hore ho ile ha thehoa sehlopha se ka thōko haufi le ha hae, ’me hona joale o tsamaea nako e ka tlaase ho hora ha a ea libokeng. Ka lebaka la tšehetso ea monna oa hae, o ile a khona ho nka bopula-maliboho bo thusang.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 66]

“Ke hobane’ng ha Molimo a le khopo hakaale? . . . Ngoana eena o mo otlela’ng? O qeta ho hlaha. Ke sebe sefe seo a se entseng?”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 68]

Mohlankana eo o ile a bolella lekhotla hore o tla khutlela kerekeng haeba moprista a ka araba lipotso tse peli

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 72]

“Ke hore le tšoaretsoe ho ruta batho Bibele ka ntle ho chankana, joale le ba ruta eona le hona moo!”

[Setšoantšo se Qanollang/’Mapa o leqepheng la 84]

(For fully formatted text, see publication)

Tahiti → → → Lik’hilomithara tse 1 350 → → → Reao

[Setšoantšo se leqepheng la 56]

Ka holimo: Ho khannoa thuto ea Bibele Rephabliking ea Congo (sheba leqephe la 59)

[Setšoantšo se leqepheng la 61]

Edvard (ka ho le letona) o na le Daniel ’marakeng

[Setšoantšo se leqepheng la 64]

Samaniego, Nariño, COLOMBIA

[Setšoantšo se leqepheng la 67]

Hona joale ho na le likhatiso tsa puo ea matsoho ka lipuo tse 59

São Paulo, BRAZIL

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela