Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb16 maq. 123-125
  • Ho Fihla Baromuoa ba Eketsehileng Indonesia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Fihla Baromuoa ba Eketsehileng Indonesia
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
  • Lihloohoana
  • Litaba Tse Monate ho Baruti
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
yb16 maq. 123-125

INDONESIA

Ho Fihla Baromuoa ba Eketsehileng Indonesia

Ka la 9 July, 1964, Lefapha la Toka la Indonesia le ile la ngolisa ka molao Mokhatlo oa Liithuti Tsa Bibele, o neng o sebelisoa ke Lipaki Tsa Jehova. Empa pele barab’abo rōna ba ka lokoloha ka ho feletseng, ba ne ba boetse ba lokela ho ingolisa Lefapheng la Litaba Tsa Bolumeli. Lefapha leo ile la batla keletso Mokhatlong o Laolang Likereke Tsa Bokreste, o neng o sebeletsoa ke Maprostanta a hlooho li thata, a neng a sa batle ho utloa letho ka Lipaki Tsa Jehova.

Ka le leng, mor’abo rōna e mong o ile a kopana le mosebeletsi oa ’muso ea sebetsang le Letona la Litaba Tsa Bolumeli. Ba ile ba fumana hore ba tsoa motseng o le mong, kahoo, ba qoqa hamonate ka puo ea habo bona. Ha mor’abo rōna a bolella mosebeletsi eo hore Mokhatlo o Laolang Likereke Tsa Bokreste o sitisa mosebetsi oa Lipaki, o ile a lokisetsa hore barab’abo rōna ba bararo ba kopane le letona la Litaba Tsa Bolumeli, leo e neng e le Momosleme ea mosa. Ka la 11 May, 1968, letona leo le ile la fa Lipaki Tsa Jehova tokomane e netefatsang hore ke bolumeli bo molaong le hore li ka tsoela pele ka mosebetsi oa tsona Indonesia.

Mosebeletsi eo oa ’muso o ile a boela a thusa baromuoa ba Lipaki ba tsoang linaheng tse ling hore ba fumane li-visa, Mokhatlo o Laolang Likereke Tsa Bokreste o sa tsebe. Seo se ile sa thusa hore baromuoa ba 64 ba kene naheng ea Indonesia le lilemong tse latelang.

Ka 1968, baromuoa le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ka bang 300 hammoho le bahoeletsi ba fetang 1 200, ba ne ba bolela litaba tse molemo naheng eohle ea Indonesia. Baromuoa ba ile ba koetlisa bara le barali babo rōna ba Indonesia. Sena se ile sa matlafatsa tumelo ea bara le barali babo rōna. Ba ile ba ba koetlisa ka nako e nepahetseng, kaha nako e boima ea mahloriso e ne e atamela ka potlako.

Litaba Tse Monate ho Baruti

Ka 1974, Mokhatlo o Laolang Likereke Tsa Bokreste o ile oa qalella ka letšolo la ’ona la ho thibela mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova. Motsamaisi-kakaretso oa mokhatlo oo o ile a ngolla liofisi tsohle tsa Lefapha la Litaba Tsa Bolumeli, a qosa Lipaki Tsa Jehova ka hore ha lia ngolisoa ka molao. O ile a khothalletsa ba boholong hore ba hlorise Lipaki Tsa Jehova. Ba bangata ha baa ka ba mamela seo. Empa ba bang ba ile ba sebelisa monyetla oo ho thibela Lipaki hore li bolele ka ntlo le ntlo le ho tšoara liboka.

Ka December 1976, koranta e ’ngoe e ile ea phatlalatsa hore mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o thibetsoe Indonesia

Ka la 24 December, 1976, koranta e ’ngoe e ile ea phatlalatsa hore mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o thibetsoe

Hona nakong eo, Lekhotla la Lefatše la Likereke (WCC [World Council of Churches]) le ne le lokisetsa ho tšoara seboka sa machaba Jakarta, empa Mamosleme ha aa ka a thabela seo. Kaha likhohlano tsa bolumeli li ne li ntse li tota, WCC e ile ea etsa qeto ea hore seboka seo se se ke sa hlola se e-ba teng. Leha ho le joalo, batho ba bangata e ne e e-ba Bakreste, ’me seo se ne se tšoenya bo-ralipolotiki. Baruti ba ile ba qosa Lipaki Tsa Jehova ka seo, ’me ba tletleba ka mosebetsi oa tsona oa boboleli. Sena se ile sa etsa hore ba boholong ba nke Lipaki e le batho ba babe.

Ka December 1975, ha likhohlano tsa bolumeli li ntse li tsoela pele, lebotho la Indonesia le ile la kena East Timor (eo hona joale e leng Timor-Leste), e neng e busoa ke naha ea Portugal. Likhoeli tse supileng hamorao, le ile la hapa East Timor, e leng se ileng sa hlohlelletsa moea oa bochaba. Barab’abo rōna ha ba aa ka ba kenella lipolotiking le sesoleng kapa ba hlompha folakha, ’me seo se ile sa halefisa balaoli ba sesole haholo. (Mat. 4:10; Joh. 18:36) Baruti ba ile ba sebelisa monyetla oo, ’me ba susumeletsa ’muso hore o nke bohato khahlanong le Lipaki. Qetellong, ka December 1976, ’muso o ile oa phatlalatsa hore mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o thibetsoe, ’me tseo e ile ea e-ba litaba tse monate ho baruti.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela