INDONESIA
Liofisi tse mokatong oa bo-31
Ofisi ea Lekala e Lutseng Qhooeng
Ka 2008, palo ea bahoeletsi ba Indonesia e ile ea fihla ho 21 699. Ofisi ea lekala e ne e se e le nyenyane hore e ka jara mosebetsi. Hape, e ne e le hōle haholo, kaha e ne e hahiloe nakong ea thibelo. Ho hlakile hore ho ne ho hlokahala ofisi ea lekala e kholoanyane e bileng e leng haufi le Jakarta.
Lilemo tse ka bang peli hamorao, barab’abo rōna ba ile ba reka sebaka se fapaneng haholo le seo ba neng ba le ho sona pele. Ba ile ba reka mokato oa bo-31 mohahong o majabajaba oa liofisi o nang le mekato e 42, haufi le Jakarta. Barab’abo rōna ba ile ba boela ba reka mekato e 12 mohahong o mong o haufi, moo ho neng ho tla lula basebeletsi ba Bethele ba 80 kapa ho feta. Ba ile ba boela ba batla mohaho o mong oa mekato e mehlano, moo mafapha a mang a Bethele a neng a tla sebeletsa teng.
Mekato e 12 eo basebeletsi ba Bethele ba lulang ho eona
Barab’abo rōna ba tsoang linaheng tse fapaneng ba ile ba sebetsa le bo-rakonteraka ba Indonesia ho lokisa mohaho oa liofisi le oa bolulo. Darren Berg, ea neng a etelletse pele mosebetsing oo o re: “Jehova o ile a tsoela pele ho re thusa hore re hlōle mathata a boima ao re ileng ra tobana le ’ona. Ka mohlala, re ne re batla ho haha sebaka se hloekisang metsi ka tsela ea morao-rao, empa ba boholong ha baa ka ba re lumella kaha ba ne ba sa utloisise hore na re bua ka eng. Mor’abo rōna e mong oa moenjiniere o ile a fetisetsa taba ena ho mosebeletsi ea phahameng oa ’muso. Mosebeletsi eo ile a lumela kōpo ea rōna hang-hang ’me a bolela hore o tšepa barab’abo rōna.
“Ha re sa sebeletsa sebakeng se patehileng. Batho ba se ba tseba Lipaki tsa Jehova. ’Me baa bona hore li tla lula li le teng”
Mehaho e mecha ea lekala e ile ea neheloa ka la 14 February, 2015. Mor’abo rōna Anthony Morris III oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo ea ho nehela mehaho eo ea lekala. Vincent Witanto Ipikkusuma eo e leng setho sa Komiti ea Lekala o re, “Hona joale re se re le sebakeng se hlomphehang moo ho nang le lik’hamphani tse tsebahalang tsa Indonesia. Ha re sa sebeletsa sebakeng se patehileng. Batho ba se ba tseba Lipaki tsa Jehova. ’Me baa bona hore li tla lula li le teng.”
Litho tsa Komiti ea Lekala, ho tloha ka ho le letšehali: Budi Sentosa Lim, Vincent Witanto Ipikkusuma, Lothar Mihank, Hideyuki Motoi
“Ho Monate ho Bolela Mona!”
Lilemong tsa morao tjena, Lipaki tse ngata tse tsoang linaheng tse ling li ile Indonesia. Lothar Mihank o re: “Bahoeletsi ba sebeletsang moo ho nang le tlhokahalo, ba etsa mosebetsi oa bohlokoa haholo linaheng tse tšoanang le ea rōna. Kaha ba hōlile tsebong, ba thusa liphutheho tseo ba leng ho tsona hore li chesehe haholoanyane ’me ba boetse ba thusa barab’abo rōna hore ba ananele bonngoe ba bara ba motho ba lefatše lohle.” Ke’ng e ba susumelelitseng ho ea sebeletsa moo? Hona lintho li ba tsamaetse joang? Utloa seo ba bang ba bona ba se buang.
Ba Sebeletsang Tlhokahalong
1. Janine le Dan Moore
2. Mandy le Stuart Williams
3. Casey le Jason Gibbs
4. Mari (lehlakoreng le letona ka pele) le Takahiro Akiyama (lehlakoreng le letona ka morao)
Jason le Casey Gibbs ba tsoang United States ba re: “Re ile ra sheba Bukeng ea Selemo hore na mohoeletsi ka mong oa Indonesia o lokela ho bolella baahi ba bakae litaba tse molemo, ’me ra hlokomela hore ke e ’ngoe ea linaha tse hlokang bahoeletsi ba eketsehileng. Kahoo, metsoalle e meng ea rōna e neng sebeletsa teng e ile ea re bolella hore batho ba Indonesia ba thabela ho ithuta Bibele. Re ile ra founela ofisi ea lekala ea Indonesia eaba e re kōpa hore re ee Sehlekehlekeng sa Bali. Ho ne ho se ho e-na le batho ba bangata ba buang Senyesemane Indonesia, kahoo re ne re ka khona ho paka li sa tloha feela. Re ne re ikemiselitse ho lula selemo mona, empa re se re lutse tse tharo. Batho ba bangata bao re ba pakelang ha ba e-s’o ka ba utloa letho ka Lipaki Tsa Jehova. Ruri hoa thabisa ho paka mona!”
Stuart le Mandy Williams, ba lilemong tse ka bang 50 ba Australia, ba re: “Re ne re batla ho kopana le batho ba labalabelang ho ithuta Bibele, kahoo re ile ra etsa qeto ea ho fallela Indonesia. Re kopane le baithuti ba bangata ba buang Senyesemane Univesithing ea Malang, East Java, ba ratang ho ithuta Bibele. Ba boetse ba rata websaete ea jw.org! Ruri ho monate ho paka mona.”
Takahiro le Mari Akiyama, bao e leng bo-pula-maliboho Yogyakarta, sehlekehlekeng sa Java, ba re: “Re ikutloa re sireletsehile mona ho feta ha re le ha habo rōna Japane. Batho ba mona ba mosa ebile baa hlompha. Ba bangata ba thahasella bolumeli, haholo-holo bacha. Ka le leng ha re ntse re eme haufi le tafole ea rōna ea ho paka, re ile ra tsamaisa limakasine tse 2 600 ka lihora tse hlano feela.”
Dan le Janine Moore, e leng banyalani ba ka holimo ho lilemo tse 50, ba re: “Ha re bolela litaba tse molemo, batho baa re bokanela. Ha re bososela le bona baa bososela. Ba thahasella molaetsa oa Bibele. Ha re ba balla temana e itseng Bibeleng, ba bang ba re, ‘Ke kōpa ho ngola temana eo.’ Ba makatsoa ke kamoo Bibele e fanang ka likeletso tse bohlale kateng. Ke selemo joale re le mona, ’me re ikoahlaela hore ebe re liehile ho tla. Re ne re batla sebaka seo batho ba teng ba e-s’o ka ba utloa letho ka Jehova, ’me re se fumane!”
Misja le Kristina Beerens ba ile Indonesia e le baromuoa ka 2009 ’me hona joale ba etsa mosebetsi oa ho potoloha. Ba re: “Esita le Sehlekehlekeng sa Madura, East Java, e leng sebaka se nang le Mamosleme a popota sa Indonesia, batho ba thabela molaetsa oa rōna. Ba emisa likoloi tsa bona ebe ba kōpa limakasine. Ba atisa ho re: ‘Ke Momosleme, empa ke rata ho bala limakasine tsena. Ke kōpa ho nkela le metsoalle ea ka.’ Ho monate ho bolela mona!”
Masimo a Soeufetse Bakeng sa Kotulo
Ha Frank Rice a fihla Jakarta ka 1931, baahi ba Indonesia ba ne ba ka ba 60 000 000. Hona joale baahi ba Indonesia ba se ba ka ba 260 000 000, e leng se etsang hore e be naha ea bone ho tse nang le baahi ba bangata ka ho fetisisa.
Lipaki Tsa Jehova tsa Indonesia le tsona li eketsehile ka sekhahla. Ka 1946, ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, bahoeletsi ba Indonesia ba ne ba le leshome. Kajeno, bahoeletsi ba Indonesia ba feta 26 000, e leng se bontšang hore Jehova o hlohonolofatsa bahlanka ba hae! Ho bonahala eka ho tla ba le keketseho e khōlō Indonesia kaha ka 2015, batho ba neng ba tlile Sehopotsong ba ne ba le 55 864.
Jesu o ile a re: “Kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona, le kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Mat. 9:37, 38) Bahlanka ba Jehova ba Indonesia ba lumellana le mantsoe ao. Ba ikemiselitse ho tsoela pele ba sebetsa ka thata ho halaletsa lebitso le phahameng la Jehova lihlekehlekeng tsena.—Esa. 24:15.