Lethathamo la Tse ka Hare
May 15 2015
© 2015 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
KHATISO E ITHUTOANG
LA 29 JUNE, 2015–LA 5 JULY, 2015
Lebelang—Satane o Batla ho le Harola!
LEQEPHENG LA 3 • LIPINA: 54, 43
LA 6-12 JULY, 2015
U ka Loantša Satane—’Me ua mo Hlōla!
LEQEPHENG LA 9 • LIPINA: 60, 100
LA 13-19 JULY, 2015
Ba Ile ba Bona Lintho Tse Tšepisitsoeng
LEQEPHENG LA 15 • LIPINA: 81, 134
LA 20-26 JULY, 2015
Etsisang ea Tšepisang Bophelo bo sa Feleng
LEQEPHENG LA 21 • LIPINA: 12, 69
LIHLOOHO TSE ITHUTOANG
▪ Lebelang—Satane o Batla ho le Harola!
▪ U ka Loantša Satane—’Me ua mo Hlōla!
Bibele e bapisa Satane le tau e purumang e batlang ho harola liphofu tse eketsehileng. O matla, o sehlōhō ebile o thetsa batho. Lihlooho tsena li tla re thusa ho lemoha hore na ke hobane’ng ha re lokela ho loantša sera sena se kotsi. Li tla boela li re bontše hore na re ka itšireletsa joang marabeng a hae.
▪ Ba Ile ba Bona Lintho Tse Tšepisitsoeng
▪ Etsisang ea Tšepisang Bophelo bo sa Feleng
Jehova o re file bokhoni ba ho nahana ka lintho tseo ho seng mohla re kileng ra li bona. Re ka sebelisa bokhoni bona ka tsela e nepahetseng kapa e fosahetseng. Lihloohong tsena tse peli, re tlil’o bua ka batho ba bang ba phetseng mehleng ea Bibele, ’me re ithute mohlaleng oa bona hore na re ka sebelisa mohopolo oa rōna joang, e le hore re be le tumelo e eketsehileng. Re tla boela re ithute kamoo mohopolo oa rōna o ka re thusang ho etsisa lerato la Jehova, mosa, bohlale le thabo ea hae kateng.
LIHLOOHO TSE LING MAKASINENG ENA
SEKOAHELONG: Barab’abo rōna ba babeli ba ithuta Bibele le moahelani
ARMENIA
BAAHI
3 026 900
BAHOELETSI
11 143
BO-PULA-MALIBOHO BA KAMEHLA
2 205
23 844
Batho ba fetang palo ea bahoeletsi ka makhetlo a mabeli ba bile teng Sehopotsong ka la 14 April, 2014