Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 51
  • Na Bibele e ka Nthusa ho ba le Lelapa le Thabileng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bibele e ka Nthusa ho ba le Lelapa le Thabileng?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Lenyalo la Hao le ka Pholosoa!
    Tsoha!—2001
  • “Lenyalo le ke le Hlomphehe”
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Ho Phelela Boitlamo ba Lōna ba Lenyalo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Kamoo U ka Hahang Lenyalo le Thabileng
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 51

Na Bibele e ka Nthusa ho ba le Lelapa le Thabileng?

Karabo ea Bibele

E. Ena ke mehlala ea keletso e bohlale e thehiloeng Bibeleng e thusitseng banna le basali ba limilione hore ba be le malapa a thabileng:

  1. Ngolisa lenyalo la hao ka molao. Lenyalo le ngolisitsoeng ka molao le thusa batho hore ba be le malapa a thabileng.​—Matheu 19:4-6.

  2. Bontša lerato le tlhompho. Sena se akarelletsa ho tšoara molekane oa hao ka tsela eo u ka ratang ho tšoaroa ka eona.​—Matheu 7:12; Baefese 5:25, 33.

  3. Qoba ho bua mantsoe a hlabang. Bua ka mosa, esita le haeba molekane oa hao a bua kapa a etsa ntho e u utloisang bohloko. (Baefese 4:31, 32) Joalokaha Bibele e bolela ho Liproverbia 15:1: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo, empa lentsoe le utloisang bohloko le baka bohale.”

  4. Tšepahallanang. Rata molekane oa hao ’me u kopanele liphate le eena feela. (Matheu 5:28) Bibele e re: “Lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle, le liphate tsa lenyalo li hloke litšila.”​—Baheberu 13:4.

  5. Koetlisa bana ba hao ka lerato. Qoba ho tetesa bana ba hao le ho ba tšoara hampe.​—Liproverbia 29:15; Bakolose 3:21.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela