Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 155
  • Bibele e Re’ng ka ho Fana?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Re’ng ka ho Fana?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Ho fana ho molemo ha ho le joang?
  • Ho fana ho fosahetse ha ho le joang?
  • “Molimo o Rata ea Fanang a Nyakaletse”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Na U na le Moea oa ho Fana?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Jehova o Rata Batho ba Fanang ba Thabile
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Thabela Melemo e Tlisoang ke ho Fana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 155
Monna o nkile mpho e phuthetsoeng ka lebokoseng

Bibele e Re’ng ka ho Fana?

Karabo ea Bibele

Bibele e re khothalletsa hore re ithaopele ho fana ’me re etse seo ka sepheo se nepahetseng. E bontša hore ho fana ho thabisa motho ea fanang le ea fuoang. (Liproverbia 11:​25; Luka 6:​38) Jesu o ile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e kholo ho feta ho amohela.”​—Liketso 20:35.

  • Ho fana ho molemo ha ho le joang?

  • Ho fana ho fosahetse ha ho le joang?

  • Litemana tsa Bibele tse buang ka ho fana

Ho fana ho molemo ha ho le joang?

Ho fana ho molemo ha ho etsoa ka boithatelo. Bibele e re: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.”​—2 Bakorinthe 9:7.

Ho fana ho tsoa pelong ke karolo ea “mofuta oa borapeli” oo Molimo a o amohelang. (Jakobo 1:​27) Motho ea thusang motho ea hlokang o sebetsa mahetla a bapile le Molimo ’me o nka seo e le ho mo alima. (Liproverbia 19:​17) Bibele e ruta hore Molimo o tla buseletsa motho ea fanang.​—Luka 14:​12-​14.

Ho fana ho fosahetse ha ho le joang?

Haeba ho etsoa ka sepheo se fosahetseng. Mehlala:

  • Ho khahlisa batho.​—Matheu 6:2.

  • Ho batla ho buseletsoa.​—Luka 14:​12-14.

  • Ho reka pholoho.​—Pesaleme ea 49:​6, 7.

Haeba ho tšehetsoa lintho tseo Molimo a sa li amoheleng. E ka ba phoso ho fa motho chelete ea ho becha kapa ea ho sebelisa lithethefatsi le joala hampe. (1 Bakorinthe 6:​9, 10; 2 Bakorinthe 7:1) Ka tsela e tšoanang ho fosahetse ho thusa motho ea ka khonang ho iphelisa empa a sa batle ho sebetsa ka thata.​—2 Bathesalonika 3:10.

Haeba ho sitisa motho ho phetha boikarabelo boo Molimo a mo fileng bona. Bibele e ruta hore lihlooho tsa malapa li lokela ho hlokomela litlhoko tsa malapa a tsona. (1 Timothea 5:8) E ka ba phoso haeba hlooho ea lelapa e khetha ho thusa batho ba bang ho e-na le ho thusa lelapa la hae. Ka tsela e tšoanang Jesu o ile a nyatsa batho ba neng ba sa batle ho thusa batsoali ba bona ba holileng hobane ba re lintho tsohle tsa bona ke “mpho e nehetsoeng ho Molimo.”​—Mareka 7:​9-​13.

Litemana tsa Bibele tse buang ka ho fana

Liproverbia 11:​25: “Moea o fanang ka seatla se bulehileng o tla nona, ’me ea nosetsang ba bang ka bolokolohi o tla nosetsoa ka bolokolohi.”

Tlhaloso: Ho fana ha ho thabise motho ea fuoang feela, empa le ea fanang oa thaba.

Liproverbia 19:​17: “Ea bontšang mohau ho ea tlaase o alima Jehova, ’me o tla mo buseletsa tšoaro ea hae.”

Tlhaloso: Molimo o nka a kolota batho ba thusang ba hlokang ’me o tšepisa hore o tla ba buseletsa.

Matheu 6:2: “Ha u il’o etsa limpho tsa mohau, u se ke oa letsa terompeta ka pele ho uena, feela joalokaha baikaketsi ba etsa . . . e le hore ba ka tlotlisoa ke batho.”

Tlhaloso: Ha rea lokela ho fana ka sepheo sa ho rorisoa ke batho.

Liketso 20:​35: “Ho fana ho tlisa thabo e kholo ho feta ho amohela.”

Tlhaloso: Ho fana ho tsoa pelong hoa thabisa.

2 Bakorinthe 9:7: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.”

Tlhaloso: Ho ithaopela ho fana ho thabisa Molimo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela