Lefu la Seoa la Litšoantšo Tsa Bootsoa—Na U Seli ka Lona?
LEFU la seoa le sokela uena le.barutuoa ba hao. Le se le ntse le ama ba limillione. Joaloka likaroloana tse chefu tse oang bomong ea nuclear, tse aparelang batho bohle butle-butle pele ba ka elelloa hantle hore na ho etsahala eng. Lefu lena la seoa ke litšoantšo tsa bootsoa.
Mehopolo e fosahetseng ka lefu lena e siea batho ba le lefifing ka kotsi ea lona, hona ho le lumella ho keka habonolo. Ka mohlala, ho nahana hore lefu lena ke bohloko ba metse e meholo feela ho tla etsa hore uena le lelapa la hao le hlaseloe ke lona habonolo. Kajeno le tletse le metsaneng. Le kenelletse le malapeng, likolong, lipolokelong tsa libuka, literonkong, le mesebetsing.
Hape ho fosahetse ho nahana hore ke feela “banna ba baholo ba litšila” ba hlahisang kapa ba amanang le tšoso ena lelapang la hao. Baetapele ba Masupatsela a Bashemane, babuelli ba molao, libapali, borakhoebo, baruti, esita le bacha ho tlalehiloe hore ba ameha ho lona—batho bao u neng u ke ke ua ba belaela ho hang.
Lintho tse phatlalatsang lefu lena le holofatsang ba bangata: limakasine, libuka, libaesekopo, mananeo a TV, litheipi tsa video le lipapali tsa video, ’mino, le liphatlalatso. Esita le mokhatlo oa hao oa fonofono o ka le phatlalatsa, ba bang ba “letsetsa lefapha la tšebeletso ea bootsoa!” Khoebo ea matlo a libaesekopo tsa “Batho ba baholo,” mabenkele a livideo, le a libuka e hōla ka potlako e khōlō.
Khoebo ea pampiri e kile ea ithorisa ka hore “ka 1979 ho tla ba le . . . mabenkele a mangata a libuka tsa batho ba baholo a fetang matlo a lijo a McDonald ka makhetlo a mararo ho isa ho a mane U.S.” Mohlomong u ne u sa lebella hore lefu lena la seoa le ka ata joalo. Empa seo ke pontšo feela ea kamoo ka sekhukhu le atang kateng.
Koana, litšoantšo tsa bootsoa ha se feela lefu la lekholo la bo20 la lilemo. Litšoantšo tse nyonyehang ke khale li le teng. Meetlo ea boholo-holo e ne e na le botekatse le borapeli ba litšoantšo tsa setho sa botona. Nakong ea ’musisi oa Roma, motse oa Pompeii o ne o tletse ka litšoantšo tsa bootsoa. Bootsoa ke ntho ea khale.
Ho Jala Lefu bakeng sa Phaello
Se fapaneng nakong ea rōna ke mokhoa oo lefu lena le eketsehang ka potlako ho ba khoebo e khōlō e hlahisang phaello. Ka tšebeliso ea mechine ea sejoale-joale, baetsi ba litšoantšo tsa bootsoa ba entse litšoantšo tse ngata haholo, tse tletseng hohle limmarakeng tsa lefatše lohle. Sena se bontšoa ke lipalo-palo tse latelang tse tšosang:
CANADA—Makasine oa Chatelaine o hakanyetsa thekiso ea litšoantšo tsa bootsoa Canada ho “[liranta tse limillione tse likete tse 9,7] ka selemo.” Tlaleho e ho Pornography and Prostitution in Canada e re “[liranta tse limillione tse 800] ka selemo” tsa litšoantšo tsena li sebelisetsoa bonokoane bo hlophisitsoeng. Hlooho ea sepolesa sa Ottawa e lekanyetsa hore mapolesa a amoha batho litšoantšo tsa bootsoa tse lekanang liranta tse limillione tse 32 ka selemo.
UNITED STATES—Lefapha la Toka la California le tlaleha hore litšoantšo tsa bootsoa naheng eo e bile “khoebo ea [liranta tse limillione tse likete tse 9] ka selemo” ka 1978. Litlaleho tse ling li bontša phaello ea [liranta tse limillione tse likete tse 1,1] ka selemo ea “limakasine tse leshome tse ka sehloohong tse bontšang batho ba tsotseng” le phaello ea liranta tse limillione tse 830 ka selemo ea matlo a libaesekopo tsa “batho ba baholo.” Lebenkele la libuka tsa “batho ba baholo” Times Square Motseng oa New York le etsa R23 000 ka letsatsi. Nomoro e le ’ngoe ea fonofono ea bootsoa motseng oo e tlisetsa mokhatlo oa lifonofono liranta tse R80 000 ka letsatsi. “Tšebeletso” e ’ngoe e joalo e sebetsa metseng e fetang leshome le metso e ’meli ea Amerika, ’me ka karolelano e amohela mehala e fihlang ho halofo ea millione ka letsatsi.
Ka lebaka la mofuta o patehileng oa boitsebiso bo bong, ho thata ho fumana lipalo tse nepahetseng. Empa mohloli o mong o re khoebo ea litšoantšo tsa bootsoa Amerika Leboea e “tloha [ho liranta tse likete tse limillione tse 27] ho ea ho [liranta tse limillione tse likete tse 114] ka selemo, ho sa kopanyeletsoe chelete ea livideo.”
LINAHENG TSE LING—Ka 1984, “khoebo e atlehileng litabeng tsa botona le botšehali” Japane e tlatsitse mabenkele a libuka ka “limakasine tse totobatsang ho kopanela liphate bakeng sa bacha ba banana.” ’Muso o nkile bohato bo potlakileng ho tlosa libuka tsena mabenkeleng. Khoebo ea Sweden ea litšoantšo tsa bootsoa e etsang liranta tse limillione e rekisa “halofo ea millione ea limakasine tsa bootsoa” ka khoeli. India, Malaysia le Bulgaria li bone khatello ea litšoantšo tsa bootsoa tsa video bacheng ba tsona. Hape, ho ea ka koranta e Kopanetsoeng ea moo, keketseho e phahameng ea libuka tse “fumanehang habonolo” tse tsosang takatso tsa liphate Chaena e entse hore ’muso o thibele litšoantšo tsa bootsoa ka 1985.
Ka ho hlakileng, seoa sena se u potolohile. Hlokomela hore se ka mefuta e ka ’nang ea kena habonolo lapeng la hao kapa la fumaneha lebenkeleng leha e le lefe.
Empa na ruri ho loketse ho bitsa litšoantšo tsa bootsoa “lefu la seoa”? Na ho se ho fumanoe hore li kotsi? Na ka botšepehi re ka re ke tšoso ea sebele ho uena le baratuoa ba hao? Na letšolo le matla la ho li thibela ka molao le ka khina litokelo tsa batho tsa ho bala le ho shebella seo ba se khethang?