Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 1/8 maq. 20-21
  • Na Mekete ea Selemo se Secha e Loketse Bakreste?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Mekete ea Selemo se Secha e Loketse Bakreste?
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ja le ho Noa Haholo?
  • Na ke Meharo?
  • Mohloli o Seng Motle?
  • Na Bakreste ba Lokela ho Kopanela Meketeng ea Selemo se Secha?
    Tsoha!—2002
  • Na ke Mekete Eohle e Khahlisang Molimo?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Mekete e sa Khahliseng Molimo
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Keteke Matsatsi a Itseng a Phomolo?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 1/8 maq. 20-21

Na Mekete ea Selemo se Secha e Loketse Bakreste?

LINAHENG tsa Chaena, molumo oa mollo oa liqhomane tsa lipapali o thunya bosiu kaofela. Japane, litšepe tsa litempele tsa “Babuddha li lla ka makhetlo a 108. United States, litšepe, manaka a likoloi, le liphala li qala ho etsa lerata har’a bosiu. Tsena kaofela Ii etsahala Bosiu Pele ho Selemo se Secha.

Na u ne u tseba hore lerata lena kaofela, leha le etsahala ka mekhoa e fapaneng, qalehong le ne le etsoa ka lebaka le le leng: Ho leleka bademona le ho hloekisa batho bakeng sa selemo se tlang? Batho ba bangata ba talima lerata leo la Bosiu ba Pele ho Selemo se Secha e le thabo e kopaneng le mekete ea Selemo se Secha. Empa pono ea hao ke efe ka mekete ea Selemo se Secha? Na e lumellana le Bibele?

Ho Ja le ho Noa Haholo?

Mircea Eliade, setsebi se tsebahalang sa machaba sa histori ea bolumeli, o hlalosa tloaelo e kopaneng le Bosiu Pele ho selemo se secha e le “tšoantšiso ea Carnival, tšebeletso ea bolumeli ea mekete ea Saturnalia, le ho etsa lintho ka tsela e sa tloaelehang, ‘botahoa le bohlola bo feteletseng.’” Kahoo, mafatšeng a mangata, ho ee ho be le boithabiso ba botahoa.

Ka mohlala, Japane, borakhoebo ba sebelisa bonenkai (liphati tsa ho lebala selemo sa khale) e le lebaka la ho noa haholo. Tsena li lateloa ke shinnenkai (liphati tsa Selemo se Secha) moo ho nooang le moo ho jeoang haholo. Ka baka leo, ho ba teng li-tiger litereneng tsa bosiu nakong ena ea selemo. Ka Sejapane, lentsoe li-tiger le bolela batho ba tahiloeng ba mamelloang nakong ena ea selemo.

Na ho itšoara joalo kapa ho mamella lihlong tse joalo ha ho lihe hlompho ea batho? Moapostola Pauluse o elelitse Bakreste ba Roma: “Re tsamaeeng ka mokhoa o tšoanelang, e seng ka meharo le ka botahoa . . . Le mpe le ikapese ka Morena Jesu Kreste, ’me le se ke la. baballa nama ho e khorisa litakatsong tsa eona.” (Ba-Roma 13:13, 14) Na u ka nahana Jesu a etsetsa barutuoa ba hae phati e kopanyeletsang ho ja le ho noa haholo? Che!

Mohlomong Pauluse ha a ne a bua ka “meharo le botahoa” o ne a kenyelelitse mekete ea Selemo se Secha. Hobane’ng? Buka Christmas Traditions e ngotsoeng ke William M. Auld, e’a tlaleha: Ho tloha mehleng ea Julius Caesar [46 B.C.E.] letsatsi la la 1 Pherekhong le ne le tšoaea ho qaleha ha Selemo sa Sechaba ’me e ne e le nako ea selemo ea phomolo.” Ho phaella moo, Auld o senola hore “ho ne ho e-ba teng mokete le boithabiso bonyane ka matsatsi a mararo.”

Na ke Meharo?

Batho ba Bochabela ba bolokile tloaelo ea ho fa bana mpho e khethehileng ea chelete ka letsatsi la phomolo ea Selemo se Secha. Batho ba Chaena ba sebelisa liphutheloana tse khubelu tsa chelete. Ba lumela hore ’mala o mofubelu o ke ke oa tlisa feela lehlohonolo le katleho empa hape o tla leleka moea o mobe. Majapane a sebelisa enfolopo e tšoeu e nang le matšoao a ratehang. Liketso tse joalo li khothaletsa eng?

“Ke ne ke talima pele letsatsing la phomolo ea Selemo se Secha,” ho hopola monna oa Lejapane, “’me taba e ka sehloohong e ne e le hore na ke tla fumana otoshidama tse kae selemong seo (mpho ea chelete ea Selemo se Secha).” Na tloaelo ena e ka ama bana? E, ho arabela moqolotsi ho Vox Populi, Vox Dei koranteng ea Japane ea Asahi Shimbun, e tlalehang: “Bana ba ahlola batsoali ka ‘otoshidama’ eo ba ba fang eona.” Chelete eo ba ba neang eona e ’nile ea nyoloha, hoo ngoana a le mong a ileng a neoa li-yen tse 20 000 (R300,00) ka 1985.

Na tloaelo ena e ka khothaletsa meharo? Batsoali ba chesehela ho ikhapela thoriso e ngata ha bana ba bona ba batla chelete e eketsehileng. Vine’s Expository Dictionary of New Testament Words e hlalosa lentsoe “meharo” le fumanoang ho 1 Ba-Korinthe khaolo ea 6, ka hore ke “(cheseho) ea ho ba le ho eketsehileng.”

Ke batsoali ba mofuta ofe ba ka fehlang meharo baneng ba bona le ho ba lumella ho hlaolela “lerato la leruo”? Bibele e eletsa hore “lerato la leruo ke motso oa libe tsohle.”—1 Timothea 6:10.

Empa ho na le mabaka ao re lokelang ho ameha ka oona ka mekete ea Selemo se Secha.

Mohloli o Seng Motle?

A re re u fumana molatsoana o nang le metsi, ’me u leka ho noa ho ’ona. Ha u nyolosa le molatsoana, u fumana batho ba lulang likampong tse haufi le ’ona ba ntse ba hlatsoa mabekere a bona a litšila le liaparo ka metsing ao. Na u ne u tla ’ne u batle ho noa metsi ’me u be kotsing ea ho kenoa ke boloetse? Ho ka ’na ha buuoa se tšoanang ka tloaelo ea mekete ea Selemo se Secha. Leha mekete e meng e ka bonahala e se na molato ho batho, Jehova Molimo oa Bibele, o bone mohloli oa eona.

Ke hokae moo re fumanang tlaleho ea pele ea mokete oa Selemo se Secha? “Tlhaloso ea pele ea mokete oa Selemo se Secha eo re e tsebang e tsoa Mesopotamia ea boholo-holo,” ho arabela Theodor Gaster bukeng ea hae New Year—Its History, Customs and Superstitions. Matlapa a letsopa a hlalosang mekete oa Selemo se Secha a tlaleha “lenaneo la mekete e neng e etsoa khale Babylona ho tloha lilemong tsa sekete sa bobeli B.C.”

Selemo sa Babylona se qalile nakong ea selemo—ka khoeli ea Hlakubele. Mokete o ne o nka matsatsi a 11 ’me o ne o entsoe ka sepheo sa ho rapela Marudake, molimo oa Babylona. Mesaletsa ea mekete ea Selemo se Secha ea Babylona, e kang litšoantšiso tsa libapali tse ikhakantseng le litloaelo tsa letsatsi la tsoalo ea sechaba, li ntse li tšoaroa ka mekete ea Selemo se Secha lefatšeng. Litšoantšiso tsa libapali tse ikhakantseng motseng oa Philadelphia (U.S.A.) ka letsatsi la Selemo se Secha le mokete oa tsoalo ea sechaba Motseng oa Akita (Japane) ka letsatsi la la 17 Pherekhong ke mehlala e ’meli ea litloaelo tse joalo tsa boholo-holo.

Molimo o bona liketso tsa bolumeli tse qalileng Babylona li le litšila. O bitsa mebuso ea lefatše ea bolumeli ba bohata, le litloaelo tsa eona tse qalehileng Babylona ea boholo-holo, e le “Babylona e Moholo,” ’me o’a eletsa: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae.” (Tšenolo 18:2, 4) Kahoo, erekaha liketso tsa mekete ea Selemo se Secha li bontša mohloli oa tsona oa bohetene, batho ba batlang ho mamela Bibele ba tla ipoloka ba hloekile meketeng e joalo.

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 21]

Leha mekete e meng e ka bonahala e se na molato mahlong a batho, Jehova Molimo o bone mohloli oa eona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela