Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 1/8 maq. 28-29
  • Na Bakreste ba Lokela ho Kopanela Meketeng ea Selemo se Secha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bakreste ba Lokela ho Kopanela Meketeng ea Selemo se Secha?
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintlha Tsa Nako e Fetileng
  • Pono ea Bibele
  • Na Mekete ea Selemo se Secha e Loketse Bakreste?
    Tsoha!—1987
  • Selemo se Secha sa Machaena—Na Bakreste ba ka se Keteka?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Matsatsi a Phomolo
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • 2000—Na ke Selemo se Khethehileng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 1/8 maq. 28-29

Pono ea Bibele

Na Bakreste ba Lokela ho Kopanela Meketeng ea Selemo se Secha?

FERNANDO, ngaka ea meriana ea Brazil, o re: “Motšehare oa mantsiboea, letsatsi le tlang pele ho Letsatsi Pele Selemo se Khaoha, ho atisa ho khutsa ka mokhoa o sa tloaelehang. Bakuli ba qala ho fihla hoo e ka bang ka 11 bosiu—e ba mokoloko o molelele oa bakuli ba nang le maqeba a ho hlajoa kapa a ho thunngoa, bacha ba lemetseng likotsing tsa likoloi le basali ba otliloeng. Hangata sesosa ke tahi.”

Mabapi le se ka holimo, ha ho makatse hore ebe koranta e ’ngoe ea Brazil e ile ea bitsa letsatsi la pele la selemo, letsatsi la machaba la babalase. Mokhatlo o mong oa litaba Europe o re “letsatsi la phomolo la Selemo se Secha ke la hore bohle ba itahe ka monyaka,” o phaella ka hore ke “ntoa e tsoelang pele pakeng tsa motho le tahi.”

Ke ’nete hore, hase motho e mong le e mong ea ketekang Selemo se Secha ka ho noa ho feta tekano le ka ho ba mabifi. Ha e le hantle, batho ba bangata ba hopola lintho tse thabisang ka letsatsi leo. Fernando ea qotsitsoeng pejana o re: “Ha re sa le bana re ne re lebella motšehare oa mantsiboea Letsatsi Pele Selemo se Khaoha ka tabatabelo e khōlō. Ho ne ho lula ho e-na le lipapali, lijo le lino ka mefuta-futa. Har’a mp’a bosiu re ne re kopana ka matsoho, re sunana le ho lakaletsana ‘Mahlohonolo a Selemo se Secha!’”

Ka mokhoa o tšoanang, batho ba bangata kajeno ba nka hore ba keteka mekete ea Selemo se Secha ka tsela e itekanetseng. Leha ho le joalo, Bakreste ba lokela ho hlahloba tšimoloho ea mokete ona o tloaelehileng le seo o se bolelang. Na mekete ea Selemo se Secha e hanyetsana le lithuto tsa Bibele?

Lintlha Tsa Nako e Fetileng

Mekete ea Selemo se Secha ha e qale hona joale. Mengolo ea boholo-holo e bontša hore e ne e ketekoa Babylona ho tloha khale koana lilemong tsa likete tse tharo B.C.E. Mokete oo o ne o ketekoa bohareng ba March, ’me e le oa bohlokoa haholo. The World Book Encyclopedia e re: “Ka nako eo, molimo Marduk o ne a rera esale pele se tlang ho etsahalla naha selemong se tlang.” Mokete oa Bababylona oa selemo se secha o ne o nka matsatsi a 11 ’me o ne o kopanyelletsa ho etsoa ha mahlabelo, mekoloko le litšebeletso tsa hore motho a be le bana.

Ka mor’a nako, Baroma le bona ba ile ba qala selemo sa bona ka khoeli ea March. Empa ka 46 B.C.E., Moemphera Julius Caesar o ile a laela hore selemo se lokela ho qala ka la pele, January. Letsatsi leo le ne le se ntse le nehetsoe ho Janus, molimo oa tšimoloho, ’me joale le ne le tla tšoaea letsatsi le qalang selemo sa Baroma. Letsatsi lona le ile la fetoha, empa moea oa ho le keteka o ile oa tsoela pele o tšoana. Cyclopedia ea McClintock le Strong e re letsatsing la pele la January, batho “ba ne ba inehella menyakeng e feteletseng le litumela-khoeleng tsa mefuta e sa tšoaneng tsa bohetene.”

Le kajeno, litumela-khoela li ntse li phetha karolo e itseng meketeng ea Selemo se Secha. Ka mohlala, libakeng tse ling Amerika Boroa, batho ba bangata ba amohela Selemo se Secha ka ho ema ka leoto le letona. Ba bang ba letsa liphala le ho qhomisa litlelabore. Ho ea ka moetlo oa Seczech, motšehare oa mantsiboea Letsatsi Pele Selemo se Khaoha ke nako ea ho ja sopho ea lensisi, athe moetlo oa Seslovak oona o re batho ba behe chelete kapa makhakhapha a letlalo la tlhapi tlas’a lesela la tafole. Lineano tse kang tsena, tse reretsoeng ho leleka bomalimabe le ho tlisa katleho, li mpa li ntšetsa pele tumelo ea boholo-holo ea hore mathoaso a selemo ke nako ea ho rera esale pele se tlang ho etsahala.

Pono ea Bibele

Bibele e khothalletsa Bakreste ho ‘tsamaea ka mokhoa o hlomphehang, eseng meketeng e lerata le ho inehelleng botahoa.’a (Baroma 13:12-14; Bagalata 5:19-21; 1 Petrose 4:3) Kaha mekete ea Selemo se Secha e atisa ho tsejoa ka ho fetelletsa lintho ho nyatsuoang ke Bibele, Bakreste ha ba kopanele ho eona. Sena ha se bolele hore Bakreste ha ba thabele linako tsa monyaka. Ho fapana le moo, baa tseba hore ka makhetlo Bibele e bolella barapeli ba Molimo oa ’nete hore ba thabe—’me ho na le mabaka a mangata a hore ba thabe. (Deuteronoma 26:10, 11; Pesaleme ea 32:11; Liproverbia 5:15-19; Moeklesia 3:22; 11:9) Bibele e boetse e bolela hore lijo le lino li tsamaisana le ho thaba.—Pesaleme ea 104:15; Moeklesia 9:7a.

Leha ho le joalo, joalokaha re se re bone, mekete ea Selemo se Secha e simolohile meetlong ea bohetene. Borapeli ba bohata bo silafetse ebile bo manyala mahlong a Jehova Molimo, ’me Bakreste ba nena litloaelo tse simolohileng ho bona. (Deuteronoma 18:9-12; Ezekiele 22:3, 4) Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ho loka le tlōlo ea molao li na le setsoalle sefe? Kapa leseli le na le karolo efe le lefifi? Ho ekelletsa moo, ho na le tumellano efe pakeng tsa Kreste le Beliale?” Ka lebaka le utloahalang, Pauluse o ile a phaella ka ho re: “Le khaotse ho ama ntho e sa hloekang.”—2 Bakorinthe 6:14-17a.

Bakreste ba boetse baa hlokomela hore ho nka karolo litumela-khoeleng ha ho tlise thabo le katleho—haholo-holo hobane ho keteka mekete e joalo ho ka fella ka hore motho a se ke a amoheleha ho Molimo. (Moeklesia 9:11; Esaia 65:11, 12) Ho feta moo, Bibele e eletsa Bakreste hore e be ba leka-lekaneng le ba nang le boitšoaro. (1 Timothea 3:2, 11) Ka ho hlakileng, e ne e ke ke ea e-ba ntho e loketseng hore motho ea ipolelang hore ke molateli oa lithuto tsa Kreste a kopanele meketeng e tsejoang ka ho ba le boitšoaro bo feteletseng.

Le hoja mekete ea Selemo se Secha e khahla ebile e ipiletsa, Bibele e re bolella hore re “khaotse ho ama ntho e sa hloekang” ’me re ‘itlhatsoe litšila tsohle tsa nama le tsa moea.’ Ho ba sebetsang tumellanong le sena, Jehova o ba etsetsa tšepiso ena e thobang pelo: “Ke tla le amohela. Ke tla ba ntat’a lōna, ’me le tla ba bara le barali ba ka.” (2 Bakorinthe 6:17b–7:1) Ka sebele, o tšepisa bohle ba tšepahalang ho eena litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng le katleho.—Pesaleme ea 37:18, 28; Tšenolo 21:3, 4, 7.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho ka etsahala hore ebe ha Pauluse a ne a bua ka ‘mekete e lerata le ho inehella botahoa’ o ne a akarelletsa mekete ea Selemo se Secha, hobane e ne e tloaelehile Roma lekholong la pele la lilemo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela