Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 1/8 maq. 11-14
  • Botšosi—Karabo ke Efe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Botšosi—Karabo ke Efe?
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Bolumeli bo na le Karabo?
  • Na ho na le Tharollo ea Lipolotiki?
  • Na Machaba a Kopaneng a ka bo Felisa?
  • Boena bo Hlokang Tšabo
  • Botšosi bo ama bo-mang?
    Tsoha!—1987
  • Botšosi—Bo Susumetsoa ke Eng Hona Hobane’ng?
    Tsoha!—1987
  • Bokhukhuni—Bo Haufi le ho Fela!
    Tsoha!—2001
  • Histori e Tšoauoang ka Tšollo ea Mali
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 1/8 maq. 11-14

Botšosi—Karabo ke Efe?

HAEBA u kile ua tsamaea ka sefofane, u iponetse mesebetsi ea botšosi. Hoo ekabang boema-fofane bo bong le bo bong ba machaba ho hlahlojoa ha lintho ke tlameho. Botšosi bo lefisa mebuso le mekhatlo ea lifofane licheletehali bakeng sa tšireletso. Lipapaling tsa Olympiki tsa 1984 Los Angeles, tšireletso e lefisitse ’muso oa U.S. limillione tse R148. Mehato ea tšireletso e atleha hakae?;

Mabakeng a mang mehato eo e-ea atleha. Lilemo tse 20 tse fetileng, United States feela ho fumanoe lithunya kapa libomo tse ka bang 35 000 ’me ha tšoaroa ba 13 000. (Department of State Bulletin) El Al, tšebeletso ea lifofane ea Iseraele, eo mohlomong e nang le mehato e matlahali ea tšireletso, e fokolitse katleho ea batšosi lifofaneng haholo.

Leha ho le joalo, mebuso le mekhatlo e tšoarahane le liphello tsa lefu e seng lisosa. Boiteko ba eona ha bo fihle motsong oa lefu la mokhatlo oa kajeno—lefu le bakoang ke lehloeo le boithati. Ho hloka toka ho atile—ho sa tsotellehe likhopolo tse tloaelehileng. Kahoo, karabo e ka fumanoa hokae? Na bolumeli bo ka fetola lehloeo ho ba lerato? Na lipolotiki li ka tlisa bonngoe likarohanong? Na ruri Machaba a Kopaneng a ka kopanya lichaba? Kapa na ho na le karabo e ’ngoe?

Na Bolumeli bo na le Karabo?

Mesebetsi ea botšosi e tsoetseng pele Ireland Leboea ho tloha ka 1969 e se e nkile bophelo ba batho ba fetang 2 000, ba fetang 20 000 ba tsoa likotsi naheng ea baahi ba limillione tse 1,5. Mahlakore ana a loantšanang a lumela hore a kopanela lefa le tšoanang le Bokreste, le theiloeng tabeng ea hore “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8, TLP) Leha ho le joalo, botšosi ba Mak’hatholike le Maprotestanta bo tsoela pele. Joalokaha John Hickey a ngola ho Religion and the Northern Ireland Problem: “Ho ka etsahala hona joale . . . ho amohela kotsi kapa lefu ka lebaka la Bok’hatholike kapa Boprotestanta; ho amohela boiphetetso bo sehlōhō—ho fenethana ha mekha—ke tsela ea Ireland Leboea ea ‘ho boloka ho lekalekana hoa tšabo.’”

Mongoli eo o boletse hape hore: “Lipolotiki [Ireland Leboea] ha se tsona tse senyang bolumeli. . . . Bolumeli ke bona bo susumeletsang lipolotiki.” Haeba ho joalo, ke lipolotiki tse nang le boikutlo bo tšoanang ba polao le boiphetetso.

Malumeli a mangata a bolela hore a ruta lerato. Batšosi ba bangata ke litho tsa bolumeli ba Bokreste, Bojode, Bomosleme, Bobuddha, Bohindu, Bosikhe, kapa bo bong. Empa bolumeli bo susumetsa liketso tsa bona hakae? Bukeng ea Jan Schreiber The Ultimate Weapon—Terrorists and World Order, o qotsa mantsoe a moetapele oa IRA Ruairi O’Bradaigh: “Ke ne ke sebetsa le motho ea sehlōhō haholo. Re ile ra cheha leraba-qhomane ’moho, hore le phatlohe kampong ea masole a Brithani. . . . Ho ne ho tiisehile hore re ba korotse hantle. Motho eo ea sehlōhō o ile a etsa’ng? Pele a hokahanya likhoele tsa leraba leo ho ba poma likotoana, a tutubala. A ikana ’me a hoeshetsa ka botšepehi: ‘Morena a hauhele meea ea bona!’”

Bolumeli ha bo a thibela Mak’hatholike a Spain ho etsa lihlopha tsa batšosi tse tsejoang e le Guerrilleros del Cristo Rey, kapa Likhukhuni tsa Kreste Morena. Ho ea ka bangoli ba The Terrorists, Guerrilleros “li bolela hore mohloli oa tsona ke bolumeli le lipolotiki.”

Na ho hlōleha ha bolumeli ho felisa botšosi ho lokela ho re makatsa? Moprofesara C. E. Zoppo, oa lefapha la mahlale a lipolotiki Univesithing ea California, o ngotse: “Bolumeli bo hlophisitsoeng ba Bophirimela, ha bo tobane le mesebetsi ea pefo bakeng sa merero ea lipolotiki, bo amoha lira tsa bona tsa bolumeli litokelo tsa boitšoaro tseo bo li hōlisitseng har’a balateli ba bona . .. ’me bo lumelletse botšosi khahlanong le ‘batho bao e seng litho tsa bolumeli.’” O tsoela pele ho qotsa Lintoa tsa Bolumeli mehleng ea Mopapa Urban II. O re: “Ntoa ea Bolumeli e ne e reretsoe ho kokobetsa tšusumetso ea Boislame ka ho feletseng ’me e ile ea bitsoa ‘ntoa e felisang lintoa.’ Islame e ne e nkoa e le setsi sa matla ’ohle a bokhopo, ka hona ha lesole la Mokreste le bolaea sera le ne le fumana tšoarelo ea libe ea matsatsi a mashome a mane, ’me ho bolaea Mosolomane e bile ‘lengolo la tšoarelo.’”—The Rationalization of Terrorism.

Malumeli a mang hape a putsa ho bolaoa ha motho ea sa lumelang. Ba lumela hore ke lengolo la bona le ba lumellang ho ea paradeiseng ea leholimo. Kahoo, tumelo ea motšosi e ka matlafatsa tšusumetso ea hae ea ho bolaea.

Na ho na le Tharollo ea Lipolotiki?

Litsebi tsa lipolotiki le sesole tsa Bophirima li na le likarabo tsa tsona botšosing le hoja li sa sebetse hammoho liketsong tsa botšosi. Lepetjo la lichaba tse hlaseloang le bolaea ea le bolaeang. William Casey, motsamaisi oa CIA (Lekhotla la Mahlale Mesebetsing ea Botšosi) o itse: “Re ke ke ra tela mohato o qobellang ho thibela, kapa ho arabela mesebetsing ea botšosi moo maemo a hlokang hore ho sebelisoe matla. Linaha tse ngata, ho akarelletsa le United States, li na le matla a khethehileng a hlokahalang ho loantša lihlopha tsa botšosi.”—Hydra of Carnage.

Phutuhelo ea moeeng ea United States naheng ea Libya ka ’Mesa 1986, boiphetetsong ba ho phatloha ha bomo ea botšosi tlung ea boithabiso Berlin, e bontša seo. Empa ho na le liphello tse ling tsa kapele—ho tsoa kotsi ha baahi Libya, liphello tseo U.S. e hlalositseng hore li ne li ke ke tsa qojoa, le ho senyeha ha sefofane sa U.S. le masole a sona. Botšosi le thibelo ea bona li na le liphello tse patehileng—ho felloa ke hlompho le lebitso le letle.

Boralipolotiki le masole ba talima sena e le sehlabelo se tloaelehileng ntoeng ena ea sephiri. Joalokaha Benjamin Netanyahu a ngotse: Baahi ba bohle ba tsamaiso ea puso ea lentsoe la sechaba ba leng kotsing ea botšosi ba lokela ho ipona, ka kutloisiso e itseng, e le masole a ntoeng. Ba se ke ba hatella ’muso oa bona ho ineela botšosing. . . Haeba re ikemiselitse ka ho hlōla ntoa khahlanong le botšosi, batho ba lokela ho mamella bohloko bo boholo, ho ntša baratuoa sehlabelo.”—Terrorism—How the West Can Win.

Na lisosa tsa motheo tsa botšosi ke feela sesebelisoa se seng qhoebeshaong e pakeng tsa litsamaiso tse peli tse khōlō tsa lipolotiki. Kahoo, lipolotiki li tsoala botšosi.

E le mohlala, mongoli oa Lefofa le mongoli oa litaba Jean-François Revel ba ngotse: “Likhoeletsong le libukeng stsa bona batšosi ba hlalosa liphutheho tsa bona litsamaisong tsa puso ea lentsoe la sechaba e le ‘karolo e ntle haholo ea ho hlasela sera.’ Khopolo ea bona ke hore ho bonolo ho tloha pusong ea bompoli ho ea pusong ea moruo e laoloang ke sechaba ho e-na le ho tloha pusong ea lentsoe la sechaba ho ea pusong ea moruo ea bokomonisi. ‘Baloaneli ba phetohelo’ ba lokela ho tlosa mebuso ea lentsoe la sechaba pele ho e etsa puso ea bompoli, ’me bohatong ba bobeli, moloreng oa puso ea bompoli ho hahuoe tsamaiso ea puso ea basebetsi.” Kahoo, linaheng tse ling batšosi ba bolaea balaoli ba puso ea sesole ea bompoli hore ho hlongoe puso ea sesole e amohelang liphetoho.

Na Machaba a Kopaneng a ka bo Felisa?

Seithuti sa mahlale a lipolotiki C.E. Zoppo se hlalositse bothata boo Machaba a Kopaneng a iphumanang a le ho bona: “Ha ho makatse . . . ha Machaba a Kopaneng ha a sa lumellane ka tlhahiso ea botšosi ba machaba kapa metheo e lokelang ho nkuoa ke lichaba tseo e leng litho tsa eona.” Ha hoa lokela ho makatsa motho leha e le mang ha a talima Machaba a Kopaneng e le lebala leo lichaba tse matla tsa lefatše, joaloka litšephe, li thulanang ka linaka ntoeng ’me li hlōlana ka mantsoe.

Taba e ’ngoe ke hore mokhatlong oa Machaba a Kopaneng, lichaba tse hlaseloang ke botšosi tsa tsamaiso ea puso ea lentsoe la sechaba lia fokola. Joaloka Zoppo a bontšitse: “Seboka-Kakaretso sa Machaba a Kopaneng phatlalatsong ea sona ea botšosi ba machaba . . . le hoja ‘se tšoenyehile ka ho tebileng ka mesebetsi ea botšosi ea machaba,’ se tiisitse ‘tokelo e sa hanyetsoeng ea boikemisetso le boipuso ba batho bohle tlas’a puso ea likoloni le khethollo le mefuta e meng ea puso.’” Qeto e tšoanang e nyatsitse “tšehetso ea bohatelli le mesebetsi ea botšosi e etsoang ke lipuso tsa likoloni, tsa khethollo, le puso ea lichaba tse hanelang batho litokelo tsa boikhethelo le boipuso.”

Kahoo, ho ea ka tlhaloso ea Zoppo, Machaba a Kopaneng a lumetse litekanyetso tse leeme ka botšosi. O tsoela pele: “Ka ho hlakileng, botšosi bo lokile haeba e le tsela ea ho sireletsa bochaba ba naha ’me boa nyatsuoa haeba bo sokela tšireletseho ea naha e ipusang. Lichaba tse sa tsoa hlonngoa, tse sebelisitseng botšosi ho fumana tokoloho ea tsona, li thatafalloa ho nyatsa tse ling.” (The Rationalization of Terrorism) Machaba a Kopaneng a hlōlehile ho thibela botšosi. Ha ho tōka, joalokaha Zoppo a qetela, “lipolotiki ke tsona tse beang molao hore na se lokileng ke sefe.” Khabareng, batho ba se nang molato ba shoa le ho hlokofatsoa matsohong a batšosi.

Boena bo Hlokang Tšabo

Jan Schreiber o hlalosa qeto e thata e talimaneng le lichaba: “Taba e ferekanyang ke hore linaha tse lakatsang ho felisa botšosi lefatšeng—tse fokolang—li qobelloa ho khotsofatsoa ke mehato e sa fe llang ea ho bo felisa. Ho ka etsahala hore litekanyetso tsa kotlo ha li fetole batšosi ba ineetseng sepheong sa bona, kapa ba lokela ho talimana le boiphetetso bo mabifi ba batšosi ba sa ntseng ba ka itoanela.”—The Ultimate Weapon—Terrorists and World Order.

Ha Moprofesara Zoppo a qetella tlhahlobo ea hae ea bothata, o re: “Sechaba sa joale se tsoetsoe ka tšabo.” Ka hona tšabo e bonahala e le motsoako oa tsamaiso ea lipolotiki o ke keng oa phenngoa. Leha ho le joalo, re ka tiisa hore ho na le “sechaba” se le seng se entsoeng ntle ho tšabo kapa pefo—kapa lipolotiki. Ke sechaba se fetang limillione tse tharo, batho ba tsoang lefatšeng lohle, mekhoeng e sa tšoaneng ea bophelo, lipuo, le bolumeli. Ke bo-mang? Ke batho ba u etelang ka makasine ’ona—Lipaki tsa Jehova.

Ba feta feela ho ba mokhatlo oa machaba oa batho. Ba na le boena bo phahametseng lichaba, bo fanang ka tumelo le tšepo e fanoeng ke Molimo. Ba hasa tšusumetso ea bona lefatšeng ka bophara, e seng ka botšosi, empa ka thuto ea khotso ea Bibele. Hoo ekabang lichabeng tsohle tsa lefatše, ba buella ’Muso oa Molimo ka Kreste e le pheko feela mathateng a batho.—Mattheu 6:9, 10.

E, Lipaki tsa Jehova li hlōtse lipolotiki tse arolang le bochaba, bo tsoalang lintoa le botšosi. Ha joale li bōpa sechaba se phelang ka khotso, ’me ba itokisetsa nako e atametseng haholo ha lefatše le tla busoa ke ’Muso oa Molimo feela. Seo se ke ke sa tlisoa ke phetoho ea lefatše empa ke ntoa e hloekisang ea Molimo ka Armageddone.—Mattheu 24:37-39; Tšenolo 16:14, 16.

Joale khotso ea ’nete le bophelo bo sa feleng e tla ba kabelo ea baikokobetsi ba lefatše. (Tite 1:2; Tšenolo 21:3, 4) Haeba u rata ho tseba ho eketsehileng ka ’Muso ’ona, moo botšosi bo ke keng ba hlola bo eba teng, ka kōpo ikutloe u lokolohile ho ikopanya le Lipaki tsa Jehova motseng oa heno kapa u ngolle bahatisi ba makasine ’ona naheng ea heno.

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 11]

Lilemong tse 20 tse fetileng, United States feela, ho fumanoe lithunya kapa libomo tse 35 000 ’me ha tšoaroa ba 13 000.—Department of State Bulletin

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 12]

“Pele a hokahanya likhoele tsa leraba qhomane, hore le bolaee bohle larita, a tutubala. A ikana ’me a hoeshetsa: ‘Morena a hauhele meea ea bona!’”

[Lebokose le leqepheng la 14]

’Muso oa Molimo ka Kreste Jesu O Tla Felisa Botšosi

Botšosi bo hlalosoa e le ntoa ea batho ba hlokang tšepo ’me ba ikutloa ba khelloa fatše. ’Musong oa Molimo ha ho motho ea tla ikutloa a khelloa fatše, joalokaha ho bonoa boprofeteng bo latelang bo supang puso ea Kreste Jesu.

“Oho Molimo, u nee morena likahlolo tsa hao, ho loka ha hao ho fuoe mor’a morena. O tla ahlola sechaba sa hao ka ho loka, le mafutsana a hao ka bokhabane. O tla ahlolela ba malimabe ba sechaba, a thuse bana ba ea lesitsi, ’me a hatakele batubi. Hobane o tla boloka ea lesitsi ha a hooa, le ea malimabe ea hlokang mothusi, o tla utloela ea malimabe le mohloki bohloko, a boloke bophelo ba ea lesitsi; o tla ba loela bohorohosong le botubong, mali a bona e be ntho e hlokoang mahlong a hae.”—Pesaleme ea 72:1, 2, 4, 12-14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela