Histori e Tšoauoang ka Tšollo ea Mali
LILEMONG tse seng kae tse fetileng, ho ne ho bonahala eka bokhukhuni bo libakeng tse ka thōko tse seng kae feela, joaloka karolong e ka Leboea ea Ireland, Naheng ea Basque e karolong e ka leboea ea Spain le libakeng tse ling tsa Bochabela bo Hare. Hona joale—haholo-holo ho tloha ka la 11 September, 2001, ha ho ne ho senngoa Mehaho e ’Meli e Melelele, New York—bo se bo fetohile kobo-anela lefatšeng ka bophara, bo hlasetse sehlekehlekeng se setle sa Bali; Madrid, Spain; London, Engelane; Sri Lanka; Thailand; esita le Nepal. Leha ho le joalo, bokhukhuni ha bo fihle. Lentsoe “bokhukhuni” le bolela eng?
Bokhukhuni bo ’nile ba hlalosoa e le “ha motho kapa batho ba itseng ba sebelisa kapa ba sokela ho sebelisa likhoka kapa mabifi ka tsela e seng molaong ho hlasela batho kapa thepa ka sepheo sa ho tšosa kapa ho qobella sechaba kapa mebuso ho etsa ntho e itseng, hangata e le ka lebaka la likhopolo tse itseng kapa ka mabaka a lipolotiki.” (The American Heritage Dictionary of the English Language) Leha ho le joalo, mongoli Jessica Stern o re: “Motho ea ithutang ka bokhukhuni o utloa bo hlalosoa ka litsela tse makholo . . . Empa bokhukhuni bo na le litšobotsi tse peli feela tse hlaheletseng tse bo khethollang liketsong tse ling tse mabifi.” Ke life litšobotsi tseo? “Ea pele ke hore bokhukhuni bo reretsoe ho hlasela batho feela sechabeng. . . . Ea bobeli ke hore likhukhuni li sebelisa mabifi ho finyella merero e meholo: hangata ho tšosa batho bao li batlang ho ba qobella ho etsa ho itseng ke habohlokoa ho feta tlhaselo ka boeona. Ho ikemisetsa ho tšosa batho ba bang ka boomo ke hona ho khethollang bokhukhuni ka ho hlaka liketsong tse ling feela tse tloaelehileng tsa polao kapa tsa tlhaselo.”
Liketso Tse Mabifi ke Khale li le Teng
Lekholong la pele la lilemo Judea, sehlopha sa batho ba bang ba mabifi ba neng ba bitsoa Mazealot se ne se batla hore Bajuda ba ipuse ba se ke ba hlola ba busoa ke Baroma. Ba ne ba tšehetsoa ke batho ba bang ba chesehang ka ho fetisisa ba bitsoa Basicarii, kapa banna ba lithipa tse sehang ka nģa tse peli, e leng lebitso le nkiloeng litseneneng tseo ba neng ba li pata liaparong tsa bona. Basicarii ba ile ba itsoaka-tsoakanya le letšoele moketeng Jerusalema, ’me ba khaola lira tsa bona qoqotho kapa ba li hlaba mokokotlong.a
Ka 66 C.E., Mazealot a ile a hapa qhobosheane ea Masada e haufi le Leoatle le Shoeleng. A ile a bolaea mabotho a Baroma ka sehlōhō a neng a lula qhobosheaneng eo eaba a etsa thaba eo qhobosheane ea ’ona. Ka lilemo a ile a hlasela le ho hlorisa mabotho a ’muso a le moo. Ka 73 C.E., Lebotho le Leholo la Boleshome la Roma le neng le eteletsoe pele ke ’Musisi Flavius Silva le ile la boela la hapa Masada, empa la sitoa ho hlōla Mazealot. Rahistori e mong oa mehleng eo o re ho e-na le hore a inehele ho Baroma, Mazealot ao kaofela ha ’ona a neng a le 960 a ile a ipolaea, ha sala basali ba babeli le bana ba bahlano feela.
Ba bang ba nka hore ketso eo ea bofetoheli ea Mazealot ke qaleho ea bokhukhuni joalokaha re bo tseba kajeno. Ebang seo ke ’nete kapa che, liketso tsa bokhukhuni li amme batho ba bangata ho tloha nakong eo.
Metso ea Bokhukhuni Bokreste-’mōtoaneng
Ho qala ka 1095 ho ile ha feta lilemo tse makholo a mabeli mabotho a masole a bolumeli a lula a tsamaea pakeng tsa Europe le Bochabela bo Hare. A ne a loantšana le mabotho a Mamosleme a tsoang Asia le Afrika Leboea. A ne a tšeka Jerusalema, lehlakore ka leng le loanela ho e laola. “Bahlabani bao ba halalelang” ba ile ba khabelana ka lisabole lintoeng tse ngata tseo ba li loanneng. Ba ne ba hlasela le batho feela ba shebeletseng ka lisabole le ka lilepe. Moruti e mong oa lekholong la bo12 la lilemo oa Tyre ea bitsoang William, o re ha a hlalosa tsela eo masole a bolumeli a ileng a kena Jerusalema ka eona selemong sa 1099:
“A ne a tsamaea literateng a kokositse lisabole le marumo. A bolaea larita banna, basali le bana, a sa khethe. . . . A ile a bolaea batho ba bangata hoo litopo li neng li rapaletse hohle literateng, ’me ho se moo motho a hatang teng haese hore a li tlōle holimo. . . . Ho ile ha tšolloa mali a mangata hoo likotopo le liforo li neng li phorosela mali, ’me e le litopo feela hohle literateng tsa motse.”b
Makholo a lilemo hamorao, likhukhuni li ile tsa qala ho sebelisa liqhomane le lithunya tse nang le liphello tse sisimosang le tse kotsi le ho feta.
Ba Limilione ba Shoele
Bo-rahistori ba nka hore letsatsi la la 28 June 1914, ebile la phetoho e khōlō historing ea Europe. Mohlankana e mong eo ba bang ba mo nkang e le mohale, o ile a thunya khosana ea Austria, e leng Khosana Francis Ferdinand. Ketsahalo eo e ile ea kenya moloko oa batho Ntoeng ea I ea Lefatše. Ho ile ha shoa batho ba limilione tse mashome a mabeli pele Ntoa eo e Khōlō e lala.
Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea lateloa ke Ntoa ea II ea Lefatše, e ileng ea tlisa likampo tsa mahloriso, ea rinya batho ba seng sesoleng ka litlhaselo tsa libomo le ho iphetetsa ka ho bolaea batho ba se nang molato. Ka mor’a ntoa batho ba ile ba ’na ba bolaoa. Lilemong tsa bo-1970, ho ile ha bolaoa batho ba fetang milione Cambodia. Batho ba Rwanda ba ntse ba sisimositsoe ke polao e sehlōhō ea batho ba fetang 800 000 ba bolauoeng moo lilemong tsa bo-1990.
Ho tloha ka 1914 ho tla fihle mehleng ena ea rōna, moloko oa batho o ’nile oa hlokofatsoa ke liketso tsa bokhukhuni linaheng tse ngata. Leha ho le joalo, ba bang kajeno ba etsa joalokaha eka ha ho letho leo ba ithutileng lona liketsahalong tsa nako e fetileng. Letsatsi le chabang le le likelang, litlhaselo tsa bokhukhuni li bolaea batho ba makholo, li holofatsa ba likete le ho amoha ba limilione monyetla oa ho ba le khotso ea kelello le oa ho ikutloa ba sireletsehile. Ho phatloloa libomo limmarakeng, metse e chesoa lore!, basali baa betoa, bana ba isoa litlamong le batho baa shoa. Mokhoa ona oa bobatana o ntse o tsoela pele le hoja ho entsoe melao e o thibelang le batho hohle ba o tšoela ka mathe. Na ho na le tšepo ea hore bokhukhuni bo tla ke bo fele?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Joalokaha ho tlalehiloe ho Liketso 21:38, molaoli oa lebotho la Roma o ile a qosa moapostola Pauluse ka leeme ka hore ke moeta-pele oa “banna [ba 4 000] ba lithipa tse sehang ka nģa tse peli.”
b Jesu o rutile barutuoa ba hae hore ba ‘rate lira tsa bona,’ eseng hore ba li hloee le ho li bolaea.—Matheu 5:43-45.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Ka la 28 June, 1914, lefatše le ile la kena ntoeng
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
ISTANBUL—KA LA 15 NOVEMBER, 2003
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
MADRID—KA LA 11 MARCH, 2004
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
LONDON—KA LA 7 JULY, 2005
[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]
NEW YORK—KA LA 11 SEPTEMBER, 2001
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 5]
From left to right: AP Photo/Murad Sezer; AP Photo/ Paul White; Photo by Peter Macdiarmid/Getty Images
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 6]
Culver Pictures