Lefatše ho Tloha ka 1914
Karalo ea 1—1920-1928 Lilemo Tsa Bo-1920 Tsa Katleho ea Mouoane—Tsa Khutsa Pele ho Sefefo
Ka 1983 Tsohal ka Senyesemane e ile ea hatisa lihlooho tse tharo tse buang ka Ntoa ea I ea Lefatše. Joale letotong la lihlooho tse robeli re tla leka ho bua ka liketsahalo tse ling tse khōlō tse etsahetseng ho tloha ka ntoa eo. Liketsahalo tseo li amme motho e mong le e mong ea phelang, ’me li bolela ho hoholo ho feta kamoo ba bangata ba rōna ba ka nahanang kateng. Re tšepa hore u tla thabela ho bala LEFATŠE HO TLOHA KA 1914, karolo ea lona ea pele e’a latela.
BATHO ba bangata “ha ba ka ba lemoha hore ba ne ba bona phetoho ea lintho historing ea kajeno,” ho bolela rahistori Hans Kohn ka phello ea ntoa ea lefatše historing ea motho, Ntoa ea I ea Lefatše. O hlalosa hore ekasita le kamor’a ntoa, “ke ba seng bakae feela ba neng ba hlokomela phetoho e khōlō e ammeng likelello tsa batho lefatšeng lohle, kapa hore phetoho ena e tla ipontšahatsa ka tsatsi le leng ka ho fetola bophelo ba sechaba.” Hobane’ng ha ba ne ba lokela ho hlokomela? Lilemo tsa bo-1910 tsa qeta tlhokomelo e neng e le teng.
Na ntoa e ne e sa felisoa ka molao ka ho saenoa ha Selekane sa Versailles ka 1919 Lekhotleng la Khotso la Paris? Na lekhotla leo ha lea ka la rala motheo oa Selekane sa Lichaba se neng se etselitsoe ho kopanya lefatše khotsong? Na ho qalisa ha lona ka molao ka la 16 Pherekhong, 1920, ha e’a ka ea e-ba lebaka le lekaneng la ho lumela hore ntoa e ’ngoe ea lefatše e ka qojoa?
Lilemo tsa Bo-1920 tsa Katleho ea Mouoane—Tlhaloso e Nepahetseng
Lefatše la menyaka la bo-1890 le ile la felisoa ke mahlomola a qalileng ka 1914. Erekaha ntoa e ne e felile, batho ba feletsoeng ke tšepo ba ne ba batla ho e lebala kapele kamoo ba ka khonang. Haholo Europa moo boemo bo ileng ba tšoauoa ke pherekano ea lipolotiki le moruo. Rahistori R. B. Gruver o re “bacha ba bangata ba ipona e le bapholohi ba ntoa e se nang morero eo ba e baketsoeng ke batho ba baholo. Ka lebaka la boikutlo bona, ba qala ho belaela lintho tseo batho ba baholo ba neng ba li talima li le bohlokoa. . . . Ba tšoareha ka ho batla katleho ea maruo le ho phela hamonate.”
Ho thoe’ng ka United States? “Maamerika a mangata,” ho bolela Gruver, “a qala ho lumela hore theko ea liphahlo e tla phahama ka ho sa feleng le hore haeba motho a rekile phahlo e itseng kajeno a ka e rekisa ka phaello isao . . . Morero oa ho eketsa khoebo o ile oa ata hoo bakuti ba meriri, bahatisi, bo-rakhoebo ba mekhatlo e meholo ea mechine e phahamisang lintho ba ileng ba tlolela monyetla oa ho eketsa maruo a bona.”
Mahlakoreng ka bobeli a Atlantiki, moea oa ho phelela maruo o ne o bonoa boitšoarong, maikutlong, le ’minong, ’me Gruver o itse ka ’ona: “’Mino o ratoang oa bo-1920 oa bontša ho hanoa ha litloaelo le khatello e ncha bolokolohing, boitaolong, le boitšoarong bo hlephileng.” ’Mino oa Jazz, tlatsetso ea United States ’minong oa lekholo la bo20 la lilemo, oa tuma. E ne e le “’mino o bonahatsang ho hloea ha moloko lithibelo le hlompho.” Ho hanoa hona ha litekanyetso tsa khale le lintho tsa bohlokoa ha etsa hore mongoli F. Scott Fitzgerald a bitse lilemo tsa bo-1920 Mehla ea Jazz. ’Me ha jazz e potlaka ho amoheloa lefatšeng lohle, ho bile joalo le ka boikutlo ba ho batla boithabiso bo neng bo khothaletsoa ke eona.
Ho ka ’na ha se lumellanoe ka hore na ke mang ea reileng nako ena ea kamor’a ntoa Lilemo tsa Bo-1920 tsa Katleho ea Mouoane. Empa ho ka lumellanoa tabeng ea ho nepahala ha tlhaloso ena. “Katleho . . . haholo-holo ea nakoana.” Tlhaloso ena e tšoanela lilemo tsa bo-1920 hantle. E ne e le lilemo tse tšoauoang ka katleho ’me li ne li khetholloa ka ho batla bolokolohi, boithabiso, maruo, le boikhotsofatso bo tlōtseng. Leha ho le joalo, nako e telele pele lilemo tsena tse leshome li fela, matšoao a kotsi a bontša hore “linako tseo tse li monate” e ne e mpa e le tsa nakoana.
Maru a Bokellanang a Bora ba Lipolotiki
Ka lilemo tsohle tsa bo-1920 Selekane sa Lichaba sa tsoela pele ka mosebetsi oa sona o tebileng oa ho boloka khotso. Mosebetsi ’ona o ne o le boima haholo. Gerhard Schulz, Moprofesara oa Histori ea Kajeno Univesithing ea Jeremane ea Tubigen, o’a hlalosa: “Maima a pele a khotso lipolotiking, boitšoarong le moruong a ile a eketseha ka baka la hore bochaba bo ile ba pholoha ntoa ea lefatše, le ho tsosolosoa.” Itali bochaba bo ile ba tsosolosoa ka puso ea bompoli ea Benito Mussolini, ha Japane bo tsosolosoa ka ho khothalletsa matla a libetsa. Chaena ea bokomonisi e ne e ntse e etsa tlhaselo tsa sesole, kamor’a ho etsa selekane le Russia kamor’a phetohelo ea Mphalane 1917. Bochaba bona bo ne bo sitisa lithahasello tsa Machaba a Kopaneng.
Khabareng, Jeremane, mokha oa Puso ea Sechaba oo hamorao o ileng oa tsejoa ka lebitso le somang “Bonazi” o ne o ntse o ipha matla. Ka 1928 moetapele oa Bonanzi, Adolf Hitler, a tsosolosa bochaba khoeletsong ena: “Batho ba rōna ba lokela ho lokolloa pele pherekanong e se nang tšepo ea machaba, ’me ba rutoe ka hloko le ka hlophiso bochaba ba bona.... Ho na le ntho e le ’ngoe feela e nepahetseng lefatšeng, ’me e itšetlehile matleng a motho.”
United States bochaba ba bonahala ka sebopeho sa ho ikarola. Maamerika a mangata a ne a rata ho tlohella Europa ho kotula seo e se jetseng. Hape a ne a hana ho ba setho sa “morero o khopo o nang le lebitso le halalelang,” kamoo a neng a bitsa Selekane sa Lichaba kateng. Ho sa tsotellehe likōpo tsa Mopresidente Wilson, Lekhotla le etsang Melao la U.S. la ineela moeeng o matla oa nako eo ’me ka 1920 la ntša livouto tse hanelang U.S. ho ba setho sa Selekane sa Lichaba.
Likotsi tse khōlō tse neng li ipatile marung ana a bokellanang a bora ba lipolotiki li ne li hōla li sa hlokomeloe kapa li hlokomolohuoa. Leha ho le joalo, li ne li bōpa sefefo se tšosang haholo.
Meea ea Sefefo ea Phetoho ea Sechaba
Maru a sokelang a lipolotiki a ne a kopane le meea ea sefefo ea phetoho ea sechaba. Maikutlo le litekanyetso tsa fetoha ha batho ba tšoasoa ’marakeng oo lefatše le neng le e-s’o ka le o bona. Ka lekhetlo la pele, menate ea kajeno e kang likoloi, liea-le-moea, lihatsetsi e ne e ka hlahisoa ka bongata. Ho hōlisa thekiso ea tsona, mokhatlo oa phatlalatso ea khoebo oa hōla ka potlako ’me oa fetoha khoebo ea liranta tse limillione. Oa qalisa lenaneo la ho reka liphahlo ka mokitlane le ho lefa habonolo, oa kholisa batho ho reka lintho tseo mohlomong ba sa li hlokeng le ho batla lintho tsa chelete eo ba se nang eona.a Mokhatlo oa liphatlalatso tsa khoebo oa sebelisa sea-le-moea e le mocha o motlehali oa ho phatlalatsa lipheo tsa ’ona.
Lintho tsa ka tlung tse nolofatsang bophelo le tse bolokang nako li ne li sa ananeloe kamehla; kapa leha e le hore lintho tsena li fetotse litšekamelo tsa botsoa, le ho se tsotelle tseo batho ba bang ba neng ba ikutloa hore menate ena e’a li khothalletsa. Ka mohlala, mosali-moholo e mong o ile a tepella haholo ka lekhetlo la pele ha a fumana bohobe bo sehuoeng ka mochine lebenkeleng la lijo. A sisinya hlooho ka ho se lumele, a re: “Ha batho ba le botsoa ho itšehela bohobe ba bona, kannete motho oa ipotsa hore na e be lefatše le tlil’o ba joang isao.” Mosali-moholo eo o ne a tla nahana eng ka lintho kajeno?
Empa boemo bo ne bo hlile bo tebile ho feta mona. Lintho tse hlahisoang tse neng li buelloa ke baphatlalatsi ba khoebo li ne li etsa hore butle-butle tlhokomelo ea batho e tlohe linthong tsa moea, e be ho tse bonahalang. Bolumeli bo hlophisitsoeng bo ne bo hlōlehe khale ho fana ka tataiso e hlokehang ea moea le ho thibela batho ho suthela hōle le Molimo. Batho ba bangata ba qala ho hōlisa lithuto tsa bona tsa filosofi. Ka mohlala, Gruver o re, “thuto e ncha ea mahlale ea ho tseba tšebetso ea kelello ea hapa thahasello ea batho ba neng ba amehile ka liphihlelo tsa bona,” thuto ea Sigmund Freud.
Thuto ea Darwin ea ho iphetola ha lintho ea thusa ho felisa tumelo ho Molimo le Bibele. Liphello tsa eona historing ea lefatše li ne li tebile, joaloka ha buka Europa zwischen den Kriegen, (Europa Pakeng tsa Lintoa) e re bolella. E bitsa Hitler “motho ea neng a lumela thutong ea Darwin” le ea neng a lumela ka ho tiea hore ho pholoha ha tse matla ke molao oa tlhaho. “Mohopolo oa hae ka ntoa,” ho hlalosa mongoli Herman Graml, e ne e le hore ntoa ke “khohlano e phethahetseng ea tlhaho e hlokahalang sechabeng bakeng sa ho matlafatsa bochaba, le eo morena oa ’nete a neng a tla e leka ka makhetlo.”
Ke ’nete, hase e mong le e mong ea ileng a lumella moea oa sefefo sa phetoho ea bochaba hore o fokolise tumelo ea hae ho Molimo le Lentsoe la oona. Batho ba bang ba sebelisitse hamolemo thuto e ncha ea boqapi ba mahlale, ka mohlala, ba sebelisa sea-le-moea ho ba thusa ho loanela ’Mōpi oa bona. Sena se ne se fapane le ba neng ba sebelisa sea-le-moea ho phehella lithahasello tsa boithati tsa khoebo. Ka 1924 sehlopha sa Bakreste se neng se ikopantse le Mokhatlo oa Watch Tower sa qalisa WBBR, seteishene sa pele sa Motse oa New York sa khaso se neng se sa phatlalatse khoebo. Sa sebelisoa ho fihlela ka 1957, ha se rekisoa kamor’a hore se sebeletse morero oa sona le lithahasello tsa ’Muso oa Molimo ka lilemo tse fetang mashome a mararo.
Lilemo tsa Bo-1920 tsa Katleho ea Mouoane le “Tau e Purumang”
“Baithati, le ba ratang leruo, le bakaki . . . ba ratang menate ea nama, e seng Molimo; ba tla ba le sebopeho sa borapeli, empa e le ba latotseng matla a jona.” Na ena ke tlhaloso ea Lilemo tsa Bo-1920 tsa Katleho ea Mouoane? E, leha moapostola oa Mokreste Pauluse a ngotse mantsoe ana lilemo tse ka bang likete tse peli tse fetileng. Hore mafokoli a batho a boletsoeng mona a ile a phethahala ka matla mokhatlong o theiloeng cheleteng, o hlanyetsang menate, le o fokolang moeeng oa Lilemo tsa Bo-1920 tsa Katleho ea Mouoane, ha se feela ho oelana ha liketsahalo. Ke letšoao le sa foseng la hore lefatše le kene nakong eo Pauluse a e bitsitseng ‘mehla ea qetello.’ Hape ho bontša hore “Diabolose ... joale ka tau e purumang” o ekelitse mosebetsi oa hae ho suthisetsa batho hōle le ’Mōpi oa bona.—2 Timothea 3:1-5; 1 Petrose 5:8.
Ho thibela sena, Bakreste ba ikopantseng le Mokhatlo oa Watch Tower ba qala ho hōlisa mosebetsi oa bona ho sireletsa bolumeli ba ’nete. Ka 1922 ba eketsa phutuho ea ho phatlalatsa ’Muso o tlang oa Molimo. Ka 1927, ba nolofatsa ho hatisa lingoliloeng tsa Bibele, ba haha sebaka sa bona sa khatiso Brooklyn. Palo ea “baphatlalatsi” e ne e sa le nyenyane, leha ho le joalo, ka 1928, ha Lilemo tsa Bo-1920 tsa Katleho ea Mouoane li fihla bofelong ba tsona, ba 44 080 ba ne ba bolela ’Muso oa Molimo linaheng tse 32 ho potoloha lefatše. “Tau e purumang” e ne e se na matla a ho thibela sena.
Molaetsa oa bona o ne o tšoana hohle: bothoto ba ho bea tšepo maruong, lithutong tsa batho tsa filosofi, kapa mererong ea lipolotiki, joaloka Selekane sa Lichaba, ho e-na le ’Musong oa Molimo. Molula-Qhooa oa la Phupu 15, 1926, ka sebete oa bolela Selekane sa Lichaba se le khahlanong le Molimo, o re: “Ho amoheloa ha sona ke baruti, e le sona se emetseng ’muso oa Messia, ho tlisitse lefifi le letšo holim’a batho ba lefatše . . . Morena o profetile ho hlaha ha sona, ho ba teng ha sona ka nako e khutšoane, le ho fela ha sona ka ho sa feleng.—Tšenolo 17:10, 11; Esaia 8:9, 10.”
Bakreste bana ba ne ba kholisehile hore sefefo sa letsatsi la kahlolo ea Molimo se ne se atamela ka potlako. Empa pele, Lilemo tsa Katleho ea Mouoane li ne li tla fella ka sefefo sa mofuta o mong, sefefo sa moruo, se neng se tla otla ka tšohanyetso. Se ne se tla hleka tsela bakeng sa sefefo sa lipolotiki se neng se tla nea “ntoa” tlhaloso e ncha. Bala karolo ea bobeli ea letoto lena ho Tsoha! e latelang: “Ho Oa ha Moruo oa Lefatše le ho ea Ntoeng Hape.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lilemo tse mashome a mahlano hamorao Daniel Bell, seithuti sa kahisano sa Harvard, a re: “E ’ngoe ea lintho tse bolotsana ka ho fetisisa e sibolotsoeng mehleng ea kajeno ke ho reka ka mokitlane. . . . Tloaelo pele e ne e le ho sebetsa ka thata le ho fumana chelete ea ho reka. Joale u ka fumana khotsofalo ea kapele ka ho nka liphahlo ka mokitlane.”
[Lebokose leqepheng la 26]
Lintho tse Ling tse Neng li Etsa Litaba
1919—Austria, Fora, Netherlands, Sweden, Spain le Yugoslavia tsa lumellana hore lihora tsa mosebetsi e be tse robeli
1920—Mohandas Gandhi oa India a fumana tšehetso phutuhong ea hae ea ho felisa pefo
United States e fa basali litokelo tsa ho vouta (bonyane linaha tse 13 li ne li se li ba file, ho kopanyeletsa le New Zealand ka 1893)
1921—Ho sibolloa ha Insulin bakeng sa lefu la tsoekere
Ireland e aroloa ho ba Naha e Lokolohileng ea Ireland le Ireland Leboea
1922—Ho theoa ka molao ha Union of Soviet Socialist Republics
1923—Ba fetang likete tse lekholo ba bolaoa ke tšisinyeho ea lefatše Tokyo
1924—Koloi ea Ford ea bo10 000 000 ea qetelloa ho kopanngoa fekethering ea makoloi Detroit, Mofuta oa T o ne o rekisoa ka tlase ho $300 [R670].
1925—Liteko tsa pele tsa ho etsa thelevishene Brithani, Jeremane, le United States
1926—Rokete ea pele ea atleha ho fofa ka petrole; rokete e fofa limithara tse 56 ka metsotsoana e 2,5
1927—Charles Lindbergh o fofa a le mong a sa emise ho tloha New York ho ea Paris
Molepi oa linaleli oa Belgium Georges Lemaître a qapa thuto ea ho phatloha ho hoholo ha bokahohleng
Ha hlahisoa libaesekopo tsa pele tse tsamaeang le mantsoe Hollywood
1928—Ha sibolloa penicillin
Filimi ea pele ea Walt Disney ea Mickey Mouse
Kingsford Smith le metsoalle ea hae ba etsa leeto la bona la pele la ho fofa ho haola leoatle la Pacific
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Lilemo tsa Bo-1920 tsa khetholloa ke moea oa boithabiso le tšebeliso e bohlasoa ea chelete
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Polokelo ea Litlaleho Bettmann
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
J. F. Rutherford, mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, o sebelisa sea-le-moea ho tloha ka 1922 ho ea pele ho tsebahatsa ’Muso oa Molimo