Lefatše ho Tloha ka 1914
Karolo ea 2—1929-1934 Ho oa hoa Moruo oa Lefatše le ho ea Ntoeng Hape
“HAEBA United States e kile ea oeloa ke letlotlo Makhoabane ebile ka letsatsi leo.” Ke kamoo rahistori David A. Shannon a hlalosang letsatsi la 1929 leo ka lona mopresidente Herbert Hoover a neng a etsa kano ea ho qalisa mosebetsi oa hae oa bopresidente. Shannon o’a hlalosa: “E ne e le selemo sa khotso, ho ne ho se na maru a ntoa sebakeng, ’me moruo oa Amerika o ne o ata ka potlako mose ho maoatle.”
Empa qetellong ea bopresidente ba Hoover, “maikutlo a sechaba a ne a fetohile ka ho feletseng. Litebello tsa tšepo tsa fela ka ho feletseng.” Ho ne ho etsahetse eng?
‘Letsatsi le Bosula la Labone’—Ho Fela ha Mehla
Ka Laboraro, la la 23 Mphalane, 1929, ka lebaka le sa hlakang, borakhoebo ba qala ho rekisa liphahlo tse turang haholo ’marakeng oa khoebo oa New York. Letsatsi le latelang, ka Labone, ka baka la ho khathatseha ka ho rekisa phahlo ea bona pele e felloa ke matla a theko, borakhoebo ba qala ketso e ileng ea ja matla a theko ka limillione tse likete tsa liranta tse 33 ka nako e lekanang beke ’me likhoeling tse latelang tse ’maloa matla a theko a oa ka limillione tse likete tsa liranta. Ka lebaka leo ha qaleha Ho Oa ho Hoholo hoa Moruo.
Litsebi tsa moruo le tsa histori li na le likhopolo tse ngata ka hore na ho ne ho senyehe kae. Empa, joaloka ha e mong oa bona a bontša, ho totobetse hore lisosa tse ngata tse bakileng Ho Oa hoa Moruo “li metse ka botebo lilemong tsa katleho ea moruo tsa bo-1920.” Erekaha katleho eo ea moruo “e ne e hahiloe motheong o sa tieang . . . , ’maraka oa oa . . . ka tšohanyetso oa senola ho bola ha moruo [ha ’ona].”—The United States in the Twentieth Century, maqephe 10, 12.
Lilemo tsa bo-1920 tsa Katleho ea Mouoane li ne li fetile. Hape le litebello tse khanyang tsa tsona li ne li fetile. “Ho oa hoa ’maraka oa khoebo ka 1929 ha felisa tšepo eo ea bohata,” ho boletse litsebi tsa histori F. Freidel le N. Pollack. “Ha nala e fela, e siea batho ba limillione ba le bofumeng, lilemo tsa bo-1920 tsa bonahala hantle hore e ne e le thetso e mpe—mehla e mebe, mehla eo chelete e neng e entsoe molimo.”—American Issues in the Twentieth Century, leqephe 115.
Hang-hang batho ba limillione ba hloka mosebetsi. Batho ba nang le melato ea chelete ba amohuoa phahlo eo ba e rekileng ka mokitlane, ho kopanyeletsa le matlo a bona. Malapa a kopanela ntlo ho fokotsa litšenyehelo. Ha litheko li ntse li theoha, matlotlo a fela ka bosiu bo le bong. Likhoebo tsa oa. Batho ba bangata ba ile ba ipolaea ha libanka tse likete tsa U.S. li koaloa. Sesoasi se seng se ile sa tšeha haholo ha se bolela hore se ne se tloaetse ho amohela licheke tse khutlisoang li tšoailoe “ha ho na chelete.” Empa joale, se ne se li amohela li tšoailoe “ha ho na banka.”
Ho oa hoa moruo ho ne ho akarelletsa lefatše lohle ’me liphello tsa hona li tebile. Bonneteng, buka The United States and Its Place in World Affairs 1918-1943 e bolela hore “koluoa ena ea moruo e ile ea ama naha e ’ngoe le e ’ngoe le mahlakore ’ohle a bophelo, bolulo le lipolotiki, naheng le machabeng.”
Khabareng, babuelli ba ntoa Japane le bona ba ne ba sebelisa boemo ba moruo molemong oa bona. The New Encyclopcedia Britannica e re: “Tumelo ea hore ho atolosa puso ea naha ka khapo ea ntoa ho tla rarolla mathata a moruo oa Japane e bile matla haholo ka Ho oa ho Hoholo hoa Moruo ka 1929.” Ho se tsitse ha Lilemo tse Qalang tsa Bo-1930 ha lumella babuelli bana ba ntoa ho fumana taolo eo ba neng ba ka e finyella—esita le kantle ho tumello ea ’muso oa naha—ho hlōla Manchuria le ho e hapa ka likhoeli tse hlano feela. Kaha Japane e ne e khetholotsoe e le leqhoko ke Selekane sa Lichaba, ea arabela ka ho tsoa ho Selekane e seng ka ho tsoa Manchuria.
Boikutlo ba ’Na Pele!
Ka ho hatella menate le ho hōlisa lerato la lintho tse bonahalang, Lilemo tsa Bo-1920 tsa Katleho ea Mouoane li ile tsa khothaletsa boikutlo ba ‘’na pele’ bo bolaileng bomoea. “Ho sisinyeha ha moruo ho qalileng ka 1929,” joaloka ha buka e boletsoeng ka holimo ea histori The United States and Its Place in World Affairs 1918-1943 e ho bitsa, ha e etsa hore boikutlo bona bo totobale haholo. Joang? Hobane Ho oa hoa Moruo “ho ile ha felisa boikutlo leha e le bofe ba ho thahasella mesebetsi ea sechaba bo neng bo hōla, ’me ha etsa hore lelapa le leng le le leng le ikhopolele ka ho pholoha ha lona feela, ho sa tsotellehe hore na liphello e tla ba life ho ba bang. Ea fetoha taba ea ’na pele ho sa tsotellehe se hlahelang ea kamorao!”
Ha batho ba bonahatsa boikutlo ba boithati, boinahanelo, ho se khathalle ba bang hoo ho nyatsuoa haholo. Empa ha batho ba ipata ka thebe ea hore ba etsa hoo ka ho rata naha le ho e shoela, boikutlo boo hangata bo nkoa bo lokile, ka linako tse ling bo bile bo rateha. Ho oa ho Hoholo hoa Moruo ha hōlisa moea o joalo.
Rahistori Hermann Grahml o bolela hore “bothata ba moruo oa lefatše bo bolaile moea oa ho utloisisana le ho sebelisana ha machaba o neng o bontšoa Selekaneng sa Lichaba,” le ho hleka tsela bakeng sa “ho hōlisoa ha boithati lichabeng ka bomong.” O re “lichaba tse ngata li ile tsa khanneloa moeeng oa bophoofolo oa ho se nahanele o theiloeng boikutlong ba ho ipholosa o ileng oa tšosa batho ba bangata”—Europa zwischen den Kriegen (Europa Pakeng tsa Lintoa), leqephe 237.
Mohlomong ha ho moo boikutlo bona bo ileng ba bonahatsoa ka ho pepeneneng joaloka puong ea Heinrich Himmler oa mokha oa Bonazi oa Jeremane lilemo hamorao. “Botšepehi, tlhompho, bokhabane le botsoalle li lokela ho bontšoa ha ho sebetsanoa le ba mali a le mang empa e seng ho e mong. Se etsahallang motho oa Russia, oa Czechoslovakia, ha se nkame le hanyenyane. . . . E bang lichaba li phela naleng kapa lia lapa hore li be li shoe joaloka likhomo ho nkama feela hobane re li batlela ho ba makhoba a rōna.... E bang basali ba 10 000 ba Russia ba shoa ka baka la ho khathala ha ba ne ba cheka mokoti oa kanono e tla timetsa tlhaselo ea sera hoo ha ho nkame, seo ke tla ameha ka sona ke ha ba qeta ho cheka mokoti oa kanono bakeng sa Jeremane.”
Ha batho ka bomong le lichaba tse bontšang boikutlo ba ‘’na pele’ le ho se natse molao oa Molimo oa ho ‘rata oa heno joaloka u ithuta,’ ke joang khotso e ka finyelloang kapa ea bolokoa? (Luka 10:27) “Ba ratang molao oa hao ba na le khotso e khōlō,” ho bolela Bibele ho Pesaleme 119:165. Empa ereka ha lerato lena le ne le le sieo, lichaba li ne li ka khanneloa boemong ba ntoa e ncha ha bonolo. Ka ho totobetseng, ho haella ha lerato le boikutlo ba ‘’na pele’ li ne li tla khetholla ‘mehla ea qetello’ ea tsamaiso e khopo ea Satane.—2 Timothea 3:1-5; Mattheu 24:3, 12.
Motho o Lokela ho Tšepa Mang?
Na boemo bo senyehang ba lefatše bo ile ba etsa hore batho ba retelehele ho Molimo oo ba o furaletseng Lilemong tsa Bo-1920 tsa Katleho ea Mouoane? Mabakeng a mang, bo entse. Batho ba bangata ba ile ba arabela molaetseng o neng o boleloa ke Lipaki tsa Jehova, lebitso le amohetsoeng ka 1931 ke Bakreste ba neng ba ikopantse le Mokhatlo oa Watch Tower. Empa lichaba ka kakaretso ha lia ka tsa arabela, tsa bea tšepo ea tsona ho banna ba “botumo,” e seng ho Molimo.
Ka mohlala, mathoasong a bo-1930 Mohandas Gandhi o ne a fumana tšehetso e eketsehileng India bakeng sa letšolo la hae la ho se sebelise pefo bathong ba tlōlang molao. Ba bangata ba ne ba lumela hore ho lokoloha ha hae tlas’a puso ea Brithani ho se a neng a ho batla ho tla etsa hore India e tsitse le ho ba le khotso. Na ho bile joalo?
Ka sona selemo seo Mopresidente oa Chaena Chiang Kaishek a ngolisa e le setho sa Kereke ea Methodist. Ba bangata ba tšepa hore ho sokolohela ha hae Bokresteng ho tla hleka tsela bakeng sa botsoalle bo haufi pakeng tsa Chaena le lichaba tsa Bophirimela tse ipitsang Bakreste. Na ho bile joalo?
Ka 1932, sebokeng se neng se tšoaretsoe Vatican, Mussolini a keteka ho ba ha hae setulong sa borena ka lilemo tse leshome. Ba bangata ba tšepa hore tlhohonolofatso eo mopapa a mo neileng eona e tla tlisetsa Mataliana a ratang bolumeli le lefatše la ’ona tšireletseho e sa feleng. Na ho bile joalo?
Hape ka 1932 Franklin D. Roosevelt, mopresidente ea khethiloeng bocha oa United States, a tšepisa batho ba naha ea hae Lenaneo le Lecha la Melao le neng le tla tsosolosa moruo oa naha. Selemo hamorao a etsa molao o bontšang lipheo tsa U.S. tsa ho bea libetsa fatše le ho ipiletsa lefatšeng ho felisa libetsa tsohle tsa ho hlasela. Ba bangata ba tšepa hore Lenaneo leo le Lecha le tla felisa khaello ea mesebetsi le bofuma le ho tlisa khotso. Na ho bile joalo?
Ka 1933 Hitler ea e-ba hlooho e ncha ea Jeremane. Kapele kamor’a moo, Puong ea hae ea Khotso, e ’ngoe ea tse matla ho feta tseo a kileng a li bea, a nyatsa ntoa e le “bohlanya bo feteletseng” bo tla “liha tsamaiso ea sechaba le lipolotiki.” A hatella ho amohela ha Jeremane kōpo ea Roosevelt, ea ho se itlhomele, a re: “Jeremane e ikemiselitse ho amohela selekane leha e le sefe sa ho se be leqhoko ka ho hlasela naha e ’ngoe, hobane e nahana ka ho hlasela empa feela ka ho fumana tšireletseho.” Ba bang ba tšepa hore molao ’ona o tla khutlisetsa hlompho le seriti sechabeng sa Majeremane ’me ka mokhoa oa khotso o tiise ’muso oa moetapele oa eona ea matla ka lilemo tse sekete. Na ho bile joalo?
Hape ho ne ho e-na le mokhatlo o “tummeng,” Selekane sa Lichaba. Ka sona makasine oa Watchtower oa la 15 Motšeanong 1932, oa Senyesemane, o itse: “Marena a lefatše, ka keletso ea baruti, . . . a kopanetse Selekaneng sa Lichaba ’me a tšepela ho sona le bohlaleng ba motho ho pholosa lefatše le tsielehileng le le qakehileng.” Ba bangata—le hoja ho ne ho se joalo ka Lipaki tsa Jehova—ba ne ba tšepa hore Selekane sa Lichaba se tla pholosa lefatše bothateng ba lona. Na ho bile joalo?
Lilemo tse fetang likete tse peli khale mopesaleme o ngotse: “Le se ke la itšepela banna ba tummeng—[batho] ba shoang ha ba fane ka thuso.” Ka baka la se etsahetseng, na u ke ke ua lumellana le bohlale ba mantsoe ana?—Pesaleme ea 146:3, Moffatt.
Haeba ho sa ka ha ba le ho Oa hoa Moruo . . .
“E tla be e le bothoto ho bea boikarabelo bohle ba liketsahalo le litšekamelo tsa lilemo tsa bo-1930 mahetleng a ho oa hoa moruo.” Ho bolela bangoli ba buka The United States and It’s Place in World Affairs 1918-1943. Leha ho le joalo, ba lumela, “khaello e khōlō le ho se sireletsehe lilemong tsa bofuma e fane ka sethalla, le libapali, le lipono tse khōlō morerong o kotsi, le ho nea bamameli bahale ba bacha ba ka rorisoang kapa batho ba babe ba ka nyatsuoang.” Ba qeta ka hore haeba ho sa ka ha e-ba le ho oa hoa moruo, ho ka etsahala hore ntoa ea bobeli ea lefatše e ne e ke ke ea e-ba teng.
Empa ho bile le ho oa hoa moruo oa lefatše, ’me ho bile le ntoa ea bobeli ea lefatše. Ka ho hlakileng, ho sa tsotellehe tšehetso ea bolumeli, Selekane sa Lichaba se hlōlehile ho finyella khotso eo se neng se etselitsoe ho e boloka. Selekane se tsoetsoe se batla se khathetse. Empa se ne se ke ke sa shoa kapele. Se ne se tla khasetsa lefung la sona butle. Bala ka sona tokollong ea rōna e latelang.
[Lebokose le leqepheng la 20]
Lihlooho Tse Ling Tse Etsang Litaba
1929—Meputso ka Thuto ea Litšoanelo tse Tsamaeang le Mahlale (Oscars) e neheloa Hollywood ka khetlo la pele
1930—Ho sibolloa planete ea Pluto
Uruguay mohlōli oa pele oa Mohope oa Lefatše oa bolo
1931—Sekhohola Chaena se siea ba fetang 8 000 ba shoele ’me ba limillione tse 23 ba hloka bolulo
Ba fetang 2 000 ba shoa tšisinyehong ea lefatše Nicaragua
Mohaho o molelele lefatšeng ka nako eo, Mohaho oa Empire State New York, oa fela
1932—Ho sibolloa ha neutron le deuterium (li-hydrogen tse boima) tse thusitseng mahlaleng a nuclear
1933—Jeremane e khaotsa ho ba setho sa Selekane sa Lichaba; Hitler e-ba Moetapele, kampo ea pele ea mahloriso ea buloa, Dachau; ho etsoa selekane pakeng tsa Jeremane le Vatican; ho chesoa phatlalatsa ha libuka tse sa rateheng Berlin
1934—FBI (Lekhotla la Mafokisi le Kopanetseng) le theoa United States ho loantša linokoane
Masole a Chaena ea Bokomonisi a 90 000 a qalisa Ho Macha ho Holelele ho ea Yenan
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Ka nako e khutšoane feela, batho ba limillione ba sala ba se na mosebetsi
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
A. Rothstein/Dover