Ho Ntša Mpa—Tsebo e Tlisa Boikarabelo
NA U atisa ho bua ha u tseba hore ho hong ho lokile? Ho molemo ho etsa joalo, haholo-holo ha boiketlo ba ba bang bo le kotsing. ’Mè e mong oa Engelane o ngotse tjena kamor’a hore a bale sehlooho se buang ka ho ntša mpa khatisong ea pelenyana ea makasine ’ona:
“Ke sa tsoa bala ‘Lengolo la ’Mè oa Ngoana Ea sa Kang a Tsoaloa’ khatisong ea [Tsoha! ea la 8 Tšitsoe, 1986] ’me e nkutloisitse bohloko.
“Ha ke e-s’o ntše mpa, empa ha ke le moimana oa likhoeli tse ’nè oa ngoana oa letsibolo, molamo e ne e le moimana ea likhoeli tse peli oa ngoana oa boraro. O ne a sa tsoa isa baralinyana ba hae sekolong ’me a iphumanetse mosebetsi o lefang hantle. O ne a batla lintho tse itseng: thepa ea ntlo, video, koloi e ncha, le lipalesa tsa serapana. Empa lesea le ne le tla mo senyetsa mosebetsi, esita le chelete ea ho reka lintho tsena kaofela. Kahoo a etsa qeto ea ho ntša mpa.
“Ha letsatsi la ho ntša mpa le atamela, a ikutloa a thabile. Empa ’na ke ile ka nyahama haholo ha ke nahana ka eena. Ka nako ena ke ne ke qala ho utloa lesea la ka le raharaha, ’me hangata ke ne ke nahana ka lesea le pōpelong ea molamo hore lea hōla le lona.
“Ha letsatsi le etellang la ho ntša mpa lefihla, ka nahana hore molamo o tla fetola monahano oa hae. Ke ne ke tšoantša lesea
la hae le phetseng hantle le le sireletsehileng ka pōpelong ea hae le mametse molumo o khathollang oa ho otla ha pelo ea ’mè oa lona. Joale monahano oa ka o ne o khutlela tabeng ea ngoana ea tla harasangoa le ho bolaoa. Ha ke nahana taba eo ke ne ke lla habohloko. Mpa ea ntšuoa. Moralinyana oa ka a ke ke a hlola a tseba motsoala oa hae eo a ka beng a hōtse le eena, bao lilemo tsa bona li atamelaneng haholo.
“Ha etsahala’ng ka molamo? A lahleheloa ke mosebetsi oa hae empa a fumana o mong, ’me ho tloha ka nako eo o se a fetotse mesebetsi hangata. O ile a fumana video ea hae, koloi e ncha, lipalesa tsa hae, liaparo tse ncha, j.j., empa a hlaseloa ke khatello ea kelello, a siea monna oa hae le bana, ’me a khutlela hae kamor’a matsatsi a se makae. Ha a thaba. Ha a nketela, baralinyana ba hae ba bapala le morali oa ka le mora oa ka ea likhoeli li 11, ’me ba re ka morali oa ka: “’Mè, na ha a motle? Hoja e be re na le khaitseli e monyenyane.’ Ha ba bua mantsoe ao ke ne ke mo utsoa ka mahlo. Ke ikutloa hore ke batla ho mo tšelisa hobane nakong eo a ntšang mpa o ne a sa elelloe seo a se etsang. Empa molamo o khethile chelete ho e-na le bophelo ba ngoana oa hae, ke ka lebaka lena joale ke nahanang hore o’a ikoahlaea.
“Leha ho le joalo, sena sa etsa hore ke ipotse potso ea bohlokoa. Ke italima ke le e mong oa Lipaki tsa Jehova le hoja ke e-s’o kolobetsoe. Empa ke a bona hore ke sa na le tsela e telele eo ke lokelang ho e tsamaea, hobane Lipaki tsa ’nete li tšoana le Jesu ea bontšitseng boikutlo ba lerato le mohau ho bohle ho sa tsotellehe seo ba bang ba se entseng. Ke labalabela letsatsi leo ka ’nete ke tla ikutloa joalokaha li ikutloa le ho jara lebitso la Jehova ka sebete. Mohlomong hoja ka se liehe ho khetha lehlakore nako e telele hakana, mohlomong nkabe ke bile le sebete sa ho pakela molamo, mohlomong ngoana a ka be a ntse a phela.”
Bahatisi ba Tsoha! ba tšepa hore letoto lena la lihlooho le tla thusa.