Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 3/8 maq. 28-30
  • Ho Ntša Mpa—Na ke Tharollo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ntša Mpa—Na ke Tharollo?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ba Bang ba Ntšang Mpa
  • Maqeba a Maikutlo
  • Ho Fumana Tšehetso
  • Ho Ntša Mpa—Hase Tharollo e se Nang Mathata
    Tsoha!—2009
  • Ho Ntša Mpa—Ho Baka Tšenyehelo e Kae?
    Tsoha!—1987
  • Bibele e Re’ng ka ho Ntša Mpa?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ho Ima ha Bacha—Ke Eng Seo Ngoanana a Lokelang ho se Etsa?
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 3/8 maq. 28-30

Bacha Baa Botsa . . .

Ho Ntša Mpa—Na ke Tharollo?

Judy oa hopola: “Ha liteko tsa ho ima li senola hore ke moimana, hang-hang mohlankana oa ka o ile a batla hore ke ntše mpa. O bile a mpha chelete ea ho e ntša.” Judy o ne a le lilemo li 17.a

HA Marta ea lilemo li 15 a hlokomela hore o imme, o ile a buisana le moeletsi tleleniking ea ho ntša mpa. Marta o re: “O ile a ntlhalosetsa tsohle. O ile a mpolella hore nka ntša mpa, kapa a ka nthusa ho fumana batho ba lokisetsang hore ngoana eo eseng oa lelapa a amoheloe ka molao lapeng le leng kapa lehae la baimana, haeba ke batla.”

Banana ba fetang milione ba leng lilemong tsa bocha baa ima selemo le selemo United States feela. Har’a bona ho teng bacha ba bangata, bao ho sa tsotellehe koetliso ea Bokreste, ba hlokomolohileng taelo ea Molimo ea ‘ho tšaba bofebe,’ kapa likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo. (1 Ba-Thessalonika 4:3) Boitšoaro bona bo bobe bo fella ka mahlomola a sa hlokahaleng. Leha ho le joalo, ba bangata ba bacha bana ba ikoahlaela boitšoaro ba bona ’me ba batla ho lokisa tsela ea bona ea bophelo. Empa ka ho tšaba ho talimana le ho ba le ngoana oa matšeho, ba bang ba ipotsa hore na mohlomong ho ntša mpa hase tharollo e bonolo mathateng a bona. Etsoe, selemo le selemo hoo e batlang e le halofo ea milione ea banana ba immeng United States e khetha ho ntša mpa. Na ka sebele ena e ka ba tharollo e molemo ka ho fetisisa ea ho ima ho sa batloeng?

Lebaka Leo ba Bang ba Ntšang Mpa

Ka ho utloahalang, maikutlo a itseng a matla, esita le a loantšanang, a ka ba le tšusumetso. Ho ka etsahala hore mosali e mocha a be le maikutlo a tlhaho bakeng sa ngoana ea hōlang ka pōpelong, empa a ka boela a ba le maikutlo a utloahalang a ho tšoha le ho khathatseha.

Ka mohlala, Vicky ea lilemo li 18 “o ne a batla ho ea kolecheng, mohlomong le ho fumana degree ea master’s.” Kelellong ea hae, ho ba le ngoana ho ne ho tla sitisa merero ea hae. (Makasine oa ’Teen oa March 1992) Ka ho tšoanang Marta o ile a re: “Haeba u ’mè, u lula lapeng le ngoana oa hao ’me u ke ke ua khona ho khutlela sekolong. Ke ne ke e-s’o lokele seo.” Ho latela phuputso e ’ngoe, karolo ea 87 lekholong ea bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba ntšitseng limpa ba tšaba hore ho ba le ngoana ho tla fetola bophelo ba bona ka tšohanyetso ka tsela eo ba e-song ho ikemisetse ho e amohela.

Ho tšaba mathata a lichelete le hore mohlomong motho a ke ke a tseba ho sebetsana le boikarabelo ba ho ba motsoali a le mong, ke mabaka a etsang hore ba bangata ba khethe ho ntša mpa. Vicky o hlalositse ka tsela ena: “Ke tsoa lelapeng la batsoali ba hlalaneng, ’me ’Mè o hōlisitse bana ba bararo a le mong. Ke ’mone a sotleha . . . ke ne ke qetella ke ipona ke tšoana le motsoali a le mong joaloka ’Mè.”

Khatello e tsoang ho ba bang, haholo-holo ho mohlankana, e ka qobella ngoanana ho ntša mpa. Mohlankana oa Judy o ile a mo fa khetho ena: “Haeba u sa ntše mpa, ha ke sa batla le ho bona moo u hatileng teng.” Khatello ea hore Nancy a ntše mpa e ne e tsoa ho ’ma’e hammoho le beng ka eena ba bang.

Pono e tummeng ea hore ho ntša mpa e hlile ha ho amane le ho bolaea lesea e fana ka tšusumetso e matla. Vicky o re: “Ha ke le nke joaloka lesea. . . . Ke balile hore bekeng ea bohlano ea ho ima, lesea le ka pōpelong le lenyenyane ho feta lenala la monoana oa hao o monyenyane. Ke ile ka khomarela pono eo ka matla. Ke ile ka ipolella hore haeba feela le le boholo ba lenala la monoana o monyenyane, ka sebele e ne e se lesea. Ke ile ka leka ho etsa hore sena e se be ntho ea sebele monahanong oa ka e le hore nka tsoela pele ka ho ntša mpa.”

Ba bang ba boetse ba bolela hore bonyane lichabeng tse tsoetseng pele, ho ntša mpa ho sireletsehile—ho nahanoa hore ho sireletsehile haholoanyane ho feta ho beleha ha motho e moholo. Ka mor’a ho nahanisisa mabaka ’ohle, joale mohlomong ho ntša mpa ho ka bonahala ho le molemo. Leha ho le joalo, linnete li bontša hore ba bangata ba khethang ho ntša mpa baa ikoahlaea hamorao. Mosali e mong o re: “Ke ile ka ntša mpa ha ke le lilemo li 20. Hona joale ke lilemo li 34, ’me ho thata ho sebetsana le seo ke se entseng. Ke ne ke batla lesea, empa mohlankana oa ka o ne a sa le batle. Ke sa ntse ke utloa liphello tse ferekanyang maikutlong; bohloko bo lula bo le teng bophelong bohle ba hao.”

Maqeba a Maikutlo

Ho e-na le ho ba tharollo e bonolo, ho ntša mpa ho ka mpefatsa mathata a motho. Ho etsa joalo, bonyane ho khahlanong le boikutlo ba rōna ba ka hare ba se nepahetseng le se fosahetseng—letsoalo leo Molimo a le fileng batho. (Ba-Roma 2:15) Ho feta moo, ho ntša mpa ho hloka hore mosali e mocha a se qenehele bophelo bo bocha bo ntseng bo hōla ka ho eena. (Bapisa le 1 Johanne 3:17.) Ke ho senyang boitšoaro hakaakang!

Marta o re: “Ho ne ho se ho fetile likhoeli li se kae [ka mor’a ho ntša mpa] moo ke ileng ka qala ho ikutloa ke le molato le ho soabela seo ke se entseng.” Lintho li ile tsa mpefala haholo ka February—e leng khoeli eo lesea le neng le lokela ho hlaha ka eona. Eliasa o re: “Lilemong tse leshome le metso e mehlano tse fetileng ke ile ka ntša mpa. Ka mor’a moo, ke ile ka tepella maikutlong ka ho sekhahla ’me ka tlameha ho phekoloa tleleniking ka makhetlo a mangata. Ke ne ke bile ke batla ho ipolaea.”

Ke ’nete hore hase basali bohle ba bacha ba arabelang ka tsela ena. Ba bangata ka botšepehi ha ba lumele hore lesea le ka pōpelong ke motho. Empa ke eng seo ’Mōpi—“seliba sa bophelo”—a se bolelang ka taba ee? (Pesaleme ea 36:9) Bibele e bolela ka ho hlakileng hore ho Jehova Molimo lesea le e-song ho tsoaloe le ntseng le hōla ka pōpelong hase feela sehlopha sa lisele. O ile a bululela Morena Davida ho ngola: “Mahlo a hao a bone le qaleho ea ka‚ ’me likarolo tsohle tsa eona li ile tsa ngoloa bukeng ea hao.” (Pesaleme ea 139:16, NW) Ka hona ’Mōpi o talima lesea le sa tsoa emoloa e le motho ka ho khethehileng, motho ea phelang. Ka lebaka lena, o boletse hore motho ea tla lematsa lesea le e-song ho tsoaloe o tla ikarabella. (Exoda 21:22, 23) E, ho Molimo, ho bolaea bophelo ba lesea le e-song ho tsoaloe ke ho bolaea motho. Ka hona, ngoanana ea batlang ho thabisa Molimo a ke ke a nka ho ntša mpa e le khetho e amohelehang—ho sa tsotellehe khatello eo a e tlisetsoang.b

Ho Fumana Tšehetso

Judy ea boletsoeng pejana, o ile a khetha ho se ntše mpa. O re: “Ausi o ile a hlokomela, ’me ho tloha qalong e ne e le ea tšehetsang, haholo-holo maikutlong. O ile a ba a mpolella hore o tla tsoela pele ho ntšehetsa ka mor’a hore lesea le hlahe. Ke sona seo ke neng ke se hloka bakeng sa ho etsa seo ke neng ke nahanne hore se nepahetse botebong ba pelo ea ka. Ke ile ka tsoela pele ka merero ea ka ea ho ba le ngoana.” Sena sohle se etsahetse lilemong tse robong tse fetileng. Ha Judy a talima mora oa hae ea lilemo li robeli o re: “Ho ntša mpa e ka be e bile phoso e khōlō ka ho fetisisa bophelong ba ka.”

Ngoanana e mocha ea bitsoang Natisa ka ho tšoanang o re: “Lilemong tse hlano tse fetileng ke ne ke lutse tleleniking ea ho ntša mpa, ke emetse hore ke bitsoe. Ho e-na le ho kena, ke ile ka nahanisisa ka taba ena ’me ka tsamaea. Hona joale ke na le mora e motle ea lilemo li ’nè, lesea le leng le tseleng, ’me ke nyetsoe ke monna ea lerato.”

Leha e le mang ea talimaneng le ho ima kantle ho lenyalo, a se potlakele ho etsa qeto. Le hoja boemo bo ka bonahala bo le bobe haholo, hase ho hlokisang tšepo. Empa ka sebele ba joalo ba hloka tšehetso le tataiso ea ba hōlileng. Ho neha batsoali ba hao pelo ea hao ke mohato o molemo, haholo-holo haeba e le Bakreste. (Liproverbia 23:26) Ke ’nete hore ntle ho pelaelo ba tla utloa bohloko le ho halefa lekhetlong la pele. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e tsamaea, qetellong ba tla susumeletseha ho u thusa. Ka mohlala, mohlomong ba tla u thusa pele lesea le hlaha. Ba ka boela ba u thusa ho sebelisa mananeo leha e le afe a ’muso a leng teng hamolemo ho ba a tšoanelehelang. Habohlokoa ka ho fetisisa, ba ka khothaletsa mofosi ho fumana thuso e hlokahalang ea moea ho baholo ba phutheho.—Jakobo 5:14, 15.

Bo-’mè ba bang ba sa nyaloang ba fane ka bana ba bona hore batho ba inkele bona, ba ikutloa hore ba tla hlōleha ho neha lesea se molemo. Le hoja ho fana ka lesea ho le molemo ho feta ho le bolaea, Molimo o sa ntse a lebeletse hore motsoali ea ikarabellang a ‘baballe bahabo.’ (1 Timothea 5:8) Mohlomong motsoali ea sa nyaloang a ka hlōleha ho neha ngoana oa hae se molemo linthong tse bonahalang, empa a ka mo neha ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa—lerato. (Liproverbia 15:17) Ka hona tlas’a maemo a mangata, ho tla ba molemo ho ’mè ea sa nyaloang ho ikhōlisetsa ngoana.

Ho thoe’ng ka mosebetsi oa ho hōlisa lesea—le liphetoho tse potlakileng tse tlamehang ho etsuoa bophelong? Sena sohle se ka bonahala se ferekanya. Leha ho le joalo, Bibele e fana ka keletso e sebetsang e ka thusang batho ho sebetsana le liphephetso tsena. Bo-’mè ba sa nyaloang ba bakileng ba ka boela ba fumana molemo thusong ea moea e theiloeng ka ho tiileng Lentsoeng la Molimo. E, ka tšehetso e lerato le tataiso e loketseng, bana ba ka sebetsana le boemo ba bona hamolemo.c Ho ntša mpa hase eona tharollo!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b Leha e le bafe ba entseng phoso nakong e fetileng ’me ba ntšitse mpa ha ho hlokahale hore ba nahane hore ha ho sa le tšepo ea ho fumana kamohelo. Ba joalo ba ka kholiseha hore Jehova o tšehetsa bafosi ba bakileng ‘hobane o tšoarela haholo.’ (Esaia 55:7) Le hoja maqeba a maikutlo a ka ’na a salla, mopesaleme oa tiisa: “Joalo ka ha bochabela bo le hole le bophirimela, o lahlela makhopo a rōna joalo hole le rōna.”—Pesaleme ea 103:12.

c Bona Molula-Qhooa oa March 15, 1981, “Batsoali ba se Nang Balekane ba Loana ka Katleho Lefatšeng la Kajeno.” Bona hape le “Bacha Baa Botsa . . . Bo-’mè ba sa Nyaloang ba ka Sebetsana ka Katleho le Boemo Boo ba Leng ho Bona Joang?” tokollong ea Tsoha! ea October 8, 1994.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Hangata bahlankana ba leka ho qobella banana ho ntša mpa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela