Lefatše ho Tloha ka 1914
Karolo 7—1960-1969 Lilemo Tsa bo-1960—Nako ea Boipelaetso bo Mabifi
SEFOFANE sa oela fatše, sa qhala tšepo leha e le efe ea ho felisa bora ba Ntoa ea Mantsoe. E ne e le sefofane sa bohloela sa U-2 sa United States, se ile sa thunngoa ha se feta Soviet Union ka la 1 Motšeanong, 1960.
Moetapele oa Soviet Nikita Khruschev a qobella United States ho kōpa tšoarelo le ho tšepisa hore e tla khaotsa lifofane tse joalo. A sa khotsofatsoa ke karabo ea Mopresidente Eisenhower, a ipelaetsa ka ho hana ho ea libokeng tse khōlō pakeng tsa ’muso oa Bochabela le Bophirimela tse neng li lokiselitsoe ho qala Paris ka la 16 Motšeanong.
Ha ea ba qalo e ntle ea lilemo tsa bo-1960. Empa e ne e le mofuta oa nako e neng e tla khetholloa ke moea oa boiphetetso le ho se lumellane ha batho—ho hana ho lumellana nthong e ’ngoe le e ’ngoe.
Ho sa Tsotellehe Khotso, Mefuta e Meraro ea Ntoa
Ntoa ea Mantsoe e ne e tsoela pele ka matla. Liketsahalo tse latellanang li ne li tla e boloka joalo. Ka Phato, 1961, Soviet ea haha Lerako la Berlin ho arola sebaka sa eona Berlin ho libaka tsa Bophirimela. Selemo hamorao ea leka ho hloma metsu ea eona ea ntoa Cuba. Sena se ile sa hlōleha ka lebaka la thibelo ea likepe tsa ntoa tsa U.S. Morusu oa liithuti Czechoslovakia o thusitse ho hlonngoeng ha ’muso o mocha. Empa ka 1968 Soviet ea kenella, esere mohlomong liphetoho tsa ’muso li ka atleha ka ho feletseng Prague.
Ntle le ho utloa bohloko ba Ntoa ea Mantsoe, lefatše le ile la boela la utloa bohale bo eketsehang ba ntoa e “tloaelehileng.” Bonyane ho bile le lintoa tse 54 mahareng a 1945 le 1959. Hona joale lilemong tsa bo-1960 tse ling tse 52 li loannoe, ho kopanyeletsa le lintoa tsa ka hare ho naha tsa Congo le Nigeria, Ntoa ea Matsatsi a Tšeletseng ea Bochabela bo Hare, le ntoa Vietnam.a
Leha ho le joalo, lilemo tsa bo-1960 li bone ho qaleha ha mofuta oa boraro oa ntoa. Ho fihlela nakong ena lefatše le ne le batla le khutsitse mabapi le bophelo ba sechaba. Empa joale bacha ba moloko oa ka morao ho ntoa ba ne ba se ba hōla-hōlile. Ba sa rate lefatše leo ba le bonang, le boikutlo ba hore mathata a lona ha a sebetsoe ka mokhoa o nang le liphello, ba qalisa ka ntoa ea bona—ntoa ea boipelaetso.
Liithuti Mokolokong oa Boipelaetso
Lik’hilomethara tse ngata li tsamailoe ke mokoloko oa baipelaetsi ba qobella ho “felisoa ha libomo.” Bonneteng, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e nkuoa e lokela boipelaetso e ne e etsetsoa mokoloko oa boipelaetso, seteraeke sa liithuti, ho hana ho tsoa mohahong, kapa ho se mamele ka sepheo sa ho batla phetoho. Ho bonahala bacha ba bangata ba tšehetsa mofuta ’ona o mocha oa ntoa, bonyane mabaka a eona. Tlhahlobo ea bacha ba Jeremane e entsoeng ka 1968 e bontšitse karolo ea 67 lekholong ea ba tšehetsang mekoloko ea boipelaetso, ’me hoo ho susumelelitse makasine oa Jeremane Der Spiegel ho hlalosa: “Ha ho tluoa mokolokong oa boipelaetso, bongata ba bona bo ithaopela ho alimana e seng feela ka lipelo empa le ka maoto, ’me haeba ho hlokeha le ka litebele tsa bona.”
Sena se bontšitsoe metseng ea Jeremane e fetang 20 ka mafelo-beke a Paseka a 1968, ha batho ba likete ba ne ba tletse tselaneng ea maoto ba le mokolokong oa boipelaetso. Ha shoa batho ba babeli; ba makholo ba tsoa likotsi. Mekoloko eo ea boipelaetso e ile ea feta e neng e entsoe selemong se ka pele khahlanong le Shah oa Iran le ’muso oa hae. Nakong eo, ka la 2 Phuptjane, khohlano pakeng tsa baipelaetsi le mapolesa Berlin ea fella ka lefu la motho a le mong le likotsi tse ngata.
Ka lebaka le letle mongoli oa libuka William Burroughs o itse ka 1968: “Ho rabela ha bacha ke ketsahalo eo lefatše lohle le e-s’o ka le e bona le pele historing.” Selemong seo morusu oa liithuti o ile oa lebisa seteraekeng sa mosebetsi Fora se batlileng se liha ’muso oa de Gaulle. Mathoasong a lilemo tsena tse leshome, boipelaetso ba liithuti bo ile ba liha ’muso oa Korea Boroa, ha shoa batho ba 200. ’Me mabapi le baipelaetsi ba liithuti Japane, buka 1968 Weltpanorama e itse: “Japane ha ea fapana haholo le Amerika le Europa. Le hoja liithuti tsa Japane li batla li nahana haholoanyane ho feta balekane ba tsona ba liithuti Berkeley, Paris, kapa Frankfurt.”
“Etsang Khotso, e seng Ntoa”
Boholo ba boipelaetso bo ne bo lebisitsoe khahlanong le ntoa—ntoa ka kakaretso ’me haholo-holo ntoa Vietnam. Ka 1946 ntoa ea boipuso khahlanong le puso ea Fora e ne e qhomme Indochaena, eo Vietnam e neng e le karolo ea eona. Lilemo tse robeli hamorao tumellano ea ho emisa ntoa ea arola naha, ha hlongoa tokisetso ea nakoana ho fihlela likhetho li tšoaroa ho e kopanya hape. Karolo e ’ngoe ea oela ka tlas’a bokomonisi, e ’ngoe ka tlas’a taolo eo e seng ea bokomonisi. Joaloka Jeremane le Korea, linaha tse khōlō tsa lefatše tsa iphumana li kopanetse Ntoeng ea Mantsoe e neng e loana lipheong tsa lipolotiki.b
Qetellong bora ba Ntoa ea Mantsoe ba fetoha ntoa ea lihlomo Vietnam. Qalong, United States e ne e tšehetsa karolo e ka boroa ka lithuso tsa sesole feela. Empa ka bo-1960, ea qala ho romela masole, a ka holimo ho halofo ea limillione pele lilemo tse leshome li fela. Ntoa e ile ea tšoana le leqeba le petlileng le hanang ho fola. “Ka Motšeanong [1965] seboka sa univesithi se akaretsang litseko tsa linaha tse ling se bile le liithuti tse likete tse leshome le metso e ’meli [United States], ’me sa qetella ka mokoloko oa boipelaetso khahlanong le ntoa, ’me sa etsa mohlala oa boipelaetso lijareteng tsa univesithi khahlanong le ntoa, ’me e bile letšoao la lilemo tseo,” ho ngolile Charles R. Morris bukeng ea hae A Time of Passion—America 1960-1980. Ho hatisa ho se thekesele ha bona, bahlankana ba likete ba chesa likarete tsa bona tsa bosole. Ba bang ba etsa ho fetang hoo, ho bolela Morris ha a fana ka mohlala oa banna ba babeli ba ileng ba “ichesa phatlalatsa ho fihlela ba e-shoa ka baka la ho ipelaetsa ntoa.”
“Ke Lorile”
Ntoeng ena ea boipelaetso, ho ka etsahala hore bacha ke bona ba etelletseng pele, empa ba ne ba se bang. Ka mohlala, mokha oa litokelo tsa sechaba oa U.S. o ne o tšehetsoa ke ba batšo le ba basoeu ba lilemo tsohle boetapeleng ba moruti oa Southern Baptist, Martin Luther King, e Monyenyane. Ka 1963 batho ba fetang 200 000 ba etsa mokoloko oa boipelaetso Washington, moo King a ileng a ba susumetsa ka puo ea hae “Ke lorile.”
Katleho e khōlō e ile ea finyelloa ha lekhetlo la molao la U.S. le arabela ka bohato bo ileng ba bitsoa “ho ngoloa ho hoholo ha melao e fanang ka litokelo tsa batho lekholong lena la lilemo.” ’Me katleho ea botho ea finyelloa ha King a fuoa Moputso oa Khotso oa Nobel ka 1964.
E Mong le e Mong o Iketsetsa Ntho eo a e Ratang
Bacha ba boela ba bontša ho hana tsamaiso ka ho hana mokhoa oa eona o tloaetsoeng oa ho apara le litekanyetso tsa boitlhopho. “Phetohelo fesheneng e qalileng Seterateng sa Carnaby sa London ka 1957,” ho hlalosa The New Encyclopædia Britannica “e lebisitse lifesheneng tse lumellang bacha ho apara ntho e ’ngoe le e ’ngoe, le tse loantšang litsamaiso tsa mebuso tsa bo-1960.” Ho basali ba bangata e bile mehla ea mese le marikhoe a makhutšoane; ho banna, ea litelu le moriri o molelele; ’me ho bohle, ea ho thatafalloa ho khetholla monna ho mosali le chebahalo e bohlasoa eo hamorao e ileng ea tsejoa e le bohippie.
’Mino o mong oa mehleng eo o ne o hōlisa moea oa ho ipelaetsa ka ho khothalletsa tšebeliso ea lithethefatsi le ho lumella likamano tse sa laoleheng tsa botona le botšehali le bosodoma. Linaleli tsa ’mino oa rock le libini tsa pop li ile tsa fetoha melingoana, le ho fetoha tekanyetso ea mekhoa eohle ea ho apara le boitšoaro. Ho lula ka lihlopha ha bahlankana le baroetsana ho ile ha ata. Hona le mekhoa e meng ea bophelo eo pele e neng e nyatsuoa, joale ea nkoa e le mekhoa e meng e amohelehang. Tsena kaofela li ne li tla kotula litholoana tse bohloko lilemong tsa bo-1970 le bo-1980.
“Aggiornamento” le “Batho ba Jesu”
Buka ea mantsoe e hlalosa aggiornamento e le “molao oa ho lumellanyana lithuto le litsamaiso tsa Roma e K’hatholike le linako, e le sepheo se seng sa Lekhotla la Bobeli la Vatican 1962-1965.” Mopapa John XXIII o ile leka ho felisa liqoso tsa hore kereke e sebelisa mekhoa ea khale le ho kokobetsa bohale ba tšekamelo e hōlang ea ho ipelaetsa phatlalatsa khahlanong le lithuto le litšebeletso tsa kereke. Bohato bona bo ne bo tšehetsoa ke baruti ba tsebahalang ba K’hatholike. Ka mohlala, moruti oa Jeremane Hans Küng o ile a memeloa Roma ho ea hlakisa maikutlo a hae a lithuto tse sa tloaelehang tsa bolumeli empa a hana ho ea.
Moea oa boipelaetso ba bolumeli o ne o sa felle feela tabeng ea ho fetola lithuto tse tloaelehileng tsa bolumeli. Bacha ba bangata ba Europa le Amerika ba ne ba nyelisa lihlopha tsena kaofela, ba fetohela lihlopheng tse ling kapa litumelong tsa boholo-holo tsa Asia. Lihlopha tse kang Divine Light Mission, Hare Krishna, le Children of God ile tsa qala ho tuma haholo ka bo-1960.
Ho Tloha Boipelaetsong ho ea Mabifing le Botšosing
Moea oa boipelaetso o senotse ho senyeha ha hlompho bakeng sa taolo—batsoali, thuto, ’muso, le ea bolumeli lefatšeng lohle. Oa khothalletsa moea oo khafetsa o neng o lebisa pefong, e sa kang ea kokobela ho tloha ka 1914, ebang ke lebaleng la ntoa kapa che.
Hopola tse ling tsa liketsahalo tse ileng tsa khetholla lilemo tse befileng tsa bo-1960: Patrice Lumumba, moemeli oa Congo oa bochaba ba Afrika, le Tona-khōlō ea Afrika Boroa Hendrik F. Verwoerd ba ile ba fenethoa ka sehlōhō; Mopresidente Ngo Dinh Diem oa Riphabliki ea Vietnam a fenethoa ha ’muso o lihuoa; United States e ile ea lahleheloa ke baetapele ba eona ba bararo ka ho thunngoa nakong e ka tlaase ho lilemo tse hlano: Mopresidente John F. Kennedy, moetapele oa litokelo tsa sechaba Martin Luther King, e Monyenyane, le setho sa Lekhotla la Molao Robert F. Kennedy.
Ho hlokeha hona ha taolo ha boipelaetso, ho sa kang ha chechela morao tšebelisong ea pefo, ho ralile motheo oa botšosi. Ha e le hantle, mongoli oa libuka le mohlahlobi oa lipolotiki Claire Sterling o hlalositse hore botšosi ba kajeno bo qalile ka 1968, “selemo seo moloko o hlahileng kamor’a ntoa ea ho qetela ea lefatše o ileng oa phatlalatsa ntoa ea ’ona sechabeng.”
Ho Talima Maholimong Bakeng sa Thuso
Na ho fihla maholimong ho tla thusa ho hlōla mathata a lefatše? Ho bonahala ba bang ba nahana joalo. Lipatlisiso le litšibollo tsa sepakapaka li tsoetse pele li sa khaotse, li bapile le Ntoa ea Mantsoe tlhōlisanong ea se-mphete-ke-u-fete pakeng tsa Bochabela le Bophirimela. Ka 1961, Soviet ea romela motho oa pele sebakeng, ka 1969 United States ea bea motho oa pele khoeling, lefatše le ile la hlolloa ke litšibollo tse sa khaotseng tsa sepakapaka.
Ha lilemo tse leshome li atamela qetellong, Collier’s 1970 Year Book e hlalositse: “Ho bonahala ho nepahetse haholo hore 1969, selemo seo ka sona motho oa pele a hatileng holim’a khoeli, ke selemo se tla bona katleho e khōlō boleping ba linaleli . . . [katleho] eo lefatše le e-song ho ka le e tseba. Nako ea Aquarius . . . [ha] mokhatlo oa batho oa baena o tla busa lefatšeng, e ka ’na ea ba holim’a rōna kapa ha se be joalo.”c
Ka ho hlakileng, batho ba bangata ba ne ba talimile maholimong bakeng sa thuso. ’Me ho ea ka tekanyo eo batho ba romelang li-satellite sepakapakeng ho nolofatsa lipuisano pakeng tsa likontinente tsa lefatše, maholimo a sebele a tla kopanya lichaba. Empa ha a li kopanye ho rarolla mathata a lefatše. Lichaba li ne li ntse li arohane joale ka pele, li ntse li sa ‘bulehela tumellano leha e le efe.’—2 Timothea 3:1-3, NW.
Hobane’ng? Ka baka la sebopeho sa moea oa boipelaetso—moea oa lilemo tsa bo-1960—le ke ke la kopana. Ke moea o arolang. Batho ba lokela ho kopana e le hore ba tsebe ho rarolla mathata a lefatše. Ho finyella kopano ena, ba lokela ho batla thuso, e seng maholimong kapa boleping ba linaleli, empa maholimong a ’muso oa Molimo.
Lipaki tsa Jehova—tseo ka 1969 li eketsehileng ka karolo ea 48 lekholong ho feta palo-kakaretso ea tsona ka 1960—li ne li etsa joalo feela. Li leboha hakaakang hore tlhaloso ena e nakong ea Ba-Roma khaolo ea 13, e bua ka boikokobetso ba Bokreste, e li nolofalelitse ho qoba ho tšoaseha moeeng oa boipelaetso bo sa laoleheng bo khetholotseng lilemo tsa bo-1960!—Bona The Watchtower November 1, November 15, le December 1, 1962.
Ha lilemo tsa bo-1960 li atamela ho fela, Lipaki tsa Jehova li ne li tšoarehile ho bolela, e seng ka Nako ea Aquarius, empa ka nako eo tlas’a ’Muso oa Molimo ‘mokhatlo oa baena o tlang ho busa lefatše.’ Na li tla ba teng hore li phele ho oona? Na u tla ba teng? Se ke oa fetoa ke sehlooho se qetellang sa letoto lena “Lefatše ho Tloha ka 1914” tokollong ea rōna e latelang: “Ha Lefatše le Ntse le Arohana, Tšepo ea Hao e ’Ne e Khanye Haholoanyane!”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bangoli ba Machaba a Kopaneng ba tlaleha lintoa tse 160 mahareng a 1945 le 1985.
b Ho Daniele 11 Bibele e bontša ka mokhoa oa tšoantšetso lichaba tsa selekane tsa bokomonisi, “morena oa leboea” le tse hanyetsanang le tsona, “morena oa boroa.” Bona buka “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng,” e hatisitsoeng ka 1963 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc, maqephe 265-308.
c Nako ea Aquarius e hlalosoa e le “nako ea lefatše e hlalosoang ke balepi ba linaleli e tšoaea ho fihla ha tokoloho libakeng tsohle tsa bophelo, ho busa ha mokhatlo oa baena lefatšeng, le ho fihla sepakapakeng.”
[Lebokose le leqepheng la 19]
Lihlooho tse Ling tse Entseng Litaba
1960—Litšisinyeho tse matla tsa lefatše li otla Morocco le Chile
Adolf Eichmann o tšoaroa Argentina le ho khutlisetsoa Iseraele, moo hamorao a fumanoeng a le molato oa litlōlo tsa molao Ntoeng ea II ea Lefatše le ho ahloleloa lefu
1961—Mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng Dag Hammarskjöld o shoa ho soahlamaneng ha sefofane Afrika
1962—Ho hlongoa ha Telstar, satellite ea pele ea lipuisano sebakeng
1963—Leholiotšoane le sekhohola li bolaea ba 30 000 Pakistan Bochabela
1964—Lipapali tsa Liolimpiki tsa bo-XVIII li tšoareloa Tokyo, Japane. Bahlōli ba ka sehloohong e bile USSR (likhau tse 96) le U.S.A (likhau tse 90)
1965—Mopapa Paul VI o koala Lekhotla la Bobeli la Vatican le ho phehella khotso puong ea hae le Seboka-kakaretso sa Machaba a Kopaneng
1966—Liphetoho Bochabela ba Chaena
1967—Ngaka Christiaan Barnard oa Afrika Boroa o kenya motho pelo ea e mong ka ho atlehileng ka lekhetlo la pele
1968—Nyeoe ea khotla ka sethethefatsi Thalidomide se neng se neoa baimana bao hamorao ba neng ba beleha masea a mangata a holofetseng
1969—Ntoa ea Bolo ea Maoto e qhoma pakeng tsa El Salvador le Honduras, kamor’a papali ha shoa batho ba fetang sekete
Merusu e tšolotseng mali Belfast, Ireland, pakeng tsa Mak’hatholike le Maprotestanta
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Mokha oa bohippie lilemong tsa bo-1960
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
UPI/Bettmarm Newsphotos
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Seboka se khahlanong le ntoa New York