Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 7/8 maq. 7-9
  • Ha ba na Matlo—Empa Baa Phela!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha ba na Matlo—Empa Baa Phela!
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mosebetsi oa Phallelo Tokyo
  • Ho Khothatsoa ke Kameho ka ba Bang
  • “Tsoang Motseng Hona Joale”
    Tsoha!—1987
  • Ho Hōla Hammoho Leratong
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Tšebeletso ea ho Thusa Nakong ea Likoluoa
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Na Lipaki Tsa Jehova li Thusa Batho ka Liphallelo?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 7/8 maq. 7-9

Ha ba na Matlo—Empa Baa Phela!

Ka mongolli oa “Tsoha!” Japane

LIKEPE tsa pele tse palamisitseng babalehi tsa fihla Likoung tsa Izu bosiung ba la 21 Pulungoana. Hamorao ha qetoa ka hore batho bana ba romeloe Tokyo, hobane Oshima e le tlas’a taolo ea lekhotla la motse la Tokyo. Lekhotla la motse hammoho le la sechaba la qala ho hlophisa mosebetsi oa phallelo. Lipaki tsa Jehova libakeng tsa Izu le Tokyo esita le ntlo-khōlō, e Motseng oa Ebina ho e ka bang lik’hilomethara tse 80 ho tloha Thabeng ea Mihara, le tsona tsa hlophisa mosebetsi oa phallelo.

Ha litaba tsa ketsahalo ea thaba li ntse li hasoa pakeng tsa mananeo a kamehla a thelevishene, Lipaki tsa Jehova tse lulang haufinyana tsa ameha ka ho khethehileng ka baena le likhaitseli tsa tsona tse lulang sehleke-hlekeng. Nobumasa Obata oa Phutheho ea Ito le ba bang ba ikopanya le Lipaki tse sebakeng sa Izu ’me ba hlophisa mosebetsi oa ho amohela batho ba balehisitsoeng kotsi. Ka 6:30 thapameng ea letsatsi leo, Lipaki li ne li eme boema-kepeng bo bong le bo bong ba Kou ea Izu le Atami ba loketse ho amohela baena ba bona ho tsoa Oshima.

Ha Jiro Nishimura le ba bang ba bane ba fihla Atami hoo e ka bang ka hora ea leshome bosiung boo, Lipaki tsa Atami tse tšoereng limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tsa ba amohela. Kaha bahlanka ba ’muso ba ne ba e-s’o fihlele qeto ea se ka etsoang, babalehi ba lumelloa ho lula le mang kapa mang eo ba ratang ho lula le eena. Ba leba Yugawara, moo mor’a Nishimura a sebetsang e le moholo oa phutheho ea moo. Ntlo eo ba lulang ho eona ea fetoha setsi sa ho amohela babalehi Phuthehong ea Oshima.

Ka 8:00 hoseng ho hlahlamang, Komiti ea Lekala e ntlo-nkhōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower, Ebina, ea etsa qeto hona hoo ho romela baemeli ba babeli ba lekala sebakeng sa Izu le ba babeli Tokyo ho hlophisa mosebetsi oa phallelo.

Ha baemeli ba lekala ba ntse ba buisana le Nishimura ka mosebetsi oa phallelo, Mitsuo Shiozaki a fihla ka lithuso tse hlokehang tse tsoang phuthehong ea bona Numazu. Babalehi ba ananela haholo-holo liaparo tseo a ba abetseng tsona, hobane boholo ba bona ba ne ba se na liaparo tse ling ha e se feela tseo ba li apereng ha ba ne ba balehisoa sehleke-hlekeng sa bona. Hape ba thabela ho amohela lijo tseo a tlileng le tsona.

Likomiti tsa phallelo tsa romeloa Izu le Tokyo ho aba lithuso ho litho tsa Phutheho ea Oshima. Likomiti tseo tsa hlokomela le litlhoko tsa moea tsa babalehi.

Mosebetsi oa Phallelo Tokyo

Ka 9:55 thapameng ea la 21 Pulungoana, hoba likepe tse ling li tsamaee le babalehi ho ea metseng e Koung ea Izu, ’musisi oa Tokyo a laela hore babalehi bohle ba isoe Tokyo. Yoshio Nakamura, moholo Phuthehong ea Lipaki tsa Jehova ea Mita, Tokyo, a kōptjoa ho hlophisa mosebetsi oa phallelo moo. Ntlo ea Nakamura ea fetoha ntlo-khōlō ea mosebetsi oa phallelo Tokyo.

A kōpa ba bang ba phutheho ea hae le ba bang Phuthehong ea Shinagawa ho tsamaea le eena. Ba 10 ho bana ba tsamaea le Nakamura hoo e ka bang hora ea bobeli hoseng ka Moqebelo ’me ba emela likepe tse tsoang Oshima. Baena ba ne ba tšoere matšoao a balehang tjena: “Litho tsa Phutheho ea Oshima ea Lipaki tsa Jehova, ka kōpo ikopanyeng le rōna.”

Ho fihlela sekepe sa ho qetela se fihla, ba ’na ba leba koana le koana pakeng tsa libaka tse peli tseo likepe li fihlelang ho tsona. E ne e le Moqebelo kamor’a hora ea leshome hoseng. Lipaki tsa Jehova tsa Phutheho ea Chuo tsa ea boema-kepe bo bong moo likepe tse tsoang Oshima li neng li tla fihlela teng. Lipaki tsa Tokyo, li sa tsebe hantle hore likepe tse palamisitseng balumeli ’moho le tsona ke life, tsa leka ho khahlanyetsa sekepe se seng le se seng se kenang Tokyo.

“Lipaki tsa Jehova,” ho hopola Kazuyuki Kawashima, “e ne e le tsona feela sehlopha sa bolumeli se ileng sa khahlanyetsa balumeli ’moho boema-kepe. Sehlopha se seng se ileng sa khahlanyetsa babalehi e ne e le sa mokhatlo oa matichere.”

Ka Moqebelo mantsiboea, litho tsa Liphutheho tsa Mita le Shinagawa ka boithatelo tsa bokella liaparo le lithuso tse ling bakeng sa baena ba bona ba moea ba tsoang Oshima. Lipaki tsa kenya lithuso tsena koloing ea liphahlo ’me tsa ea libakeng tsa phallelo moo babalehi ba Lipaki ba neng ba amohetsoe teng. Lipaki tse tsoang Oshima esita le bao e seng Lipaki, ba neng ba le mono, ba rua molemo lithusong tsa phallelo.

Ho Khothatsoa ke Kameho ka ba Bang

Paki e ’ngoe e balehisitsoeng e phetile sena: “Ha re tloha Oshima, re ne re tsielehile, re sa tsebe hore na re isoa kae. Leha ho le joalo, ha re theoha sekepeng, ra bona letšoao le reng, ‘Lipaki tsa Jehova.’ Nahana kamoo re ileng ra makala le ho hlolloa kateng! Meokho ea keleketla marameng a mosali oa ka baka la ho ikutloa a lokolohile ha re fumana baena ba rōna moo ho tla re khahlanyetsa.

“Kapele kamor’a ho fihla Holong ea Lipapali, Koto Ward, le ho letsetsa Moena Nakamura, baemeli ba lekala ba fihla ho tla re khothatsa. Sena se ile sa re thabisa haholo, ’me ra hloka mantsoe a ho hlalosa kananelo ea rōna.”

Har’a beke eo litho tsa komiti ea phallelo tsa etela libaka tsohle tse amohetseng Lipaki ’me tsa hlahloba litlhoko tsa balumeli ’moho. Ba fumana hore Lipaki tse balehisitsoeng li ne li hlokometsoe hantle ke liphutheho tsa moo. Liithuti tse ling tsa Bibele tsa memeloa mahaeng a Lipaki tsa moo bakeng sa lijo tsa kamehla, ’me tsa ananela liketso tse joalo tsa mosa oo li o bontšitsoeng ke Lipaki tseo li sa kang tsa ba tseba pele ho koluoa ena.

Ho balehisoa hoo ha batho ebile ho atlehileng kahobane litemoso tse loketseng li ile tsa fanoa ’me batho ba ile ba li ela hloko. Empa batho bohle ba talimane le kotsi e tšabehang e tlang ka lebelo le leholo. Ho se ho fanoe ka litemoso, tse bontšang batho kamoo ba ka phonyohang kotsi ena kateng le ho pholosa bophelo ba bona. Na u tla ela litemoso tseo hloko?

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Jiro Nishimura o etsa lipatlisiso ka balumeli ’mohoa

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Paki ena e neng e ratoa haholo e shoele ka Tlhakola 1987.

[Litšoantšo tse leqepheng la 8 ]

Mitsuo Shiozaki o aba lithuso

Batho ba balehisitsoeng ba robatsoa lifulurung tse batang tsa liholo tsa boikoetliso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela