Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 7/8 maq. 4-6
  • “Tsoang Motseng Hona Joale”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Tsoang Motseng Hona Joale”
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litšisinyeho tsa Lefatše le ho Phatloha ha Thaba
  • ‘Leru le Kang ho Thunya ha Bomo ea Athomiki’
  • Taelo ea ho Tsoa Sehleke-hlekeng Sohle
  • Ha ba na Matlo—Empa Baa Phela!
    Tsoha!—1987
  • Leeto le sa Lebaleheng Phuleng ea Ngorongoro
    Tsoha!—2005
  • Ho Ela Temoso Hloko ho ka Pholosa Bophelo ba Hao
    Tsoha!—1987
  • ‘Litaba Tse Molemo’ li Boleloa Lihlekehlekeng Tse Hōle ka Leboea Australia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 7/8 maq. 4-6

“Tsoang Motseng Hona Joale”

Ho Tsoa ha Batho ba Likete tse Leshome ka Bosiu bo le Bong

Ka mongolli oa “Tsoha!” Japane

“TSOANG hona joale! Hang-hang!” Maqheku a banna le basali a lulang Lehaeng la Maqheku la Oshima a ile a laeloa ho ea sekolong sa bana ba banyenyane hore a sireletsehe ho phatloheng ha Thaba ea Mihara, ho etsahetseng ka la 21 Pulungoana, 1986. Le hoja sehlopha sa basebetsi ba lehae la maqheku se ne se se se itokiselitse ho ntša maqheku moo kamor’a hore thaba e bontše matšoao a ho batla ho phatloha matsatsi a ’maloa pele, ho phatloha ha tšohanyetso thapameng eo ha hoa ka ha nolofatsa paleho ea bona.

“Ha rea ka ra hlola re nahana ka libethe tse jarang bakuli tseo re neng re li lokiselitse,” ho hlalosa Kazuko, setho sa lehae la maqheku. “Re ile ra tšoara maqheku ka matsoho kapa ra a pepa ho a isa libeseng tse peli tse rometsoeng ke ofisi ea motse. Tsena tsa tlala kapele, a mang a nkuoa ka teraka ho ea sebakeng se sireletsehileng.”

Maqheku a fihla boema-kepe, a palamisoa sekepe sa Mokhatlo oa Pholoso hore a tlosoe sehleke-hlekeng. A bile har’a ba pele ho ntšuoa motseng. Ha latela ho ntšuoa ha baahi ba sehleke-hleke ba fetang likete tse leshome le baeti.

Litšisinyeho tsa Lefatše le ho Phatloha ha Thaba

Thaba ea Mihara e sehleke-hlekeng sa Izu-Oshima, eo ka tloaelo e bitsoang Oshima, ke e ’ngoe ea lithaba tse ’nè tse kotsi e hlokometsoeng ke Japane. Thaba ena e ne e tsebahala ka ho ntša mosi. Ka la 15 Pulungoana, 1986, thaba ea phatloha, kamor’a libeke tse peli Lekhotla le Hlokometseng ho Phatloha ha Lithaba le behile hore thaba e boemong bo kotsi. Ho phatloha ho tsoang Molomong ona o tšoailoeng nomoro ea pele ha eketseha. (Bona ’mapa leqepheng 6.) Seretse se tsoang ka hare-hare ho thaba sa tšolohela mapatsong a thaba ena. Joale, ka la 21, ho phatloha ha tšohanyetso ha tšosa baahi ba sehleke-hleke. Ho ne ho se ho e-na le molomo o mocha o ntšang seretse se chesang. Sena se ile sa lateloa ke ho phatloha ho tsoang mobung ho ileng ha thuntša liliba tsa mollo o ileng oa fihla bophahamong ba limithara tse 100. Liliba tse ngata tsa mollo tsa phatloha ha mapatso a tsoela pele ho buleha mahlakoreng a thaba.

Litšisinyeho tsa tšosa batho ba neng ba se ba qetiloe ke letsoalo la ho phatloha. Ka hora feela, litšisinyeho tse 80 tsa otla sehleke-hleke. Seretse se chesang se phophomang ho tsoa ka hare-hare ho thaba sa theoha thabeng ’me sa namela likarolong tseo ho nang le batho ba bangata ba Oshima, Motomachi. Seretse se theohelang se lebile Motomachi sa qobella Hidemasa Uemura, ramotse, ho laela baahi ba sehleke-hleke ho tsoa Motomachi. Nakong eo, karolo e ka boroa ea sehleke-hleke, Habu, ea hlalosoa e sireletsehile.

‘Leru le Kang ho Thunya ha Bomo ea Athomiki’

“Re ne re ntse re e-noa tee,” ho hopola Jiro Nishimura, moholo a leng feela oa Phutheho ea Lipaki tsa Jehova Izu-Oshima. “Joale, ho phatloha ho matla ha tsukutla moea. Ha ke tsoela kantle, ho ne ho e-na le leru holim’a Thaba ea Mihara le tšoanang le la ho phatloha ha bomo ea athomiki. Ka hlokomela hore hona ha se ho phatloha ho tloaelehileng. Ka utloa ho hong sebuela-hōleng sa ofisi ea motse, empa kaha ke ne ke sa utloa tsebiso ka ho hlakileng, ka letsetsa ofising ea motse. Ba re baahi ba Motomachi ha ba e-s’o laeloe ho tsoa sebakeng seo. Ke ne ke lapile, kahoo, ka kōpa mosali oa ka hore a phehe reisi le lipolokoe tsa eona. Le pele ke qeta ho ja polokoe ea pele, taelo ea ho tsoa motseng ea utloahala.

“Bohlano ba rōna, ho akareletsa le mohoehali oa ka ea lilemo li 90, ra balehela Boema-kepe ba Motomachi. Batho ba ne ba koloka ho ea palama sekepe ho tsoa sehleke-hlekeng. Mokoloko o ne o le molelele haholo, empa kaha mohoehali a ne a tsofetse ’me a hlōleha ho tsamaea a le mong, ra lumelloa ho palama sekepe sa pele se lebang Atami.”

Ho ba bang, ho bile thata ho siea sehleke-hleke seo ba se tloaetseng haholo. Kichijiro Okamura, ea lilemo li 84, eo e leng ngaka e phekolang ka linale Lehaeng la Maqheku la Oshima, o lutse lilemo tse 40 Oshima. Okamura o hlalosa maikutlo a hae: “Litšisinyeho tsa lefatše li ne li tšabeha haholo, empa ka nahana hore tsohle li sa lokile ’me ka batla ho bona hore na lintho li tla ba joang matsatsing a ’maloa a latelang. Ke tloaelane le ho phatloha le litšisinyeho tsa lefatše. Ke ne ke sa tšoenyeha haholo hobane ke tseba hore qetellong li tla kokobela. Empa bo-ralitima-mollo ba nqobella ho tsoa. Ka lokela ho inehela.” A tloha le mosali oa hae Yoshie, barali ba bona ba babeli le litloholo tse ’nè.

Taelo ea ho Tsoa Sehleke-hlekeng Sohle

Ka lekhetlo la pele, seretse se qhomang thabeng se ne se sokela karolo e ka leboea ea sehleke-hleke feela. Ba bang ba lulang Motomachi ba ile ba fallisetsoa karolong ea Habu. Baahi ba ka boroa ba sehleke-hleke, ba eletsoa ho balehela mabaleng a lipapali le likolong.

“Ke ne ke e-na le likobo tse peli le mokotlana ’ona,” ho bolela Kaoko Hirakawa, ea balehetseng lebaleng la lipapali la Nomashi ka 5:00 thapama. “Ke ile ka nahana hore e tla ba ntho ea bosiu bo le bong feela.” Monna oa hae, Rinzo a nahana ka batsoali ba hae ba neng ba kula, ’me ba lula haufi le molomo o mocha oa thaba o ntšang seretse. Ba tšoenyehile, ba kena koloing ho lata batsoali ba hae. “Tšisinyeho ea lefatše e ne e tšabeha,” ho bolela Rinzo. “Ho ne ho tšoana le hoja ke palame sekepe. Hang ha batsoali ba ka ba se ba palame koloing, lik’hilomethara li se kae ho tloha moo ba neng ba lula teng, thaba ea phatloha.” Ba ile ba khona ho fihla lebaleng la lipapali la Nomashi, empa hamorao ba bolelloa hore ba fallele Habu.

Ka 10:50 thapama, ramotse a laela hore ho tsuoe sehleke-hlekeng sohle. “Re ile ra balehela Sekolong se Phahameng sa Habu,” ho bolela Mofumahali Tamaoki. “Joale ra bolelloa hore re ee poema-kepe. Empa poema-kepe ba Habu ha boa teba haholo bakeng sa likepe tse khōlō, kahoo qetellong ra palamisoa bese e eang Motomachi, moo re ileng ra palama sekepe ho ea Tokyo.”

Ho tsoa ha baahi ba fetang likete tse leshome le baeti sehleke-hlekeng ha phethoa ka 5:55 hoseng, ka la 22 Pulungoana, ramotse le matona a ’muso ba palama sekepe sa ho qetela. Ho ntšuoa ha batho Izu-Oshima ho phethiloe ka lihora tse hlano kamor’a ho phatloha ho matla. Mosebetsi oa tsamaisoa hantle le ka tlhophiso, ka lebaka la thuso ea matona a motse, mokhatlo oa likepe o rometseng likepe Oshima ho fallisa batho, le tšebelisano e ntle ea baahi ba sehleke-hleke. Ntle ho mekhelo e seng mekae feela, batho ba mamela taelo ea ho falla batho ka potlako. Ke mapolesa a ’maloa, bo-ralitima-mollo le basebetsi ba bang ba ’muso ba ileng ba sala sehleke-hlekeng, esita le ba seng bakae ba hanneng ho tsoa.

Empa batho ba balehisoang ba ile ba lula kae? Ke mang ea neng a tla ba hlokomela? Lipaki tsa Jehova sehleke-hlekeng li ile tsa hlokomeloa joang?

[Setšoantšo se Qanollang/Limmapa leqepheng la 6]

(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)

OSHIMA

Thaba ea Mihara

Tokyo

Shimoda

Inatori

Sakurajima

Ito

Atami

Ebina

[Setšoantšo se Qanollang] Oshima

Okata

Kitanoyama

seretse se theohang

molomo no. 2

ho qhoma

molomo no. 1

bokantle ba molomo

Sashikiji

Kou ea Habu

THABA EA MIHARA

Nomashi

Motomachi

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

“Bo-ralitima-mollo ba nqobella ho tsoa”

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 5]

Leqephe 2 photo: K. Abe, Earthquake Research Institute, Tokyo. All rights reserved

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela