Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 8/8 maq. 16-18
  • Ke Hobane’ng ha ho le Thata ho Phelisana le Banab’eso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ho le Thata ho Phelisana le Banab’eso?
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Katamelo e Haufi ke Khothatso
  • ‘’Mè o U Rata Haholo’
  • Ho Hlōla Mōna
  • Nka Etsa Joang Hore ho se Lebelloe Hore ke Tšoane le Ngoan’eso?
    Tsoha!—2003
  • Nka Phelisana Hantle le Banab’eso Joang?
    Tsoha!—2010
  • Nka Phelisana Hantle le Banab’eso Joang?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Nka Etsa’ng Haeba Ngoan’eso a Ipolaile?
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 8/8 maq. 16-18

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Hobane’ng ha ho le Thata ho Phelisana le Banab’eso?

BORA ba bana ba motho ke bothata ba khale koana ba Kaine le Abele ’me bo tloaelehile har’a bacha joaloka sefuba. E seng hore u hloile banab’eno. Mohlomong u monyebe ho lumela hore ua ba rata, joalokaha ho entse bacha ba latelang:

“Ka linako tse ling banab’eso ba loantšana, ke ba hloile, empa ha ke ea tiea ho sena. Rea ratana.”

“Ke nahana hore ke rata khaitseli ea ka le hoja bonneteng ke sa ho bontše.”

“Botebong ba pelo ea ka, moo ke sa fihleleng teng, ke nahana hore ke rata khaitseli ea ka.”

Leha ho le joalo, lehloeo ke lona le ipatileng likamanong tsena tsa bana ba motho. Ho ka qetella ho etsahetse eng? Ngoanana ea lilemo li 15 o itse: “’Na, moena oa ka le khaitseli re ne re atisa ho loantšana—re loanela lefeela! Ntoa eo e ne e tepeletsa e mong le e mong ka lapeng, bohle re ne re sa thaba.” Bana ba bang ba hloeana phatlalatsa. (Ngoanana e mong o ile a etsa setšoantšo sa baena le likhaitseli tsa hae ba theoleloa ka moqomong oa boka bo chesang.)

Ke hobane’ng hangata kutloano e le sieo mahareng a bana ba motho?

Sehloohong se seng sa makasine oa Seventeen, ngaka Claudia Schweitzer o fana ka lebaka la motheo le etsang hore bana ba motho ba loantšane kamehla: “Lelapa ka leng le na le mehloli e itseng, e meng ke ea boikutlo ha e meng e le ea lintho tse bonahalang.” Sehlooho se tsoetse pele: “Ha bana ba motho ba loantšana, hangata khang ke mehloli ena, ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho tloha ka lerato la botsoali ho isa cheleteng le liaparong.”

E, kamehla ho ba le moena kapa khaitseli ho bolela ho arolelana. Ka mohlala, Camille ea lilemo li 18 le banab’abo ba bahlano ba lokela ho arolelana kamore tse tharo tsa ho robala. “Ka linako tse ling ke batla ho ba mong,” ho bolela Camille, “’me ke batla ho ba koalla ka ntle, empa ba teng kamehla.” Esita le Jesu Kreste o ne a batla ho ba mong ka linako tse ling. (Mareka 6:31) Kahoo, u ka hloea ngoan’eno ea kenang feela ka kamoreng a sa kokote, kapa haeba u batla ho ba mong.

Ka ho khethehileng sena e ka ba bothata bo utloisang bohloko malapeng a ’mè kapa ntate oa bobeli ha bana ba lokela ho arolelana lintho le basele. “Ha ho le ea mong ea ileng a mpotsa kapa hona ho botsa khaitseli ea ka haeba re ne re batla ho lula le banana ba babeli le moshemane ba tlang le motsoali oa bobeli,” ho boletse ngoanana e mong ka bohale. “Ba fihlile maobane empa ba se ba fihla ba itšoara joaloka hoja ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke ea bona. . . . Ke lakatsa eka ba ka khutlela moo ba tsoang teng.”

Ho latela taba ea ho arolelana litokelo le boikarabelo ba lelapa. Bana ba baholo ba ka ’na ba hloea ho etsa karolo e khōlō ea mosebetsi oa ntlo. Ba banyenyane ba ka ’na ba hana ho laeloa ke bana ba tsoang lelapeng la motsoali oa bobeli ’me ba eba mōna ha ba baholo ba fumana menyetla eo e ka beng e fuoe bona. ‘Khaitseli ea ka e rutoa ho khanna ’me ’na ha ke khone,’ ho tletleba ngoanana e monyenyane oa Engelane. ‘Ke ikutloa ke e-na le lehloeo, kahoo ke leka ho mo thatafaletsa lintho.’

Lehloeo lena le sa feleng le ka felisoa joang? Qala ho hlōla tloaelo leha e le efe e lebisang boithating. Hoo ho bolela ‘ho se ipatlele molemo, empa ho batlela e mong molemo.’ (1 Ba-Korinthe 10:24, TLP) Ho e-na le ho loantšana ka baka la “litokelo” tsa botho, itokisetse ho ‘arolelana le ba bang.’ (1 Timothea 6:18, TLP) Sena mohlomong se ka ba thata haholo. Empa setsebi se seng se re: “Melemo ea ho ba le baena le likhaitseli [ho kopanyeletsa le bana ba ntate kapa ’mè oa bobeli!] e feta bohloko ba kamano ena. Bana ba bang ba ka ruta e mong ho fana, ho arolelana lintho tsa hae.”

Katamelo e Haufi ke Khothatso

Diane ea lilemo li 17 o hōtse le banab’abo ba bashemane ba bane le ba banana ba bararo. O re: “Haeba le bonana letsatsi le letsatsi, bosiu le motšehare . . . ’Me ha u shebella motho a le mong kamehla a etsa lintho tse tšoanang kamehla, ntho eo ea u tena—seo se ka u tšoaetsa.” Leha ho le joalo, ka linako tse ling mefokolo ea rōna e ka mpefatsa boemo. André e monyenyane o ipoletse tjena: “Tsela eo u itšoarang ka eona ha u le lapeng, ke sona seo u hlileng u leng sona. Ha u tsoela kantle ’me u kopana le batho ba bang, ka linako tse ling u fetola boitšoaro ba hao ka ho feletseng. Empa ha u le lapeng, sebakeng seo u se tloaetseng, u itšoara ka tsela eo u hlileng u leng eona.” Ka bomalimabe, ‘ho itšoara ka tsela eo u hlileng u leng eona’ hangata ho bolela ho se bontše hlompho, mosa le bohlale.

Buka The Private Life of the American Teenager e hlokometse: “Hangata ho thata ho phelisana le batho ba nang le botho bo tšoanang le ba rōna le ba tsebang mefokolo ea rōna kaofela.” Ke ’nete, haeba u abelana le ngoan’eno oa moshemane kapa oa ngoanana lintho tse molemo, u ka atametsoa ho eena. Empa ho thoe’ng haeba le tšoana ka botho bo bobe? Liproverbia 27:19 e re: “Joale ka ha sefahleho se iponang metsing se tšoana le sefahleho, pelo ea motho e tšoana joalo le pelo ea motho e mong.” Ha re bona litšobotsi tsa rōna tse mpe ho baena le likhaitseli tsa rōna hangata re halefela khopotso ’me re ba le lehloeo.

U ka boloka khotso joang? Ka ho latela keletso ea Bibele ea ‘ho mamellana ka lerato.’ (Ba-Efese 4:2) Ho e-na le ho hōlisa liphoso tsa bona le mefokolo, sebelisa lerato la Bokreste, le ‘apesang libe tse ngata.’ (1 Petrose 4:8) Ho e-na le ho khella litho tsa lelapa tlaase, ka ho li talima e le tse tenang, kapa tse se nang botsoalle, lahla ‘bohale, ho itšena, linyefolo, le polelo e lihlong,’ ’me ‘le polelo tsa hao e be tse molemo kamehla.’—Ba-Kolosse 3:8; 4:6.

‘’Mè o U Rata Haholo’

Mohlomong ntoa e khōlōhali mahareng a bana ba motho ke lerato la batsoali ba bona. Moprofesara lekaleng la meriana Lee Salk o’a lumela: “Ha ho kamoo motsoali a ka ratang bana ba hae kaofela ka tsela e lekanang hobane bana ke batho ba sa tšoaneng ’me ba amohela botho bo sa tšoaneng ho rōna [batsoali].”

Ho bile joalo le mehleng ea Bibele. Mopatriareka Jakobo (Iseraele) “o ne a rata Josefa ho fetisa bana ba hae kaofela.” Sena se ile sa halefisa banab’abo ba hae haholo ka hobane Jakobo ‘o ne a etselitse Josefa seaparo se mebala-bala,’ ’me ka ho hlakileng mofuta oo oa seaparo o ne o aparoa ke batho ba boemong bo phahameng. (Genese 37:3) Ha nako e ntse e tsamaea, mōna oa fetoha lehloeo le bolaeang. Ka ho tšoanang, ho ka utloisa bohloko haeba batsoali ba hao ho bonahala ba rata khaitseli kapa moena oa hao ka ho khethehileng. Empa ba bang ba tšollela bohale ba bona ho likhaitseli le baena ba bona!

Ho Hlōla Mōna

Hangata mōna baneng ba motho o hōlisoa ke hobane ‘tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae.’ (Genese 8:21, NW) ’Me ‘pelong ho tsoa mehopolo e khopo.’ (Mattheu 15:19, TLP) Ngoanana e mong ea bitsoang Lynn o hopola kamoo a neng a honohela ngoan’abo hoo itseng ha a robeha letsoho a ileng a mo nģosa ka hore o entse joalo ka morero! O ne a nahana hore morero ke ofe? Hore a se thuse Lynn ho mena lilakane. Ka ho hlakileng, boikutlo ba Lynn bo se nang mosa ebile mabaka a thetsang a pelo ea hae, ho ne ho se na mabaka a sebele.

Ho ka ’na ha e-ba joalo ha ngoana e mong a ratoa haholo ke motsoali. “Mōna o bolisa masapo.” (Liproverbia 14:30) Hangata ha ho lebaka la sebele la ho halefa. Hopola hore tabeng ea Jakobo, Josefa e ne e le ngoana oa moratuoa oa hae ea shoeleng, Ragele. Ka ho khethehileng o ile a ikutloa a le haufinyana le mora oa hae! Leha ho le joalo, lerato la Jakobo ho Josefa le ne le sa khetholle bana ba hae ba bang, hobane o ile a bontša kameho ea sebele ka boiketlo ba bona. (Genese 37:13, 14) Ka ho tšoanang, batsoali ba hao ba ka ’na ba rata bana ba bang, mohlomong ka hobane ba thahasella lintho tse tšoanang. Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore ha ba u rate. Kahoo, haeba u ikutloa u halefile kapa u le mōna, hlokomela hore pelo ea hao e sa phethahalang ke eona e u hlōlang. Sebeletsa ho hlōla boikutlo bo joalo.

Ho ba le banab’eno ha ho bolele bora—haholo-holo haeba u etsa boiteko ba ho sebelisa melao-metheo ea Bibele.a Ke ’nete, lelapa la bana ba motho le na le mathata a lona. Empa, ‘melemo ea lona e feta bohloko bo ka bang teng.’

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sena se tla hlalosoa ka ho eketsehileng sehloohong se latelang.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ho kopanela kamore le moena kapa khaitseli ho ka hlahisa likhohlano tsa sebele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela