Bacha Baa Botsa
Nka Etsa’ng Haeba Ngoan’eso a Ipolaile?
Bophelo ba Karen bo ile ba fetoha ka mor’a hore ntate oa hae a mo tšele ka litaba tse bohloko. Ntate oa hae o ile a khona feela ho re: “Sheila ha a sa phela.” Karen le ntate oa hae ba ile ba hakana, ba emisitsoe hlooho ke ketsahalo eo e sa utloisiseheng. Moen’a Karen o ne a ipolaile.a
HA MOCHA a hlokahala, hangata batho ba fanang ka matšeliso, ka sepheo se setle ba ameha haholo ka batsoali. Ba botsa banab’abo mofu hore, “Batsoali ba lōna ba ntse ba ea joang?” empa ba lebala ho ba botsa hore, “Lōna le ntse le ea joang?” Ke kahoo ho ’nileng ha thoe batho baa lebala hore banab’abo mofu le bona ba shoetsoe.
Phuputso e bontša hore bacha ba ameha ka ho teba ha ba shoetsoe ke banab’abo bona. Dr. P. Gill White o ngotse bukeng ea hae e bitsoang Sibling Grief—Healing After the Death of a Sister or Brother: “Tahlehelo e bohloko joalo e ama banab’abo mofu hampe ’meleng, boitšoarong, mosebetsing oa sekolo, e etsa hore ba ikhalale ’me e sitisa khōlo ea bona.”
Bacha ba seng ba tiile lilemong le bona baa ameha. Karen, eo ho builoeng ka eena ka holimo, o ne a le lilemo li 22 ha moen’ae Sheila, a ipolaea. Ka linako tse ling o ne a bonahala a utloile bohloko hoo a sitoang ho bo mamella. O re: “Ha ke nke hore ke ne ke utloile bohloko ho feta batsoali ba ka, empa ke nahana hore ’na ke ne ke sa khone ho mamella bohloko boo joaloka bona.”
Na le uena ho tšoana le Karen, u hlokahalletsoe ke ngoan’eno? Haeba ho joalo, u ka ’na ua ikutloa joaloka mopesaleme Davida, ea ileng a ngola, a re: “Ke ferekane, ke iname ho isa tekanyong e fetisisang; letsatsi lohle ke tsamaile ke hlomohile.” (Pesaleme ea 38:6) U ka sebetsana joang le bohloko boo u bo utloileng?
“Hoja Ebe . . . ”
Ha ngoan’eno a ipolaile, seo se ka etsa hore u ikutloe u le molato haholo. U ka ’na ua ipolella hore ‘Hoja ebe ke ne ke entse lintho ka tsela e fapaneng, ngoan’eso a ka be a ntse a phela.’ Ho ka ’na ha bonahala eka ho na le bopaki bo tšehetsang maikutlo ao. Chris, ea neng a le lilemo li 21 ha moen’ae ea lilemo li 18 a ne a ipolaea, o ne a lumela seo. O re: “Ke ’na motho oa ho qetela eo moen’a ka a buileng le eena, kahoo ke ne ke nka hore e ne e lokela ebe ke tsebile hore ho na le phoso e itseng ka eena. Ke ile ka nahana hore hoja ebe ke ne ke bile botsoalle haholoanyane, mohlomong a ka be a ile a phutholoha eaba o bua le ’na.”
Chris o ne a sithabetsoa le ho feta ke taba ea hore o ne a sa utloane hakaalo le moen’ae. Chris o hopola sena ka pelo e bohloko, o re: “O ne a siile molaetsa o reng o ne a lakatsa eka nka be ke bile abuti ea molemo. Le hoja ke tseba hore o ne a sa phele hantle, maikutlo ao a ntse a ntšoenya.” Hangata, boikutlo boo ba ho ba molato bo rotetsoa le ho feta ke haeba motho a ile a buisana ka tsela e hlabang le ngoan’abo pele a e-shoa. Dr. White, ea qotsitsoeng pejana, o boleletse Tsoha! hore: “Bana ba bangata babo mofu ba mpolelletse hore ba ntse ba ikutloa ba le molato ka qabang eo ba bileng le eona likhoeling tse ’maloa tse fetileng esita le haeba ho ne ho se ho fetile lilemo ba bile le qabang.”
Haeba u ikutloa u le molato ka hore ebe ngoan’eno o ipolaile, ipotse potso ena, ‘Ke motho ofe ea ka laolang ka ho feletseng lintho tseo motho e mong a li etsang?’ Karen o re, “Hase uena ea neng a ka thibela bohloko boo motho eo a neng a leka ho bo balehela le tsela e mpe eo a bo felisitseng ka eona.”
Empa u ka etsa’ng haeba ho bonahala eka ha u khone ho lebala mantsoe a hlabang ao u a buileng ho ngoan’eno? Bibele e ka u thusa hore u be le pono e loketseng tabeng eo. E re: “Kaofela re khoptjoa hangata. Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng.” (Jakobo 3:2; Pesaleme ea 130:3) Ha e le hantle, ho lula u nahana ka linako tseo u ileng ua tšoara ngoan’eno hampe kapa ua mo buisa hampe ka tsona ha ho thuse, ho mpa ho tla totisa bohloko boo u bo utloang. Le hoja u ka ’na ua utloa bohloko ha u hopola seo, ’nete ke hore hase uena ea bolaileng ngoan’eno.b
Seo U ka se Etsang ha U le Mesarelong
Ha ho batho ba babeli ba sareloang ka tsela e tšoanang hantle. Ba bang baa lla leha ba le har’a batho, ’me ha ho letho le phoso ka seo. Bibele e re Davida o ile a “lla haholo” ka mor’a lefu la mora oa hae ea bitsoang Amnone. (2 Samuele 13:36) Esita le Jesu o ile a “lla” ha a bona mahlomola a bakiloeng ke lefu la motsoalle oa hae Lazaro.—Johanne 11:33-35.
Ka lehlakoreng le leng, ba bang ha ba sareloe hang-hang—haholo ha lefu le hlahile ka tšohanyetso. Karen o re: “Ke ile ka tlallana habohloko. Ke ile ka qeta nako ke sa khone ho etsa letho.” Ho tloaelehile hore motho a ikutloe ka tsela eo ha ngoan’abo a ipolaile. Dr. White o boleletse Tsoha! hore: “Ha motho a ipolaile boemo boo e ba bo sithabetsang maikutlo haholo, ’me u lokela ho sebetsana le pherekano e bang teng maikutlong pele, u ntan’o sebetsana le ho sareloa. Litsebi tse ling tse fanang ka tlhokomelo li leka ho etsa hore beng ka mofu ba lle ’me ba sareloe le hoja ba e-s’o fihle boemong boo. Ba ntse ba tšohile hoo ba khathetseng matla.”
Ho tla nka nako hore u amohele hore ngoan’eno o hlokahetse, ’me e le ka lebaka le utloahalang ho latela se etsahetseng. Chris o re: “Kaofela lapeng re tšoana le nkho ea letsopa e ileng ea pshatleha eaba ea kopanngoa. Hona joale ho bonahala re se re ‘peperana’ le feela ha re qala re utloa khatello e seng kae.” Ho u thusa ho sebetsana le boemo bona, leka ho sebelisa litlhahiso tse latelang:
◼ Ngola litemana tsa Bibele tse u tšelisang, ’me u li bale bonyane hanngoe ka letsatsi.—Pesaleme ea 94:19.
◼ Bua le motsoalle ea nang le kutloelo-bohloko. Ho bua ho ka ’na ha u fokoletsa bohloko.—Liproverbia 17:17.
◼ Thuisa ka tšepiso ea Bibele ea hore bafu ba tla tsoha.—Johanne 5:28, 29.
U ka ’na ua fumana hore ho ngola hore na u ikutloa joang—le haeba e ka ba ka nakoana—ho tla u thusa ho ba le pono e loketseng ka bohloko boo u bo utloang. U ka ’na ua sebelisa lebokose le ka tlaase ho u thusa ho etsa seo.
Kholiseha hore “Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna ’me o tseba lintho tsohle.” (1 Johanne 3:20) O tseba ho feta motho leha e le ofe hore na ke’ng seo e ka ’nang eaba se entse hore ngoan’eno a tepelle maikutlo joalo. O boetse o u tseba hamolemo le ho feta kamoo u itsebang kateng. (Pesaleme ea 139:1-3) Kahoo, u ka kholiseha hore o utloisisa tsela eo u ikutloang ka eona. Ha u utloile bohloko hoo u ikutloang u sithabetse haholo, hopola mantsoe a ho Pesaleme ea 55:22, a reng: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa. Le ka mohla a ke ke a lumella ea lokileng hore a therekele.”
Matšeliso ho ba Shoetsoeng
Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ba kamoo u ka sebetsanang le ho shoeloa ke motho eo u mo ratang, sheba bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.
b Hoa tšoana le ha a ne a bolailoe ke ho kula kapa ke kotsi. Ho sa tsotellehe hore na u ne u rata ngoan’eno hakae, ha ho se sekaalo seo u neng u ka se etsa ho laola “nako le ketsahalo e sa lebelloang.”—Moeklesia 9:11.
SEO U KA NAHANANG KA SONA
◼ U ka bua le mang ha u ikutloa u sithabetse?
◼ U ka tšelisa mocha ea shoetsoeng joang?
[Lebokose le leqepheng la 20]
Ho ngola tsela eo u ikutloang ka eona ho ka u thusa haholo hore u sebetsane ka katleho le bohloko boo u bo utloang. Ka lebaka leo, qetela lipolelo tse latelang u be u arabe lipotso tse botsitsoeng.
◼ Lintho tse tharo tse thabisang tseo ke li hopolang ka ngoan’eso ke:
1 ․․․․․
2 ․․․․․
3 ․․․․․
◼ Ke lakatsa eka nka be ke boleletse ngoan’eso ha a sa ntse a phela hore:
․․․․․
◼ U tla re’ng ho ngoana e monyenyane ha a ipeha molato ka lefu la ngoan’abo?
․․․․․
◼ Ke lengolo lefe ho a latelang le u tšelisang haholo, hona hobane’ng?
□ “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.”—Pesaleme ea 34:18.
□ “Ha aa nyelisa kapa a nyonya mahloreho a ea hlorileng; ha aa mo patela sefahleho sa hae, o ile a utloa ha a hoeletsa ho kōpa thuso ho eena.”—Pesaleme ea 22:24.
□ “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae [Jesu] ’me ba tsoe.”—Johanne 5:28, 29.