Mechine e Mecha ea Thomello ea Libuka ea Lipaki Tsa Jehova
MOAHO ’ona o moholohali, o bapileng le kou ho tloha sebakeng sa khoebo sa Wall Street, New York, ke o hlaheletseng koung ea Brooklyn. O seterateng sa 360 Furman, mahareng a meaho e seng mekae ea lifeketheri tsa khatiso tsa Lipaki tsa Jehova, o karolong e ntle bakeng sa ho romella libuka tsa bona tsa Bibele lefatšeng lohle. O ahuoe ka 1928, ’me moaho ona o Seterateng sa Furman o rekiloe ke Lipaki tsa Jehova ka Tlhakubele 15, 1983. Ho tloha nakong eo, o ntse o nchafatsoa. Ka Pherekhong selemong sena, bahiri ba neng ba lula moo pele ba tsamaile, joale Lipaki tsa Jehova li sebelisa sebaka seo kaofela. Moaho oo o boholo ba limithara tse lekanang ka hohle tse 93 000, e ka ba lihekthere tse 9, ’me hoo e batlang e e-ba karolo ea boraro e tla sebelisoa ke Lefapha le lecha la Thomello ea Libuka. Karolo ea bobeli e khōlō e bolelele ba limithara tse 114 le bophara ba limithara tse 105 (hoo e batlileng e-ba boholo ba 1 1/2 ba lebala la bolo)—ke liofisi le tsamaiso ea mehleng ena ea lebanta le tsamaisang libuka ho nolofatsa ho potlakisoa ha liodoro tsa libuka.
Pele Lefapha la Thomello ea Libuka le fallela Seterateng sa Furman bofelong ba 1985, ho ne ho atisa ho nka libeke tse tšeletseng ho sebetsa liodoro tsa libuka sebakeng se patisaneng sa 30 Columbia Heights. Empa hona joale, ka lebaka la tsamaiso ea li-computer, tsamaiso e ncha ea lebanta, le sebaka se seholo sa ho sebeletsa, hangata odoro e romeloa nakong ea matsatsi a supileng hoba e amoheloe. A re talimeng lefapheng lena le tšebetso ea lona.
Mona ho bolokoa libuka le libukana ka lipuo tse fetang lekholo. Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ho romeloa litone tse ka bang makholo a robong tsa libuka lefatšeng lohle ho tsoa sebakeng sena se Seterateng sa Furman kapa ka ho toba ho tsoa sebakeng sa khatiso se haufi ho ea boema-kepe moo li romeloang linaheng lisele. Liodoro tse ka bang 2 000 tsa libuka lia sebetsoa Setereteng sa Furman ’me Ii romeloe liphuthehong tse fetang 8 400 tsa Lipaki tsa Jehova United States.
Tsamaiso ea hona joale ea lebanta le tsamaisang libuka e rekuoe ka sepheo sa ho thusa ho tsamaisa libuka, ho li kenya mabokosong, esita le ho li romela habonolo. E kentsoe ke Lipaki tsa Jehova. Ho kenngoa hona ho batlile ho nka likhoeli tse ’nè ’me ho phethiloe mathoasong a Mphalane 1985. Lebanta le ka ba bolelele ba k’hilomethara ho kopanyeletsa mechine e 54 e tsamaisang mabanta a fapaneng le likhoele tsa motlakase le mahlo a 30 a motlakase a laolang ho phalla ha libuka.
Lefapha la Thomello ea Libuka le na le likarolo tse ’nè. Karolo ea pele, ofisi ea thomello, ke moo liodoro li amoheloang teng le ho sebetsoa. Ho sebelisoa computer bakeng sa ho hlophisa li-invoice le lenane la libuka tse lokelang ho lekanngoa odorong ka ’ngoe. Karolo ea bobeli ke e hlophisang liodoro tsa libuka. Ea boraro ke sebaka sa ho hlahloba le ho kenya libuka ka makhethe mabokosong. Ea bone ke sebaka sa poso, moo lebokoso ka leng le koaloang le ho khomaretsoa setempe se loketseng. Joale mabokoso ana a isoa boema-kepe bakeng sa thomello.
Leha ho le joalo, moaho o Seterateng sa 360 Furman, o na le mafapha a mang ntle ho Lefapha la Thomello ea Libuka. Ho na le mafapha a mang a mangata.
[Litšoantšo tse leqepheng la 27]
Mesebetsi e Meng Moahong o Seterateng sa Furman
Sebakeng sena se seholo sa ho Betla Mapolanka, se boholo ba limithara tse lekanang ka hohle tse 5 208, ho etsuoa thepa ea liofisi tse ngata le ea likamore tsa basebetsi ba ntlo-khōlō
Lefapha la Libuka tsa Lifofu le hatisa libuka tse fetang 48, le tokollo eohle ea “Molula-Qhooa” ka mong bakeng sa babeeletsi ba fetang 600, Libuka tsa lifofu li romeloa linaheng tse fetang 35
Mosebetsi o boima ba lik’hilogramo tse 15 800 oa lipeipi le likhoele le mesebetsi ea masenke o etsuoa mona ’me li kenngoa khoeli e ’ngoe le e ’ngoe meahong ea Mokhatlo Brooklyn le Mapolasing a Watchtower
Likosene tsa lifenstere tsa aluminamo le likaroloana tsa lifenstere tse thibelang mocheso li etsuoa mona bakeng sa meaho ea Mokhatlo oa Watchtower ’me li entsoe ka theko e fokolang. Chelete e ngata e bolokiloeng litšenyehelong tse phahameng tsa lifenstere tse ncha e tla lefella moaho ’ona haufinyane
Lilemong tse tharo tse fetileng, Lefapha le Kopisang Li-cassette le hatisitse tse fetang limillione tse 11 ka Senyesemane, Sepanishe, Sefora le Sepotoketsi