Ho Etsa Tšebeletso ea Nako e Tletseng Pakane ea Bophelo
JOALOKAHA HO BOLETSE MAX LARSON
KA 1910 ’mè oa ka, eo batsoali ba hae ba neng ba shoele ka bobeli ba bona, o ile a tloha Denmark ’me a kena sekepeng ho ea United States. O ne a le lilemo li 18 feela, a sa tsebe ho bua Senyesemane, ’me ho ne ho se motho eo a mo tsebang naheng eo.
Hoba a fihle New York City, o ile a palama terene e eang South Dakota, leeto la lik’hilomithara tse fetang 2 400. South Dakota, moo ho neng ho e-na le motse oa Madanish, o ile a kopana le monna eo e neng e tla ba ntate. Ba ile ba nyalana ka la 20 Loetse, 1911.
Mathoasong a 1913 Ntate o ile a tsamaea a le mong ka koloi e koahetsoeng ho ea Montana moo a neng a ka fumana sebaka sa ho lema le ho lula. Mono o ile a haha ntlo ea lithupa ea kamore e le ’ngoe. Eitse ha a e qeta lehlabula, ’mè oa ka a tla ka terene ho ea lula le eena, a e-na le moholoane oa ka, Norman, ea neng a le likhoeli feela.
Lilemo tse peli hamorao ho ne ho lebelletsoe ngoana oa bobeli. Joalokaha ke ’nile ka bua ka bosoasoi, ke ile ka “thusa” ’Mè ho bea marulelo, kaha ke sona seo a neng a ntse a se etsa ntlong e neng e khomathisitsoe ho ea pele letsatsi pele ke tsoaloa. Letsatsing le hlahlamang, la 29 ’Mesa, 1915, ha Ntate a fihla lapeng a e-tsoa masimong a tlile lijong tsa motšehare, ’Mè o ile a re: “Ke ikutloa eka ke tla kena tlung.” Ke ile ka hlaha hona thapameng eo. Empa mantsiboea, ha Ntate a fihla lapeng hape ’Mè o ne a se a eme ’me a mo lokiselitse lijo tsa mantsiboea!
Lilemo tse tharo hamorao khaitseli ea ka Jean o ile a hlahela hona sebakeng seo. Selemong se hlahlamang lelapa leso le ile la fallela Montana bochabela, moo Ntate a ileng a hira polasi. Ka 1921 khaitseli ea ka ea bobeli, Laverna, o ile a hlaha, ’me rōna bana ba bane re ile ra hōlela mahoatateng a Montana.
Bophelo ba ka Boa Fetoloa
Batsoali ba ka e ne e le Malutere, ’me Sontaha se seng le se seng re ne re ea kerekeng ka botšelela ba rōna. Empa kapele, moahelani, Seithuti sa Bibele sa Machaba, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa kateng ka nako eo, o ile a qala ho etela ’Mè le ho ithuta Bibele le eena. Ka morao ho lilemo tse seng kae, ’Mè o ile a amohela linnete tsa Bibele tseo a neng a ntse a ithuta tsona, ’me ka 1925 o ile a kolobetsoa senoelong sa lipere. Ha e le Ntate le rōna bana ha rea ka ra amohela tumelo eo ’Mè a e fumaneng bocha, empa kaofela re ile ra thabela ho khaotsa ho ea Kerekeng ea Lutere. Ka mehla ’Mè o ne a ee a re bolelle: “Ha le batle ho sebeletsa Jehova, empa le ka mohla le se ke la tlōla melao ea hae.” Keletso ena e ile ea thusa ho re thibela ho kena khathatsong.
Lelapa leso la batho ba tšeletseng le ne le lema polasi ea lihekthere tse 320 ka lipere tse 14 le terekere. Re ne re se na motlakase kapa lipompo tsa ka tlung, ’me metsi ’ohle a rōna re ne re a kha selibeng se bohōle ba lik’hilomithara tse 4. Ka komello e bileng mathoasong a bo-1930 le ho hlōleha ho kotula ka lilemo tse ’nè, re ile ra etsa qeto ea ho fallela Washington State. Ha ho lokisetsoa ho falla, re ne re hloka hore re tlose e ’ngoe ea thepa ea polasi le thepa ea ntlo Montana ho ea Washington. Ka hona kabelo ea ka ea e-ba ho tsamaea ka terene le ho hlokomela hore tseleng lipere tseso lia ja le ho noa. Ka morao ho matsatsi a tšeletseng, ka qetella ke fihlile lebōpong le ka bophirimela la Washington.
Mono ke ile ka thusa Ntate ho etsa le ho sebetsa polasi ea likhomo tsa lebese. Ka mor’a hoo e ka bang selemo, ha ke le lilemo li 20, ka tsoa ho ea ikhoantlella, ke ile ka khanna literaka tse tsamaisang mapolanka lithabeng ’me hape ka qeta likhoeli tse tšeletseng Alaska ke le enjeniere ea likepe. Ka 1938 ’na le khaitseli ea ka Jean re ile ra fumana mesebetsi Seattle ’me re ne re lula ntlong ea seketsoana Lake Union. Lehlabuleng lona leo, ’Mè, ea neng a lula hoo e ka bang lik’hilomithara tse 80 ho tloha moo, o ile a ba teng kopanong ea selemo le selemo ea Lipaki tsa Jehova Seattle. Kaha kopano e ne e tšoaretsoe sebakeng se haufi le moo ho ka tsamauoang ka maoto ho tloha ntlong ea rōna ea seketsoana, re ile ra mo memela hore a tl’o lula le rōna. O ile a etsa joalo, ’me re ile ra lumela hore re tla ba teng kopanong.
Ho Etsa Qeto ka Pakane ea ka ea Bophelo
Moqebelo mantsiboea, Joseph F. Rutherford, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society, o ile a bua ka sehlooho se neng se re “Barati ba ho Loka.” Puo ea hae e ne e tšohla tšebeletso ea nako e tletseng, kapa tšebeletso ea bopula-maliboho. Ka mor’a moo Bill Griffith, ea neng a lutse haufi le ’na, o ile a re: “Max, ke eo taba. A re e’o bula maliboho!”
Ka arabela, “Ho lokile. A re ee.”
Bill a botsa, “Ua soasoa, na ha ho joalo?”
Ka arabela, “Che. Ka mor’a ho utloa puo eo, ke kholisehile hore ke eona ntho e nepahetseng e ka etsoang.”
“Empa ha u mohoeletsi le ho ba mohoeletsi. Ha ua kolobetsoa.”
“Ke ’nete, empa ba sa tsoa etsa tsebiso ea hore ho tla ba le kolobetso hosasane. Ke tla kolobetsoa ka nako eo.”
Eaba ka thabo e tletseng lepotla-potla, re ea Lefapheng la Tšebeletso ea Tšimo ho fumana liforomo tsa kōpo ea rōna ea bopula-maliboho. Mono re ile ra teana le Moena Van Amburgh, mongoli-ramatlotlo oa Mokhatlo. Eare ha re ’molella hore na re etsa joang, a re nkela ka thōko ’me a buisana le rōna joaloka ntate. O ile a re, “Le se ke la etsa sena joalokaha eka le etsa teko kapa le batla ho ba le phihlelo ea ho hong. Le etsa ntho e nepahetseng, empa le e kenele joalokaha eka e ne e tla ba pakane ea lōna ea bophelo bohle.” ’Me keletso eo e ’nile ea nthusa haholo ka mehla. Eaba re kenya likōpo tsa rōna, ’me ka letsatsi le hlahlamang, la 5 Phuptjane, 1938, ka kolobetsoa.
Kabelo ea Pele ea Bopula-maliboho
Ka letsatsi le hlahlamang, ’Mantaha, ka tsebisa mohiri oa ka hore ke tla tsoa mosebetsing ho ea ba mosebeletsi. Beke eo ea pele ke ile ka e qeta ke ithuta ka hloko buka ea morao-rao ea Mokhatlo, e bitsoang Lira, ’me ka ba teng libokeng tsohle. Bekeng ea bobeli, ka ithuta buka e ncha e hlahlamang, Riches. ’Me ka beke ea boraro ka fumana kabelo ea ka ea bopula-maliboho, eo e neng e le Raymond, Washington.
Mono, ’na le Bill ra fumana sehlopha sa ba 27 se tšoara liboka lapeng la e mong oa Lipaki. Re ne re laetsoe ho tšoara liboka tsohle le ho thusa bahoeletsi le ho ba koetlisetsa ho tšoara lithuto tsa Bibele, oo e neng e le mosebetsi o mocha ka nako eo.
Sebokeng sa Tšebeletso sa pele, ka Labone, ke ile ka kōpa mohlanka oa phutheho, kamoo molebeli ea okamelang a neng a bitsoa kateng ka nako eo, hore a ee le ’na mantsiboea a latelang ho ea leka ho qalisa thuto ea Bibele. O ile a mpolella hore o tšoarehile. Kahoo ’na le Bill ra tsoa re le bang. Ha re khutla, re ile ra emisoa mateanong a litsela ho suthela Lebotho la Maamerika le neng le macha hore le fete. Ho ileng ha re makatsa, moeta-pele oa bao ba machang e ne e le mohlanka oa phutheho.
Sontaha seo sa pele, ke ile ka qala thuto ea Bibele ea lehae ea ka ea pele le monna e mong. Ka morao ho moo, ka tsamaisa thuto ea Molula-Qhooa ea phutheho ka lekhetlo la pele. Har’a mathata a mang, e ne e le tokollo ea June 1, 1938, e neng e kenya tsamaiso ea puso ea Molimo ka hare ho liphutheho. Ho ba 27 ba neng ba kopanela, ke ba 3 feela ba ileng ba amohela tokisetso e ncha ea puso ea Molimo.
Lelapa la Bo-pula-maliboho
Nakoana ka mor’a hore ke qalise ho bula maliboho, likhaitseli tsa ka le moholoane oa ka, Norman, le bona ba ile ba nka tšebeletso ea nako e tletseng. Norman le mosali oa hae ba ile ba rekisa polasi ea bona, ba reka ntlo-koloi e bolelele ba limithara tse 3,7, ’me ba e-na le morali oa bona ea lilemo li tharo, Joan, ba tsoa ho ea bolela. Ho ile ha etsahala hore ha ba ntse ba sebetsa Raymond ka 1941, Norman a ’ngolle hore ba 24 ba neng ba ile ba hana tokisetso ea puso ea Molimo ba ile ’me ba ikopantse le sehlopha sa bokoenehi. Leha ho le joalo, thuto eane ea Bibele ea ka ea pele ka nako eo e ne e le mohlanka oa phutheho!
Morali oa Norman Joan le monna oa hae, Maurice O’Callaghan, hona joale ba selemong sa bona sa bo24 sa ho etela liphutheho mosebetsing oa potoloho. Khaitseli ea ka ea ho fela, Laverna, o ile a kena sehlopheng sa bo12 sa sekolo sa boromuoa sa Gileade ka 1949 ’me a abeloa ho ea Italy. Katleho ea pejana ea mosebetsi oa boromuoa moo e ile ea fella ka hore a lelekeloe ka ntle ho naha ho ea Switzerland, moo a sa ntsaneng a phela teng le monna oa hae.
Takatso ea Tšebeletso e Eketsehileng
Ka mor’a ho sebeletsa joaloka pula-maliboho oa ka mehla ka likhoeli tse peli, ke ile ka abeloa mosebetsi oa bopula-maliboho bo khethehileng. Ea ileng a ikopanya le ’na le Bill ka nako eo e bile Warren Henschel, moholoane oa Milton Henschel. Milton hona joale ke setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova.
E bile khoeling ea pele ea bopula-maliboho bo khethehileng moo ka mantsiboea a mang ke ileng ka fapohela Albert Hoffman. E ne e le molebeli oa libaka, kapa molebeli ea tsamaeang ’me o ne a lula ka har’a ntlo-koloi le mosali oa hae, Zola, ka mose ho seterata malebana le Holo ea ’Muso. Nakong eo ea lilemo tsa Ho Oa ha Moruo, hangata re ne re fana ka libuka bakeng sa lijo. Tsatsing leo ke ne ke ile ka fumana baskete e khōlō ea lipere, ’me ka hona ka fapohela Moena Hoffman ’me ka ’motsa hore na o ne a ka lakatsa ho fumana tse ling. O ile a thaba haholo ’me a ’mema hore ke kene ka tlung.
E ne e ka ’na ea e-ba hora ea borobong mantsiboea ha a qala ho mpolella ka Ntlo ea Bibele (hona joale e bitsoa Bethele), ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn, New York. Qetellong, mosali oa hae a re: “Na lea tseba hore nako ke mang? Ke 4:30.” Re ne re ile ra bua bosiu bohle! Pele ke il’o robala kamoreng e ka holimo Holong ea ’Muso, ke ile ka ngola lengolo ke kōpa foromo ea Bethele, ’me ka tsoa ka potlako ho ea romela kōpo ea ka.
Tsatsi le leng le le leng ke ile ka beha taba ena ka thapelo ka pel’a Jehova, ’me likhoeli tse tharo hamorao ke ile ka thabela ho fumana lengolo la ka la ho memeloa Bethele ea Brooklyn. Ha ke lokisetsa leeto lena, ke ile ka fana ka koloi ea ka ho khaitseli ea ka Jean, eo ka nako eo le eena e neng e le pula-maliboho ea khethehileng. Ka matsatsi a tšeletseng le masiu a tšeletseng, ke ile ka palama bese e haolang har’a lifefo tsa lehloa tse peli Montana le Dakota Leboea le Dakota Boroa ’me qetellong ka fihla New York City, ka la 14 Pherekhong, 1939.
Tšebeletso ea Bethele
Ke ile ka ngolisoa ke mohlanka oa Bethele, Grant Suiter, eaba ke romeloa ka fekthering ho ea itlaleha ho Nathan Knorr, mohlanka oa fektheri. Kabelo ea ka ea pele e ne e le ho tlama mabokose a libuka Lefapheng la Thomello. Bekeng ea bobeli, ka abeloa mokatong oa khatiso. Moena Knorr a re: “Haeba u ka ithuta ho sebelisa mochini ona oa khatiso ka likhoeli tse tšeletseng, o tla laoloa ke uena, kaha molaoli oa oona oa hona joale o il’o nehoa mochini oa khatiso o mocha.” Ke ile ka ithuta ’me ka thabela ho sebelisa mochini oo oa khatiso haholo.
Ka morao ho selemo le likhoeli tse tšeletseng ke le ka khatisong, Moena Knorr o ile a tla mochining oo oa khatiso ka letsatsi le leng ’me a re: “Max, na u ka rata ho tla sebetsa ka ofising?”
“Oho, Moena Knorr, oo ke mosebetsi oa ho qetela oo nka o khethang. Empa haeba ke kabelo ea ka, ke tla o etsa thahasello ea ka ea pele.”
O ile a arabela: “U itlalehe ho ’na ofising ka ’Mantaha hoseng.”
Haesale ke le moo ho tla fihlela joale. Pele, ke ile ka sebetsa ke le motlatsi oa Moena Knorr, ’me ha Moena Rutherford a e-shoa ka la 8 Pherekhong, 1942, Moena Knorr e ile ea e-ba presidente, ’me ka khetheloa ho ba molebeli oa fektheri. Ke ne ke le lilemo li 26 ’me ke e-na le phihlelo ea lilemo tse tharo feela Bethele. Ka hona ke ile ka utloa mojaro o boima oa boikarabelo.
Leha ho le joalo, balebeli ba tlotsitsoeng ba mafapha a fapa-fapaneng a fektheri ba ile ba nthusa ka lerato haholo. Boikutlo ba bona ba boikokobetso, le ba ho thusa bo ile ba hōlisa lerato la ka le kananelo haholo ho ba joalo. Mohloli oa ka o moholo oa thuso le koetliso e ne e le Moena Knorr. Ka lilemo tse fetang 35, ho fihlela ha a e-shoa ka 1977, ke bile le tokelo ea ho sebetsa le eena mesebetsing ea khoebo e amanang le tšebetso ea ho hatisa le ho haha ea Mokhatlo. O ne a e-na le tsebo e makatsang ea bolaoli, ’me o ile a nthusa haholo ho phethahatseng kabelo ea ka.
Ka Pel’a ba Boholong Pusong
Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ho ne ho e-na le khaello e matla ea lisebelisoa tseo re neng re li hloka ho ntšetsa pele mosebetsi oa rōna oa ho hatisa. Ka baka leo, ke ile ka nka maeto a mangata ka selemo ho ea Washington, D.C., ho ea teana le Liboto tsa Lihlahisoa tsa Nakong ea Ntoa le likomiti tsa Senate. Ke ile ka ipiletsa ho tsona bakeng sa pampiri le thepa e ’ngoe, ’me Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko bona haholo.
Ka lekhetlo le leng ke ile ka teka taba ea ka ka ho ba bontša maqephe a fapa-fapaneng a tsoang likoranteng tse tsebahalang tse phatlalatsang lintho tse sa hlokahaleng. Ha ke supa phatlalatso e ’ngoe e neng e tletse leqephe kaofela ea lijase tsa letlalo la qibi e neng e le pampiring e khōlō ea New York, ke ile ka re: “Pampiri e sebelisitsoeng bakeng sa phatlalatso ena tokollong e le ’ngoe ea Sontaha e lekana le litone tse eketsehileng tseo re li kōpang bakeng sa selemo kaofela.”
Setho se seng sa Senate se ile sa arabela, “U opile khomo lenaka.” Ka lebaka la tlhohonolofatso ea Jehova maetong ana, ha ho mohla re ileng ra emisa mechini ea rōna ea khatiso nakong ea ntoa ka lebaka la ho felloa ke pampiri kapa thepa e ’ngoe. Empa, ka ho totobetseng, re ne re sa hloke pampiri e ngata haholo joaloka kajeno.
Mehaho e Atolositsoeng ea Fektheri
Lilemo tse leshome le metso e ’meli pele ke e-tla Bethele, Mokhatlo o ile oa aha fektheri ea oona ea pele ea mekato e robeli 117 Adams Street, e neng e nka halofo ea boloko ba motse. Empa ka 1949 ho ile ha hlokahala hore ho ahoe fektheri ea mekato e robong le mohaho oa liofisi halofong e neng e setse ea boloko boo ba motse. Sena se ile sa tlatsa sebaka seo ka fektheri e le ’ngoe e khōlō e neng e e-na le sebaka se ka etsang 15 000 square meters.
Ke ka nako eo moo ke ileng ka abeloa ho ba molebeli oa mosebetsi oa kaho oa Mokhatlo mona ntlo-khōlō. Brooklyn ka nako eo re ne re e-na le mohaho oo o le mong feela bakeng sa mesebetsi ea ofisi le fektheri le mohaho o le mong oa bolulo. Empa hona joale, lilemo tse 40 hamorao, re na le mehaho e fetang 10 bakeng sa mesebetsi ea fektheri le ofisi le mehaho ea bolulo e ka bang 20 mona Brooklyn feela!
Mathoasong a bo-1950, re ile ra leka ho fumana setša se ka mose ho seterata ka leboea ho mohaho oa rōna oa 117 Adams Street, empa mong’a sona o ne a sa rate ho amohela kōpo ea rōna. Ha e le hantle, o ne a sa batle ho buisana le rōna ka eng kapa eng, kaha o ne a nahana hore Mokhatlo o ka khona ho lefa chelete e ngata eo a e batlang. Eaba re isa tlhokomelo ea rōna bolokong bo ka bochabela ho fektheri ea rōna e Adams Street, ka mose feela ho Pearl Street. Sena e ne e le sebaka se nang le litša tse fapaneng tse robeli. Ho ile ha lokela hore ho buisanoe le beng ba litša ka bomong, empa Jehova o ile a bula tsela ea ho fumana litša tseo tse robeli kaofela ka nako e ka etsang selemo ka chelete e ka etsang feela karolelano ea R270 bakeng sa square meter se le seng!
Sebakeng sena Mokhatlo o ile oa haha mohaho oa oona oa fektheri oa mekato e 13 77 Sands Street ka 1955 le 1956. Ena e ne e le fektheri ea rōna ea bobeli, ’me e ile ea mena ka makhetlo a fetang bobeli sebaka sa rōna sa fektheri ho se etsa 33 000 square meters. Leha ho le joalo, kaha mokhatlo o hlophisitsoeng o ne o hōla ka potlako, ho ile ha hlokomeloa hore haufinyane re ne re tla hloka sebaka se eketsehileng. Kahoo ka 1958 re ile ra reka fektheri e neng e ntse e le teng koung ea literata tsa Prospect le Pearl ’me ra qala ho e sebelisetsa polokelo.
Joale sebaka feela se neng se setse moo re neng re ka kopanya mehaho ea rōna e meng ka marokho ka holim’a literata e ne e le se ka leboea seo re neng re ile ra leka ho se reka pejana. Re ile ra hlokomela hore mong’a sona o ne a sa ntsane a ka ’na a leka ho fumana chelete ea hae e phahameng haholo haeba Mokhatlo oa Watchtower o ka leka ho se reka. Ka hona ra kōpa motho e mong ea khoebong ea ho reka litša tse nang le mehaho hore a leke ho se reka. O ile a se fumana ka theko e ka tlaase haholo ho eo re neng re ithaopetse ho e lefa. Ho hlakile hore mong’a sona o ile a halefa haholo ha a tseba hore litokelo tsa setša seo hamorao li ile tsa fetisetsoa ho Mokhatlo oa Watchtower.
Ka 1966 le 1967, re ile ra haha setšeng sena fektheri ea mekato e leshome e nang le sebaka sa 21 000 square meters. Joale re ne re e-na le maboloko a mane a mehaho ea fektheri—kaofela a kopantsoe ka marokho a ka holim’a literata. Hamorao, ka 1983 le 1986, re ile ra reka mehaho e ’meli ea fektheri ka mose ho literata tse ho elella ka boroa, moo re ileng ra khona ho haha borokho bo bolelele ba limithara tse 49 bo kopanyang mehaho ena le lifektheri tse ling tsa rōna tse ’nè. Lifektheri tsena tse tšeletseng tse kopantsoeng hammoho li na le sebaka sa 95 000 square meters, kapa lihekthere tse 9. Ka 1983 re ile ra boela ra reka mohaho o moholo o nang le sebaka sa 93 000 square meters Furman Street, o shebileng kamoo ho nang le metsi mabolokong a seng makae ho tloha moo, moo hona joale mehaho ea rōna ea thomello e leng hona teng.
Ho Fumana Mehaho ea Liofisi
Phihlelo e ’ngoe e thahasellisang ho sebetsaneng ha ka le ho rekoa ha litša tse nang le mehaho e bile e entsoeng le ba mehaho ea Batsoaki ba Meriana ba Squibb ba mehaho e kopantsoeng hammoho e leshome. Ka mor’a hore re reke, e mene ea mehaho ena e ile ea heletsoa, ’me mohaho o mocha oa kopanngoa le mohaho o mong o neng o ntse o le teng ho etsa mohaho oa 25 Columbia Heights, ntlo-khōlō ea hona joale ea Mokhatlo oa Watch Tower. Litaba li ile tsa tsamaea tjena hore setša sena se tle se rekoe.
Ka 1969 re ne re batla ho atolosa mehaho ea rōna ea ho hatisa. Empa litaba tsa moruo li ne li le ntle, kahoo, ha ke ntse ke etela motho e mong le e mong ea nang le setša sebakeng sena, ha ho lea mong ea neng a thahasella ho rekisa.
Nakong ena, ke ile ka nka leeto la ho ea North Carolina, moo ho nang le feme ea pampiri e re fepelang ka pampiri ea rōna ea Bibele. Ha ke le moo ho ile ha etsahala hore ke bolelle e mong oa banna ba feme eo hore re hloka setša Brooklyn. Ho ile ha etsahala hore e be ngoan’abo monna enoa e ne e le motsoalle oa e mong oa beng ba mehaho e kopantsoeng ea Squibb. O ile a bula mecha e hlokahalang ’me a ntsebisa hore ha ke khutlela Brooklyn, ke tle ke kopane le monna enoa.
Ha ke kopana le eena, monna eo o ile a ntsebisa hore Squibb e ne e ntse e nahana hore ka nako e tšoanelang, e tla rekisa litša tsa eona tse Brooklyn ’me e fallele ka ntle ho motse. O ile a bolela hore etlare ha ba lokile, o tla re bolella, ’me re tla etsa litokisetso tsa thekisetsano. Ka mor’a likhoeli tse ngata molaetsa o ile oa fihla, ’me ka bolelloa hore ba itokiselitse ho rekisa le hore re lokela ho tla ofising ea bona ka letsatsi le hlahlamang.
’Na le Moena Knorr re ile ra kopana ’me ra lekanyetsa hore na re nahana hore re tla lefa bokae. Sebokeng ka letsatsi le hlahlamang, re ile ra bolelloa hore tefiso eo ba e behileng bakeng sa thekiso e ke ke ea fetoloa. Ba ile ba re: “Re batla lidolara tse limillione tse tharo tse lefuoang ka nako e le ’ngoe.” Re ile ra leka ho iketsa eka ha rea makala, kaha hoo ho ne ho le ka tlaase haholo ho seo re neng re ikemiselitse ho se lefa. Ho hlakile hore thekisetsano e ile ea etsoa ka potlako. Ka nako eo, re ne re sa tsoa phetha mohaho oa rōna oa fektheri e ncha oa lidolara tse limillione tse ’nè, empa eare ha batho ba Morena ba tseba hore re hloka chelete e eketsehileng, lichelete li ile tsa fumaneha ka potlako.
Mehaho e Eketsehileng ea Bolulo
Ka bo-1950, re ile ra fumana setša ka mose ho seterata ho tloha 124 Columbia Heights ’me ka 1959 le 1960 re ile ra emisa mohaho o mocha o moholo oa bolulo. Empa ho tloha ka 1965 ho ile ha e-ba thata haholoanyane ho haha libaka tse ncha tsa bolulo. Ka selemo seo ’muso o ile oa abela sebaka seo Bethele e leng ho sona ho ba sebaka sa mehaho ea bohlokoa historing. Hona ho ile ha fella ka lithibelo tse matla ho haheng mehaho le ho e nchafatsa. Leha ho le joalo, ka thuso ea Jehova ka mehla re ’nile ra khona ho lokisetsa litlhoko tsa rōna.
Ka mohlala, ka 1967 re ile ra kenya kōpo bakeng sa mohaho oa bolulo oa mekato e tšeletseng 119 Columbia Heights. Ka lebaka la molao oa mehaho ea bohlokoa, re ne re se re ntse re fokolitse mohaho oo re neng re o rerile pele oa mekato e 12 ho o etsa mekato e 6. Leha ho le joalo, ba boholong sebakeng sena joale ba ne ba leka ho etsa hore re fokotse bonyane mokato o mong.
Ka Phuptjane, ke ile ka iteanya le mookameli oa motse oa Brooklyn, ea ileng a mpolella hore haeba re ka rala metheo pele ho seboka sa Loetse sa Boto ea Likhakanyo, boto e khōlō ea motse ea puso, o ne a tla leka hore mohaho oa rōna o lule e le mekato e tšeletseng. Tlhophiso ea rōna ea mohaho e ile ea kena tšebetsong ka potlako, ’me ra khona ho tšela metheo ka Loetse.
Mookameli oa motse o ile a mpitsa letsatsi pele taba ea rōna e ka buuoa phatlalatsa. O ile a re kōpa hore re be Holong ea Motse lihora tse peli pele Boto ea Likhakanyo e bula seboka sa eona sa phatlalatsa le hore ke kopane le eena ka lenyele. Kahoo ’na le Moena Knorr le Moena Suiter, mongoli-ramatlotlo oa rōna, re ile ra fihla Holong ea Motse hoseng haholo ka tsatsi le hlahlamang. Ha re ntse re buisana ka tsela e molemohali ea ho teka taba ea rōna ka pel’a Boto ea Likhakanyo, ho ile ha hlaha bothata bo potelletseng bo neng bo ama Komisi ea Lipolane ea Motse. Ho ile ha letsetsoa e mong ho hlakisa taba ena. Kapele, mokomishinara oa lipolane tsa motse o ile a bolela hore oa tla ho tla sebetsa taba eo ka boeena. O ile a re: “Kaha ho tla ba le batho ba bangata ba tla hanyetsa taba ea lōna, ke tla ithaopela ho emela Mokhatlo oa Watchtower ka pel’a Boto.”
Ho hlakile hore re ile ra thabela thuso ea hae. Joale, mokhoa oa tšebetso ka pel’a Boto ea Likhakanyo ke hore ba bale lethathamo la litaba tse kemisong ea bona bakeng sa letsatsi leo, ’me haeba ho e-na le likhanyetso leha e le life tse lokelang ho mameloa, joale taba eo e tla emisoa ho fihlela motšehare oa mantsiboea. Haeba ho se likhanyetso, ba etsa qeto ka taba eo hona hoo. Taba ea rōna e ile ea bitsetsoa ka pel’a lekhotla esale hoseng, ’me mokomishinara oa lipolane oa motse o ile a ema ’me a re ho ’masepala: “Ke lakatsa ho bua lebitsong la Mokhatlo oa Watchtower.”
’Masepala a arabela: “Ua tseba le uena hore hase mokhoa oa rōna oa tšebetso ho lumella puisano ha taba e qala ho tekoa ka pel’a rōna [ka tloaelo lipuisano li tšoarelloa ho fihlela motšehare oa mantsiboea]. Leha ho le joalo, kea tseba hore u tšoarehile haholo, Mokomishinara, ka hona ke tla khetholla taba ea hao ’me ke mamele kōpo ea hao.” Mokomishinara a tsoela pele ho teka taba ea rōna, ’me Boto ea Likhakanyo ea vouta ka lentsoe le le leng ho amohela kōpo ea rōna. Ha re tloha ka kamoreng eo ho mamelloang litaba ka ho eona, leqoetha la bohanyetsi le ile la tla le matha ka holong le hoelelitse: “Ke na le khang ea hora khahlanong le taba ena.” Empa le ne le siiloe ke nako! Re ile ra iphetela feela, re leboha Jehova ka tlhōlo eo.
Ke tlameha ho bolela hore e bile tokelo e putsang haholo ka lilemo tsena tsohle ho emela Mokhatlo litabeng tsena tsa khoebo. Hape e bile thabo e khōlō ho bona keketseho e khōlō mosebetsing oa boboleli oa lefatše ka bophara o entseng hore e be ho hlokahalang ho reka mehaho ena eohle. Thuso e khōlō ho hlokomeleng litaba tsena tsa khoebo e bile hore ke etsoe motlatsi oa mopresidente oa Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., ka la 1 Pherekhong, 1977.
Ho Thaba Tšebeletsong ea Bethele
Haesale ke fihla Bethele ka lekhetlo la pele ka 1939, lelapa la Bethele le hōtse ho tloha ho litho tse ka bang 185 ho ea ho tse fetang 2 800 tsa ka mehla Brooklyn le tse fetang 900 Mapolasing a Watchtower! Hangata ke ’nile ka botsoa: “Ke eng se ’nileng sa u thusa ho lula Bethele ka lilemo tsena tse 50?” Ka mehla karabelo ea ka e ’nile ea e-ba hore: “Ha ho letho le leng leo nkileng ka nahana ka lona haese tšebeletso ea Bethele.”
Hape, kōpo ea tšebeletso ea Bethele eo ke ileng ka e tlatsa le ho e saena e ne e botsa: “Na u lumela hore u tla lula Bethele ho fihlela Morena a u tlosa?” Ha a e-s’o ntlose, ka hona ke sa ntsane ke le mona ’me ke thabela tšebeletso ea Jehova. Ho tloha letsatsing leo ke ileng ka inehela ka lona, ke ile ka ikemisetsa ho etsa tšebeletso ea nako e tletseng pakane ea ka ea bophelo.
Lilemong tsa ka tse qalang Bethele, litokisetso li ne li sa lumelle lenyalo, kahoo, joaloka ba bang ba bangata, ke ile ka khotsofalla bosooa le tšebeletso ea Bethele. Leha ho le joalo, ha tsamaiso ea lelapa la Bethele e fetoha, e lumella lenyalo, ke ile ka nyala Helen Lapshanski ka la 7 ’Mesa, 1956. O ne a tlile Bethele ka 1951. Re nkile botsoalle bo thusang boo re ileng ra fana ka bona e mong ho e mong e le ba bohlokoa haholo.
Qalong ea lenyalo la rōna, Helen o ile a tšoaroa ke lefu la tšesefalo ea methapo, ’me lilemong tsa morao tjena lefu lena le iphile matla haholo. Empa ka thuso ea ntho ea ho tsamaea le ka koloi e tsamaeang ka beteri, o khona ho leba koana le koana. O tsoetse pele ho ba le moea o babatsehang, le o thabileng ’me o kopanela mosebetsing Bethele letsatsi le leng le le leng, a sebetsa ka ofising ea Lehae la Bethele.
Lilemong tsa ha re sa le banyenyane ha re ntse re hōla, ’na le khaitseli ea ka Jean re ne re atamelane haholo ’me re etsa lintho hammoho. Ka baka leo, ka mehla o ne a ikemiselitse ho ntšala morao, ’me ka 1943 o ile a memeloa ho tla Bethele. Ka 1952, eena le Russell Mock ba ile ba nyalana, ’me ka bobeli ba sebeletsa mona hammoho le rōna e le litho tsa lelapa la Bethele.
Ke lumela ka tieo hore Bethele ke sebaka se molemo ka ho fetisisa lefatšeng ka koano ho Paradeise e tlang ea lefatše. Ha ho mohla nkileng ka ikoahlaea le ka motsotsoana ka hore ke ile ka etsa tšebeletso ea nako e tletseng pakane ea ka ea bophelo. E bile thabo e kaakang ho bona le ho kopanela khōlong e khōlō ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova! Boikemisetso ba ka, ka thuso ea Jehova, ke ho tsoela pele ho etsa Bethele lehae la ka le ho sebetsa ka moea oohle ho ntšetseng pele lithahasello tsa ’Muso.
Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 30]
“Ke lumela ka tieo hore Bethele ke sebaka se molemo ka ho fetisisa lefatšeng ka koano ho Paradeise e tlang ea lefatše”
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
Ka holimo: Setša se 360 Furman Street, se rekiloeng ka 1983
Ka tlaase: Setša se Columbia Heights seo re se rekileng ho Squibb Pharmaceuticals ka 1969
Ka letsohong le letšehali: Mohloli oa ka o mo-holo oa thuso le koetliso e ne e le Moena Knorr
Ka tlaase: Ka 1986 re ne re e-na le mehaho e tšeletseng ea fektheri e kopantsoeng ka marokho ka holimo ho literata
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Fektheri ka mor’a hore e atolosoe ka 1949
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Letsatsi la rōna la lechato