Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 10/8 maq. 20-23
  • Papali ea Chelete—Na ho Teng ea Hlōlang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Papali ea Chelete—Na ho Teng ea Hlōlang?
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka la ho Bapala ka Chelete
  • Maikutlo a ho Hana ho Hlōloa
  • Papali ea Chelete le Bibele
  • Na Papali ea Chelete e Loketse Bakreste?
    Tsoha!—1994
  • Phoso ke Efe ka Papali ea Chelete?
    Tsoha!—2002
  • Na ho Bapala Papali ea Chelete ho Hobe Hakaalo?
    Tsoha!—1991
  • Bathaothuoa ba Bacha ba Papali ea Chelete—Bacha!
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 10/8 maq. 20-23

Papali ea Chelete—Na ho Teng ea Hlōlang?

Ka mongolli oa Tsoha! Italy

‘NAKONG ena e hlobaetsang ea ho oa ha moruo, ho na le sebaka sa khoebo se sa angoeng ke bohloko bona.’ Makasine oa Italy Corriere della Sera Illustrato oa supa papali ea chelete e le khoebo eo. E, Italy, joaloka linaheng tse ngata, papali ea chelete ke khoebo e khōlō.

“United States e na le lipapali tse ngata haholo tsa chelete tse lumeletsoeng ka molao,” ho rialo makasine oa Fortune. “Phaello ea lottery ngoahola [1983] . . . e batlile ho ba lidolara tse libillione tse 2,1 [liranta tse limillione tse likete tse 4,2].” Papali ea chelete e hohela Macanada a mangata haholo. Ho ea ka koranta ea La Presse, malapa a lulang Quebec a sebelisa chelete e ngata papaling ea chelete ho feta eo a e sebelisang merianeng le tlhokomelong ea meno!

Le hoja lottery, mabili a roulette, madaese, le likarete li sebelisoa papaling ea chelete, papali ea litebele, bolo, le mejaho ea lipere ke tse becheloang haholo. Empa joalokaha The Complete Illustrated Guide to Gambling e hlalosa: “Ba hlileng ba ikemiselitseng papali ea chelete ba ka becha le hore na ke lefe la marotholi a mabeli a pula le tla rothela koseneng ea fenstere pele, kapa hore na ke mohoete o mokae o tla mela letšoaong la tlhaho la motho.” Ka hona, naheng ea Italy batho ba bechela le likhetho tsa bookameli, hore na ’muso o tla oa litulong kapa che—ekasita le ho khethoa ha mopapa! Bosiu ba pele ho papali ea bolo ke nako eo batho ba ferekaneng ka ho becha bakeng sa sehlopha se tla hlōla. Likoranta li bitsa sena ‘bohlanya ba bosiu ba Moqebelo’ (‘Saturday night fever’).

Ke bo-mang, leha ho le joalo, ba hlōlang papaling ea chelete? Na ’nete ea hore liranta tse limillione—e, tse limillione tse likete—li ka amoheloa ke ea hlōlang e bontša hore papali ea chelete e lokile?

Lebaka la ho Bapala ka Chelete

Sharon le Steve ba ne ba thabile lenyalong la bona. Empa ha Sharon a fumana hore ba se ba hateletsoe ke likoloto—a kōpa Steve hore a khaotse ho becha papaling ea chelete. O ne a hlōleha ho phethahatsa litšepiso tse ngata tsa ho khaotsa papali ea chelete. Sharon a qala ho kula, ’me a ba le mahlaba sefubeng. Empa seo se ne se sa tšoenye Steve haholo. Seo a neng a se nahana e ne e le hore ha Sharon a ka shoa, o ne a tla sebelisa chelete ea insurance ho lefa likoloto tsa hae tsa papali ea chelete . . .

Ketsahalo ena ea ’nete, e tlalehiloeng ho Medical Aspects of Human Sexuality, e bontša hantle kamoo ho tšoaseha papaling ea chelete ho leng kateng ho batho ba bang. Ho ba bang leraba la papali ea chelete ke meharo e totobetseng. Empa bukana e bitsoang Compulsive Gambling e re: “Batho ba bapalang ka chelete . . . ba etsa joalo ho khotsofatsa litlhoko tse khethehileng: ho felisa khatello maikutlong le kelellong, cheseho ea ho leka, khahleho ea ho lebella ho hlōla, ‘hlasimoloho’ e tšoanang le ea tahi, le ho etsa bolekane le botsoalle. Haeba sephetho e le tlhōlo, ho phaella ho se boletsoeng ka holimo, motho o tla ikutloa a le matla ’ohle.”

Haeba motho a hlōla lipapaling tsena a sa le monyenyane, ho atisa ho bea maraba. Le hoja batho ba bangata ba ka ’na ba nkela hasesaane hore ho hlōla hona ke “lehlohonolo la ba qalang,” ba bang ka bothoto ba ho hlalosa e le neo e itseng ea matla a mohlolo. Sehlooho sa Psychology Today se itse: “Ho hlōloa ho bohloko—’nete ea hore ke karolo ea 90 lekholong ea ba bapalang ka chelete ba hlōloang—ha e ba ame. Ba ikutloa hore ba ke ke ba hlōloa le ka mohla, ba ikutloa ba khethehile.” Boikutlo bo joalo ba ho latola linnete tsa bophelo bo fetoha tšusumetso e khannang sebapali sa chelete.

Koranta ea Setaliana Stampa Sera e re, papali ea chelete e ka fetoha “sethethefatsi seo motho a hlōlehang ho sebetsa hantle ntle ho sona.” Kapa joalokaha Giovanni Arpino a ngolile ho Il Giornale nuovo: “Tloaelo ena e mpe e thata ho tlosoa haeba e le maling.” Papali ea chelete e ka foufaletsa motho linnete tsa bophelo.

Empa leha motho a ka becha papaling ea chelete ka morero oa ho ikhatholla, ea bechang o ipea kotsing ea ho kenoa ke boikhohomoso, ho hana ho khaotsa leha a hlōloa kapa ho tsoela pele leha a hlōla—ho fihlela chelete eo e jeoa hape.

Maikutlo a ho Hana ho Hlōloa

Le hoja ea bapalang ka chelete a ka ’na a ikutloa ‘a lokela ho hlōla,’ ’nete ke hore ea bapalang ka chelete o tla hlōloa! Lebaka? Karabo e bonolo. Betsetsa chelete ea tšepe holimo ka makhetlo a leshome, ’me ke hakae e oang ka head le ka tail? U ka ’na ua noha hore e tla ba ka makhetlo a mahlano lehlakore ka leng. Empa ak’u leke. Ke ka seoelo ho etsahalang joalo. Molao oa karolelano o sebetsa feela ka lipalo tse khōlō. Ka mantsoe a mang, betsetsa chelete ea tšepe holimo ka makhetlo a mangata-ngata, e, e tla oa ka head le ka tail ka makhetlo a lekanang. Empa haeba e le ka makhetlo a ’maloa, ho ka hlaha phapano leha e le efe. Leha ho le joalo, ha ho na mokhoa oa ’nete oa ho bolela hore ho betsa hofe kapa hofe ho tla nepahala.

Ea bapalang ka chelete o hana ho amohela ’nete ena. Haeba chelete e oele ka head ka makhetlo a robeli a latellanang, a ka ’na a lumela ka cheseho hore e tla fela e oe ka tail ka makhetlo a robeli a latelang. ’Me o tla becha ka chelete e ngata ka baka la kholiseho eo. Leha ho le joalo, chelete ha e hopole seo e ileng ea se hlahisa nakong e fetileng. Monyetla oa hore e hlōlehe ho oa ka lehlakore le lebeletsoeng o lekana hantle le monyetla oa hore e oe ka lehlakore le lebeletsoeng!

Ke lefeela la mafeela, he, ho noha ka nepo se tla etsahala lipapaling tsa chelete tse thata haholoanyane joaloka papali ea blackjack kapa roulette! Menyetla ea hore u hlōlehe e mengata haholo! Ho ka boleloa mantsoe a tšoanang esita le lipapaling tse kang mejaho ea lipere kapa papali ea bolo tseo batho ba bechang ho ea ka seo ba se tsebang ka ba hlōlisanang papaling eo. “Nako le ketsahalo e sa lebelloang” li ba tlisetsa ha bonolo tšenyo ka ho noha ha bona. (Moeklesia 9:11, NW) Leha e le hore motho a ka hlōla “tsamaiso.” Italy, ba fetang karolo ea bobeli ho ba bechang papali ea bolo ba leka ho reka likarete tse ngata tsa ho becha ka nako e le ’ngoe. Empa bonnete feela ba tsamaiso ea mofuta ona oa papali ke ho romela sephetho se seng le se seng se ka etsahalang sa papali ka ’ngoe. E, u tla hlōla. Empa chelete eo u tla becha ka eona e ke ke ea khutlisoa ke eo u tla e amohela ha u ka hlōla.

Bao e leng bona feela ba hlōlang ke bahlophisi ba papali ea chelete. Beng ba casino ba fetola linomoro hore mochine o lule o hlōla kamehla. Ho tlalehoa hore ho ba bechang papaling ea bolo Italy, ke karolo ea 35 lekholong feela ea chelete eohle e bechiloeng e lefshoang e le moputso ho ba hlōtseng. Bahlophisi ba papali ea ho becha ba ipolokela chelete e setseng.

Ka hona batho ba atisang ho re, ‘Empa ke lehlohonolo’ kapa, ‘Ke bile malimabe ho fihlela joale, empa ke a kholiseha hore ke tla qala ho hlōla ho tloha joale,’ ba mpa ba ithetsa feela. Papali ea chelete ke mosebetsi oa lefeela. ’Me le hoja batlalehi ba likoranta ba etsa phatlalatso e khōlō ka bahlōli ba seng bakae, ke ka seoelo u utloang ka ba limillione ba hlōtsoeng.

Papali ea Chelete le Bibele

“Bothoto, leraba, takatso, bohlanya, ho balehela ’nete, ho leka, litoro tsa bohata, tlōlo ea molao, le takatso e hōlang ho feta kamoo e ka khotsofatsoang—ke seo papali ea chelete e leng sona, ho kopanyelletsa le ho lakatsa maruo haholo, litakatso tse thetsang tsa leruo, le ho laoloa ke maikutlo.” Ke kamoo ho boletseng makasine oa La Repubblica. Ha ho makatse ha mebuso, ka linako tse ling, e etsa hore papali ea chelete e be tlolo ea molao, leha ka boikaketsi e lumella casino le lottery ka molao.

Ho sa tsotellehe hore na batho ba talima taba ena joang, Bibele e bontša hore papali ea chelete ha e lumellane le Bokreste. Ba bang, ka mohlala, ba ka ’na ba ikutloa hore papali ea chelete e ba nea chelete eo ba e hlokang bakeng sa bophelo. Empa Jesu o ile a ruta ho rapela, “U re fe kajeno bohobe ba rōna ba tsatsi le leng le le leng.” Ke joang motho a ka bapalang ka chelete ka meharo ’me a ’na a rapela thapelo ee? “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle [litlhoko tse bonahalang] le tla li ekeletsoa”?—Mattheu 6:11, 33.

Ka ho tsoela pele Bibele e’a eletsa: “Ketso tsa lōna Ii hloke takatso ea ho rua; le kholoe ke tseo le nang le tsona.” (Ba-Heberu 13:5) Ea bapalang ka chelete ha ho mohla a khotsoeng ke tseo a nang le tsona. Bonneteng, motho ea joalo o meharo, ’me Bibele e bolela hore batho ba meharo “ha ba ka ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.”—1 Ba-Korinthe 6:9, 10.

Ba bang ba phea khang ka hore ba kenela papali ea chelete, e seng bakeng sa chelete, empa bakeng sa boithabiso. Leha ho le joalo, Bibele e nyatsa ba lahlang melao ea Molimo ’me ba fetoha “ba ratang menate ea nama, e seng Molimo.” (2 Timothea 3:4, 5) Ka ho tsoelang pele, Jesu o ile a re: “Rata oa heno joaloka ha u ithata.” (Mattheu 22:39) Ke joang motho a ka ratang oa habo haeba a leka ho mo nkela chelete ea hae? Ke joang papali ea chelete e ka lumellanang le molao oa motheo, “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa”?—Liketso 20:35.

Taba e ’ngoe e sa hlokomolohuoeng ke ea hore ba bapalang ka chelete ka linako tse ling ba rapela “molimo oa Lehlohonolo,” ho hong hoo ka ho hlaka Bibele e ho nyatsang.—Esaia 65:11, NW.

Qetellong, talima tšusumetso e senyang eo papali ea chelete e nang le eona ‘mekhoeng e metle’ ea Bokreste. (1 Ba-Korinthe 15:33) Tsela ea Bokreste ea bophelo e akarelletsa ho sebetsa ka thata le tšebeliso e ntle ea chelete. (Ba-Efese 4:28) Jesu o ile a bontša ho baballa lijo ha a laela hore tse setseng li se lahluoe kamor’a hore ka mohlolo a atise mahobe le lihlapi. (Johanne 6:12, 13) Empa ho e-na le ho sebelisa mohlala oa Jesu, ea bapalang ka chelete o joaloka “ngoana ea lehlasoa” oa setšoantšo sa Jesu hantle, ea ileng a “qhalakanya letlotlo la hae . . . ka ho phela ka bohlola.”—Luka 15:13.

Ka hona Bakreste ba ’nete ba emella hōle le leraba la papali ea chelete ka libopeho tsohle tsa lona. Ha ba tsotelle hore na e be ho bechoa ka chelete e ngata kapa e nyenyane. Joalokaha Jesu a itse: “Ea leng khabane ho tse nyenyane, le ho tse kholo o tla ba khabane; ’me ea sa lokang ho tse nyenyane, a ke ke a loka le ho tse kholo.”—Luka 16:10.

Ho thabisang, Lipaki tsa Jehova li thusitse ba bangata ba neng ba tšoasehile lerabeng la papali ea chelete hore ba itšoasolle. Bao ha ba sa na tšusumetso e tlisoang ke papali ea chelete, empa joale ba na le morero oa sebele bophelong. ’Me ho e-na le hore ba tšoarehe tloaelong e senyang bophelo le lelapa, ba ‘enne mesebetsing e molemo.’ Ba ‘loketse ho abela ba bang,’ ho e-na le hore ka mano ba rere hore na ba ka nka chelete eo motho a e sebelelitseng ka thata joang. Ba ‘tšoere bophelo ba sebele,’ e seng litoro feela tsa bophelo bo monate. (1 Timothea 6:18, 19) Ke bona bahlōli ba ’nete!

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 21]

“Ho hlōloa ho bohloko—’nete ea hore ke karolo ea 90 lekholong ea ba bapalang ka chelete ba hlōloang—ha e ba ame. Ba ikutloa hore ba ke ke ba hlōloa le ka mohla, ba ikutloa ba khethehile.”—Psychology Today.

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Na ke ho lumellanang hore Mokreste a bapale ka chelete empa a rapela “U re fe kajeno bohobe ba rōna ba tsatsi le leng le le leng”?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela