Ho Etela Liphoofolo Tse Hlaha Afrika—Li Teng Bakeng sa Ka—Na li Tla ba Teng Bakeng sa Bana ba Ka?
“JAMBO!” Re ile ra tlolela holimo, ra phumola lithoko ’me ra araba, “Jambo!” Ke polelo ea rōna ea ho tsosana, ka Seswahili e bolelang, “Ke’ng ho hocha?” Kamor’a tokisetso ea likhoeli le kamor’a leeto la lik’hilomethara tse likete tse ’maloa, re ne re le ka har’a tente serapeng sa liphoofolo tse hlaha, Kenya—leeto la ho bona liphoofolo tse hlaha tsa Afrika!
Leeto la rōna le ne le qalile ka la maobane. Ho fihleng ha rōna mosupatsela oa rōna a re bontša liphoofolo tse tsamaeang ka mehlape haufinyana. “Bonang, tšèphe (gazelle)!” e mong oa rōna a hoeletsa ha re ntse re kōtjoma ka har’a lipalangoang tsa rōna tse etselitsoeng litsela tse mpe. Ka potlako matsoho a potlakela lik’hamera, libuka tsa ’mapa oa tsela, le libonela-hōle.
Mosupatsela oa rōna, Lenyesemane le mafolo-folo, a tsoela pele ho tsosa thahasello ea rōna. “Ke litšèphe tsa Grant. Ke metsoalle e menyenyane e hlollang, na ha ho joalo?”
Li nyenyane, li mebala e metle, li phela nako e telele, ’me li lebelo, libopuoa tsena tse ratehang tse nyenyane le litšèphe tsa Thomson li ne li tletse hohle. Leetong lena la selelekela ra bona le ho nka lifoto tsa tholo e khōlō, oryx, le gerenuk, ra ba ra bona kudu le khama ea thaba.
Ha re nka mothinya, ra bona mohlape oa li-impala. Ho tloha moo li neng li eme li ile tsa qhomela holimo ka ho otloloha bophahamo ba limithara tse peli le halofo, joalokaha e ka li qhomisoa ke spring se sa bonahaleng. “Ho qhoma hona ho lahlisa lira tsa tsona mohlala,” ho boletse mosupatsela oa rōna. Tsa nka ka sekaja, li matha sebaka sa limithara tse robong.
Re ile ra bona lipitsi tse hlaha, tse khahlang mahlo ka mebala ea tsona e mereto e metšo le e mesoeu, ra hopola tlaleho ea buka ea Bibele ea Jobo e bontšang hore motho a ka sitoa ho thapisa pitsi e hlaha (Jobo 39:5). Ke ile ka botsa mosupatsela ka tsona. A re: “Maamerika a mang a kile a tla mona ho tla nka lifoto bakeng sa baesekopo. A ne a batla pitsi e thapisitsoeng bakeng sa sebapali empa ha ba ka ba e fumana hobane pitsi e joalo ha e eo. Ba tlameha ho ferefa pere, ka mereto.”
Ha re khutlela liahelong tsatsing leo la pele, ra bona mpshe. Ha e re bona ea baleha, maoto a eona a matla a e khanna ho nyoloha leralla. Mpshe e ka matha ka lebelo la lik’hilomethara tse 64 ka hora, sebaka sa limithara tse 7,5. Lebelo la eona la nkhopotsa temana e ’ngoe ea Jobo: ‘E tšeha pere le ea e kallang.’ (Jobo 39:18) Mohlomong e ne e re tšeha le likoloi tsa rōna ha re ntse re kōtjoma ka har’a tsona.
Empa ke hoseng hona ha re ne re tsosoa ka mohoo oa “Jambo!” moo re ileng ra ikutloa hore joale leeto la rōna le qalile. Re ne re palame lipere ho phunyeletsa le lesabasaba la makhulo le nang le lifate tsa acacia, ra boha Thaba ea Kenya e le hojana. Ka pele mosupatsela oa rōna a etsa pontšo ea hore re thole ’me a re supisa. Mane, ka holim’a litlhoro tsa lifate, e ne e le sehlopha sa lihlooho—lithuhlo li ne li ja mahlaku a acacia!
Liphoofolo tse telele ho feta tsohle lefatšeng, lithuhlo li ile tsa re khahla e le libopuoa tse bonolo, tse tsamaeang li iketlile, tse hlaseloang habonolo. Ha ho joalo; melala ea tsona e melelele ha e sebelisetsoe feela ho iphepa ka mahlaku a lifate empa hape e thusa mahlo a tsona a maholo ho bona hōle moo lithuhloana tsa tsona li leng teng, le ho bona kotsi e ka li tlelang. Li tsamaea li iketlile ka bokhabane bo tsotehang, empa thuhlo e ka matha lik’hilomethara tse 56 ka hora ’me e na le sefuthu sa ho raha tau hore e e robe likhōpo. E ka sebelisa hlooho ea eona bakeng sa ho thula. Thuhlo e ’ngoe serapeng sa liphoofolo e kile ea raha tholo e boima ba lik’hilomethara tse 450 ’me ea e lahlela hōle e e robile sephaka!
Re ile ra palamela ho tsona. Haeba re ne re tsamaea ka maoto, li ne li tla baleha, empa kaha re ne re palame lipere re ne re talimeha re tšoana le mohlape o mong oa liphoofolo tse fulang ho tsona. Litšephe le litholo li ne li fula haufi, esita le lipitsi tse hlaha li ne li fapane hōle le tseo re li boneng maobane—li le teletsana, li le mereto e mesesane, le litsebe tse khōlō tse chitja.
“Ke lipitsi tsa Grévy,” mosupatsela oa rōna a hlalosa. “Mofuta ’ona oa lipitsi o se o tla fela, haholo-holo ka baka la matlalo a tsona a matle. Bakhabisi ba lefa chelete e phahameng bakeng sa ’ona.” Ke ho soabisang hakaakang hore motho o felisa libopuoa tsena ka bongata le sebaka sa tsona! Empa ho ne ho na le litaba tse ling tse bohloko tseo re neng re tla li utloa.
Joale ra kena koloing ’me ra etela moo ho koaletsoeng litšukulu, sebaka sa lihekethere tse 2 000 se kampetsoeng ka terata e phahameng ka limithara tse 3, e kentsoeng motlakase ’me hape ho eme balebeli ba hlometseng. Lena ke lehae la litšukulu tse ntšo tse 13 le tšukulu e le ’ngoe e tšoeu. Likoloi tsa rōna tse lumelang tlase pel’a libopuoa tsena tse tšosang li ne bonahala e se letho, ebile eka li ka senngoa habonolo ke tsona.
“Tšukulu ha e bone hantle,” ho hlalosa mosupatsela. “Haeba linonyana tse jang Iikokoanyana tse lulang mokokotlong oa eona li hōa ka ho tšoha ’me Ii fofa ka lerata le leholo, tšukulu e ke ke ea bona hore na li tšositsoe ke eng, e loantša sera ha se fihla ho eona, ka ho se fofonela. E phela ka ho fofonela. Tšukulu e kotsing ka baka la ho tsongoa.”
Ha letsatsi le sirela le lithaba, ra khutlela liahelong re khutsitse. Shoalaneng eo, ha re ntse re orile mollo ’me ho cha lekomo la tšukulu, re ile ra nyarosoa ke ho utloa lentsoe le makherehloa la ho puruma.
Ke “litau,” ha hlalosa mosupatsela oa rōna, a khutsitse eka ha hoa utloahala letho ha a rotetsa mollo. “Jo, ho utloahala e ka Ii haufi, na ha ho joalo?” Ka botsa ke tšohile. “Che. Li bohōle ba lik’hilomethara tse itseng. Ho puruma ha litau ho ka utloahala sebaka sa lik’hilomethara tse robeli kapa ho feta.” Ra robala ka matsoalo a kokobelitsoeng, re tšepile ho bona likatse tsena tse khōlō serapeng sa liphoofolo sa Masai Mara, sebaka se latelang seo re tla emisa ho sona. Ha fela ha e-ba joalo.
Likatse tse Khōlō tsa Mara
Ha re ntse re palame ho theosa le Thota e Nammeng ea Serengeti, ra tsosoa molota ke mohoo oa mokhanni ha a re “Simba!” Ra emisa ho bona sehlopha sa litau—tse ka bang 40. Litauhali li ne li bothile ka lihlotsoana. Tse ngata tse nang le litaoana li ile tsa tsoa har’a lifate. Tse ling li bokane molatsoaneng. Litaoana li ne li tla.
Re ne re lakatsa ho tsoa ’me re bapale le tsona empa re ile ra itšoara ha re bona litšikatšika ka har’a matlalo a litauhali, ra ba ra bona tse tona tse peli ka moetse oa tsona o otlolohileng ka makhethe li bothile li re shebile—likatse tse khōlō tse ’mala oa gauda ka mahlo a tsona a masehla a bonahalang li ne li lebeletse ka kholiseho mahlaseli a ho qetela a letsatsi. Nako ea ho bapala le litaoana e sa ntsane e tla.—Esaia 11:6-9.
“Litau li phomola lihora tse 20 ho tse 24. ’Me tse tona li phomola nako e fetang eo. Tse tšehali ke tsona tse hōlisang litaoana le ho etsa mosebetsi oa ho tsoma o etsang karolo ea 90 lekholong, empa tse tona li ja pele kamehla.” Ba batšehali ba neng ba le sehlopheng sa rōna ba tsota haholo taba tseo! Empa tse tšehali li ne li ke ke tsa hōlisa malinyane a tsona le ho a fepa ka khotso haeba tse tona li ne li sa li sireletse sehlopheng sa litau. Haeba li thunngoa e le liphofu ke balisa kapa lihlopha tsa batsomi, litau lia qhalana, ’me litaoana li siuoa moo.
Le hoja tau e sirelelitse tokelo ea eona hore e se bolaoe la rita, cheetah e kotsing. Ka letsatsi le hlahlamang ra haola har’a libōpuoa tsena tse bokhabane tse peli. E ne e le e tšehali e ruta mora ho tsoma. Li ne li nanyetsa mohlape oa litšèphe tsa Thomson, ha ’mè a ntse a nanya ka hloko, mora a hla a nka ka sekaja mohlapeng. Mora a eketsa lebelo ka metsotsoana ho fihla ho lik’hilomethara tse 112 ka hora. Empa ha a ka a tšoara tšèphe le e ’ngoe! Li-cheetah li qhoma sebaka se sekhutšoanyane, ’me ka hona litšèpe tsa Thomson tsa baleha, tsa hasana.
Mora a leka hape empa a hlōleha. Qetellong ha a se a ferekane, a lumella ’mè oa hae ho mo bontša hore na mosebetsi o etsuoa joang. A ’na a nanyetsa litšèphe ho fihlela a le haufi haholo le tsona, a qhoma ’me a tšoara phofu ea hae. A arolela mora.
“Bona!” mosupatsela o ile a hoeletsa, a supa. Lefiritšoana le ne le ikhakantse e ka ha ho moo le tsoang. Le ile la mathela ho tsona ’me la li tšosa phofung ea tsona eo li e tšoeroeng ka thata, ’me la baleha ka eona.
“Oho, molotsana eo!” mosupatsela a bua ka pelo e bohloko. Mora a leka ho lelekisa lefiritšoana hore a khutlise phofu ea bona, empa lesholu leo la phoofolo le ne le iketse. Batho ba hloile mafiritšoana. Leha ho le joalo, lefiritšoana ha le etse hore phoofolo leha e le efe e be kotsing ea ho timela. Haeba batho ba ne ba ka tseba ho bua se tšoanang.
Malapa a Tšehisang
Ka ntle ho likatse tse khōlō, re ile ra bona malapa a fapa-fapaneng a liphoofolo serapeng sa Mara. Lelapa la mpshe le ile la feta, batsoali ba balelele ka limithara tse peli ba ne ba hlokometse malinyane a bona. Lelapa la kolobe-moru le lona la feta ka bongata bo boholo, le bobe ba lona bo tšehisang. Li ne li le sehlahlo, li phahamisitse lihlooho tsa tsona tse nang le meno ka mathoko. Li phahamisitse mehatla, e ka lesiba la sea-le-moea sa koloi.
Mokhanni oa rōna oa Masai a supa holimo ka monoana ’me a tšeha, “Ke mokhoa oa Monghali kolobe-moru oa ho re, ‘Ke ’na oa pele.’”
Malapa a litšoene le oona, e ne e le mohloli oa thabo. Litšoene tse lifahleho li ntšo li ne li qhomaka le ho etsa lerata holim’a lifate ha litšoenyane li ithuta ho hloa lifate ka ho bapala ka bolokolohi tlas’a lifate. Litšoane tsa Colobus li ne li fofa holim’a lihlooho tsa rōna. Malapa a litšoene tse bitsoang baboon a ne a le hohle, ’me litšoenyane li palame ho bo-’m’a tsona joaleka bapalami ba banyenyane ba lipere tsa lebelo. Litšoene tsena li bohale ’me li rata ho phenyekolla ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ho la Tanzania, ’na le mosali oa ka re ile re tlameha ho leleka e ’ngoe ka phapusing ea rōna ea hotele!
Tse Khōlōhali tsa Afrika
Har’a o mong oa meru ea Mara, re ile ra bona litlou, ka libopeho tsa tsona tse khōlō le ka ’mala o moputsoa li tsamaea li khutsitse ka har’a lifate. E ne e le litlou tse robileng meno e ’meli, le tlooana e ntle e boholo ba likhoeli tse tharo eo ’mè oa eona e leng mofumahali oa litlou tse ling. Mohlape o ne o sireletsa tlooana ena hore re se ke ra e bona ha e ntse e feta har’a maoto a kang litšiea a litlou tse ling, ’me e ne e ntse e ea ho ’m’a eona ho ea anya. Ra ithuta hore mohlape o tsamaea ka lebelo la tlooana ’me o ema hammoho ho e sireletsa. Tlouhali ea batla e hlasela mokhanni oa rōna—a potlakela koloing!
Litlou tse tona li atisa ho tsamaela hōle. Khorong ea thaba ea Ngorongoro, Tanzania, re ile ra bona tlou e tona e tsofetseng, e na le meno a malelele a masoeu a benyang. E sebelisa meno ho cheka mekoti ea letsoai kapa ea metsi ao liphoofolo tse ling li tla a noa nakong ea komello. Ke taba e makatsang ka sebele hore lisebelisoa tsena tse ntle tse thusang tlou ho phela li susumelitse meharo ea batho ho li bolaea kaofela!
Phoofolo e latelang tlou ka boholo ke kubu. (Ba bang ba re tšukulu e tšoeu ke seantši sa bobeli se seholohali.) Re ile ra emisa pel’a nōka hore re bone mohlape kaofela ha o ntse o sesa, o butsoela metsi le ho ahlama.
“Kubu, e lula har’a metsi letsatsi lohle ho qoba ho chesoa ke letsatsi, ’me e tsoa ho ea fula bosiu. Mafura a letlalong la eona a e sireletsa letsatsing le metsing. Ho makatsang, kubu e bolaea batho haholo ho feta phoofolo efe kapa efe ea Afrika. Ha li je nama, empa li sesetsa haufi haholo—’me ha e loma hanngoe feela ke lefu!”
Ha re li talima, re ile ra bona lebaka le entseng hore buka ea Bibele ea Jobo e re esita le nōka ha e ja litlhokoa ’me metsi a khokolohela ho eona kubu ha e tšohe. Hlooho ea eona feela e ka ba boima ba tōne!—Jobo 40:23.
Lithota tse Nammeng tsa Serengeti
Leeto la rōna le ile la tsoela pele ho ea ka boroa ho Tanzania, ra emisa moo re ka bohang Molomo oa Thaba ea Ngorongoro, e bophara ba lik’hilomethara tse 19 ’me e tletse ka liphoofolo tse hlaha. Le leng la matša a sa tebang, le ne le bonahala e ka le koahetsoe ke leru le ’mala o pinki. Le ne le tletse ka linonyana tse bitsoang flamingo tse ’mala o pinki. Li ne li tsamaea ka bokhabane le ka lihlopha, ’me meomo ea tsona e tšoana le lehlaka le lesesaane le lefubelu le ntseng le kobeha le ho koboloha.
Ka leboea le ka bophirimela ho Serengeti ke masabasaba a makhulo ’me mona le mane ho eme mafika a maholo. A tletse ka lipela le mekholutsoane e mebalabala. Har’a lifate tse ling ra bona dik-dik mofuta o mong oa tšèphe, e boima ba lik’hilogramo tse 4,5, e phahame ka lisentimithara tse 30, e itšireletsa feela ka ho ipata.
Re ile ra feta har’a mohlape o mongata-ngata oa lipulumo. Li ne li itokisetsa ho falla. Ke ile ka tšeha bongata ba tsona le lerata, ’me ka nahana, ‘Ke tsena liphoofolo tse seng kotsing ea ho timetsoa ke motho!’
Mosupatsela oa rōna a tšeha. “Ho tla sala tse limillione tse peli feela selemong sena. Hona joale li fallela sebakeng se haufi se nang le metsi a mangata a pula—li tseba ho fofonela pula bohōle ba [lik’hilomethara tse 50]!”
Mantsiboeeng a mang re ne re bohile linonyana, re thabile kahobane re ne re bone mefuta e fapaneng e 200, e metle kaofela.
“Che, eane hase nonyana!” khaitseli ea ka ea supa e tšohile. Ka retelehela ho sheba moo a supileng, ke lebeletse ho bona nonyana, empa ka bona lengau, le neng le ikotlolla ka hlompho ka ho kenya linala tsa lona sefateng sa acacia se neng se se bohōle bo fetang limithara tse 20. Le ile la re sheba le khutsitse ’me la ahlama, le ne le bonahala le iphelela ka khotso. Litau le tsona li ka hloella lifateng, empa ka baka la boima ba ’mele oa tsona bo phetang ba lengau habeli, li hloella lifate ka seoelo, haeba li itšireletsa mochesong le ha li khathatsoa ke lintsintsi. Litau tseo re Ii boneng lifateng li ne II bonahala li sa lula hantle hoo re ileng ra tšeha bohle. Empa lengau le ja lijo tsa lona sefateng, le robala ho sona, le ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.
“Na hase phoofolo e tšabehang?” ha botsa mosupatsela ka cheseho. Empa a tsoela pele ho pheta taba e bohloko, “Matsatsing ana baeti ba bangata ba ee ba boele mahabo bona ba sa ka ba bona lengau. Le bolaoa haholo ntle ho molao ka baka la letlalo la lona le le tlehali.” Lik’hamera tsa rōna tsa katlatsa ha letsatsi le likela lithabeng. Ke ntse ke ipotsa haeba lengau leo le sa phela le kajeno, kamor’a likhoeli tse ’maloa re bile moo.
Na li Tla ba Teng Bakeng sa Bana ba Rōna?
Ha sefofane sa rōna se ne se tloha ho leba hae, ke ile ka talima fatše Serengeti ’me ka utloa bohloko. Ho ne ho le bohloko ho tloha sebakeng sena se setle. Se ne se nkhapile maikutlo. Meqoqo ea leeto la rōna sebakeng sa liphoofolo tse hlaha le ne le utloisa bohloko.
Ka mohlala, cheetah e lebelo, meno a tlou, molala oa thuhlo, le botle ba libōpuoa tsohle tseo re li boneng, kaofela li ne li bontša kamoo Moetsi oa tsona a kopantseng botle le thuso, pōpeho le mosebetsi, mesebetsing ea hae eohle. Baqapi ba batho ba thooletsoa haholo ha mosebetsi oa bona o batla o tšoana le ’ona. Leha ho le joalo, Moetsi oa mesebetsi ena e boholo bo se nang le ho lekanngoa ha a rorisoe e le moetsi oa tsohle. Ho e-na le hoo, tlotla e fuoa matla a bitsoang ho iphetola ha lintho. Hoa soabisa.
Ho soabisang haholo, mesebetsi e mengata ea hae e sengoa ka boomo le ka sehlōhō. Ho sa tsotellehe boikemisetso bo hlomphehang ba basireletsi ba liphoofolo, lipotso tse bohloko lia hlaha ka bophelo ba liphoofolo tse hlaha tsa Afrika. Na libopuoa tsena li tla pholoha ho tsongoa ka ntle ho molao le ho felisoa ha bolulo ba tsona butle-butle? Na li tla ba teng bakeng sa bana ba rōna, litloholo tsa rōna?
Ke lipotso tse bohloko ruri. ’Me hape, ho batho ba nahanang, lipotso tseo li lebisa potsong e ’ngoe eo e leng ea bohlokoahali: Na Moetsi ea bohlale oa lefatše le libopuoa tsohle tse ho lona o tla phutha matsoho ’me a lebelle ho bolaoa ha tsona kaofela? Che; o tšepisa “ho senya ba senyang lefatše.” Ho molemohali, o tšepisa nako e atametseng eo batho ba tla phela ka khotso le liphoofolo.—Tšenolo 11:18; Esaia 11:1-9.
E, ’Mōpi o fana ka likarabo tse thabisang le tse tšepahalang lipotsong tse khathatsang. Ha ke nahana ka litšepiso tsa hae masoabi a neng a bakoa ke ho se sireletsehe ha liphoofolo tse hlaha Afrika a ile a fela. Li teng hona joale, li tla ba teng le nakong e tlang.—Se nehetsoe.