Phallo ea Khohola-koqo
KA MONGOLI OA TSOHA! KENYA
FATŠE ho kirietsa molumo o matla oa litlhako tse ngata-ngata. Ho hlaha mohlape oa motonanahali oa liphoofolo tse kholopang, li kubelelitse lerōle le lefubelu. Liphoofolo tseo li khema ka maoto a masesaane ha mohlape o haola le methipoloha ea liphula le maralla, o phunyeletsa masabasaba, ’me o tšela linōka le linōkana. Li tsamaea e le phiphitha, li siea mephula ea joang boo li bo pututseng. Mohlape ona oa motonanahali oa liphoofolo tse khonyang, tse entseng masieasieane mahloka-lebelo ke e ’ngoe ea lintho tsa tlhaho tse tsotehang ka ho fetisisa lefatšeng liphoofolong tse hlaha—phallo ea khohola-koqo ea lipulumo.
Tšimo ea Edene ea Afrika
Serengeti ke thota feela. E naheng ea Tanzania le ea Kenya, ’me ke makhulo a sabaletseng a akaretsang sebaka sa lisekoere-k’hilomithara tse ka bang 30 000. Mobu oa teng o koahetsoe ke lerōle la seretse se foqohileng, e leng ho etsang hore boemo e be bo loketseng hantle bakeng sa joang bo botala bo koahetseng naha. Ho na le libaka tse koahetsoeng ke meru ea lifate tsa leoka le thota ea lifate tsa meutloa tse qalikaneng tse hlahisetsang mehlape ea litlou makhasi. Mehlape ea lithuhlo e ralotsa le thota ena.
Libakeng tse ling mafika a granite, a kutlutsoeng ke meea le lipula, a hlaheletse ka holim’a lithota tsena ’me a fa litau le linkoe liqhooa tseo li ka lallang li le holim’a tsona. Linōka tse phallang tse tsoelipanang le naha li tletse likubu le likoena. Masabasabeng ao, mehlape ea lipulumo, likhokong, linone, le mefuta e meng e mengata ea matsa li ka bonoa li ntse li fula. Liqoaha tse nyoriloeng li khobokana lilibeng, li entse sakana-la-nkope joalokaha eka ke lifaha tse folletsoeng tse ntšo le tse tšoeu. Litšepe le liphala li lakoma ka boiketlo lithoteng tsena. Mehlape e meholo ea linare, ka linaka tsa tsona tse khōlō tse kobehileng le ’mele ea tsona e litšika-tšika, li fula butle, li fothola lihlethele tsa joang ka linko tsa tsona tse sephara.
Lihlopha tsa litau li tletse hohle Serengeti. Ha ho chesa motšehare, li botha moriting oa lifate le lihlahla, li emetse hore ho phole mantsiboea li tsebe ho ea tsoma. Linkoe tse maroboko li batla li sa bonahale moo li bothileng teng, li rapaletse hamonate makaleng a holimo a lifate, li siriloe ke moriti o qalikaneng oa khanya e tsoang pakeng tsa makhasi. Chita e fumana thota ena e le e loketseng hantle ha e laima ka lebelo le kang la lehalima. ’Mele oa eona o bobebe ha o bonahale ha e khisitse ka sekaja lithoteng e lelekisa phofu.
Ha e le hantle, tikoloho ea Serengeti le lintho tse phelang ho eona ke lehae le loketseng liphoofolo hantle le tsotehang ha motho a le talima. Empa mehlapehali ea lipulumo ke eona eo e leng e ’ngoe ea lintho tsa tlhaho tse tsotehang ka ho fetisisa har’a liphoofolo.
Rametlaee oa Lithota
Ho hakanngoa hore ho na le lipulumo tse limilione tse 1,5 tse sollang Serengeti. Ena ke phoofolo e libōpeho li sa tloaelehang, e nang le hlooho e motopo le mahlo a benyang, a lutseng a qaqolohane holimo phatleng. Linaka tsa eona tse kang tsa khomo li batla li kobehetse tlaase le ka mahlakoreng, li ntoo sheba holimo. Mokokotlo oa eona o letjōlo ho leba qholong, o bonahala o sa tšoanele mahetla a matla a phoofolo ena le molala oa eona. Maoto a masesaane ke ’ona a jereng ’mele o boima oa pulumo. Ka litelu tse telele tse tšoeu selelung, moetse o motšo molaleng, le mohatla o kang oa pere, pulumo e shebahala eka ke motsoako oa liphoofolo tse ngata tse sa tšoaneng.
Hangata boitšoaro ba lipulumo boa qabola. Ha li khobokane ka bongata bo boholo, li khonya ka lerata le kang la lihohoana tse likete. Ha li eme har’a lithota, li shebahala li maketse ha li tjametse lefatše le li potolohileng.
Ka linako tse ling, poho ea pulumo e tla pepetlolotsa thoteng, e thenthetse e ee koana le koana e thala. Ha e akhotsa hlooho, ea penya e be e tlōle ka maoto a eona a sataletseng, e thunthetse marōle ka tsela e qabolang. Ba bang ba re liketso tsena li reretsoe ho iketa ho tse tšehali kapa ho lemosa lipoho tse ling hore ha ho poho-peli. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho bonahala eka poho e ee be e le moeeng oa papali feela.
Ho Tsoalloa Lefatšeng le Hlaha
Ha nako e loketse, lipulumo li qala ho tsoala. Li na le matla a hlollang a hore li tsoalle hong, li tsoala karolo ea 80 ho ea ho 90 lekholong ea manamane a tsona ka nako ea libeke tse tharo. Nakong ena, mohlape o eketseha ka likete tsa manamane a lipulumo a bokollang. Pulumo e ’ngoe le e ’ngoe e sa tsoa tsoala e tlameha ho ba haufi-ufi le namane ea eona, kaha haeba mohlape o tutumolotseha ka tšohanyetso, ho ka ba bonolo hore pulumo e sa tsoa tsoala e arohanngoe le namane ea eona, ’me namane e ne e ke ke ea khona ho phela kantle ho ’m’a eona.
Manamane a tsoalloa lefatšeng le hlaha moo a lulang a laletsoe ke libatana. Lipulumo tse tšehali li ema ho fihlela ho se letho le bontšang hore ho ka ba le kotsi pele li tsoala. Leha ho le joalo, haeba sebatana se ka hlaha ka tšohanyetso, li na le matla a makatsang a ho emisa ho tsoala ebe lia baleha. Joale, hamorao ha ho se ho se na kotsi, li khona ho qetela ho tsoala manamane a tsona.
Ho bonahala namane e tsoaloa e se e ntse e e-na le matla a ho lemoha kotsi ’me e khona ho ema ka mor’a metsotso e seng mekae feela e tsoetsoe. Ka mor’a beke, namane e tla be e khona ho matha lithoteng tseo ka lebelo la lik’hilomithara tse 50 ka hora.
Nako ea ho Falla
Lipulumo li falla ka mehlape e meholo ho pholletsa le Serengeti. Lebaka le ka sehloohong le etsang hore li falle ke pula. Pula e laoloa ke maemo a leholimo a fetohang ka selemo. Hangata ho na le moo pula e nang teng selemo ho pota sebakeng sena se sabaletseng.
Lipulumo li hloka metsi letsatsi le letsatsi, ebile li lokela ho fumana joang boo li bo fulang kamehla. Hafeela lijo le metsi li ntse li fumaneha, li lula sebakeng seo. Empa ha nako ea komello e fihla, joang bo lithoteng bo qala ho omella le metsi aa fela. Mehlape ea lipulumo e ke ke ea emela hore lipula li fihle. Li tlameha ho ea moo pula e nang teng.
Kae kapa kae moo pula e nang teng, kapele-pele lithota tse omeletseng lia fetoha. Ka mor’a matsatsi a seng makae, ho hlahella letlōbō la joang bo botala ka holim’a mobu. Joang bona bo bocha ke bo matlafatsang ebile bo mongobo—e leng sona se hohelang lipulumo ka matla.
Liphoofolo tsena li khona ho nkhella moo pula e nang teng, esita le haeba e le hōle haholo. Ha ho motho ea nang le bonnete ba hore na li tseba joang moo pula e nang teng Serengeti—ebang ke ka ho bona maru a phetheselang a pula hōjana kapa ke ka ho fofonela lesoe la eona moeeng o ommeng. Ho sa tsotellehe hore na seo e se khona joang, mehlape ena e tlameha ho falla hore e lule e ntse e phela. ’Me e fela e falla!
Leeto le Kotsi
Qalong li tloha butle. Lipulumo ke liphoofolo tse ratang ho lula li le ’moho; ha e ’ngoe e qala ho leba koana, tse ling tse pel’a eona li khaotsa ho fula ’me li e sala morao. Kapele-pele mohlape oohle o leba pele o momahane ka tsela e hlollang. O khannoa ke lenyora le tlala, o fetela pele. Ka linako tse ling oa matha. Ka linako tse ling o tsamaea butle o kolokile, o siea mophula lepōqōng.
Leeto la tsona le tletse likotsi. Libatana tse ling li sala mehlape ena e meholohali ea lipulumo morao, li shebile phoofolo leha e le efe e tsamaeang butle, e hlotsang kapa e kulang. Ha lipulumo li fetela pele, li fihla sebakeng seo ho sona ho phelang lihlopha tsa litau, tse seng li ntse li li laletse. Li ipatile ka har’a joang bo bolelele, litau li itahlela ka har’a mohlape oa liphoofolo tse ntseng li fula, e leng ho etsang hore li phasalle ke ho tšoha. Linkoe, lichita, makanyane le mafiritšoane kaofela li nka monyetla ka liphoofolo leha e le life tse sallang morao kapa tse khelohang mohlapeng. Ha ho e-na le e bolailoeng, manong a se a le teng. Ha a ntse a loana a tsekisana nama e setseng, a e tsoepa hore ho sale masapo feela, a qetellang a le masoeu toa! letsatsing le chesang la Afrika.
Ho tšela linōka tse phallang ka potlako e ba tšitiso e khōlō mehlapeng ena. Ha u ka shebella ha li tšèla nōka u tla bona ketsahalo e hlollang, ha liphoofolo tse likete li theoha mabōpong a nōka li itsubeletsa ka metsing. Bongata ba tsona li khona ho fihla ka mose oane li sireletsehile. Tse ling li ea le metsi kapa li jeoa ke likoena tse li laletseng metsing. Li tsamaea leeto lena le kotsi selemo le selemo. Ha li le qeta, li ka ’na tsa be li tsamaile lik’hilomithara tse 3 000.
Motho—Sebatana se Kotsi ka ho Fetisisa
Ka likete tsa lilemo, motho o ne a sa kena-kenane hakaalo le ho falla ha lipulumo. Joale motho e se e le eena ea sokelang ketsahalo ena e tsotehang ka tsela e khōlō ka ho fetisisa. Lilemong tse mashome tsa morao tjena, ’muso oa Tanzania le oa Kenya o lekile ka matla ho sireletsa liphoofolo tsa Serengeti. Leha ho le joalo, le hoja ka kakaretso lipulumo li falla ka har’a meeli e sirelelitsoeng ea liphoofolo tse hlaha, liphoofolo tse likete lia tšoasoa le ho bolaoa ke litsomi tse se nang tumello ea molao. Li hlometse ka lifi tse entsoeng ka terata, metsu e chefo le lithunya, li tsoma liphoofolo e le hore li rekisetse bareki ba tletseng tabatabelo nama le lintho tse ling tse tla ba hopotsa liphoofolo tsena. Sehlopha sa balebeli le bahlokomeli ba liphoofolo tse hlaha se alosa libaka tse sirelelitsoeng, empa Serengeti e khōlō hoo se ke keng sa khona ho e sireletsa ka ho feletseng. Ha batho ba ntse ba eketseha, khatello ea ho kenella masabasabeng ana a atlehileng e ntse e eketseha. Ho behella libaka tse khōlō tsa naha ka thōko bakeng sa liphoofolo tse hlaha ke taba eo kamehla ho phehisanoang khang ka eona.
Ka nako e ’ngoe, li-bison tse limilione li ne li lalasa lithoteng tsa Amerika Leboea. Hona joale ha li sa le eo. Ba bang ba tšaba hore mehlape ea ho qetela e meholo ea lipulumo Afrika Bochabela e tla hlaheloa ke se tšoanang. E ne e tla ba ho utloisang bohloko ho bona limakatso tse hlollang hakaalo tsa tlhaho li nyamela. Re labalabela nako eo ka eona tlas’a puso e lokileng ea Molimo, motho le liphoofolo ba tla beng ba phela hammoho ka kutloano e phethahetseng. (Esaia 11:6-9) Khabareng, re tla tsoela pele ho tsota ketsahalo ena e hlollang—phallo ea khohola-koqo ea lipulumo.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Mehlape e tlameha ho tšela linōka tse phallang ka potlako