Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 10/8 maq. 9-11
  • Ke Joang Nka Phelisanang le Moena le Khaitseli ea Ka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Joang Nka Phelisanang le Moena le Khaitseli ea Ka?
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thibela Lintoa ka ho Buisana
  • ‘Empa Ketso eo ke Leeme’
  • Na Banab’eso ke Lehlohonolo?
  • Ho Nahana ka Molimo
  • Ke Hobane’ng ha ho le Thata ho Phelisana le Banab’eso?
    Tsoha!—1987
  • Ke Hobane’ng ha ba Nketsa Joalo?
    Tsoha!—1989
  • Ke Hobane’ng ha Ngoan’eso a Fuoa Tlhokomelo Eohle?
    Tsoha!—1997
  • Tšehetsa Basali ba Bakreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 10/8 maq. 9-11

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Joang Nka Phelisanang le Moena le Khaitseli ea Ka?

BANA ba motho ba atisa ho loana! Bacha ba bangata—le batho ba baholo—ba ikutloa joalo. ’Me ho sa tsotellehe ’nete ea hore bana ba ka holimo ho makholo a sekete ka selemo United States ba tlalehuoe ba sebelisa sethunya kapa thipa ho loantša baena kapa likhaitseli tsa bona, setsebi sa pefo ea malapa se ile sa utloa bohloko ha se ngola sena: “Batho ba bangata ha ba nke pefo ea bana ba motho ka ho teba.”

Ha u batle ho etsa khotso le ngoan’eno, le hoja u tseba hore ha le phelisane hantle. Leha liqabang tse joalo li sa qetelle ka ntoa, li felisa khotso ea lelapa. Camille e mocha, ka mohlala, o bua kamoo batsoali ba hae ba itšoarang kateng ha eena le ngoan’abo oa ngoanana ba ngangisana: “Batsoali ba rōna ba ho hloile. Haholo ba hloile ha re loana—hoa ba soabisa.” Ha bohlokoahali, ho ngangisana ka mehla ho hlahisa boikutlo bo bobe. Bibele e re: “Hobane moo mōna le khang li leng teng, ke moo ho leng moferefere le mesebetsi eohle e mebe.”—Jakobo 3:16.

Sehlooho se fetileng se fane ka mabaka a mang a etsang hore bana ba motho ba banyenyane ba se lumellane.a A mang a ileng a fanoa ke ana: ho se rate ho arolelana lintho, ho hloka sebaka sa boinotši, likhatello tsa ho hōlela lelapeng la ’Mè kapa Ntate oa bobeli, le mōna. Ho ea ka Liproverbia 14:6, ho utloisisa sena ho ka u bea boemong bo molemo hobane “tsebo e fumanoa ka bonolo ke ea masene.” Ka mantsoe a mang, ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha u na le bothata ba ho phelisana le banab’eno ho tla u thusa hore u bone kamoo u ka phelisanang le eena. Joale ho latela litlhahiso tse tobileng tabeng ena.

Ho Thibela Lintoa ka ho Buisana

“Mollo o tima ke ho hlokeha ha patsi.” Ke kamoo Liproverbia 26:20 li bolelang. Hangata motheo ona o sebelisoa ho thibela mollo hore o se chese moru, ka hore ho chesoe mecha lehlakoreng leo mollo o eang ho lona, ka ho chesa ho potoloha moru moo lifate li khaotsoeng. Haeba ho e-cha, ho lumeloa hore mollo o ka tsoela pele ho fihla feela ntlheng e itseng, ’me o time. U ka sebelisa motheo o tšoanang ho thibela—kapa bonyane ho lekanyetsa—ho se lumellane le ngoan’eno. Joang? Ka ho buisana le ho sebeletsa ho lumellana pele khang e hlaha.

Ka mohlala, na bothata ke ho hloka sebaka sa boinotši? Haeba ho joalo, ka nako e ’ngoe ha ho khutsitsoe, lekang ho lula fatše hammoho ’me le lokise kemiso eo le ka sebetsang ho eona. (‘Ke tla sebelisa kamore matsatsing ana, lihoreng tsena, ’me uena ho tsena.’) ’Me “puo ea lōna e be e, e; che, che” hore le tle le hlomphe litumellano. (Mattheu 5:37) Haeba ho hlaha ho hong hore ho etsoe phetoho tsebisa e mong e sa le pele, ho e-na le ho etsa phetoho ntle le ho mo hlokomelisa.

Na le tseka lintho? Mocha e mong o ile a lla: “Ngoan’eso oa ngoanana ka motsoali oa bobeli o tloaetse ho sebelisa lintho tsa ka ntle ho tumello ea ka. O sebelisitse setlolo sa ka, ’me ebile o na le sebete sa ho mpolella hore ha kea reka se loketseng!” Qetellong u ka leka ho bolella batsoali ho lokisa bothata. Leha ho le joalo, ho molemo haholo ke ho lula fatše le ngoan’eno nakong eo le khutsitseng ka eona. Lekang ho lumellana ka melaoana ea ho kalimana, oo o mong oa eona hangata e ka bang ho kōpa ntho pele e sebelisoa. Joaloka maemong a mang a mangata, molao oa mohlala o ho Mattheu 7:12 ke senotlolo sa ’nete: “’Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.”

Ka hona buisanang! Sebeletsang litumellano. Ipeeleng melaoana, e tobileng. Ka tsela ena le ka bona mollo o tima pele o ja setsi!

‘Empa Ketso eo ke Leeme’

“Ngoan’eso o fumana ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang,” ho lla mocha e mong. “Empa ba ntebala ka ho feletseng.” Na mantsoe ao a tloaelehile? Empa hlokomela lipolelo tseo tse peli tse fanang ka maikutlo a phetheho, “ntho e ’ngoe le e ’ngoe” le “ka ho feletseng.” Na ka ’nete boemo bo bobe joalo? Ha re khopehile re atisa ho feteletsa boemo. Bibele e re fa khothatso ena: “Khopolo ea lōna e nahanelang e tsejoe ke batho bohle.” (Ba-Filippi 4:5, NW) Ho ba le khopolo e nahanelang ho bolela ‘ho ineela’ le ‘ho se tsitlelle tabeng ea hore molao o re.’ Na ekaba ho bontša khopolo e nahanelang ho lebella hore batsoali ba sa phethahalang ba le tšoare ka tsela e phethahetseng? Na ekaba ho bontša khopolo e nahanelang ho lebella hore batho ba babeli ba sa tšoaneng ba tšoaroe ka tsela e tšoanang? Che, le hanyenyane!

Kotsi ea ho potlakela ho re batsoali ba leeme e bontšitsoe paleng ea Bibele ea Josefa. Banab’abo ba ne ba mo hloile hobane ntat’a bona Jakobo a ne a mo rata haholo. Leha ho le joalo, banab’abo Josefa ba ne ba lisitse mehlape ea bona sebakeng se hōle, Jakobo o ile a bontša hore o ntse a amehile ka ho teba ka bana ba bang ba hae ka ho romela Josefa hore a ee ho ba hlola le ho bona hore na ba ntse ba sireletsehile. Ka ho tšoanang, u ka ’na ua fumana hore boikutlo ba hao ba ho halefela ngoan’eno ha a fumana ‘tlhokomelo e khethehileng’ ha bo na mabaka.—Genese 37:1-4, 13.

U lokela ho hopola sena haholo haeba u na le banab’eno ka motsoali oa bobeli. Sehlooho sa makasine ’Teen se re: “Ho na le phapang e khōlō pakeng tsa lipolelo ho tšoara ka tsela e lekanang le ho tšoara ka tsela e se nang leeme. Batho ba na le botho le litlhoko tsa bona. . . . Ho e-na le hore motsoali oa bobeli a leke ho u tšoara ka tsela e tšoanang, ke ha bohlokoa ho bona haeba motsoali a leka ho tlatsa litlhoko tsa e mong le e mong oa lōna. Haeba u ikutloa hore litlhoko tsa hao ha li tlatsoe hantle, ka hona u ka buisana le motsoali oa hao oa bobeli ka taba ena.”

Na Banab’eso ke Lehlohonolo?

Ho ka ’na ha bonahala ho le thata ho lumela taba eo ka linako tse ling—haholo ha ba u hlōpha. Empa thuso eo hangata e sa sebelisoeng tabeng ea ho phelisana le banab’eno ke ho hopola melemo ea ho ba le bona! Ngaka ea mafu a hlooho a bana James P. Comer o re hopotsa hore “bora baneng ba motho bo totobala haholo bongoaneng hoo ka linako tse ling re lebalang hore bana ba motho le bona ke balekane le metsoalle.” Diane o lumela ka tieo: “Ke monyaka ho ba le banab’eso,” o rialo. O na le ba supileng. “U na le balekane bao u buang le ho arolelana lintho tse u thabisang.”

Khaitseli ea hae Dennis o’a eketsa: “Kamehla ho teng eo motho a ka eang ho eena bakeng sa maele.” Anne Marie kapa khaitseli ea hae Andre ba lumellana ka melemo ea ho ba le molekane ea fumanehang kamehla: “Le hoja u ka intša le metsoalle ea hao, kamehla u na le banab’eno. Kamehla ba teng haeba u batla ho bapala kapa ho ea sebakeng sa boikhathollo.” Donna o bona molemo o mong o sebetsang: “U na le eo u ka arolelanang mesebetsi ea ntlo le eena.” Ba bang ba ile ba hlalosa moena le khaitseli ea hae e le “moeletsi le semameli se khethehileng” le ea “utloisisang mathata a ka.”

Ho feta moo, talima melemo ea bokamoso. Hamorao bophelong, u tla bona ba nang le mathata a tšoanang le a hao a baena le likhaitseli tsa bona. Mōna, litokelo liphahlong, tšoaro e sa lekaneng, ho hloka sebaka sa boinotši, boithati, botho bo sa tšoaneng—mathata ao ke karolo ea bophelo. Kahoo talima ho ithuta ho phelisana le banab’eno e le ho khahlisang haholo ’me ebile e le phephetso likamanong tsa batho.

Ho Nahana ka Molimo

Tšusumetso e khōlō ho sebeletseng khotso ea lelapa, leha ho le joalo, ke ho tseba hore e ka ntlafatsa likamano tsa hao le Molimo. Andre ea lilemo li 17 o pheta mantsoe a Bibele ho 1 Johanne 4:20 (NW), ha a re: “Haeba u sa phelisane le batho bao u ba bonang, u ka tseba joang ho phelisana le Molimo oo u sa o boneng?”

Ke taba e lumeloang hore, hase hangata ho leng bonolo ho hopola sena. Anne Marie oa eketsa: “Ha u loana, ka linako tse ling ha u nahane kamoo ho amang kamano ea hao le Jehova. U nahana feela kamoo u ka etsang hore eo u mo loantšang a ikutloe e le sethoto kapa ka ho iphetetsa feela.” Empa ho fumana kamohelo ea oona, u tlameha ho ‘nahana ka [Molimo] litseleng tsa hae tsohle.’—Liproverbia 3:6, NW.

Hona ha ho bolele hore kamehla u tla lumellana le banab’eno. Empa u ka ithuta ho etsa joalo u sa bontše “bohale bo bolaeang, le khalefo, le ntoa, le komang.” (Ba-Efese 4:31, NW) Ngoanana e mong ea lilemo li 15, ka mohlala, o ne a tloaetse ho batla litsela tsa ho qholotsa likhaitseli tsa hae. Empa eitse hoba a ithute Bibele le ho e sebelisa bophelong ba hae, o re: “Ha ke sa le leqhōkō le ho batla lintoa empa ke leka ho li qoba.” Hobane’ng ha u sa leke ho etsa se tšoanang? U ka fumana hore ho ba le ngoan’eno ha ho hobe hakaalo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona “Bacha ba Botsa . . . Ke Hobane’ng ha bo le Thata ho Phelisana le Banab’eso?” tokollong ea Tsoha! ea August 8, 1987

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 11]

“Ho na le phapang e khōlō pakeng tsa lipolelo ho tšoara ka tsela e lekanang le ho tšoara ka tsela e se nang leeme. Motho ka mong o na le botho ba hae le litlhoko tsa hae”

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

U se qetela ka hore ke leeme haeba ngoan’eno a amohela tšoaro e sa tšoaneng le ea hao

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela