Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 2/8 maq. 21-23
  • Ke Joang Nka Qobang Pelo e Utloileng Bohloko?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Joang Nka Qobang Pelo e Utloileng Bohloko?
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lilomo tsa Lerato la Bacha
  • Qamakisisa Pele u Nka Bohata
  • Ho Bua ’Nete
  • Ho Atamela Haholo Bakeng sa Matšeliso
  • Ho Laetsana ha Bacha ba Tlaase Lilemong—Ho na le Kotsi Efe?
    Tsoha!—2002
  • Ke Eng se Phoso ka ho Buisana?
    Tsoha!—1992
  • Na re Lokela ho Tlohelana?
    Tsoha!—1988
  • Nka mo Hana Joang?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 2/8 maq. 21-23

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Joang Nka Qobang Pelo e Utloileng Bohloko?

SEITHUTI sa mafu a kelello Erieh Fromm o qotsoa a re: “Ho batla ho se mosebetsi o qaloang ka tšepo e khōlō le litebello tse khōlō ’me leha ho le joalo o hlōlehe kamehla joaloka lerato.”

Leha ho le joalo, ha lerato le hlōleha, hangata phello ke e bohloko. ’Me ’nete e utloisang bohloko ea bophelo ke hore tsela e le ’ngoe feela e tiileng ea ho qoba ho ba le pelo e utloileng bohloko ke ho qoba ho kenela haholo leratong le e motona kapa e motšehali li tloha feela. Ke ’nete, ho ea ka Bakreste, ho laetsana ke taba e tebileng haholo, ke tsela ea ho khetha molekane ea tšoanelehang oa lenyalo. Leha ho le joalo, hangata ho laetsana le lefereho ka bohona ke taba ea ho leka mona le mane pele motho a fumana molekane ea tšoanelehang. Ka ho tloaelehileng batho ba babeli ba qala ho laetsana ka maikemisetso a molemohali—empa ba fumane hore ha ba tšoanelane ho ba balekane ba lenyalo.

Lilomo tsa Lerato la Bacha

Mohlomong kotsi e khōlōhali ke ho laetsa ha u le lilemo tse ka tlaase ho tse 20. Nako eo ke ea “palesa ea bocha,” ha takatso ea lerato e fihla sehlohlolong. (1 Ba-Korinthe 7:36) Ngaka Ari Kiev o hlalositse: “Ho bacha ba bangata, likamano tsa ba batona le ba batšehali . . . hangata li hōlisoa ke litšusumetso tse ngata le tse ferekanyang tsa botona kapa botšehali.” Ha ho pelaelo ka hoo, hore hangata bacha ba ‘ratana’ ka bolokolohi bo boholo. Moroetsana ea bitsoang Barbara oa hopola: “Ke kopane le mohlankana enoa. Re ile ra ngollana mangolo ntho e ka etsang selemo. ’Me lengolong le leng la hae, a bolela hore oa nthata. Ka ipolella, ‘Ke ’mone hanngoe feela. Ka re oo ke mohlolo, a ka bolela seo joang?’”

Ekasita leha baratani ba ka tlase ho lilemo tse 20 ba leka ho hatella takatso le ho phehella kamano motheong oa kutloano, litebello tsa hore ba tla lula ba tšoanelana li fokola ka sebele! Hobane’ng? Hobane botho ba bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 boa feto-fetoha. U leka ho iphumana hore u hlile u seng, seo u se ratang, le hore na u batla ho etsa eng ka bophelo ba hao. Lintho tse leng bohlokoa ho uena kajeno li ka bolela ho honyenyane kamoso. Ka baka leo marato a bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 hangata ke likamano tse sa thabang, le tse tšohanang li felletse ka lenyalo.

Kahoo, Bibele ka bohlale e buella lenyalo feela ho ba ‘fetileng palesa ea bocha.’ (1 Ba-Korinthe 7:36) Puello ena e felisa ho laetsana, ha motho a sa le monyenyane. Ho latela keletso ena ho ke ke ha e-ba bonolo, empa ho tla ‘suthisa masoabi pel’a pelo ea hao, ho behe bolotsana hōle le ’mele oa hao’ haeba u sa laetsane ho fihlela u hōla ka ho lekaneng ho ka nyala.—Moeklesia 11:10.

Qamakisisa Pele u Nka Bohata

Leha ho le joalo, ho hōla ha ho etse hore e mong a sireletsehe ho utloeng bohloko. Bukeng ea hae Love Lives, Carol Botwin o bontša kamoo le batho ba hōlileng ka linako tse ling ba khetšemelang lilomong tsa lerato: “Ba tlōlela likamanong ka potlako. . . . Ba batla ho itlama ka potlako.” Ho fa motho eo u sa mo tsebeng pelo ea hao ke tsela e ’ngoe e tiileng ea ho e utloisa bohloko.

“Talima litaba kamoo li leng kateng,” ho boletse moapostola Pauluse ho Bakreste Korinthe. (2 Bakorinthe 10:7, TLP) Se ke ua etsa phoso e tšoanang ea ho kenela leratong motheong oa ponahalo ea ka ntle. Pele leka ho fumana hore na ke motho oa mofuta ofe. Haeba boemo bo sa u lumelle hore u mo tsebe haufi haholo, ka bohlale u ka lekanyetsa haeba motho enoa eo u nang le thahasello ho eena o boleloa hantle ke ba bang.

Bibele e bolela hore mesebetsi ea mosali ea khabane e tla ‘rorisoa khorong ea motse.’ (Liproverbia 31:31) Ka ho tšoanang u ka lebella hore monna kapa mosali ea molemo oa Mokreste a be le botumo bo botle. Haeba ho fumaneha hore o na le tlaleho e belaetsang—mohlomong a tsebahala ka ho qala kamano ea lerato kamor’a e ’ngoe le ho chechela morao ha litaba li tiea—hlokomela! Ho ka etsahala hore e be uena eo maikutlo a hae a tla utloisoa bohloko.

Ho Bua ’Nete

Le hoja botumo ba motho e mong bo bonahala bo le botle ’me le ratana e ntse e e-s’o be nako ea ho qalisa ho rera lenyalo la lōna. Ho hlahloba motho enoa haufi-ufi ho ka senola mefokolo e tebileng ea botho kapa ea moea. Joale, ke joang u ka tsebang hore na e hlile ke motho ea joang? Le hoja ho se letho le phoso ka ho kopanela lipapaling tsa boikhathollo le le babeli, lefereho le sebeletsa morero oa lona hamolemo ha le boetse le kopanyelletsa lipuisano tse itseng tse khethehileng.—Liproverbia 15:22.

Lipakane tsa hao ke life? Lithahasello tsona? Maikutlo a hao ke afe, ka ho ba le bana? Ho sebelisa chelete? Ke habohlokoa hore ‘e mong le e mong a bolele ’nete ho oa habo,’ eseng ho sotha ’nete ka baka la ho tšaba ho lahleheloa ke motho enoa. (Ba-Efese 4:25) Neng kapa neng, botho ba hao bo tla senoleha. ’Me u tla be u etsa hantle ho tsebisa motho e mong seo u leng sona le seo u se batlang bophelong ho e-na le ho qalisa kamano eo ho ka etsahalang hore e fella ka masoabi—kapa lenyalo le bosula.

Empa ho thoe’ng haeba motho e mong a ikakhanya ho boloka setsoalle se ntse se phela. Bibele ea lemosa: “Sethoto se lumela litaba tsohle; empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.” (Liproverbia 14:15) Hase hore u lokela ho belaela ka ho feteletseng, empa ke ho utloahalang hore u lekanyetse haeba liketso tsa motho enoa li lumellana le seo a se buang.

Ho tseba moo a emeng teng litabeng tsa bohlokoa ke ntho e ’ngoe e lokelang ho etsoa qalehong—e seng hamorao ha ka bobeli le amehile haholo maikutlong. Ka mohlala, Steve o ne a batla molekane oa lenyalo ea neng a ineetse tšebeletsong ea Bokreste. Kapele a ba le thahasello ho ngoanana ea neng a mo khahla haholo. Oa hopola: “Empa ka qala ho hlokomela hore ha a na lipakane, ’me o ne a se mafolo-folo joaloka Mokreste.” Ka bohlale Steve a khaola maqhaama a botsoalle.

Ho Atamela Haholo Bakeng sa Matšeliso

Sena se supa ntlheng e ’ngoe e bohlokoa ea ho qoba pelo e utloileng bohloko. Judy o hlalosa ka tsela ena: “Ke ithutile liphihlelong tse fetileng hore ho bonolo haholo ho ameha maikutlong a lerato. Ka linako tse ling u lumella motho ho atamela haufi haholo, ’me leha le fumana hore ha le ratane, le amehile haholo maikutlong, ’me le tšaba ho utloisana bohloko.”

Ngoanana oa Shulame mehleng ea Bibele ka ho hlakileng o ne a le seli haholo ka matla a maikutlo a sa laoleheng a lerato. Kahoo ha Morena Salomone ea matla a ne a mo phehella ka morero oa ho mo nyala, o ile a bolella metsoalle ea hae ea banana ‘se tsose kapa ho susumetsa lerato ka ho [eena] pele le sekamela maikutlong ao.’ (Sefela sa Lifela 2:7, NW) Ka ho tšoanang e ka ba bohlale ho tšoara maikutlo a hao ha u qala ho tseba motho.

Sena se tla akarelletsa ho qoba lipolelo tse sa bontšeng ho hōla kelellong kapa tse sa lokelang tsa lerato. Molao-motheo ona oa sebetsa: “Ana motho a ka ikokhella mollo sefubeng, liaparo tsa hae li sa che na?” (Liproverbia 6:27) Ho akana kapa ho tšoarana ka matsoho qalehong ea kamano ho sitisa ho finyella pakane. Liketso tse joalo li ke ke tsa tsosa feela takatso ea boitšoaro bo bobe ba botona kapa botšehali empa hape li hatella kahlolo e molemo. U ke ke ua etsa kahlolo e ntle ka motho e mong haeba litakatso tsa hao tsa lerato li tsositsoe. Kantle ho moo, lipontšo tse khōlō tsa lerato li eketsa bohloko ba karohano haeba kamano e sa atlehe.

Qetellong Judy a ratana le mohlankana e mong, o ile a ba seli ho lumella hore kamano e hōle butle, a sa boloka setsoalle se haufi le eena ho fihlela a kholiseha ka ho lekaneng hore ke monna eo a neng a batla hore a mo nyale. “Joale ka tseba hore ho lokile ho hōlisa maikutlo a ka bakeng sa hae,” oa bolela.

Lefereho le ka thabisa le ho soabisa. Kamoo u tšoarang lefereho kateng ho ka ama liphello haholo. Ke ’nete, ha ho tsela ea ho tiisa hore kamano e tla atleha. Esita le kamor’a ho nka mehato e sireletsehileng, ho utloisoa bohloko ho ka ’na ha etsahala. Leha ho le joalo, ho laetsana feela ha le se le loketse lenyalo, ho boloka maikutlo a hao tlas’a taolo, le ho sebelisa keletso e loketseng, u ka etsa ho hongata ho fokotsa bohloko ba pelo le ho eketsa monyetla oa lefereho le tla fella ka lenyalo le thabileng.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Lerato la bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 le tšohana le lebisitse lenyalong empa hangata bohlokong ba pelo

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Tseba motho e mong hantle pele le ratana

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela