Bacha Baa Botsa . . .
Ho Laetsana ha Bacha ba Tlaase Lilemong—Ho na le Kotsi Efe?
“Morao tjena, bashemane ba bang sekolong ba nkōpa hore ke intše le bona kapa hore ke be kharebe ea bona.”—Becky, ea lilemo li 11.a
“Bana ba bangata sekolong baa laetsana. Ha e le hantle, ke ntho e tloaelehileng ho bona bashemane ba sunana le banana liphasejeng.”—Liana, seithuti sehlopheng sa leshome.
BACHA ba bangata ba qala ho laetsana ba sa le banyenyane haholo. Mecha ea phatlalatso e buella mokhoa ona e le o tloaelehileng—joalokaha eka ke boithabiso bo seng kotsi. Oneyda ea lilemo li 12 oa hlalosa: “Hoo e ka bang e mong le e mong sekolong o na le mohlankana kapa kharebe.” Moroetsana e mong ea bitsoang Jenifer oa hopola: “Ke hopola bana ba bang sehlopheng sa boraro ba neng ba sa arohane e le mathe le leleme.” O phaella ka ho re: “Ke ile ka qala ho ba tlas’a khatello ea ho laetsana ha ke le lilemo li 11.”
Ka ho utloahalang, joale, haeba u sa laetsane, u ka ’na ua ikutloa u le mokhelo. Ha e le hantle, u ka ba ua ’na ua khelloa fatše le ho songoa ka ho se etse joalo. Kaha o ne a hlokomela hore o sa le tlaase lilemong hore a ka laetsana, Jenifer o ile a hana bashemane ba neng ba mo fereha. Ba ile ba itšoara joang? Jenifer oa hopola: “Ba ile ba ntšoma le ho etsa metlae ka hona.” Ha ho na motho ea ratang ho songoa. Empa na u lokela ho laetsana hobane feela ba bang ba laetsana? Ha e le hantle, ho laetsana ke eng? Hona ho sebeletsa morero ofe?
Ho Laetsana ke Eng?
Le hoja ba qeta nako e ngata le motho oa bong bo fapaneng, bacha ba bangata ba re: ‘Ha re laetsane. Re mpa re le metsoalle feela.’ Empa ho sa tsotellehe hore u ho bitsa eng—ho laetsana, ho intša, kapa ho bonana feela—ha moshemane le ngoanana ba itšehla thajana ’me ba qala ho qeta nako e ngata ba le ’moho, hoo ha e sa le botsoalle feela. Ho laetsana hase feela ho ba ’moho le motho e mong ka seqo. Le ka laetsana ka ho buisana ka mecha ea puisano ea Internet, ka thelefono, ka poso, kapa ka E-mail.
Potso ke hore, Ho qeta nako e itseng ka ho khetheha u buisana le motho oa bong bo fapaneng ho na le liphello tse tebileng hakae?
Likotsi Tsa ho Laetsana
Ho Liproverbia 30:19, Bibele e bua ka “tsela ea monna ea shahlileng ho moroetsana.” Poleloana ena e fana ka maikutlo a hore pakeng tsa motho e motona le e motšehali ho atisa ho ba le kamano e itseng. Ha batho ba babeli ba hōlile tsebong ba bile ba khomarela litekanyetso tsa bomolimo tsa boitšoaro, ho laetsana ho ka lebisa leratong ’me, hamorao, lenyalong le hlomphehang. Etsoe Molimo o bōpile monna le mosali hore ba hohelane. Empa ho thoe’ng haeba ha u e-s’o hōle ka ho lekaneng ho tšoanelehela lenyalo? Ka ho laetsana e e-s’o be nako, u tla be u ikenya tšotso linaleng.
Hobane’ng? Hobane ha u qeta nako e ngata le motho oa bong bo fapaneng, joang kapa joang maikutlo a lerato a tla phahama. Pele u elelloa, u se u tatetse ho boela u teana le motho eo. Ha le se ’moho, ho luma eena feela ka hloohong. Leha ho le joalo, hangata maikutlo a joalo a ba ka lehlakoreng le le leng—ha e mong eena a utloa bohloko. Esita leha maikutlo a tšoana, ho tla ’ne ho be le ho ferekana le ho utloa bohloko haeba e mong a e-s’o hōle ka ho lekaneng maikutlong kapa lilemong hore a ka kena lenyalong. Ha e le hantle, kamano e joalo e ka fella ka eng? Maele a Bibele a re: “Na motho a ka bokella mollo sefubeng sa hae leha ho le joalo liaparo tsa hae li sa che?”—Liproverbia 6:27.
Ak’u nahane ka mocha e mong ea bitsoang Nina. Oa pheta: “Ke ile ka teana le moshemane e mong mocheng oa puisano ka Internet. Re ne re qeta lihora tse ngata letsatsi ka leng re buisana mocheng ona oa puisano ka Internet. Ke ile ka nkeha maikutlo ke eena, ’me ka utloa hore nke ke ka khona ho phela ntle ho eena. Setsoalle sa rōna ha sea ka sa tšoarella nako e telele. Hoba se khaohe, ke ile ka tepella maikutlo haholo. Ka mor’a moo o ile a ntetsetsa a mpolella hore o tlil’o ipolaea ka lebaka la karohano ea rōna. Sena se ile sa etsa hore ke tepelle le ho feta.” Ha a hetla morao, Nina o lihela likhala ka ho re: “E bile tšenyo ea nako feela! Setsoalle seo se felile lilemong tse peli tse fetileng, empa le joale ke sa ntse ke tepeletse maikutlo.” Nina o ne a sa ntsane a le monyenyane haholo hore a ka ba le maikutlo a lerato ka motho e mong.
Ntho e thahasellisang ke hore ha Bibele e bua ka “tsela ea monna ea shahlileng ho moroetsana,” e ka ’na eaba e bua ka ho kopanela liphate. Lefatšeng kajeno, hangata ho laetsana ho lebisa ho kopaneleng liphate. Ho ka ’na ha qala ka boikemisetso bo botle, mohlomong ka ho tšoarana ka matsoho. E ntan’o ba ho hakana le ho suna e mong lerameng. Boemo bo fapane ha bacha ba babeli ba seng ba hōla-hōlile ba entseng tlamo e tebileng ba etsa lipontšo tse joalo tsa lerato. Empa ho batho ba babeli ba banyenyane haholo hore ba ka kena lenyalong, boitšoaro bo joalo bo mpa bo tsosa takatso e sa hlokahaleng ea ho kopanela liphate. Lipontšo tsa “lerato” li ka tsoela pele ho isa bohōleng ba ho ba tse sa lokelang kapa tse sa hloekang. Li ka ba tsa lebisa mofuteng o itseng oa bohlola.b
Litholoana tsa bohlola lia baba. Ba bang ba kopanelang ho bona ba tšoaroa ke maloetse a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate. Ba bang ba lahleheloa ke boitlhompho ’me ba lematsa matsoalo a bona. Baroetsana ba bang ba bacha ba iphumana ba imme. Ha ho makatse hore ebe Bibele e fana ka keletso ena: “Balehelang bohlola”! (1 Bakorinthe 6:13, 18; 1 Bathesalonika 4:3) Ho qoba ho laetsana e-s’o be nako ho tla u thusa ho ela hloko taelo ena.
Ha ho Loketse Hore U ka Laetsana
Sena hase bolele hore ha ho mohla u tla ke u laetsane. Empa haeba u mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20, u nakong eo Bibele e e bitsang “palesa ea bocha.” (1 Bakorinthe 7:36) Ke hona u qalang ho hōla hore qetellong u be monna kapa mosali. Nakong ena, u qala ho hōla ’meleng, maikutlong le botoneng kapa botšehaling. Maikutlo a hao—ho akarelletsa le takatso ea ho kopanela liphate—a ka ’na a ba tlhōrōng ea ’ona. Leha ho le joalo, maikutlo ao a ka ’na a fetoha ka ho panya ha leihlo. Ke ka lebaka leo, litaba tsa bacha tsa lerato li atisang ho ba tsa nakoana. Moroetsana e mong oa hopola: “Ha ke ne ke laetsana le moshemane, e ne e atisa ho ba ntho ea beke feela ebe ho felile bekeng e latelang.”
Ka ho hlakileng, ke ntho e sa utloahaleng ho laetsana nakong ea “palesa ea bocha.” Ntho e molemo ke ho ema ho fihlela u itseba, u tseba lintho tseo u li batlang le tseo u sa li batleng, le lipakane tseo u batlang ho li hahamalla. Hape, e lokela hore ebe u hōlile ka ho lekaneng hore u ka phetha boikarabelo ba lenyalo. Ka mohlala, Jehova o lebeletse hore monna a hlokomele lelapa la hae—nameng, ka lintho tse bonahalang le moeeng. Haeba u moshemane ea ka tlaase ho lilemo tse 20, na u se u loketse ho fumana mosebetsi le ho hlokomela mosali mohlomong le bana? Na u boemong ba ho ba thusa hore ba sireletse bomoea ba bona? Hona ho thoe’ng haeba u ngoanana? Mosali o lokela ho rata le ho hlompha monna oa hae; o lokela ho tšehetsa liqeto tseo a li etsang. Na u hlile u ikemiselitse ho etsa joalo ka nako e telele? Hape, na u se u loketse ho hlokomela lelapa letsatsi le leng le le leng—ho pheha lijo le ho hlokomela bana?—Baefese 5:22-25, 28-31; 1 Timothea 5:8.
Ho etsa mohlala: Linaheng tsa Bophirimela bacha ba lora ba khanna koloi ea lelapa. Empa ke eng seo mocha a tlamehang ho se etsa pele a lumelloa ho khanna? Linaheng tse ngata u lokela ho koetlisoa le ho hlahlojoa pele u fuoa lakesense. Hobane’ng? Hobane ho khanna ke boikarabelo bo tebileng. Ha u khanna bophelo ba hao le ba batho ba bang bo matsohong a hao. Ka tsela e tšoanang, lenyalo le lona ke boikarabelo bo tebileng! Haeba u mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20, mohlomong ha u e-s’o tšoanelehele boikarabelo bo joalo. Ka baka leo, u tla be u le bohlale ha u hanela tšusumetso ea ho laetsana, kaha ho laetsana ke bohato bo lebisang ho fumaneng molekane oa lenyalo. Ha re toba taba: Haeba ha u e-s’o tšoanelehele lenyalo, ha ua lokela ho laetsana.
Hore u etse qeto e bohlale tabeng ena, u hloka seo Bibele e reng ke “tsebo le matla a ho nahana.” (Liproverbia 1:4) Ka hona, e ka ’na ea e-ba bohlale hore u batle tsebo le phihlelo ea motho e mong ea hōlileng. Hangata batsoali ba Bakreste ba boemong bo botle ba ho u thusa ho lekanyetsa haeba u se u tšoanelehela lenyalo. Mohlomong u ka batla keletso ho ba hōlileng tsebong phuthehong ea Bokreste. Haeba batsoali ba hao ba sa batle ha u laetsana, u tla be u etsa hantle ha u ka sebelisana le bona. Ba rata ho u thusa hore u “qobe tlokotsi.”—Moeklesia 11:10.
Haeba ba nahana hore ha u e-s’o tšoanelehe hore u ka laetsana, ba ka ’na ba u khothalletsa hore khabareng, ho e-na le hore u lebise tlhokomelo ea hao ho motho ea itseng, u atolose metsoalle ea hao. Ho tloaelana le masoha le batho ba nyetseng, ba hōlileng le ba bacha, ho akarelletsa le lithaka tsa hao, ho ka u thusa ho ntlafatsa botho ba hao le ho talima bophelo le lenyalo ka tsela ea sebele.
Ho leta ho fihlela u tšoaneleha ho laetsana ho ke ke ha e-ba bonolo. Empa ho leta ke habohlokoa. Ho sebelisa nako ea “palesa ea bocha” bakeng sa ho hōla hore u be motho e moholo, ea nang le boikarabelo, ho tla u qobisa mathata a mangata. U tla be u ipha nako ea ho ba motho ea ka mamellang likhatello tsa lenyalo le ea ka jarang boikarabelo ba lona. Ebile u tla be u ipha nako ea ho hōla hore u be motho oa moea. Ka tsela eo, ha u se u loketse ho laetsana, batho ba bang ba ka ’na ba thahasella ho u tseba hamolemonyana.
Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngola ’me u romelle lebitso la hao le aterese ea hao ea lapeng ho Lipaki tsa Jehova, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Lentsoe la mathomo la Segerike le bolelang bohlola ke por·neiʹa. Le bolela tšebeliso ea litho tsa botona kapa tsa botšehali ka ntle ho tlamo ea lenyalo. Sena se akarelletsa ho pholla le ho nyanyana litho tsa botona kapa botšehali.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Hangata lipontšo tsa lerato li lebisa kotsing