Pono ea Bibele
Ho Ntša Mpa—Na ke Karabo ea Sepenya sa Baahi?
EBANG ke ka mabaka a molao oa sechaba kapa khetho ea motho ka mong, ho ntša mpa ebile mokhoa o tloaelehileng oa ho laola palo ea baahi nakong e fetileng le hona joale.
Tlaleho ea koranta ea Canada e ne e na le sehlooho “Tlokotsi ea Chaena ke ho ntšuoa ha limpa tse limillione tse 53” e qotsa tlaleho ea Lefapha la Tšebeletso ea Bophelo bo Botle ba Sechaba Chaena mabapi le palo eo e tšosang ho tloha ka 1979 ho ea ho 1984. Ho ntša mpa hona nakong ea lilemo tse hlano e ka palo e imenneng habeli ea baahi ba Canada!
Japane e lekanyetsa hore har’a baimana ba limillione tse 2,1 ka selemo ba etsang karolo ea 30 lekholong ba ntša mpa naheng eo. Masea a mang a sa kang a belehoa a hopoloa ka ho etsetsoa lejoana, setšoantšo sa polasitiki, kapa lipopi tse beoang litempeleng tsa Buddha hohle naheng.
Karolong e ’ngoe ea lefatše Sweden, ho ntša mpa ho ile ha lumelloa ho tloha ka 1946 ka “mabaka a meriana le bophelo, katleho ea sechaba, mabaka a ho thibela lesea le sa hōlang hantle kapa ho tsoa kotsi ha lesea le hōlang ka pōpelong.” Hona joale, ho tšoana le linaheng tse ling, basali ba bangata ba Sweden ba bona ho ntša mpa e le ntho e lumelehang sechabeng le tsela e tloaelehileng ho lekanyetsa malapa a bona.
Mokhoa oa Boholo-holo o Tummeng
Athene ea boholo-holo, ho ntša mpa ho ne ho sebelisetsoa ho laola palo ea baahi. Ho ea ka rahistori Will Durant ho The Story of Civilization “Ho khetha ho lekanyetsa lelapa e ne e le ntho e tloaelehileng, ebang e ne e le ka ho sebelisa lithibela-pelehi, ho ntša mpa, kapa ho bolaea lesea.”
Ho ntša mpa ho ne ho boetse ho tloaelehile ’musong oa Roma. Ka mabaka afe? Durant o tsoela pele: “Basali ba ne ba lakatsa ho ba batle tšobotsing ea ho kopanela liphate e seng ho ba bo-’mè; ka kakaretso takatso ea tokoloho ea motho ho bonahala e ne e loantša litlhoko tsa sechaba. . . . Ho ba keneng lenyalong, ba bangata ho ne ho bonahala ho lekanyetsa malapa a bona ka ho ntša mpa, ho bolaea lesea, coitus interruptus nakong ea likamano, le lithibela-pelehi.” Na lenane le eketsehang la ho ntša limpa mehleng ea rōna hase ka mabaka a tšoanang?
Pono ea Bakreste ha Pele
Bakreste ba pele ba ne ba ema ba tiile khahlanong le ho ntša mpa. Durant oa phaella: “Ho ntša mpa le ho bolaea masea ho neng ho jele setsi sechabeng sa bahedene, ho ne ho thibetsoe ho Bakreste hobane ho ne ho tšoana le polao.” Le hoja ho lekanyetsa lelapa ho ne ho tloaelehile mehleng ea Magerike le Maroma, sechaba sa Bokreste se ile sa ema se lomahantse meno molaong oa boitšoaro o hlomphang ho halalela ha bophelo, joaloka mehleng ea Iseraele ea boholo-holo, bana e ne e le letšoao la tlhohonolofatso ea Jehova. Mopesaleme oa bolela: “Bonang, bara ke lefa la Jehova, ’me tholoana ea pōpelo ea mosali ke moputso.”—Pesaleme ea 127:3.
Ho hlakile ho tsoa Lentsoeng la Molimo, Bibele, hore Jehova, “seliba sa bophelo,” o hlokomela tokelo ea bophelo ba lesea le e-song ho belehoe. Joang? Pele, Bibele e bontša hore o talima lesea le e-song belehoe e le ho fetang ho ba sehlopha sa lisele feela. Mopesaleme o hlalosa thahasello ea Molimo tokisetsong ea pōpo ea hae e hlollang ka tsela ena: “Uena [Jehova] oa mpoloka ke patehile ka mpeng ea ’mè. . . . Mahlo a hao a bone le qaleho ea ka, ’me likarolo tsohle tsa eona li ile tsa ngoloa bukeng ea hao hore na ke entsoe neng leha ho ne ho se le e ’ngoe ho tsona.”—Pesaleme ea 36:9; 139:13-16, NW.
Ho feta moo, Molimo o beha motho molato haeba ka kotsi a sitisa mokhoa oa tlhaho o amanang le lesea le e-song ho belehoe. Hlokomela hore Molao oa Moshe o behile boikarabelo bo boima ho batho ba joalo, o re: “Haeba banna ba loana, ’me ba ntša mosali ea jereng ngoana kotsi, ’me hoo tholoana ea hae e tsoelang kantle empa ho se kotsi e latelang, ruri o tla ba lefisa, ho ea kamoo monna oa mosali eo a tla bitsa kateng; ’me o tla lefa kamoo baahloli ba lekanyelitseng. Empa haeba ho ka hlaha kotsi leha e le efe, hona o tla lefa bophelo ka bophelo.”—Exoda 21:22, 23, American Standard Version.
Haeba Jehova a talima kotsi e sitisang lesea le e-song ho belehoe e hlahisa liphello tse tebileng joalo, ke molato o moholo hakaakang ho ba etsang joalo ka boomo, joaloka tabeng ea ho ntša mpa! Hape, kaha Jehova ha a fana ka litekanyetso tsa matsatsi a bophelo a lesea le e-song ho belehoe ha a fana ka molao ho Exoda khaolo 21, litsekisano tse theiloeng matsatsing a bophelo ba lesea li fetoha lefeela.
Karabo Tabeng ea Sepenya sa Baahi
Ho sa le joalo, ba bang ba ka bolela ka hore ka lebaka la khaello e eketsehang ea lijo, khaello ea matlo, le phepelo e fokolang ea metsi a hloekileng, mekhoa e itseng ea ho ntša mpa e le tsela ea ho laola sepenya sa baahi ho tla fokotsa khatello melokong e tlang. Leha ho le joalo, na ena ke eona tsela feela ea ho tlisa ho Ieka-lekana palong ea baahi lefatšeng?
Lilemong tse ka bang 6 000 tse fetileng, Jehova Molimo o tsebahalitse morero oa hae mabapi le batho polaneteng ea Lefatše. Jehova o boleletse monna le mosali ba pele: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, ’me le rene holim’a lona.” (Genese 1:28) Hlokomela morero oa Molimo o boletsoeng ke ho tlatsa lefatše, e seng hore lefatše le be le sepenya sa baahi. ’Mōpi o tla finyella ho Ieka-lekana ha palo ea baahi lefatšeng—a lekanyetse palo e loketseng ea baahi, ho Ieka-lekana ha tlhaho, le tlhahiso ea lijo tse lekaneng.—Esaia 65:17-25.
Ke ho utloahalang ho lumela hore ’Mōpi oa matla a motho a ho ikatisa ka boeena ka ho loketseng o tla laola matla a ho finyella teka-tekano ena e phethahetseng. Ho ke ke ha hlokahala ho ntša limpa bakeng sa ho fokotsa palo ea baahi ba lefatše. Jehova ka ’Muso oa Mora oa hae, Kreste Jesu, o tla tiisa hore lefatše le tlatsoa ka batho ba tšepahalang ba phelang paradeiseng ea lefatše lohle.—Esaia 55:8-11; Tšenolo 21:1-5.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 25]
“Ho ntša mpa le ho bolaea lesea . . . li ne li thibetsoe hobane ho ne ho tsoana le polao.”—Rahistori Will Durant
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
“Nakong eo lesea le nang le likhoeli tse tšeletseng le le ka pōpelong, le ea bona, le ea utloa, le ea hlokomela, le ea latsoa esita le ho ithuta.”—Ngaka T. Verny, mongoli oa buka “The Secret Life of the Unborn”