Bacha Baa Botsa . . .
Ke Eng se Tšabehang Hakaana ka Libaesekopo Tse Tšosang?
LE HOJA li nyatsoa ke batho, batsoali, batsamaisi ba TV, libaesekopo tse tšosang li ntse li eketseha ka sekhahla. Haeba boikemisetso e le ho etsa chelete, libaesekopo tse tšosang li atleha haholo, hobane bashebelli ba reka litekete tsa ho kena baesekopong. Baetsi ba lifilimi, ba ikemiselitseng ho etsa phaello e eketsehileng, ba potlakela ho etsa setšoantšo se hapang khahleho joaloka sa pele hore ba fumane phaello e tšoanang. Ka baka la phaello ena, baetsi ba bang ba libaesekopo ba potlakela ho etsa tse ling tse batlileng li tšoana le tsona.
Bahlaseluoa ba lifilimi tsena tse tšosang ke bo-mang? Bacha. Ke ho tloaelehileng ho bona bacha ba eme mekoloko boemong bo batang ba leholimo ho ea boha selelekela sa baesekopo ea moraorao e tšabehang. Leha ho le joalo, leraba la libaesekopo tsena ke lefe? Na ho teng lebaka leha e le lefe la hore bacha ba li falimehele?
Libaesekopo tse Ncha tse Tšosang
Libaesekopo tse neng li tšosa bashebelli lilemong tse fetileng li hlahisitse mofuta o mong o mocha. Libaesekopo tsa kajeno tse tšosang ha li finyelle sehlohlolo sa tsona ka ho phetha pale e monate, liketsahalo tse sieang monahano sebakeng, kapa tse susumetsang monahano empa li finyella sehlohlolo haholo-holo ka pefo. Joaloka ha New York Post e tlaleha, “Liphoofolo tsa litonana li nketsoe sebaka ke batho ba nyoretsoeng ho tšolla mali.”
Ka mohlala, mohlahlobi oa filimi ea bone ea “Friday the 13th,” o hlokometse: “Filimi ea metsotso e 91 e entsoe ka liketsahalo tse fetang likotsi tse sisimosang tsa bacha ba ntšitsoeng likotsi tse tšabehang le ba hlobotseng . . . ho kopanyeletsa le ho khaoloa hlooho le ho sothoa molala.” Sebapali se ka sehloohong ke “’molai ea hlanyang ea bitsoang Jason, ea roetseng katiba ea ho ikhakanya, a khabela le ho totomela lihlopha tsa bacha ba bashanyana le banana ka tšepe.”
Kahoo mali a phallang ke taba e ka sehloohong ea libaesekopo tse ncha tse tšosang. Joale, ha ho makatse ha li bitsoa lifilimi tsa “ho bolaea ka thipa,” “tse tšollang mali,” le “letša la mali.”
Leraba la Lifilimi tse Tšosang
Leha ho le joalo, ke ho bolaea hona ho sehlōhō le “likotsi tse tšosang tse tšollang mali,” tse hulelang bacha ba bangata ka potlako liholong tsa libaesekopo. Ha Melissa ea lilemo li 16 a botsoa hore na ke hobane’ng ha a atisa ho shebella lifilimi tse tšosang, o lumetse ka botšepehi: “Ke rata lifilimi tse susumetsang. Ha ke rate ho ea baesekopong e tšoanang le Goldilocks. Ke rata ho ea baesekopong e kang Nightmare on Elm Street.” Oa phaella, “Ke rata ho bona ha batho ba bolaeana.”
Ka sebele, ho bacha ba bangata, motheo oa ho ahlola filimi ke kamoo lipolao li “nahanoang hantle” kateng. Mocha e mong o ngotse: “Ke utloile bashebelli ba opa liatla le ho letsetsa babolai mololi.” Sandy ea lilemo li 17 oa phaella: “Haeba lipontšo li ne li hlile li ntšosa, e ne e le baesekopo e ratehang. Haeba li sa etse joalo—e le feela letoto la lipolao—ha e monate.”
Lebaka la hore ba Bang ba li Shebelle
Hase bashebelli bohle ba libaesekopo tse tšosang ba hoheloang ke takatso ea pefo kapa boikutlo bo bobe. Ho bacha ba bang, lifilimi tse tšosang ke feela mokhoa oa ho iphapanyetsa mathata a bona, ho balehela ka nakoana bophelo bo tletseng lipelaelo. Ngaka Joyce Brothers oa hlokomela: “Ha bophelo ba hao bo rarahana haholo ebile bo tšosa . . . , ho bonolo ho iphapanyetsa bona ka ho sheba pale e tšosang.”
Bacha ba bang ba hoheloa ke litebello tsa lintho tse sieang monahano sebakeng le tse thabisang. Bobby ea lilemo li 14 oa hlalosa: “Ntho e sieang monahano o le sebakeng e etsa hore u lule u hlaphohetsoe. U talimane le lintho tse ngata tse tšosang.”
Bacha ba bang ba bashemane ba ikutloa hore ho ba ha bona banna ho tiisoa ke ho shebella libaesekopo tsa lipolao le tse tšollang mali ka matla. Reggie, moshebelli oa kamehla oa libaesekopo tse tšosang, o re:
“Haeba u tseba ho shebella libaesekopo tsa tšollo ea mali, o monna. Haeba u sa khone, metsoalle ea hao e u talima u le lekoala.”
Leha ho le joalo, bacha ba bangata ba ea libaesekopong tse tšosang ho fumana menyetla ea “lerato” ha ba laetsana. Quintella ea lilemo li 20 oa hopola: “Ha ke ne ke ile baesekopong e tšosang ’me boemo bo mpefala, ke ne ke tšoara mohlankana oa ka.” Oa phaella, “Ke nahana hore o ne a lebelletse boikutlo bona ebile a bo batla.” Bacha ba banana ba tsebahala ka ho ikhakanya eka ba khopehile e le ho khathatsa bahlanka ba bona. Metsoalle ea bona ea bashanyana, e lebelletse boikutlo bona, e arabela ka boithatelo ho ba sireletsa.a
Litšoso, thabo, ho balehela mathata a botho, lerato—bacha ba bangata ba ikutloa hore kaha e le mona libaesekopo tse tšosang li fana ka lintho tsena tse bonahalang li thabisa, ha ho kotsi e khōlō ho tsona. Empa ha e le hantle na leo ke lona lebaka la bohlokoa?
Lifilimi tse Tšosang—Seo li se Rutang
Ke ’nete, lingaka tse ling li ikutloa hore lifilimi tse tšosang ha li kotsi, ha li bake letho ha e se feela ho hlobaela haholo bosiu. Leha ho le joalo, lenane le leholo la litsebi tse hlomphuoang li bolela hore ho na le likotsi.
Ngaka Leonard Berkowitz, moprofesara oa thuto ea mahlale Univesithing ea Wisconsin, o lumela hore pefo ea libaesekopo tse tšosang e na le phello e imenneng hararo ho bashebelli. “Ea pele e etsa bashebelli ka kakaretso ba ikutloe ba sa tšoha haholo, le ba fapaneng haholo, pefong. Ea bobeli, bamameli ba ka ’na ba ithuta thuto ea hore pefo ke boitšoaro bo amohelehang. Ea boraro ba bang ba ka thabisoa ke eona.”
Ha e le hantle, na ho utloela batho ba bang bohloko ha ho bule lekhalo pakeng tsa batho le liphoofolo tse sehlōhō? Leha ho le joalo, pefo e sa laoleheng ea libaesekopo tse tšosang, e ka felisa kutloelo-bohloko eo habonolo. Re hopotsoa kamoo moapostola Pauluse a ileng a nyatsa bao “ka lebaka la bothata ba lipelo tsa bona” ba fetohileng “ba timeletsoeng ke kutlo.” Leha ho le joalo, o khothallelitse Bakreste ho “utloelana bohloko, ho hauhelana.” (Ba-Efese 4:18, 19, 32, Kingdom Interlinear) Na ho shebella lipolao tse hlokang kelello ho ka thusa motho ho hlaolela litšobotsi tsee?
Pono ea Molimo ka Pefo
Haeba matla a liphello tsa lifilimi tsena e ne e le kotsi feela, hoo e ne e tla ba lebaka la kameho e tebileng. Le ho le joalo, ho Bakreste kameho e khōlō ke ho boloka botsoalle le Molimo. Sena se kopanyelletsa ho amohela pono ea oona ka pefo, e ileng ea hlakisoa ha a felisa lefatše la boholo-holo la mehleng ea Noe. Bibele e re: “Pefo e ne e tletse hohle. Molimo o ile oa talima lefatše ’me oa bona hoba le khopo, ka hobane batho bohle ba ne ba phela bophelo bo khopo. Molimo oa re ho Noe, ‘Ke entse qeto ea ho felisa batho bohle. Ke tla ba felisa ka ho feletseng, hobane lefatše le tletse liketso tsa bona tsa pefo.’”—Genese 6:11-13, Today’s English Version.
Kahoo mopesaleme o itse ka Jehova: “E mong le e mong ea ratang pefo ha e le hantle o hloile moea oa Hae.” (Pesaleme ea 11:5, NW) Kahoo, Bakreste ba pele ba hanne ho ba le seabo lipapaling tse tummeng tsa tšollo ea mali, tse neng li qabanya batho ba babeli kapa motho le phoofolo ntoeng ea lefu. Ke ’nete, ona e ne e le mokhoa o amohelehang oa boikhathollo nakong eo. Empa mongoli oa lekholong la bobeli la lilemo oa Mokreste ea bitsoang Athenagoras o itse: “Rōna, ka ho se batle ho bona motho a bolaoa hobane ho tšoana le ha u ’molaea, re ile ra qoba [ka ho feletseng] lipontšo tse joalo.”
Taba e sa lokelang ho hlokomolohuoa ke lifilimi tse ngata tse tšosang tse bontšang tšebelisano le meea le bodemona. Na ebe mocha oa Mokreste ‘o tla tseba ho hlōla lihlōhō tsohle tsa Diabolose’ haeba a iphepa ka filimi tse bontšang tšebelisano le meea?—Ba-Efese 6:11; Tšenolo 21:8.
Ka lebaka la takatso ea bona ea ho boloka botsoalle le Molimo, bacha ba bang bao ho buuoeng ka bona pelenyana—Reggie, Quintella, Sandy le Bobby—ba khaolitse ho shebella lifilimi tse tšosang. Che, ha ba fetoha batho ba itimang menate le mofuta o mong le o mong oa boithabiso. Empa ka ho ithuta Bibele, ba ananetse bohlokoa ba ho qoba boithabiso bo senyang boitšoaro. Ka ho hopola bohlokoa ba ho ela hloko boitšoaro bo nepahetseng mahareng a ba batona le ba batšehali, ha ba sebelise lifilimi tse joalo e le boitšireletso ba boitšoaro bo bobe. (1 Ba-Thessalonika 4:3, 4) Ba leka ka matla ho khetha seo ba se shebellang hobane ha ba sa amohela pefo e le boikhathallo.
Ba ikutloa hore libaesekopo tse tšosang li hlile li fetohile seo lebitso le se bolelang—lia tšabeha.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ile ha etsoa phuputso moo lihlopha tsa liithuti tsa koleche tse 36 tsa banna le basali li ithaopetseng ho shebella libaesekopo tse tšosang. Ho ile ha fumanoa hore haeba ngoanana a bontša ho tepella le ho khopeha kapele, mohlankana oa hae oa monna o mo talima e le ea bohehang. Ho e-na le hoo, haeba mohlankana oa monna a bontša sebete le ho utloa bohloko, o ratoa haholo. Phuputso e qetelletse ka hore lifilimi tse tšosang li fana ka motheo ho bashemane hore ba bonahale ba le sebete ’me ba e-na le boikutlo bo matla ba monna, ha ho ntse ho fuoa banana monyetla oa ho ananela “matšeliso” a bontšoang ke mohlankana oa hae oa monna.