’Mele—O Entsoe ka ho Hlollang ho Thabela Bophelo!
BAHLALEFI ba lumela hore ’mele oa motho o entsoe ka tsela e hlollang, ka sebele ke pōpo le mosebetsi o tsotehang. Ha likarolo tsohle tsa ’mele oa rōna li sebetsa hantle re ka etsa le ho thabela lintho tseo re tla tsota ha re nahanisisa ka tsona.
Ka mohlala, sheba matsoho a hao. A entsoe ka tsela e makatsang ho a nolofaletsa ho phetha lintho tse ngata mosebetsing kapa papaling. Hona joale, na matsoho a hao a tšoere makasine ona oo u ntseng u o bala? Ha ho le joalo, joale matsoho a hao a kobehile sebakeng se nepahetseng ho boloka makasine sebakeng se loketseng ho tloha mahlong a hao. Menoana ea hao e ntša khatello e lekaneng ho thibela makasine hore u se thelle matsohong a hao. ’Me menoana eo e laoloa ke boko ho etsa hantle seo u batlang hore e se etse ha u batla ho phetla leqephe. E ne e tla ba bomalimabe bo bokaakang ho hloka matsoho!
Leihlo la hao le lona lea ameha ha u bala maqephe ana. Methapo ea hao e rarahaneng ea boko le likarolo tse ling tsa ’mele lia kenella ka ho tlisa litlhaku tse ngotsoeng le litšoantšo leihlong la hao le ho li fetisetsa bokong. Melaetsa ea motlakase e etsuoang ke leihlo e fetisetsoa bokong, moo e sebelisoang ho bōpa litšoantšo tse tšoanang le tse leqepheng. Mahlo a rōna a bohlokoa hakaakang, ’me ho bohloko hakaakang ha re lahleheloa ke ona!
Boko ba motho bo na le boima bo ka etsang lik’hilograma tse 3,5 feela ’me bo ka lekana ka letsohong la hao. Empa boa hlolla, ke pōpo e ’ngoe e rarahaneng haholo bokahohleng.
Bo re nolofalletsa ho nahana, ho bona, ho utloa, ho bua, le ho laola mehato e nkuoang ke ’mele ea rōna. Re leboha boko bona bo rarahaneng, re tseba ho thabela ho likela ho hotle ha letsatsi, lijo tse monate, moea oa lehlabula lifahlehong tsa rōna, botle bo tsotehang ba lithaba, setšeho sa lesea, monko o monate oa lipalesa, ho angoa ke motho e mong eo re mo ratang—’me tse ngata tsa litšebetso tsena li iketsahalla feela kantle le ho susumetsoa ke ketso e ’ngoe e itseng. Ka ntle ho boko bona bo tšabehang, re ka be re sa thabele letho.
Mantsoe a mopesaleme a nepahetse hakaakang: “Ke u boka ka baka la mohlolo oa pōpeho ea ka!”—Pesaleme ea 139:14.
Le hoja motho a e-na le lisebelisoa tsena tse ntle, ho tla nako eo qetellong ’mele o felloang ke matla. Rea kula le ho tsofala, ebe rea shoa. Ekasitana le haeba re phela hantle ’meleng, ho na le lintho tse ngata tse mpe tse re potolohileng lefatšeng tse ka fokotsang thabo ea rōna leha re ntse re phetse hantle. Na lintho tsena tse sa thabiseng li tla ’ne li be teng kamehla? Kapa, na ’mele ea rōna e hlile e etselitsoe ho phela ka ho sa feleng e sa kule, e sa tsofale le ho shoa, le ho thabela bophelo ka ho sa feleng lefatšeng—ka tsela e feletseng haholoanyane ho feta ntho leha e le efe eo re e latsoang hona joale?
Tsoha! e tla hlahloba lintho tsena litokollong tse tharo tsa likhoeli tse latelang. Karolong ena, re tla bua ka likarolo tse seng kae feela tse hlollang tsa ’mele oa rōna: letsoho, leihlo, le boko.