Ananela Limpho Tse Ikhethang Tseo U li Fuoeng
’MELE oa motho o khona ho etsa lintho tse ngata ka ho fetisisa. Ha ho na phoofolo e ka bapisoang le batho ka bokhoni. Le leng la mabaka ao ka ’ona re khonang ho etsa lintho tse ngata ke hobane re eme re otlolohile, ’me seo se etsa hore re bone hōle ebile se etsa hore matsoho a rōna a lokolohe ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe oo re batlang ho o etsa. Ruri re ne re tla sitoa ho etsa lintho tse ngata haeba re ne re tsamaea ka maoto le matsoho!
Ntho e ’ngoe e re thusang ho etsa mesebetsi e sa tšoaneng ke tsela e rarahaneng eo likarolo tsa ’mele ea rōna tse re thusang ho utloa le ho lemoha li entsoeng ka eona, e leng seo re tla se tšohla sehloohong sena. Tsona li akarelletsa matsoho, litsebe, mahlo esita le boko ba rōna bo sebetsang ka tsela e hlollang. A re ke re tšohleng likarolo tsena tsa ’mele, e le ’ngoe ka nako.
Letsoho la Motho
Matsoho a rōna aa babatseha hobane a etsa lintho ka tsela e nepahetseng le ka mokhoa o hlollang. Ka matsoho a rōna, re ka kenya hareng lesobeng la nale ra ba ra ratha ka selepe, esita le ho penta setšoantšo kapa ho letsa piano. Matsoho a rōna a boetse a potlakela ho utloa lintho tseo a li thetsang. Esita le ho thetsa ntho ka nakoana, ho ka etsa hore u lemohe hore na ke boea, pampiri, letlalo, tšepe, metsi kapa lepolanka. Ka sebele, matsoho a rōna ha aa etsetsoa feela hore re tšoare lintho ka ’ona re be re sebetse ka ’ona. A boetse a re thusa hore re tsebe se ntseng se etsahala haufi le rōna. A re thusa hore re bontše batho ba bang hore rea ba rata ebile re amehile ka bona.
Ke hobane’ng ha matsoho a motho a khona ho etsa lintho tse babatsehang, a hlalosa maikutlo a mangata, a utloa ka potlako a bile a etsa lintho tse ngata hakaale? Ho na le mabaka a mangata. A re tšohleng a mane.
1. Matsoho a rōna a mabeli a na le masapo a fetang 50, e leng hoo e ka bang kotara ea masapo ’ohle a ’mele oa motho. Tsela e rarahaneng eo likarolo tsa letsoho, e leng masapo, manonyello le mesifa li kopantsoeng ka eona, e etsa hore letsoho la motho le khone ho soenetseha ka tsela e hlollang.
2. Letsoho le na le monoana o motona o ka thetsang lintlha tsa menoana e meng, ’me o lutse holim’a lenonyello le entsoeng ka masapo a mabeli a kopantsoeng ka bohlale a bōpehileng joaloka sale. Lenonyello lena, hammoho le mesifa le linama tse ling tsa lona, li etsa hore monoana o motona o be matla o be o soenetsehe ka tsela e hlollang.
3. Ho na le lihlopha tse tharo tsa mesifa tse laolang letsoho. Tse peli tse matla ka ho fetisisa, e leng tse thusang letsoho ho otloloha le tse le thusang ho kobeha, li sephakeng ’me li tsamaisa menoana li sebelisa litšika. Haeba mesifa ena e ne e le ka har’a letsoho, letsoho e ne e tla ba kitifa eo ho leng thata ho e laola! Sehlopha sa boraro se ka har’a seatla ’me sona se senyenyane haholo; ke sona se etsang hore menoana e sebetse ka tsela e nepahetseng.
4. Ha e le hantle, menoana ea hao e sebetsa joaloka lisensara—hobane lintlheng tsa menoana ho na le methatsoana ea kutlo e ka bang 2 500 sebakeng se ka tlaasenyana ho lisekoere-milimithara tse peli. Ho feta moo, methatsoana ena ha e tšoane, o mong le o mong o na le mosebetsi oa oona, e leng se u thusang hore u utloe hore na u thetsa ntho e joang, hore na hoa bata kapa hoa chesa; u utloe ha ntho e le mongobo, e thothomela, e o hateletse kapa e o utloisa bohloko. Ka lebaka leo, monoana oa motho o utloa lintho ka potlako ho feta sensara leha e le efe e entsoeng ke motho.
Tsebe ea Motho
Litsebi tsa litsebe li re le hoja liphoofolo tse ling li ka utloa molumo oo motho a ke keng a o utloa, litsebe tsa motho hammoho le boko ba hae li sebetsa hammoho ka tsela e hlollang. Tsela eo litsebe tsa rōna li sebetsang ka eona e re thusa ho utloa hore na lerata le lekae, hore na molumo o phahame kapa o tebile hakae, ho hakanya hore na o hlaha hokae le hore na ntho e o etsang e hōle hakae. Tsebe ea motho ea phetseng hantle e ka utloa molumo o pakeng tsa li-hertz tse ka bang 20 ho ea ho 20 000. Litsebe tsa rōna li lethoethoe ka ho fetisisa ha molumo o le pakeng tsa li-hertz tse 1 000 le tse 5 000. Ho feta moo, re ka lemoha ha molumo o fetoha esita le ka hertz e le ’ngoe feela. Ka mohlala, re ka utloa ha o tloha ho li-hertz tse 440 o nyolohela ho tse 441.
Ka sebele tsebe e phetseng hantle e lethoethoe, hoo e ka utloang molumo oa moea o fokang o sisinyang moropa oa eona sebaka se ka tlaase ho botenya ba athomo! Ho latela phuputso e ’ngoe ea univesithi e mabapi le tsela eo tsebe e utloang ka eona, “tsebe ea motho e ke ke ea utloa ho feta kamoo e utloang kateng . . . Ha ho hlokahale hore e be lethoethoe ho feta kamoo e leng kateng, kaha re ne re tla utloa ho shesha feela,” e leng molumo o etsoang ke liathomo le li-molecule tsa moea ha li ntse li foka.
Ha molumo o kena ka tsebeng, o sisinya moropa ebe masatsoana a tsebe a sisinyehang a etsa hore molumo o be matla ’me a o fetisetsa karolong e ka hare-hare ea tsebe. Masatsoana ana a bōpehile joaloka hamore, tšetlo le moraho oa sale. Empa ho etsahala’ng ha ka tšohanyetso tsebe ea hao e utloa lerata le matla? Litsebe li na le mesifa e li sireletsang, kahoo ha seo se etsahala mesifa ena e etsa hore masatsoana ao a fokotse lerata. Leha ho le joalo, litsebe ha lia etsetsoa ho mamela lerata le holimo ka nako e telele. Seo se ka li holofatsa. Kahoo, hlokomela mpho ena e ‘entsoeng ka mokhoa o hlollang’ e tsoang ho ’Mōpi oa hao.—Pesaleme ea 139:14.
Litsebe tsa hao li entsoe ka tsela e u thusang ho utloa hore na molumo o tsoa hokae. Ho na le lintho tse ngata tse thusang tsebe ho etsa joalo, tse akarelletsang sebōpeho sa tsebe se kang khetla, mela ea tsebe, ho arohana ha litsebe tse peli le tsela e hlollang eo boko bo sebetsanang le melaetsa ka eona. Kahoo, haeba molumo o fokotseha hanyane ka hanyane ha o tloha tsebeng e ’ngoe o ea ho e ’ngoe kapa haeba molumo o fihla tsebeng e ’ngoe ka nako e etsang likaroloana tse limilione tse 30 tsa motsotsoana pele o fihla tsebeng e ’ngoe, ka potlako boko bo tla bontša hore na molumo o tsoa hokae.
Nahana feela u se u lokela ho sebetsa lipalo tseo ka hlooho! Ka sebele u ne u tla lokela ho tseba ho sebetsa lipalo ka litsela tsa morao-rao—ebile u etsa seo ka lebelo la lehalima! Haeba moenjiniere ea itseng a ne a ka qapa ntho e sebetsang joaloka tsebe ea motho, esita le haeba e sa tšoane hantle le tsebe eo ’Mōpi oa hao a u fileng eona, o ne a tla fuoa likhau tse ngata. Empa ke hangata hakae u eeng u utloe batho ba tlotlisa Molimo ka lebaka la mesebetsi ea hae e hlollang?—Baroma 1:20.
Leihlo la Motho
Bafuputsi ba bang ba hakanya hore hoo e ka bang karolo ea 80 lekholong ea lintho tseo batho ba bonang hantle ba li tsebang, ba ithutile tsona ka hore ba li bone. Mahlo a rōna a sebelisana le boko ho re thusa hore re bone ’mala o mong le o mong, re nolofalloe ho bona lintho tse tsamaeang, lintho tse bōpehileng ka litsela tse sa tšoaneng re be re bone ntho ka ho feletseng. Ho feta moo, mahlo a rōna a khona ho bona ho sa tsotellehe hore na ho na le khanya e kae.
E le hore leihlo le bone ho sa tsotellehe hore na khanya e kae, le na le likarolo tse ngata tse sebelisanang. Ka mohlala, thaka ea leihlo e ka buleha ho tloha ho milimithara le halofo ho ea ho limilimithara tse robeli, e leng se fellang ka hore khanya e kenang ka leihlong e eketsehe ka makhetlo a ka bang 30. Ka mor’a moo e phunyelletsa lenseng, ebe lense eona e fetisetsa khanya mothapong oa pono o bitsoang retina, o etsang hore e be matla ka makhetlo a 100 000. Kahoo, le ka mohla u se ke ua sheba letsatsi ka ho toba u sa sireletsa mahlo a hao!
Ka har’a mothapo oa pono, ho na le mefuta e ’meli ea lisele tsa pono. Ke tse re thusang ho bona khanyeng (tseo ho hakanngoang hore li limilione tse 6), ebile li re thusa hore re bone mebala le lintho ka ho hlaka; ho boetse ho na le lisele tse re thusang hore re bone ha ho le lerootho (tse ka bang limilione tse 120-140) ’me matla a tsona a feta a lisele tse re thusang ho bona leseling ka makhetlo a fetang sekete. Bonneteng ha lisele tse re thusang ho bona lefifing li sebetsa hantle, re ka bona le tlhasenyana ea khanya!
Ntho e ’ngoe e thusang leihlo hore le khone ho ikamahanya le maemo a sa tšoaneng ke hore lisele tsa mothapo oa pono li hoketsoe liseleng tse thusang leihlo ho bona moo ho khanyang le tse le thusang ho bona moo ho leng lerootho. Ho latela Mokhatlo oa Amerika oa Lingaka Tsa Mahlo, lisele tsena li ikamahanya le maemo “ka metsotsoana ’me li ka ntlafatsa tsela eo re bonang ka eona bosiu ka makhetlo a 10 kapa ho feta moo. Bokhoni ba lisele tsena ba ho ikamahanya le maemo bo batla bo tšoana le ha ho ka kenngoa filimi e sebetsang ka potlako le e sebetsang butle k’hamereng e le ’ngoe.”
Baenjiniere ba atisa ho qapa lik’hamera, li-scanner le lik’homphieutha, hammoho le mananeo a ho li tsamaisa. Empa tsela eo li hokahantsoeng ka eona le eo li rarahaneng ka eona ho hang hase letho ha e bapisoa le eo likarolo tsa ’mele ea rōna tse re thusang ho utloa le ho lemoha li entsoeng ka eona. Ipotse, ‘Na ke ntho e utloahalang ho bolela hore likarolo tsa ’mele ea rōna tse ipabolang tse re thusang ho utloa le ho lemoha li bile teng ka tsietsi, joalokaha batho ba lumelang khopolo ea hore lintho li iphetotse ba rialo?’ Mohlanka oa Molimo oa mehleng ea boholo-holo ea bitsoang Jobo, o ne a sa tsebe hakaalo ka ’mele oa motho ha ho bapisoa le seo re se tsebang kajeno. Leha ho le joalo, o ile a ikutloa a tlameha hore a re ho Molimo: “Matsoho a hao a mpōpile.”—Jobo 10:8.
Boko ba Motho
Boko bo sebelisa bokhoni bo hlollang ho hlalosa melaetsa e kenang lenyelenyele ka methapo e hlahang likarolong tsa ’mele tse re thusang ho utloa le ho lemoha. Ho feta moo, bo amahanya melaetsa ena le boitsebiso bo seng bo ntse bo le teng kelellong. Kahoo, monko o itseng o ka etsa hore hang-hang boko bo hopole ketsahalo e itseng eo e leng khale motho a e lebetse. ’Me ha u bona karolo e nyenyane feela ea ntho e itseng eo u e tsebang, joaloka ntlha ea mohatla oa katse ea hao, boko ba hao bo tla u thusa ho elelloa hore mohatla oo ke oa katse ea hao ’me u tla tseba hore e pel’a hao.
Ha e le hantle, ha u hlaha, boko ba hao bo ne bo se na litšoantšo tsa likatse, feela joalokaha bo ne bo sa tsebe monko oa rosa kapa molumo oa metsi a phallang kapa hore na boea bo joang ha u bo tšoara. Boko ba hao bo ithutile ho amahanya lintho tsena. Ntlha eo e totobatsoa ke se etsahallang batho ba hlahileng ba foufetse ba thusitsoeng hore ba bone, mohlomong ka hore ba etsoe opereishene. Boko ba bona bo tlameha ho ithuta ho hlalosa lintho tse ngata-ngata tseo joale ba seng ba li bona. Ho etsahala’ng ka batho ba joalo?
Ho e-s’o ee kae ba bolela hore ba khona ho bona mebala, motsamao le lintho tse tloaelehileng. Empa ka mor’a moo, ba ntlafatsa ka litsela tse sa tšoaneng. Bana ke bona ba tsoelang pele ho ithuta hantle, ka ho khetheha ba banyenyane haholo. Empa ho batho ba baholo ha ho bonolo. Ho bile ho thata hore ba hopole lifahleho tsa batho. ’Me ho latela ba Laboratori ea Koch e Setsing sa Theknoloji sa California, ntho e utloisang bohloko ke hore hangata batho ba baholo “ba phekotsoeng” ba “qala ba nyakaletse empa hamorao ha ba se ba bona baa sithabela ebile baa ferekana ’me sena se atisa ho fella ka hore ba tetebele habohloko maikutlong.”
Lintlha tsena li re thusa ho utloisisa ka botlalo hore na tsela eo Jesu Kreste a neng a phekola batho ka eona nakong ea tšebeletso ea hae lefatšeng e ne e le ea boleng bofe. O ne a sa tutubolle mahlo a lifofu le ho thibolla litsebe tsa litholo feela, empa o ne a boetse a thusa batho bana hore ba qale ho bona le ho utloa. Ka tsela e tšoanang, limumu li ne li bua ka tsela e tloaelehileng, e leng ntho e neng e hlolla ka ho khetheha ho batho ba tsoetsoeng ba e-na le bokooa boo. (Matheu 15:30; Mareka 8:22-25; Luka 7:21, 22) ’Me re ka kholiseha hore ha ho le ea mong oa batho ba neng ba foufetse ea ileng a tetebela maikutlo ka mor’a hore a phekoloe. Ha e le hantle, monna e mong ea neng a phekotsoe o ile a buella Jesu ka sebete, a re ho lira tsa Jesu tsa bolumeli: “Ho tloha khale ha ho e-s’o ka ho utloahala hore leha e le mang o kile a bula mahlo a ea tsoetsoeng a foufetse. Haeba monna enoa a ne a sa tsoe ho Molimo, ho hang o ne a ke ke a etsa letho.”—Johanne 9:1-38.
Sehloohong se latelang, re tla tšohla litšobotsi tse ling tsa rōna tse sa bonahaleng mahlong a batho, tse akarelletsang sebete le lerato. Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha e le batho feela ba khonang ho bonahatsa litšobotsi tsee? Bonneteng hore ebe batho ba na le litšobotsi tsena tse ikhethang ho qakile batho ba batlang ho fana ka bopaki ba hore re mpa re le liphoofolo tse tsoetseng pele.
[Lebokose le leqepheng la 7]
BOKO BA HAO BOA HLOLLA!
Boko ba hao bo utloa joang lintho tseo u li thetsang, tseo u li mametseng, tseo u li bonang le tseo u li fofonelang? Ena ke pharela ho bo-rasaense. Rasaense e mong ea bitsoang Gerald L. Schroeder o re: “Ha ho na letho ka bokong ba hao le bontšang hore na bo bona mantsoe ao u ntseng u a bala joang.”
O ile a boela a ngola tjena: “Ha ho sibolloa tsela e rarahaneng eo ho seng motho ea neng a kile a nahana ka eona mabapi le hore na boko bo sebetsa joang, khopolo ea batho ba khang litaba ka holimo ea hore bophelo bo bile teng ka hore lintho li iphetole ebile e le ntle ho morero, e fetoha lefeela.” O tsoela pele ka ho re: “Haeba Darwin a ne a ile a tseba sephiri sa hore na lintho tse phelang li entsoe ka bohlale hakae, ke lumela hore mohlomong a ka be a tlile ka khopolo e fapaneng le eo ka ho feletseng.”
[Setšoantšo se Qanollang/Litšoantšo tse leqepheng la 5]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Masapo a rarahaneng
Lenonyello le kang sale
Mesifa e laolang letsoho
Karolo e utloang ka potlako
[Setšoantšo]
Se etsang hore matsoho a rōna a etse lintho tse ngata haholo
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Boko bo hlalosa melaetsa e kenang lenyelenyele e hlahang likarolong tsa ’mele tse re thusang ho utloa le ho lemoha, ebe bo e amahanya le boitsebiso bo seng bo ntse bo le teng kelellong