Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 7/8 maq. 7-8
  • Ho Hōla ha Thuto ea Bolumeli ba ba Batšo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hōla ha Thuto ea Bolumeli ba ba Batšo
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Katamelo e Kopaneng?
  • Bo Sebelisitsoe e le Sebetsa
  • Na Kereke ea Hao e Lokela ho Kena Lipolotiking?
    Tsoha!—1989
  • Batho ba Batšo ba Neng ba Loanela Litokelo Tsa Bona ba Fetoha Lipaki Tsa Jehova
    Tsoha!—1987
  • Bok’hatholike Linaheng Tse Fokolang Moruong—Bo Tsitsitse Hakae?
    Tsoha!—1987
  • Bokreste ba ’Nete bo Kopanya Merabe Eohle!
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 7/8 maq. 7-8

Ho Hōla ha Thuto ea Bolumeli ba ba Batšo

“Batho ba hangata ba batšo ba amahanya Bokreste le ‘apartheid.’”—Ho tsoa ho The Church Struggle in South Africa, ka moruti oa Congregationalist J. de Gruchy

BATHO ba bangata ba Afrika Boroa ba qhekanyelitsoe ke letšoao la Boprotestanta, ba ile ba fetohela ho se seng se secha—bolumeli ba ba batšo bo lekang ho buella boemo ba bona ka Bibele.

Louise Kretzschmar ho The Voice of Black Theology in South Africa oa hlalosa, “lentsoe ‘ntšo’ le ka hlalosoa ka litsela tse peli. Ea pele, le supa ho bao pele ba neng ba bitsoa ‘ba batšo’ kapa ‘bao e seng ba Europa,’ ke hore Maafrika, ba ’Mala le Maindia. . . . Ea bobeli, ‘botšo’ bo nkoa bo bolela ntho e le ’ngoe le ‘batho ba hateletsoeng Afrika Boroa.’”

Ka baka leo bolumeli ba ba batšo bo buella hore batho ba batšo ba lokela ho tšoaroa ka hlompho e tšoanang le ea ba basoeu hobane ba batšo le bona ba bōpuoe ka setšoantšo sa Molimo. Har’a lihlooho tsa eona tse khōlō ke ho lokolloa ha Baiseraele Egepeta le matšoenyeho a Jesu. ‘Molimo o ka lehlakoreng la ba hateletsoeng,’ ke lepetjo la bona le ba kopanyang.

Na ke Katamelo e Kopaneng?

Babuelli ba bolumeli ba ba batšo ke litho tsa likereke tse ngata tsa Afrika Boroa, ’me ho na le litsekisano tse sa laoleheng har’a bona. Ka mohlala, ba bang ba rata thuto le likhopolo tsa bokomonisi. Ba bang ba hana thuto le likhopolo tsa Marx. Kapa leha e le hore kaofela ba lumellana tabeng ea hore na batho ba basoeu ba lokela ho kopanela ka tekanyo e kae mokhoeng ona o mocha oa “Bokreste.”

Ha bahanyetsi ba bolumeli ba ba batšo ba tseka hore bo hōlisa bochaba ba ba batšo ka tsela e tšoanang le eo thuto ea khethollo ea morabe o hōlisang bochaba ba ba basoeu, Ngaka Allan Boesak, ’muelli ea etelletseng pele oa bolumeli ba ba batšo, oa arabela: “Tumelo ea Bokreste e phahametse litumelo tsohle le likhopolo tsohle tsa bochaba.”

Leha ho le joalo, moruti oa Kereke ea Congregationalist, Bonganjalo Goba, oa arabela: “Ha ke lumellane le Allan Boesak.” Goba o boletse hore ke ’nete e ke keng ea baleheloa hore bolumeli ba ba batšo “bo tla bontša lithahasello tsa litumelo tsa batho ba batšo. Ha ho se joalo e tla ba hase Bolumeli ba ba Batšo.” Mobishopo oa Lutere Ngaka Buthelezi oa eketsa: “Ke molaetsa o tšoanang oa Bibele o susumelitseng moea oa Boafrikaanse . . . o re susumeletsang ho bina pina ea Bolumeli ba ba Batšo.”

Bo Sebelisitsoe e le Sebetsa

Itumeleng Mosala, moruti oa Methodist le moruti oa “bolumeli ba ba batšo” o re: “Bolumeli ba ba batšo bo sebelitse morero oa bona hantle joaloka sebetsa khahlanong le bolumeli ba ba basoeu le batho ba teng.” Ka ho bua lintho tse hanyetsang joalo, babuelli ba ba batšo ba na le tšepo ea hore bacha ba tla lula likerekeng tsa bona. Ba bangata ba furaletse likereke ka baka la ho belaella tsela eo “Bokreste” bo etsoang kateng likerekeng.

Ba bang ba tsoela pele ’me ba sebelisa bolumeli ba ba batšo e le sebetsa sa phetoho ea lipolotiki. Takatso Mofokeng, moruti oa Kereke ea DR ea Afrika Boroa le moruti oa bolumeli ba ba batšo oa lumela: “Bolumeli ba ba batšo ke sebetsa sa bohlokoa ntoeng e tsoelang pele ea tokoloho.”

Mohlala oa sena ke The Kairos Document, e saennoeng ke baruti ba bolumeli ba 156 ba Afrika Boroa. Ho hlokahala hore litho tsa kereke li “fokotse khatello, li tlose puso ea bompoli le ho thea ’muso oa toka.” Baruti ba re: “Re lumela hore Molimo o sebetsa lefatšeng la rōna, o fetolela maemo a hlokisang tšepo le a mabe ho a matle hore ‘’Muso oa hae o tle’ ’me Thato ea oona e etsoe lefatšeng joaloka ha e etsoa leholimong.’ . . . Khohlano le ntoa li lokela ho ba matla likhoeling le lilemong tse tlang hobane ha ho tsela e ’ngoe ea ho felisa ho hloka toka le khatello.”

Leha ho le joalo, na sena ke se rutoang ke Bibele? Na ’Muso oa Molimo o tla tla ka phetohelo lipolotiking? Na ka hobane Boprotestanta bo ipakile e le mohloli oa ho se lumellane Afrika Boroa hoo ho bolela hore Bokreste ka bobona bo hlōlehile?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela