Batho ba Batšo ba Neng ba Loanela Litokelo Tsa Bona ba Fetoha Lipaki Tsa Jehova
Leeto le Lelelele le Liphetoho ho Tloha Matleng a Matšo ho ea Boemong ba ho Felloa ke Tšepo ’me Joale Leseling la Tšepo
LIITHUTI tsa ba basoeu li ne li rutoa bophelo le tikoloho ea Univesithi ea Tufts, Boston, bekeng ea tsona ea pele ea koetliso. Liithuti tsa ba batšo li ne li kopana le batho ba kang Angela Davis, Dick Gregory, Mamoseleme a Matšo. Bana e ne e le linokoane tsa mokha o loanelang litokelo, ’me balaoli ba sekolo ba ne ba sa tsebe hore ba teng moo. Ba ne ba tlile le balebeli ba bona ho tla re bolella merero e ntseng e etsoa ho khothaletsa phetohelo ea ’muso. Ba tutubololla mahlo a rōna hore a bone liketso tse mpe tse etsoang ke ’muso ’me ba re khothaletsa ho batla ka potlako matla a ba batšo. Ha u le lilemo li 17 u qholotsoa kapele ke ho hloka toka, ’me joale ka bona bohlokoa ba ho loanela matla.
E ne e le 1969 ’me e le selemo sa ka sa pele Tufts. Mohato oa bopolotiki oa ho leka matla a ka a matšo o ne o atametse. Ho ne ho ahuoa sebaka sa ho robala ’me basebetsi ba batšo moo ba ne ba le ’maloa feela. Ha letsatsi le chaba re ne re le setšeng sa bona sa mohaho. Re ne re lokiselitse hore ho tle batho ba tsoang motseng ba hlometseng ka lithunya le libetsa tse ling. Re ile ra khetha baetapele. Ke ne ke le moetapele sehlopheng se seng. Basali ba bararo ba ne ba le sehlopheng sa ka. Re ne re tšoere li-walkie-talkie ’me ra ipata ka har’a mohaho.
Empa ha basebetsi bao ba lihahi ba fihla mosebetsing, ba halefa hampe! Ba ne ba tloaelane. Ba ne ba sa tsotelle letho ka ’mala oa bona. Mohato oa rōna o ne o batla ho sitisa lelapa la bona. Ba ne ba batla ho re tsekolla likotoana! Mapolesa a hla a fihla hona mothating oo, a itlhomeletse moruso, ’me a tšoere melangoana ea teng. A fetoha lerako pakeng tsa rōna le basebetsi, ’me ntoa ea lala.
Ke ne ke kena liunivesithing tse peli selemong seo. Ke ne ke ngolisitse le Tufts le lenaneong la phapanyetsano leo Tufts e neng e le lokiselitse le Univesithi ea Mahlale a Boqapi ea Massachusetts (MIT). Mona univesithing ea MIT sehlalefi sa motho e motšo sa nkatamela. Ntlung ea polokelo ea libuka ea univesithi ea MIT, ho ne ho na le boitsebiso bo bongata ka libomo le ntoa. Setsebi sena sa mpolella: “Bona, ngoan’eso, haeba u batla ho e heletsa [tulo ea marobalo e hahuoeng], joale bona, a ke re u setsebi sa boenjinere?” Ka re, “E.” A re, “Nka etsa bomo ea nitrogen, ’me re hle re e qhaqholle.” Empa ke ne ke sa lokela hoo.
Lebitso la ka ke Larry Whitehead. Ke hlahetse Washington, D.C., ’me ke holetse Arlington, Virginia. Ke utloile mahlapa a mangata, a maholo le a manyenyane a tobisitsoe ho batho ba batšo. Ke qetile selemo sa ka sa pele sekolong se phahameng le liithuti tsa merabe eohle—empa ho ne ho se thuso kahobane ho ne ho e-na le mokha o hloileng batho ba batšo oa Ku Klux Klan le Manazi Virginia. Ke ne ke hloile ba basoeu, empa ke univesithing ea Tufts e nthutileng ho loanela litokelo tsa ka.
Madeline o Kopana le ’Na Tufts
Selemong se latelang Madeline a fihla Tufts—moriri o moholo le litšoantšo tse bontšang setebele sa Matla a Matšo, le tse ling. O hlalosa boemo bo mo entseng seo a leng sona:
“Litaba li ne li fapane ka boemo ba ka. Ha ke fihla Tufts, ke ne ke se ke le motho ea loanelang litokelo tsa ka. Ke hōletse tulong ea batho ba basoeu; liithuti tse ngata sekolong e ne e le ba basoeu; metsoalle ea ka e mengata e ne e le ba basoeu. Empa selemong sa ka sa bo11, ha qhoma morusu ka tlung ea ho jela—Martin Luther King o ne a fenethiloe, ’me batho ba ne ba halefile libakeng tse ngata. Ka baka leo ka tlung ea ho jela liithuti tsa batšo le ba basoeu tsa loana. Sekolo sa tlameha ho koaloa. Ka nyeka pelo ha ke bona metsoalle ea ka ea ba basoeu eo ke hōtseng le eona e bontša lehloeo le joalo. Ka felloa ke thabo. Ka fetoha ka ho feletseng. Ka kuta moriri ’ohle, ka o hōlisa Seafrika sa Amerika ’me ka chesehela Matla a Matšo. Ha ke fihla Tufts, lehloeo la ka ho ba basoeu le ne le hōtse ka ho feletseng.”
’Na le Madeline ra e-ba mafolofolo mokheng o loanelang litokelo tsa ba batšo univesithing ea Tufts. E ne e le nako ea phetoho e khōlō. Mekha e mengata e ne e hlonngoe univesithing. Ntoa ea Vietnam e ne e le tseko e khōlō. Mokha oa Liithuti oa Tsamaiso ea Lentsoe la Puso ea Sechaba o ne o le mafolo-folo. Tloaelo ea ho sebelisa lithethefatsi e ne e qala ho ata ka matla. ’Na le Madeline re ne re sa sebelise lithethefatsi, empa bao re neng re kopanela le bona, ba ne ba li sebelisa le ho li rekisa.
Tufts e ne e le sekolo sa ba basoeu, empa se ne se lumella liithuti tsa ba batšo ho ikarola, ’me hape re ne re na le Mokhatlo oa ba Batšo oa Koetliso ea Seafrika. Ke ile ka ba mopresidente oa Mokhatlo oa Maafrika a Amerika le oa liithuti tsa bashemane. Ho fenethoa ha Martin Luther King ha rotetsa cheseho ea mokha ’ona oa ba batšo, lefu la Malcolm X la mpefatsa boemo, ’me ha Jack le Bob Kennedy ba ne ba fenethoa (e ne e le “batho ba basoeu ba molemo” ba hlahelletseng), ha siea batho ba batšo ba hloka tšepo.
Re ne re batla ho thea setho sa rōna. Ra qala ho bala buka ea Marcus Garvey, Back to Africa, James Baldwin. Libaesekopo li ne li bontša litšoantšo tsa mesebetsi ea botšosi, batho ba batšo ba sotlehileng le ba khetholloang ka leeme. Tse ling tsa bontša basali ba Maarabia le bana ba kena libakeng tseo ba bang ba sa khoneng ho kena ho tsona, ba ne ba kena moo ba nkile libomo tseo ba li tlameletseng ’me ba thuntša sebaka seo—ba tela bophelo ba bona sebakeng sa litokelo tsa bona. Ka hona mehopolo ea rōna ea rutoa ho amohela mesebetsi e tšoanang.
Re Ruta “Bolumeli ba Batho ba Batšo”
Ke ’nile ka lumela ho Molimo, ka mo phopholetsa. (Liketso 17:27) Oa batla o ntahlehela ka ho feletseng ka 1970. Ra rata thuto e bitsoang Bolumeli ba Batho ba Batšo univesithing ea Tufts. E ne e hlile e le ho loantšana le Bibele. Mamoseleme a ba batšo a ne a le mafolo-folo, ’me a re ba basoeu ba tlileng ka Bibele ke balotsana. Haholo-holo bao ba mahlo a matala le moriri o mosehla. Ka lehlakoreng le leng, Jesu e ne e le motho e motšo ea nang le moriri o kang oa boea ba konyana. Re ne re le boikutlong bona ha ke kopana le Tim Sieradski. O ne a shahlile, moriri o le mosehla, mahlo a le matala, ’me a tla a tšoere Bibele letsohong la hae—molotsana e mosoeu ea mahlo a matala, eo nkileng ka ’mona! Ka nahana joalo. E ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ha a kokota monyakong oa ka, ka nahana: ‘Bonang molotsana e moholo ea mahlo a matala ea lekang ho nthuta Bibele.’ Empa kapele ka elelloa hore o tseba Bibele, ’me ka rata hore a mpontše ka Bibeleng moo ho boleloang hore moriri oa Jesu o tšoana le boea ba konyana.
Ho e-na le hoo, a mpolella ka bofelo ba lefatše lena, ebile a tšehetsa ka mangolo. Kaha ke le setsebi sa boenjineri, ke ne ke fumane bopaki ba hore Molimo o teng. Ke ne ke sa tsebe se boleloang ke Bibele—ke ne ke e-s’o ithute eona le ka mohla. Tim a mpalla lengolo le ileng la hapa thahasello ea ka: “O entse mefuta eohle ea batho ka mali a le mang ho aha sebakeng sa lefatše lohle.” (Liketso 17:26) Ka mamela Tim.
Empa Madeline a hana! E re a hlalose: “Ke ne ke nyahamisitsoe ka ho feletseng ke boikaketsi ba kereke. Ha ke le lilemo II 16, ka bona hore e tletse boikaketsi. Ke ne ke tseba hore ha ba phele ka molao—nakong ena ’na le Larry re ne re lula hammoho—empa ke ne ke sa batle ho ea kerekeng le ho iketsa moikaketsi. Kamehla ha Tim ea moriri o mosehla le mahlo a matala a fihla, a tšoere Bibele letsohong, ke ne ke sa ’muise. Re ne re fapana monyakong.”
Ra se ke ra hlola re bona Tim. Re ne re sa ikemisetsa ho tlohela mokha oa Matla a Matšo. Mokhatlo oa Maamerika a Afrika oa etsa litokisetso tsa ho bona sehlopha se bitsoang Bathothokisi ba Baholo. Bao ke batho ba batšo ba fetoletseng lithothokiso ’minong. Seo ba neng ba bua ka sona e ne e le phetoho: ‘Batho ba batšo iketseng khokan’a-phiri, ipheng matla, lihang puso ea ba basoeu, ntlafatsang bophelo.’ ‘Sebetsang hammoho, tšoarisanang’ ho ba hlōla. Kahoo ’na le Madeline ra etsa qeto ea ho sebetsa le batho ba batšo feela.
Lipelaelo lia Hlahella ’me lia Hōla
Re ile ra ntša chelete ho lebeletsa ntlo moahong oa batho ba batšo. Hoba re lete likhoeli tse tharo ’me re ntse re mameletse mabaka a mangata a fokolang, ra bolelloa hore e se e hiriselitsoe e mong. Pele ho moo, ke ne ke na le ntlo tulong ea ba batšo, ’me batho ba batšo ba roba lemati le ho utsoa liphahlo tsohle. Bosiung bo bong ke ne ke le lebenkeleng le rekisang lebejanapo ke buisana ka thelefono le ’mè oa ka ea lulang hōle. Banna ba bararo ba kena ’me ba tlatlapa lebenkele leo. Ke ne ke sa hlokomele ho fihlela ha monna enoa e motšo ea emeng kamor’a ka a re, “Khoba matšoafo, ngoan’eso.” Ka hetla, o ne a tšoere sethunya se itšebetsang sa .45 ’me a ntšupile ka sona mahetleng. Ngoan’eso e motšo ka sebele!
Ra bona hore ba batšo ba jana feela joaloka ba basoeu. Ha se ’mala, morabe; ke batho. Ho utloisa bohloko ebile hoa nyahamisa. Ra boela ra sheba hape batho ba batšo bao re neng re phela le bona Tufts. Mekheng ena ea liithuti tsa bashemane le banana ho ne ho se boena ba sebele. Ha re ea ka ra bo fumana esita le Mokhatlong oa Maafrika a Amerika. Metsoalle e meng ea ka e ne e sa tsotelle ho senya banana ba batšo. Banana ba batšo ba ne ba fihla univesithing. Batsoali ba bona ba ne ba ikentse sehlabelo ka lilemo tse ngata ho bokeletsa chelete ea ho ba romella moo. Joale banana ba batšo ba rutoa lithethefatsi. Ba bang ba qetella ba lekile ho ipolaea.
Joale ra qamakisisa bacha bana bohle, ba batšo le ba basoeu. Ba bang e ne e le basebelisi ba lithethefatsi, ba bang e le makhoba a joala, ’me ba bangata e le baikhabi feela. ’Me na oo e ne e le moloko oo bokamoso ba lefatše bo ka beeang mahetla ho ’ona? Hohle moo re talimang teng, re ne re sa fumane likarabo, ho ba batšo le ba basoeu.
Ho Felloa ke Tšepo
Lipelaelo li ne li fetisa tšepo. Madeline o hlalosa bothata ba hae bo hōlang: “Re bile libokeng tsena tsohle, ’me ho tsona ha hatisoa hore ha rea lokela ho ba le melao leha e le efe. Sohle seo u neng u batla ho se etsa se ne se lokile. Boo ke boemo bo hlokang taolo. Ha ho letho leo u ka le finyellang ka tsela eo.”
Ke ile ka lumela. Ka mehla ke ne ke batla litataiso tseo motho a ka phelang ka tsona. Pele ke ne ke ikutloa hore haeba kaofela re ne re le batšo, re tsoa motseng o le mong, re batla litokelo tse tšoanang, ho ne ho tla ba molemo. Ra bona hore ha ho phapano ho ba batšo le ba basoeu—ha ho ba molemo haholo, ha ho ba babe haholo, e ne e mpa e le motsoako oa botle le bobe. Bonngoe bo lokela ho ba le motheo o fetang oa morabe.
Ka ho hlakileng, ra tlameha ho etsa liphetoho tse itseng. Lintho li ne li re mpefalela. Ke hopola mantsiboea a mang: “Ho ne ho e-na le setšoantšo sa baesekopo univesithing ea Tufts se bontšang boholo ba bokahohleng, tlhophiso ea bona. Ke ile ka hlolloa, ke hopola ke ipolella hore hoo ha hoa itlhahela feela ka tsietsi. Haeba ho le teng tlhophiso e joalo bokahohleng, ho loketse hore ebe ho teng melao eo Molimo o e behetseng batho.”
Ra tloha Tufts ’me ra nyalana, ra simolla ho batla Molimo o entseng bokahohle bona bo hlophisitsoeng, Lefatše, le batho ba holim’a lona.
Ha re ntse re batla joalo, ra ea sebokeng sa thuto ea Bibele kerekeng ea Methodiste ea Seafrika ea Episkopale. Re ne re nkile Aid to Bible Understanding eo Tim a ntšietseng eona likhoeling tse fetileng. Ho ne ho buisanoa ka metse ea setšabelo. Ho ne ho se le ea mong ea tsebang hore na e ne e le eng ho fihlela ke ba balla bukeng ea Aid. Bohle ba ne ba thabile empa ba soaba ha ke ba bolella hore buka eo e hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova. Ha thola ha re tu! Na eo e ne e sa lokela hore ebe ke thuto ea Bibele?
Ho Chabeloa ke Leseli ho Fetola Bophelo ba Rōna
Ra tsamaela ruri. Ka ho hlakileng ra bona hore ba buang seo ba se tsebang ke Tim le Lipaki tsa Jehova. Ka hopola fane ea Tim, ka sheba nomoro ea hae ea thelefono, ’me ka mo letsetsa ke mo kōpa hore a tle. A qalisa thuto ea kamehla ea lehae ea Bibele le rōna. Madeline le eena a thabela ho buisana le Tim—e ne e sa hlole e le “molotsana ea moriri o mosehla le mahlo a matala.”
Lintho tse thabisang tsa qala ho etsahala. Ke ne ke sebetsa femeng e khōlō ea boenjinere, Boston. Ka bitsetsoa ofising ’me ka tsebisoa hore haeba ke khaotsa ho ba Paki ’me ke khutlela kolecheng ho ea fumana likhau tse phahameng, tsa master, ke tla phahamisetsoa setulong sa motlatsi oa mopresidente oa feme. Ka hana. ’Na le Madeline ra kolobetsoa ka 1975, ’me Madeline a qalisa bopula-maliboho ba nako e tletseng.
Ke bile le phihlelo e ’ngoe e thabisang haholo femeng ena. Ke ne ke sebetsa le Mike, moenjinere e motšo. E ne e le motho ea ratang khang haholo, ’me khang ea hae e khōlō e ne e le ho iphetola ha lintho. Letsatsing leo, ho ne ho le teng litsebi tse ling tse hlano, a hla a tiisa kamoo a ka netefatsang ho iphetola ha lintho. ’Me a retelehela ho ’na ’me a re: “Larry, na ha kea opa khomo lenaka?”
Joale ka tlameha ho emela lehlakore la ka. Ke ne ke e-s’o ka ke pakela sehlopha sa batho pele. Ke ne ke tlamehile hore ebe ke ho entse, empa kahobane ke le setsebi sa boenjinere, ka ipata. Empa Mike a hla a mpea pooaneng. Ka bolella Mike: “Mike, ha ke lumellane le uena.” A batla a hlanya ke ho makala! Hamorao ka mo neha buka ea Watch Tower Did Man Get Here by Evolution or by Creation? Mike a bala buka ena a e qeta! Kajeno ke moholo phuthehong ea Lipaki tsa Jehova Richmond, Virginia.
Lintho tse Bonahalang ha lia Lekana
Ha ke tlohela mosebetsi femeng eo ka 1977, ba mpitsa ’me ba mpolella hore ke sethoto. Ba ne ba tseba hore ke tlohela mosebetsi hobane ke batla ho sebetsa ka ho eketsehileng ke le Paki. Nke ke ka lebala monna enoa ea emeng fenstereng a shebile fatše toropong, a re: “Whitehead, u ka ba morui, u ka etsa chelete, u ka reka likoloi.” A bua le lintho tse ling. Empa ke ne ke le lilemo li 21 ’me ke ne ke se ke rekile likoloi tse peli tse ncha le ntlo. Ke ne ke finyelletse seo ka nako eo ba bangata ba neng ba nahana hore u ka se finyella ha u le lilemo li 40. Ho ne ho se letho le leng leo re ka le finyellang. Tsamaiso ena e ne e sa fane ka matlotlo a mang.
Ho ne ho sa lekana. Ho ne ho sa khotsofatse, joalokaha Bibele e boletse makholo a lilemo a fetileng: “Ea ratang silevera, silevera e ke ke ea mo khorisa; ea ratang ho phela ka nala, le eena a ke ke a hola ka eona. Hoo le hona ke lefeela.”—Moeklesia 5:10.
Hamorao Mokhatlo oa Watchtower oa re romela Las Vegas, moo tlhokahalo ea Lipaki e neng e le khōlō. Re lutse moo lilemo tse hlano le halofo. Re sebelelitse re le baboleli ba nako e tletseng nako le nako. Ho ne ho na le nako eo lijo li neng li haella, empa ha re ea ka ra hlokomoloha lintho tsa rōna tsa motheo: boithuto, tšebeletso, le thapelo. Joaloka moapostola Pauluse, re ithutile ho khora le ho lapa.—Ba-Filippi. 4:12.
Las Vegas ka qala ho sebetsa ke le ’metli, hamorao ka etsa lipolane tsa feme ea thelefono, qetellong ka etsoa mookameli e moholo oa mohokahanyi oa Computer oa Lekala le Bohareng la Feme ea Thelefono. Hamorao ka khutlela Alexandria, Virginia. Ka sebetsa Xerox ke le mohlahlobi oa tsamaiso ea li-computer tse romelloang lifemeng tse khōlō. Ha joale ke na le khoebo ea ka ea li-computer.
’Na le Madeline re sebeletsa phuthehong ea Lipaki ea Alexandria. Ke moholo le mongoli moo. ’Na le Madeline re leboha Jehova ha a re chabiselitse leseli la ho utloisisa hore matla a motho, a matšo kapa a masoeu, ha se karabo mathateng a batho. (Pesaleme ea 146:2, 3) Re thabela ho ‘khantša leseli la ’muso oa Hae’ molemong oa ba bang ba ratang ho bona. (Mattheu 5:14-16)—Joalokaha ho boletse Larry Whitehead.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Lelapa la Whitehead le Tim, eo ba kileng ba ’mitsa “molotsana ea moriri o mosehla le mahlo a matala”
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Lelapa la Whitehead le fumane hore ho ba mahlahahlaha boboleling ba Bokreste hoa khotsofatsa