Sephiri se Seholo
Lefu ke sera; le nka baratuoa ba rōna. Ke ntho e sa thabiseng. Leha ho le joalo, pono ea rona ka lefu e susumetsa haholo tsela eo re phelang ka eona. Haeba re ithuta hore na ho etsahala joang ha re eshoa, ho tla re thusa ho utloisisa morero oa bophelo hamolemo. Lihloohong tse latelang, mongolli oa “Tsoha!” Brithani o hlahloba potso, “Ho etsahala joang ha re e-shoa?”
‘HAEBA uena ka bouena u ka botsa Molimo potso leha e le efe eo u e ratang, e ne e tla ba efe?’ Sephetho sa phuputso ea haufinyana Engelane se senotse hore karolo ea 13 lekholong ea bao ho buisanoeng le bona e ne e batla ho tseba: “Ho etsahala joang ha re e-shoa?”
Haeba u filoe monyetla oa ho botsa, na u ne u tla botsa potso eo?
Lefu “ke ntho e ’ngoe eo re e tsebang ka ho tiileng, ’me re abelana tsebo le motho e mong le e mong ea phelang,” ho ngola mofuputsi Mog Ball ho Death. Empa, joaloka ha Ball a hlokomela, taba e makatsang ke hore, “har’a batho ba tloaelehileng [lefu] ha se sehlooho sa puisano. Lefu ha se ntho eo u ka buisanang ka eona le batho bao u ba tsebang hantle.”
Ha e le hantle, batho ba bangata ha ba batle ho nahana ka lefu. Joaloka ha The World Book Encyclopedia e hlokomela: “Batho ba bangata ba tšaba lefu ’me ba qoba ho nahana ka lona.” Tšabo ena ea lefu ke e sa tsejoeng hobane, ho batho ba bangata, ke sephiri. Kahoo ha motho e mong a eshoa, batho ba sebelisa lipolelo tse kang “o re siile,” “o hlokahetse,” “o re thobetse,” kapa ho sebelisoa mekhabiso-puo e meng ea pebofatso. Empa ha e le mona bohle re talimane le lefu, na re ke ke ra hlalosa ka ho nepahetseng se etsahalang ha re e-shoa?
Batho ba feteletsang litaba ba tla bolela hore re botsa lipotso tse inahaneloang, le hore seo ke tumelo ea motho. Joaloka ha Encyclopedia Britannica e hlalosa: “Lefu ha se bophelo. Leha ho le joalo, seo le leng sona, ekaba feela ntho e inahaneloang.” Leha ho le joalo, mohloli o tšoanang oa hlalosa: “Tumelo ea hore batho ba pholoha lefu ka mokhoa o itseng ho susumelitse menahano, likhopolo, maikutlo, le liketso tsa batho ka ho feletseng. Tumelo ena e fumaneha malumeling ’ohle, nakong e fetileng le hona joale.”
Litumelo tsee li na le libōpeho life? Na li bua ’nete ka se etsahalang ha re e-shoa kapa na lefu e sa le sephiri?