Mokhatlo oa Basali
ho Etsahetse Eng ka ’Ona?
TŠUSUMETSO ea ho batla tokoloho ea basali ha ea ka ea tsoela pele ntle ho ho senyeha ha lintho tse itseng, haholo-holo lelapa. Basali ba ileng ba mamela khoeletso ea ho balehela “bokhoba” ba lelapa ba tlatselitse lenaneng le phahameng haholo la tlhalo, eo linaheng tse ling e phahameng ka karolo ea 50 lekholong manyalong ’ohle a macha. Ho phaella moo ho na le lenane le eketsehang la bo-’mè ba sebetsang ka nako eohle, ’me ba iphumana ba sehla ka thata tlas’a joko ea mesebetsi e ’meli—mosebetsing le lapeng.
Phuputso e entsoeng U.S. e senotse hore le hoja ka 1960 basali ba etsang karolo ea bone ba nang le bana ba ne ba sebetsa, ka 1986 lenane le ne le le ka holimo ho halofo. “Le hoja bo-’mè ba bangata ba sebetsa, ha ho litokiso tse entsoeng lelapeng. Ba tsoela pele ho etsa boholo ba mosebetsi oa ntlo ’me libaka tsa tlhokomelo ea bana ba bona hangata ha li ntle kapa li bitsa chelete e ngata haholo,” ho ea ka tlaleho.
Basali ba buellang litokoloho tsa bona ba bolela hore mosali o lokela ho ikutloa a lokolohile ho laola ’mele oa hae ka ho feletseng, ho akarelletsa tokelo ea ho emisa ho ima ho sa hlokahaleng. Takatso ena ea ho ba le ‘tokelo e lekaneng tlhahisong ea bana’ joaloka banna e tlatselitse lenaneng le hōlang la ho ntšuoa ha mpa—le lekanyetsoang ho limillione tse 55 ka selemo lefatšeng lohle.
Esita le Bibele ha ea phonyoha bohale ba babuelli ba litokoloho tsa basali. “Tšepa Molimo. ’Me mofumahali [molimo] u tla o nea seo u se hlokang,” ho boletse babuelli ba bang ba litokoloho tsa basali, ba nyatsang ka hore Bibele e khetholla bong ka hore e bitse Molimo ka leemeli la “ba batona.” “Ba bang [babuelli ba litokelo tsa basali] . . . ba qosa Bibele ka hore ke sebetsa se matla haholo sa ho boloka basali ‘sebakeng sa bona’ ’me ba nyatsa hore ntho e etsang seo e ke ke ea bitsoa lentsoe la Molimo,” ho tlalehile The United Church Observer ea Canada. Likereke tse ling li inehetse khatellong ea litho tse buellang litokoloho tsa basali ka ho amohela puo “e akareletsang” borapeling ba tsona, li sebelisa mabitso Motšehetsi le Mofepi sebakeng sa maemeli a ka sehlopheng sa ba batona a Molimo.
Ka nako e tšoanang, mokhatlo oa tokoloho ea basali o finyeletse seo mosali ea buellang tokoloho ea basali Betty Friedan a se bitsitseng “kholofalo e khōlō.” Makhotla a loanelang tokoloho ea basali a arotsoe ka likarolo tse ngata—ho loanela litokelo tse lekanang tsa molao, chelete e lekanang, melao e eketsehileng e lumellang ho ntšoa ha mpa, litokelo tsa basali ba robalang hammoho, matsatsi a phomolo ha e le baimana, tlhokomelo e molemonyana ea bana, le ntoa khahlanong le litšoantšo tsa bootsoa.
Bothata ba ho o Tseba
Mokhatlo ona oa lipuello tsa basali o bothateng bo boholo ba ho itsebahatsa seo o leng sona, ho tlalehile makasine Newsweek. “Tšusumetso e sa fetoheng ea ho ithuta mesebetsi, ho hlaolela likamano tse haufi-ufi le ho hōlisa bana e ipakile e le thata haholo ho finyelloa ho feta tšepo leha e le efe e neng e le teng mehleng e qalang ea puello ea litokelo tsa basali.”
Makasineng Woman on a Seesaw, mongoli Hilary Cosell o tlalehile bohloko ba mosali ea neng a phehella mosebetsi o itseng oa thuto ea ileng a leka ho tlatsa ‘karolo ea mosali ea Atlehileng’: “Ke hlotlehile haholo hona joale, ha ke lumele hore ho na le letho le setseng leo nka inehellang ho lona. Ke itšebelisitse ho feta tekanyo mosebetsing oa ka, ke itšebelisitse ho feta tekanyo ke le ’mè, ke motsoalle ea feto-fetohang, ’me hape ka karolo e itseng ea nako ke mosali. Na hona ho nkentse Mosali ea Atlehileng? Che; ke tšoana haholo le Mosali oa Setseke-tseke.”
Basali ba ileng ba tela menyetla ea lenyalo le bana e le hore ba phehelle mosebetsi oa bona oa thuto ba hlokofatsoa ke boikoahlaeo. Moeletsi ea lilemo li 38 o boleletse makasine oa Canada Chatelaine sena: “Ho na le moloko oa basali ba tšoanang le ’na ba tla ea lebitleng e le masooa . . . ho sa tsotellehe katleho ea rōna, bophelo ba rōna bo feela.” Newsweek e tlalehile pelaelo ea mothusi oa mookameli oa feme ea lieta ea lemo li 39: “Mosebetsi oa ka o hlasimolla ka sebele le ho nkhotsofatsa empa ke hlokofatsoa ke tšabo ea hore ke fetoa ke karolo ea bohlokoa ea bophelo ka hore ke se be le bana. Ka linako tse ling ke ee ke nahane hore haeba nka shoa hona joale, lejoeng la lebitla la ka ho tla ngoloa mantsoe ana: ‘Mona ho robetse . . . O ile a bala haholo limakasine.’”
Esita le babuelli ba ka sehloohong ba litokelo tsa basali ho bonahala ba nahana ka botebo taba ea tokoloho ea boitšoaro ba botšehali. Mongoli oa Australia Germaine Greer, bukeng ea hae ea 1970 The Female Eunuch, o ile a hlalosa lenyalo e le “mosebetsi o etsoang ntle ho tefo bakeng sa mohiri ea tšoereng lengolo la tumellano la bophelo, le tšehetsang lithahasello tsa hae.” Takatso ea mosali ea ho ntlafatsa boemo ba hae “ho ka ’na ha hlokahala hore e tšehetsoe ke ‘ho se itlamelle monneng a le mong,’” o hlahisitse joalo. Le hoja Greer a ile a talingoa ke ba bangata e le moetapele ea buellang phetoho likamanong tsa botona le botšehali, bukeng ea hae ka 1984 o ile a makatsa haholo babuelli ba litokelo tsa basali ka ho khothalletsa boitšoaro bo hloekileng le ho nyatsa boitšoaro bo hlephileng bo lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe.
Maemo a Moruo
Mokhatlo o buellang litokelo tsa basali o ba siile ba le boemong bo bobe ho feta pele ka litsela tse ling, ho boletse mongoli oa U.S. Sylvia Ann Hewlett. Ka hore mokhatlo oa basali o buelle haholo ho ipusa ha bona le ho lekana ha bona le banna ho e-na le ho buella liphetoho tse tla thusa bo-’mè ba sebetsang, o entse ho honyenyane haholo ho ntlafatsa maemo a moruo a basali ba bangata, o boletse joalo. “Boipuso bo neng bo lakatsoa ka matla le tlhalo e eeng e latele hamorao li siea basali ba le bolutung bo boholo le bofutsaneng ba boja-likata.”
Phuputso e ’ngoe ea U.S. e entsoeng libakeng tse nang le melao ea tlhalo e sa jariseng balekane molato ka baka la tlhalo, eo pele e neng e tšehetsoa ke babuelli ba litokoloho tsa basali, e senotse hore basali ba hlaliloeng le bana ba bona ba ne ba hlokofatsoa ke ho oa ha tekanyetso ea bophelo ka karolo ea 73 lekholong, ha banna ba bona ba pele ba ne ba thabela ho eketseha ha tekanyetso ea bophelo ka karolo ea 42 lekholong. Hoo ha se ho ntlafatsoa ha karolo ea basali le hanyenyane!
Basali United States ba amohela moputso o fihlang karolong ea 64 lekholong ha o bapisoa le oa banna—e batla e le chelete e tšoanang le eo ba neng ba e amohela lilemo tse 50 tse fetileng. Linaheng tsa Europa moo babuelli ba basali ba batlang hore basali ba neoe matsatsi a phomolo ha e le baimana le tsamaiso e molemo ea tlhokomelo ea bana, moputso oa basali moo o phahame ho tloha karolong ea 71 lekholong ha o bapisoa le oa banna ka 1970 ho ea karolong ea 81 lekholong lilemong tse leshome hamorao.
Babuelli ba basali ba iphumana ba arohana ka mehopolo potsong ena e le ’ngoe: Ke’ng seo ka sebele e leng litokelo tse lekanang? Betty Friedan o hlalositse hore basali ha se litšoantšo tsa banna. “Nako e fihlile ea hore ho lumeloe hore basali ba fapane ho banna. Litokelo tsa ho lekana li lokela ho amoheloa mohopolong oa hore basali ke bona ba belehang bana,” o boletse joalo. Babuelli ba bang ba litokelo tsa basali ba phea khang ka hore haeba basali ba amohela melao e ba nehang tšoaro e khethehileng e sa neoeng banna—joaloka matsatsi a phomolo nakong eo e leng baimana—joale ba lumela hore ha ba lekane le banna, le hore ka ho etsa joalo ba tla be ba bula tsela e ba khethollang.
“Qaka tabeng ea litokelo tse lekanang tsa basali,” ho ea ka seithuti se seng, e tabeng ea hore na phapang tabeng ea pono le litakatso pakeng tsa ba batona le ba batšehali ke e susumetsoang ke maikutlo a tsoang kahare kapa ke mohopolo o hlahisoang ke sechaba. Basali ba bangata ha ba na leqhoko kapa moea oa tlholisano o lekaneng bakeng sa mesebetsi e itseng ea thekiso, ho boletse bahiri ba bang. “Sechaba se entse hore basali ba se nke bohato,” ho boletse Jody, motsamaisi oa mokhatlo oa lipatlisiso tsa sechaba lipuellong tsa litokelo tsa basali. “Karolo e ’ngoe ea ho ba mofepi le mohōlisi ke hore u ipee ka tlaase ho ba bang le hore u se ke ua botsa lintho ka bouena,” ke kamoo a hlaloselitseng Tsoha! Babuelli ba bangata ba basali ba lumela hore haeba basali ba ka fetola mehopolo eo ba hōlisitsoeng ka eona ba tla ba le litokelo tse lekanang.
Ba bang ba phea khang ka hore basali ba ka finyella litokelo tsa bona tse lekanang le tsa banna haeba ba ka lemoha ’nete ea hore ba entsoe ba fapane le banna. Betty Friedan o entse boipiletso ba hore ho etsoe ‘karolo ea bobeli’ ea mokhatlo o buellang basali. “Ho hlokahala monahano o mocha oa puello ea litokelo tsa basali haeba . . . ba tla tsoela pele ba atleha lefatšeng la banna, . . . ’me leha ho le joalo ‘ba sa tšoane le banna.’” Ba bang ba nyatsa katamelo e joalo e bonolo ’me ba bolela hore tseko ea litokelo tsa basali ‘e lokela ho khutlisetsoa literateng’ ka liphatlalatso le mekoloko ea boipelaetso bakeng sa melao e eketsehileng e lumellang bolokolohi ba ho ntša limpa le liphetoho tse ling.
Na o Tla Lula Nako e Telele?
Hajoale, babuelli ba litokelo tsa basali ba ipotsa hore na nakong e tlang ke mang ea tla etella pele liphatlalatso tse joalo tsa boipelaetso. “Banana ba bacha ba ikutloa ba tšosoa ke oona [mokhatlo o buellang litokelo tsa basali] ho feta hore ba huleloe ho oona,” ho tlalehile The Toronto Star. Basali ba bacha ba tšaba boipuso bo hlahisitsoeng ke litokelo tse eketsehileng tse nehang basali boemo bo lekanang le ba banna. “Basali ba bangata kajeno ba re ho lekane joale. Ba batla ho hlokomeloa hape; ba batla ho sireletsoa ke banna,” ho boletse ’muelli oa litokelo tsa basali oa Mofora, Benoite Groult.
Linaheng tse ling basali ba buellang litokelo tsa bona ba thulana le khanyetso e matla e tsoang lihlopheng tse ling tsa basali tse ikemiselitseng ho thibela seo li se bonang e le tlhaselo lelapeng le lintho tse nkoang e le melemo ea “setho.” Sehlopha se seng se joalo se Canada se ipitsang REAL Women (Realistic, Equal, Active for Life), se itlhalosa e le “se hlophisitsoeng hantle le ho lokela ntoa.”
Libakeng tse ling mokhatlo ona oa tokoloho ea basali o bonahala o felloa ke nako. Jeremane Bophirimela, mongoli Peter H. Merkl o boletse hore basali ba hlokomohile mokhatlo oa tokoloho ea basali ka tekanyo e khōlō haholo.” “Ho ba ’mè ho neng ho thibetsoe ka molao joale ho khutletse tšebetsong. Basali ba sebetsang ba balehela litlamong tsa lelapa . . . , ha babuelli ba matla ba litokelo tsa basali ba se ba fetohile karolo e ka thōko ea sechaba.”
Litšibollo tse ncha tsa mahlale ka boko ba motho li ka ama kamoo batho ba tla nahana kateng nakong e tlang mabapi le likarolo tsa ba batona le ba batšehali. Seithuti sa lisele tsa boko Richard Restak se itse: “Bopaki bo bontša hore liphapang tse ngata tsa boitšoaro pakeng tsa banna le basali li theiloe kamoo boko bo sebetsang ka tsela e fapaneng kateng ho ea ka tšusumetso e tsoang ka hare eo ho ka etsahalang hore e ke ke ea fetoloa ke litšusumetso tsa sechaba.” Che, basali ha se litšoantšo tsa banna empa ba entsoe ka ho fapaneng, ho phethahatsa merero e sa tšoaneng le litakatso tse sa tšoaneng le litlhoko tse sa tšoaneng tsa bophelo.
Empa na litšibollo tsena li lokela ho re makatsa? Thuto ea mahlale e sibollotse ’nete eo e leng khale e boletsoe tlalehong ea Bibele mabapi le ho bōptjoa ha mosali oa pele, Eva. Genese 2:18, (NW) e re bolella morero oa ’Mōpi: “Ha ho molemo bakeng sa monna ho tsoela pele a lula a le mong. Ke tla mo etsetsa mothusi, motlatsi oa hae.” Kahona monna le mosali ba na le litšoaneleho tse tlatsanang. Ha ba etsoa hore ba tsekisane boemo bona. Ka mong oa bona o ne a tla tšoanelehela karolo ea hae e khethehileng, e le motlatsi.
’Me na “tšibollo” ea hore basali ha se litšoantšo tsa banna—hore ka sebele ‘ha ba tšoane le banna,’ hore basali ‘ba beleha bana’—e hlile e ncha? Ho tloha tšimolohong Bibele e hlakisitse hore Molimo o ba bōpile ka ho sa tšoaneng, ‘o ba bōpile e le e motona le e motšehali,’ le hore ka ho khethehileng mosali o etselitsoe ho beleha bana.—Genese 1:27, 28; 2:21-23.
Empa ho se tšoane ha bona ha ho bolele hore e mong o monyenyane. Ha ho lebaka le lokafatsang hore basali ba tšoaroe ka tsela e ba nyenyefatsang. Mosali o “ntšitsoe ho monna,” ’me ka hona phuthehong ea Bokreste, monna o rata mosali oa hae “joale ka ha a ithata.” Boemong bo joalo mosali o fumana hlompho, lerato, le ho ikutloa a sireletsehile.—Ba-Efese 5:28-33; 1 Timothea 5:2, 3.
Banna le basali ba fapane, empa ha se bahlōlisani. E mong ke motlatsi oa e mong; e mong o phethisa e mong. Tokisetsong ea lenyalo ea Jehova, ba babeli ba fetoha a le mong. Basali ba bangata ba Bakreste ba ’nete kajeno ba fumana tokoloho ea sebele ka ho phethahatsa karolo ea bona e hlalositsoeng Bibeleng.
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Bophelo ba mosali ea sebetsang bo phathahane haholo le ho tsoa likarolo tse ngata