Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 8/8 maq. 18-19
  • Mokhatlo oa Basali o Tlisa Liphetoho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mokhatlo oa Basali o Tlisa Liphetoho
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšimoloho ea Phetoho
  • Liphetoho tsa Kenngoa Tšebetsong
  • Boemo bo Ntlafalitsoeng ba Basali Mehleng Ena
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • “Basali ba Sebetsang ka Thata Moreneng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Boemo bo Ntlafalitsoeng ba Basali—Na ke Tlhohonolofatso le Bomalimabe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Molimo o fa Basali Tlhompho le Seriti
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 8/8 maq. 18-19

Mokhatlo oa Basali o Tlisa Liphetoho

MENYAKO ea monyetla libakeng tsa: mosebetsi, ’musong, kapa bophelong ba sechaba e bulehile ho feta leha e le neng pele bakeng sa basali linaheng tse ngata tsa lefatše ha e sa le ho tloha tšimolohong e nyenyane ea mokhatlo oa Tokoloho ea Basali lilemong tse ka holimo ho 25 tse fetileng.

Tšimoloho ea Phetoho

“Bothata bo se nang lebitso,” ke kamoo Betty Friedan mongoli oa Amerika a hlalositseng sena bukeng ea hae ea 1963, The Feminine Mystique. Morao koo o ile a qolla lefu la khatello ea kelello har’a basali ba basebetsi ba neng ba ikutloa hore bophelo ba bona bo tšoasehile mekoallong ea ho phela ba itšetlehile ka banna ba bona le ka malapa a bona. Har’a basali ba bangata ba neng ba utloa pherekano e joalo ea maikutlo, le bohale bo se nang tlhaloso, lipeō tsa buka eo tsa fumana mobu o nonneng ho tla fihlela kajeno.

“Ke ne ke ikutloa hore ke senya mohopolo oa ka,” ho boletse Lyn, mosali oa Canada, ha a hlalosa lenyalo la hae ka bo1970. O tlalehetse Tsoha!: “Ke ne ke e-na le bana ba babeli le monna, empa leha ho le joalo ke ne ke ikutloa ke sa khotsofala. Ke ne ke hlile ke batla . . . ho ba ho hong.”

Ho se khotsofale ho ile ha hlahisa mokhatlo oa sechaba oo sepheo sa oona e neng e le ‘ho lokolla’ basali “boreneng bo hatellang” ba banna. Libaka tse khōlō tse neng li sa ba khotsofatse e ne e le lelapa, leo babuelli ba litokelo tsa basali ba le tšoantšang le bokhoba ba hae, le sebaka sa mosebetsi, se neng se fokotsa haholo menyetla ea mosali ea mosebetsi le ho mo etsa hore kamehla a lefuoe chelete e fokolang haholo ho ea banna.

Liphetoho tsa Kenngoa Tšebetsong

Liphetoho tse khōlō tse tlisitsoeng ke mokhatlo ona ebile ho etsa ho hore lichaba linaheng tse ngata li be le mohopolo o batsi—ho ba seli haholo ka litaba tseo basali ba amehileng ka tsona, boikutlo bo bocha ba ho ba mamela ka tsela e se nang leeme, le ho ananela haholoanyane tlatsetso ea bona likarolong tse ngata tsa bophelo le seo ba ka se etsang.

Liphetoho tsa mohopolo li fetotsoe lintho tsa sebele. Basebetsi ba basali hona joale ba bonoa mesebetsing ea banna lifemeng tse ngata tseo pele ho neng ho sa nahanoe hore basali ba ka ba ho tsona. Le hoja e se ka manane a maholo, basali ba ntse ba kenella butle-butle libakeng tsa taolo ea mosebetsi tseo pele e neng e le tsa banna. “Hona joale ho na le likhetho tse ngata tsa sebele,” mosali e mong ea buellang litokelo tsa basali o boleletse Tsoha!

Hona joale linaheng tse ngata basali ba fumanoa maemong a phahameng ka ho fetisisa a lipolotiki. Ka mohlala, lichaba tse ling tse tsebisahalang tsa lefatše—India, Iseraele, le Brithani—lilemong tsa morao tjena li sa tsoa etelloa pele ke basali kapa ba ntse ba li etella pele. Mookameli oa Philippines Corazon Aquino o boletse se latelang ka phetohelo ea ’muso “e sa etsoang ka tšollo ea mali” ka 1986: “Basali ke bona ba neng ba etella pele mesebetsi eo.”

Liphetoho tse ling li ruisitse banna le basali molemo. Lefatšeng hohle ho bile le ho hloka toka le leeme tšoarong ea basali. Ka sebele ke ntho e ntle hore ebe basali ha ba sa khetholloa libakeng tsa mosebetsi, kapa libakeng tse ling. Ho ne ho hlokahala ka matla hore litlhoko tsa basali, kameho ea bona le matla a bona li natsoe. Basali ba ntse ba na le maikutlo le litlhoko joaloka ba bang ’me ba batla ho ikutloa ba hlokomeloa le ho ananeloa ka seo ba leng sona ho tšoana le banna.

Empa na mokhatlo oa tokoloho ea basali o hlahisitse litholoana tseo e leng tlhohonolofatso le bomalimabe? Ho na le ba bang ba ipotsang haeba mabakeng a mang boiteko bona bo sa fetelletsoa haholo. Basali ba ipotsa: Ke’ng se lefuoeng bakeng sa tokoloho ena? Na mokhatlo ona o sa ntsane o e-na le tšusumetso joaloka pele? Bokamoso ba ’ona ke bofe? Sehlooho se latelang se tla re hlahlobela lipotso tsena.

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 18]

Kajeno mosali e ka ba sehoai se hloahloa kapa a ka kena maetong a eang sebakeng, mohlophisi kapa sesebetsi sa likepeng, moruti kapa lepolotiki. Basali lilemong tsena tsa bo1980 ba ka kena mosebetsing leha e le ofe ho se ea makalang! Ho ne ho se joalo kamehla.

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 19]

Lefatšeng ka bophara ho ile ha etsoa lintho tse bontšang liketso tsa ho hloka toka le leeme tšoarong ea basali. Ka sebele ke ntho e ntle hore basali ba se khetholloe. Empa na mokhatlo oa tokoloho ea basali ebile tlhohonolofatso le bomalimabe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela