Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 9/8 maq. 30-31
  • Na ba Hōlisa Lefu?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ba Hōlisa Lefu?
  • Tsoha!—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho Tsuba ho Hlile ho Hobe Hakaalo?
    Tsoha!—1991
  • Lisakerete—Na Ua li Nena?
    Tsoha!—1996
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Khaotsa ho Tsuba?
    Tsoha!—2000
  • Barekisi ba Lefu—Na U Moreki?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 9/8 maq. 30-31

Na ba Hōlisa Lefu?

“TEMOSO: Mookameli oa Sepetlele sa Naha o Bontšitse Hore ho Tsuba Sekarete ho Kotsi Bophelong ba Hao.” Batsubi ba baholo ba United States ba hlokomoloha keletso ena e kotsi e ngotsoeng mabokoseng a lisekarete. Ho ba joalo, kankere ea matšoafo e nkoa e le tšoso e hōle koana. Ba bang ba joalo ba re, ‘Ntle ho moo, ona ke ’mele oa ka.’

Leha ho le joalo, Mokhatlo oa Kankere oa Amerika o tlaleha hore: “Batsubi ha ba behe feela bophelo ba bona kotsing empa hape le bophelo ba batho ba leng haufi le bona.” Makasine oa Sedutche Roken welbeschouwd (Ho Tsuba—Lintho Tsohle tse Nahanetsoeng) o lumellana le se boletsoeng, o bontša hore motho ea sa tsubeng ea sebetsang haufi le motho ea tsubang a ka hema lintho tse kotsi tse leng sekareteng joaloka motho ea tsubang lisekarete tse hlano ka letsatsi! Ha ho makatse ha batho ba sa tsubeng ba sebetsang libakeng tse tletseng mosi oa sekarete ka lilemo tse ka holimo ho 20 ba hlaseloa ke mathata a matšoafo—joaloka ha e se eka ba ne ba tsuba sekarete se le seng ho ea ho tse leshome ka letsatsi!

Lebaka ke lefe? Mosi o tsoang ka ho toba sekareteng. Ke kamoo bafuputsi ba bitsang mosi o tsoang qetellong ea sekarete se hotelitsoeng. Mosi o kotsi haholo hobane o na le tar le bokoali bo fetang ba mosi o neng o hutsoe ke motsubi! Leha ho le joalo, bafuputsi ba bolela hore batsubi United States ba ka ikarabela ka lefu la batho ba sa tsubeng ba 5 000 ho ea ho 50 000 ka selemo.

Lisekarete, Basali, le Masea. Ho na le kameho e hōlang haholo ka liphello tse kotsi tsa mosi maseeng. Bukana Facts and Figures on Smoking, e lemosa hore: “Bo-’mè ba baimana ba tsubang ba tšoaetsa kholofalo khōlong ea lesea le ka pōpelong ’me sena se ka ama khōlo ea ngoana hampe, khōlo ea kelello ea hae, le boitšoaro.” Baimana ba tsubang ba kenya metsoako e kotsi maling a masea a e-song ho belehoe. Likhakanyetso ha li tšoane, empa ba bang ba bolela hore nakong eo masea a belehoang, boima ba ’ona bo tlase ka ligramo tse 200 ho boima ba masea a bo-’mè ba sa tsubeng.

Phuputso e ’ngoe ea Denmark e bontša hore ho tsuba sekarete ho ka ’na ha senya matla a ’mè a ho nyantša. “Mohlomong ka baka la bokoali bo leng sekareteng,” ho bolela bafuputsi ba Denmark, “batsubi ba baholo ba ba le tekanyetso e fokolang haholo ea lero la prolactin le susumetsang tlhahiso ea lebese.”

Ka ho makatsang, ho na le basali ba bangata ba tsubang kajeno—’me ba tsuba lisekarete tse ngata—ho feta pele. Ka baka leo, Facts and Figures on Smoking, e bolela hore lefu la matšoafo United States le feta hōle kankere ea matsoele eo e leng ’molai e moholo oa basali. Ho hakanngoa hore lefu la matšoafo le bolaile basali ba 40 000 ka 1985 feela.

Maikutlo a Fetohang. Leha ho le joalo, har’a mosi ona o kotsi oa sekarete ho na le tšepo. Ho ea ka Mokhatlo oa Kankere oa Amerika, ho na le batho ba bangata ba seng ba ikutloa ka tsela e fapaneng ka ho tsuba. Maamerika a mararo ho a mane a ikutloa hore batsubi ha ba tlameha ho tsuba har’a batho ba bang. Lenane la batho ba khaolitseng ho tsuba lea hōla. Ka kakaretso ho tsuba sekarete United States le Europa Bophirimela hoa theoha. Adele Paroni, ’muelli oa mosali oa Mokhatlo oa Kankere oa Amerika, o itse: ‘Litaba tse molemohali ke hore hona joale Maamerika a hōlileng a etsang karolo e ka tlase ea 30 lekholong a tsuba!’

Ho sa ntse ho e-na le batho ba limillione tse 54 United States ba tsubang. Empa ho ea ka Mokhatlo oa Matšoafo oa Amerika, batsubi ba robong ho ba leshome ba boletse hore ba batla ho khaotsa. Mohlomong ba tla susumeletsoa ke litemoso tse ncha tse batlang li tiile tse hatisoang mabokoseng a lisekarete. E ’ngoe e baleha tjena: “TEMOSO EA MOOKAMELI OA MERIANA: Ho Khaotsa ho Tsuba Hona Joale ho Fokotsa Likotsi Bophelong ba Hao.”

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Mosi o tsoang sekareteng o na le tar le bokoali bo fetang ba mosi o neng o hutsoe ke motsubi

Baimana ba tsubang ba kenya metsoako e mengata e kotsi maling a masea a e-song ho belehoe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela