Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 4/8 maq. 24-27
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Khaotsa ho Tsuba?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Khaotsa ho Tsuba?
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo ho Tsuba ho Amang ba Bang Kateng
  • Litšenyehelo Tse Holimo
  • Na ho Molemonyana ho Fetohela ho e ’Ngoe?
  • Melemo ea ho Khaotsa
  • Lebaka Leo ka Lona ho Leng Thata Hakana ho Khaotsa
  • Basireletsi ba Koae ba Tsoibila Libalune Tsa Bona Tsa Lefeela
    Tsoha!—1995
  • Itokisetse ho Tobana le Mathata
    Tsoha!—2010
  • Molimo o Ikutloa Joang ka ho Tsuba Koae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lisakerete—Na Ua li Nena?
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 4/8 maq. 24-27

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Khaotsa ho Tsuba?

HO TSUBA hase ha batho ba batlang ho phela halelele le hona ba thabile. Monyetla oa hore motho eo e leng khale a tsuba a qetelle a bolailoe ke koae o mong ho e ’meli. Motsamaisi-kakaretso oa Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (World Health Organization [WHO]) o ile a re: “Sakerete ke . . . sehlahisoa se entsoeng ka bohlale se fanang ka tekanyo e lekaneng hantle ea bokoali e le ho etsa hore motho ea e sebelisang a lule a e lemaletse pele e mo bolaea.”

Ka hona, lebaka le leng la ho khaotsa ho tsuba ke hobane ho tsuba koae ho kotsi bophelong bo botle ba ’mele le bophelong ka kakaretso. Ho tsuba ho ’nile ha amahanngoa le maloetse a fetang 25 a sokelang bophelo. Ka mohlala, ke hona ho tlatsetsang haholo tlhaselong ea lefu la pelo, ho tšoaroeng ke stroke, lefu le sa foleng la matšoafo, letšoea le mefuta e sa tšoaneng ea kankere, haholo-holo kankere ea matšoafo.

Ke ’nete hore motho a ka ’na a tsuba ka lilemo tse ngata pele a hlaseloa ke bo bong ba maloetse ana. Leha ho le joalo, ho tsuba ha ho etse hore motho a ipiletse haholoanyane ho ba bang. Phatlalatso e bontša batho ba tsubang e le ba bohehang le ba phetseng hantle. ’Nete ea taba e fapane le seo. Ho tsuba ho nkhisa moea oa motho hampe ho bile ho silafatsa meno le ho ntšofatsa menoana ea motho. Ho banna ho tlatsetsa ho bolaeeng matla a ho ba le bana. Ho khohlolisa motho ea tsubang le ho mo bakela letšoea. Batho ba tsubang ba ka boela ba e-ba menepe kapele kapa ba ba le mathata a mang a letlalo.

Kamoo ho Tsuba ho Amang ba Bang Kateng

Bibele e re: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Matheu 22:39) Ho rata baahelani ba hao ke lebaka le leng le matlahali la ho khaotsa ho tsuba—’me litho tsa lelapa la hao ke baahelani ba hao ba haufi-ufi.

Ho tsuba ho ntša ba bang kotsi. Ho fihlela morao tjena motho ea tsubang o ne a ka tsubela hoo e batlang e le kae le kae ’me a sa lebelle khanyetso ea letho. Empa hona joale maikutlo aa fetoha kaha joale batho ba bangata ba utloisisa likotsi tsa ho hema mosi o tsoang lisakereteng tsa ba bang. Ka mohlala, motho ea sa tsubeng ea nyalaneng le motho ea tsubang o kotsing e khōloanyane ea ho tšoaroa ke kankere ea matšoafo ka karolo ea 30 lekholong ho feta haeba a ne a nyalane le motho ea sa tsubeng. Ho batla ho le bonolo hore bana ba lulang le batsoali ba tsubang ba ka tšoaroa ke pneumonia kapa lefu la matšoafo lilemong tse peli tse qalang tsa bophelo ba bona ho feta bana ba lulang malapeng ao ho se nang motho ea tsubang ho ’ona.

Basali ba baimana ba tsubang ba beha masea a bona a e-s’o tsoaloe kotsing. Bokoali, carbon monoxide le lik’hemik’hale tse ling tse kotsi tse teng mosing oa sakerete li kena phallong ea ’mè ea mali ’me li fetela ka ho toba ngoaneng ea ka pōpelong. Liphello tsa hona li akarelletsa monyetla o moholoanyane oa ho senyeheloa ke mpa, lesea le hlahang le khathetse le ho shoa ha masea a sa tsoa tsoaloa. Ho feta moo, kotsi ea hore lesea le shoe hang-hang ka tšohanyetso e phahame ka makhetlo a mararo ho masea ao bo-’m’a ’ona ba neng ba tsuba ha e le baimana.

Litšenyehelo Tse Holimo

Lebaka le leng la ho khaotsa ho tsuba ke hore ho tsuba ho litšenyehelo li boima. Phuputso e entsoeng ke Banka ea Lefatše e ile ea hakanya hore litšenyehelo tsa tlhokomelo ea bophelo tse bakiloeng ka ho toba ke ho tsuba li ka fihla ho liranta tse libilione tse 1,2 selemo se seng le se seng. Ke ’nete hore lipalo tseo ha li hlalose letho ka mahlomola le ho opeloa tseo ba tšoaroang ke maloetse a bakoang ke koae ba bang ho tsona.

Ho bonolo ho bala litšenyehelo tse tobileng tsa lisakerete ho motho ka mong ea tsubang. Haeba ua tsuba, atisa chelete eo u e sebelisang lisakereteng ka letsatsi ka matsatsi a 365. Seo se tla u bontša hore na u sebelisa chelete e kae ka selemo. Ebe u atisa palo eo ka leshome, ’me u tla fumana hore na lisakerete li tla u bitsa chelete e kae haeba u tsuba ka lilemo tse ling hape tse leshome. Chelete eo e ka ’na ea u makatsa. Nahana hore na ke’ng hape eo u ka e etsang ka chelete eo.

Na ho Molemonyana ho Fetohela ho e ’Ngoe?

Liindasteri tsa koae li phatlalatsa lisakerete tse nang le mooa le bokoali tse tlaase—tseo ho thoeng ke lisakerete tse bobebe—e le tsela ea ho fokotsa likotsi tse bakoang ke ho tsuba bophelong bo botle ba ’mele. Leha ho le joalo, ba fetohelang lisakereteng tse nang le mooa le bokoali tse tlaase ba ntse ba lakatsa tekanyetso e tšoanang le ea pele ea bokoali. Ka hona, batho ba tsubang ba fetohelang lisakereteng tse ling ba atisa ho koala sekheo seo ka ho tsuba lisakerete tse ling tse eketsehileng, ka ho hula mosi haholo le ho pakotsa khafetsa, kapa ho hula mosi o mongata sakereteng ka ’ngoe. Esita le ho ba sa etseng letho ho koala sekheo seo, melemo bophelong bo botle ba ’mele ea fokola ha e bapisoa le ea ho khaotsa ka ho feletseng.

Ho thoe’ng ka lipeipi le li-cigar? Le hoja indasteri ea koae e le khale e buella lipeipi le li-cigar e le pontšo ea boemo, mosi oo li o ntšang o ntse o le kotsi feela joaloka oa lisakerete. Esita le haeba batho ba tsubang ba sa hule mosi oa cigar kapa oa peipi, ba kotsing e khōloanyane ea ho tšoaroa ke kankere ea molomo, ea lehano le ea leleme.

Na ho tsuba koae e se nang mosi hona ho sireletsehile? Ena e tla ka mefuta e meli: senifi le koae e hlafunoang. Senifi ke koae e phofo, eo hangata e rekisoang ka litsubeloana kapa mekotlana. Hangata, batho ba se tsubang baa se porompa kapa ba se kenya lerameng. Koae e hlafunoang e rekisoa e le mohlothi, e atisa ho ba ka har’a mokotlana. Joalokaha lebitso la eona le bontša, ea hlafunoa, ha e porompuoe. Senifi hammoho le koae e hlafunoang li nkhisa moea oa motho hampe, li silafatsa meno, li baka kankere ea molomo le ea ’metso, ho lemalla bokoali, liso tse tšoeu tsa molomo tse ka ’nang tsa baka kankere, li ebola marenene ka morao li bile li khoehlisa meno. Ka ho hlakileng, ho porompa kapa ho hlafuna koae hase tsela e ’ngoe e bohlale ea ho khaotsa ho tsuba.

Melemo ea ho Khaotsa

Nka hore ke khale u tsuba. Ho etsahala’ng ha u khaotsa ho tsuba? Metsotso e 20 ka mor’a hore u tsube sakerete ea ho qetela, khatello ea hao ea mali e khutlela boemong bo tloaelehileng. Ka mor’a beke ’mele oa hao o tla be o se o se na bokoali. Ka mor’a khoeli, ho khohlola, ho kibana mahanana, ho khathala le ho ba le letšoea ho tla qala ho kokobela. Ka mor’a lilemo tse hlano kotsi ea hore u bolaoe ke kankere ea matšoafo e tla be e fokotsehile ka karolo ea 50 lekholong. Ka mor’a lilemo tse 15 kotsi ea ho tšoaroa ke lefu la methapo ea pelo e tla be e fokotsehile e le boemong bo tšoanang le ba motho ea e-s’o ka a tsuba le ka mohla.

Lijo tsa hao li tla latsoeha hamonate. Moea oa hao, ’mele le liaparo tsa hao li tla nkha hamonate. Ha u sa tla hlola u tšoenyeha kapa u senyeheloa ke chelete ea ho reka koae. U tla thabisoa ke ho tseba hore ho na le seo u se finyeletseng. Haeba u e-na le bana, mohlala oa hao o tla fokotsa monyetla oa hore le bona ba tle ba tsube. Mohlomong u ka ba ua phela haleletsana. Ho feta moo, u tla be u lumellana le thato ea Molimo, kaha Bibele e re: “A re itlhoekiseng tšilafatso e ’ngoe le e ’ngoe ea nama.” (2 Bakorinthe 7:1) U se ke ua nahana hore e se e le morao haholo bakeng sa hore u ka khaotsa; ho potlakela ho khaotsa ho bile ho molemonyana.

Lebaka Leo ka Lona ho Leng Thata Hakana ho Khaotsa

Ho thata ho khaotsa ho tsuba—esita le ho ba susumelitsoeng haholo. Lebaka le leholo la sena ke hobane bokoali bo koaeng ke sethethefatsi se lemalloang haholo. WHO e re: “Ha ho lekanyetsoa ho lemalloa ha lithethefatsi tse amang kelello le boitšoaro, bokoali bo ile ba boleloa e le bo lemalloang ho feta heroine [le] k’hok’heine.” Ho fapana le heroine le k’hok’heine, bokoali ha bo hlahise bopaki bo totobetseng ba hore boa taha, kahoo ho bonolo ho nyenyefatsa matla a bona. Leha ho le joalo boikutlo bo fokolang ba ho thaba boo bo bo hlahisang bo etsa hore batho ba bangata ba tsube e le hore ba be le boikutlo boo khafetsa. Hase hore bokoali bo hlile bo fetola maikutlo a hao, bo kokobetsa boikutlo ba ho tšoenyeha. Leha ho le joalo, khatello ea kelello eo bokoali bo e kokobetsang e hlahisoa ka ’nģa e ’ngoe ke ho lakatsa bokoali ka bohona.

Hape ho thata ho khaotsa ho tsuba hobane ho tsuba ke tloaelo ea boitšoaro. Ntle le ho lemalla bokoali, batho ba tsubang ba tloaela ho hotetsa le ho pakotsa mosi oa koae. Ba bang ba re: ‘Ke ntho eo u e etsang ka matsoho a hao.’ ‘E khanna nako.’

Lebaka la boraro le etsang hore ho be thata ho khaotsa ke hobane koae e fetohile karolo ea bophelo ba letsatsi le letsatsi. Indasteri ea koae e sebelisa liranta tse ka bang limilione tse likete tse 37 selemo se seng le se seng matšolong a phatlalatso a bontšang batho ba tsubang e le batho ba bohehang, ba mafolofolo, ba phetseng hantle le ba bohlale. Ba atisa ho hlahisoa ba palame lipere, ba sesa, ba bapala thenese, kapa ba etsa ntho e ’ngoe e ipiletsang. Libaesekopo le mananeo a thelevishene a bontša batho ba tsubang—’me hangata e se batho ba babe. Koae e rekisoa ka molao ’me e fumaneha habonolo hoo e batlang e le hohle. Ba bangata ba rōna ha ho mohla re leng hōle le batho ba tsubang. U ke ke ua phema tšusumetso ena.

Ka masoabi, ha ho na pilisi eo u ka e noang ho tlosa takatso ea ho tsuba joalokaha aspirin e ka ’na ea felisa hlooho e opang. E le hore motho a atlehe mosebetsing o boima oa ho khaotsa, o lokela a be a susumetsehile. Joaloka ho theola boima ba ’mele, ho hloka boikemisetso bo matla ba nako e telele. Boikarabelo ba ho atleha bo itšetlehile ka motho ea tsubang.

[Lebokose le leqepheng la 25]

Ho e Lemalla Bonyenyaneng

Phuputso e ’ngoe e entsoeng United States e bontšitse hore mocha a le mong ho ba bang le ba bang ba bane ba ileng ba leka ho tsuba sakerete o qetella a e lemaletse. Tekanyo ena e lekana le ea ba ileng ba leka ho sebelisa k’hok’heine le heroine ’me ba e lemalla. Le hoja hoo e ka bang karolo ea 70 lekholong ea bacha ba tsubang e ikoahlaela hore e ile ea qala, ke ba seng bakae feela ba khonang ho khaotsa.

[Lebokose le leqepheng la 25]

Mosi oa Sakerete o na le Eng?

Mosi oa sakerete o na le mooa, o nang le lik’hemik’hale tse fetang 4 000. Lik’hemik’haleng tsena, tse 43 li tsebahala li baka kankere. Har’a tsona ho na le cyanide, benzene, wood alcohol le acetylene (e leng mafura a sebelisoang litocheng). Mosi oa sakerete o boetse o na le nitrogen oxide le carbon monoxide, tseo ka bobeli e leng likhase tse chefo. Motsoako oa oona o moholo ke bokoali, e leng sethethefatsi se lemalloang haholo.

[Lebokose le leqepheng la 26]

Ho Thusa ea Ratoang ho Khaotsa

Haeba ha u tsube empa u tseba likotsi tsa ho tsuba, mohlomong u ikutloa u ferekane ha metsoalle ea hao kapa batho bao u ba ratang ba tsoela pele ho tsuba. U ka etsa’ng ho ba thusa ho khaotsa? Ke ka seoelo ho tletleba, ho kōpa ka ho phehella, ho hatella le ho soma ho tlisang katleho. Leha e le hore ho emella motho ka lipuo ho tlisa katleho. Ho fapana le hore a khaotse, motho ea tsubang a ka ’na a nanabela sakerete ho kokobetsa bohloko ba maikutlo boo maqheka ana a bo bakang. Kahoo leka ho utloisisa kamoo ho leng thata kateng ho khaotsa le hore ho ba bang ho batla ho le thatanyana ho feta ho ba bang.

U ke ke ua etsa hore motho a khaotse ho tsuba. Motho ea tsubang ke eena ea lokelang ho ikemisetsa le ho kholiseha hore oa khaotsa. Ho hlokahala hore u fumane litsela tse bontšang lerato tsa ho khothalletsa le ho tšehetsa takatso ea ho khaotsa.

U ka etsa seo joang? Ka nako e loketseng, u ka ’na ua bolella motho eo hore ua mo rata le ho mo bolella hore u amehile ka tloaelo ea hae ea ho tsuba. Mo hlalosetse hore u tla ema le eena ho mo tšehetsa ka qeto leha e le efe ea ho khaotsa. Ke ’nete hore haeba katamelo ena e sebelisoa khafetsa, e tla felloa ke matla le moelelo oa eona.

Ke’ng seo u ka ’nang ua se etsa haeba motho eo u mo ratang a etsa qeto ea ho khaotsa? Hopola hore a ka ’na a ba le matšoao a ho khaotsa, a akarelletsang ho teneha le ho tepella maikutlo. Ho tšoaroa ke hlooho le ho hlobaela le hona e ka ba bothata. Hopotsa motho eo u mo ratang hore ana ke matšoao a nakoana feela le hore ke lipontšo tsa hore ’mele o fetohela boemong bo bocha le bo molemo bophelong. E-ba ea khothetseng le ea nang le boikutlo bo hahang. Bolela kamoo u thabileng kateng ha a khaotsa. Nakong eohle ea ha a khaotsa, thusa motho eo u mo ratang ho qoba maemo a sithabetsang a ka ’nang a etsa hore a khutlele morao.

Ho thoe’ng haeba a khutlela morao? Leka hore u se ke ua phahamisa maikutlo haholo. Bontša kutloelo-bohloko. Nka boemo boo e le phihlelo e le rutang ka bobeli, bo etsang hore mohlomong nakong e tlang boiteko e tle e be bo atlehang.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Indasteri ea koae e sebelisa liranta tse ka bang limilione tse likete tse 37 selemo se seng le se seng phatlalatsong

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela