Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 11/8 maq. 10-14
  • Ho Sebeletsa Lithahasello Tse Molemohali Tsa Ngoana oa Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebeletsa Lithahasello Tse Molemohali Tsa Ngoana oa Hao
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bana ba Ntse ba E-na le Likamano le Batsoali ba Babeli
  • Loanelang ho Lokisa Litaba
  • Kamoo Tumellano e ka Finyelloang
  • Ha u Lokela ho ea Khotla
  • Ho Sebelisa Monyetla ’Ona Hamolemohali
  • Tokelo ea Molao ea ho Hlokomela Ngoana Bolumeli le Molao
    Tsoha!—1997
  • Tokelo ea Molao ea ho Hlokomela Ngoana Pono e Leka-lekaneng
    Tsoha!—1997
  • Mathata a Lelapa a Rarolloa Keletso ea Bibele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Mathata a Mangata a Tobaneng le Batsoali ba se Nang Balekane
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 11/8 maq. 10-14

Ho Sebeletsa Lithahasello Tse Molemohali Tsa Ngoana oa Hao

HO SA tsotellehe hore na nyeoe ea ho neoa tokelo ea molao ea ho nka ngoana e tsoelella joang, bana ba ntse ba hloka lerato le tataiso ea batsoali ba bona. Kamor’a hore moahloli a ntše qeto ea hae, batsoali ba ntse ba saletsoe ke mosebetsi oa ho thusa bana ba bona ho mamella liphello. Leha tsamaiso ea molao ea lekhotla e le thata ho batsoali, e khathatsa bana maikutlong le ka ho fetisisa.

Ka mohlala, ha Mary Ann a ne a le lilemo tse tšeletseng, lekhotla le ile la abela ntat’ae tokelo ea molao ea ho mo nka. Empa lilemong tse leshome tse ileng tsa latela, ’m’ae o ile a loana a sa khaotse ho mo fumana. Mary Ann a khathetse maikutlong kamor’a ho hlahella ka pel’a lekhotla la molao ka makhetlo a 40, o hlalositse tharollo ea hae. O re: “Ke hobane’ng ha ba sa ntšehe ka lehare.” O boletse. “’Mè a nke karolo e ka pele ntate e kamorao.”

Ka ho hlakileng, kamehla ntoa e nkang nako e telele lekhotleng la molao ha e sebeletse lithahasello tse molemohali tsa ngoana. Motsamaisi oa setsi sa bophelo bo botle ea thusitseng Mary Ann o hlalositse: “Tsekisano e sa feleng e ba le liphello tse bohloko moruong le likamanong tsa botho.”

Bana ba Ntse ba E-na le Likamano le Batsoali ba Babeli

Leha ho e-na le balekane ba hlalaneng, ha ho na bana ba hlalaneng. Likamano tsa mali tsa bana li ke ke tsa felisoa ke moahloli. Ho ananela bothata ba ngoana, nahana kamoo uena joaloka motsoali u neng u tla ikutloa kateng haeba u ne u kōpuoa ho khetha pakeng tsa bana ba hao. Ke ngoana ofe eo u neng u tla mo khetha? Ke ngoana ofe eo u neng u tla mo siea? Bana le batsoali ha ba lokela ho talimana le qeto e joalo. Hangata, bana ba rata batsoali ka bobeli, kahoo khatello ea ho etsa khetho e baka ho se tšepahale ho bohloko.

Sehloohong sa bona se seholo se buang ka, Beyond the Best Interests of the Child, bangoli ba bontšitse hore ho se tšepahale ho hoholo joalo “ho ka ba le liphello tse senyang ka ho felisa kamano e tiileng ea ngoana ho batsoali ka bobeli.” Ka mohlala, Julie, ngoana ea tsoang lelapeng le qhalaneng, o hlalositse: “U lula le motsoali e mong lapeng eo u mo ratang ka ’nete, ’me u rata e mong hape. Ho ne ho le boima haholo ha ntate a ne a fihla ho tla re lata bakeng sa mafelo-beke. Ke ne ke ee ke mo shebe, ebe ke sheba ’Mè, ’me ke ne ke tseba hore Ntate o mo hloile. Ke ne ke tšaba ho ba bontša maikutlo a ka.”

Hlokomelang likamano tsa ngoana tsa maikutlo ho lōna ka bobeli. Motsoali ka mong o tlameha ho hlompha boemo ba motsoali e mong bophelong ba ngoana hore a be le botho bo botle. Lekang ho bona libaka tse ntle tseo lōna ka bobeli le ka tlatsetsang ho tsona bakeng sa katleho ea ngoana. Se ke ua etsa qeto ea hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoang ke molekane oa pele e se e fosahetse ka boeona. Ke “mosebetsi oa lōna ka bomong ho hōlisa seriti sa motsoali e mong mahlong le kelellong ea ngoana, kapa bonyane ho qoba lenyatso le ka se senyang,” ho hlalositse lekhotla le leng la molao Texas. Sena se hloka hore batsoali ba fokotse khohlano ea bona hore ba etsetse litlhoko tsa ngoana sebaka.

Loanelang ho Lokisa Litaba

Pele u e-ea lekhotleng, batlisisa litsela tsohle tsa puisano le boemo bo ka bang teng ba khotso. Litsekisano tsa lekhotla li tšoana le ntoa; li siea maqeba a tebileng le mabali maikutlong a ke keng a fola. Ho ea lekhotleng ho lokela ho etsoa ha feela litsela tsohle tsa puisano e utloahalang le ho lokisa litaba ho lekiloe ’me ho hlōlehile. Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu Kreste o fane ka molao-motheo o nang le bohlokoa bo sebetsang: “U phakise u lumellane le ea tsekisanang le uena.”—Mattheu 5:25.

Le ka mohla phello ea nyeoe e ke ke ea tsebjoa ka botlalo. Baahloli ba fumane hore karolo e pakeng tsa 80 le 90 lekholong ea linyeoe tseo ba sebetsanang le tsona tsa tokelo ea molao ea ho nka ngoana tse kopanyeletsang batsoali ba babeli ba tsotellang, ha ho le ea mong oa bona ea sa tšoaneleheng. Sena hangata se thatafatsa qeto e ka finyelloang ke bona. “Ha ho pelaelo hore ka linako tse ling magistrata ea ikutloang joalo a ka lahla tšepo ea ho lokisa litaba,” ho hlalosa The Custody Handbook, ka Persia Woolley, “’me a botsa batsoali hore na ke ka lebaka la’ng . . . ha ba sa lokise litaba pakeng tsa bona.”

Makhotla a mangata a sebetsanang le litaba tsa tlhalo a na le tokisetso ea hore batsoali ba iketsetse qeto ea ho itlhokomella bana. Ka sebele batsoali ba tseba litlhoko le maemo a bana ’me ba ka etsa qeto ea hore ke tokisetso efe e tlang ho lumella motsoali ka mong ho ba le tšusumetso e ntle bophelong ba bana. Ka thuso e ’ngoe ea molao, batsoali ba bangata ba entse qeto hammoho ea ho neoa tokelo ea molao ea ho nka ngoana e amohelehang, ho kopanyeletsa le ho neoa tokelo ea molao ea ho nka ngoana e momahaneng mabakeng ao ho ’ona ho neoa tokelo ea molao ea ho nka ngoana ho ka kopaneloang. Ha e le hantle, linyeoe tsa ho neoa tokelo ea molao ea ho nka ngoana tse etsang karolo ea 90 lekholong li lokisoa pele batsoali ba ka ea lekhotleng.

’Muelli ea rupeletsoeng a ka thusa ho sebetsa maemo a boima ka ho fetisisa. Ka mohlala, banyalani ba bang ba neng ba hloeane ba ile ba rera ho lula lik’hilomithara tse 5 000 hōle le e mong kamor’a tlhalo. Leha ho le joalo, e mong le e mong o ne a batla ho hlokomela bana ba bona ba babeli. ’Muelli o ba bolelletse: “Ho lokela ho ba le tšebelisano e ntle mona. Le kile la ratana pele, joale ha re boneng seo re ka se etsang e le hore bana ba se ke ba lahleheloa ka ho feletseng ke lōna ka bobeli.” Ho ile ha etsoa tokisetso kahoo batsoali ka bobeli ba ne ba ntse ba ka ba le karolo ea bohlokoa bophelong ba bana ba bona.

Ho hlakile hore puisano ke e ’ngoe ea litsela tse ngata tseo ka tsona ho ka lokisoang nyeoe ea ho neoa tokelo ea molao ea ho nka ngoana e ke keng ea isoa lekhotleng la molao. Tlhokomelo e lokela ho lebisoa ho lokiseng litaba tsa hona joale ho e-na le ho utulla tse fetileng. Sepheo se ka sehloohong sa puisano ke ho thusa banyalani ho finyella tumellano e utloahalang e kopanetsoeng (e se nang boikutlo ba mohlōli kapa ea hlōtsoeng) e tla tsoela bana molemo. Leha sena e se tharollo linyeoeng tsohle, ke tšebetso e ka bolokang litšenyehelo tse khōlō—licheleteng le maikutlong—tsa ntoa lekhotleng. Boiteko bo tšepahalang ba ho lokisa litaba bo ka thibela litsekisano tse mpe ’me ba lumella bana ho boloka kamano ea bona le batsoali ka bobeli.

Kamoo Tumellano e ka Finyelloang

Ho hlakile hore ha lelapa le qhalane ’me banyalani ba arohane, ha ho ea ka bang le taolo e feletseng ngoaneng. Batsoali ka bobeli ba lokela ho nahanela ’me ba ikemisetse ho sekisetsa. Tumellano e hloka puisano. Puisano e bolela hore ha ho motsoali ea tla fumana ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang.

Le ka mohla le se ke la lebala hore ngoana o na le tokelo ea ho amohela tšehetso e tsoang ho batsoali ka bobeli. Ka baka leo, motsoali e mong o tla be a haelloa ke pono ha a bea lithibelo ho eeng ha ngoana le ho kopaneleng ha hae liketsong tsa bolumeli, tsa setso, le tsa sechaba tsa motsoali e mong haeba ngoana a e-na le eena. Ka ho tšoanang, e tla be e se ho loketseng ho motsoali ho nka boemo bo felletseng liketsong tsa ngoana tsa sekolo le tsa kamorao ho sekolo, botsoalle, boikhathollo, kapa thuto ea kamorao ho sekolo se phahameng kantle le ho nahanela ka ho loketseng keletso ea motsoali e mong le likhetho tsa ngoana.

Ka mohlala, litsekisanong tse ngatanyana tsa ho neoa tokelo ea molao ea ho nka ngoana tseo ho tsona motsoali e neng e le e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me e mong e se eona, banyalani ba finyelletse tumellano e nang le khotso ka ho lumellana hore motsoali eo e seng Paki o tla ba le nako e lekaneng le bana ka selemo sohle, ho kopanyeletsa le matsatsing a phomolo le linakong tse ling tseo e leng tsa bohlokoa bo boholo ho motsoali eo e seng Paki. Batsoali ba lumellane ka ho ba le keletso e mafolofolo thutong, kahisanong, le mathateng a meriana a amang bana. Kamor’a tsohle, ke batsoali ka bobeli ba tlisitseng ngoana lefatšeng ’me ka baka leo ba na le tokelo ea tlhaho ea ho ba le lentsoe khōlisong ea hae.

Motsoali oa Mokreste o lokela ho khothatsa ngoana ho hlompha tokelo ea motsoali eo e seng Mokreste ea ho ba le lipono tsa hae ka bolumeli le ho bontša kananelo bakeng sa mosa oa hae le limpho. Haeba batsoali ka bobeli ba nahanela se molemohali bakeng sa bana, ho laola monahano le ho nahanela li ka nkela maikutlo le boikhohomoso bo kokobelitsoeng sebaka.

Mabakeng a mangata lipuisano tsena li khathatsa maikutlong. Ka baka leo, ho ka ba molemo hore u be le baemeli ba molao ba tla tsamaisa lipuisano. Hangata thuso ena e ka fokotsa ho se utloisisane ho hongata ka lintlha tse tobileng tsa tumellano.

Setsi se Lokisang Litaba tsa Tlhalo sa Charlotte, North Carolina, se bapisitse banyalani ba khethileng ho buisana ka nyeoe ea bona le ba ileng lekhotleng la molao e le lira. Karolo e feletseng ea 93 lekholong ea sehlopha se buisaneng e bontšitse khotsofalo ka liphello, ha e bapisoa le karolo ea 56 lekholong feela ea ba loanneng lekhotleng la molao!

Empa ke eng se ka etsoang haeba molekane oa pele a hanela lipuisano tse bulehileng kapa a batla hore ho beoe lithibelo tsa bolumeli tseo ho ke keng ha buisanoa ka tsona? Joale ho ka hlokahala hore u itokisetse ho ea lekhotleng la molao.

Ha u Lokela ho ea Khotla

Mabakeng a mangata, ho ba le ramolao ea tšoanelehang le ea rupeletsoeng linyeoeng tsa tokelo ea molao ea ho nka ngoana ke habohlokoa bakeng sa liqeto tse atlehileng.a Ho ba le keletso ea molao e nang le phihlelo ho tloha qalong hangata ho ka thibela liphoso tse ngata. Hape, ramolao ea tšoanelehang a ka ba le tšusumetso ho tliseng tumellano pele le hlahella lekhotleng. Ekasita le pele ho nyeoe ka lekhotleng, molekane a ka susumeletsoa ho lokisa litaba. Tumellano e utloahalang boemong leha e le bofe ba tsamaiso ena e molemo ho e-na le ntoa e tla nka nako e telele pele e fela.

Ho tseba hore baahloli ba bangata ba sheba eng ha ba etsa liqeto ho ka thusa. Tlhahlobo ea 1982 ea bo-magistrata ba 80 e fumane hore lintho tse shebjoang haholo ke (1) matla a ho nahana a motsoali ka mong le (2) boikutlo ba motsoali ka mong ka boikarabelo ba hae ka ngoana. Ho thusa lekhotla la molao ho fumana linnete, hangata setsebi sa bophelo bo botle ba kelello se ka buisana le batsoali le bana. Hangata tsebo ea sona ea ho lekanyetsa boikutlo ba kelello e thusitse lekhotla la molao ho finyella qeto e nepahetseng.

Litekanyetso tse joalo ha se tse ka tšabjoang. Ekasita leha litumelo tsa Mokreste li hlahlobisisoa, ha ho lebaka la ho itšireletsa kapa ho se sebelisane. “Mosa oa lōna o tsejoe ke batho bohle,” ho khothaletsa Bibele.—Ba-Filippi 4:5.

Hopola, nakong ea litekanyetso tse joalo, ha se nako ea ho fana ka molaetsa oa Bibele. Ke nako ea ho hlalosa letoto le feletseng la mesebetsi ea hao le ngoana, ho kopanyeletsa boithabiso, thuto ea lefatše, nako ea phomolo, litokisetso tsa ho kopana le motsoali e mong, le ho thabela botsoalle le metsoalle le beng ka uena. Arabela lipotso ka botšepehi le ka ho hlaka. Nahanisisa ka taba ena ka hloko e le hore u ka hlalosa ka tieo le ka bonolo kamoo u hlokomelang katleho ea ngoana oa hao ea maikutlo le ’mele.

Melao-metheo e tšoanang ea sebetsa ha u botsoa lipotso ka lekhotleng. Ka ho lokisetsa ka botlalo u tla tseba ho hlalosa, kantle le ho leka ho ruta kapa ho fana ka molaetsa, litsela tse ngata tseo “thuto ea pholoho” ea Lentsoe la Molimo e u nolofaletsang ho ba motsoali ea nang le boikarabelo.—2 Timothea 4:3.

Ho Sebelisa Monyetla ’Ona Hamolemohali

Ka linako tse ling, ho sa tsotellehe boiteko ba hao bo molemohali, moahloli a ka liha kahlolo e khahlanong le uena. Bakreste ba phehelloa ho “utloa lihlooho le marena” le “ho se nyefole, empa ba tšabe likomang.” (Tite 3:1, 2) Ka baka leo, Mokreste ha a hlokomolohe litaelo tsa lekhotla.

Haeba u sa khotsofala ka taelo ea lekhotla, u ka pheta litokelo tsa ho khetha ho baeletsi ba molao. U ka lakatsa ho etsa boipiletso lekhotleng le phahameng la molao. Mabakeng a mang, u ka batla tokiso ea molao e tsoang lekhotleng la molao haeba maemo a fetoha. Empa u tla lokela ho phela tumellanong le taelo ha feela e ntse e le teng.

Ekasitana le kahlolo e mpe ha e bolele hore u lahlehetsoe ke tsohle. Bophelo ba batsoali le bana boa fetoha. Ho ka ba le lintho tse ntle tse etsahalang, leha li ne li sa lebelloa. Mamello ea hao e ka putsoa ka ho enneng.

Leha nako ea hao ea ho etela ngoana e lekanyelitsoe, u ka ’na ua ba tšusumetso ea bohlokoa bophelong ba ngoana oa hao. Bana ba tsoelang pele ba e-na le kamano ea kamehla le e haufi le batsoali ka bobeli ha ba hlokofatsoe hanyenyane feela ke tlhalo empa hape ho ka etsahala hore e be batho ba baholo ba hōlileng kelellong le ba tsitsitseng. Kahoo sebeletsa ho ōtla kamano ea hao le ngoana.

U ka susumetsa litekanyetso tsa bolumeli le tsa boitšoaro tsa ngoana ka mohlala oa hao o motle. “Ha motho a lokile, ’me a tsamaea ho lokeng, ho lehlohonolo bana ba hae ba mo latelang!” (Liproverbia 20:7) Ekasita le kantle ho mantsoe, u ka etsa ho hongata ho haheng pelo ea ngoana oa hao le kelello. O tla hlokomela tsela eo u sebelisanang le ba bang ka eona, lipakane tsa hao tse khōlō bophelong, le tsela eo u ikutloang ka eona ka Molimo.

Ka sebele, ho sebeletsa lithahasello tse molemohali tsa ngoana oa hao ho hloka lerato la sebele. Lerato “ha le ipatlele tsa lona,” ho bolela Bibele. “Ha le hopole bobe . .. [empa] le tšepa tsohle, le jara tsohle. Lerato ha le ka ke la timela le ka mohla o le mong.” (1 Ba-Korinthe 13:4-8) Lerato le se nang boikhabi joalo le ka putsa ka ho enneng. Ngoanana e mong ea lilemo li 11 eo batsoali ba hae ba hlalaneng ba ithutileng ho bea lithahasello tsa hae ka pele le ho se lumellane ha bona o boletse: “Ke leboha ha e le mona batsoali ba ka ba nthata ka ho lekaneng e le hore le ’na ke ba rate ka bobeli!”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Haeba u sa tloaela ho khetha ramolao, bona “I Need a Lawyer,” ho Awake! ea March 8, 1979. Ha tseko e le litokoloho tsa bolumeli, liofisi tse ngata tsa makala tsa Mokhatlo oa Watch Tower li ka fana ka boitsebiso bo thusang. Batho ka bomong ba talimaneng le linyeoe tsa tlhalo ba lulang United States kapa linaheng tse ling tse busoang ke Common Law ba ka fumana boitsebiso bo eketsehileng liofising tsa makala tsa Lipaki tsa Jehova U.S. le Canada.

[Lebokose le leqepheng la 13]

Melemo ea Hore Batsoali, ba Lokise Litaba, ho e-na le ho ea Khotla

◼ Ha ho ea tsebang litlhoko tsa bana hamolemonyana ho feta batsoali; ka lebaka leo, ba boemong bo botle ba ho etsa liqeto tsa hore na ke eng se molemohali bakeng sa lithahasello tsa bana.

◼ Bana ha ba na tšekamelo ea ho ikutloa ba lokela ho “nka lehlakore” ’me, ka lebaka leo, ba lokela ho khetha pakeng tsa batsoali.

◼ Boemeli hangata bo fana ka menyetla e ntlafetseng bakeng sa puisano, ka lebaka leo bo etsa hore ho be bonolo ho utloa haholoanyane ka likameho le litlhoko tsa bana le tsa batsoali.

◼ Finyella tumellano e kopanetsoeng ho thibela lehloeo le ka bang teng ha lekhotla le liha kahlolo e hatellang eo batsoali ka bobeli ba lokelang ho e phethisa tabeng ena.

◼ Ho na le litšenyehelo tse nyenyane tsa chelete tse lefang molao.

[Lebokose le leqepheng la 14]

Bana ba Hlile ba Rua Molemo!

Joaloka ha liphihlelo tse peli tse latelang li bontša, bana ba hlile ba rua molemo e le kannete ha batsoali ba bona ba hlalaneng ba hlokomoloha liphapang tsa bona ’me ba nahanela lithahasello tse molemohali tsa bana ba bona.

“Kamehla ke ne ke thaba ha ke bona ntate” ho hlalositse moroetsana e mong ea lilemong tsa bo20. “E ne e se haholo-holo seo re se etsang joaloka ho mo etela . . . Ke ne ke lebella ho tla ha hae ka mafelo-beke, hobane ke ne ke tseba hore re tlil’o buisana ka mathata leha e le afe ao ke tobanang le ’ona sekolong, ’me o ne a nthusa. Leha ho le joalo ho ne ho se bonolo ho ’mè ho etsa joalo, le hoja ke ne ke mo rata haholo. Ho ne ho na le lintho tse ling tseo ho neng ho le bonolo ho buisana ka tsona le ’mè—tseo u ka inahanelang tsona—empa ho ne ho e-na le tse ling tseo ke neng ke batla ho buisana le ntate ka tsona. Ka mohlala, joaloka monna oa ’mè oa bobeli. Ha re utloane. Ntate o ’neile keletso e molemo ea kamoo nka bang masene kateng, ’me ke sona seo ke neng ke se hloka .. .Ke mo kolota ho hongata, kea mo leboha hobane ke na le batsoali ba babeli, le hoja ba hlalane.”

Mohlankana ea bitsoang Donald o hlalositse: “Ke nahana hore ho tseba ho bona ntate hang feela ka beke ho hōlisitse takatso ea ka ea ho batla ho ba le eena. Kahoo neng kapa neng ha ke ne ke mo bona, ke ne ke le hlokolosi ho mamela ka hloko. Kamehla ke ne ke batla ho etsisa ntate. Ke ile ka hlokomela hore o rata Jehova Molimo, ’me kamehla ke ne ke batla ho etsa seo a se etsang. Leha ho le joalo, ke ile ka rua molemo litšoanelehong tse ntle tsa ’mè. O ne a e-na le botsoalle bo boholo, ’me e seng hoo feela empa le ho bo thabela le batho ba bang, ho buisana le bona. O ne a e-na le botsoalle ’me o lokolohile ho buisana le batho. Sena se nthusitse ho hlōla lihlong tsa ka.”

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ngoana e mong o itse: “U lula le motsoali e mong lapeng eo a mo ratang ka ’nete, ’me u rata e mong hape”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela