Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 12/8 maq. 13-15
  • Nka Etsa Joang Hore Batho ba Nthate?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsa Joang Hore Batho ba Nthate?
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Ua Ithata?
  • Ho Nepisisa Mokhoa oa Puisano
  • Tseba Kamoo U ka Fanang, Kamoo U ka Amohelang
  • Ho Ipeha Kotsing!
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba sa Nthate?
    Tsoha!—1988
  • Nka ba ea Botsoalle Haholoanyane Joang?
    Tsoha!—1999
  • Kamoo U ka Ntlafatsang Tsebo ea ho Qoqa Kateng
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Nka Ntlafatsa Tsela eo ke Qoqang ka Eona Joang?
    Bacha Baa Botsa
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 12/8 maq. 13-15

Bacha Baa Botsa. . .

Nka Etsa Joang Hore Batho ba Nthate?

KE TLHAHO hore u batle ho ratoa. ’Me ho matleng a hao ho etsa hore batho ba eketsehileng ba u rate. Empa, ho ka ’na ha bonahala ho sa tsotellehe boiteko bo matla boo u bo etsang, u etsa hore ba bang ba felloe ke thahasello; hore u etsa phoso nako le nako ha u qalisa moqoqo; hore u oa ho qetela ho mengoa, u oa ho qetela ho kenngoa lenaneng, u oa ho qetela ea batluoang. Joale, ke joang u ka fetolang lintho ’me ua etsa hore ba bang ba u rate?

Na Ua Ithata?

Pele, talimana le ’nete ea hore ha ho motho ea ratoang ke motho e mong le e mong. Ba bang ba ne ba bile ba sa rate Jesu Kreste—’me o ne a phethahetse! (Esaia 53:1-3) Kahoo ke ’nete e sa thabiseng bophelong ea hore batho ba bang ba ke ke ba u rata. Leha ho joalo, ho boima ho amohela ’nete ena e khathatsang maikutlong, haeba u sa ithate. Haeba u haelloa ke ho itšepa, ho ka utloisa bohloko ho fumana hore e mong ha a u rate. U ikutloa u sa sireletseha, u ka ba ua etsa boiteko bo sa thuseng letho ba ho fumana kamohelo ea e mong le e mong.

Sean ea lilemo li 15 o fumane hore ho etsa joalo ha ho thuse: “Ke hlokometse hore ha ke amehile haholo ka ho etsa hore batho ba nthate, ke sebetsa ka thata ho etsa hore ba nthate hoo ba ka utloang [ho se sireletsehe] ’me ba felloe ke thahasello.”

Taelo ea Jesu ea ho “rata oa heno joalokaha u ithata” e bontša hore ho itšepa ho itseng ho nepahetse ’me hoa hlokahala. (Mattheu 22:39) Kahoo itlhokomele u le motho oa bohlokoa. Leha ho se na pelaelo hore u na le mefokolo ea hao, hopola hore u na le ho hongata hoo u ka fanang ka hona u le motho.a

Boikutlo ba bonyenyaneng ba ho itšepa bo tla u thusa ho sebetsana hamolemo le batho bao ka linako tse ling ba nyatsang boiteko ba hao ba ho etsa botsoalle. Hape bo tla u thibela ho khomarela haholo botsoalleng. Ka mohlala, Kelly e mocha, o ile a utloa a tšoha ha kharebe ea hae e qalisa botsoalle le ngoanana e mong. Leha ho le joalo, botsoalle ha boa lokela ho lekanyetsoa bathong ba itseng feela—joale ka ha eka ke motho a le mong lefatšeng ea ka u ratang. Ikutloe u loketse ho ka kopana le ba bang ba haufi le uena. Ka sebele, Kelly o hlokometse hore leha motsoalle oa hae a ne a e-na le metsoalle e meng, botsoalle ba bona bo lerato bo ne bo ntse bo le botle!

Leha ho le joalo, ho ka ’na ha etsahala hore bothata ba hao ha se ho inyatsa empa ke botho bo hlaha.

Ho Nepisisa Mokhoa oa Puisano

Tarah o batla ho ratoa ke batho ba baholo. Leha ho le joalo, ha batho ba baholo ba leka ho ’muisa ka lipotso, likarabelo tse seng ntle tsa Tarah li khaola moqoqo kapele.

Motho ea tsebang ho qoqa hantle le ba bang ka mehla oa ratoa. Empa na u ikutloa u sa phutholoha ha u leka ho qoqa? Na u felloa ke litaba? Ho hobe ka ho fetisisa, na u tena ba bang ka hore ka linako tsohle u batle hore ho buuoe ka uena? Ha ho le joalo, hlaolela mokhoa oa puisano o nang le moelelo.

Qalisa ka ho hōlisa tsebo ea ho bua ka litaba tse fapa-fapaneng. Ka mohlala, u ka leka ho boloka mohato le lintho tse etsahalang. Haeba u fumana ho le thata ho fumana nako ea ho bala koranta, moeletsi oa puo Dorothy Sarnoff o etsa tlhahiso ea hore u “bulele TV kapa lenaneo la litaba la seea-le-moea ha u ntse u apara, ’me u bokelle makumane a litaba a tla etsa moqoqo o thahasellisang.” Ho ba ’mali oa ka mehla oa Tsoha! ke tsela e ’ngoe ea ho boloka tsebo ea hao ea lihlooho tsa moqoqo e ntse e hōla ’me e le nakong.

Tsebo e ’ngoe ea moqoqo ke ho ithuta kamoo u ka ntšetsang puisano pele kateng. Ka mohlala, e mong oa u botsa haeba u thabetse mafelo-beke. Se ke oa emisa moqoqo ka tsela e hlohlontšang litsebe ka ho arabela ka e feela. Hlalosa seo u se entseng ka mafelo-beke, le lebaka leo u e thabetseng ka lona. Ntšetsa moqoqo pele ka ho botsa kamoo eena a a thabetseng kateng.

Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba u tseba hanyenyane kapa u sa tsebe letho ka seo ho buisanoang ka sona? Kapa ha re re ha u na thahasello ho sona? Bibele e re phehella ho ‘hlokomela le tsee e leng tsa ba bang.’ (Ba-Filippi 2:4) Kahoo leka ho botsa lipotso. Batho ba tla u ratela ho thahasella seo ba se thahasellang.

Bontša mekhoa e metle moqoqong oa hao. Se ke oa qhela ba bang ka hore u bue u le mong kapa ho nyatsa ba bang ha u sa lumellane le bona. (Bapisa Tite 3:2.) Batho ba hloile boitšoaro bo joalo bo sa bontšeng mekhoa e metle. Nea ba bang sebaka sa ho bua. Batla lintlha tseo le ka lumellanang ka tsona ’me u lule ho tsona. Haeba u ikutloa hore u tlameha ho bontša ho se lumellane ntlheng e ’ngoe ea bohlokoa, etsa joalo ka “mosa le ka hlompho” molemong oa maikutlo a motho e mong.—1 Petrose 3:15.

Tseba Kamoo U ka Fanang, Kamoo U ka Amohelang

Liketso tse molemo, mantsoe a mosa a kananelo, le litlhaloso tse khothatsang kaofela li bolella ba bang hore u nahana ka bona le hore ua ba tsotella. Sena se etsa ho hoholo ho u etsa motho ea ratehang ho ba bang. Joaleka ha maele a bolela: “Ea nosetsang u tla nosetsoa le eena.” (Liproverbia 11:25) Moapostola Pauluse ke e mong ea latetseng molao-motheo ona. Bala tlaleho ea Bibele ho Liketso 20:31-38, ’me u hlokomele kamoo Pauluse ntle ho boikhabi a sebelelitseng ho khothatseng basebetsi ’moho le eena ba Efese. Phello? Bakreste Efese ba ile ba rata Pauluse haholo hoo eitseng ha ba utloa ka ho tsamaea ha hae, “ba tšoaroa bohle ke ho lla haholo-holo; ba itihela molaleng oa Pauluse, ba mo aka.”—Liketso 20:37.

Na le uena ka ho tšoanang u fana ka bouena—nako ea hao, matla a hao? Na u fana ka khothatso, tšehetso, le thusoa ho ba bang? Ha ho le joalo, ruri batho ba tla u rata. Jesu o itse: “Fanang, ’me le tla fuoa.”—Luka 6:38.

Leha ho le joalo, u lokela ho itšoara joang, ha ba bang le bona ba batla ho u etsetsa ho hong? Mohlomong ba bang ba soabisoa ke ho bona hore baa tsotelloa, ba hana limpho tse joalo. Leha ho le joalo, lumella ba bang ho atamela haufi le uena ka ho ba moamoheli ea mosa. (Ba-Kolose 3:15) Ka nako e ’ngoe, Jesu Kreste o ile a amohela oli e monko o monate eo ho ka etsahalang hore e bitsitse mofani hoo e ka bang moputso oa selemo. (Johanne 12:3-6) Hopola, ba bang le bona ba batla thabo ea ho fana. Bontša hore u ananela liketso tsa bona tsa botsoalle, ’me batho ba tla u ratela seo.

Ho Ipeha Kotsing!

Ka ho totobetseng, ho lokoloha le ho bontša thahasello e tšepahalang ho ba bang e ka ’na ea e-ba ho ipeha kotsing, haholo-holo ka lekhetlo la pele. U ka tšoha hore ba bang ba tla bona boiteko ba hao e le bofokoli kapa ba bang ba ka u soabisa ha u leka ho bontša botsoalle. Ke kamoo mocha e mong ea bitsoang Glen a ikutloileng kateng. Kahoo, o ile a ba le tšekamelo ea ho ikarola le ho itšehla thajana ha a buisana le ba bang. Leha ho le joalo, kapelenyana Glen o ile a hlokomela, hore leha ho ikarola ho mo sireletsa tlhaselong, o ne a sa be le metsoalle. Ka lebaka leo Glen a qala ho bua haholoanyane, a bontša thahasello bathong. “Ka lekhetlo la pele e ne e ka ke tlamo ho ’na ho etsa joalo” ho bolela Glen, “empa ha nako e ntse e-ea ka tloaela.” Ha joale Glen o thabela botsoalle bo molemo haholoanyane le metsoalle ea hae.

Ka sebele, ho na le ba bang ke keng ba ananela boiteko ba hao ba ho etsa botsoalle. Empa ha motho a u nyatsa kapa a u soma, ke eena ea nang le bothata—e seng uena. Ho na le ba bang ba bangata ba tla arabela boitekong ba hao. Kahoo se ke oa tšaba ho talimana le likotsi tse tlisoang ke ho bontša thahasello ho ba bang.

Morena Solomome o itse “mosebetsi o tlisa molemo.” (Liproverbia 14:23, The Living Bible) E, boiteko ba hao bo nahanetsoeng boa hlokahala hore u fumane liphello. Kahoo etsa le ho ntlafatsa matla a hao a ho thabela likamano tse molemo le ba bang. Ithute mekhoa e metle le litloaelo tse ntle tsa ho bua ’me u bontše thahasello e tšepahalang katlehong ea ba bang. Joaleka Samuele e monyenyane oa mehleng ea Bibele, u ka tiiseha hore u tla ba ‘ea khahlisang Jehova le batho.’—1 Samuele 2:26.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona “Nka Etsa Joang Hore ke Hlomphehe?” tokollong ea Tsoha!, ea October 8, 1983.

[Lebokose le leqepheng la 15]

Bohloeki le Chebahalo ea Hao—li Hlile lia Tsotelleha!

Mocha e mong o iphumane a koekoetloa ke lithaka tsa hae. Ka baka la botho bo hlaha? Che, mocha enoa o ne a sa tsotelle bohloeki ba hae. O ile a etsa qeto ea ho bo hlokomela—’me metsoalle ea hae ea eketseha haholo! Hona ha ho makatse, hobane ho isa boholeng bo itseng, bohloeki ba hao bo bontša kamoo u amehang kateng ka maikutlo a ba bang. Ka sebele, ke mang ea batlang ho ba haufi le motho ea sa hloekang kapa ea nkhang hampe?

Hape u lokela ho lebisa tlhokomelo liaparong tsa hao le kamoo u shebehang kateng. Mongoli Milo O. Frank oa bontša: “Ha nako e ntse e tsamaea, ha ho sa tsotelleha hore na liaparo tsa hao li theko e boima hakae, kapa na ke tsa khale hakae kapa ke tse nakong hakae, ha feela li bontša hore ua tsotella. Ha u tsotella ka ho lekaneng ho iponahatsa u le motho ea amohelehang, batho ba tla u tsotella.”

Ke ’nete, ho na le ba tla khahloa ke ha liaparo tsa hao li bontša ho se tsotelle kapa e le tsa feshene e feteletseng. Empa na batho bana e hlile ke bona bao u lakatsang ho ba hohela ho ba metsoalle? Ho bonahala ho se joalo. Na ha se ho utloahalang ho batla metsoalle e tla hōlisa lintho tse molemohali ho uena ho e-na le tse mpe? (Liproverbia 13:20; 1 Ba-Korinthe 15:33) Chebahalo e itekanetseng le e hloekileng e tla sebeletsa lithahasello tsa hao hamolemohali tabeng ena.—1 Timothea 2:9.

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Ba etsetsang ba bang lintho ka mehla baa ratoa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela