Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 124
  • Nka Ntlafatsa Tsela eo ke Qoqang ka Eona Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Ntlafatsa Tsela eo ke Qoqang ka Eona Joang?
  • Bacha Baa Botsa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke hobane’ng ha ke lokela ho bua le batho re shebane mahlong?
  • Nka qala moqoqo joang?
  • Kamoo U ka Ntlafatsang Tsebo ea ho Qoqa Kateng
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Qala Moqoqo ka Sepheo sa ho Paka ka Tsela e sa Reroang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • E-ba Motho oa Batho
    Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • Nka Ntlafatsa Mokhoa oa ho Qoqa Joang?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 124
Mocha o bua le ba bang ba bana bao a kenang sekolo le bona nakong ea lijo tsa motšehare.

BACHA BAA BOTSA

Nka Ntlafatsa Tsela eo ke Qoqang ka Eona Joang?

Seo re tl’o ithuta sona sehloohong sena

  • Ke hobane’ng ha ke lokela ho bua le batho re shebane mahlong?

  • Nka qala moqoqo joang?

  • Seo bacha ba bang ba se buang

Ke hobane’ng ha ke lokela ho bua le batho re shebane mahlong?

Batho ba bang ba re ba ka mpa ba bua le batho ka ho ba ngolla melaetsa ho e-na le ho bua le bona ba ba shebile mahlong. Ba re ho bua le motho u mo shebile ka mahlong ho thata.

“U ba tlas’a khatello ha u bua le motho lifahleho li talimane hobane le ha u ka bua ntho e mpe, o se a e utloile.”—Anna.

“Ha u ngolla motho molaetsa, u mo ngolla ntho eo u e nahanneng hantle ebile u tiisehile ka eona. Empa ha u bua le eena u mo shebile ka mahlong, ha u ka bua ntho e fosahetseng, ha u na monyetla oa ho e lokisa joalokaha u mo ngolla molaetsa. Ha ke bua le motho re shebane ka mahlong, ke lula ke tšoenyehile ka hore ke se ke ka mpa ka bua ntho e fosahetseng!”—Jean.

Ho na le nako eo u tla lokela hore u bue le batho u ba shebile ka mahlong. Ka mohlala, u tl’o lokela hore u bue le batho u ba shebile ka mahlong ha u batla mosebetsi, ha u batla ho etsa metsoalle le nakong eo u seng u batla motho.

Se thabisang ke hore ha ho hlokahale hore u tšohe ha u bua le batho u ba shebile ka mahlong. U ka khona le hoja u le lihlong.

Globe.

Keletso: U se ke oa tšoenyeha ka hore u tla etsa liphoso. Ho ithuta ho buisana le batho, ho tšoana feela le ha u ithuta ho palama baesekele. Ke ’nete hore u ka ’na oa etsa liphoso ha u ntse u qala ho ithuta empa qetellong u tla atleha.

“Ka linako tse ling, u tla bua ntho e soabisang ebe u hlajoa ke lihlong empa ha se ntho eo u lokelang hore u itšoenye haholo ka eona eo.”—Neal.

Nka qala moqoqo joang?

  • Botsa lipotso. Nahana ka ntho eo u ka buang ka eona le batho e thahasellisang ebe u e etsa moqoqo. Ka mohlala:

    “Na ho na le moo u ileng oa chakela ha likolo li koetsoe?”

    “Na u kile oa e bona websaete ee?”

    “Na ebe u utloile . . . ?”

    U ka khetha ho bua ka ntho eo le tšoanang ka eona. Ka mohlala, haeba ke motho eo u kenang sekolo le eena kapa eo u sebetsang le eena, u ka mo botsa ka lintho tse amanang le mosebetsi kapa sekolo.

    Bacha ba babeli ba bua ka bolo nakong eo ba ntseng ba ja lijo tsa motšehare.

    “Nahana ka lipotso tsa lintho tseo u li thahasellang le tseo u ka ratang ho utloa hore na batho ba bang ba li nahana joang.”—Maritza.

    Globe.

    Keletso: Ho botsa lipotso tse kang tsena, e ka ba mokhoa o motle oa ho qalisa moqoqo. Haeba ho khoneha, botsa lipotso tse sa hlokeng karabo ea E! kapa Che! feela. Ka mohlala, mohlomong motho a ka araba hantle haholo haeba u ka mo botsa hore na o ratile eng nthong eo le neng le shebeletse ho feta ha u ka mo botsa feela hore na o e thabetse.

    Hlokomela: U se ke oa botsa batho lipotso tse ngata haholo, tse tla etsa hore ba ikutloe ba sa phutholoha kapa tse tla ba soabisa. Lipotso tse kang “U nonne hakaakang?” kapa “Na ho na le mohla u sa kuleng?” li ka soabisa batho ba bang hape tsa etsa hore ba ikutloe eka oa ba nyatsa.

    Ntho e ’ngoe e ka u thusang ke hore u bolelle motho maikutlo a hao tabeng eo le ntseng le bua ka eona pele kapa ka mor’a hore a arabe. Ka mantsoe a mang e lokela ho ba moqoqo, e se ke ea ka u mo hloma lipotso.

    Mocha o apere liaparo tsa mapolesa ’me ho na le lintho tseo a ntseng a li ngola fatše a tiisitse ka mahlong. Moshanyana ea lutseng ka pel’a hae o bonahala a tšohile ’me ho na le khanya e mo fahlang ka mahlong.

    Na u botsa batho lipotso tse ngata haholo tse etsang hore ba ikutloe ba sa phutholoha?

    Molao-motheo oa Bibele: “Merero e ka pelong ea motho e joaloka metsi a tebileng empa motho ea nang le temoho oa e kha.”—Liproverbia 20:5.

  • Mamela batho ba bang. E le hore u khone ho qoqa le batho ba bang, u hloka ho ba mamela ho e-na le hore u bue haholo.

    “Nako e ’ngoe le e ’ngoe ha ke qoqa le motho, ke ithuta ntho e itseng ka eena e le hore re ka bua ka eona nakong e tlang.”—Tamara.

    Globe.

    Keletso: U se ke oa tšoenyeha haeba le felloa ke moqoqo. Sheba hore na ho na le eng haufi le lona eo le ka qoqang ka eona. Na u sekolong, mosebetsing kapa sebakeng se seng? U ka qala moqoqo u shebile sebaka seo u leng ho sona. Ka mohlala, u ka botsa motho eo u sebetsang le eena hore na o nka nako e kae ho fihla mosebetsing?

    Hlokomela: U se ke oa tšoenyeha ka hore na u tla re’ng. U tla khona ho mo araba haeba u mo mametse ka hloko.

    Molao-motheo oa Bibele: “Motho e mong le e mong a potlakele ho utloa, a liehe ho bua.”—Jakobo 1:19.

  • Bontša batho ba bang hore u ba tsotella e le kannete. U tla natefeloa ke ho qoqa le motho haeba u mo tsotella.

    Banana ba babeli ba bacha ba lutse litepising ba qoqa ba shebane mahlong. Ngoanana e mong o mametse ka hloko ha e mong a ntša maikutlo a hae.

    “Le tla qoqa hamonate haeba motho eo u buang le eena a bona hore u mo tsotella e le kannete, le haeba le ka ’na la felloa kae-kae.”—Marie.

    Globe.

    Keletso: Babatsa motho ebe ka mor’a moo u mo botsa potso. Ka mohlala, “Khele! U apere jase e ntle hakaakang! U e rekile kae?”

    Hlokomela: U se ke oa botsa litaba tse sa u ameng. U se ke oa re “U apere jase e ntle hakaakang. U e rekile ka bokae?”

    Molao-motheo oa Bibele: “Le se ke la ameha feela ka lintho tse le tsoelang molemo empa le amehe le ka lintho tse tla tsoela batho ba bang molemo.”—Bafilipi 2:4.

U ka qetela moqoqo joang? Mocha e mong ea bitsoang Jordan, ha a fana ka tlhahiso, o re: “Ha u qoqa le motho, etsa bonnete ba hore u qetella moqoqo hamonate. E le hore le be le moqoqo nakong e tlang, u ka ’na oa bua lintho tse kang, ‘Ho bile monate ho qoqa le uena’ kapa ‘Thabela letsatsi la hao.’”

Seo bacha ba bang ba se buang

  • Bethel.

    “Ho ithuta ho qoqa le batho ba bang ho tšoana le ho ithuta puo e ncha. Qalong, ho ka ’na ha e-ba thata empa ha u etsa boiteko u tla ntlafatsa tsela eo u qoqang le batho ba bang ka eona.”—Bethel.

  • Isaac.

    “Mamela motho e mong hantle ha a bua le uena. Mo shebe ka mahlong ’me u ome hlooho haeba ho hlokahala. Bososela. Batho baa thaba ha ba bona hore u ba mametse ka hloko.”—Isaac.

  • Kate.

    “Pele ke ne ke tšoha ha ke bua le batho ba bang. Le hona joale ke ntse ke tšoha ka linako tse ling. Empa ke thusoa ke ho nahana ka motho eo ke buang le eena eseng ka hore na ke tšohile hakae.”—Kate.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela