Mehlolo le Lipono Tsa Mohlolo—Tse Fetileng le Tsa Kajeno
Ka mongolli oa “Tsoha!” Fora
GUADALUPE, Fatima, le Lourdes—mabitso ana a bolelang ho uena? Ho ba bangata ke litoropo Mexico, Portugal, le Fora. Empa ho Mak’hatholike a limillione a tšepahalang, ke libaka tsa borapeli, litempele tse tharo ho tse tsebahalang haholo tsa borapeli ba Maria lefatšeng. Boinehelo ba Mak’hatholike libakeng tse joalo hase bo ka felang lekholong lena la bo20 la lilemo. Ka mohlala, ka 1982 baeti ba ka bang 4 500 000 ba ile ba subuhlellana Lourdes, ha matšoele a mang a mangata a ne a khobokane Guadalupe.
Ho Kereke ea K’hatholike, litempele tsena ke libaka tseo ho tsona ho lumeloang hore ho etsahala phekolo ea mohlolo. Ho joalo haholo sebakeng sa Lourdes, se hlalositsoeng ke Mopapa Pius X e le “setsi sa borapeli ba Maria le terone ea Sephiri sa Selallo, se bonahalang se ka feta khanya litsi tsohle tse tšoanang le sona lefatšeng lohle la K’hatholike.” Batho ba liketekete ba boletse hore ba phekotsoe nakong eo ba etetseng tempele ea Lourdes kapa ka morao ho moo. Leha ho le joalo, ho fihlela ha joale kereke e amohetse “mehlolo” e 65 feela.
Ebang u lumela ho Molimo kapa che, u na le tokelo ea ho botsa lipotso. Ho thoe’ng ka lipono tsena tsa mohlolo, haholo-holo tsa Maria, ho potoloha lefatše? Na liphekolo tsa mohlolo le liketsahalo tse ling tse amanang le tsona ke pontšo ea kamohelo ea Molimo? Sebokeng se neng se tšoaretsoe Lourdes ka 1986, mobishopo oa Tours o ile a khothalletsa bamameli ba hae ho ‘nahanisisa se boleloang ke lipono tsa mohlolo’ e le hore ba ka ‘thea phapang ea bohlokoa pakeng tsa lipono tsa bohata le tsa ’nete.’ Haeba u le Mok’hatholike, le uena u lokela ho thahasella ho hlahlobisisa taba ena.
Lipono Tsa Mohlolo—Na ke ’Nete Kapa Bohata?
Kereke ea Roma e K’hatholike ha e itlame ka molao mabapi le lipono tse joalo, kapa hona ho qobella litho tsa eona ho lumela ho tsona. Empa ke eng seo Mak’hatholike a tšepahalang a lokelang ho se nahana ha a bona Mopapa John Paul II a noa metsi a tsoang lehaheng la Lourdes kapa a buisana le Lucie, eo e leng eena feela motho ea phelang ea kileng a bona pono ea mohlolo ea Fatima? Na ena hase pontšo e hlakileng ea hore o li amohela ka molao (le kereke ea li amohela)? Ho feta moo, nakong ea maeto a hae, le ka mohla Mopapa ha a lebale ho etela libaka tsa borapeli tsa Maria, joaloka tempele ea Black Virgin ea Czestochowa, Poland.
Litempele tse ling tse itekanetseng li amohetsoe ke kereke, joaloka Beauraing le Banneux tse Belgium. Ka linako tse ling borapeli bo lumelloa feela batho ba moo, joaloka Tre Fontane, Italy, le Marienfried, Jeremane.
Leha ho le joalo, ho tloha bofelong ba lekholo la bo19 la lilemo, ba bangata ba boletse hore ba bone lipono tsa mohlolo.
Buka Vraies et fausses apparitions dans l’Èglise (Lipono tsa ’Nete le tsa Bohata ka Kerekeng) e lekanyetsa hore ho bonoe lipono tsa mohlolo tse fetang 200 ho tloha ka 1930 ho ea ho 1976. Ke hobane’ng ha e le tse seng kae feela tse lumetsoeng e le tsa ’nete ha, ho ea ka mongoli, “melaetsa, ka ntle ho e seng mekae, e ne e utloahala, ’me ha e hlahlojoa, e ne e batla e tšoana”?
Makasine oa Sefora L’Histoire o fana ka tlhaloso sehloohong se buang ka lipono tsa Maria tsa lekholong la bo19 la lilemo sebakeng sa Loire sa Fora e bochabela bo hare. Ho ea ka mongoli, kereke ha ea ka ea hlahlobisisa liketsahalo tsena ’me e ile ea li tlohella e le sephiri e le hore e ka qoba “tsekisano” le litempele tse seng li hlokomeloa.
Kajeno, ba bang ba lumela hore ho se chesehele ha kereke lipono tsena ho bakoa ke ho hlokomela ha eona ho nepahala ha “thuto ea mahlale.” Renè Laurentin, setsebi sa Mok’hatholike sa Lefora sa litaba tsena, o boletse hore lipono tsa mohlolo tse tšoanang le tsa Lourdes li ne li tla ba le monyetla o fokolang oa ho lumeloa e le ’nete kajeno. Empa na lipono—haeba ka sebele li tsoa ho Molimo—li ne li ke ke tsa amoheloa e le ’nete ka nako leha e le efe ea histori?
Lipono Tse Eketsehileng Mehleng ea Joale
Lipono tsa mohlolo li ntse li etsahala. San Damiano, Italy, matšoele a baeti a subuhlellana sebakeng seo Mamma Rosa (ea shoeleng ka 1981) a boletseng hore o bone “Moroetsana” ho sona. Kereke ha ea ka ntša lentsoe tabeng ena, empa ba bang ba tšepahalang ba lebeletse hore kereke e tla fetola boikutlo ba eona ka ho amohela litšokoloho tse etsahetseng moo.
Motsana oa Medjugorje, Yugoslavia, bana le bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba sa tsoa tlaleha lipono tse fetang tse sekete tsa “Moroetsana.” Le mona, ho sa tsotellehe ho se fane ka tlhaloso ho tšepahalang ha kereke, lihlopha tse itseng li ile tsa loanela hore lipono tseo tsa mohlolo li lumeloe e le ’nete. Leha ho le joalo, ke ho nepahetseng ha Mak’hatholike a ipotsa hore na a lokela ho ba le boikutlo bofe ha a emetse qeto e tla etsoa ke balaoli ba kereke. Khabareng, na a lokela ho bea tumelo ea ’ona litlalehong tseo tse nkoang e le ’nete?
Ho qetella taba ena, ho na le lipono tse ling tse hanoang ke kereke, joaloka tsa Palmar de Troya, Spain. Mabapi le tsona, mobishopo oa Seville o lemositse ba tšepahalang ho se “hōlise tumelo ea batho ka lipono tsa mohlolo tseo kereke e sa li amoheleng le tseo e li nyatsang.” Ho sa tsotellehe temoso ena, karohano e ile ea eba teng, ’me ea lebisa ho khaoloeng ha mobishopo e moholo le baprista ba bangata, bao, ka ho fapaneng le kereke, ba bolelang hore lipono tseo tsa mohlolo ke ’nete.
Ke joang ho ka bang bonolo ho lekanyetsa haeba lipono tsa mohlolo e le ’nete kapa bohata? Sehlooho se latelang se tla arabela potso ena ka botlalo.