Mehlolo le Lipono Tsa Mohlolo—Lebaka Leo li sa Hlokahaleng ka Lona
HA JESU a ne a le lefatšeng, o ile a etsa mehlolo e mengata. O ile a fetola metsi veine, a fepa matšoele, a folisa ba kulang, le ho leleka bademona. Thuto ea Jesu le taba ea hore o phethahalitse boprofeta ba Bibele mabapi le Messia li ile tsa kholisa batho ba mehleng ea hae. Ba bang ba ile ba nahana tjena: “Etlare hobane Kreste a tle, na o tla etsa mehlolo e fetisang e entsoeng ke enoa [Jesu]?”—Johanne 7:31.
Morero oa Mehlolo
Morero oa mehlolo e entsoeng ke Jesu e ne e le ofe? Bibele e hlalosa hore Jesu e ne e tla ba ‘moprofeta ea kang Moshe.’ (Deuteronoma 18:15, 18) Jehova Molimo o ile a neha Moshe matla a ho etsa mehlolo e itseng ho paka hore e ne e le eena moeta-pele ea khethiloeng ho lokolla Baiseraele bokhobeng Egepeta. (Exoda 4:1-9, 30, 31) ‘Joaloka Moshe,’ Jesu o entse mehlolo ho itsebahatsa e le Messia, e le Molopolli ea tšepisitsoeng oa Bajode.—Liketso3:22.
Empa mehlolo ea Jesu e boetse e pakile hore o ne a amohetse matla a khethehileng ho tsoa ho Molimo. Ha ’Muso oa Molimo o busa lefatšeng o sa hanyetsoe, Jesu o tla sebelisa ka ho felletseng matla ao a a bontšitseng hanyenyane ha a ne a le lefatšeng. Ka mohlala, ha re nkeng taba ea mahobe le litlhapi. (Luka 9:12-17) Lefatšeng le lecha la Molimo, Jesu o tla hlokomela hore batho bohle ba na le lijo tse lekaneng. (Pesaleme ea 72:16) Hape o tla folisa mafu ’ohle le maloetse, ka ho etsa joalo a nolofalletse batho bohle ba tšepahalang ho phela ka ho sa feleng.
(Tšenolo 21:4) Ka ho tsosa batho ba bararo, kamoo ho tlalehiloeng kateng, o ile a paka matla a hae a ho tsosa batho ba limillione lefatšeng.—Luka 17:11-17; 8:40-56; Johanne 5:28, 29; 11:11-44.
Mokhoa oa ho Itsebahatsa
Lebaka le leng leo ka lona Jehova a ileng a etsa mehlolo Iseraeleng e ne e le ho paka ka ho felletseng hore ke batho ba hae ba khethiloeng. (Deuteronoma 4:32-34) Ba neng ba fumana molemo e ne e le batho bohle, e seng batho ba seng ba kae ba nang le litokelo tse itseng tse khethehileng.
Ka ho tšoanang, mehlolo ea lekholong la pele la lilemo ke bopaki bo bong ba hore Jehova o ne a fetisetsa mohau oa hae ho tloha Iseraeleng oa nama ho ea phuthehong ea pele ea Bokreste. (Mattheu 21:43; 27:51; Ba-Roma 9:6; 11:7) Mehlolo e mengata e neng e etsoa ke baapostola e ne e le bopaki ba ho amohela ha Molimo phutheho ka tlas’a boeta-pele ba Mora oa Molimo, Jesu Kreste.—Liketso 2:22, 43; 4:29, 30; Ba-Heberu 2:3, 4.
Ho feta moo, mehleng eo, batho ba ne ba robatsa ba kulang libakeng tseo ho tsona seriti sa Petrose se neng se tla ba koahela, ’me Bibele e bolela hore ba neng ba tlisoa ho eena “ba ne ba folisoa bohle.” (Liketso 12:15, 16) Joale, ke hobane’ng ha bohle bao kajeno ka tumelo ba eang litempeleng ba sa folisoe?
Lipono Tsa Mohlolo ha li Hlokahale
Lebaka le leholo ke hore lipontšo le mehlolo ha li sa hlokahala ho paka hore Molimo o fetiselitse mohau oa hae ho tloha ho Iseraele ea nama ho ea ho phutheho ea ’nete ea Bokreste. Lengolong le eang ho metsoalle ea hae ea Bakreste, moapostola Pauluse o hlalositse ka ho hlakileng hore limpho tsa mehlolo qetellong li ne li tla felisoa. Nako e ne e tla tla eo ka eona li neng li sa tlo hlola li e-ba mokhoa oa ho khetholla Bakreste ba ’nete.—1 Ba-Korinthe 13:8-13.
Ekasita le ho bitsa lebitso la Jesu ho ne ho ke ke ha paka hore motho ke Mokreste oa ’nete. Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o profetile hore o ne a tla latola batho ba bang ba neng ba ipolela: “Morena, Morena, na ha rea ka ra . . . sebetsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao?” Ke ka lebaka lefe leo ka lona Jesu a neng a tla latola basebetsi bana ba mehlolo? Oa arabela: “Ha kea ka le tseba le ka mohla; tlohang ho ’na, lona batho ba khopo!” Ka ho hlakileng, ba bang ba ne ba tla etsa mehlolo ka lebitso la Jesu, empa ha e le hantle e ne e tla ba baikhakanyi.—Mattheu 7:22, 23, The JerusalemBible.
Tekanyetso ea Sebele
Ho ea ka liketsahalo tse boletsoeng, ke joang ho leng bonolo ho khetholla Bakreste ba ’nete kajeno? Jesu o fane ka tekanyetso ha a bolela: “Sefate se monate se ka sitoa ho bea litholoana tse mpe . . . ke moo ke reng: Le tla ba tseba ka ho bea ha bona.” Letsatsi pele ho lefu la hae, Jesu o hopolitse baapostola ba hae: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” Ke ho utloahalang hore ho etsa mehlolo e ne e ke ke ea eba tekanyetso ea ka ho sa feleng. Empa bohle ba ne ba tla ipaka e le barutuoa ba Kreste ka lerato la bona la ’nete.—Mattheu 7:18-20; Johanne 13:34, 35.
Kahoo na tumelo ea hao e lokela ho theoa, ekasitana le ka ho sa fellang, ‘mehlolong’ e etsoang kajeno ka lebitso la Jesu? Kapa na e lokela ho theoa ka ho felletseng ’neteng e fumanoang ka Lentsoeng la Molimo, Bibele? Ke ha bohlokoa ho hlahloba leseling la Lentsoe la Molimo boitšoaro ba batho ba ipolelang hore ke bahlanka ba Molimo.
Ho potoloha lefatše kajeno, ke bo-mang ba tsebahatsang Lentsoe la Molimo le ba etsang sohle se matleng a bona ho phela tumellanong le lona? Ke bo-mang ba tsebahalang lefatšeng lohle ka bonngoe ba bona? Ke bo-mang ba se nang mathata a bochaba, a lipolotiki, a morabe, kapa a bolumeli har’a bona? Ke bo-mang bao ka cheseho ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo? Haeba u le motho ea tšepahalang ea nang le lipotso tse ngata, Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u nea linnete tseo u li hlokang hore u ahlole ka bouena. Ka kōpo ikutloe u lokolohile ho ikopanya le Lipaki tse haufi le uena kapa Holong ea tsona ea ’Muso ea moo u leng teng. Li tla u thusa ho bea tšepo ea hao ho Jehova le Jesu Kreste, Mora oa hae, hobane “ha ho poloko ho e mong.”—Liketso 4:12.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Mehlolo ea ho folisa ha e sa hlokahala ho khetholla phutheho ea Bakreste ba ’nete